...

SMOKING SOUTHERN SOTHO.cdr

by user

on
Category: Documents
50

views

Report

Comments

Transcript

SMOKING SOUTHERN SOTHO.cdr
Kemedi ya bokwadi kalafi e
sebetsa jwang
Melemo ya ho tlohela ho tsuba
Haeba o tsuba mahlakana a 20 a sakarete ka letsatsi, mme tlohela, mmele ka
mohlamong o ka tsamaya tsela ena:
Ka mora hora tse tshelela, ho otla ha pelo ho a fokotseha mme le
kgatello ya madi e theoha hanyenyane. Ho ka nka matsatsi a
mararo ho ya ho a mashome a mararo hore kgatello ya madi e boele
setlwaeding.
Pakeng tsa hora tse leshome le metso e mmedi ho ya ho tse
mashome a mebedi le metso e mene, carbon monoxide e a
fokotswa mmeleng wa hao. Tshebetso ya matshwafo e a ntlafala.
Kemedi ena ya bokwadi ( Nicotine replacement) e fokotsa matla a dikateng
tsena tse kotsi hang-hang, empa e ntse kgotsofatsa ditakatso tsa hao ka ho o fa
bokwadi ba tekanyo tse lekantsweng, ho fihlela o be o kgaotsa ho tsuba.
Ho fellwa ke moya ho a fokotsheha, mme bokgoni ba ho tsitlallela
bo a ntlafala.
Ho thata ho kgaotsa, ( it is hard to stop smoking) empa ha o ikemiseditse,
nicorette kemedi ya bokwadi e ka o thusa. Dihlahiswa tsa nicorette di
kenyelletsa sehemi (inhaler), petjhe(patch) le boreku (gum). Boreku bo bile bo
fumaneha ka tatso e ntjha ya minti.
Matsatsing a moelana, o tla qala le ho fofonela menko e metjha.
Dilatswi tsa leleme di tsoha molota mme tshebetso ya dinko e
a kgutla.
Ka mora matsatsi, leleta le bokellaneng matshwafong le qala ho
hlepha mme o tla le tshwela e le sekgohlela matsatsing a tla latela.
Bohwete bo lelemeng le ka dinkong, e leng tsela ya mmele ya ho
itlhwekisa ya tlhaho, bo qala ho sebetsa hape.
Dibekeng tse tharo, tshebetso ya matshwafo e a ntlafala.
Boikwetliso ha e sa ba tshita.
Ke mora kgwedi tse tharo, bokgoni ba matshwafo ba ho itlhwekisa
bo boela setlwaeding. Haeba o le motho e motona, seboko sa hao
sa botona se a eketseha.
Meno a tla sweufala.
Butle-butle, madi le mabota a matshwafo a boela setlwaeding le
ha hona ho ka nka nako pele ho phethahala.
MATSHWAO
SESOSA
O KAKGONA JWANG
Takatso e sa phetseng
Mmele o se o tlwaetse ho fumana
bohashana ba bokwadi
Takatso e matla ya ho tsuba e nka motsotso ho isa ho e mehlano pele
e nyamela. Eba maphathephathe ka ho hong ho fihlela takatso e feta.
Motsekelo le ho se
tsepamise kelello
Mohlomong ho fokola ha bokwadi
mading a hao.
Eya ka theko se itlhekefetse. Ikwetlise ho lekaneng. Ja hantle.
Ho hohlola
Matshwafo a hao a ntsha tire le
dikgohlela tse salletseng.
Phoka metsi a futhumetseng. Ho hohlola ho tla ikela.
Kgaello ya bokwadi mading.
Otlolla mmele ka ho tsama-tsamaya. Inela mmele ka
metsing a futhumetseng.
Tsitsipano le ho sa iketla.
Kgetello ya maikulto
Kgaello ya bokwadi mading
Ho ikwetlisa hanyane ho ka phahamisa moya wa hao. Se itatise.
Dikgweding tse lehome le metso e mmedi kgonahalo ya ho
hlaselwa ke mahloko a pelo e a fokotseha papisong le ba tsubang.
Dilemong tse hlano kgonahalo ya hlaselwa ke mofetshe e
a fokotseha.
Dilemong tse leshome le metso e mehlano kgonahalo ya ho
hlaselwa ke pelo e tshwana le ya motho ya sa tsubeng.
Nicorette Patch
Reduction Guide
Tlala/lephako
Tlhokeho ya boroko
Mmele o boela bophelong ba sethato
Ja se ka o kgathollang. Leka pele ho ja ha 6 ka letsatsi, mme
o nwe metsi a mangata.
Ikine ka metsing a futhumetseng, mme o nwe kgalase ya lebese le
futhumetseng pele o robala. Ho bala le hona ho ka thusa.
15mg
10mg
5mg
12 weeks 2-3 weeks 2-3 weeks
16 - 18 week programme
SE KE WA QEA-QEA.
FURALLA HO TSUBA
HANG-HANG. E KA BA
BOTLE BO TSOTWANG.
Boreku: Bo o fa taolo hodima ditakatso ka ditekanyo tse fapa-fapaneng.
Ingodise:
Nicorette Fresh Start Complete Quitter's Programme
Lenaneo lene le fana ka tlhahiso-leseding le dikeletso mabapi le ho furalla
tlwaelo ya ho tsuba, esita le tshehetso, mahato ka mong ho fihla qetellong.
Ho fumatshwa lesedi hi feta mona mabapi le kamoo
Nicorette e ka o thusang ka teng, letsetsa mohala
nomorong ena: 0861 345 543, ho se jwalo etela
www.nicorette.co.za
“FRESH START” e akaretsa:
Lenaneo la ho furalla ho tsuba le phethahetseng
Kgwiding tse pedi, phallo ya madi ho ya diphakeng le matsohong e
a ntlafala.
O tla ba le matla a mangata (ke hona, o tla ikutlwa o kgotsofetse
hape o le motlotlo).
Petjhe: Yona e laola ditakatso tsa hao tsa ho tsuba ka ho nyanyabelletsa ditekanyo tse
laotsweng pele tsa seo o se hlokang sakareteng ka ho lekana bakeng sa letsatsi lohle
mading a hao.
Bongata ba batho lefatsheng ka bophara ba ile ba sebedisa kalafi ena
replacement ho ba thusa ho lesa ho tsuba. Sa bohlokwa ha o batla ho tlohela
ho tsuba ke ho hopola hore o lekgoba la bokwadi, e seng sakarete. Bokwadi bo
etsa o nne o boelle ho tsubeng, nnete ke hore hohle ho kotsi ho fumaneha
kahara lehlakana lena sakarete. Dikateng tseo tse kotsi di ka fetoha sesosa sa
mahloko a kang mofetshe, mahloko a pelo le matshwafo mmoho le
makaqabetsi a mang a bophelo.
Ka mora hora tse pedi o tlohetse, nicotine e a fela phallong ya madi
a hao. Le ha ho le jwalo, ho ka nka matsatsi a mabedi hore
dihlahiswa mmoho le nicotine di tswe ho hang mading.
Ho ka nna nka dikgwedi tse tharo hore bohwete bona bo boele
tshebetsong ya bona ya sethato mme bo qale ho hlwekisa
mehohoma ya matshwafo ka ho phethalala.
Mabaka a moelana a ka o susumelletsang hore o lese ho
tsuba, iteke le wena:
Dintlha tsa keletso kgwedi le kgwedi mabapi le:
Ho ja le boikwetliso
Kuno ya moruo ha o lesa
Ho fetola bophelo ba hao
Leqheka la ho sebedisa boreku
1
2
3
Tsobunya boreku
Beha boreku pakeng
Tsobunya boreku
butle-butle ho
tsa mehlahare
bakeng sa halofo
fihlela tatso e loella le marama
ya hora
bakeng sa bonyane
motsotso
Sehemi sa Nicorette: Se boloka matsoho a hao a le maphatha-phathe. Haeba
matsoho a hao a tlwaetse ho tshwara sakarete kgafetsa, sehemi sena se ka o lebatsa.
Tataiso ya tshebediso ya sehemi
Tswibila makgetlo Tswibila makgetlo Qalella ho fokotsa ho fiha 6 - 12 ka letsatsi a 3 - 6 ka letsatsi lella 0 mgetlo ka letsatsi
Dibekeng tse 12 Dibekeng tse 6 Dibekeng tse 6
Lenaneo la beke tse 24
For more information call 0861 34 55 43, or visit the Nicorette
website at www.nicorette.co.za and register for the
Nicorette Fresh Start Programme.
Legal Applicant: Pharmacia South Africa (Pty) Ltd.
Company Reg. No. 1958/000587/07.
Pfizer Consumer Healthcare
S2 Nicorette Gum 2 mg. Each piece contains 10 mg nicotine-resin complex 20%, equivalent
to 2 mg nicotine. Reg. No. P/34/187.
S2 Nicorette Gum 4 mg. Each piece contains 20 mg nicotine-resin complex 20%, equivalent
to 4 mg nicotine. Reg. No. P/34/188.
S2 Nicorette Mint Gum 2 mg: each piece contains 10 mg nicotine-resin complex 20%,
equivalent to 2 mg nicotine. Nicorette Mint Gum is sugar free. Reg. No. 30/34/0272
S2 Nicorette Mint Gum 4 mg: each piece contains 20 mg nicotine-resin complex 20%,
equivalent to 4 mg nicotine. Nicorette Mint Gum is sugar free. Reg. No. 30/34/0273
S2 Nicorette Inhaler. Each cartridge contains 10 mg nicotine inhalation vapour (liquid).
Reg. No. 34/34/0329
2
S2 Nicorette Patches. Each patch contains nicotine equivalent to 8.3 mg per 10 cm . 5 mg;
Reg. No. 29/34/0150. 10 mg; Reg. No. 29/34/0151. 15 mg; Reg. No. 29/34/0152
CAN SA
CANCER ASSOCIATION
OF SOUTH AFRICA
LETSETSA CANSA MOHALENG O SA
LEFELLWENG HO 0800 22 66 22 KAPA ETELA
www.cansa.org.za
Ho tsuba ho kotsi bophelong
ba hao
Mahloko a bakwang ke ho tsuba
ha a bolaye feela
Ho latela Mokgatlo wa Lefatshe wa Bophelo bo Botle (WHO), ho tsuba e tla
ba sesosa seholo sa mafu ka selemo sa 2030. Dinaheng tse kang Canada,
USA le Brithani, ho tsuba e se e le sesosa seholo sa ho shwa ha batho ho
feta heroin, cocaine, jwala, AIDS, mello, dipolayano, kotsi tsa mebila tsena
tsohle di kopane. Mona Afrika Borwa ho tsuba ho bolaya batho ba 25 000
ka selemo.
Mahloko a bakwang ke ho tsuba a imetsa bophelo ba hao ka dilemo tse ngata.
Methapo ya madi e kwalehileng e ka o bakela bohloko ditlhafung ha o ikwetlisa,
wa ba wa qetella o pomme leoto, kapa mmoho. Ho imelwa ka sefubeng ho ka o
siya o rapame mealong ka dilemo-lemo, o batlana le phefomolloho. Motho ya
tsubang o qala ho hlahelwa ke ditsietsi dilemong tsa 30 le 40. Le ha ho le jwako
ya dilemong tsa 18 a tsuba, ha a mafolofolo a thaka ya hae e sa tsubeng.
Kotsi ya ho tsuba ke efe?
Metswalle le ba leloko
Ana ke a mang a mahloko a bakwang ke ho tsuba.
Bona ba ka una molemo ka ho sa feleng ha o ka tlohela ho tsuba.
Pelo
Ho shwa lehlakore
Methapo ya madi
Infesima
Boronkaiki
Seso sa lelana
Thipa e sa seheng
Mofetshe wa letshwafo, qoqotho, mara a kodu, lehano, leleme, mmetso,
senya, phiyo, manyeme, mohodu le molomo wa popelo.
Seo o lokeleng ho se tseba ka ho phefomolloha mosi
Ho batho ba basadi:
Ho fellwa ke ho bona matsatsi a bosadi pele ho nako Ho foforeha masapo.
Masea a basadi bana, a tswalwa a sa fepeha, a kgathetse kapa a kgaoha
pele ho lemo sa pele.
Ma-Afrika Borwa a pepesehile mosing wa ho tsuba ha ba le malapeng, athe
ho tsuba ho thibetswe dikolong, dibakeng tsa setjhaba, dipalangweng tsa
setjhaba, moo ho jellwang le mosebetsing.
Mosi ona, ke oo ya tsubang a o butswelang mme o bitswa ETS (Enviromental
Tobacco Smoke).
Mosi wa sakarete, peipi, sigar o ka baka mahloko le bakeng sa ya
sa tsubeng.
Ya tsubang o hema feela 15 % ya mosi wa sakarete mme o mong kaofela o
ya sebakeng.
Ha ya sa tsubeng a hema mosi, o tsubiswa ntle le maikemisetso
Passive smoking.
Kwae e na le mefuta e 4 500 ya
tjhefo tse fapaneng
Diteko di bontsha hore mosing wa sakarete o sollang sebakeng ho na le ditjhefo
tse bakang mofetshe ho na le mosi o tsamayang ka motjha.
Ha sekarete se kgantshwa, 85 % ya mosi wa sona o solla sebakeng.
Ka hara ona mosi oo, ho teng ditjhefo tse kang hydrogen cyamide, sulphur
dioxide, carbon monoxide, formaldehyde le ammonia.
Mosi o kunkelang ntlheng ya sakarete se tjhang o kotsi haholo ho feta o
pakutswang ke ya tsubang.
Na mosi o sollang sebakeng o kotsi ho motho
ya sa tsubeng
Ehlile! Ha o tsuba mohlomong o tseba kotsi eo mosi o ka bang le yona
bophelong ba hao, le ha ho le jwalo, na o ke o nahane kotsi eo mosi o tswang
molomong wa hao, esita le o sollang, e o fuparelletseng ba o phefomollohang?
Some of the poisons in tobacco
PAINT STRIPPER
Acetone
LIGHTER FLUID
Butane
ROCKET FUEL
Methanol
TOILET CLEANER
Ammonia
VINEGAR
Acetic Acid
MOTHBALLS
Naphthalene
ANT POISON
Arsenic
DISINFECTANT
Phenol
EXHAUST FUMES
Carbon Monoxide
Tsena ke tse ding
tsa ditjhefo tse 4 500
tse fumanwang
sakareteng:
Striving for a cancer smart South Africa
Na nke ke ka leka se le seng ho ikgopotsa mehla ya
ho tsuba?
Ho phefomolloha mosi wa ya tsubang ho ka o bakela:
Ho hlohlona ha mahlo
Ho opelwa/imelwa ke hlooho
Ho thimola
Ho hohlola le mmetso o bohloko
Ho feroha dibete le ho tsekela
Ho phahamisa kgatello ya madi
Motho ya sa tsubeng mme a sebelletsa kamoreng kapa offising e kunkellang
mosi, ka hora tse robedi, o tla be a phefomollohile dikhemikhale tse bakang
mofetshe eka hola o tsubile mahlakana a mashome a mararo a sakarete.
Mosi wa sakarete o kotsi-kotsi baneng
Bana ba phefomollohang mosi wa sakarete ba tsietsing ya ho tshwarwa ke
mofikela, ho dutla dinko, tshwaetso ya ditsebe, e leng ho yeng ho bake
botholo baneng.
Ho tsuba kapa ho hahlamelwa ke mosi o le mmeleng, ho amahangwa le ho
senyehelwa, ho pepa ngwana ya boima bo tlaase, esita le bana ba hlahang ba
kgathese. Ho boetse ho na le bopaki ba hore bana ba ka bewa tsietsing ya ho
kgaohelwa ke bophelo ka ho panya ha leihlo (SIDS Sudden Infant
Death Syndrome).
Ho pepeswa nako e telele mosing ho ka:
Fokoletsa motho ya sa tsubeng bokgoni ba ho sebedisa moya wa
phefomolloho (oxgen)
Baka lefu la pelo le mofetshe wa matshwafo ho motho ya sa tsubeng.
Amahangwa le mofetshe wa molowo wa popelo, letswele, mohodu
le diphiyo.
Ho ka etswang ka mosi ona
Hahamalla ho etsa lehae, tulo ya mosebetsi le metse ya rona e ile ho
tsuba sekgethe.
Tshehetsa molao o motjha wa ho tsuba o sirelletsang ba sa tsubeng
kgahlano le mosi wa ba tsubang.
Haeba tulo ya hao ya mosebetsi e so ikemahanye le molao o motjha, rala
leano le kgahlano le ho tsuba mosebetsing.
Kopa ba tsubang ba se tsubele haufi le wena ya sa tsubeng.
Ho se be le ya tsubelang haufi le bana ba hao.
Baeti ba se tsube ka tlung ha hao ha ba etile.
Hona e mpa e le moritaoke. Haeba o tetse ho tsuba, ha ho be jwalo, mme
ithabele. Ha o na lebaka la ho nonya matla a hao ka sakarete se seng hape.
O se o atlehile mme o mohlodi belong lena.
Nka qala hape na?
Haeba o phela le ba tsubang ba kgethele sebaka sa
ho tsuba kantle, o ntse o ba kgothelletsa/thusa ho lesa ho tsuba.
Haeba o tsuba, qoba ho tsubela kamoo ho kwelehileng jwaloka ka tlung,
offising kapa koloing moo mosi o ka hahlamelang ba bang teng.
Se nyahame, ha ho bolele hore o selahlamarungwana. Ha se kaofela batho
ba atlehang ha ba ile ba leka kgetlo la pele. Ba bangata ba etsa boiteko ntle
le katleho ka makgetlo pele ba atleha. Ka nako tsohle ha o qala, o ithuta ho
hong, mme hoo ho o ruta malebeleba a kgetlo le latelang. Haeba
mokgahlelo wa pele o hlola, ntwa yona ha eso fele. Kgetha letsatsi ka
boitokisetso ba ho emisa hape, MME QALA BOTJHA.
Le ha ho le jwalo, ho molemo ha o tlohella sa ruri.
Maqheka a mang
Boloka lehano la hao le le tatso ka ho hlatswa meno kgafetsa o
sebedisa mokedikedi wa seitsukunyi, kapa senyanyatsa lehano.
Otlolla mmele
Phomola haholo
Iphe nako ya ho etsa seo o se thabelang haholo.
Mona ke bo-kantle ba matshwafo a motho ya
dilemo di 45 55. Mathebana a matsho ke a
phefomolloho ya moya o silafetseng metseng
ya di-indasteri.
Dipotso tsa ho qetela
Ho tla nka nako e kae pele takatso ya ho tsuba e fela?
Ho thata ho akanya. Ho ba bang ho nka matsatsi a se makae. Ba bang ya bona
e fela kamora nako e teletsana le hoja e tloha ka hanyane-hanyane. Tsela ya
mankgonthe ke hore o iphapanye takatso, mme e tla be e iphelle ka boyona. Ho
se jwalo, ha o e kgotsofatsa ka ho tsuba, o e baka bohale.
Letshwafo le makgekgeba la motho ya
tshwereweng ke mofeshe wa matshwafo.
Bona phepang. Bosweu bo hodimo ke
mofetshe. Botsho bo ka tlase ke infesima.
Ho thata ho kgaohana le sakarete, hobaneng?
Boreku ba kokwadi, petjhe le sehemi; di bohlokwa jwang
Haeba o ntse o lebelletse ho fumana kgotsofalo ho tsubeng, kapa o hopola ho
ikimolla ka ho tsuba, takatso ya ho tsuba e tla dula e tlokoma. O tla tswa
ditlamong hang ha ho tsuba ho fellwa ke seabo bophelong ba hao.
Dihlahiswa tsena di beilwe tekong ya mahlale ka hona tsa bontsha
bokgoni ba ho o thusa ho tlahela ho tsuba ka makgetlo a mane papisong le
maikemisetso feela.
Na sakarete se le seng feela se ka etsa phapang ha ke se
ke tlohetse?
Ke tla tseba jwang hore ke tswile ditlamong
Se le seng se lelekela se seng, mme le pela o tseba, o tla be o boetse moo
o qadileng.
Hang ha o se o sa nahane ka sakarete. Ha o kgaotsa ho bala matsatsi o
qetetse ho tsuba. Ha o kgaotsa o ikotla sefuba ka ho lesa, o empa o
thabetse ho tlohela.
Fly UP