...

Ntle le Molimo ha ho Motho ea tsebang nako ea ho

by user

on
Category: Documents
63

views

Report

Comments

Transcript

Ntle le Molimo ha ho Motho ea tsebang nako ea ho
Family Radio ke Ministry o its‟etlehileng Bibeleng e phatlalatsa ho se kamano le likereke.
Ntle le Molimo ha ho Motho ea tsebang nako ea bofelo ba lefats’e. Ho tla joang hore motho e mong a be
sebete sa ho ruta hore Tlhuibilo le Letsatsi la Kahlolo li tla etsahala ka la 21 Mots’eanong 2011?
Na Bibele ha e bolele ka ho hlaka hore ha ho motho ea ka tsebang letsatsi le hora ea ho khutla ha Kreste?
Ruri Bibele e rutile hoo.
HA HO MOTHO EA TSEBANG LETSATSI KAPA HORA?
Bibele e re bolella hobaneng
e rutile taba eo. Ka ho liketso 1:7, ka
nako eo kereke ea Testamente e
Ncha e neng e lokela ho qala, Jesu u
ile a ruta barutuoa ba hae:
A re ho bona: ha hoa le lokela ho
tseba mehla, le ha ele linako tseo
Ntate a itaoletseng tsona a „nots‟i.
Temaneng e latelang Jesu a
re:
Empa le tla fuoa matla a Moea O
Halalelang o tlang ho lona, „me le
tla ba lipaki tsa ka Jerusalema, le
naheng eohle ea Judea, le ea
Samaria, le ho isa pheletsong ea
lefats‟e.
Litemaneng tsena re ithuta
hore nakong ea likereke ho ne ho tla
ba le thahasello e kholo litabeng tsa
nakong tsa bofelo, empa balumeli ba
ne ba sa lokela ho iphathahanya ka
potso ena. Ba ne ba ts‟oanetse ho
tsepamisa maikutlo a bona
mosebetsing oa ho phatlalatsa
Evangeli lefats‟e ka bophara.
Ka hona, ho sa tsotellehe
hore na muithuti oa Bibele o ne a le
bohlale ha kae kappa a rutehile ha
kae kang kapa u ithutile Bibele ka
hlokolosi ha kae, kapa sebelelitse
Kreste ka botšepehi, ho ne ho sa
khonahale hore a ka tseba ho tsoa
Bibeleng linako tsa bofelo ba lefatše.
Mang le mang ea neng a ka re o
tseba linako tsa bofelo o ne a lula a
fositse.
Le ha hole joalo, ho na le
polelo e makatsang ka Bibeleng; e
fumanoa ka ho Moekelesia 8:5
,Teng Molimo o reng:
“Ea bolokang taelo a keke a bona
tsietsi: „me pelo ea ea bohlale e tla
tseba nako le kahlolo.”
Ka Bibeleng motho ea
bohlale ke molumeli oa „nete, eo
Molimo O mo fileng ts‟epo e tiileng
bolaoling ba Bibele. Balumeli ba
nnete ha esale ba le teng ho tloha
qalong ea nako. Empa lethathamo la
nalane (timeline) ha le ea ka la
senoleloa lipelong tsa balumeli ba
nnete joalo ka ha li senolehile
Bibeleng kajeno. Mohlala, haesale
nakong ea likereke ho ne ho lumeloa
hore tlholeho e bile ka selemo sa
4004 B.C.
Le ha ho le joalo, lilemo tse
ka bang 35 tse fetileng, Molimo O ile
oa qala ho bula kuitlisiso ea balumeli
ba nnete ka lethathamo la nalane
(timeline) . Ka hona ho ile hoa
fumaneha hore Bibele e ruta hore ha
liketsahalo tsa khale li hokahanngoa
le alemanaka (calendar) ea joale, re
ka ithuta ka matsatsi a nalane joalo
ka Tlholeho (11,013 B.C.), moroallo
oa mehleng ea Noe (4990 B.C.),
nako ea ho tsoa ha Ba-Iseraele
Egepeta (1447 B.C.) le nako ea ho
shoa ha Solomone (931 B.C.)
Ke feela lilemong tse
„maloa tse sa tsoa feta ha tsebo e
nepahetseng ea lethathamo le
feletseng la nalane (entire time line)
le senoletsoeng balumeli ba nnete ke
Molimo ho tsoa Bibeleng.
Lethathamo lena le lokolisa ho fihla
qetellong ea nako. Lilemong tsena
tse sa tsoa feta Molimo ha esale a
ntse a senotse linnete tse ngata
ngata, tse neng li patehile ka
Bibeleng hofihlela nakong ena eo re
leng haufi le bofelo ba lefats‟e.
Bukeng ea Daniele Molimo
O na le se sengata seo aka se buang
ka litketsahalo tsa bofelo. Boholo ba
tsona bo ne bo utluisisoa ke Daniele,
„Me ka ha ene ele litaba tse
sisimosang , Daniele u ile a hlomoha
haholo. E le mohlala, re bala ka ho
Daniele 8:27:
Eaba „na Daniele, ke oa k e
ilibane, ka kula ka lits‟iu tse ling, ka
ntoo tsoha, ka tšoara mesebetsi oa
morena, ke ntse ke maketse ke pono
eo, eo ho seng motho ea neng a ka e
utloa.
Empa Molimo O boleletse
Daniele ka ho Daniele 12:4 le 9:
Uena Daniele, u koahele taba tseo,
u manehe buka ena ka tiiso ho isa
nakong ea bofelo; ba bangata ba
tla e bala, „me tsebo e tla eketseha.
A re ho ‟na: E-ea, Daniele hobane
litaba tseo li tla sala li koahetsoe, li
tiisitsoe ho isa nakong ea bofelo.
Ka mantsoe a mang,
Molimo O re tsebisa hore hona le
litaba tse bohlokoa malebana le
litaba tsa bofelo ba lefats‟e tse ileng
tsa ngoloa ka Bibeleng (“e leng
Buka”) leha e sa ts‟oaneloa ho
senoloa ke Molimo ho fihlela ha
bofelo ba lefats‟e bo atametse.
Se se ka etsahala joang?
Hore sena se tle se etsahala
ho ne ho ile ha porofetoa Bibeleng.
Bibele ke Lentsoe le phelang le
hlokang Moea O Halalelang ho bula
kuitliso moea ea motho ea balang
kapa ea utloang mantsoe a Bibele.
Ka kaha ene ese morero oa Molimo
oa ho bula kuitlisiso ea mang kapa
mang linneteng tse ngata tse ka
Bibele ho fihlela nako ea bofelo ba
lefatše e atametse. Ke nakong ena eo
linnete tse bohlokoahali tsa Bibele li
utluisisehang. Bibele e re tsebisa
hore sena se ne se tla etsahala.
BUKA E NENG E MANEHILOE.
Ka ho Ts‟enolo 22:18-19 re
bala hore:
Ke pakela e mong le e mong ea
utloang lipolelo tsa buka ena, hore,
ha motho a a ka li ekeletsa,
Molimo O tla eleletsa hlima hae
likotsi tse ngoliloeng bukeng ena.
„me ekare ha e mong a tlosa ho
hong lipolelong tsa buka ena,
Molimo O tla tlosa kabelo ea hae
sefateng sa bophelo le motseng o
halalelang tse bukeng ena.
Litemana tsena li re
netefaletsa ka botlalo hore ka mora
hore Bibele e qetoe ho ngoloa ka bo
A.D. 95 ha ho mantsoe a mang a
neng a ka eketsoa Bibeleng. Ka hona
1
litaba life kapa life tsa bofelo tse
neng li fuoe Daniele, empa li sa
ts‟oanela ho utluisisuoa ho fihlela
nako ea bofelo, li ile tsa ts‟oanela ho
kenyeletsoa Bibeleng pele e qetoa ho
ngoloa. Le ha ho le joalo, Molimo O
li ngotse ka tsela eo li kekeng tsa
utluisiseha hofihlela lefats‟e le se le
le haufi le ho fela. Hopola hore
kutluisiso e tsoa feela ho Morena
Jesu Kreste, joalo ka ha re bala ka ho
Luka 24:45: “Ea e-ba hona a
bulang kutluisiso ea bona, hore ba
utluisise Mangolo.”
Hona ho hlakisa lebaka leo
Bibele e ngotsoeng ka puo e
qalikaneng e thata ho utluisiseha. Ke
lebaka leo Kreste a buileng ka
lits‟oants‟o. joalo ka ha re bala ka ho
Mareka 4:34: O ne a se ke a ba
bolella letho ha ese ka
lits‟oants‟o.”
BUKA E BUTSOE
Empa re bala ka ho Ts‟enolo 5:19:
„Me ka bona letsohong le letona la
ea lutseng teroneng buka e
ngoliloeng ka hare le ka ntle, e
tiisitsoeng ka litiiso tse supileng.
„Me ka bona lenyeloi le matla le
hoang ka lentsoe le phahamileng,
le re: ke mang ea nang le tokelo ea
ho phetla buka le ea ho manolla
litiiso tsa eona? „Me ho no ho se e
mong leholimong, leha e le
lefats‟eng, leha ele ka tlase ho
lefats‟e ea neng a ka tseba ho
phetla buka. Leha e le ho e talima.
„Me „na, ka lla haholo, hobane ho
ne ho se ea loketseng ho phetla
buka, le ho e bala, le ha e le ho e
talima. Eaba e mong oa baholo o
re ho „na: se lle; bona, Tau ea
leloko la Juda, lehlomela la
Davida, e hlotse, e tle e tsebe ho
phetla buka le ho manolla litiiso
tse supileng tsa eona. Eaba ke bona
konyana e kang e hlabiloe, e eme
mahareng a terone le a libupuoa
tse phelang tse „ne, le mahareng a
baholo, e na le linaka tse supileng,
le mahlo a supileng, e leng meea e
supileng ea Molimo, e rometsoeng
ka hohle lefats‟eng. „Me ea tla, ea
nka buka letsohong le letona la ea
lutseng teroneng. Eitse honabe e
nke buka eo, libupuoa tse phelang
tse „ne, le baholo ba mashome a
mabeli a metso e mene, ba
khumama pela konyana, ba nkile e
mong le e mong harepa, le pitsana
ea gauda e tletseng tse monko o
monate, e leng merapelo ea
bahalaleli. Ba bina sefela se secha,
ba re: o loketse ho nka buka, le ho
manolla litiiso tsa eona; hobane o
no o hlajoe, „me oa lopollela
Molimo, ka mali a hao, batho ba
mefuta eohle, le ba lipuo tsohle, le
ba merabe eohle, le ba lichaba
tsohle.
Litemana tsena li ruta hore
ho na le buka e koetsoeng e
ts‟oanetseng ho buloa ke Kreste ka
boena. Buka e ngoe feela eo Bibele e
ka e hlalosang ke buka eo ho
buuoang ka eona ka ho Daniele 12.
Buka e ne e koetsoe ka
litiiso tse supileng. Ka hona, hore
litaba tsohle tse ngotsoeng ka bukeng
li fumanehe molemong oa kuitlisiso,
litiiso tsohle tse supileng li ts‟oanela
ho manolla. Lejoale Ts‟enolo 8:1 e
hlalosa ho manolla hoa litiiso tsohle
tse supileng:
Eitse hobane konyana e
manolle tiiso ea bosupa, ha khutsa,
ha re tu leholimong ka motsotso o ka
fihlang bohareng ba hora.
KE NENG HO KILENG HOA BA
LE KHUTSO LEHOLIMONG?
Lilemong tse „maloa tse
fetileng re ile ra ithuta hore khutso
leholimong ho isa halofong ea hora e
ne e supa matsatsi a 2,300 ao e leng
lilemo tse 23-tse qalang nako ea
mahlomola a maholo. nako ena e
qalile ka 21 Mots‟eanong 1988. Ke
nakong ena ea matsatsi a 2, 300 moo
ho pholositsoeng batho ba fokolang
lefats‟eng lohle le likerekeng.
Ts‟enolo 8:1 e bolela hore ho bile le
ho khutsa leholimong. Hona ke
maemo a qalileng ka 21 Motšeanong
1988, hobane thabo e ba teng
leholimong ha baetsalibe ba
bolokeha. Ka ho Luka 15:4-32
Bibele e phatlalatsa thabo ebang teng
leholimong ,Thabo eneng ese
khutsong.
Re ne re ithutile hore 21
May 1988 e bile letsatsi la ho qetela
la nako ea likereke, „me e bile ele
letsatsi qalang lilemo tsena tse 23 tsa
nako ea mahlomola a maholo,
nakong eo Satane a sebelisoa ke
Molimo ho busa ka semolao likereke
tsohle hammoho le lefatše nako ea
matsatsi a 2, 300 a qalang nako ena
ea ea matsatsi a 8,400, Moea O
Halalelang O ile oa tsoa likerekeng
tsohle le lefats‟eng lohle. Hona ho ile
hoa tlisa khutso leholimong. Maemo
a na a bohloko a tla tsoelapele
likerekeng ho fihlela pheletsong ea
nako ea lilemo tse 2,300 ea
mahlomola a maholo. Le ha ho le
joalo, matsatsing a 2,300 ka mora 21
Motšeanong 1988(qetello ea nako ea
likereke), Moea O Halalelang O ile
oa tšoloha hape, ho phetha seo
Bibele e se bitsang “pula ea hoetla”
(Zakaria 10:1; Jakobo 5:7) lefats‟e ka
bophara(empa e seng kerekeng efe
kapa efe), „me Molimo Oa qala
kotulo ea ho qetela e kholo ea
pholoho e tlisang thabo e kholo
Leholimong. Pholoso ena ha e
etsahale kerekeng efe kapa efe, empa
e tla phethahala ka ntle ho likereke
ho isa pheletsong ea Mahlomola a
Maholo, ka la 21 May 2011.
Hobane qalong ea nako ea
Mahlomola a Maholo (21
Mots‟eanong 1988), Kreste O ile a
manolla tiiso ea bosupa e bile ele ea
ho qetela ea buka eo Daniele a ileng
a laeloa ho e tiisa. Joale re ka
utluisisa ho re na ke hobaneng ha ele
lilemong tsena tse fetileng Molimo O
re utulletse linnete tse ngata tse ka
Bibeleng. Tsena li kenyeletsa ka ho
toba nako ea bofelo le litaba tse
ngata ka morero oa Molimo oa
kahlolo. Lentsoe “nako” le ntse le
tšoana le ha ho thoe “hora.” Kahlolo
e bolela letsatsi la kahlolo, leo
hangata le bitsoang “letsatsi.”
Ka hona, ho tseba nako le
kahlolo joalo ka ha ho profetiloe ka
ho Moekelesia ke ho tseba “letsatsi”
le “hora.” Hona ho mateana hantle le
mohau le lerato la Molimo ho
lefats‟e lohle. Hopola, Molimo O ne
ofe Noe litaba ka mokhoa o
hlakileng o totobetseng, e le hore a
tle a lemose lefatše ka ts‟enyeho e
neng e tla. Ka ho ts‟oana, Molimo O
ne o laele Jonase ho bolella batho ba
Ninive letsatsi le totobetseng leo O
neng O rerile ho timetsa motse oa
Nineve. Ka mokhoa o ts‟oanang,
Molimo mohaung le leratong la ona,
O file balumeli ba nnete matsatsing
ana a rona nako e tobang letsatsi la
tlhuibilo, e leng letsatsi la pele la
kahlolo, e le hore ba tle ba lemose
lefats‟e. Molimo O mosa hakakang,
O lereko hakakang, O lerato
hakakang. Botle ke hore, Molimo O
ntse O pholosa batho ba bangata
kajeno(Ts‟enolo 7:9-14) joalo ka ha
O ne O pholose baahi ba Niniveh
matsatsing a Noe(Mattheu 12:41).
TEMOSO E MAHLONOKO HO
BA KA LIKEREKENG
Tsebo e totobetseng ea nako
ea tlhoibilo le kuitlisiso ka letsatsi la
2
kahlolo e bohlokoa haholo. Ka ho 1
Thesalonika 5:2-3 Molimo O lemosa
ka Letsatsi la kahlolo le tlang ho
timetsa bao ba latolang hore, ha
bofelo ba lefatše bo se bo atametse,
balumeli ba nnete ba tla tseba nako
(hora) ea ho khutla ha Kreste ho
nkela balumeli ba nnete leholimong
(tlhuibilo) le ho qala letsatsi la
kahlolo. Molimo O re bolella hore:
Le tsoe le tseba hantle-ntle
le lona hoba letsatsi la Morena le tla
hlaha joalo ka lesholu la bosiu.
Hobane mohla ba tla re; ho khotso,
ho iketliloe! Ke moo tšenyeho e tla
ba oela holimo ka sehlōhō, joale ka
pelehi ha e hlahela moimana.
Ka ho Ts‟enolo 16:15
Kreste o ruta hore Eena, ka sebele, O
tla tla joalo ka lesholu la bosiu (bala
hape Ts‟enolo 3:3). Ha ntle Kreste ha
se lesholu Ke Molimo O halalelang.
Empa eena le letsatsi la kahlolo ba
tla tla joalo ka lesholu. Ka ho
Johanne 10:10 Molimo O halosa seo
lesholu le se etsang ha le etla:
Senokoane ha se tle, ha e se ho
utsoa, le ho hlaba, le ho timetsa
feela.
Ka hona ha Kreste a etla le
letsatsi la kahlolo, O tla ho tla nka
bophelo le ho timetsa bao a ba
tlelang joalo ka lesholu.
LESHOLU LE TLA BOSIU
Kreste le letsatsi la kahlolo
ba tla bosiu. Ka ho 1 Ba-Thesalonika
5:3 Kreste O re bolella hore, “hobane
mohla ba tla re: ho khotso ho
iketliloe! Ke moo ts‟enyeho e tla ba
oela holimo ka sehloho”. Ka ha
timetso e tla holima bona, re ka tseba
ka botlalo hore batho bao ha ba ea
pholosoa. Ka ha ba ea pholosoa, ba
lefifing la semoea. Ke bosiu ho bona.
Letsatsi la Kahlolo le ba tlela joalo
ka “lesholu la bosiu.” Le hoja ba
lumela hore ba khotsong le
polokehong le tlhokomelong ea
Molimo.
KE BO MANG BATHO BAA?
Puo ea temana ena e hlalosa ka
ho hlaka bohle ba lefats‟eng bao ka
la 21 Mots‟eanong 2011 ba tla beng
ba ntse ba ikamahanya le kereke. Ka
hobane likereke li ruta lintho tse
ngata tse sa lumellaneng le nnete ea
Bibele, ho kenyelletsa le morero oa
pholoho o khahlanong, le Bibele, le
Moea O Halalelang o tsoile ka
likerekeng, bao ba tla beng ba ntse
ba latela kereke efe kapa efe ka la 21
Motšehanong, ha ba pholosoa. Le ha
ho le joalo likerele li ruta litho tsa
tsona hore:
1.Joalo ka litho tse ipolelang tsa
kereke ba bolokehile tlhokomelong
ea Kreste.
Family Radio
P.O Box 456 Nelspurit 1200
South Africa
SESOTHO TO AFRICA
LOCAL TIME
2000-2100
KHZ
9600
2‟ha ho motho ea ka tsebang
letsatsi le hora tsa ho khutla ha
Kreste. Ka hona, ba kholisehile hore
Kreste o tla tla joalo ka lesholu la
bosiu.
Batho bana ba ratehang ha ba
elelloe ho hang hore bona ka bo bona
ba bosiung ba semoea, e leng maemo
a etsang tiisetso ea hore ha Kreste a
e-tla, bona ka bo bona ba tla
timetsoa ka letsatsi la Kahlolo. A
masisapelo a ma kalo! Ke balumeli
ba nnete ba tsebang nako (hora) le ha
holoanyane ka letsatsi la kahlolo
(letsatsi). Ha ba nakong ea bosiu, ea
lefifi la semoea.
HOPOLA, Molimo O mohau
haholo-holo ebile O lerato. Ho na le
ts‟epo bakeng sa mang le mang ea
llang ka boikokobetso, ea kopang, ea
tsetselelang Molimo hore
mohlomong le eena a ka pholosoa.
Malebana le lintlha tse ling
tabeng ena, kapa ho ithuta
haholoanyana ka mmoko taba oa
bofelo ba lefats‟e o amohelehile ho
ngolla Family Radio ho kopa libuka
tse latelang:
WE ARE ALMOST THERE
TO GOD BE THE GLORY
I HOPE GOD WILL SAVE ME
LIAPAMPIRI TSE HLAKISANG
ANOTHER INFALLIBLE PROOF
RAPTURE WILL OCCURE 21 May
2011.
JUDGMENT DAY: 21 MAY 2011.
Ha eba o ena le lipotso ka
tseo o li utuileng kapa o batla
lethathamo la mananeo tikolohong ea
hao, o ka re etela websiteng ea
www.familyradio.com kapa oa
ngolla email adreseng ea
[email protected]
Kapa oa re gnolla addreseng e
latelang
3
Fly UP