...

Molaetsa Oa Keresemese Ka Mohlomphehi Tona

by user

on
Category: Documents
123

views

Report

Comments

Transcript

Molaetsa Oa Keresemese Ka Mohlomphehi Tona
Likhomo Basotho!
Re boetse re fihlile nakong ea Keresemese, mafelo a selemo le mathoaso a se secha. Ka
tloaelo, ke nako ea phomolo, nako ea thabo, nako ea kopano ea malapa le ea metsoalle.
Empa kaholim’a tsohle, ho rona re le sechaba sa Bakreste, ke nako ea ho hopola ka thabo
tsoalo ea Morena le Mopholosi oa rona Jesu Kreste. Hape ke nako ea ho leboha ’Mopi ha
a re babaletse ho fihlela mona, le hona ho ikopela hore a ’ne a re ekeletse bophelo,
mahlohonolo le katleho selemong se secha.
Nako ena e boetse ke nako eo sekhahla sa tse mpe se phahamang. Tse mpe tse kang
likotsi tsa mebileng, bosholu, boqhekanyetsi, litlhekefetso, lintoa le lipolaeano, esita le
tšebeliso e mpe ea tai le lithethefatsi, eo hangata e qetellang ka tsona limpe tsena. Ka
hona, ke ipiletsa ho lona Basotho ba heso, haholo lona ba bacha, hore a re ipaballeng hle,
re qobeng ho ba liphofu, mahlatsipa kapa baetsi ba liketso tsena tse sōtō.
Ho feta moo, nako ea mafelo a selemo, ke nako ea ho lekola tsela eo re e tsamaileng
selemong sena, ho bona hore na re atlehile ho le hokae, le moo re ileng ra khoptjoa ke
hokae. Ka boitlhahlobo bona re tseba ho kena selemong se secha ka meralo e hlakileng
ea ho ea pele, kaha sepheo sa rona ke ho nepa kamehla.
Ka kakaretso, tšebetso e bile ntle monongoaha, empa liphoso le tsona li ’nile tsa e-ba teng
tšebetsong le bosebeletsing, kaha “matsoho ho lutla a sebetsang”. Leha ho le joalo
katleho ea rona e bile kholo linthong tse ngata. Tebello ke hore pele re kena selemong se
secha sa lichelete, makala ka bonngoe a tla lokolisa likatleho tsa ’ona, le meralo ea ’ona
ea selemo se secha. Ka hona, ntumelleng ho le khoaollela ka bokhutšoanyane feela tse
ling tsa likatleho tsena.
Mafapha a Tšireletso a kang Sesole, Sepolesa le Mautloela, a sebelitse ka thata le ka
katleho polokong ea khotso le botsitso, le toantšong ea litlolo tsa molao ka har’a naha.
Re ntse re tsoela pele ho una molemo ka tlhopho-bocha eo re ntseng re e etsa ka Sesoleng
ka thuso ea ’Muso oa India. Re se re qalile tlhopho-bocha le ka Sepoleseng le
Mautloeleng.
Litabeng tsa lichelete le moruo, re ntse re tsoela pele ka mokhoa o mocha oa ho lokisa
likhakanyo tsa lichelete “budget’, o bitsoang “Medium Term Expendiure Framework”,
’me re se re rupetse makala ’ohle a ’Muso ka mokhoa ona o mocha. Re motlotlo hore
tlas’a leano la ’Muso oa Manyesemane le bitsoang “Multilateral Debt Relief Initiative”,
Lesotho le tla fuooa US$1.4 million ho fokotsa melato ea lona.
Khoebong re ntse re sebetsa ka thata ho ntlafatsa maano a khoebo le mekhoa ea tšebetso,
e le ho hohela le ho bebofaletsa batseteli ho theha mesebetsi Lesotho, ho eketsa menyetla
ea mesebetsi.
Re thehile litsi tsa choriso ea litsebo tlhahisong ea liphahlo (textile
industry) Maseru le Maputsoe, re bile re thakhotse le lengolo la diploma Sekolong sa
Likoporasi Maseru, ho matlafatsa tsamaiso ea Likoporasi. Ho koetlisitsoe bacha ka
tsamaiso ea khoebo, mesebetsi ea matsoho, ICT le HIV/AIDS, hore ba tsebe ho iphelisa
le ho loantša bofuma.
Ho tsa Lihloliloeng teng, tlhahiso le thekiso ea litaemane e ile ea ntlafala haholo
monongoaha, ’me tlatsetso mokotleng oa ’Muso e hlahang mona, e nyolohetse ho M140
millione ho tloha ho M59 millione ngoahola.
Ho latela mathata a motlakase Afrika Boroa, ESKOM e ile ea fokotsa phepelo ea
motlakase oo re ntseng re o reka ho eona ka 10%, ho ileng ha tlama ho khaoloa ha
motlakase khafetsa (load-shedding). Re bile ra tlameha ho reka motlakase Mozambique
ho etsa tlatsetso. Re se re kene tšebetsong e matla ea ho matlafatsa mehloli ea rona ea
motlakase le ho batla e mecha, ho qoba bothata bona.
Ke batho ba ka bang 12 000 ba fumantšitsoeng metsi a hloekileng.
Khaho ea letamo la Metolong, le tla fepela libaka tsa mabalane ka metsi a hloekileng, e
ntse e tsoela pele hantle.
2
Lefapha la tsa bolepi le lona le ntse le tsoela pele ho beha sechaba leseling ka maemo a
lebeletsoeng a leholimo, ho se thusa ho itokisetsa maemo a tlokotsi a kang mohatsela,
lehloa, komello esita le ho lokisetsa temo ha lipula li nele hantle.
Temong teng, leano la temo-’moho (block farming) le bonahetse le atleha libakeng tseo
ho sebelitsoeng hantle, ka nako, ’me le fihletse tlhahiso ea 6.5 tons/ha. Kaha leano lena
le itšetlehile haholo ka lichelete tsa likalimo, le ka sebetsa hantle le ho feta ha feela lihoai
li ka tšepahalla ho lefa mekitlane ea tsona. Empa taba-khōlo e nts’e le hore lihoai li iteke
ho lema, ho fapana le ho lebella ’Muso ho li lemela.
Monongoaha Lekala lena la Temo le fetiselitse ho lihoai litsuonyana tsa likhoho tse
khoarahlana tse fetang 77 000, e le ho tlatsetsa kanetsong ea lijo le ho ntlafatsa maphelo a
Basotho. Ho feta moo, re ntse re tsoela pele ho ntlafatsa leruo la linku le lipoli tsa boea
(farelane le seiboko), ka ho aha sekiri Tsatsane , seterekeng sa Quthing, le litsi tsa
bosupisi tse hlano literekeng tsa Mafeteng le Mohale’s Hoek. Hape Lekala le abetse
mekhatlo e 32 ea lihoai tsa lifarelane le seiboko ’moho le sechaba sa litereke tsa Quthing,
Mafeteng le Mohale’s Hoek, liramo tsa merino tse 154 ka sepheo sa ho ntlafatsa boea ba
likhutšoane.
Tšebetso e matla ea ho loantša tšenyeho ea naha, le ho hlahisa mesebetsi ka tšebetso eo, e
le tsela e ’ngoe ea ho loantša bofuma, e ntse e tsoela pele hantle. Re atlehile ho fumantša
batho ba ka bang 16 000 mesebetsi tšebetsong ena. Leha ho le joalo, ’Muso o
khathatsehile haholo ke ho chesoa hoa hlaha ho ntseng ho tsoela pele le hoja ho ntse ho
etsoa lithupelo ka paballo ea makhulo le ea tlholeho ka kakaretso.
Thutong teng, e le ho khahlametsa batsoali ba hloloang ho isa bana likolong tsa
likonyana, ’Muso o thomme sehlopha sa bana ba banyenyane (reception class) likolong
tse 120 tsa mathomo, ’me ho tla boela ho qaloa tse ling hape tse 100 isao.
3
Ho ntlafatsa thuto e mahareng le ho fokotsa tšubuhlellano, ho ahiloe likolo tse 64 ho
phatlalla le naha, ka tšehetso ea ’Muso oa Lesotho le ka thuso tsa ’Muso oa China le oa
Japane.
E ’ngoe ea likatleho e bile ho thehoa le ho buloa ka molao hoa Limkokwing University
of Creative Technology. Unifesithi ena ke tlatsetso e kholo leanong la ’Muso la boitjaro,
ho theha le ho ntlafatsa mesebetsi e meholo (industries) le ho koetlisetsa bana ba Basotho
ho ithehela mesebetsi ho feta ho lebella ho hiroa.
Palo ea baithuti ba fumantšoang lihlapiso ke ’Muso ka lekalana la Lihlapiso (NMDS) ho
ithuta liunifesithing le likolecheng e feta 20 600 monongoaha. Palo ena e kenyeletsa
baithuti ba ka bang 90 ba linaheng tse mose ho maoatle ba fuoeng lihlapiso tse abetsoeng
Lesotho ke linaha tseo.
Ho tsa bophelo teng, ’Muso o bebofalelitse sechaba phumantšo ea kalafo le litlhare ka ho
fihlela tumellano le Lefapha la Bophelo la Lekhotla la Likereke Lesotho (CHAL), hore
litefiso li tšoane litsing tsa CHAL le tsa ’Muso, le hore litefiso li felisoe litleleniking. Ho
feta moo, tšebetso ea ho atolosa le ho ntlafatsa litleleniki tse ka loting libakeng tsa
Tlhanyaku, Lebakeng, Bobete, Ha Nohana le Ha Nkau, e phethetsoe. Litsi tsena li tla
fumantša sechaba sa litikoloho tsena litšebeletso tse tšoanang le tsa mofuta oa tsona naha
ka bophara. Hona ho arabela sello sa nako e telele sa khaello ea litšebeletso libakeng tse
ka loting.
Letšolo la “Tseba Boemo ba hau” malebana le tšoaetso ea chaifi (HIV) le ntse le tsoela
pele ka katleho, ’me moo ho hlokahalang batho ba se ba ntse ba fumantšoa litlhare ntle le
tefo.
Tšebetso ea pharalatso ea khaso ea Se-ea-le-moea le Thelefishine ea Lesotho e ntse e
tsoela pele hantle ka ho hlongoa hoa mochine oa leqhubu le bohareng Lancer’s Gap, le
mechine ea FM literekeng tsa Quthing, Mohale’s Hoek, Qacha’s Nek, Mokhotlong,
4
Leribe, Berea le Maseru.
Ho feta moo, khaso ea Thelefishene le Se-ea-le-moea sa
Lesotho li ntlafalitsoe haholo ka ho hokeloa ho DSTV.
’Muso o kene tšebetsong e kholo ea ho hokahanya makala ’ohle a oona ka marang-rang a
licomputer ho ntlafatsa le ho akofisa tšebetso. Ka tsela e tšoanang, ntlafatso ea liposo ka
sepheo sa hore liposo tsohle li qetelle li e-na le lekalana la Banka ea Poso le marang-rang
a ICT, e ntse e tsoela pele. Kaha re ntse re li aha ka mekhahlelo, monongoaha re ntse re
phethela Poso ea Leribe, isao re tla be re aha ea Mafeteng.
Ho tsa Khiro le Bosebetsi, Lekala le etela le ho hlahloba litsi tsa tšebetso khafetsa, ’me
ha mathata a le teng, a rarolloa ka lipuisano e sa le sethathong. Ka hona sekhahla sa
liqabang le literaeke mesebetsing se theohile.
Ho feta moo, le lipuisano pakeng tsa
’Muso, Bahiri le Basebetsi, holim’a meputso, e bile tse mofuthu, le tumellano ea fihleloa
ka khotso, leha liphephetso li ne li le kholo tse bakoang ke ho phahama ha theko ea
mafura le lijo limmarakeng tsa lefatše, tse ammeng bahiri le basebetsi ka kotloloho.
Tsena li paka ntlafalo le ho hola (maturity) hoa mekhatlo ea rona ea Bahiri le ea
Basebetsi, e leng se hlokahalang bakeng sa ho hohela bo-ramatsete le kholo ea moruo.
Bosebeletsing ba Sechaba teng, ’Muso o kentse tšebetsong mofuta o mocha, ’me o
ntlafetseng oa penchene ea bahlanka ba sechaba ha ba beha meja. Botle bo boholo ba
mofuta ona oa penchene ke hore ha e shoe le mong’a eona; ha mong’a eona a hlokahala e
fetela ho litho tsa lelapa. Melaoana e mecha ea Tsamaiso ea Bahlanka (Public Service
Regulations 2008), le eona e kene tšebetsong. Ka eona, bahlanka bohle ba neng ba sa
fumane penchene ha ba le phomolong, ka lebaka la maemo a bona a khiro (temporary
month-to-month le non-pensionable), ba se ba tla fumana penchene ha ba ea phomolong
ho tloha joale. Ho feta moo, nako eo bahlanka ba qalang ho hiroa ba e nkang ba le
tekong (probation) e fokolitsoe ho tloha ho likhoeli 24 ho ea ho tse 12.
Ka kakaretso, Lekhotla le Phahameng le phethetse linyeoe tse 663 tse kenyeletsang tse
360 tsa tlhalano, le tse 12 tsa “adoption” ea bana. Lekhotla le simolotse ho boloka
lirekoto tsa linyeoe ka li-computa e le ho fokotsa ho nyamela kapa ho lahleha ha lirekoto.
5
Lekhotla la Maipiletso lona le phethetse linyeoe tse 33 ho tse 48, la qhala e le ’ngoe. Ho
phethetsoe linyeoe tse 98 ho tse 156 Lekhotleng la Basebetsi, le tse 107 ho tse 189,
Setsing sa Thibelo le Tharollo ea Likhang (DDPR).
Tšebetso ea ho ntlafatsa lichankana le eona e ntse e tsoelapele, ho fokotsa tšubuhlellano
le ho li beha maemong a amohelehang a machaba. Ho se ho ntlafalitsoe chankana ea
Maseru (Maximum Prison) le ea Mokhotlong.
Re ntse re leka ka matla ho ntlafatsa le ho holisa khoebo ea bohahlauli, e le ho etsa
tlatsetso moruong oa naha le phelisong ea bofuma. Re phethetse khaho ea matlo a baeti
litsing tsa Tšehlanyane, Liphofung, Sehlaba-thebe, Thaba-Bosiu, Ha Baroana le Ha
Mohale. Ka tšebetso ena Basotho ba ka bang 1500 ba ile ba fumana mosebetsi. Re
ntlafalitse tsela e kenang
serapeng sa lihloliloeng Sehlaba-Thebe.
Setsing sa
Tšehlanyane re teratetse serapa sa ho koalla liphoofolo tse hlaha, ’me mokhahlelo oa
pele oa liphoofolo tsena, e leng liphofu tse leshome, o se o fihlile ho tsoa Afrika Boroa.
Re ntse re lebeletse liphoofolo tse ling ho tsoa ho la Afrika Boroa le Botswana. Ke sa le
mona, ke sa boela ke ipiletsa ho lona baahi ba libaka tsena tse sirelelitsoeng hore re
tšoaraneng ka matsoho hle, ho baballa libaka tsena le liphoofolo tsena. Li molemong oa
rona bohle, ’me ke tsona tse tla hohela bahahlauli ka bongata, le ho re kenyetsa chelete.
Kutloisiso ka Puso ea Libaka, e ntse e hola, ’me sena se thusa ho ntlafatsa le ho tebisa
metso ea Puso ea Sechaba ka Sechaba. Makhotla a Puso ea Libaka a phethahatsa
mesebetsi ea ntlafatso ho latela lethathamo la litlhoko tsa mantlha litikolohong tsa ’ona.
Ke litlhoko tse kang phepelo ea metsi, tokiso le ho betloa hoa litsela le marokhoana, esita
le Metebo ea Bophelo (Health Posts), haholo libakeng tse ka maloting. Ho feta moo,
Lekala lena le rekile likhofu (Lithakali) ho phunya litsela tse kenang metseng. Hape
lemong sena ho ahiloe litsela tsa letšoana litoropong tsa Mafeteng le Qacha. Sechaba se
una molemo kaha tšebetso tsena li hlahisa mesebetsi.
Khaho ea liofisi tsa Marena a Sehlooho le eona e ntse e tsoela pele. Ho phethetsoe liofisi
Tajane le Matsieng, ’me tšebetso e se e hatetse pele Ha ’Mamathe.
6
Mesebetsi e meholo e qaliloeng selemong sena e kenyeletsa khaho ea tsela ea
Mantšonyane /Lesobeng; khaho ea tsela ea Likalaneng/ Thaba-Tseka, e tla be e tlole
letšoana; khaho ea borokho nokeng ea Qhoali; le ho phetholoa hoa lekote bakeng sa
khaho ea marokho a noka ea Senqu le ea Senqunyane, Hloahloeng. Ho kentsoe mabone a
tseleng Ha Thetsane, Kingsway le Moshoeshoe mona Maseru. Khaho ea litselana tsa
metseng le marokhoana ka matsoho e ntse e tsoela pele libakeng tsa Ha Belebesi,
Makhoaba, Mantšonyane, Fobane Tosing, Semonkong le tse ling, ’me Basotho ba ka
bang 2 900 ba fumane mosebetsi. Ho feta moo, Lekala lena le rekile libese (Likamele)
tse 20 ho khahlanyetsa Koporasi ea Libese hore e bebofaletse sechaba maeto, haholoholo basebetsi ba lifemeng.
Tšebetsong ea eona Paramente e fetisitse melao e 20 selemong sena. Litho tsa Paramente
li bile le lithupelo tse kenyeletsang “Commonwealth Parliamentary Association PostElection Seminar”, le “SADC Organisation of Public Accounts Committees” bakeng
sa litho tsa Komiti ena. Likopi tsa Hansard li ntse li tsoela pele ho romeloa liofising tsa
Babusi ba Setereke e le o mong oa mekhoa ea “ho isa Paramente sechabeng”.
Ho tsa machabeng, likamano tsa Lesotho le linaha tse ling tsa lefatše le tšepo eo linaha le
mekhatlo ea lefatše e nang le eona ho Lesotho, li ntse li tsoela pele ho ntlafala le ho
pharalla. Boemo bona bo pakahatsoa ke bongata boo baemeli ba linaha tse nang le
setsoalle le Lesotho ba nehelaneng ka mangolo a boemeli ho Motlotlehi Letsie III; ho
buloa bocha hoa ntlo ea boemeli ea Lesotho Malaysia; ho khethoa ha Lesotho e le
Motlatsi oa Molula-Setulo oa AU, le ho khetheloa Komiting ea “Heads of State NEPAD
Implementation Committee”; keketseho ea lithuso tseo Lesotho le li fumaneng linaheng
tsa setsoalle le mekhatlo ea machaba, tseo har’a tsona ke batlang ho qolla naha ea
Amerika ka morero oa Millenium Challenge Account oo re o thakhotseng ka Loetse
monongoaha;
ketelo ea Motlotlehi Mswati III oa Swatsing Lesotho; le ketelo ea
Motlotlehi Letsie III linaheng tsa Swatsing le Wales.
7
Ke qetella ka ho lakaletsa Batlotlehi, Likhosatsana Senate le ’Maseeiso, le Khosana
Lerotholi, esita le sechaba sohle sa Basotho, Keresemese e monate, mahlohonolo le
katleho selemong se secha.
Ramaseli a ’ne a re fe khotso, a re fe pula tsa lehlohonolo tse nang ka melupe, nala e re
atele bohle.
Kea leboha Baheso, and Merry Christmas!!!
8
Fly UP