Comments
Transcript
“Ho Paka ka ho Phethahetseng” ka `Muso oa Molimo
Ho Paka—Mongolo o Moholo “Ho Paka ka ho Phethahetseng” ka ’Muso oa Molimo Khatiso ea Mongolo o Moholo btlp-SU “Ho Paka ka ho Phethahetseng” ka ’Muso oa Molimo Khatiso ea Mongolo o Moholo Buka ena ke ea 5 2010 WATCH TOWER BIBLE AND TRACT SOCIETY OF PENNSYLVANIA All Rights Reserved Bahatisi WATCH TOWER BIBLE AND TRACT SOCIETY OF SOUTH AFRICA NPC 1 Robert Broom Drive East, Rangeview, Krugersdorp, 1739, R.S.A. Khatiso ea November 2012 Buka ena ha e rekisoe. Ho hatisoa ha eona ke karolo ea mosebetsi ˇ ˇ oa ho ruta Bibele o etsoang lefatseng lohle o tsehetsoang ka menehelo ea boithatelo. ˇ Ntle le ha ho bontsitsoe Bibele e ’ngoe, Mangolo a qotsitsoe ˇ Phetolelong ea Lefatse le Lecha ea Mangolo a Halalelang ea puo ea kajeno. “Bearing Thorough Witness” About God’s Kingdom—Large Print Sesotho (btlp-SU) Made in the Republic of South Africa E Entsoe Rephabliking ea Afrika Boroa J.G. ’Moleli oa ’Muso ea Ratehang: Nahana u se u le e mong oa baapostola ba emeng Thabeng ea Mehloaare. U bona Jesu a hlaha ka pel’a hao. Ha a se a tla nyolohela leholimong, o re: “Le tla amohela matla ha moea o halalelang o fihla ¯ holim’a lona, ’me le tla ba lipaki tsa ka Jerusalema le Judea le Samaria kaofela le ho isa karolong e ˇ ¯ ¯ hole-hole ea lefatse.” (Lik. 1:8) U ne u tla ikutloa joang? Mohlomong u ne u tla nka hore mosebetsi oo o boima. U ne u ka ’na ua re, ‘Re ka khona joang ho ˇ ¯ ¯ paka “ho isa karolong e hole-hole ea lefatse” re le barutuoa ba fokolang hakaale ka palo?’ E ka ’na eaba u hopola temoso eo Jesu a ileng a fana ka eona bosiung ba pele a shoa, ha a re: “Lekhoba ha le leholo ho mong’a lona. Haeba ba ntlhorisitse, le ¯ lona ba tla le hlorisa; haeba ba bolokile lentsoe la ¯ ka, ba tla boloka le la lona. Empa ba tla etsa lintho ¯ tsena tsohle khahlanong le lona ka lebaka la lebitso la ka, hobane ha ba tsebe ea nthomileng.” (Joh. 15:20, 21) Ha u nahana mantsoe ao, u ka ’na ua ipotsa, ‘Re ka paka ka ho phethahetseng joang har’a khanyetso le mahloriso a makaalo?’ ˇ Le kajeno re ipotsa lipotso tse tsoanang le tseo. Mosebetsi oo re o filoeng re le Lipaki Tsa Jehova o hloka hore re pake ka ho phethahetseng “ho isa kaˇ ¯ ¯ rolong e hole-hole ea lefatse,” ’me re pakele “batho ba lichaba tsohle.” (Mat. 28:19, 20) Mosebetsi oo o ka phethoa joang, haholo-holo ha ho profetiloe hore ho tla ba le khanyetso? Buka ea Liketso Tsa Baapostola e re bolella kamoo ka ho hlollang Jehova a ileng a thusa baapostola le Bakreste-’moho le bona ba lekholong la pele la lilemo C.E. hore ba phethe mosebetsi oo. Buka ena eo u ntseng u e bala e reretsoe ho u thusa hore u ithute litaba tseo ’me u li thabele. U tla hlolloa ke kamoo ho nang le lintho tse ngata tseo bahlanka ba Molimo ba lekholong la pele la lilemo ˇ ba tsoanang ka tsona le batho ba hae kajeno. U tla hlokomela hore lintho tsena ha li amane le mosebetsi oo re o etsang feela empa li boetse li amana le tsela eo re hlophisitsoeng ka eona hore re etse mosebetsi oo. Ruri ho nahanisisa ka lintho tsena ho tla etsa hore u kholisehe le ho feta hore Jehova ˇ Molimo o sa ntse a tataisa karolo e lefatseng ea mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng. ˇ Re na le tsepo ebile re rapella hore ha u ntse u ithuta buka ea Liketso u tla ba le tumelo e tiileng ea hore Jehova u tla u thusa le hore matla a moea ˇ oa hae o halalelang a tla u tsehetsa. Ka lebaka leo, e se eka u ka tsoela pele u “paka ka ho phethahetseng” ka ’Muso oa Molimo le ho thusa ba bang hore ba tsamaee tseleng e isang polokong.—Lik. 28:23; 1 Tim. 4:16. Barab’eno, Sehlopha se Busang sa Lipaki Tsa Jehova TSE KA HARE KHAOLO LEQEPHE SELELEKELA 1. “E-eang ’me le Etse . . . Barutuoa” 7 KAROLO EA 1 “Le Tlatsitse Jerusalema Thuto ¯ ea Lona” 2. “Le Tla ba Lipaki Tsa Ka” 21 3. “Ba Tlala Moea o Halalelang” 33 4. “Batho ba sa Rutehang le ba Tloaelehileng” 49 5. “Re Tla Mamela Molimo e le ’Musi” 67 KAROLO EA 2 “Ha Tsoha Mahloriso a Maholo Khahlanong le Phutheho” 6. Setefane—“A Tletse Mosa le Matla” 84 7. Ho Bolela “Litaba Tse Molemo Mabapi le Jesu” 98 8. Phutheho “ea Kena Nakong ea Khotso” 113 KHAOLO KAROLO EA 3 LEQEPHE “Batho ba Lichaba . . . ba Amohetse Lentsoe la Molimo” 9. “Molimo ha a Leeme” 132 10. “Lentsoe la Jehova la Tsoela Pele ¯ ho Hola” 147 KAROLO EA 4 ‘Ba Rometsoe ke Moea o Halalelang’ 11. “Ho Tlala Thabo le Moea o Halalelang” 161 12. “Ba Bua ka Sebete ka Matla a Tsoang ho Jehova” 177 KAROLO EA 5 “Baapostola le Banna ba Baholo ba Bokana” 13. ‘Ha E-ba le ho Hloka Kutloano ho Hoholo’ 193 14. “Re Fihletse Tumellano Hammoho” 208 KAROLO EA 6 “A ¯re Khutle ’me re Etele Barab’abo Rona” 15. ‘Ho Matlafatsa Liphutheho’ 226 ˇ 16. “Tselela Macedonia” 243 17. “A Behelana Mabaka le Bona ka Mangolo” 260 KHAOLO LEQEPHE 18. ‘Le Batle Molimo ’me ka Sebele le mo Fumane’ 274 19. “U ’ne U Bue ’me U se ke Ua Khutsa” 292 KAROLO EA 7 ‘Ho Ruta Phatlalatsa le ka Ntlo le Ntlo’ ¯ ¯ 20. Ho “Hola le ho Hlola” Har’a Khanyetso 310 21. “Ke Hloekile Maling a Batho Bohle” 325 22. “Ho ke ho Etsahale Thato ea Jehova” 341 KAROLO EA 8 “A ba Bolella ka ’Muso oa Molimo . . . ˇ Ntle ho Tsitiso” ˇ 23. “Utloang Boitsireletso ba Ka” 356 24. “E-ba Sebete!” 373 25. “Ke Ipiletsa ho Cesare!” 386 ¯ 26. “Ha ho Moea ho Lona o Tla Lahleha” 401 27. “Ho Paka ka ho Phethahetseng” 418 QETELLO ¯ ¯ 28. “Ho Isa Karolong e Hole-hole ea ˇ Lefatse” 435 KHAOLO EA 1 “E-eang ’me le Etse . . . Barutuoa” Tlhaloso e akaretsang ea buka ea Liketso Tsa Baapostola le seo re ithutang sona ho eona NGOANANA ea bitsoang Rebecca ke Paki ea Jehova ˇ Ghana ’me o re sekolo ke tsimo ea hae. O lula a e-na le lingoliloeng tsa Lipaki Tsa Jehova ka mokotleng oa hae oa libuka tsa sekolo. Nakong ea khefu, o lula a le malala-a-laotsoe ho pakela liithuti-’moho le eena. Ho na le liithuti tse ’maloa tseo Rebecca a ithutang Bibele le tsona. 2 ¯ Sehlekehlekeng sa Madagascar, haufi le leb opo le ka bochabela la Afrika, ho na le bo-pula-maliboho ba babeli ba tloaetseng ho tsamaea lik’hilomithara tse 25 moˇ chesong o ntsang koena bolibeng ba e-ea motsaneng o ¯ hole. Ha ba fihla teng ba ithuta Bibele le batho ba ’maloa ba thahasellang. 3 Lipaki tsa Paraguay hammoho le baithaopi ba tsoang linaheng tse ling tse 15 ba ile ba etsa seketsoana e le hore ¯ ba ka khona ho etela batho ba lulang haufi le noka ea ˇ 1-6. Pheta phihlelo e bont sang hore Lipaki Tsa Jehova li bolela litaba tse molemo maemong a fapa-fapaneng. “E-EANG ’ME LE ETSE . . . BARUTUOA” 7 ´ Paraguay le ea Parana. Batho ba 12 ba ka lula ka har’a seketsoana seo se boima ba lithane tse 45. Baboleli ba ’Muso ba chesehang ba lulang seketsoaneng sena ba phatlalalitse litaba tse molemo libakeng tseo ho seng bonolo ho fihla ho tsona. ¯ 4 Leboea le Hole, Lipaki tsa Alaska li sebelisa monyetla o ikhethang oa ho paka hlabula ha ho e-na le baha¯ ¯ hlauli ba bangata. Ha ho futhumala, likepe tse kholo tsa baeti ba lichaba tse fapa-fapaneng li fihla sebakeng sena, ˇ ’me Lipaki tsa moo li ema boema-kepeng li tsoere lingoˇ ¯ liloeng tsa rona ka lipuo tse sa tsoaneng. Sebakeng sona seo, sefofane se ile sa thusa haholo bakeng sa hore ho ¯ fihloe metsaneng e hole, e le hore batho ba buang lipuo tse kang Sealeute, Seathabaska, Setsimshiane le Seklinkete ba ka bolelloa litaba tse molemo. ˇ 5 Larry oa Texas, U.S.A., o na le tsimo e khethehileng —o pakela batho lehaeng la batho ba hlokang tlhokomelo leo a lulang ho lona. Le hoja Larry a tsamaea ka setulo sa likooa ka lebaka la kotsi e ileng ea mo hlahela, o lula a le maphathaphathe. O bolella ba bang molaetsa ˇ oa ’Muso, hammoho le tsepo eo a e fumaneng Bibeleng ea hore o tla boela a khona ho tsamaea ha ’Muso oo o se o busa.—Esa. 35:5, 6. 8 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO 6 Lipaki tse ling li ile tsa tsamaea matsatsi a mararo ka seketsoana li tloha Mandalay li ea kopanong karolong e ka leboea ea Myanmar. Kaha li ne li labalabela ho bolela litaba tse molemo, li ile tsa tsamaea li nkile lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng, tseo li neng li li fa baeti. Nako le nako ha seketsoana seo se ema toropong kapa motsaneng o itseng, baboleli bao ba mahlahahlaha ba ne ba itlhahanella motseng, ba fa batho lingoliloeng. Ka ˇ nako e tsoanang, ho ne ho palama baeti ba bacha sekeˇ tsoaneng seo, ebe baboleli bao ba ’Muso ba fumana “tsimo e ncha” ha ba khutla. ˇ Joalokaha mehlala ena e seng mekae e bontsa, baraˇ peli ba Jehova ba chesehang lefatseng ka bophara ba 7 “paka ka ho phethahetseng malebana le ’muso oa Molimo.” (Lik. 28:23) Ba ea ka ntlo le ntlo, ba bua le batho seterateng le ka fono. Ebang ba palame bese, ba otlolla maoto serapeng sa boikhathollo kapa ba khefulitse mosebetsing, ba lula ba le malala-a-laotsoe ho paka ka ’Muso oa Molimo. Ba sebelisa litsela tse fapa-fapaneng ˇ empa morero oa bona oa tsoana—ke ho bolela litaba tse molemo hohle moo batho ba leng teng.—Mat. 10:11. 7. Barapeli ba Jehova ba paka ka ’Muso oa Molimo ka litsela life, hona morero oa bona ke ofe? “E-EANG ’ME LE ETSE . . . BARUTUOA” 9 8 ’Mali ea ratehang, na u e mong oa baboleli ba ’Muso ba bangata bao hona joale ba bolelang litaba tse molemo linaheng tse fetang 235? Haeba ho joalo, u kentse letso¯ ho kholong e thabisang ea mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso! Se finyeletsoeng mosebetsing oa boboleli lefaˇ ˇ tseng ka bophara sea hlolla. Ho sa tsotellehe litsitiso le mathata a boima—ho akarelletsa le ho thibeloa ke mebuso le ho hlorisoa—Lipaki Tsa Jehova li paka ka ho phethahetseng ka ’Muso oa Molimo bathong ba lichaba tsohle. 9 ˇ Potso e thahasellisang ke ena, Ke hobane’ng ha litsi- tiso, esita le khanyetso ea Satane, li sa thibela mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso? E le ho araba potso eo, ho hlokahala hore re nahane ka se ileng sa etsahala lekho¯ long la pele la lilemo C.E. Etsoe, rona Lipaki Tsa Jehoˇ va tsa kajeno re mpa re ntsetsa pele mosebetsi o qaliloeng nakong eo. 10 Mosebetsi o Moholo Mothehi oa phutheho ea Bakreste, e leng Jesu Kre- ste, o ne a iteletse mosebetsi oa ho bolela litaba tse mo8, 9. (a) Ke hobane’ng ha se finyeletsoeng mosebetsing oa ho bolela ka ’Muso se hlolla? (b) Ho hlaha potso efe e thahasellisang, hona ho hlokahala re etse’ng hore re fumane karabo? 10. Jesu o ne a iteletse mosebetsi ofe, ’me o ne a tseba eng ka oona? 10 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO lemo tsa ’Muso oa Molimo; o ne o le maling. O kile a re: “Ke tla bolela litaba tse molemo tsa ’muso oa Molimo . . . , hobane ke rometsoe sena.” (Luka 4:43) Jesu o ne a tseba hore mosebetsi ona oo a o simollang a ke ke a o phetha a le mong. Nakoana pele a e-shoa, o ile a profeta hore molaetsa oa ’Muso o ne o tla boleloa “lichabeng tsohle.” (Mar. 13:10) Leha ho le joalo, mosebetsi oo o ne o tla etsoa joang, hona o etsoa ke bo-mang? 11 Ka mor’a hore Jesu a shoe ’me a tsohe bafung, o ile a hlaha ho barutuoa ba hae ’me a ba fa mosebetsi oa bohlokoa, a re: “Ka hona e-eang ’me le etse batho ba lichaba tsohle barutuoa, le ba kolobetse ka lebitso la Ntate le la Mora le la moea o halalelang, le ba rute ho boloka lintho tsohle tseo ke le laetseng tsona. ’Me, bonang! ke na ¯ le lona ka matsatsi ’ohle ho fihlela qetellong ea tsamaiso ea lintho.” (Mat. 28:19, 20) Mantsoe a reng “ke na le ˇ ˇ ¯ lona” a ne a bontsa hore o tla tsehetsa barutuoa mosebetsing oa ho bolela le ho etsa barutuoa. Ho ne ho tla ˇ hlokahala hore Jesu a ba tsehetse, hobane o ne a profetile hore ba tla “hlouoa ke lichaba tsohle.” (Mat. 24:9) Barutuoa ba ne ba tla boela ba fumana thuso e tsoang mohloling o mong. Nakoana pele Jesu a nyolohela leholimong 11. Jesu o ile a fa barutuoa ba hae mosebetsi ofe oa bohlokoa, ’me ba ne ba ˇ tla t sehetsoa joang hore ba o etse? “E-EANG ’ME LE ETSE . . . BARUTUOA” 11 o ile a ba bolella hore moea o halalelang o tla ba matla¯ fatsa hore e be lipaki tsa hae “ho isa karolong e holeˇ ¯ hole ea lefatse.”—Lik. 1:8. 12 Joale ho hlaha lipotso tsa bohlokoa: Na baapostola ba Jesu le barutuoa ba bang ba lekholong la pele la lilemo ba ile ba nka mosebetsi oa bona ka ho teba? Na seˇ hlotsoana see sa banna le basali ba Bakreste se ile sa paka ka ho phethahetseng ka ’Muso oa Molimo ho sa ¯ ¯ tsotellehe mahloriso a sehloho? Na kannete ba ile ba fumana thuso e tsoang ho Jehova, Jesu, mangeloi le moea o halalelang mosebetsing oa bona oa ho etsa barutuoa? Buka ea Bibele ea Liketso e araba lipotso tsena hammoˇ ho le tse ling tse tsoanang le tsona. Ke habohlokoa hore ˇ re tsebe likarabo tsa tsona. Hobane’ng? Jesu o ile a tsepisa hore mosebetsi oo a faneng ka oona o ne o tla tsoela pele “ho fihlela qetellong ea tsamaiso ea lintho.” Ka lebaka leo, mosebetsi ona o lokela ho etsoa ke Bakreste ¯ bohle ba ’nete, ho akarelletsa le rona ba phelang nakong ena ea bofelo. Ka lebaka leo re thahasella haholo tlaleho e bukeng ea Liketso ea lintho tse etsahetseng nakong e fetileng. 12. Ho hlaha lipotso life tsa bohlokoa, ’me ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore re tsebe likarabo? 12 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO 13 Tlhaloso e Akaretsang ea Buka ea Liketso Ke mang ea ngotseng buka ea Liketso? Ha ho moo buka ena e bolelang mongoli oa eona ka lebitso, empa seˇ lelekela sa eona se bontsa ka ho hlaka hore Liketso le Kosepele ea Luka li ngotsoe ke motho a le mong. (Luka 1:1-4; Lik. 1:1, 2) Kahoo, ho tloha khale, ho ’nile ha lumeloa hore Luka, e leng “ngaka e ratoang” le rahistori ea hlokolosi, ke eena ea ngotseng Liketso. (Bakol. 4:14) Buka ena e hlalosa litaba tse etsahetseng ka lilemo tse 28, ho tloha ha Jesu a nyolohela leholimong ka 33 C.E. ho fihlela ha moapostola Pauluse a kenngoa teronkong Roma hoo e ka bang ka 61 C.E. Hore ebe Luka ha a sa ˇ re “ba” o se a re “re” tlalehong ena ho bontsa hore o ne a le teng ha lintho tse ngata tseo a buang ka tsona li etsahala. (Lik. 16:8-10; 20:5; 27:1) Kaha Luka o ne a fuputsa ka hloko, ha ho pelaelo hore o ile a fumana litaba ka ho toba ho Pauluse, Barnabase, Filipi le ba bang bao a buileng ka bona. 14 Buka ea Liketso e bua ka eng? Kosepeleng eo Luka a e ngotseng pejana, o ile a bua ka lintho tseo Jesu a li entseng le tseo a li buileng. Leha ho le joalo, bukeng ea Liketso Luka o bua ka lintho tseo balateli ba Jesu ba li 13, 14. (a) Ke mang ea ngotseng buka ea Liketso, hona o ile a fumana litaba tsa eona joang? (b) Buka ea Liketso e bua ka eng? “E-EANG ’ME LE ETSE . . . BARUTUOA” 13 buileng le tseo ba li entseng. Ka hona, Liketso e bua ka batho ba ileng ba etsa mosebetsi o tsoileng matsoho, le hoja ba bang ba ne ba nka hore bongata ba bona ke batho “ba sa rutehang le ba tloaelehileng.” (Lik. 4:13) Ka ˇ bokhutsoanyane, buka ena e bululetsoeng e re bolella kamoo phutheho ea Bakreste e qalileng kateng le kamoo e ˇ ¯ ileng ea hola kateng. Buka ea Liketso e bontsa kamoo Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba neng ba bolela litaba tse molemo kateng—mekhoa eo ba neng ba e sebelisa le kamoo ba neng ba nka mosebetsi ona kateng. (Lik. 4:31; 5:42) E hlalosa hore na moea o halalelang o ile oa ba thusa joang ha ba bolela litaba tse molemo. (Lik. 8:29, 39, 40; 13:1-3; 16:6; 18:24, 25) Liketso e totobatsa sehlooho sa Bibele, se amanang le ’Muso oa Moliˇ mo oo Kreste e leng morena oa oona, ’me e bontsa kamoo Bakreste ba ileng ba bolela molaetsa oa ’Muso kateng leha ba hanyetsoa ka matla.—Lik. 8:12; 19:8; 28: 30, 31. 15 Ka sebele, ho bala buka ea Bibele ea Liketso hoa tha- bisa ebile ho matlafatsa tumelo! Ho nahana ka mohlala oa balateli ba Kreste ba pele ba sebete le ba chesehang ho tla re susumetsa ka matla. Re tla susumelletseha ho ¯ ba le tumelo e kang ea bara le barali babo rona ba lekho15. Re tla rua molemo joang ka ho bala buka ea Liketso? 14 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO long la pele la lilemo. Ka tsela eo re tla hlomelloa hantle ¯ hore re phethe mosebetsi oa rona oa ho ‘ea ’me re etse barutuoa.’ Morero oa buka ena eo u ntseng u e bala ke ho u thusa ho ithuta buka ea Liketso ka hloko. Buka e re Thusang ho Ithuta Bibele 16 Buka ee e ngotsoe ka morero ofe? Buka ena e reretsoe ho etsa lintho tse tharo, e leng (1) ho re kholisa haholoanyane hore Jehova o sebelisa moea oa hae o halaˇ lelang ho tsehetsa mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso le ho ˇ etsa barutuoa, (2) ho re susumetsa hore re chesehe tsebeletsong ka ho hlahloba mohlala oa balateli ba Kreste ba lekholong la pele la lilemo, le (3) ho re thusa ho hlompha mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova haholoanyane le ho hlompha ba etellang pele mosebetsing oa boboleli le oa ho alosa liphutheho. Buka ee e ngotsoe joang? U tla hlokomela hore e aroˇ tsoe likarolo tse robeli, ’me e ’ngoe le e ’ngoe e tsohla karolo e itseng ea buka ea Liketso. Morero oa likhaolo tse latelang hase ho hlalosa temana e ’ngoe le e ’ngoe ea Liˇ ketso, empa ke ho bontsa hore na re ka ithuta eng liketsahalong tse boletsoeng bukeng eo ea Bibele le ho re thusa ho bona kamoo re ka sebelisang lintlha tseo 17 16. Buka ee e reretsoe ho etsa lintho life tse tharo? ˇ 17, 18. Buka ee e ngotsoe joang, hona e na le lit sobotsi life tse tla re tsoela molemo ha re etsa thuto ea botho ea Bibele? “E-EANG ’ME LE ETSE . . . BARUTUOA” 15 re ithutileng tsona. Qalong ea khaolo ka ’ngoe, ho na le karolo e hlalosang moko-taba ’me ho na le Lengolo le boˇ ˇ ntsang karolo ea Liketso e tla tsohloa. 18 Ho na le lintho tse ling bukeng ena tse tla re tsoela molemo ha re etsa thuto ea botho ea Bibele. Khatisong ˇ ˇ e tloaelehileng ea buka ena, ho na le litsoantso tse ntle ˇ tse bontsang liketsahalo tse susumetsang maikutlo tse boletsoeng bukeng ea Liketso tse tla u thusa hore ha u ntse u nahana ka tlaleho ena ea Bibele u bone se neng se etsahala. Likhaolo tse ngata li na le mabokose a nang le lintlha tse eketsehileng tse molemo. Mabokose a mang a bua ka motho ea itseng ka Bibeleng eo tumelo ea hae e leng mohlala oo re ka o etsisang. A mang a fana ka lintlha tse eketsehileng ka libaka, liketsahalo, mekhoa kapa batho ba bang ba boletsoeng ho Liketso. Maqephe a eona a na le sebaka se seholo ka mahlakoreng ho u thusa hore u ngole lintlha ha u ntse u ithuta buka ena. 19 Buka ena e ka u thusa hore u itekole. Ho sa tsotelle- he hore na ke nako e kae u le ’moleli oa ’Muso, ke hantle hore nako le nako u iphe nako ea ho bona hore na ke lintho life tseo u li nkang e le tsa bohlokoa le hore na ˇ u ikutloa joang ka tsebeletso ea Bokreste. (2 Bakor. 13:5) ˇ ˇ Ipotse: ‘Na tsebeletso ea ka e bontsa hore ke lula ke ho19. Re lokela ho itekola joang nako le nako? 16 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO pola hore nako e lekane motinyane? (1 Bakor. 7:29-31) ˇ Na ha ke bolela litaba tse molemo ke bontsa hore ke kholisehile ebile kea cheseha? (1 Bathes. 1:5, 6) Na ke ikakhela ka setotsoana mosebetsing oa ho bolela le ho etsa barutuoa?’—Bakol. 3:23. 20 A re luleng re hopola hore re laetsoe ho etsa mose- betsi oa bohlokoa—e leng ho bolela le ho etsa barutuoa. Ha letsatsi ka leng le ntse le feta, mosebetsi oo e ntse e e-ba oa bohlokoa le ho feta. Bofelo ba tsamaiso ena ea lintho bo atamela ka potlako. Ha ho mohla bophelo ba batho ba bangata bo kileng ba e-ba kotsing hakana! Ha ˇ re tsebe hore na ke batho ba bakae ba nang le tsekamelo e nepahetseng ba sa ntseng ba tla amohela molaetsa ¯ oa rona. (Lik. 13:48) Empa re na le boikarabelo ba ho ba thusa, esere ra haha serobe phiri e se e jele.—1 Tim. 4:16. 21 Kahoo, ke habohlokoa hore re etsise mohlala oa ba- boleli ba ’Muso ba chesehang ba lekholong la pele la lilemo. E se eka ha u ntse u ithuta buka ena ka hloko u ka susumelletseha ho bolela litaba tse molemo ka chese¯ ¯ ho e kholo le sebete. ’Me e se eka u ka ikemisetsa haholoanyane ho tsoela pele u “paka ka ho phethahetseng malebana le ’muso oa Molimo.”—Lik. 28:23. ¯ 20, 21. Ke hobane’ng ha mosebetsi oa r ona e le oa bohlokoa hakaale, hona re lokela ho ikemisetsa ho etsa’ng? “E-EANG ’ME LE ETSE . . . BARUTUOA” 17 LILEMO TSA BOHLOKOA TSE AMANANG LE HO NAMA HA BOKRESTE LEKHOLONG LA PELE LA LILEMO C.E. Ka 33 Jesu o tsoha bafung Jesu o laela balateli ba hae hore ba etse barutuoa Barutuoa ba tlotsoa ka moea o halalelang ka Pentekonta Ho thehoa phutheho ea Bakreste Hoo e ka bang ka 33 -34 Setefane o bolaeloa tumelo Leqhalaha la Moethiopia lea kolobetsoa Hoo e ka bang ka 34 Saule oa Tarsase oa sokoloha Hoo e ka bang ka 34 -36 Saule o bolela litaba tse molemo Damaseka Hoo e ka bang ka 36 Pauluse o etela Jerusalema ka lekhetlo la pele e le molateli oa Kreste Pauluse o etela Petrose Jerusalema (Bagal. 1:18) Jakobo (mora oa Zebedea) o bolaeloa tumelo Petrose o kenngoa teronkong, o lokolloa ka mohlolo Ka 44 Heroda Agripa I oa shoa Hoo e ka bang ka 46 Ho ba le tlala ea sekoboto e profetiloeng Pauluse o tlisa liphallelo Jerusalema Hoo e ka bang ka 47-48 Leeto la pele la Pauluse e le moromuoa Hoo e ka bang ka 49 Khang ea lebollo Antioke ˇ Seboka se ileng sa tsoaroa Jerusalema Pauluse o khalemela Petrose (Bagal. 2:11-14) Ka 36 Korneliase oa sokoloha Balichaba ba pele e ba Bakreste Hoo e ka bang ka 49 -52 Leeto la bobeli la Pauluse e le moromuoa Barnabase le Mareka ba bolela litaba tse molemo Cyprase Hoo e ka bang ka 41 Ho ngoloa Kosepele ea Matheu Pono ea Pauluse ea ‘leholimo la boraro’ (2 Bakor. 12:2) Hoo e ka bang ka 49 -50 Claudiase o leleka Bajuda Roma Hoo e ka bang ka 44 Agabase o profeta tlala ea sekoboto 18 Hoo e ka bang ka 50 Luka o tsamaea le Pauluse ho tloha Troase “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO Pauluse o bona monna oa Macedonia ponong Pauluse o etela Filipi Ho thehoa phutheho Filipi Ho thehoa phutheho Thesalonika Pauluse o etela Athene Ka 58 Heroda Agripa II o mamela Pauluse Hoo e ka bang ka 50 -52 Pauluse o etela Korinthe Ho ngoloa 1 Bathesalonika Ho ngoloa Bagalata Hoo e ka bang ka 60 -61 Ho ngoloa Bakolose Ho ngoloa Baefese Ho ngoloa Filemone Ho ngoloa Bafilipi Hoo e ka bang ka 51 Ho ngoloa 2 Bathesalonika Hoo e ka bang ka 52-56 Leeto la boraro la Pauluse e le moromuoa Hoo e ka bang ka 52-55 Pauluse o etela Efese Hoo e ka bang ka 55 Ho ngoloa 1 Bakorinthe Tite o romeloa Korinthe Ho ngoloa 2 Bakorinthe Hoo e ka bang ka 56 Ho ngoloa Baroma Pauluse o tsosa Eutikase bafung Troase Pauluse le Luka ba lula ha Filipi, Cesarea ˇ Pauluse oa tsoaroa Jerusalema Hoo e ka bang ka 56 -58 Pauluse o litlamong Cesarea Ho ngoloa Kosepele ea Luka Hoo e ka bang ka 58 Festase o hlahlama Felixe “E-EANG ’ME LE ETSE . . . BARUTUOA” Hoo e ka bang ka 59 -61 Pauluse o kenngoa teronkong ka lekhetlo la pele Roma Hoo e ka bang ka 60 -65 Ho ngoloa Kosepele ea Mareka Hoo e ka bang ka 61 Ho ngoloa Liketso Ho ngoloa Baheberu Hoo e ka bang ka 61-64 Ho ngoloa 1 Timothea Tite o sala Kreta (Tite 1:5) Ho ngoloa Tite Pele ho 62 Ho ngoloa Jakobo Hoo e ka bang ka 62-64 Ho ngoloa 1 Petrose Hoo e ka bang ka 64 Ho ngoloa 2 Petrose Hoo e ka bang ka 65 Pauluse o kenngoa teronkong ka lekhetlo la bobeli Roma Ho ngoloa 2 Timothea Tite o ea Dalmatia (2 Tim. 4:10) Pauluse oa bolaoa 19 KARO LO EA 1 ˙ LIKETS O 1:1–6:7 “LE TLATSITSE JERUSALEMA ¯ THUTO EA L ONA” LIKETS O 5:28 ˇ Ho tloha ha moea o halalelang o tsolleloa ho barutuoa ba Jesu ka Pentekonta ea 33 C.E., ba ile ba ikakhela ka setotsoana mosebetsing oa ho paka ka ’Muso oa Molimo. Karolong ena, re tla hlahloba tlaleho e thabisang ea ho thehoa ha phutheho ea Bakreste, bopaki bo matla bo ileng ba fanoa Jerusalema, le kamoo baapostola ba bileng sebete ho sa tsotellehe khanyetso e matla. KHAOLO EA 2 “Le Tla ba Lipaki Tsa Ka” Kamoo Jesu a ileng a hlomella baapostola ba hae hore ba etelle pele mosebetsing oa boboleli E Thehiloe ho Liketso 1:1-26 E NE e se eka ba ke ke ba hlola ba arohana. Libeke tse fetileng e bile tse monate haholo ho baapostola! Ho tsoha ha Jesu bafung ho ba tsositse molota haholo. Jesu o ’nile a hlaha ho balateli ba hae ka matsatsi a 40, a ntse a ba ruta le ho ba khothatsa. Leha ho le joalo, kajeno ba mo bona la ho qetela. 2 Baapostola ba na le Jesu Thabeng ea Mehloaare, ’me ba mo mametse ka hloko. Ha a qeta ho bua le bona—e le moo ba ntseng ba lebeletse hore a tsoele pele—o phahamisa matsoho ’me oa ba hlohonolofatsa. Eaba o qala ho nyoloha! Balateli ba hae ba mo shebile ha a ntse a nyolohela leholimong. Qetellong, leru lea mo koahela ’me ha ba sa mo bona. O se a nyametse empa ba ntse ba shebile leholimong.—Luka 24:50; Lik. 1:9, 10. 3 Bophelo ba baapostola ba Jesu bo fetoha haholo ka mor’a ketsahalo ena. Ba tla etsa joang ha e le moo Mong’a 1-3. Ho etsahala eng ha Jesu a arohana le baapostola ba hae, hona ho hlaha lipotso life? “LE TLA BA LIPAKI TSA KA” 21 bona, Jesu Kreste a se a nyolohetse leholimong? Ha ho ˇ pelaelo hore Mong’a bona o ba hlomeletse hore ba ntsetse pele mosebetsi oo a seng a o qalile. O ile a ba hlomella joang bakeng sa mosebetsi oo oa bohlokoa, hona ba ile ba etsa joang? See se ama Bakreste joang kajeno? Re fumana likarabo tse khothatsang khaolong ea pele ea Liketso. “B opaki bo B ongata bo Tiileng” (Liketso 1:1-5) 4 Luka o qala tlaleho ea hae ka ho bua le Theofilase, e leng monna eo nakoana pele ho mona a ileng a mo ngoˇ lla Kosepele.1 Ho bontsa ka ho hlaka hore tlaleho ena e ˇ ˇ ntsetsa pele Kosepele ea hae, ka bokhutsoanyane Luka o qala ka ho bolela liketsahalo tse tlalehiloeng qetellong ea ˇ eona, a sebelisa mantsoe a sa tsoaneng a bile a akarelletsa lintlha tse ling. 5 Ke eng e tla etsa hore tumelo ea balateli ba Jesu e lule e le matla? Liketso 1:3 e re: “[Jesu] o ile a iponahatsa . . . 1 Kosepeleng ea hae, Luka o re monna enoa ke “Theofilase ea khabane ka ho fetisisa,” e leng se etsang hore ba bang ba nahane hore mohlomong Theofilase e ne e le motho ea hlaheletseng eo e neng e e-s’o be molumeli. Leha ho le joalo, mona ho Liketso, Luka o re feela ho eena, “Uena Theofilase.” Litsebi tse ling li nahana hore Theofilase e ile ea e-ba molumeli ka mor’a ho bala Kosepele ea Luka; kahoo, li re Luka ha a sa mo bitsa ka tlotla ea hae empa o se a mo ngolla e le mor’abo oa moea. 4. Luka o qala tlaleho ea hae ea Liketso joang? 5, 6. (a) Ke eng e tla thusa balateli ba Jesu hore ba lule ba e-na le tumelo e matla? (b) Ke joang tumelo ea Bakreste kajeno e thehiloeng ‘bopaking bo bongata bo tiileng’? 22 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO a phela ka bopaki bo bongata bo tiileng.” Ka Bibeleng, ha ho mongoli e mong ea buang ka ‘bopaki bo tiileng’ haese Luka “ngaka e ratoang.” (Bakol. 4:14) Polelo ena e ne e sebelisoa ka har’a lingoliloeng tsa bongaka, ’me e bolela bopaki bo totobetseng, bo kholisang le ba ’nete. Jesu o ile a fana ka bopaki bo joalo. O ile a hlaha ho balateli ba hae ka makhetlo a mangata, ka linako tse ling e le ho a le mong kapa ba babeli, ka tse ling e le ho baapostola kaofela ’me ka lekhetlo le leng a hlaha ho balumeli ba fetang 500. (1 Bakor. 15:3-6) Na ho na le bopaki bo tiileng ho feta boo? 6 Le kajeno tumelo ea Bakreste ba ’nete e thehiloe ‘bo- paking bo bongata bo tiileng.’ Na ho na le bopaki ba hore ˇ ¯ Jesu o ile a phela lefatseng, a shoela libe tsa rona a ba a tsosoa bafung? Ka sebele bo teng! Litlaleho tsa ’nete ka Lentsoeng la Molimo tsa lipaki tse boneng ka mahlo li re fa bopaki bohle bo kholisang boo re bo hlokang. Ho ithuta litlaleho tsena le ho rapella thuso ea hore re sebelise ¯ seo re ithutang sona ho ka matlafatsa tumelo ea rona haholo. Hopola hore bopaki bo tiileng bo ka etsa hore motho a be le tumelo ea sebele ho e-na le ho lumela ntle ho bopaki bo lekaneng. Ho hlokahala hore motho a be le tumelo ea ’nete e le hore a fumane bophelo bo sa feleng. —Joh. 3:16. “LE TLA BA LIPAKI TSA KA” 23 Jesu o ne a boetse “a bolela lintho tse mabapi le ’muso oa Molimo.” Ka mohlala, o ile a hlalosa boprofeta bo ˇ neng bo bontsa hore Mesia o tla utloa bohloko a be a 7 shoe. (Luka 24:13-32, 46, 47) Ha Jesu a hlakisa mosebetsi oa hae e le Mesia, o ile a bua ka ’Muso oa Molimo, hobane e ne e le Morena ea Khethiloeng. Jesu o ne a bua haholo ka ’Muso boboleling ba hae, ’me le balateli ba hae ˇ kajeno ba etsa se tsoanang.—Mat. 24:14; Luka 4:43. ¯ ¯ ˇ “Ho Isa Karolong e H ole-h ole ea Lefat se” (Liketso 1:6-12) 8 Ha baapostola ba le Thabeng ea Mehloaare, e ne e le ˇ lekhetlo la ho qetela ba e-na le Jesu lefatseng. Ba ile ba mo botsa ka thahasello, ba re: “Morena, na u khutlisetsa ’muso ho Iseraele nakong ee?” (Lik. 1:6) Ka potso ena e ˇ le ’ngoe, baapostola ba ile ba itsenola hore ba na le likhopolo tse peli tse fosahetseng. Ea pele, ba ne ba nahana hore ’Muso oa Molimo o tla khutlisetsoa sechabeng sa Iseraele ea nama. Ea bobeli, ba ne ba lebeletse hore ˇ ’Muso oo o tsepisitsoeng o qale ho busa hang-hang, ‘nakong eo.’ Jesu o ile a ba thusa joang hore ba fetole tsela eo ba neng ba nahana ka eona? 9 Ho ka etsahala hore Jesu o ne a tseba hore khopolo 7. Jesu o behetse balateli ba hae mohlala ofe oa ho ruta le ho bolela litaba tse molemo? 8, 9. (a) Baapostola ba Jesu ba ne ba e-na le likhopolo life tse peli tse fosahetseng? (b) Jesu o ile a lokisa monahano oa baapostola ba hae joang, ’me Bakreste ba ithuta eng ho see kajeno? 24 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO ea pele e ne e tla tloha e lokisoa. Ha e le hantle, balateli ba hae ba ne ba le haufi le ho bona ha sechaba se secha sa Iseraele ea moea se tsoaloa, matsatsi a leshome feela ka mor’a moo! Haufinyane Molimo o ne a se a ke ke a hlola a sebelisana le sechaba sa Baiseraele ba nama. Tabeng ea khopolo ea bobeli, Jesu o ile a ba hopotsa ka ¯ mosa, a re: “Hase taba ea lona ho tseba linako kapa mehla eo Ntate a e behileng ka taolo ea hae.” (Lik. 1:7) Jehova o etsa lintho ka nako eo a e behileng. Pele Jesu a shoa, o ile a bolela hore ka nako eo, esita le Mora o ne a sa tsebe ‘letsatsi le hora’ eo bofelo bo tla tla ka eona empa e ne e tsejoa ke “Ntate feela.” (Mat. 24:36) Le kajeno, haeba Bakreste ba ameha ka ho feteletseng ka hore na bofelo ba tsamaiso ena ea lintho bo tla tla neng, ha e le haˇ ntle ba itsoenya ka ntho e sa ba tlamang. 10 Leha ho le joalo, ha rea lokela ho eisa baapostola ba Jesu, kaha e ne e le banna ba nang le tumelo e matla. Ka boikokobetso ba ile ba amohela khalemelo. Ho feta moo, le hoja potso ea bona e ne e bakoa ke monahano o fosaˇ hetseng, e ne e boetse e bontsa hore ba na le boikutlo bo botle. Jesu o ne a atisa ho khothatsa balateli ba hae, a re: “Le lule le lebetse.” (Mat. 24:42; 25:13; 26:41) Ba ne ba falimehile moeeng, ’me ba labalabela ho bona liketsahalo ˇ 10. Re lokela ho ikitlaelletsa ho ba le boikutlo bofe bo t soanang le ba baapostola, hona hobane’ng? “LE TLA BA LIPAKI TSA KA” 25 ˇ tse bontsang hore Jehova o se a tla nka khato. Bona ke boikutlo boo ho hlokahalang hore re be le bona kajeno. Ha e le hantle, ‘matsatsi ana a ho qetela’ a seng a le sehlohlolong a etsa hore ho be bohlokoa le ho feta hore re etse joalo.—2 Tim. 3:1-5. 11 Jesu o ile a hopotsa baapostola ba hae hore na ba lo- kela ho ameha ka eng haholo-holo. O ile a re: “Le tla amo¯ hela matla ha moea o halalelang o fihla holim’a lona, ’me le tla ba lipaki tsa ka Jerusalema le Judea le Samaria kaoˇ ¯ ¯ fela le ho isa karolong e hole-hole ea lefatse.” (Lik. 1:8) Litaba tsa hore Jesu o tsositsoe bafung li ne li tla boleloa Jerusalema pele, e leng moo a ileng a bolaeloa teng. Ho tloha moo, li ne li tla boleloa Judea eohle, le Sama¯ ria, le libakeng tse hole. Hoa utloahala hore Jesu o qalile ho bua ka mosebeˇ tsi oa boboleli ka mor’a hore a boele a ba tsepise hore o 12 tla ba romela moea o halalelang. Lena ke le leng la makhetlo a fetang 40 ao poleloana e reng “moea o halalelang” e hlahang bukeng ea Liketso. Khafetsa, buka ena e ˇ thahasellisang ea Bibele e bontsa hore re ke ke ra etsa thato ea Jehova ntle ho thuso ea moea o halalelang. Ke habohlokoa hakaakang hore re rapelle moea oo kamehla! 11, 12. (a) Jesu o ile a fa balateli ba hae mosebetsi ofe? (b) Ke hobane’ng ha ho utloahala hore ebe Jesu o ile a bua ka moea o halalelang ha a bua ka mosebetsi oa boboleli? 26 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO (Luka 11:13) Hona joale re o hloka ho feta leha e le neng pele. Libaka tseo mehleng eo li neng li nkoa e le ‘karolo e ˇ ¯ ¯ hole-hole ea lefatse,’ ha li sa nkoa joalo kajeno. Leha ho 13 le joalo, joalokaha ho boletsoe khaolong e fetileng, Lipaki Tsa Jehova li amohetse mosebetsi ona oa ho paka ka pelo eohle, li tseba hore Molimo o batla hore batho ba mefuta eohle ba utloe litaba tse molemo tsa ’Muso. (1 Tim. 2:3, 4) Na u ikakhela ka setotsoana mosebetsing oo o pholosang batho? Ha ho moo u ka fumanang mosebetsi o khotsofatsang le o thabisang ho feta ona! Jehova o tla u fa matla ao u a hlokang hore u o etse. Buka ea Liketso e tla u hlahlella mabapi le mekhoa e nepahetseng eo u ka e sebelisang le boikutlo boo u lokelang ho ba le bona e le hore u atlehe mosebetsing ona. 14 Joalokaha ho boletsoe qalong ea khaolo ena, Jesu o ile a nyolohela leholimong eaba ha a sa bonahala. Leha ho le joalo, baapostola ba 11 ba ile ba ’na ba ema moo ba shebile leholimong. Qetellong, ho ile ha hlaha mangeloi a mabeli ’me a ba khalemela ka bonolo, a re: “Banna ba Galilea, ke hobane’ng ha le eme le talimile leholimong? Jesu 13. Mosebetsi oa boboleli oo batho ba Molimo ba o filoeng kajeno o namme hakae, ’me ke hobane’ng ha re lokela ho ikakhela ka setotsoana ho oona? 14, 15. (a) Mangeloi a ile a re Kreste o tla khutla joang, ’me a ne a bolela’ng? (Sheba le mongolo o botlaaseng ba leqephe.) (b) Ke joang ho khutla ha Kreste ˇ ho ileng ha e-ba “ka mokhoa o t soanang” le ho tsamaea ha hae? “LE TLA BA LIPAKI TSA KA” 27 ¯ enoa ea amohetsoeng leholimong a tloha ho lona o tla tla ˇ ka mokhoa o tsoanang le oo le boneng a e-ea leholimong ka oona.” (Lik. 1:11) Na mangeloi a ne a bolela hore Jesu o tla khutla ka oona ’mele oo, joalokaha malumeli a mang a ruta seo? Che, a ne a sa bolele seo. Re tseba joang? ¯ 15 Mangeloi ha aa ka a re Jesu o tla khutla ka seb opeˇ ho se tsoanang, empa a itse o tla khutla “ka mokhoa o ˇ tsoanang.”1 O ile a tsamaea ka mokhoa ofe? Ha mangeloi a bua, o ne a se a sa bonahale. Ke banna bao ba seng bakae feela, e leng baapostola, ba ileng ba lemoha hore Jesu ˇ ha a sa le eo lefatseng ’me o tseleng o ea ho Ntate oa hae ˇ leholimong. Kreste o ne a tla khutla ka mokhoa o tsoanang le oo. Ho ile ha fela ha e-ba joalo. Kajeno ba nang le kutloisiso ea moea ke bona feela ba lemohang hore Jesu o se a le teng ’me o qalile ho busa. (Luka 17:20) Ho hlokahala hore re lemohe bopaki ba hore o teng ’me re bolelle ba bang e le hore le bona ba ka bona hore nako e se e lekane motinyane. ˇ “B ont sa Hore na ke Ofe . . . eo U mo Khethileng” (Liketso 1:13-26) 16 Hoa utloahala hore baapostola ba ile “ba khutlela Je1 Mona Bibele e sebelisa lentsoe la ¯ Segerike tropos, le bolelang “mokhoa,” eseng mor·phe, le bolelang “seb opeho.” 16-18. (a) Re ithuta eng ho Liketso 1:13, 14, mabapi le liboka tsa Bakreste ` tsa borapeli? (b) Re ithuta eng mohlaleng oa Maria, ’m e oa Jesu? (c) Ke hobane’ng ha liboka tsa Bakreste e le tsa bohlokoa kajeno? 28 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO ¯ ¯ rusalema ka thabo e kholo.” (Luka 24:52) Leha ho le joalo, ba ne ba tla amohela tataiso le litaelo tsa Kreste joang? Liketso khaolo ea 1, temana ea 13 le 14, e re ba ne ba bokane “ka kamoreng e ka holimo,” ’me re ithuta lintlha tse thahasellisang ka liboka tse joalo. Ka nako eo, matlo a Palestina a ne a e-na le kamore e ka holimo, eo ho nyoloheloang ho eona ka litepisi tse ka ntle. Na ho ka etsaha` la hore ‘kamore eo e ka holimo’ e ne e le ea ntlo ea ’me oa Mareka e boletsoeng ho Liketso 12:12? Ho sa tsotellehe hore ke efe, ho ka etsahala hore kamore ena e ne e le sebaka se itekanetseng seo balateli ba Kreste ba neng ba kopanela ho sona. Empa ke bo-mang ba neng ba le teng sebokeng seo, ’me ba ne ba etsa’ng? 17 Hlokomela hore e ne e se baapostola kapa banna fee- la ba neng ba le teng sebokeng sena. “Basali ba bang” ba ` akhang Maria, ’me oa Jesu ba ne ba le teng. Lena ke lekhetlo la ho qetela ho buuoa ka eena ka ho toba ka Bibeleng. Ho loketse ho nahana hore o ne a le boemong boo, a sa batle ho hlahella, empa ka boikokobetso a ile sebokeng ho ea rapela le bara le barali babo ba moea. E tlaˇ meha ebe o ile a tselisoa ke ho ba ’moho le bara ba bang ba hae ba bane, bao e neng e se balumeli ha Jesu a sa phela. (Mat. 13:55; Joh. 7:5) Ba ile ba fetoha ka mor’a lefu la ngoan’abo bona.—1 Bakor. 15:7. “LE TLA BA LIPAKI TSA KA” 29 Hape, hlokomela lebaka leo barutuoa bana ba neng ba bokane ka lona: “Ka tumellano bana bohle ba ne ba phehella thapelong.” (Lik. 1:14) Ho bokana hammoho haesale e le habohlokoa borapeling ba Bakreste. Re bokana bakeng sa ho khothatsana, ho lauoa le ho eletsoa, ’me ¯ ka holim’a tsohle, bakeng sa ho rapela Ntate oa rona ea leholimong, Jehova. Lithapelo tseo re li etsang ka nako eo hammoho le lipina tsa thoriso li mo thabisa haholo ’me ¯ ke tsa bohlokoa ho rona. E se eka le ka mohla re ke ke ra tlohela ho ba teng lipokanong tsena tse halalelang le tse hahang!—Baheb. 10:24, 25. 18 Ka nako eo, ho ile ha hlaha taba ea bohlokoa eo balateli bao ba Kreste ba ileng ba lokela ho sebetsana le eona, ’me moapostola Petrose a etella pele ha e sebetsoa. (Temana ea 15-26) Na ha ho khothatse ho hlokomela kamoo Petrose a ileng a hatela pele kateng libekeng tse seng kae ho tloha ha a latola Morena oa hae ka makhetlo a mararo? (Mar. 14:72) Bohle re sekametse sebeng, ’me ho hlokahala re hopotsoe hore Jehova ‘o molemo ’me o itoˇ kiselitse ho tsoarela’ ba bakang e le kannete.—Pes. 86:5. 19 Petrose o ile a lemoha hore sebaka sa Judase, e leng moapostola ea neng a ekile Jesu, se lokela ho nkoa ke e 20 19-21. (a) Re ithuta eng tseleng eo Petrose a ileng a ikakhela ka setotsoana ka eona mesebetsing ea phutheho? (b) Ke hobane’ng ha ho ne ho hlokahala hore Judase a nkeloe sebaka ke e mong, ’me re ka ithuta eng tseleng eo taba ee e ileng ea sebetsoa ka eona? 30 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO mong. Empa e ne e tla ba mang? Petrose o ile a re moapostola eo e mocha e lokela ho ba ea ileng a latela Jesu ˇ tsebeletsong eohle ea Hae a ba a bona le tsoho ea Hae. ˇ (Lik. 1:21, 22) Sena se ne se lumellana le tsepiso eo Jesu ¯ ¯ a ileng a e etsa ha a re: “Lona ba ntatetseng le lona le tla lula literoneng tse leshome le metso e ’meli, le ahlola meloko e leshome le metso e ’meli ea Iseraele.” (Mat. 19:28) Ho bonahala hore Jehova o ne a rerile hore baapostola ba ˇ 12 ba ileng ba latela Jesu ha a ntse a etsa tsebeletso ea ˇ hae lefatseng e be “majoe a motheo a leshome le metso e ˇ ’meli” ao e tla ba karolo ea Jerusalema e Mocha. (Tsen. 21:2, 14) Kahoo, Molimo o ile a etsa hore Petrose a lemohe hore boprofeta bo reng, “boemo ba hae ba bolebeli bo ke bo nkoe ke e mong,” bo phethahala ho Judase. —Pes. 109:8. 21 Ba ile ba mo khetha joang? Ka ho lahla lotho, e leng mokhoa o neng o tloaelehile mehleng ea ho ngoloa ha Bibele. (Liprov. 16:33) Leha ho le joalo, lena ke lekhetlo la ˇ ho qetela leo ka lona Bibele e bontsang lotho e sebelisoa ka tsela ena. Ho hlakile hore mokhoa ona o ile oa fela hamorao ha barutuoa ba tlotsoa ka moea o halalelang. Empa hlokomela hore na lotho e ne e sebelisoa ka lebaka lefe. Baapostola ba ile ba rapela, ba re: “Jehova, ea tseˇ bang lipelo tsa bohle, bontsa hore na ke ofe ho banna “LE TLA BA LIPAKI TSA KA” 31 bana ba babeli eo u mo khethileng.” (Lik. 1:23, 24) Ba ne ba batla hore motho eo a khethoe ke Jehova. Ho ile ha khethoa Mathiase, eo mohlomong e neng e le e mong oa barutuoa ba 70 bao Jesu a ileng a ba roma hore ba e’o bolela litaba tse molemo. Kahoo, Mathiase e ile ea e-ba e mong oa “ba leshome le metso e ’meli.”1—Lik. 6:2. 22 Taba ena e re hopotsa bohlokoa ba hore ho be le tlho- phiso ka har’a batho ba Molimo. Le kajeno, ho khethoa banna ba ikarabellang hore e be balebeli ka phuthehong. Baholo ba hlahloba ka hloko hore na balebeli ba joalo ˇ baa tsoaneleha ho latela Mangolo, ebe ba rapella tataiso ea moea o halalelang. Kahoo, phutheho e nka hore banna ba joalo ba khethiloe ke moea o halalelang. Re lula re ipehile tlaase ’me re ikokobelelitse bona ha ba re etella pele, ’me sena se etsa hore re sebelisane ’moho ka phuthehong. —Baheb. 13:17. 23 Kaha barutuoa bao ba ne ba matlafalitsoe ke tsoho ea Jesu le liphetoho tse ileng tsa etsoa ka phuthehong, ba ne ba hlomeletsoe bakeng sa se larileng ka pele. Khaolo ˇ e latelang e tla tsohla ketsahalo eo ea bohlokoa. 1 Hamorao Pauluse o ile a khethoa hore e be “moapostola ho lichaba,” empa ha ho mohla a kileng a balelloaˇ ho ba 12. (Bar. 11:13;ˇ 1 Bakor. 15: 4-8) O neˇ a sa latela Jesu ha a etsa tsebeletso ea Hae lefatseng, kahoo o ne a sa tsoanelehe ho fuoa tlotla eo e khethehileng. 22, 23. Ke hobane’ng ha re lokela ho ipeha tlaase le ho ikokobelletsa ba eteletseng pele ka phuthehong kajeno? 32 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO KHAOLO EA 3 “Ba Tlala Moea o Halalelang” ˇ Se ileng sa etsahala ha ho tsolloa moea o halalelang ka Pentekonta E Thehiloe ho Liketso 2:1-47 KE THABO feela literateng tsa Jerusalema.1 Mosi o lopalla o tloha aletareng ea tempele ha Balevi ba bina Hallel (Pesaleme ea 113 ho ea ho 118); ho ka etsahala hore motho a le mong oa e phokola ebe ba bang baa e lumela. ¯ Baeti baa phethesela literateng. Ba tsoa libakeng tse hole tse kang Elame, Mesopotamia, Kapadosia, Pontase, Egepeta le Roma.2 Ho etsahala’ng? Ke Pentekonta, eo hape ho thoeng ke “letsatsi la litholoana tsa pele tse butsoitseng.” (Num. 28:26) Mokete ona oa selemo le selemo o ba qetellong ea kotulo ea harese le qalong ea kotulo ea koro. Ke letsatsi la thabo. 2 Hoo e ka bang ka hora ea borobong hoseng hona ho 1 Sheba lebokose la sehlooho se reng “Jerusalema—Setsi sa Bolumeli ba Sejuda,” leqepheng la 34. 2 Sheba lebokose la sehlooho se reng “Roma—Setsi sa ’Muso o Moholo,” leqepheng la 35; “Bajuda Mesopotamia le Egepeta,” leqepheng la 36 le “Bakreste ba Pontase,” leqepheng la 37. 1. Hlalosa hore na ho ne ho e-ba joang Moketeng oa Pentekonta. 2. Ho etsahala lintho life tse hlollang ka Pentekonta ea 33 C.E.? “BA TLALA MOEA O HALALELANG” 33 JERUSALEMA —SETSI SA B OLUMELI BA SEJUDA Boholo ba lintho tse tlalehiloeng khaolong ea pele ea Liketso li etsahala Jerusalema. Motse ona o lutse maralleng a mokoloko oa lithaba tsa Judea, hoo e ka bang lik’hilomithara tse 55 ka bochabela ho Leoatle la Mediterranean. Ka 1070 B.C.E., Morena Davida o ile a hapa qhobosheane e holim’a leralla ea Thaba ea Sione ’me motse o ileng oa potoloha sebaka seo, e ile ea e-ba motse-moholo oa sechaba sa Iseraele ea boholo-holo. Thaba ea Sione e haufi le Thaba ea Moria, moo Bajuda ba boholo-holo ba lumelang hore Abrahama o ile a leka ho etsa Isaka sehlabelo teng lilemong tse 1 900 pele ho liketsahalo tse hlalositsoeng ho Liketso. Thaba ea Moria e ile ea e-ba karolo ea motse oo ha Solomone a haha tempele ea pele ea Jehova holim’a eona. Tempele eo e ne e phetha karolo ea bohlokoa bophelong le borapeling ba Bajuda. ˇ Bajuda ba tsoang lefatseng lohle ba chesehelang borapeli ba ne ba tloaetse ho bokana tempeleng ea Jehova e le hore ba etse mahlabelo, ba rapele le ho keteka mekete e bang ka linako tse itseng. Ba ne ba etsa lintho tsena hobane ba mamela taelo ea Molimo e reng: “Hararo ka selemo e mong le e mong e motona ho uena o lokela ho hlaha ka pel’a Jehova Molimo oa hao sebakeng seo a tla se khetha.” (Deut. 16:16) Jerusalema e ne e ¯ ¯ boetse e le setsi sa Sanhedrine e Kholo, e leng lekhotla le phahameng la Bajuda ebile e le lekhotla la tsamaiso. 34 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO ROMA—SETSI SA ’MUS O O MOHOLO Nako eo buka ea Liketso e buang ka eona, Roma e ne e le motse o moholo ka ho fetisisa le oa bohlokoa lipolotiking mehleng eo. E ne e le setsi sa ’muso o moholo o neng o laola linaha ho tloha Brithani ho ea Afrika Leboea le ho tloha Leoatleng la Atlantic ho ea Koung ea Persia. Roma ho ne ho e-na le mekhoa, merabe, lipuo le litumelaˇ khoela tse sa tsoaneng. Baeti le bahoebi ba hlahang ka makhalo ’ohle ba ne ba tla teng ba tsamaea ka litsela tse lokisitsoeng hantle. Boema-kepeng bo haufi ba Ostia, likepe li ne li kena li sa tsoa kena li tlisa lijo le thepa e mabothobotho motseng ona. Lekholong la pele la lilemo C.E., batho ba lulang Roma ba ne ba feta milione. Mohlomong halofo ea bona e ne e le makhoba—linokoane tse seng li ahlotsoe, bana ba rekisitsoeng kapa bao batsoali ba bona ba ba lahlileng kherehloa le baˇ tsoaruoa ba hapiloeng liphutuhong tsa mabotho a sesole a Roma. Bajuda ba tsoang Jerusalema ba ne ba le har’a ma¯ khoba a tlisitsoeng Roma ka mor’a hore motse oo o hloloe ke Pompey, molaoli oa lebotho la sesole sa Roma ka 63 B.C.E. ¯ Boholo ba baahi bao e seng makhoba e ne e le mekopa¯ kopa e neng e lula mehahong ea mekato e mengata e phetheselang ’me e phela ka liphallelo tsa ’muso. Leha ho le joalo, baemphera ba ne ba hahile mehaho ea sechaba e majabajaba motse-moholo. Har’a eona ho ne ho e-na le liholo tsa boithabiso le mabala a lipapali a maholo ao ho neng ho ˇ ˇ ¯ e-ba le liketsahalo tse khahlehang tse kang litsoantsiso, tlholisano ea ho loana le mejaho ea likariki—baahi ba ne ba kena mahala libakeng tsena tsohle tsa boithabiso. “BA TLALA MOEA O HALALELANG” 35 BAJUDA MES OP OTAMIA LE EGEPETA The History of the Jewish People in the Age of Jesus Christ (175 B.C.–A.D. 135) e re: “Mesopotamia, Media le Babylonia ho ne ho lula litloholo tsa litho tsa ’muso oa meloko [ea Iseraele] e leshome, le tsa litho tsa ’muso oa Juda, ka mor’a hore li lelekeloe moo ke Baassyria le Bababylona.” Ho latela Esdrase 2:64, ke banna ba Iseraele ba 42 360 feela, hammoho le basali ba bona le bana, ba ileng ba khutlela Jerusalema ha ba tsoa botlamuoeng Babylona. Sena se etsahetse ka 537 B.C.E. Flavius Josephus o re lekholong la pele la lilemo C.E., Bajuda ba neng ba “lula Babylonia” ba ne ba le likete tse mashome. Lekholong la boraro ho ea ho la bohlano la lilemo C.E., ba ne ba ntse ba hatisa buka ea lineano tsa Bajuda e bitsoang Babylonian Talmud. ˇ Ho na le bopaki bo ngotsoeng bo bontsang hore ho ne ho e-na le Bajuda Egepeta hoo e ka bang lekholong la boˇ tselela la lilemo B.C.E. Nakong eo, Jeremia o ile a romeˇ la molaetsa ho Bajuda ba lulang libakeng tse sa tsoaneng tsa Egepeta, ho akarelletsa le Memfise. (Jer. 44:1, NW, mongolo o botlaaseng ba leqephe) Ho ka etsahala hore batho ba bangata ba ile ba fallela Egepeta nakong eo lichaba li neng li latela mekhoa ea Bagerike. Josephus o re Bajuda ba ne ba le har’a batho ba pele ba ileng ba fallela Alexandria. Hamorao ba ile ba fuoa karolo e itseng ea motse ona. Lekholong la pele la lilemo C.E., Philo, e leng mongoli oa Mojuda o ile a bolela hore batho ba habo ba milione ba ne ba lula likarolong tsohle tsa Egepeta, ho ´ tloha “ng’a Libya ho ea meeling ea Ethiopia.” 36 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO BAKRESTE BA P ONTASE Bajuda ba tsoang Pontase, e leng setereke se ka leboea sa Asia Minor ke ba bang ba batho ba ileng ba utloa puo ea Petrose ka Pentekonta ea 33 C.E. (Lik. 2:9) Ho hlakile hore ba bang ba bona ba ile ba isa litaba tse molemo linaheng tsa habo bona, hobane ba bang bao Petrose a neng a ba ngoletse lengolo la hae la pele ba ne ba akarelletsa balumeli ba neng ba ‘hasane’ libakeng tse kang Pontase.1 (1 Pet. 1:1) Lengolo la hae le senola hore Bakreste bana ba ˇ ne ba “baketsoe mesarelo ke liteko tse sa tsoaneng” ka lebaka la tumelo ea bona. (1 Pet. 1:6) Ho ka etsahala hore li ne li akarelletsa khanyetso le mahloriso. Liteko tse ling tseo Bakreste ba Pontase ba ileng ba talimana le tsona li hlaha mangolong a Pliny e Monyenyane, e leng ’musisi oa profinse ea Roma ea Bithynia le Pontase le Moemphera Trajan. Ha Pliny a ngola a le Pontase hoo e ˇ ka bang ka 112 C.E., o ile a tlaleha hore “tsusumetso” ea Bakreste e ne e beha motho e mong le e mong kotsing, ho sa tsotellehe hore na ke monna kapa mosali, ke ngoana kapa motho e moholo, kapa boemo ba hae ke bofe. Pliny o ile a fa ba qosoang ka hore ke Bakreste monyetla oa ho bo latola, ’me a bolaea ba hanang ho bo latola. Mang kapa mang ea neng a rohaka Kreste kapa a rapela melimo kapa seemahale sa Trajan o ne a lokolloa. Pliny o ile a hlokomela hore “bao e neng e le Bakreste ba ’nete ba ke ke ba qobelloa ho etsa” lintho tsena. 1 Lentsoe la Segerikeˇ le fetoletsoeng mona e le ‘hasane’ le na le moelelo oa Sejuda, o bontsang hore boholo ba basokolohi ba pele bo ne bo tsoa metseng ea Bajuda. “BA TLALA MOEA O HALALELANG” 37 pholileng hamonate nakong ea selemo ka 33 C.E., ho etsahala ntho e ’ngoe e tla lula e tsotoa ka lilemo tse makhoˇ lo. Ka tsohanyetso, leholimong ho hlaha “lerata . . . le joaloka la moea o fokang ka sekhahla,” kapa “molumo . . . o kang oa moea o fokang ka sefefo.” (Lik. 2:2; Bibele ea Sesotho) Lerata lena le tlala ntlo eo barutuoa ba Jesu ba ka bang 120 ba bokaneng ho eona. Ka mor’a moo, ho etsahala ntho e hlollang. Ba bona maleme a kang a mollo ’me ka leng la ’ona le lula holim’a e mong le e mong oa bona.1 Joale, ba “tlala moea o halalelang” ’me ba qala ho bua liˇ puo tse sa tsoaneng! Ha barutuoa ba tloha moo, baeti ba kopanang le bona literateng tsa Jerusalema baa makala, hobane barutuoa ba khona ho buisana le bona! Ka sebele, e mong le e mong o utloa ba “bua ka puo ea hae.” —Lik. 2:1-6. 3 Tlaleho ena e thahasellisang e hlalosa ketsahalo ea bohlokoa borapeling ba ’nete—e leng ea ho thehoa ha sechaba sa Iseraele ea moea, phutheho ea Bakreste ba tlotsitsoeng. (Bagal. 6:16) Empa ha ho felle moo. Ha Petrose ˇ a bua le letsoele letsatsing leo, o ile a sebelisa senotlolo sa 1 “Maleme” ana e ne e se mollo ˇ oa sebele, empa e ne e le “a kang a mollo,” e leng seo ka sebele se bontsang hore se neng se lutse ho morutuoa ka mong se ne se shebahala joaloka mollo se bile se khanya joaloka oona. 3. (a) Ke hobane’ng ha ho ka thoe se etsahetseng ka Pentekonta ea 33 C.E. ke sa bohlokoa historing ea borapeli ba ’nete? (b) Puo ea Petrose e ne e amana joang le ho sebelisoa ha “linotlolo tsa ’muso”? 38 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO pele sa “linotlolo tsa ’muso” tse tharo, tse neng li tla buˇ lela lihlopha tse sa tsoaneng monyetla oa ho fumana litlhohonolofatso tse khethehileng. (Mat. 16:18, 19) Senotlolo sena sa pele se ile sa thusa Bajuda le basokolohi ba Bajuda hore ba amohele litaba tse molemo ’me ba tlotsoe ka moea o halalelang oa Molimo.1 Ka tsela eo e ne e tla ˇ ba karolo ea Iseraele ea moea, ’me ba be le tsepo ea ho ˇ busa e le marena le baprista ’Musong oa Mesia. (Tsen. 5: 9, 10) Hamorao, monyetla oo o ne o tla fuoa Basamaria le Balichaba. Bakreste ba kajeno ba ka ithuta’ng liketsahalong tsa bohlokoa tsa Pentekonta ea 33 C.E.? “Ba ne ba le Hammoho S ebakeng se le S eng” (Liketso 2:1-4) 4 Phutheho ea Bakreste e thehiloe ka barutuoa ba ka bang 120 bao ‘kaofela ba neng ba le hammoho sebakeng se le seng,’ kamoreng e ka holimo, ’me ba tlotsoa ka moea o halalelang. (Lik. 2:1) Qetellong ea letsatsi leo, phutheho eo e ne e se e e-na le litho tse kolobelitsoeng tse likete. Eo ¯ e ne e le qalo feela ea kholo ea mokhatlo o hlophisitsoeng ¯ o ntseng o hola le kajeno! Ruri Molimo o sebelisa banna ˇ le basali ba mo tsabang—e leng phutheho ea Bakreste ea 1 Sheba lebokose la sehlooho se reng “Basokolohi e ne e le Bo-mang?” leqepheng la 40. ˇ 4. Ke joang phutheho ea Bakreste ea kajeno e nt setsang pele se qaliloeng ke phutheho e thehiloeng ka 33 C.E.? “BA TLALA MOEA O HALALELANG” 39 BAS OKOLOHI E NE E LE B O-MANG? “Bajuda hammoho le basokolohi” ba ile ba mamela Petrose ka Pentekonta ea 33 C.E.—Lik. 2:10. Nikolase, eo ho thoeng ke “mosokolohi oa Antioke,” ˇ ke e mong oa banna ba neng ba tsoaneleha ba khethetsoeng ho hlokomela “mosebetsi ona o hlokahalang” oa ho aba lijo letsatsi le letsatsi. (Lik. 6: 3-5) Basokolohi e ne e le Balichaba ba sokolohetseng Bolumeling ba Sejuda. Ho ne ho nkoa e le Bajuda ka hohle-hohle, kaha ba ne ba amohetse Molimo le Molao oa Iseraele, ba lahlile melimo e meng kaofela, ba bolotse (banna), ’me ba ikamahantse le sechaba sa Iseraele. Ka mor’a hore Bajuda ba lokolloe botlamuoeng ¯ Babylona ka 537 B.C.E., ba bangata ba ile ba lula hole le naha ea Iseraele empa ba khomarela mekhoa ea Bolumeli ba Sejuda. Ka lebaka lena, batho ba lulang sebakeng sa boholo-holo sa Bochabela bo Hare ba ne ba tseba bolumeli ba Sejuda. Bangoli ba boholo-holo, ba kang Horace le Seneca, ba tiisa hore batho ba bangata ba ˇ linaha tse sa tsoaneng ba ileng ba khahloa ke Bajuda le bolumeli ba bona ba ile ba aha le bona ’me ea e-ba basokolohi. kajeno—ho ‘bolela litaba tsena tse molemo tsa ’muso leˇ fatseng lohle leo ho ahiloeng ho lona hore e be bopaki ho lichaba tsohle’ pele tsamaiso ena ea lintho e fela.—Mat. 24:14. 40 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO 5 Hape phutheho ea Bakreste e ne e tla matlafatsa ba- tlotsuoa moeeng, ’me hamorao e matlafatse “linku tse ˇ ling.” (Joh. 10:16) Pauluse o ile bontsa kamoo a ananeˇ lang hore ebe litho tsa phutheho lia tsehetsana ha a ngolla Bakreste ba Roma a re: “Ke hlolohetsoe ho le bona, e le hore nka le fa mpho e ’ngoe ea moea e le hore le tiisoe; kapa, ho e-na le hoo, e le hore ho ka ba le ho khotha¯ tsana har’a lona, e mong le e mong ka tumelo ea e mong, ¯ ea lona le ea ka.”—Bar. 1:11, 12. ˇ 6 Kajeno, phutheho ea Bakreste e na le sepheo se tsoanang le seo e neng e e-na le sona lekholong la pele la lilemo. Jesu o ile a fa barutuoa ba hae mosebetsi o thabisang ˇ le hoja ba ne ba tla tobana le litsitiso. O ile a re ho bona: “Le etse batho ba lichaba tsohle barutuoa, le ba kolobetse ka lebitso la Ntate le la Mora le la moea o halalelang, le ba rute ho boloka lintho tsohle tseo ke le laetseng tsona.” —Mat. 28:19, 20. 7 Jehova o sebelisa phutheho ea Bakreste ea Lipaki Tsa Jehova ho etsa mosebetsi oo kajeno. Ke ’nete hore ha ˇ ho bonolo ho ruta batho ba buang lipuo tse sa tsoaneng. Ho sa tsotellehe seo, Lipaki Tsa Jehova li hatisitse 5. Ho kopanela le phutheho ea Bakreste ho ne ho tla ba le molemo ofe, lekholong la pele la lilemo le kajeno? 6, 7. Kajeno phutheho ea Bakreste e phetha taelo ea Jesu ea ho ruta batho ba lichaba tsohle joang? “BA TLALA MOEA O HALALELANG” 41 lingoliloeng tsa Bibele ka lipuo tse fetang 400. Haeba u ba teng kamehla libokeng tsa phutheho ea Bakreste ’me u etsa mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso le oa ho etsa barutuoa, u na le lebaka la ho thaba. U e mong oa ba seng baˇ kae lefatseng kajeno ba nang le tlotla ea ho paka ka ho phethahetseng ka lebitso la Jehova! 8 ˇ ¯ Jehova Molimo o fane ka barab’abo rona lefatseng ka bophara ho u thusa ho mamella linako tsena tse mahlonoko u ntse u thabile. Pauluse o ile a ngolla Bakreste ba Baheberu a re: “A re nahanelaneng hore re susumeletsane leratong le mesebetsing e metle, re sa tlohele ho boka¯ na ha rona, joalokaha ba bang ba e-na le tloaelo eo, empa re khothatsana, ’me re etsa joalo haholo kaha le bona letsatsi le ntse le atamela.” (Baheb. 10:24, 25) Phutheho ea Bakreste ke mpho e tsoang ho Jehova bakeng sa hore u khothatse ba bang le bona ba u khothatse. Atamelana le bara le barali beno ba Bakreste. Le ka mohla u se ke ua tlohela ho ea libokeng tsa Bakreste! “E Mong le e Mong o ne a Utloa ba Bua ka Puo ea Hae” (Liketso 2:5-13) ˇ 9 Ak’u inahanele hore letsoele le kopakaneng la Bajuda 8. S etho se seng le se seng sa phutheho se hlohonolofatsoa ka tsela efe? 9, 10. Ba bang ba entse’ng hore ba khone ho pakela batho ba buang lipuo tsa linaha tse ling? 42 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO le basokolohi le ile la thaba hakaakang ka Pentekonta ea 33 C.E.! Mohlomong boholo ba ba neng ba le teng bo ne bo bua Segerike kapa Seheberu. Empa “e mong le e mong o ne a utloa [barutuoa] ba bua ka puo ea hae.” (Lik. 2:6) Ka sebele e tlameha ebe batho bao ba ile ba ameha lipelo ha ba utloa litaba tse molemo ka maleme a bona. Ke ’nete hore Bakreste kajeno ha ba na lineo tsa mohlolo tsa ho bua lipuo tsa linaha tse ling. Leha ho le joalo, ba bangata ba ithaopela ho bolella batho ba lichaba tsohle molaetsa oa ’Muso. Ka tsela efe? Ba bang ba ithutile puo e ncha e le hore ba ka sebeletsa liphuthehong tse haufi le moo ba lulang teng tsa lipuo tsa linaha tse ling kapa esita le ho fallela linaheng tse ling. Hangata ba hlokometse hore batho ba khahloa haholo ke boiteko ba bona. 10 Nka ka mohlala, Christine, ea ileng a ithuta Segujarati hammoho le Lipaki tse ling tse supileng. Ha a kopana le mosali ea sebetsang le eena ea buang Segujarati, o ile a mo lumelisa ka puo ea hae. Mosali enoa o ile a thaba a ba a batla ho tseba hore na ke hobane’ng ha Christine a leka ka matla hakana ho ithuta Segujarati. Christine o ile a mo pakela. Mosali enoa o ile a re ho Christine: “Ha ho na bolumeli bo bong bo ka khothalletsang litho tsa bona ho ithuta puo e thata hakana. E tlameha ebe molae¯ tsa oa lona ke oa bohlokoa e le kannete.” “BA TLALA MOEA O HALALELANG” 43 Ke ’nete hore hase bohle ba ka ithutang puo e ’ngoe. Leha ho le joalo, re ka lula re le malala-a-laotsoe ho bolella batho ba lipuo tse ling molaetsa oa ’Muso. Joang? Tsela e ’ngoe ke ho sebelisa bukana ea Good News for People of All Nations. Bukana ena e na le molaetsa o mokhuˇ ˇ tsoanyane ka lipuo tse sa tsoaneng. Hlokomela phihlelo ena eo ho eona ho ileng ha sebelisoa bukana ena. Lelapa le leng la Lipaki le ile la ea lirapeng tse tharo tsa liphoofolo nakoana ka mor’a hore bukana ena e lokolloe. Ha ba le moo ba ile ba kopana le batho ba tsoang India, Netherlands, Pakistan le Philippines. Monna o re: “Le hoja batho bana kaofela ba ne ba bua Senyesemane hanyenyane, ˇ ba ile ba utloa monate ha re ba bontsa molaetsa o ngo¯ tsoeng ka lipuo tsa habo bona, kaha ba ne ba le hole ha¯ holo le hae. Ba ile ba bona hantle hore mosebetsi oa rona ˇ o etsoa lefatseng lohle, ba ba ba bona le bonngoe ba ¯ rona.” 11 “Petrose a Ema” (Liketso 2:14-37) ˇ 12 “Petrose a ema” e le hore a bue le letsoele la lichaba ˇ tse sa tsoaneng. (Lik. 2:14) O ile a hlalosetsa bohle hore ke Molimo ea neng a fane ka matla a mohlolo a ho bua li11. Bukana ea Good News for People of All Nations e ka sebelisoa joang? 12. (a) Moprofeta Joele o ile a re’ng ha a bolela mohlolo o neng o tla etsahala ka Pentekonta ea 33 C.E.? (b) Ke hobane’ng ha ho ne ho lebeletsoe hore boprofeta ba Joele bo tla phethahala lekholong la pele la lilemo? 44 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO ˇ puo tse sa tsoaneng e le ho phethahatsa boprofeta ba ˇ Joele bo reng: “Ke tla tsollela moea oa ka holim’a nama ea mofuta o mong le o mong.” (Joele 2:28) Pele Jesu a nyolohela leholimong, o ile a re ho barutuoa ba hae: “Ke ¯ tla kopa Ntate ’me o tla le fa mothusi e mong,” ’me a re mothusi eo ke “moea.”—Joh. 14:16, 17. Petrose o ile a lihela likhala ka mantsoe a matla, a re ˇ ho letsoele: “Ntlo eohle ea Iseraele e ke e tsebe kannete13 nete hore Molimo o mo entse Morena le Kreste, Jesu enoa eo le ileng la mo khokhothela thupeng.” (Lik. 2:36) Bonneteng, boholo ba batho ba neng ba mametse Petrose bo ne bo le sieo ha Jesu a bolaeloa thupeng ea tlhokofatso. Empa, kaha e ne e le karolo ea sechaba sa Bajuda, ba ne ba ikarabella bakeng sa ketso ena. Leha ho le joalo, hlokomela hore Petrose o ile a buisana le Bajuda ba habo ka tlhompho ’me a ba finyella lipelo. Sepheo sa Petrose e ne e le ho susumetsa bamameli ba hae hore ba bake, eseng ho ba nyatsa. Na mantsoe a Petrose a ile a ba khopisa? Le hanyenyane. Ho e-na le hoo, ba ile ba “hlabeha ho fihla lipelong.” Ba botsa ba re: “Re tla etsa joang?” Mohlomong tlhompho eo Petrose a neng a bua ka eona e ile ea etsa hore a finyelle lipelo tsa ba 13, 14. Petrose o ile a leka joang ho finyella lipelo tsa batho bao a buisanang le bona, ’me re ka mo etsisa joang? “BA TLALA MOEA O HALALELANG” 45 bangata, hoo ba ileng ba susumelletseha hore ba bake. —Lik. 2:37. 14 Re ka etsisa Petrose ka ho finyella batho lipelo. Ha re pakela ba bang, ha ho hlokahale hore re tsotelle ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo mong’a ntlo a e buang e sa lumellaneng le mangolo. Ho e-na le hoo, re lokela ho bua ka lintlha tseo re lumellanang ka tsona le mong’a ntlo. Ka mor’a moo ka bohlale re ka behelana mabaka le eena ka Lentsoe la Molimo. Hangata ha linnete tsa Bibele li boleloa ka tsela e molemo joalo, ho bonolo hore batho ba lipelo li ntle ba li amohele. ¯ “E Mong le e Mong oa L ona a ke a Kolobetsoe” (Liketso 2:38-47) 15 Ka letsatsi le thahasellisang la Pentekonta ea 33 C.E., Petrose o ile a re ho Bajuda le basokolohi ba amohetseng ¯ molaetsa oa hae: “Bakang, ’me e mong le e mong oa lona a ke a kolobetsoe.” (Lik. 2:38) Ka mor’a moo, ba ka bang 3 000 ba ile ba kolobetsoa, mohlomong ba kolobeletsoa matamong a Jerusalema kapa a pel’a eona.1 Na ba entse 1 Ka la 7 August, 1993, kopanong ea machaba ea Lipaki Tsa Jehova ˇ Kiev, Ukraine, batho ba 7 402 ba ile ba kolobetsoa matamong a tseletseng. Ba ile ba kolobetsoa ka nako e etsang lihora tse peli le metsotso e leshome le metso e mehlano. 15. (a) Petrose o ile a re’ng, ’me batho ba etsa joang? (b) Ke hobane’ng ha ˇ ba likete ba ileng ba utloa litaba tse molemo ka Pentekonta ba ne ba t soaneleha hore ba kolobetsoe letsatsing lona leo? 46 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO see ka lebaka la ho nkeha maikutlo? Na tlaleho ee ke mohlala ho liithuti tsa Bibele le ho bana bao batsoali ba bona e leng Bakreste hore ba kolobetsoe ka lepotlapotla? Le hanyenyane. Hopola hore Bajuda le batho ba sokolohetseng Bojudeng ba ileng ba kolobetsoa letsatsing leo la Pentekonta ea 33 C.E. ba ne ba khothaletse ho ithuta Lentsoe la Molimo, ’me e le karolo ea sechaba se inehetseng ˇ ho Jehova. Ho feta moo, ba ne ba se ba ntse ba bontsa hore baa cheseha—ba bang ba tsamaea sebaka se selelele e le hore ba be teng moketeng ona oa selemo le selemo. Ka mor’a hore ba amohele linnete tse mabapi le seo Jesu Kreste a se etsang ho phethahatsa morero oa Molimo, ba ne ba itokiselitse ho tsoela pele ho sebeletsa Molimo —empa joale e se e le balateli ba Kreste ba kolobelitsoeng. 16 Ka sebele Jehova o ile a hlohonolofatsa sehlopha seo. Bibele e re: “Bohle ba ileng ba fetoha balumeli ba ne ba le hammoho ho kopaneleng lintho tsohle, ’me ba qala ho rekisa matlotlo le thepa ea bona ’me ba abela bohle chelete eohle ea tse rekisitsoeng, hantle feela kamoo mang kapa ˇ 16. Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ile ba bont sa moea oa boitelo joang? “BA TLALA MOEA O HALALELANG” 47 mang a neng a hloka kateng.”1 (Lik. 2:44, 45) Ruri Bakreste bohle ba ’nete ba lokela ho etsisa moea oo oa lerato le boitelo. 17 Ho hlokahala mehato e mengata ea Mangolo e le hore Mokreste a ka inehela a ba a kolobetsoa. Motho o lokela ho rua tsebo ea Lentsoe la Molimo. (Joh. 17:3) Ho hlokaˇ hala hore a bontse tumelo ’me a bakele mekhoa ea hae ea ˇ pele, a bontse hore o e soabetse e le kannete. (Lik. 3:19) Joale o tlameha ho sokoloha, kapa ho fetoha, ’me a qale ho etsa mesebetsi e metle e lumellanang le thato ea Molimo. (Bar. 12:2; Baef. 4:23, 24) Ka mor’a hore a nke mehato ena, o inehela ho Molimo ka thapelo ebe oa kolobetsoa.—Mat. 16:24; 1 Pet. 3:21. 18 Na u morutuoa oa Jesu Kreste ea inehetseng le ho ko- lobetsoa? Haeba ho joalo, ananela tlotla ena. Joaloka barutuoa ba lekholong la pele la lilemo ba neng ba tletse moea o halalelang, u ka sebelisoa haholo hore u pake ka ho phethahetseng ’me u etse thato ea Jehova! 1 Ka nakoana ho ile ha lokisetsoa lintho tseo baeti ba neng ba le Jerusalema ba neng ba li hloka e le hore ba fumane thuto e eketsehileng ea lintho tsa moea. Li ne li fanoa ka boithatelo ’me ho se motho ea qobelloang.—Lik. 5:1-4. ˇ 17. Ho hlokahala hore motho a nke mehato efe e le hore a t soanelehele ho kolobetsoa? 18. Barutuoa ba kolobelitsoeng ba Kreste ba na le tlotla efe? 48 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO KHAOLO EA 4 “Batho ba sa Rutehang le ba Tloaelehileng” Baapostola ba nka khato ka sebete, ’me Jehova oa ba hlohonolofatsa E Thehiloe ho Liketso 3:1–5:11 ˇ THAPAMENG ena letsatsi le chabile ’me letsoele le ea holimo le tlaase. Bajuda ba chesehang le barutuoa ba Kreste ba fihla lebaleng la tempele. E tla tloha e ba “hora ea thapelo.”1 (Lik. 2:46; 3:1) Petrose le Johanne ba fohla har’a ˇ letsoele ba lebile monyako oa tempele o bitsoang O Motle, o nang le mamati a matle a manehiloeng ka boronse e benyang ea Korinthe. Har’a liqi le lerata la batho ba qo¯ ¯ qang mokopa-kopa ea tsoetsoeng a holofetse o hooa ka le¯ ntsoe le phahameng ’me o kopa limpho.—Lik. 3:2; 4:22. ¯ ¯ 2 Ha Petrose le Johanne ba atamela, mokopa-k opa eo o ¯ bua mantsoe ao a tloaetseng ho a bua ha a kopa chelete. Baapostola baa ema, ’me monna eo o ba sheba ka mohau. Petrose o re: “Ha ke na silevera le khauta, empa ke u fa 1 Lithapelo li ne li etsoa tempeleng ha ho etsoa mahlabelo a hoseng le a mantsiboea. Sehlabelo sa mantsiboea se ne se etsoa ka “hora ea borobong,” e leng hoo e ka bang ka hora ea boraro thapama. 1, 2. Ke mohlolo ofe oo Petrose le Johanne ba ileng ba o etsa haufi le monyako oa tempele? “BATHO BA SA RUTEHANG LE BA TLOAELEHILENG” 49 seo ke nang le sona: Ka lebitso la Jesu Kreste Monazareˇ tha, tsamaea!” Nahana kamoo letsoele le maketseng kaˇ teng ha Petrose a tsoara motho enoa ea holofetseng ka letsoho ’me a ema tsoee! ka lekhetlo la pele bophelong ba hae. (Lik. 3:6, 7) Nahana feela monna eo a se a icheba mao¯ ¯ tong ’me a qala ho tataea! Hase feela a qalang ho tlola-tlola le ho rorisa Molimo ka lentsoe le phahameng! ˇ 3 Letsoele le nyakaletseng le mathela ho Petrose le Johanne mathuleng a Solomone. A le sebakeng sena seo Jesu a kileng a ema ho sona a ba a ruta a le ho sona, Petrose o ba tsebisa bohlokoa ba se sa tsoa etsahala. (Joh. 10:23) O ˇ ˇ tsepisa letsoele le monna ea neng a holofetse mpho e fe¯ ¯ tang silevera kapa khauta. Ena ke mpho e kholo ho feta ˇ ho phekoloa. Ke monyetla oa ho baka, ho tsoareloa libe, le ho ba balateli ba Jesu Kreste, “Moemeli ea ka Sehloohong oa bophelo” ea khethiloeng ke Jehova.—Lik. 3:15. 4 A letsatsi le ikhethang! Motho a phekoloa ’me a khona ho tsamaea hape. Ba bang ba likete ba fuoa monyetla oa ho fumana tsebo e nepahetseng le kutloisiso ea Lentsoe la ˇ Molimo e le hore ba ka tsamaea ka mokhoa o tsoanelang Molimo. (Bakol. 1:9, 10) Ho phaella moo, se ileng sa etsa3. Ke mpho efe e fetisisang e neng e ka fumanoa ke monna ea neng a holofeˇ tse le let soele? 4. (a) Phekolo ea mohlolo e ile ea tsosa khohlano efe? (b) Re tla araba lipotso life tse peli? 50 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO hala letsatsing leo se ile sa tsosa khohlano pakeng tsa baˇ lateli ba tsepahalang ba Kreste le babusi ba neng ba tla leka ho ba thibela ho phetha taelo ea Jesu ea hore ba bolele molaetsa oa ’Muso. (Lik. 1:8) Le hoja Petrose le Johanne e ne e le “batho ba sa rutehang le ba tloaelehileng,” re ka ithuta’ng mekhoeng eo ba ileng ba e sebelisa le tseleng ˇ eo ba neng ba ikutloa ka eona ha ba ntse ba pakela letsoele?1 (Lik. 4:13) Hona re ka ba etsisa joang mabapi le seo bona le barutuoa ba bang ba ileng ba se etsa ha ba hanyetsoa? Hase “ka Matla a B otho” (Liketso 3:11-26) ˇ 5 Petrose le Johanne ba ile ba ema ka pel’a letsoele, ba tseba hore har’a lona e ka ’na eaba ho na le ba ileng ba loanela hore Jesu a khokhotheloe thupeng. (Mar. 15:8-15; Lik. 3:13-15) Nahana hore Petrose o ile a ba sebete hakaakang ha a phatlalatsa hore monna ea holofetseng o phekotsoe ka lebitso la Jesu. Petrose ha aa ka a hlatha koana le ˇ koana. O ile a hlalosa ka ho hlakileng hore letsoele leo le lona lea ikarabella lefung la Kreste. Empa Petrose o ne a sa jara batho bao ka pelo, hobane ba ne ba entse “ka ho hloka tsebo.” (Lik. 3:17) O ile a ba bitsa sechaba sa habo ˇ 1 Sheba lebokose la sehlooho se reng “Petrose e ne e le Motsoasi oa Litlhapi ’me ea E-ba Moapostola ea Mahlahahlaha,” leqepheng la 52, le la sehlooho se reng “Johanne—Morutuoa eo Jesu a Neng a mo Rata,” leqepheng la 56. ˇ 5. Re ithuta’ng tseleng eo Petrose a ileng a bua le let soele ka eona? “BATHO BA SA RUTEHANG LE BA TLOAELEHILENG” 51 ˇ PETRO SE E NE E LE MOT S OASI OA LITLHAPI ’ME EA E-BA MOAP O STOLA EA MAHLAHAHLAHA Petrose o bitsoa ka mabitso a mahlano ka Mangolong. O tsejoa ka lebitso la Seheberu la Symeone, le ka la Segerike la Simone, hape o tsejoa ka lebitso la Petrose le ka la Searame la Kefase. O boetse o tsejoa ka lebitso le kopanyang mabitso a mabeli, e leng Simone Petrose.—Mat. 10:2; Joh. 1:42; Lik. 15:14. Petrose o ne a nyetse ’me a lula le mohoehali oa hae le ˇ moen’ae. (Mar. 1:29-31) E ne e le motsoasi oa litlhapi oa Bethsaida, e leng motse o ka leboea ho Leoatle la Galilea. (Joh. 1:44) Hamorao o ile a lula motseng o haufi oa Kapernauma. (Luka 4:31, 38) Jesu o ne a lutse ka har’a seke¯ pe sa Petrose ha a bua le bongata bo neng bo bokane leb opong la Leoatle la Galilea. Kapele ka mor’a moo, Petrose ˇ o ile a mamela taelo ea Jesu eaba ka mohlolo o tsoasa liˇ tlhapi tse ngata. Petrose o ile a oa ka mangole a tsohile, ˇ empa Jesu a re ho eena: “Khaotsa ho ba le tsabo. Ho tloha ˇ joale ho ea pele u tla tsoasa batho ba phela.” (Luka 5: ˇ 1-11) Petrose o ne a tsoasa litlhapi le moen’ae Andrease, hammoho le Jakobo le Johanne. Kaofela ha bona ba ile ˇ ba nyahlatsa khoebo ea bona ea ho tsoasa litlhapi eaba ba amohela memo ea hore e be balateli ba Jesu. (Mat. 4:1822; Mar. 1:16-18) Hoo e ka bang ka mor’a selemo, Petrose e ile ea e-ba e mong oa ba 12 bao Jesu a ileng a ba khetha hore e be “baapostola,” kapa “ba romiloeng.”—Mar. 3:13-16. Jesu o ne a tsamaea le Petrose, Jakobo le Johanne ha 52 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO a e-ea liketsahalong tse khethehileng. Ba ile ba bona ha ¯ Jesu a fetoha seb opeho, ha a tsosa morali oa Jairuse, le ha a le mahlomoleng serapeng sa Gethesemane. (Mat. 17: 1, 2; 26:36-46; Mar. 5:22-24, 35-42; Luka 22:39-46) Bona haˇ mmoho le Andrease, ba ile ba botsa Jesu ka pontso ea ho ba teng ha hae.—Mar. 13:1-4. Petrose o ne a toba taba, a le mahlahahlaha ’me ka linako tse ling a nkeha maikutlo. Kamoo ho bonahalang kateng o ne a atisa ho bua pele ho ba bang. Likosepeleng mantsoe a hae a hlaha hangata ho feta a baapostola ba bang ba 11 kaofela. Ke eena feela ea neng a rata ho botsa lipotso. (Mat. 15:15; 18:21; 19:27-29; Luka 12:41; Joh. 13:36-38) O ile a hana ha Jesu a mo hlatsoa maoto, ’me ha a khale¯ meloa a kopa hore Jesu a mo hlatsoe matsoho le hlooho! —Joh. 13:5-10. Ka lebaka la ho nkeha maikutlo Petrose o ile a leka ho kholisa Jesu hore ho ke ke ha hlokahala hore A utloisoe bohloko ’me a bolaoe. Jesu o ile a mo khalemela ka matla ka lebaka la ho fanya hoo. (Mat. 16:21-23) Bosiung ba ho ˇ qetela Jesu a le lefatseng, Petrose o ile a re leha baapostola ba bang bohle ba ka lahla Jesu, eena le ka mohla o ne a ke ke a mo lahla. Kaha Petrose o ne a le sebete, ha lira tsa ˇ Jesu li Mo tsoara, o ile a mo sireletsa ka sabole ’me ka mor’a moo a mo sala morao ho ea fihla lebaleng la moprista ea phahameng. Empa, nakoana ka mor’a moo, Petrose o ile a latola Mong’a hae ka makhetlo a mararo eaba o lla habohloko ha a hlokomela hore na o entse’ng.—Mat. 26: 31-35, 51, 52, 69-75. Nakoana pele Jesu a iponahatsa ho baapostola ba hae Galilea ka mor’a hore a tsohe bafung, Petrose o ile a re o “BATHO BA SA RUTEHANG LE BA TLOAELEHILENG” 53 ˇ il’o tsoasa litlhapi, eaba baapostola ba bang ba tsamaea le ¯ eena. Ha Petrose a bona Jesu leb opong la leoatle, o ile a nkeha maikutlo eaba o itahlela ka metsing ’me o sesetsa ¯ leb opong. Ha baapostola ba ntse ba ja tlhapi eo Jesu a ba phehetseng eona hoseng hoo, o ile a botsa Petrose a re “na u nthata ho feta tsee?”—ke hore, litlhapi tse neng li le ka pel’a bona. Jesu o ne a khothalletsa Petrose hore a khethe ho mo latela ho ea ho ile ho e-na le ho hahamalla moˇ sebetsi o mong, o kang oa ho tsoasa litlhapi.—Joh. 21: 1-22. Hoo e ka bang ka 62-64 C.E., Petrose o ile a bolela litaba tse molemo Babylona, eo hona joale e leng Iraq, moo ho neng ho e-na le Bajuda ba bangata. (1 Pet. 5:13) Petrose o ile a ngola lengolo la hae la pele le bululetsoeng le reheletsoeng ka eena a le Babylona, mohlomong le la bobeli. Jesu o ile a fa Petrose “matla a hlokahalang bakeng sa boapostola ho ba bolotseng.” (Bagal. 2:8, 9) Petrose o ile a phetha mosebetsi ona ka kutloelo-bohloko le ka mafolofolo. ’me a tsepamisa mohopolo litabeng tse thahasellisang tsa molaetsa oa ’Muso. Haeba ba ne ba ka baka ’me ba lumela ho Kreste, Jehova o ne a tla ba tlisetsa “linako tse kha¯ thollang.” (Lik. 3:19) Le rona ho hlokahala re be sebete ’me re tobe taba ha re phatlalatsa kahlolo e tlang ea Molimo. Leha ho le joalo, le ka mohla ha rea lokela ho hlaba batho ka mantsoe kapa ho ba ahlola. Ho e-na le hoo, re ¯ nka hore batho bao re ba pakelang e tla ba barab’abo rona, 54 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO ’me joaloka Petrose, re tsepamisa mohopolo haholo litabeng tse thahasellisang tsa molaetsa oa ’Muso. 6 Baapostola e ne e le batho ba ikokobelitseng. Ha baa ka ba inkela tlotla bakeng sa mohlolo oo ba o entseng. Peˇ trose o ile a re ho letsoele: “Ke hobane’ng ha le re talima joalokaha eka ke ka matla a botho kapa boinehelo ba bomolimo re entseng hore a tsamaee?” (Lik. 3:12) Petrose le baapostola ba bang ba ne ba tseba hore ntho efe kapa efe ˇ e ntle eo ba e finyeletseng tsebeletsong ea bona, ba e finyeletse ka matla a Molimo eseng a bona. Ka lebaka leo, ka boikokobetso ba ile ba lebisa thoriso eohle ho Jehova le Jesu. 7 ˇ ¯ Le rona ho hlokahala re ikokobetse ka tsela e tsoanang ha re etsa mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso. Ke ’nete hore moea oa Molimo ha o fe Bakreste ba kajeno matla a ho phekola batho ka mohlolo. Leha ho le joalo, re ka thusa batho hore ba be le tumelo ho Molimo le Kreste ’me ba ˇ ˇ fumane mpho e tsoanang le eo Petrose a ileng a ba tsepiˇ sa eona—e leng monyetla oa hore ba tsoareloe libe ’me ba khatholloe ke Jehova. Selemo se seng le se seng, batho ba makholo a likete ba amohela mpho ena ’me e ba barutuoa ba Kreste ba kolobelitsoeng. ˇ 6. Petrose le Johanne ba ile ba bont sa joang hore ba ikokobelitse? ˇ 7, 8. (a) Re ka fa batho mpho efe? (b) Tsepiso ea “tsosoloso ea lintho tsohle” e phethahala joang kajeno? “BATHO BA SA RUTEHANG LE BA TLOAELEHILENG” 55 JOHANNE—MORUTUOA EO JESU A NENG A MO RATA Moapostola Johanne e ne e le mora oa Zebedea ebile e le moen’a moapostola Jakobo. Kamoo ho bonahalang ka` teng ’me oa hae e ne e le Salome, eo mohlomong e neng e ` le ngoan’abo Maria, ’me oa Jesu. (Mat. 10:2; 27:55, 56; Mar. 15:40; Luka 5:9, 10) Kahoo e ka ’na eaba Johanne o ne a amana le Jesu. Ho bonahala eka lelapa labo Johanne ˇ le ne le hafa ka nkatana. Khoebo ea Zebedea ea ho tsoa¯ ¯ sa litlhapi e ne e le kholo hoo a neng a hirile batho. (Mar. 1:20) Salome o ile a tsamaea le Jesu, a mo sebeletsa ha a le ¯ Galilea, ’me hamorao a tlisa linoko bakeng sa ho lokisetsa setopo sa Jesu lepato. (Mar. 16:1; Joh. 19:40) Mohlomong Johanne o ne a e-na le ntlo.—Joh. 19:26, 27. Ho ka etsahala hore Johanne e ne e le morutuoa oa Johanne Mokolobetsi ea neng a eme le Andrease ha Johanne Mokolobetsi a shebile Jesu ’me a re: “Bonang, Konyana ea Molimo!” (Joh. 1:35, 36, 40) Ka mor’a moo, ho bonahala eka Johanne mora oa Zebedea o ile a tsamaea le Jesu ha a e-ea Kana ’me a bona mohlolo oa pele oa Jesu. (Joh. 2:1-11) Johanne o hlalosa mosebetsi oo Jesu a o entseng hamorao Jerusalema, Samaria, le Galilea ka tseˇ la e hlakileng le e qaqileng ’me seo se bontsa hore e ka ’na eaba mongoli eo oa Kosepele o ile a bona liketsahalo tsena ka mahlo. Joaloka Jakobo, Petrose le Andrease, Johanne o ile a tlohela matlooa a hae, seketsoana le mosebetsi a sa tsilatsile ha Jesu a mo bitsa hore e be molateli oa Hae ’me sena se tiisa hore o ne a e-na le tumelo e matla.—Mat. 4:18-22. 56 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO Johanne ha a hlahelle ka mahetla joaloka Petrose litlalehong tsa Kosepele. Leha ho le joalo, Johanne le eena o ˇ ne a le mahlahahlaha, joalokaha ho bontsoa ke lebitso leo Jesu a ileng a mo reha lona le ngoan’abo Jakobo—e leng Boanergese, e bolelang “Bara ba Sealuma.” (Mar. 3:17) Qalong, Johanne o ne a rata botumo, hoo eena le ngoan’a` ¯ bo ba ileng ba re ’me oa bona a kope Jesu hore a ba fe maemo a hlaheletseng ’Musong oa hae. Le hoja e ne e le ˇ takatso ea boikhabi, e ne e boetse e le pontso ea hore ba lumela hore ’Muso ke ntho ea sebele. Takatso ea bona ea maemo e ile ea fa Jesu monyetla oa ho eletsa baapostola bohle ba hae hore ho hlokahala ba ikokobetse.—Mat. 20: 20-28. ˇ Johanne o ile a bontsa hore ha a batle masaoana ha a leka ho thibela monna e mong eo e neng e se molateli oa Jesu hore a leleke bademona ka lebitso la Hae. Ka lekhetlo le leng, Johanne o ne a ikemiselitse ho bitsa mollo leholimong hore o timetse baahi ba Samaria ba sa kang ba ´ amohela mangosa ao Jesu a neng a a rometse hore a e’o mo lokisetsa lintho tse itseng. Jesu o ile a khalemella Johanne liketso tsena. Ho hlakile hore ha nako e ntse e e-ea, Johanne o ile a ithuta ho ba le botsitso le mohau oo a kileng a bonahala a se na oona. (Luka 9:49-56) Empa, le hoja Johanne a ne a e-na le mefokolo, ke “morutuoa eo Jesu a neng a mo rata.” Ke kahoo ha Jesu a se a tla shoa a ` ¯ ileng a kopa Johanne hore a sale a hlokometse ’me oa hae, Maria.—Joh. 19:26, 27; 21:7, 20, 24. Johanne o phetse nako e telele ho feta baapostola ba bang, joalokaha Jesu a ne a profetile. (Joh. 21:20-22) O ile ˇ a sebeletsa Jehova ka botsepehi ka lilemo tse ka bang 70. “BATHO BA SA RUTEHANG LE BA TLOAELEHILENG” 57 Ho ella qetellong ea bophelo ba hae, nakong ea puso ea Moemphera Domitian oa Roma, o ile a isoa kholehong sehlekehlekeng sa Patmose “ka lebaka la ho bua ka Molimo le ho paka ka Jesu.” Ha a le moo hoo e ka bang ka 96 C.E., o ile a bona lipono tseo a ileng a li ngola bukeng ˇ ˇ ea Tsenolo. (Tsen. 1:1, 2, 9) Ho lumeloa hore ka mor’a hore a lokolloe, o ile a ea Efese, moo a ileng a ngola Kosepele ea hae teng hammoho le mangolo a tsejoang e le Johanne oa Pele, oa Bobeli le oa Boraro, ’me a shoella Efese hoo e ka bang ka 100 C.E. 8 Ka sebele, re phela nakong eo Petrose a ileng a re ke ea “tsosoloso ea lintho tsohle.” Tumellanong le lintho tseo “Molimo a ileng a bua ka tsona ka melomo ea baprofeta ba hae ba halalelang ba nakong ea khale,” ’Muso o ile oa thehoa leholimong ka 1914. (Lik. 3:21; Pes. 110:1-3; Dan. 4: 16, 17) Nakoana ka mor’a moo, Kreste o ile a qala ho tsaˇ maisa mosebetsi oa tsosoloso ea moea lefatseng. Ka lebaka leo, batho ba limilione ba tlisitsoe paradeiseng ea moea, hore e be bafo ba ’Muso oa Molimo. Ba hlobotse botho ba khale bo bolileng ’me ba “[apere] botho bo bocha bo ileng ¯ ba b optjoa ho ea ka thato ea Molimo.” (Baef. 4:22-24) Joa¯ ¯ loka tabeng ea mokopa-kopa ea holofetseng, mosebetsi ona o tsotehang le oona ha oa finyelloa ka matla a motho empa o finyeletsoe ka moea oa Molimo. Joaloka Petrose, ha re ruta ba bang re tlameha ho sebelisa Lentsoe la Mo58 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO limo ka sebete le ka mokhoa o atlehang. Ke matla a Moli¯ mo, eseng a rona, a etsang hore re khone ho thusa batho hore e be barutuoa ba Kreste. “Re ke ke ra Khaotsa ho Bua” (Liketso 4:1-22) Ho ile ha tsoha moferefere o moholo ha Petrose a bua ¯ ¯ ’me monna ea neng a holofetse a tlola-tlola a bile a hoele9 tsa. Sena se ile sa etsa hore motsamaisi oa tempele—ea neng a khethetsoe ho hlokomela hore tempele e sireletsehile—hammoho le baprista ba phahameng ba potlakele tempeleng ho ea bona se etsahalang. Mohlomong batho bana e ne e le Basaduse, e leng lequloana la barui le nang le matla lipolotiking le neng le loanela hore ho be le khotso le Baroma, le hana molao oa molomo oo Bafarisi ba neng ba o rata haholo, le bile le soma batho ba lumelang tsohong ea bafu.1 Ba ile ba hlabeha hakaakang ha ba fumana Petrose le Johanne ka tempeleng, ba ntse ba ruta ka sebete hore Jesu o tsositsoe bafung! 10 Bahanyetsi bao ba halefileng ba ile ba lahlela Petrose le Johanne chankaneng ’me letsatsing le hlahlamang ba ba isa ka pel’a lekhotla le phahameng la Bajuda. Ho ea ka babusi bao ba neng ba inka ba phahame, Petrose le Johanne 1 Sheba lebokose la sehlooho se reng “Moprista ea Phahameng le Baprista ba ka Sehloohong,” leqepheng la 60. 9-11. (a) Baeta-pele ba Bajuda ba ile ba etsa’ng ha ba utloa molaetsa oa Petrose le Johanne? (b) Baapostola ba ile ba etsa qeto efe? “BATHO BA SA RUTEHANG LE BA TLOAELEHILENG” 59 MOPRISTA EA PHAHAMENG LE BAPRISTA BA KA SEHLO OHONG Moprista ea phahameng o ne a emela sechaba sa habo ho Molimo. Lekholong la pele la lilemo C.E., o ne a boetse a okametse lekhotla la Sanhedrine. Baeta-pele ba Bajuda ba neng ba sebetsa le eena e ne e le baprista ba ka sehloohong. Ba ne ba akarelletsa bao e kileng ea e-ba baprista ba phahameng, joaloka Anase, le banna ba bang —mohlomong ba tsoang malapeng a ka bang mane kapa a mahlano—ao baprista ba phahameng ba neng ba khethoa ¨ har’a ’ona. Setsebi se bitsoang Emil Schurer se itse: “Taba ea hore motho ke setho sa lelapa le khethehileng, e tlameha e ne e mo khetholla ka tsela e itseng” har’a baprista. ˇ Mangolo a bontsa hore motho e ne e e-ba moprista ea phahameng bophelo bohle ba hae. (Num. 35:25) Leha ho le joalo, nakong ea liketsahalo tseo buka ea Liketso e buang ka tsona, babusisi ba Roma le marena a neng a le tlas’a bolaoli ba Roma ba ne ba khetha baprista ba phahameng ’me ba ba theola kamoo ba ratang kateng. Empa, ho bonahala eka babusi bana ba bahetene ba ne ba khetha baprista ba lesika la Arone. e ne e le “batho ba sa rutehang le ba tloaelehileng” ba neng ba se na tokelo ea ho ruta tempeleng. Ba ne ba sa kena likolo tsa bolumeli tse tsebahalang. Empa, ho bua ha bona ka sebete le ka kholiseho ho ile ha etsa hore lekhotla le ba tsote. Ke hobane’ng ha Petrose le Johanne ba ne ba atleha 60 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO hakaale? Lebaka le leng ke hore ba ne “ba kile ba ba le Jesu.” (Lik. 4:13) Mong’a bona o ne a ruta ka matla; o ne a sa rute joaloka bangoli.—Mat. 7:28, 29. 11 Lekhotla le ile la laela baapostola hore ba khaotse ho bolela litaba tse molemo. Sechabeng seo, lentsoe la lekhotla le ne le haheloa lesaka. Libekenyana pele ho moo, lekhotla lena le ile la re Jesu “o lokeloa ke lefu.” (Mat. 26: 59-66) Leha ho le joalo, Petrose le Johanne ha baa ka ba ˇ tsoha. Ba ile ba ema ka pel’a banna bana ba ruileng, ba rutehileng le ba hlaheletseng sechabeng ’me ka sebete le ka tlhompho ba re: “Hore na ho lokile mahlong a Molimo ho ¯ mamela lona ho e-na le Molimo, le ikahlolele. Empa ha e ¯ le rona, re ke ke ra khaotsa ho bua ka lintho tseo re li boneng le tseo re li utloileng.”—Lik. 4:19, 20. ˇ 12 Na le uena u ka ba le sebete se tsoanang le seo? U ikutloa joang ha ho hlaha monyetla oa hore u pakele batho ba ruileng, ba rutehileng kapa ba hlaheletseng sechabeng? U etsa joang haeba litho tsa lelapa, liithuti-’moho kapa basebetsi-’moho ba u soma ka lebaka la seo u se lumelang? ˇ ˇ ¯ Na ua tsoha? Haeba ho joalo, u ka hlola tsabo eo. Ha Jesu ˇ a sa ntse a le lefatseng, o ile a ruta baapostola ba hae kamoo ba ka loanelang tumelo ea bona ka sebete le tlhompho. (Mat. 10:11-18) Ka mor’a hore Jesu a tsohe bafung, 12. Re ka thusoa ke’ng hore re be le sebete le kholiseho? “BATHO BA SA RUTEHANG LE BA TLOAELEHILENG” 61 ˇ o ile a tsepisa barutuoa ba hae hore o ne a tla tsoela pele a e-na le bona “ka matsatsi ’ohle ho fihlela qetellong ea tsamaiso ea lintho.” (Mat. 28:20) Ka tataiso ea Jesu, “lekhoˇ ba le tsepahalang le le masene” le re ruta kamoo re ka si¯ reletsang tumelo ea rona kateng. (Mat. 24:45-47; 1 Pet. 3: 15) Se etsa joalo ka ho re ruta libokeng tsa phutheho, tse ˇ joaloka Sekolo sa Tsebeletso sa Puso ea Molimo, le ka ho re ruta ka lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng, tse joaloka buka ea Ho Bea Mabaka ka Mangolo. Na u sebelisa litokisetso tsee ka botlalo? Haeba u etsa joalo, u tla ba sebete u be u kholisehe haholoanyane. ’Me joaloka baapostola, u ke ke ua lumella letho hore le u thibele ho bua ka linnete tsa Bibele tse babatsehang tseo u ithutileng tsona. Ba Ile “ba Phahamisetsa Mantsoe a B ona ho Molimo” (Liketso 4:23-31) 13 Hang hoba Petrose le Johanne ba lokolloe litlamong, ba ile ba kopana le phutheho eohle. “Ba phahamisetsa mantsoe a bona ho Molimo” hammoho ’me ba rapella hore ba bolele litaba tse molemo ka sebete. (Lik. 4:24) Petrose ˇ o ne a tseba hantle hore ke booatla ho tsepa matla a hae ha a leka ho etsa thato ea Molimo. Libekenyana pele ho moo, o ne a ile a ikotla sefuba a re ho Jesu: “Le haeba ba bang kaofela ba khoptjoa mabapi le uena, le ka mohla nke ke ka khoptjoa!” Empa, joalokaha Jesu a ne a boletse esa13, 14. Ha re tobane le khanyetso, re lokela ho etsa’ng, hona hobane’ng? 62 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO ˇ le pele, kapele Petrose o ile a tsaba batho ’me a latola motsoalle le mosuoe oa hae. Leha ho le joalo, Petrose o ile a ithuta hore monna ha a bone habeli.—Mat. 26:33, 34, 69-75. 14 Ho ba le boikemisetso feela ho ke ke ha u thusa ho phetha mosebetsi oa ho ba paki ea Kreste. Ha bahanyetsi ba leka ho senya tumelo ea hao kapa ba leka ho u thibela ho bolela litaba tse molemo, latela mohlala oa Petrose le ˇ Johanne. Rapela Jehova hore a u matlafatse. Batla tsehe¯ tso phuthehong. Bolella baholo le Bakreste ba bang ba holileng tsebong mathata ao u tobaneng le ’ona. Lithapelo tsa ba bang li ka u matlafatsa haholo.—Baef. 6:18; Jak. 5:16. ˇ 15 Haeba u kile ua beha meja fatse ha u hanyetsoa, u se ke ua nyahama. Hopola hore ka mor’a lefu la Jesu baapostola kaofela ba ile ba khaotsa ho bolela litaba tse molemo ka nakoana empa ba boela ba li bolela ka mafolofolo. (Mat. 26:56; 28:10, 16-20) Ho e-na le hore liphoso tseo u li entseng nakong e fetileng li u nyahamise, na u ka ithuta ho hong phihlelong eo ’me u sebelise seo u ithutileng sona ho matlafatsa ba bang? 16 Re lokela ho rapella eng ha ba boholong ba re hatella? 15. Ke hobane’ng ha ba kileng ba khaotsa ho bolela litaba tse molemo ka nakoana ba sa lokela ho nyahama? 16, 17. Re ka ithuta’ng thapelong eo balateli ba Kreste ba ileng ba e etsa Jerusalema? “BATHO BA SA RUTEHANG LE BA TLOAELEHILENG” 63 Hlokomela hore barutuoa ha baa ka ba rapella hore ba se ke ba hlaheloa ke liteko. Ba ile ba hopola hantle seo Jesu ¯ a se buileng ha a re: “Haeba ba ntlhorisitse, le lona ba tla le hlorisa.” (Joh. 15:20) Ho e-na le hoo, barutuoa bana ba ˇ ¯ tsepahalang ba ile ba kopa Jehova hore a ‘lebise tlhokomeˇ lo’ litsokelong tsa bahanyetsi. (Lik. 4:29) Barutuoa ba ile ba utloisisa hantle hore mahloriso ao ba tobaneng le ’ona a phethahatsa boprofeta. Ba ne ba tseba hore, joalokaha Jesu a ba rutile ho rapela, thato ea Molimo ‘e ne e tla etsahala,’ ho sa tsotellehe hore na babusi ba re’ng.—Mat. 6: 9, 10. 17 E le hore barutuoa ba ka etsa thato ea Molimo, ba ile ba rapela Jehova, ba re: “U etse hore makhoba a hao a ’ne a bolele lentsoe la hao ka sebete sohle.” Jehova o ile a arabela thapelo ea bona joang hang-hang? “Sebaka seo ba neng ba bokane ho sona sa sisinyeha; eaba kaofela ba tlala moea o halalelang ’me ba ne ba bolela lentsoe la Molimo ka sebete.” (Lik. 4:29-31) Ha ho letho le ka thibelang thato ea Molimo hore e phethoe. (Esa. 55:11) Le haeba ho bonahala khoro li le majoe, le haeba sera se le matla, haeba re ipiletsa ho Molimo ka thapelo, re ka kholiseha hore O tla re fa matla a hore re tsoele pele ho bolela lentsoe la Hae ka sebete. 64 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO Re Ikarabella ‘ho Molimo Eseng ho Batho’ (Liketso 4:32–5:11) 18 Ka nako le motsotso, phutheho e sa tsoa thehoa Jeru¯ salema e ile ea hola ho fihlela e e-na le litho tse 5 000.1 Le hoja barutuoa e ne e le batho ba limelo tse fapa-fapaneng, ba ne ba e-na le “pelo e le ’ngoe le moea o le mong.” Ba ˇ ˇ ne ba kopane kelellong e tsoanang le mokhoeng o tsoanang oa ho nahana. (Lik. 4:32; 1 Bakor. 1:10) Barutuoa ha baa ka ba rapella feela hore Jehova a hlohonolofatse mosebeˇ tsi oa bona. Ba ile ba tsehetsana moeeng ’me ha ho hlokahala ba thusana ka lintho tsa nama. (1 Joh. 3:16-18) Ka mohlala, morutuoa Josefa, eo baapostola ba neng ba boeˇ tse ba mo bitsa Barnabase, o ile a rekisa tsimo ea hae ’me a nehelana ka chelete eohle bakeng sa ho thusa batho ba ¯ tsoang linaheng tse hole hore ba lule Jerusalema nako e teletsana e le hore ba ka ithuta haholoanyane ka tumelo ea bona e ncha. 19 Ananiase le Safira le bona ba ile ba rekisa thepa ea bona ’me ba fana ka monehelo. Ba ile ba etsa eka ba fane ka chelete eohle; leha ho le joalo, “ka sephiri [ba] ipolokela 1 E ka ’na eaba ho ne ho e-na le Bafarisi ba ka bang 6 000 le sehlopha se batlang se le senyenyane sa Basaduse Jerusalema ka 33 C.E. Mohlomong lena ke lebaka le leng le ileng la etsa hore lihlopha tsena tse peli li se ke tsa ja litheohelang ha li utloa lithuto tsa Jesu. 18. Litho tsa phutheho ea Jerusalema li ile tsa thusana joang? 19. Ke hobane’ng ha Jehova a ile a bolaea Ananiase le S afira? “BATHO BA SA RUTEHANG LE BA TLOAELEHILENG” 65 e ’ngoe ea chelete ea thekiso.” (Lik. 5:2) Jehova ha aa ka a bolaea banyalani bana hobane ba fane ka chelete e nyenyane, empa o ile a ba bolaea hobane sepheo sa bona sa ho fana se ne se le sebe ’me e le balotsana. “Ha [baa ka ba] etsetsa batho bolotsana, empa [ba] etselitse Molimo bolotsana.” (Lik. 5:4) Joaloka baikaketsi bao Jesu a ileng a ba nyatsa, Ananiase le Safira ba ne ba amehile haholo ka ho rorisoa ke batho ho feta ho khahlisa Molimo.—Mat. 6:1-3. Lipaki tsa kajeno tse limilione li fana ka menehelo ea ˇ boithatelo ka seatla se bulehileng ho tsehetsa mosebetsi oa ˇ ho bolela litaba tse molemo lefatseng ka bophara, joaloka ˇ barutuoa bao ba tsepahalang ba Jerusalema ea lekholong la pele la lilemo. Ha ho motho ea qobeletsoeng ho fana ka ˇ nako kapa chelete ea hae ho tsehetsa mosebetsi ona. Ha e le hantle, Jehova ha a batle hore re mo sebeletse ka lekhonono kapa ka ho qobelloa. (2 Bakor. 9:7) Jehova ha a thahaselle hore na re fana ka bokae empa o thahasella hore na re fana ka sepheo sefe. (Mar. 12:41-44) Le ka mohla ha ˇ re batle ho tsoana le Ananiase le Safira, ebe re etsa hore ˇ ¯ tsebeletso ea rona ho Molimo e susumetsoe ke boikhabi kapa ho batla thoriso. Ho e-na le hoo, joaloka Petrose, Johanne le Barnabase, e se eka kamehla re ka sebeletsa Jehova hobane re mo rata ’me re rata batho ba bang.—Mat. 22:37-40. 20 20. Re ithuta’ng ka limpho tseo re li fang Jehova? 66 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO KHAOLO EA 5 “Re Tla Mamela Molimo e le ’Musi” Baapostola ba behela Bakreste bohle ba ’nete mohlala E Thehiloe ho Liketso 5:12–6:7 BAAHLOLI ba Sanhedrine ba tuka ke bohale! Baapostola ba Jesu ba tlisitsoe ka pel’a lekhotla lena le phahameng. Molato? Josefa Kaifase, e leng moprista ea phahameng le mookameli oa Sanhedrine, o bua le bona a tiisitse lentsoe o re: “Re ile ra le laela ka tieo hore le se ke la ’na la ruta ka lebitso lena.” Mookameli enoa ea halefileng ha a batle le ho bitsa lebitso la Jesu. Kaifase o tsoela pele o re: “Leha ho le joalo, bonang! le tlatsitse Je¯ rusalema thuto ea lona, ’me le ikemiselitse ho tlisa mali ¯ a motho enoa holim’a rona.” (Lik. 5:28) Taba ea hae e hlakile: Khaotsang ho bolela—ho seng joalo le tla bona ha pela li falla! 2 Baapostola ba tla etsa joang? Jesu ke eena ea ba fileng mosebetsi oa ho bolela, ’me o filoe matla ke Molimo. 1-3. (a) Ke hobane’ng ha baapostola ba tlisitsoe ka pel’a S anhedrine, ’me ha e le hantle taba-taba ke efe? (b) Ke hobane’ng ha re thahasella haholo khato eo baapostola ba ileng ba e nka? “RE TLA MAMELA MOLIMO E LE ’MUSI” 67 ˇ (Mat. 28:18-20) Na baapostola ba tla tsaba batho ’me ba khaotse ho bolela? Kapa ba tla ba sebete ho ema ba tiile le ho tsoela pele ba bolela? Taba-taba ke hore na ba tla mamela Molimo kapa batho. Hang-hang, moapostola Petrose o buella baapostola ba bang kaofela. O bua ka sebete a sa hlathe koana le koana. 3 Kaha re Bakreste ba ’nete, re thahasella haholo seo baapostola ba ileng ba se etsa ha Sanhedrine e ba soke¯ la. Le rona re filoe mosebetsi oa ho bolela. Ha re etsa ¯ mosebetsi ona oo re o filoeng ke Molimo, le rona re ka ’na ra hanyetsoa. (Mat. 10:22) Bahanyetsi ba ka ’na ba ¯ leka ho re khina mosebetsing oa rona kapa ba o thibela. Re tla etsa joang? Re ka rua molemo ka ho hlahloba khato eo baapostola ba ileng ba e nka le maemo a ileng a etsa hore ba qetelle ba qositsoe ka pel’a Sanhedrine.1 “Lengeloi la Jehova la Bula Menyako” (Liketso 5:12-21a) 4 Hopola hore ka lekhetlo la pele ha Petrose le Joha- nne ba laeloa hore ba khaotse ho etsa mosebetsi oa ho bolela, ba ile ba re: “Re ke ke ra khaotsa ho bua ka lintho tseo re li boneng le tseo re li utloileng.” (Lik. 4:20) 1 Sheba lebokose la sehlooho se reng “Sanhedrine—Lekhotla le Phahameng la Bajuda,” leqepheng la 69. 4, 5. Ke hobane’ng ha Kaifase le Basaduse ba ile ba “tlala poulelo”? 68 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO SANHEDRINE —LEKHOTLA LE PHAHAMENG LA BAJUDA Le hoja Judea e ne e le profinse ea ’Muso oa Roma, Roma e ile ea lumella Bajuda hore ba boloke meetlo ¯ ea bona ba be ba ipuse. Litlolo tsa molao tse sa reng letho le linyeoe tsa sechaba li ne li sebetsoa makhotleng a sebaka ka seng, empa linyeoe tseo makhotla ao a sitoang ho li sebetsa li ne li fetisetsoa Lekhotleng le Leholo la Sanhedrine Jerusalema. E ne e le lekhotla le phahameng la Bajuda e bile e le lekhotla la sechaba la tsamaiso. Hape le ne le etsa liqeto tsa makhaola-khang tse amanang le molao oa Sejuda, ’me hohle Bajuda ba ne ba hlompha matla a lona. Lekhotla la Sanhedrine le ne le kopana kamoreng eo le etsetsang liqeto ho eona, eo ho bonahalang e ne e le mehahong ea tempele kapa haufi le eona. Le ne le e-na le litho tse 71—moprista ea phahameng, eo e neng e le mookameli; bahlomphehi ba bang ba baprista, ho kopanyelletsa le Basaduse; batho ba phahameng sechabeng le bangoli ba rutehileng. Qeto e entsoeng ke lekhotla lena e ne e sa fetoloe. Ka mor’a ho isoa lekhotleng la Sanhedrine, Petrose le Johanne, hammoho le baapostola ba bang, ba ile ba tsoela pele ba bolela tempeleng. Baapostola ba ile ba etsa lipoˇ ¯ ¯ ntso tse kholo, tse kang ho phekola ba kulang le ho leleka bademona. Ba ile ba li etsa “mathuleng a Solomone,” “RE TLA MAMELA MOLIMO E LE ’MUSI” 69 a karolong e ka bochabela ea tempele, moo Bajuda ba bangata ba neng ba bokana teng. Batho ba ne ba fola ha seriti sa Petrose se oela holim’a bona! Ba bangata ba ileng ba folisoa ba ile ba amohela lentsoe la Molimo la ’nete. Ka lebaka leo, “balumeli Moreneng ba ’na ba ˇ tsoela pele ho eketseha, matsoele a banna hammoho le a basali.”—Lik. 5:12-15. 5 Kaifase le lequloana la Basaduse, leo e neng e le se- tho sa lona, ba “tlala poulelo” eaba ba kenya baapostola chankaneng. (Lik. 5:17, 18) Ke hobane’ng ha Basaduse ba ne ba halefile? Baapostola ba ne ba ruta hore Jesu o tsositsoe bafung, leha ho le joalo, Basaduse ba ne ba sa lumele tsohong ea bafu. Baapostola ba ne ba bolela hore motho a ka bolokoa feela ka ho lumela ho Jesu, empa ˇ Basaduse ba ne ba tsaba hore ba tla hlaseloa ke Baroma haeba batho ba nka hore Jesu ke Moeta-pele oa bona. (Joh. 11:48) Hase feela Basaduse ba neng ba ikemiselitse ho koala baapostola molomo! 6 Le kajeno, batho ba bolumeli ke bona ba ka sehloo- hong ba hlohlelletsang hore bahlanka ba Jehova ba hloˇ risoe. Hangata ba leka ho sebelisa tsusumetso eo ba nang 6. Kajeno ke bo-mang ba ka sehloohong ba hlohlelletsang hore bahlanka ba Jehova ba hlorisoe, ’me ke hobane’ng ha see se sa re makatse? 70 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO le eona mebusong le mecheng ea litaba ho etsa hore re ¯ khaotse mosebetsi oa rona oa ho bolela litaba tse molemo. Na see se lokela ho re makatsa? Che. Molaetsa oa ¯ rona o pepesa bolumeli ba bohata. Ha batho ba lipelo li ntle ba amohela linnete tsa Bibele, ba lokolloa litumelong le mekhoeng e sa lumellaneng le Mangolo. (Joh. 8: 32) Kahoo, ha ho makatse hore ebe hangata molaetsa oa ¯ rona o susumelletsa baeta-pele ba bolumeli hore ba tlale lehloeo. 7 Ha baapostola ba lutse chankaneng ba emetse hore nyeoe ea bona e kene, ho ka etsahala hore ba ne ba ipotsa hore na ebe lira tsa bona li tla ba bolaea ka lebaka la tumelo ea bona. (Mat. 24:9) Empa bosiu ho ile ha etsahala mohlolo—“lengeloi la Jehova la bula menyako ea chankana.”1 (Lik. 5:19) Eaba lengeloi leo le ba fa taelo e hlakileng, le re: “Le eme ka tempeleng,” ’me ‘le ’ne le bolele.’ (Lik. 5:20) Mohlomong taelo ena e ile ea kholisa baapostola hore ba ne ba etsa se nepahetseng. Hape, mohlomong mantsoe a lengeloi leo a ile a ba matlafatsa hore ba lule ba tiile ho sa tsotellehe se etsahalang. Ka 1 Lena ke lekhetlo la pele ho a ka bang 20 ao ka ho toba ho buuoang ka mangeloi bukeng ea Liketso. Pejana ho Liketso 1:10, ho buuoa ˇ ka tsela e sa tobang ka mangeloi e le ‘banna ba apereng liaparo tse tsoeu.’ 7, 8. Ha ho pelaelo hore taelo ea lengeloi e ile ea etsa hore baapostola ba ikutloe joang, ’me re lokela ho ipotsa potso efe? “RE TLA MAMELA MOLIMO E LE ’MUSI” 71 tumelo e tiileng le ka sebete, baapostola “ba kena ka tempeleng ka meso ’me ba qala ho ruta.”—Lik. 5:21. ¯ 8 E mong le e mong oa rona o lokela ho ipotsa, ‘Na ke ne ke tla ba le tumelo le sebete se hlokahalang hore ke tsoele pele ho bolela litaba tse molemo maemong a joaˇ lo?’ Ho tseba hore mangeloi aa re tsehetsa le ho re tataisa mosebetsing ona oa bohlokoa oa ho “paka ka ho phethahetseng malebana le ’muso oa Molimo” hoa re ˇ matlafatsa.—Lik. 28:23; Tsen. 14:6, 7. “Re Tla Mamela Molimo e le ’Musi ho E-na le Batho” (Liketso 5:21b-33) 9 Kaifase le baahloli ba bang ba Sanhedrine ba ne ba se ba itokiselitse ho sebetsana le baapostola. Kaha lekhotla le ne le sa tsebe se etsahetseng chankaneng, le ile la ˇ romela balaoli hore ba e’o lata batsoaruoa. Nahana kamoo balaoli bao ba ileng ba makala kateng ha ba fumaˇ na batsoaruoa ba le sieo, le hoja chankana e ne e “notletsoe e sirelelitsoe ka hohle ’me balebeli ba eme menyako.” (Lik. 5:23) Ka potlako motsamaisi oa tempele o ile a tseba hore baapostola ba khutletse tempeleng, ba paka ka Jesu Kreste—e leng oona mosebetsi oo ba neng ba kentsoe chankaneng ka lebaka la oona! Ka potlako 9-11. Baapostola ba ile ba re’ng ha lekhotla la S anhedrine le ba laela hore ba khaotse ho bolela, ’me see se ile sa behela Bakreste ba ’nete mohlala ofe? 72 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO motsamaisi le balaoli ba ile ba ea tempeleng ho ea lata ˇ batsoaruoa bao le ho ba isa ka pel’a Sanhedrine. 10 Joalokaha ho boletsoe qalong ea khaolo ena, baeta- pele ba bolumeli ba halefileng ba ile ba bolella baapostola ba sa hlathe koana le koana hore ba khaotse ho bolela. Baapostola ba ile ba re’ng? Petrose o ile a ba buella, ’me ka sebete a re: “Re tla mamela Molimo e le ’musi ho e-na le batho.” (Lik. 5:29) Kahoo, baapostola ba ile ba behela Bakreste bohle ba ’nete mohlala. Ha rea lokela ho mamela babusi haeba ba re thibela ho etsa seo Molimo a se hlokang kapa ba batla hore re etse seo Molimo a se ¯ thibelang. Kahoo, mehleng ea rona haeba “balaoli ba ¯ phahameng” ba thibela mosebetsi oa rona oa ho paka, re ke ke ra khaotsa ho etsa mosebetsi oo re o filoeng ke Molimo oa ho bolela litaba tse molemo. (Bar. 13:1) Ho e-na le hoo, re tla batla litsela tse bohlale tsa ho tsoela pele re paka ka ’Muso oa Molimo. 11 Ha ho makatse hore ebe karabo e sebete ea baapo- stola e ile ea halefisa baahloli hoo ba ileng ba e-ba mabifi. Ba ne ba ikemiselitse ‘ho bolaea’ baapostola. (Lik. 5: 33) Ho ne ho se pelaelo hore lipaki tseo tse sebete le tse chesehang li ne li tla bolaeloa tumelo ea tsona. Leha ho le joalo, li ne li tla lopolloa ka tsela e sa tloaelehang! “RE TLA MAMELA MOLIMO E LE ’MUSI” 73 “Le ke ke la Khona ho ba Liha” (Liketso 5:34-42) 12 Gamaliele, “mosuoe oa Molao ea hlomphuoang ke batho bohle,” o ile a bua.1 E tlameha ebe moahloli enoa o ne a hlomphuoa haholo ke basebetsi-’moho le eena hobane ke eena ea ileng a etella pele, a ba a “laela hore [baapostola] ba behoe ka ntle ka nakoana.” (Lik. 5:34) Gamaliele o ile a bolela mehlala e fetileng ea lihlopha tse ileng tsa cheseha empa tsa nyamela ka potlako ha baeta-pele ba tsona ba shoa, ’me a ipiletsa ho lekhotla mabapi le baapostola bao Moeta-pele oa bona Jesu a neng a sa tsoa shoa, hore le se ke la ba fella pelo le ba mamelle. Gamaliele o ile a ba behela mabaka a matla, a re: “Le se ke la kena-kenana le banna bana, empa le ba tlohele; (hobane, haeba morero ona kapa mosebetsi ona o tsoa ho batho, o tla lihuoa; empa haeba o tsoa ho Molimo, le ke ke la khona ho ba liha;) ho seng joalo, mohlomong le ka fuˇ manoa le loantsa Molimo.” (Lik. 5:38, 39) Baahloli ba ile ba mamela keletso ea hae. Leha ho le joalo, ba ile ba shapa baapostola ’me ba ba laela hore “ba khaotse ho bua ka lebitso la Jesu.”—Lik. 5:40. 1 Sheba lebokose la sehlooho se reng “Gamaliele—Rabi ea Hlomphuoang,” leqepheng la 75. 12, 13. (a) Gamaliele o ile a fa basebetsi-’moho le eena keletso efe, ’me ba ile ba etsa’ng? (b) Jehova a ka ’na a lopolla batho ba hae joang kajeno, ’me re ka kholiseha ka eng haeba a lumella hore ‘re utloe bohloko ka lebaka la ho loka’? 74 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO GAMALIELE —RABI EA HLOMPHUOANG Gamaliele eo ho buuoang ka eena ho Liketso hangata o bitsoa Gamaliele e Moholo, setloholo sa Hillel, eo likolong tse peli tsa Bofarisi a ileng a theha se neng se tsebahala ka ho amohela likhopolo tse ncha. Gamaliele o ne a eteletse pele lekhotleng la Sanhedrine ’me e ne e le rabi ea hlomphuoang hoo e bileng oa pele oa ho fuoa tlotla ea “Rabban.” Mishna e re: “Ha Rabban Gamaliele e Moholo a e-shoa khanya ea Molao e ile ea fela, ’me bohloeki le bohalaleli li ile tsa fela.” O rorisoa ka ho etsa liphetoho tse ngata tse ileng tsa tsoela sechaba molemo. Encyclopaedia Judaica e re: “Qeto ea hae ea bohlokoa ka ho khetheha ke ea ho lumella mosali ho nyaloa hape ha ho e-na le paki e le ’ngoe e tiisang hore monna oa hae o hlokahetse.” Hape ho boleloa hore o ile a etsa melao e ˇ sireletsang basali banneng ba bona ba ba tsoarang hampe ˇ le e sireletsang bahlolohali baneng ba bona ba ba tsoarang hampe ’me a buella hore Balichaba ba futsanehileng ba ˇ lokela ho fuoa litokelo tsa ho khoahlapisa tse tsoanang le tsa Bajuda ba futsanehileng. 13 Le kajeno, Jehova a ka ’na a sebelisa banna ba hla- heletseng joaloka Gamaliele hore ba buelle batho ba Hae. (Liprov. 21:1) Jehova a ka sebelisa moea oa hae ho susumetsa babusi ba matla, baahloli kapa ba etsang melao hore ba etse seo a se batlang. (Neh. 2:4-8) Empa haeba a “RE TLA MAMELA MOLIMO E LE ’MUSI” 75 ka lumella hore re ‘utloe bohloko ka lebaka la ho loka,’ re ka kholiseha ka lintho tse peli. (1 Pet. 3:14) Ea pele, Molimo a ka re fa matla a ho mamella. (1 Bakor. 10:13) Ea bobeli, bahanyetsi ‘ba ke ke ba khona ho liha’ mosebetsi oa Molimo.—Esa. 54:17. 14 Na baapostola ba ile ba nyahama kapa ba khoehlisa kahobane ba shapuoe? Le letho! Ba ile “ba tloha ka pel’a Sanhedrine, ba thabile.” (Lik. 5:41) ‘Ba thabetse’ng’? Ka sebele ba ne ba sa thabisoa ke bohloko ba ho shapuoa. Ba ne ba thabile hobane ba tseba hore ba hloriselitsoe ho ˇ tsepahala ho Jehova le ho tsamaea mehatong ea Jesu ea ba behetseng mohlala.—Mat. 5:11, 12. ¯ 15 Joaloka barab’abo rona ba lekholong la pele la lilemo, re mamella ka thabo ha re utloisoa bohloko ka lebaka la litaba tse molemo. (1 Pet. 4:12-14) Che, ha re thabele ho sokeloa, ho hlorisoa kapa ho kenngoa chankaneng. ˇ Empa re khotsofatsoa ke hore ebe re tsepahetse. Ka mohlala, nahana ka Henryk Dornik, ea ileng a mamella ho ˇ ¯ ¯ tsoaroa ka sehloho ka lilemo tse ngata ke mebuso e hatellang. O sa hopola hore ka August 1944, ba boholong ba ile ba etsa qeto ea ho mo romela kampong ea mahlo14, 15. (a) Baapostola ba ile ba etsa joang ha ba qeta ho shapuoa, hona e ˇ le ka lebaka lefe? (b) B olela phihlelo e bont sang hore batho ba Jehova ba mamella ka thabo. 76 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO riso hammoho le mor’abo. Bahanyetsi bao ba ile ba re: “Ba hlooho li thata. Ba khahloa ke ho shoela tumelo.” ¯ Mor’abo rona Dornik o re: “Le hoja ke ne ke sa khahloe ke ho shoela tumelo, ke ne ke thabela hore ka lebaka la ˇ botsepehi ba ka ho Jehova, ke utloa bohloko ka sebete le ka seriti.”—Jak. 1:2-4. 16 Baapostola ba ile ba qalella hang-hang mosebetsing oa bona oa ho paka. Ka sebete ba ile ba tsoela pele “letsatsi le leng le le leng ka tempeleng le ka ntlo le ntlo” ka mosebetsi oa “ho bolela litaba tse molemo mabapi le Kreste.”1 (Lik. 5:42) Baboleli bana ba sebete ba ne ba ikemiselitse ho paka ka ho phethahetseng. Hlokomela hore ba ile ba isa molaetsa malapeng a batho joalokaha Jesu Kreste a ba laetse. (Mat. 10:7, 11-14) Ha ho pelaelo hore sena ke sona se ileng sa etsa hore ba tlatse Jerusalema ka thuto ea bona. Kajeno, Lipaki Tsa Jehova li tsejoa ka ho latela mokhoa oo oa baapostola oa ho ruta. Ha re kena ˇ ˇ ¯ ntlong e ’ngoe le e ’ngoe tsimong ea rona, re bontsa ka ¯ ho hlakileng hore le rona re batla ho paka ka ho phethahetseng, re fe e mong le e mong monyetla oa ho utloa litaba tse molemo. Na Jehova o hlohonolofalitse 1 Sheba lebokose la sehlooho se reng “Ho Bolela Litaba Tse Molemo ‘ka Ntlo le Ntlo,’ ” leqepheng la 78. ˇ 16. Baapostola ba ile ba bont sa joang hore ba ikemiselitse ho paka ka ho phethahetseng, hona re ka latela mokhoa oo joang? “RE TLA MAMELA MOLIMO E LE ’MUSI” 77 HO B OLELA LITABA TSE MOLEMO “KA NTLO LE NTLO” Le hoja lekhotla la Sanhedrine le ne le thibetse barutuoa ho etsa mosebetsi oa ho bolela litaba tse molemo, ba ile ba tsoela pele ba li bolela ba bile ba ruta “letsatsi le leng le le leng ka tempeleng le ka ntlo le ntlo.” (Lik. 5:42) Ha e le hantle, ho boleloa’ng ha ho thoe ba ne ba ea “ka ntlo le ntlo”? Ka Segerike sa mathomo, ka ho toba poleloana kat oikon e bolela “ho ea ka ntlo.” Bafetoleli ba bangata ba ˇ re lentsoe ka·ta le bontsa hore barutuoa ba ne ba bolela litaba tse molemo ntlong e ’ngoe ebe ba fetela ho e ’ngoe. Ka·ta e boetse e sebelisitsoe tjena ho Luka 8:1, moo ho thoeng Jesu o ile a bolela litaba tse molemo “ho tloha motseng o mong ho ea ho o mong.” Ho Liketso 20:20 e sebelisitsoe e le ka bongateng, kat oikous, moo moapostola Pauluse a reng ho balebeli ba Bakreste: “Ke ne ke sa tlohele . . . ho le ruta phatlalatsa le ˇ ka ntlo le ntlo.” Temana e hlahlamang e bontsa hore ha ho joalokaha ba bang ba re Pauluse o ne a bua ka ho ruta malapeng a baholo, e re: “Empa ke ile ka paka ka mokhoa o phethahetseng ho Bajuda le Bagerike mabapi ¯ le pako ho Molimo le tumelo ho Morena oa rona Jesu.” (Lik. 20:21) Balumeli-’moho le eena ba ne ba se ba bakile ˇ ba bile ba bontsitse tumelo ho Jesu. Kahoo, ho hlakile hore ho bolela litaba tse molemo le ho ruta ka ntlo le ntlo ho ne ho bolela ho pakela ba sa lumelang. 78 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO ¯ mosebetsi oa rona oa ntlo le ntlo? Ka sebele ho joalo! Batho ba limilione ba amohetse molaetsa oa ’Muso nakong ena ea bofelo, ’me ba bangata ba utloile litaba tse molemo ka lekhetlo la pele ha Paki e ba etela. ˇ Banna ba Tsoanelehang ho Hlokomela ‘Mosebetsi o Hlokahalang’ (Liketso 6:1-6) 17 Ho ne ho e-na le kotsi e hlahang ka hare e khukhu- nelang phutheho ena e sa tsoa thehoa. E ne e le kotsi efe? Bongata ba barutuoa ba kolobetsoang e ne e le baeti ba tlileng Jerusalema ba neng ba batla ho ithuta ho eketsehileng pele ba khutlela hae. Barutuoa ba lulang Jeˇ rusalema ba ile ba ithaopela ho ntsa menehelo bakeng sa ho ba fumanela lijo le lintho tse ling. (Lik. 2:44-46; 4:3437) Ka nako ena, ho ile ha hlaha boemo bo ileng ba baka tsitsipano. Bahlolohali ba buang Segerike “ba ne ba hlokomolohuoa kabong ea letsatsi le leng le le leng” ea lijo. (Lik. 6:1) Leha ho le joalo, bahlolohali ba buang Seheberu ba ne ba sa hlokomolohuoe. Kahoo, ho bonahala bothata e ne e le khethollo, ’me ho bonolo hore khethollo ¯ ¯ e bake karohano e kholo. Baapostola, bao e neng e le sehlopha se busang sa ¯ phutheho eo e ntseng e hola, ba ile ba hlokomela hore 18 17-19. Ho ile ha hlaha bothata bofe bo bakang karohano, hona baapostola ba ile ba laela hore bo rarolloe joang? “RE TLA MAMELA MOLIMO E LE ’MUSI” 79 ha ho hlokahale hore ba “tlohele lentsoe la Molimo ho ea aba lijo.” (Lik. 6:2) E le ho rarolla bothata boo, ba ile ba laela barutuoa hore ba batle banna ba supileng “ba tletseng moea le bohlale” bao baapostola ba neng ba ka ba khetha hore ba okamele “mosebetsi ona o hlokahaˇ lang.” (Lik. 6:3) Ho ne ho hlokahala banna ba tsoanelehang hobane mohlomong mosebetsi oo e ne e se feela oa ˇ ho aba lijo empa le ho tsoara lichelete, ho reka thepa le ho boloka litlaleho ka hloko. Banna bohle ba khethiloeng ba ne ba e-na le mabitso a Segerike, e leng seo mohlomong se ileng sa etsa hore ba amohelehe ho bahlolohali bao ba utloileng bohloko. Baapostola ba ile ba nahana ka banna bao ba bueletsoeng, ’me ba rapella taba eo, eaba ka mor’a moo ba khetha ba supileng hore ba hlokomele “mosebetsi ona o hlokahalang.”1 19 Na ho hlokomela kabo ea lijo ho ne ho bolela hore banna bao ba supileng ba khethiloeng ba ne ba se ba sa lebelloa ho bolela litaba tse molemo? Che! E mong oa ˇ bona ke Setefane, ea ileng a bontsa ka ho hlaka hore ke paki e sebete le e matla. (Lik. 6:8-10) Filipi le eena e ne e le e mong oa bona, ’me o bitsoa “moevangeli.” (Lik. ˇ 1 Ho ka etsahala hore banna bana ba ne ba tsoaneleha ho ba baholo, etsoe ho hlokomela “mosebetsi ona o hlokahalang” e ne e le taba e tebileng. Leha ho le joalo, Mangolo ha a bolele ka ho toba hore na banna ba qalile ho khethoa neng hore e be baholo kapa balebeli ka phuthehong ea Bakreste. 80 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO 21:8) Kahoo, ho hlakile hore banna bao ba supileng ha baa ka ba khaotsa ho ba baboleli ba ’Muso ba mafolofolo. 20 Batho ba Jehova kajeno ba latela mohlala oa baapo- stola. Banna ba buelloang hore ba be le boikarabelo ka ˇ phuthehong ba lokela ho bontsa bohlale ba bomolimo ˇ ’me ba bontse hore moea o halalelang o sebetsa ho bona. Ka tataiso ea Sehlopha se Busang, banna ba finyellang seo Mangolo a se hlokang ba khethoa hore e be baholo kapa bahlanka ba sebeletsang ka liphuthehong.1 (1 Tim. ˇ 3:1-9, 12, 13) Ho ka boleloa hore banna ba joalo ba tsoanelehang ba khethiloe ke moea o halalelang. Banna bana ba sebetsang ka thata ba hlokomela ‘mosebetsi o mongata o hlokahalang.’ Ka mohlala, baholo ba ka lokiseˇ ¯ tsa hore ba tsepahalang ba seng ba holile ba thusoe ka lintho tseo ba li hlokang e le kannete. (Jak. 1:27) Baholo ba bang ba haha Liholo Tsa ’Muso, ba lokisetsa likopano kapa ba etsa mosebetsi oa bohokahanyi le lipetlele. Bahlanka ba sebeletsang ba etsa mesebetsi e mengata e sa amaneng ka ho toba le bolisa kapa ho ruta. Banna bana bohle ba khethiloeng ba lokela ho tiisa hore 1 Le hoja phutheho e ile ea buella banna ba supileng ba pakiloeng, baapostola ke bona ba ileng ba ba khetha. 20. Ke joang batho ba Molimo kajeno ba latelang mohlala oa baapostola? “RE TLA MAMELA MOLIMO E LE ’MUSI” 81 mesebetsi ea bona ea phutheho le e meng ea puso ea Molimo ha e nke sebaka sa ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso.—1 Bakor. 9:16. 21 ¯ “Lentsoe la Molimo la Tsoela Pele ho H ola” (Liketso 6:7) Jehova o ile a thusa phutheho eo e sa tsoa thehoa hore e mamelle mahloriso a hlahang ka ntle le bothata bo hlahang ka hare bo neng bo ka ’na ba e arola. Ho ne ho totobetse hore Jehova oa e hlohonolofatsa, hobane re ¯ bolelloa sena: “Lentsoe la Molimo la tsoela pele ho hola, ’me palo ea barutuoa ea ’na ea ata haholo Jerusalema; bongata bo boholo ba baprista ba qala ho mamela tumelo.” (Lik. 6:7) Ena ke e ’ngoe feela ea litlaleho tsa khatelo-pele tseo re li fumanang bukeng ea Liketso. (Lik. 9:31; 12:24; 16:5; 19:20; 28:31) Kajeno, na ha re khothale ha re utloa litlaleho tsa khatelo-pele e etsoang mosebetsing oa ˇ ho bolela ka ’Muso likarolong tse ling tsa lefatse? 22 Lekholong la pele la lilemo C.E., baeta-pele ba bolu- meli ba halefileng ba ne ba sa ikemisetsa ho khaotsa mahloriso a bona. Nako ea mahloriso a matla e ne e atamela. Ka mor’a nakoana, Setefane o ile a hlorisoa ka mabifi, joalokaha re tla bona khaolong e latelang. ˇ 21, 22. Ke eng e bont sang hore Jehova o ile a hlohonolofatsa phutheho eo e sa tsoa thehoa? 82 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO KARO LO EA 2 ˙ LIKETS O 6:8–9:43 “HA TSOHA MAHLORISO A MAHOLO KHAHLANONG LE PHUTHEHO” LIKETS O 8:1 Na Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ile ba lumella khanyetso hore e ba thibele ho paka ka ’Muso oa Molimo? Le hanyenyane. Karolong ena, re tla hlokomela hore mahloriso ao a ¯ ¯ sehloh o a ile a thusa hore mosebetsi oa boboleli o tsoele pele. KHAOLO EA 6 Setefane—“A Tletse Mosa le Matla” Seo re ithutang sona ho Setefane ha a ne a paka ka sebete ka pel’a Sanhedrine E Thehiloe ho Liketso 6:8–8:3 SETEFANE o ka lekhotleng. O pota-potiloe ke banna ba 71 ka holong e khahlehang, mohlomong e pel’a tempele e Jerusalema. Letsatsing lena lekhotla la Sanhedrine le kopane ho tla ahlola Setefane. Baahloli ke banna ba tummeng, ba hlaheletseng sechabeng, boholo ba bona ha ba tsotelle morutuoa enoa oa Jesu. Ha e le hantle, monna ea bitsitseng lekhotla lena ke Kaifase, moprista ea phahameng, ea neng a okametse nyeoe ha Sanhedrine e ahlolela Jesu Kreste lefu likhoeli tse seng kae pejana. Na Seteˇ fane o tsohile? 2 Tsela eo Setefane a shebahalang ka eona nakong ena ea ikhetha. Ha baahloli ba mo talima ba bona sefahleho sa hae se le “joaloka sefahleho sa lengeloi.” (Lik. 6:15) Mangeloi a phatlalatsa melaetsa e tsoang ho Jehova Moˇ ˇ 1-3. (a) S etefane o boemong bofe bo t sosang, hona o etsa’ng? (b) Re tla t sohla lipotso life? 84 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO ˇ limo, ka lebaka leo hoa utloahala hore ebe ha a na tsabo ’me a tletse khotso. Le Setefane o joalo—esita le baahloli bao ba tletseng lehloeo ba ka bona seo. Ke hobane’ng ˇ ha a khobile matsoafo? 3 Kajeno Bakreste ba ka ithuta ho hongata karabong ea potso eo. Ho hlokahala hore re tsebe se entseng hore Setefane a be boemong boo bo sa jeseng litheohelang. O ne a ile a emela tumelo ea hae joang pele? Hona re ka mo etsisa ka litsela life? Ba Ile “ba Hlohla Batho” (Liketso 6:8-15) 4 Re se re ithutile hore Setefane e ne e le morutuoa oa bohlokoa phuthehong ea Bakreste e neng e sa tsoa thehoa. Khaolong e fetileng ea buka ena, re bone hore e ne e le e mong oa banna ba supileng ba ikokobelitseng ba ¯ neng ba ikemiselitse ho thusa baapostola ha ba koptjoa hore ba thuse. Boikokobetso ba hae bo tsoteha le ho feta ha re nahana ka limpho tseo monna enoa a neng hlohonolofalitsoe ka tsona. Liketso 6:8 e re o ile a fuoa matla ˇ ¯ ¯ a ho etsa “limakatso le lipontso tse kholo,” tse neng li etsoa ke baapostola ba bang. Hape re bolelloa hore o ne “a tletse mosa le matla.” Seo se ne se bolela’ng? 4, 5. (a) Ke hobane’ng ha S etefane e ne e le motho oa bohlokoa phuthehong? (b) Ho boleloa’ng ha ho thoe S etefane o ne “a tletse mosa le matla”? SETEFANE—“A TLETSE MOSA LE MATLA” 85 5 Ka sebele Setefane o ne a ratoa ke batho kaha o ne a le mosa a bile a le bonolo. O ne a bua ka tsela e susumetsang batho ba bangata ba neng ba mo mametse, hoo ba neng ba kholiseha hore o tiile le hore seo a se rutang se tla ba tsoela molemo. O ne a tletse matla hobane moea oa Jehova o ne o sebetsa ho eena, hobane ka boikokobetso o ile a o lumella hore o mo tataise. Ho e-na le hore a iphahamise ka lebaka la limpho tseo a neng a e-na le tsona le bokhoni ba hae, o ile a lebisa thoriso eohle ho Jeˇ hova ’me a bontsa hore o tsotella batho bao a neng a bua le bona. Hase feela a neng a sa jese bahanyetsi ba hae litheohelang! 6 Banna ba fapa-fapaneng ba ile ba phehisana le Setefa- ne, empa “ba ne ba sa khone ho ikemela khahlanong le bohlale le moea oo a neng a bua ka oona.”1 Kaha ba ne ba ferekane, “ka sephiri [ba ile] ba hlohlelletsa” batho 1 Ba bang ba bahanyetsi bana e ne e le litho tsa “Synagoge ea Banna ba Lokolotsoeng.” E ka ’na eaba ba ne ba hapiloe ke Baroma ’me hamorao ba lokolloa, kapa mohlomong e kile ea e-ba makhoba ’me ba sokolohetse Bojudeng. Ba bang ba ne ba tsoa Silisia, ˇ e leng moo Saule oa Tarsase a neng a tsoa teng. Tlaleho ena ha e bontse hore Saule e ne e le e mong oa Basilisia ba neng ba sa khone ho ikemela khahlanong le Setefane. 6-8. (a) Bahanyetsi ba S etefane ba ile ba mo qosa ka lintho life tse peli, hona hobane’ng? (b) Ke hobane’ng ha mohlala oa S etefane o ka ba molemo ho Bakreste kajeno? 86 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO hore ba qose molateli enoa oa Kreste ea se nang molato. Ba boela “ba hlohla batho,” banna ba baholo le bangoli ’me ba nka Setefane ka likhoka ba mo isa ka pel’a Sanhedrine. (Lik. 6:9-12) Bahanyetsi bana ba ile ba mo qosa ka lintho tse peli. Ba re o nyefola Molimo le Moshe. Joang? 7 Ba ne ba qosa Setefane ka bohata ba re o nyefotse Mo- limo ka ho bua lintho tse khahlanong le “sebaka sena se halalelang”—e leng tempele e Jerusalema. (Lik. 6:13) Ba ile ba re o nyefotse Moshe kaha o buile Molao oa Moshe hampe, a fetola litloaelo tse fetisitsoeng ka Moshe. E ne e le qoso e tebileng haholo, hobane Bajuda ba nakong eo ba ne ba nka tempele e le ea bohlokoa hammoho le lintlha tsohle tse amanang le Molao oa Moshe le lineano tse ngata tseo ba neng ba li kenyelelitse Molaong oo. Kaˇ hoo, qoso eo e ne e bontsa hore Setefane ke motho ea koˇ tsi, ea tsoaneloang ke lefu! 8 Ka masoabi litho tsa bolumeli li tloaetse ho sebelisa maqheka a joalo e le hore li ka bakela bahlanka ba Molimo mathata. Ho fihlela kajeno, ka linako tse ling batho ba bolumeli ba hlohlelletsa babusi hore ba hlorise Lipaki Tsa Jehova. Re lokela ho etsa joang ha re etselletsoa? Re ka ithuta lintho tse ngata ho Setefane. SETEFANE—“A TLETSE MOSA LE MATLA” 87 Ho Paka ka S ebete ka “Molimo oa Khanya” (Liketso 7:1-53) 9 Joalokaha ho boletsoe qalong, sefahleho sa Setefane ˇ se ne se elile, se tsoana le sa lengeloi, ha a mametse lintho tseo a qosoang ka tsona. Joale Kaifase a re ho eena: “Na lintho tsee li joalo?” (Lik. 7:1) Ha fihla nako ea hore Setefane a ikarabelle. ’Me a fela a ikarabella! 10 Basomi ba bang ba ’nile ba nyatsa seo Setefane a ileng a se bua, ba bolela hore le hoja a ile lolololo, ha a arabe seo a qosoang ka sona. ’Nete ea sala, Setefane o re behetse mohlala o motle oa kamoo re ka ‘ikarabellang’ kateng ha re bolela litaba tse molemo. (1 Pet. 3:15) Hopola hore Setefane o ne a qosoa ka hore o nyefola Molimo ka ho bua tempele hampe, a bile a qosoa ka hore o nyefola Moshe ka ho bua Molao hampe. Ha Setefane a araba o ile a akaretsa linako tse tharo historing ea Baiseraele, ’me a hatisa lintlha tse itseng ka hloko. A re hlahlobeng nako ka ’ngoe ho tsena tse tharo. 11 Mehla ea bapatriareka. (Lik. 7:1-16) Setefane o ile a qala ka ho bua ka Abrahama, eo Bajuda ba neng ba mo hlompha ka lebaka la tumelo ea hae. O ile a qala ka taba 9, 10. Basomi ba itse’ng ka seo S etefane a se buileng ka pel’a S anhedrine, ’me ho hlokahala hore re hopole eng? 11, 12. (a) S etefane o ile a sebelisa mohlala oa Abrahama hamolemo joang? (b) Ke hobane’ng ha S etefane a ile a bua ka Josefa? 88 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO ena eo ba neng ba lumellana ka eona, ’me a hatisa hore Jehova “Molimo oa khanya,” o ile a iponahatsa ho Abrahama ka lekhetlo la pele ha a le Mesopotamia. (Lik. 7:2) ˇ Ha e le hantle, monna eo e ne e le mojaki Naheng e Tsepisitsoeng. Abrahama o ne a se na tempele ebile a se na Molao oa Moshe. Ho hang ha ho motho ea neng a ka tsiˇ tlella hore kamehla ho tsepahala ho Molimo ho lokela ho ˇ itsetleha ka tempele le melao. 12 Batho bana ba neng ba mametse Setefane ba ne ba boetse ba hlompha Josefa setloholo sa Abrahama haholo, empa Setefane o ile a ba hopotsa hore barab’abo Josefa, e leng lihlooho tsa meloko ea Iseraele, ba ile ba hlorisa monna eo ea lokileng ’me ba mo rekisa bokhobeng. Leha ho le joalo, Molimo o ile a mo sebelisa hore a pholose sechaba sa Iseraele tlaleng. Ho ka etsahala hore ebe Setefane o ile a bona ka ho hlaka lintlha tseo Josefa a ˇ neng a tsoana le Jesu Kreste ka tsona, empa ha aa ka a bua ka tsona e le hore ba ka mo mamela ka nako e telele kamoo ho ka khonehang. 13 Mehla ea Moshe. (Lik. 7:17-43) Setefane o ile a bua ka Moshe haholo—’me ho ne ho loketse, kaha litho tse ngata tsa Sanhedrine e ne e le Basaduse, ba neng ba amohela 13. S etefane o ile a araba liqoso tseo a neng a qosoa ka tsona joang ka ho bua ka Moshe, hona see se ile sa thusa ho hatisa molaetsa ofe? SETEFANE—“A TLETSE MOSA LE MATLA” 89 E NE E LE “MO SHOELA-TUMELO” KA KUTLOISIS O EFE? Bibele e hlalosa Setefane ka lentsoe la Segerike martys, le bolelang “paki”—e leng motho ea bonang ketsahalo kapa ntho e itseng. Empa lentsoe lena la Segerike le bolela se fetang seo. Ho latela buka e ’ngoe e hlalosang mantsoe a Segerike, lentsoe la Bibele martys le boetse le bolela motho ea “etsang ho itseng, ea biletsoang ho bolela seo a se boneng le ho se utloa, ho bolela seo a se tsebang.” Bakreste bohle ba ’nete ba tlameha ho paka seo ba se tsebang ka Jehova le merero ea hae. (Luka 24:48; Lik. 1:8) Mangolo a re Setefane ke “paki” hobane o ne a bua ka Jesu.—Lik. 22:20. Bakreste ba etsang mosebetsi oa ho paka ba atisa ho ˇ hanyetsoa, ho tsoaroa, ho shapuoa esita le ho bolaoa. Kahoo, ho tloha lekholong la bobeli la lilemo C.E., lentsoe martys le ne le boetse le bolela motho ea hlaheloang ke lintho tse joalo ho e-na le hore a latole tumelo ea hae. Ke ka kutloisiso ena ho ka thoeng Setefane ke moshoela-tumelo oa Mokreste. Leha ho le joalo, ˇ tsimolohong motho o ne a nkoa e le martys hobane a paka, eseng hobane a shoele. libuka tse ngotsoeng ke Moshe feela ka Bibeleng. Hape hopola qoso ea hore Setefane o ne a nyefotse Moshe. Mantsoe a Setefane a ile a arabela qoso eo ka ho toba, hoˇ bane o ile a bontsa hore o hlompha Moshe le Molao haholo. (Lik. 7:38) O ile a re Moshe le eena ha aa ka a 90 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO amoheloa ke batho bao a neng a leka ho ba pholosa. Sena se ile sa etsahala ha a le lilemo li 40. Lilemong tse fetang 40 hamorao ba ile ba hanyetsa boeta-pele ba hae.1 Kahoo butle-butle Setefane o ile a hatisa molaetsa ona oa bohlokoa: Khafetsa batho ba Molimo ba ile ba hana ho amohela bao Jehova a neng a ba khethile hore ba ba etelle pele. 14 Setefane o ile a hopotsa batho ba neng ba mo mame- tse hore Moshe o boletse esale pele hore ho ne ho tla hlaha moprofeta ea kang Moshe Iseraele. E ne e tla ba mang, ’me o ne a tla amoheloa joang? Setefane o ile a araba lipotso tsena ha a lihela likhala. O ile a bolela ntlha e ’ngoe ea bohlokoa: Ea hore Moshe o ne a tseba hore sebaka sefe kapa sefe se ka etsoa hore se halalele, joaloka sebaka seo sehlahla se neng se tuka ho sona, moo Jehova a ileng a bua le eena. Ka hona, na Jehova a ka rapeloa mohahong o itseng feela, o kang oa tempele e Jerusalema? A re boneng. 15 Tabernakele le tempele. (Lik. 7:44-50) Setefane o ile a 1 Setefane o boletse lintlha tseo re sa li fumaneng libakeng tse ling ka Bibeleng, tse kang tse mabapi le thuto ea Moshe Egepeta, lilemo tsa hae ha a baleha Egepeta ka lekhetlo la pele, le hore na o lutse nako e kae Midiane. ˇ 14. S etefane o ile a sebelisa mohlala oa Moshe ho t sehetsa lintlha life? 15, 16. (a) Ke hobane’ng ha tabernakele e ne e le ea bohlokoa tabeng eo S etefane a neng a bua ka eona? (b) S etefane o ile a re’ng ka tempele ea S olomone? SETEFANE—“A TLETSE MOSA LE MATLA” 91 hopotsa lekhotla hore pele ho e-ba le tempele Jerusalema, Molimo o ile a laela Moshe hore a hahe tabernakele —e leng tente ea borapeli e neng e ka tlosoa sebakeng se seng ea isoa ho se seng. Ha ho motho ea neng a ka re tabernakele e ne e se ea bohlokoa joaloka tempele, kaha le Moshe o ile a rapela ho eona. 16 Hamorao, ha Solomone a ne a haha tempele e Jeru- salema, o ile a bululeloa hore a bolele ntlha ea bohlokoa thapelong ea hae. Setefane o itse, “Ea Phahameng ka ho Fetisisa ha a lule ka matlung a entsoeng ka matsoho.” (Lik. 7:48; 2 Likron. 6:18) Jehova a ka ’na a sebelisa teˇ mpele ho ntsetsa merero ea hae pele, empa a ke ke a lula ho eona. Joale, ke hobane’ng ha barapeli ba hae ba ka nahana hore borapeli bo hloekileng bo lokela ho etsetsoa mohahong o entsoeng ka matsoho a batho? Setefane o ile a lihela likhala ka mantsoe a matla ha a qotsa buka ea ˇ Esaia a re: “Leholimo ke terone ea ka, ’me lefatse ke setuloana sa ka sa maoto. Ke ntlo ea mofuta ofe eo le tla nkahela eona? ho bolela Jehova. Kapa sebaka sa phomolo ea ka ke sefe? Letsoho la ka le entse lintho tsena tsohle, na ha ho joalo?”—Lik. 7:49, 50; Esa. 66:1, 2. 17 Ha u ntse u hlahloba seo Setefane a ileng a se bole- 17. Ke joang mantsoe a S etefane a ileng (a) a senola maikutlo a batho ba neng ba mo mametse ’me (b) a arabela liqoso tseo a neng a qosoa ka tsona? 92 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO lla Sanhedrine ho fihlela boemong bona, na ha u lumele hore o ile a hlakisa hore ba mo qosang ba ne ba e-na le ˇ maikutlo a fosahetseng? O ile a bontsa hore morero oa Jehova o tsoela pele ebile ha ho letho le ka o emang pele, ´ ˇ ha oa ema nga e le ’ngoe ebile ha oa itsoarella ka neano. Ba neng ba nka mohaho o Jerusalema hammoho le litloaelo le lineano tse thehiloeng Molaong oa Moshe e le tsa bohlokoa, ba ne ba sa utloisise morero oa Molao le tempele! Ka tsela e sa tobang Setefane o ile a botsa potso ea bohlokoa e reng: Na ha ho molemo ho hlompha Molao le tempele ka ho mamela Jehova? Ka sebele lipolelo ˇ tsa Setefane li ile tsa tsehetsa liketso tsa hae, hobane o ile a mamela Jehova ka hohle kamoo a neng a ka khona. Seo Setefane a se buileng se re ruta eng? O ne a tseˇ ba Mangolo hantle. Ka ho tsoanang, ho hlokahala re khoˇ thalle ho ithuta Lentsoe la Molimo e le hore re ‘tsoare le18 ntsoe la ’nete ka nepo.’ (2 Tim. 2:15) Hape mohlala oa Setefane o re ruta ho ba mosa le ho ba masene. Batho ba neng ba mo mametse ba ne ba le hlaha haholo! Empa ka hohle kamoo ho ka khonehang, o ile a bua ka lintho tseo ba lumellanang ka tsona le tseo ba neng ba li nka e le tsa bohlokoa. Hape o ile a bua le bona ka tlhompho, a re 18. Re lokela ho leka ho etsisa S etefane ka litsela life? SETEFANE—“A TLETSE MOSA LE MATLA” 93 ¯ banna ba baholo ke “bo-ntate.” (Lik. 7:2) Le rona ho hlokahala re bolele linnete tsa Lentsoe la Molimo ka “maikutlo a bonolo le tlhompho e tebileng.”—1 Pet. 3:15. Leha ho le joalo, ha re tsilatsile ho bolela linnete tsa ˇ Lentsoe la Molimo hobane re tsaba ho khopisa batho; 19 ebile ha re bebofatse molaetsa oa Jehova oa kahlolo. Setefane ke mohlala o motle. Ha ho pelaelo hore o ne a bona hore le ka mor’a bopaki bohle boo a faneng ka bona ka pel’a Sanhedrine, ho ne ho se moo ho reng teke! ho baahloli bao ba pelo li thata. Ka hona, kaha o ne a susumetsoa ke moea o halalelang, o ile a lihela likhala ka hore ˇ ˇ ka sebete a ba bontse hore ba tsoana le baholo-holo ba bona ba sa kang ba amohela Josefa, Moshe le baprofeta bohle. (Lik. 7:51-53) Ha e le hantle, baahloli bana ba Sanhedrine ba ne ba bolaile Mesia, eo Moshe le baprofeta bohle ba neng ba boletse esale pele hore o ne a tla tla. ¯ Ka sebele ba ne ba tlotse Molao oa Moshe ka hohle-hohle! “Morena Jesu, Amohela Moea oa Ka” (Liketso 7:54–8:3) 20 ’Nete e ke keng ea latoloa eo Setefane a ileng a e bolella baahloli bao e ile ea ba halefisa haholo. Ba ile ba 19. S etefane o ile a iteta sebete joang ho bolella S anhedrine molaetsa oa Jehova oa kahlolo? 20, 21. S anhedrine e ile ea etsa’ng ha e utloa mantsoe a S etefane, hona Jehova o ile a mo matlafatsa joang? 94 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO tsoa taolong, ’me ba tsikitlanyetsa Setefane meno. E tlaˇ mehile ebe monna eo ea tsepahalang o ile a bona hore ba ke ke ba mo hauhela joalokaha ba sa ka ba hauhela Mong’a hae, Jesu. 21 Ho ne ho hlokahala hore Setefane a be sebete e le hore a talimane le se larileng ka pele, ’me ha ho pelaelo ˇ hore pono eo Jehova a ileng a mo bontsa eona e ile ea mo khothatsa haholo. Setefane o ile a bona khanya ea Molimo, ’me a bona Jesu a eme letsohong le letona la Ntate oa Hae! Ha Setefane a ntse a hlalosa pono ena, baahloli ba hae ba ile ba ithiba litsebe ka matsoho. Hobane’ng? Pejana, Jesu o ne a boleletse lekhotla lona leo hore ke Mesia le hore o ne a tla tloha a lula ka letsohong le letona la Ntat’ae. (Mar. 14:62) Pono ea Setefane e ile ea tiisa hore Jesu o ne a bua ’nete. Ha e le hantle Sanhedrine eo e ne e ekile Mesia ea ba ea mo bolaea! Ka tumellano ba khorohela Setefane hore ba mo tlepetse ka majoe ho fihlela a e-shoa.1 22 ˇ Setefane o shoele ka tsela e batlang e tsoana le eo 1 Ho bonahala eka tlas’a molao oa Roma Sanhedrine e ne e se na matla a ho laela hore motho a bolaoe. (Joh. 18:31) Leha ho le joalo, ho bonahala hore Setefane o bolailoe ke mokhopi o halefileng, eseng hobane a ahlotsoe ka molao. ˇ 22, 23. Lefu la S etefane le t soana le la Mong’a hae ka litsela life, ’me kajeno Bakreste ba ka ba sebete joaloka S etefane joang? SETEFANE—“A TLETSE MOSA LE MATLA” 95 ˇ Mong’a hae a shoeleng ka eona, a tletse khotso, a tsepile ˇ Jehova a bile a tsoaretse babolai ba hae. O ile a re, “Morena Jesu, amohela moea oa ka,” mohlomong e le hobane a ne a bona Mor’a motho le Ntate oa Hae ponong. Ha ho pelaelo hore Setefane o ne a tseba mantsoe a Jesu a khothatsang a reng: “Ke ’na tsoho le bophelo.” (Joh. 11: 25) Qetellong Setefane o ile a rapela Molimo ka ho toba ka lentsoe le phahameng a re: “Jehova, u se ke ua ba balla sebe sena.” Ka mor’a hore a bue mantsoe ana, o ile a shoa.—Lik. 7:59, 60. 23 Kahoo Setefane e ile ea e-ba eena moshoela-tumelo oa pele ea boletsoeng tlalehong ea balateli ba Kreste. (Sheba lebokose la sehlooho se reng “E ne e le ‘Moshoela-tumelo’ ka Kutloisiso Efe?” leqepheng la 90.) Leha ho le joalo, ka masoabi e ne e ke ke ea e-ba oa ho qetela. Ho ¯ fihlela mehleng ea rona, ho bile le bahlanka ba Jehova ba ˇ tsepahalang ba ileng ba bolaoa ke batho ba chesehelang bolumeli le lipolotiki ka ho feteletseng le bahanyetsi ba bang ba mabifi. Ho ntse ho le joalo, re na le mabaka a ho ba sebete joaloka Setefane. Hona joale Jesu ke Morena, o sebelisa matla a hae a maholo ao Ntate oa hae a mo fileng ’ona. Ha ho letho le tla mo thibela ho tsosa balateli ˇ ba hae ba tsepahalang bafung.—Joh. 5:28, 29. 96 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO 24 Mohlankana ea bitsoang Saule o ne a shebeletse ha sena sohle se etsahala. O ile a lumellana le polao ea Setefane a ba a lebela liaparo tsa ba neng ba mo tlepetsa ka majoe. Kapele ka mor’a moo, e ile ea e-ba eena ea li hu¯ ¯ lang pele mahlorisong a sehloho. Empa lefu la Setefane le ne le tla ba le phello e molemo hamorao. Mohlala oa hae o ne o tla matlafatsa Bakreste ba bang hore ba lule ˇ ¯ ba tsepahala le hore e be bahloli joaloka eena. Ho feta moo, Saule—eo hamorao a neng a atisa ho bitsoa Pauluse—o ne a tla ikoahlaea haholo ka hore ebe o ile a kenya letsoho lefung la Setefane. (Lik. 22:20) O ne a thusitse ho bolaea Setefane, empa hamorao a re: “Ke ne ke le monyefoli le mohlorisi le monna oa monyelisi.” (1 Tim. 1:13) Ho hlakile hore ho hang Pauluse ha aa ka a lebala Setefane le mantsoe a matla ao a ileng a a bua letsatsing leo. Ha e le hantle, lintho tse ling tseo Pauluse a ileng a li bua le ho li ngola li ne li akarelletsa lintlha tsa Setefane. (Lik. 7:48; 17:24; Baheb. 9:24) Ha nako e ntse e feta, Pauluse o ile a ithuta ka ho feletseng ho latela mohlala oa tumelo le sebete o behiloeng ke Setefane, monna ea neng “a tletse mosa le matla.” Potso ke hore, Na re tla etsa joalo? 24. S aule o ile a kenya letsoho joang polaong ea S etefane, ’me lefu la moˇ nna eo ea t sepahalang le bile le liphello life tse molemo hamorao? SETEFANE—“A TLETSE MOSA LE MATLA” 97 KHAOLO EA 7 Ho Bolela “Litaba Tse Molemo Mabapi le Jesu” Filipi o beha mohlala o motle e le moevangeli E Thehiloe ho Liketso 8:4-40 ¯ ¯ HO TSOHILE mahloriso a sehloho, ’me Saule o qala ho ˇ “tsoara phutheho hampe”—ka puo ea pele sena se boleˇ ¯ ¯ la tsoaro e sehloho. (Lik. 8:3) Barutuoa baa baleha, ’me ba bang ba ka ’na ba bona eka morero oa Saule oa ho felisa Bokreste o tla atleha. Leha ho le joalo, ho hasana ha Bakreste ho ba le liphello tse sa lebelloang. Ke life? 2 Ba hasaneng ba qala ho “bolela litaba tse molemo tsa lentsoe” linaheng tseo ba balehetseng ho tsona. (Lik. 8:4) ¯ Nahana feela! Mahloriso ha aa hloleha feela ho koala batho ba Molimo molomo empa ha e le hantle a thusitse ho phatlalatsa molaetsa! Ka ho hasanya barutuoa, ba sa ikemisetsa bahlorisi ba entse hore mosebetsi oa ho bolela ¯ ka ’Muso o namele libakeng tse hole. Joalokaha re tla ˇ bona, ho etsahetse se tsoanang mehleng ena. 1, 2. B oiteko ba ho koala batho ba Molimo molomo bo ile ba ba le phello efe e sa lebelloang lekholong la pele la lilemo? 98 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO 3 “Ba Neng ba Hasane” (Liketso 8:4-8) Filipi ke e mong oa “ba neng ba hasane.”1 (Lik. 8:4; sheba lebokose la sehlooho se reng “Filipi ‘Moevangeli,’ ” leqepheng la 100.) O ile a ea Samaria, e leng motse oo ho oona batho ba bangata ba neng ba e-s’o utloe litaba tse molemo, hobane Jesu o ne a kile a re ho baapostola: “Le se ke la kena motseng oa Basamaria; empa, ho e-na le hoo, le tsoele pele le ea linkung tse lahlehileng tsa ntlo ea Iseraele.” (Mat. 10:5, 6) Leha ho le joalo, Jesu o ne a tseba hore ka mor’a nako bopaki bo phethahetseng bo ne bo tla fihla Samaria, hobane pele a nyolohela leholimong, o ile a re: “Le tla ba lipaki tsa ka Jerusalema le ¯ ¯ Judea le Samaria kaofela le ho isa karolong e hole-hole ˇ ea lefatse.”—Lik. 1:8. 4 Filipi o ile a hlokomela hore Samaria e “soeufetse bakeng sa kotulo.” (Joh. 4:35) Molaetsa oa hae o ile oa khatholla batho ba lulang moo, ’me e le ka lebaka 1 Mona ha ho buuoe ka moapostola Filipi. Ho e-na le hoo, joalokaha ho boletsoe Khaolong ea 5 ea buka ena, ke Filipi ea neng a le har’a “banna ba supileng ba pakiloeng” ba neng ba khethiloe hore ba hlokomele mosebetsi oa ho aba lijo tsa letsatsi le letsatsi har’a bahlolohali ba Bakreste ba buang Segerike le Seheberu Jerusalema.—Lik. 6:1-6. 3. (a) Filipi ke mang? (b) Ke hobane’ng ha batho ba bangata ba ne ba e-s’o utloe litaba tse molemo S amaria, empa Jesu o ne a profetile hore ho tla etsahala’ng sebakeng seo? 4. Basamaria ba etsa’ng ha Filipi a ba bolella litaba tse molemo, hona e ka ’na eaba ba susumelitsoe ke’ng hore ba etse joalo? HO BOLELA “LITABA TSE MOLEMO MABAPI LE JESU” 99 FILIPI “MOEVANGELI” Ha mahloriso a etsa hore balateli ba Kreste ba hasane hohle, Filipi o ile a ea Samaria. Kamoo ho bonahalang kateng, o ne a sebelisana le sehlopha se busang sa lekholong la pele la lilemo, hobane “ha baapostola Jerusalema ba utloa hore Basamaria ba ne ba amohetse lentsoe la Molimo, ba [ile ba] romela Petrose le Johanne ho bona.” Sena sa fella ka hore barutuoa ba bacha ba moo ba fumane mpho ea moea o halalelang.—Lik. 8:14-17. Ka mor’a liketsahalo tse boletsoeng ho Liketso khaolo ea 8, ho buuoa ka Filipi hanngoe feela. Lilemo tse ka bang 20 ka mor’a hore Filipi a bolele litaba tse molemo ka lekhetlo la pele, moapostola Pauluse le bo-mphat’oa hae ba ile ba ea Jerusalema qetellong ea leeto la boraro la Pauluse e le moromuoa. Ba ile ba theoha Ptolemaise. Luka o re: “Letsatsing le hlahlamang ra tsoa eaba re fihla Cesarea, ’me ra kena ka tlung ea Filipi moevangeli, eo e neng e le e mong oa banna ba supileng, ’me ra lula le eena. Monna enoa o ne a e-na le barali ba bane, baroetsana, ba neng ba profeta.”—Lik. 21:8, 9. ˇ Ho bonahala eka Filipi o ne a lula tsimong eo a e abetsoeng ’me a e-na le lelapa. Hoa thahasellisa hore ebe Luka o re ke “moevangeli.” Mangolo a sebelisa lentsoe lena ha a hlalosa batho ba tlohetseng mahae a bona hore ba e’o bolela litaba tse molemo libakeng tse e-s’o sebetsoe. Kahoo ho hlakile hore Filipi o ile a lula a chesehela ˇ tsebeletso. Hape, hore ebe Filipi o ne a e-na le barali ba ˇ bane ba profetang ho bontsa hore ruri o ile a ruta lelapa la hae hore le rate Jehova ’me le mo sebeletse. 100 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO le utloahalang. Bajuda ba ne ba sa okhelane mollo le Basamaria, ’me ba bangata ba bile ba ba nena. Ka lehlakoreng le leng, Basamaria ba ile ba hlokomela hore molaetsa oa litaba tse molemo ha o khethe, ’me o fapane haholo le monahano oa Bafarisi ba leeme. Ka ho pakela Basamaria ka cheseho le ka ho hloka leeme, Filipi o ile a ˇ ˇ bontsa hore ha aa tsoaetsoa ke khethollo ea ba neng ba ˇ ba khella fatse. Kahoo, ha ho makatse hore ebe litiletile tsa Basamaria li ile tsa mamela Filipi ka “tumellano.” —Lik. 8:6. 5 Joaloka lekholong la pele la lilemo, le kajeno mahloriso ha aa koala batho ba Molimo molomo. Khafetsa, ha Bakreste ba qobelloa ho fallela sebakeng se seng—ebang ba tsoa teronkong kapa naheng e ’ngoe ho ea ho e ’ngoe—seo se ba thusitse ho bolella batho ba sebakeng seo se secha molaetsa oa ’Muso. Ka mohlala, nakong ea ˇ Ntoa ea II ea Lefatse, Lipaki Tsa Jehova li ile tsa fana ka bopaki bo matla likampong tsa mahloriso tsa Manazi. Mojuda e mong ea ileng a kopana le Lipaki likampong ˇ tseo tsa mahloriso, o re: “Sebete sa batsoaruoa bao e neng e le Lipaki Tsa Jehova se ile sa nkholisa hore tumelo ea bona e thehiloe Mangolong—’me le ’na ka ba Paki.” 5-7. B olela mehlala ea kamoo ho hasana ha Bakreste ho thusitseng hore litaba tse molemo li phatlalatsoe. HO BOLELA “LITABA TSE MOLEMO MABAPI LE JESU” 101 6 Maemong a mang, esita le bahlorisi ba ile ba amohe- la molaetsa ’me ba nka khato. Ka mohlala, ha Paki e bitsoang Franz Desch a isoa kampong ea mahloriso ea Gusen, Austria, o ile a khona ho khannela lesole la SS thuto ea Bibele. Nahana feela hore na ba ile ba thaba hakaakang ka mor’a lilengoana ha ba teana kopanong ea Lipaki Tsa Jehova ’me bobeli ba bona e le baboleli ba litaba tse molemo! 7 ˇ Ho etsahetse ntho e tsoanang ha mahloriso a etsa hore Bakreste ba balehele linaheng tse ling. Ka mohlala, lilemong tsa bo-1970, Lipaki tsa Malawi li ile tsa fana ka bopaki bo matla Mozambique ha li balehetse teng. Esita leha ho tsoha khanyetso hamorao Mozambique, mosebetsi oa boboleli o ile oa tsoela pele. Francisco Coana o ˇ ¯ re: “Ke ’nete hore ba bang ba rona ba ile ba tsoaroa ka ¯ makhetlo a ’maloa ka lebaka la mosebetsi oa rona oa boboleli. Leha ho le joalo, ha ba bangata ba amohela molaetsa oa ’Muso, re ile ra kholiseha hore re thusoa ke Molimo, feela joalokaha a ile a thusa Bakreste ba lekholong la pele la lilemo.” 8 Ke ’nete hore mahloriso hase ’ona feela a entseng 8. Maemo a lipolotiki le a moruo a bile le phello efe mosebetsing oa boboleli? 102 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO hore Bokreste bo namele linaheng tse ling. Lilemong tse mashome tsa morao tjena, liphetoho tsa lipolotiki le tsa moruo li butse menyetla ea hore molaetsa oa ’Muso o fihle ho batho ba lipuo le lichaba tse ngata. Ba bang ba tsoang linaheng tse tsekolotsoeng ke lintoa le tse futsanehileng ba balehetse libakeng tse batlang li tsitsitse ’me ba qala ho ithuta Bibele linaheng tseo ba balehetseng ho tsona. Ho fihla ha baphaphathehi ba bangata ho entse hore ho be le masimo a batho ba buang lipuo tsa linaha tse ling. Motseng oa San Diego, California, U.S.A., ho buuoa lipuo tse fetang lekholo, ’me ho thehiloe liphutheho tse ngata tsa Lipaki Tsa Jehova tsa batho ba buang lipuo tsa linaheng tse ling. Na u ikitlaelletsa ho pakela baˇ tho ba tsimong ea heno ba tsoang “lichabeng tsohle le melokong eohle le bathong bohle le malemeng ’ohle”? ˇ —Tsen. 7:9. 9 “Le ’na Mpheng Matla Ana” (Liketso 8:9-25) ˇ Filipi o ile a etsa lipontso tse ngata Samaria. Ka mo- hlala, o ile a phekola batho ba holofetseng a ba a leleka meea e khopo. (Lik. 8:6-8) Monna e mong o ile a khahloa haholo ke mehlolo eo Filipi a neng a e etsa. Monna eo ke 9. Simone e ne e le mang, hona e ka ’na eaba ke eng e ileng ea etsa hore a thahaselle Filipi? HO BOLELA “LITABA TSE MOLEMO MABAPI LE JESU” 103 Simone, ea neng a e-na le tsebo ea boselamose ’me a nkeloa holimo hoo batho ba neng ba re ka eena: “Monna enoa ke Matla a Molimo.” Simone o ile a bona matla a ’nete a Molimo, a pakoang ke mehlolo e etsoang ke Filipi, ’me ea e-ba molumeli. (Lik. 8:9-13) Leha ho le joalo, ho na le teko e ileng ea senola hore na Simone o ne a susumetsoa ke eng. Ke efe? 10 Ha baapostola ba lemoha hore ho na le keketseho Samaria, ba ile ba romela Petrose le Johanne moo. (Sheba lebokose la sehlooho se reng “Petrose o Sebelisa ‘Linotlolo Tsa ’Muso,’ ” leqepheng la 105.) Ha baapostola bao ba babeli ba fihla, ba ile ba beha matsoho holim’a barutuoa ba bacha, eaba e mong le e mong oa bona o fumana moea o halalelang.1 Ha Simone a bona sena, o ile a hlolloa. A re ho baapostola: “Le ’na mpheng matla ana, e le hore leha e le mang eo ke behang matsoho a ka holi1 Kamoo ho bonahalang kateng, ka nako eo ho ne ho tloaelehile hore barutuoa ba bacha ba tlotsoe ka moea o halalelang kapa ba o fumane ha ba ˇ kolobetsoa. Sena se ne se ba fa tsepo ea hore baˇ tla busa le Jesu e le marena le baprista leholimong. (2 Bakor. 1:21, 22; Tsen. 5:9, 10; 20:6) Leha ho le joalo, boemong bona, barutuoa bana ba bacha ha baa ka ba tlotsoa ha ba kolobetsoa. Bakreste bao ba sa tsoa kolobetsoa ba ile ba amohela moea o halalelang le matla a ho etsa mehlolo ka mor’a hore Petrose le Johanne ba behe matsoho holim’a bona. 10. (a) Petrose le Johanne ba ile ba etsa’ng S amaria? (b) Simone o ile a etsa’ng ha a bona barutuoa ba bacha ba amohela moea o halalelang ha Petrose le Johanne ba beha matsoho holim’a bona? 104 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO PETRO SE O SEBELISA “LINOTLOLO TSA ’MUS O” Jesu o ile a re ho Petrose: “Ke tla u fa linotlolo tsa ’muso oa maholimo.” (Mat. 16:19) Jesu o ne a bolela’ng? ˇ Hore ebe o buile ka “linotlolo” ho bontsa hore Petrose o ne a tla etsa hore lihlopha tse itseng li be le tsebo le monyetla oa ho kena ’Musong oa Bomesia. Petrose o ile a sebelisa linotlolo tsee neng? ˘ Petrose o ile a sebelisa senotlolo sa pele ka Pentekonta ea 33 C.E. ha a khothalletsa Bajuda le batho ba sokolohetseng Bojudeng hore ba bake ’me ba kolobetsoe. Batho ba ka bang 3 000 ba ile ba etsa joalo ’me ba ˇ tsoaeloa ho ba majalefa a ’Muso.—Lik. 2:1-41. ˘ Senotlolo sa bobeli se ile sa sebelisoa nakoana ka mor’a hore Setefane a bolaeloe tumelo. Khetlong lena, Petrose le Johanne ba ile ba beha matsoho holim’a Basamaria ba sa tsoa kolobetsoa, eaba ba amohela moea o halalelang.—Lik. 8:14-17. ˘ Petrose o ile a sebelisa senotlolo sa boraro ka 36 C.E. Selemong seo o ile a fa Balichaba ba sa bollang ˇ monyetla oa hore ba be le tsepo ea ho fumana lefa leholimong. Sena se etsahetse ha a pakela Korneliase, e leng Molichaba oa pele ea sa bollang eo e ileng ea e-ba morutuoa oa Mokreste.—Lik. 10:1-48. m’a hae a ka amohela moea o halalelang.” Simone o bile ˇ a ba tsepisa chelete, a nahana hore a ka reka matla ana a tsoang ho Molimo!—Lik. 8:14-19. HO BOLELA “LITABA TSE MOLEMO MABAPI LE JESU” 105 11 Petrose o ile a khalemela Simone ka matla. Moapo- stola Petrose o ile a re ho eena: “E se eka silevera ea hao e ka timela le uena, hobane u nahanne ho rua mpho e sa lefelloeng ea Molimo ka chelete. Ha u na karolo kapa kabelo tabeng ena, kaha pelo ea hao ha ea loka mahlong a Molimo.” Eaba Petrose o eletsa Simone hore a bake ’me ˇ a rapelle hore a tsoareloe. Petrose a re: “[Etsa] thapeli ho ˇ Jehova e le hore, haeba ho ka khoneha, u ka tsoareloa morero oa bolotsana oa pelo ea hao.” Ho hlakile hore Simone e ne e se motho ea khopo; o ne a batla ho etsa se nepahetseng, o ile a mpa a re khiri! feela. Kahoo o ile a ¯ ipiletsa ho baapostola, a re: “Lona, nketsetseng thapeli ho Jehova e le hore ho se ke ha e-ba le letho la lintho tseo le li boletseng le ka ntlelang.”—Lik. 8:20-24. 12 Tsela eo Petrose a ileng a khalemela Simone ka eona ke temoso ho Bakreste kajeno. Ha e le hantle, lentsoe la Senyesemane “simony” (bosimone) le qapiloe ka lebaka la ketsahalo ena. Bosimone bo bolela ho reka kapa ho rekisa maemo, haholo-holo a bolumeli. Ho na le mehlala e mengata ea mokhoa ona bolumeling ba bokoenehi ba 11. Petrose o re’ng ha a khalemela Simone, hona Simone o re’ng? ˇ ¯ 12. “B osimone” ke eng, hona leraba lee le t soasitse B okreste-’m otoana joang? 106 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO ¯ Bokreste-’motoana. Ha e le hantle, khatiso ea borobong ea The Encyclopædia Britannica (1878) e re: “Ha seithuti se hlahloba tlaleho ea ho khethoa ha Bapapa se fihlela qeto ea hore ha ho likhetho tse kileng tsa etsoa ho se na bosimone, ’me maemong a mangata bosimone bo etsoang likhethong e bile bo bobe ka ho fetisisa, bo soabisang ka ho fetisisa le bo totobetseng ka ho fetisisa.” 13 Bakreste ba tlameha ho qoba sebe sa bosimone. Ka mohlala, ha baa lokela ho leka ho fumana menyetla ka ho fana ka limpho tse ngata kapa thoriso e feteletseng ho bao ho bonahalang eka ba ka khona ho fana ka boikarabelo bo eketsehileng ka phuthehong. Ka lehlakoreng le leng, bao ho nkoang hore ba boemong ba ho fa ba bang menyetla ba lokela ho qoba ho ba leeme ’me ba se ke ba e fa batho ba ruileng feela. Maemo ana ka bobeli ke bosimone. Ka sebele, bahlanka bohle ba Molimo ba lokela ˇ ho itsoara joaloka ‘ba banyenyane,’ ba emele moea oa Jehova hore o ba fe boikarabelo bo khethehileng. (Luka 9: 48) Batho ba lekang ho ‘ipatlela khanya’ ha ba amohelehe mokhatlong o hlophisitsoeng oa Molimo.—Liprov. 25:27. 13. Bakreste ba tlameha ho qoba bosimone ka litsela life? HO BOLELA “LITABA TSE MOLEMO MABAPI LE JESU” 107 “Na U Tseba S eo U se Balang?” (Liketso 8:26-40) 14 Lengeloi la Jehova la laela Filipi hore a tsamaee ka tsela e tlohang Jerusalema e eang Gaza. Haeba Filipi o ne a ipotsa hore na ke hobane’ng ha a lokela ho ea moo, o ile a fumana karabo kapele hoba a kopane le leqhalaha la Moethiopia le neng le “balla holimo moprofeta Esaia.” (Sheba lebokose la sehlooho se reng “E ne e le ‘Leqhalaha’ ka Tsela Efe?” leqepheng la 109.) Moea o halalelang oa Jehova o ile oa susumelletsa Filipi hore a ee koloing ea monna eo. Ha a ntse a matha haufi le eona, o ile a botsa Moethiopia eo, a re: “Na u tseba seo u se balang?” Moethiopia a araba ka ho re: “Nka tseba joang ntle leha e mong a ka ntataisa?”—Lik. 8:26-31. 15 Moethiopia o ile a re Filipi a palame koloi. Nahana feela hore na ba ile ba bua ka eng! E ne e bile sephiri ka nako e telele hore na “nku,” kapa “mohlanka,” eo ho buuoang ka eena boprofeteng ba Esaia ke mang. (Esa. 53: 1-12) Empa, ha ba ntse ba tsamaea, Filipi o ile a hlalosetsa leqhalaha la Moethiopia hore boprofeta bona bo 14, 15. (a) “Leqhalaha la Moethiopia” e ne e le mang, hona Filipi o le fumane joang? (b) Monna oa Moethiopia o ile a etsa’ng ha a utloa molaetsa oa Filipi, hona ke hobane’ng ha ho kolobetsoa ha hae e ne e se ha lepotlapotla? (Sheba mongolo o botlaaseng ba leqephe.) 108 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO E NE E LE “LEQHALAHA” KA TSELA EFE? Lentsoe la Segerike eu·noukhos, le fetoletsoeng e le “leqhalaha,” le ka bolela motho ea ke keng a khona ho ba le bana kapa molaoli ea phahameng oa lekhotla. E ka ’na eaba balaoli ba lekhotla ba hlokomelang basali ba morena ba ne ba hlile ba faoloa, empa ho ne ho sa hlokoe hore balaoli ba bang ba faoloe, joaloka moqhatsetsi oa morena kapa mohlokomeli oa matlotlo. Ho hlakile hore leqhalaha la Moethiopia leo Filipi a ileng a le kolobetsa e ne e le molaoli ea joalo, hobane o ne a hlokomela matlotlo a morena. Ha e le hantle, ho ka thoe e ne e le letona la lichelete. Moethiopia eo e ne e boetse e le mosokolohi—ka mantsoe a mang, e ne e se Mojuda empa o ne a amohetse borapeli ba Jehova. Ha e le hantle, o ne a tsoa Jerusalema moo a neng a il’o rapela. (Lik. 8:27) Ka lebaka leo, re ka etsa qeto ea hore Moethiopia eo e ne e se leqhalaha le faotsoeng, hobane Molao oa Moshe o ne o sa lumelle banna ba faotsoeng hore e be karolo ea phutheho ea Iseraele.—Deut. 23:1. phethahetse ho Jesu Kreste. Joaloka batho ba ileng ba kolobetsoa ka Pentekonta ea 33 C.E., Moethiopia eo—ea neng a se a sokolohetse Bojudeng—o ne a tseba hantle hore na o lokela ho etsa’ng. O ile a re ho Filipi: “Bona! Metsi; ke eng se nthibelang ho kolobetsoa?” Filipi o ile a HO BOLELA “LITABA TSE MOLEMO MABAPI LE JESU” 109 ˇ kolobetsa Moethiopia eo ntle ho tsenyo ea nako!1 (Sheba lebokose la sehlooho se reng “Ho Kolobetsoa ‘Metsing.’ ”) Ka mor’a moo, moea oa Jehova o ile oa isa Filipi kabelong e ncha Ashdode, moo a ileng a tsoela pele ho bolela litaba tse molemo.—Lik. 8:32-40. 16 Kajeno Bakreste ba na le tlotla ea ho etsa mosebetsi o kang o neng o etsoa ke Filipi. Hangata, ba ba le monyetla oa ho bolela molaetsa oa ’Muso ho batho bao ba kopanang le bona ba sa rera, mohlomong ha ba le leetong. Maemong a mangata, hoa hlaka hore hase ka tsietsi ba kopaneng le motho ea thahasellang litaba tse molemo. ˇ Ha ho makatse, etsoe Bibele e bontsa ka ho hlaka hore re tataisoa ke mangeloi mosebetsing oa boboleli e le hore molaetsa o ka fihla “ho sechaba se seng le se seng le moloko o mong le o mong le leleme le leng le le leng le batho ˇ ba bang le ba bang.” (Tsen. 14:6) Jesu o hlile a profeta hore mangeloi a tla re tataisa mosebetsing oa boboleli. Papisong ea hae ea koro le mofoka, Jesu o ile a re nakong ea kotulo—e leng qetellong ea tsamaiso ea lintho—“ba¯ kotuli ke mangeloi.” O ile a phaella ka ho re lib opuoa tse1 Monna eo ha aa ka a nka khato ena ka lepotlapotla. Kaha Moethiopia eo o ne a sokolohetse Bojudeng, o ne a se a ntse a tseba Mangolo, ho akarelletsa le boprofeta bo buang ka Mesia. Kaha joale o ne a se a tseba hore na Jesu oˇ phetha karolo efe morerong oa Molimo, o ne a ka kolobetsoa ntle ho tsenyo ea nako. 16, 17. Mangeloi a phetha karolo efe mosebetsing oa boboleli kajeno? 110 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO HO KOLOBETS OA ‘METSING’ Bakreste ba kolobetsoa joang? Ba bang ba lumela hore ˇ ho tsela kapa ho fafatsa motho ka metsi phatleng ho lekane. Leha ho le joalo, leqhalaha la Moethiopia le ile la kolobetsoa ka ‘metsing.’ Bibele e re: “Ka bobeli ba theohela ka metsing, Filipi le leqhalaha.” (Lik. 8:36, 38) Haeba ho ˇ ne ho hlokahala feela hore leqhalaha leo le tseloe kapa le fafatsoe ka metsi, ho ne ho ke ke ha hlokahala hore le emise koloi ea lona pel’a metsi. Esita le metsi a fokolang feela, mohlomong a ka lekukeng, a ne a tla lekana. Ha e le hantle, mohlomong o ne a nkile lekuka hobane a tsamaea ‘tseleng e sa tsamauoeng.’—Lik. 8:26. Ho ea ka A Greek-English Lexicon, ea Liddell le Scott, lentsoe la Segerike, e leng ba·ptizo—leo lentsoe la Senyesemane “baptize” le tsoang ho lona—le bolela “ho qoelisa, ho kenya ka metsing ka ho feletseng.” Litemana tsa Bibele tse buang ka kolobetso li lumellana le tlhaloso ena. Johanne 3:23 e re Johanne “o ne a kolobetsa Aenone haufi le Salime, hobane ho ne ho e-na le metsi a mangata ˇ moo.” Ka ho tsoanang, tlaleho e buang ka kolobetso ea Jesu e re: “Ha [Jesu] a nyoloha a tsoa ka metsing a bona maholimo a ntse a aroha.” (Mar. 1:9, 10) Kahoo, ka ˇ tsoanelo Bakreste ba ’nete ba kolobetsoa ka ho qoelisoa ka ho feletseng ka metsing. na tsa moea li ne li tla “bokellela ka ntle ho ’muso oa hae lintho tsohle tse bakang ho khoptjoa le batho ba etsang ˇ ¯ tlolo ea molao.” (Mat. 13:37-41) Ka nako e tsoanang, mangeloi a ne a tla bokella bao e tla ba majalefa a ’Muso HO BOLELA “LITABA TSE MOLEMO MABAPI LE JESU” 111 leholimong—’me hamorao a bokelle “bongata bo boholo” ba “linku tse ling”—bao Jehova a batlang ho ba huleˇ la ka mokhatlong oa hae o hlophisitsoeng.—Tsen. 7:9; Joh. 6:44, 65; 10:16. 17 Bopaki ba hore sena sea etsahala ke hore batho ba ˇ ¯ bang bao re buisanang le bona tsebeletsong ea rona ba re ba ne ba ntse ba rapella thuso ea Molimo. Nahana ka phihlelo e ’ngoe ea bahoeletsi ba ’Muso ba babeli ba neng ba tsamaea le ngoana. Lipaki tsena tse peli li ne li itokisetsa ho chaisa, empa ngoana eo o ne a hlile a chesehela ho ea ntlong e latelang. Ha e le hantle, o ile a tsamaea a le mong, a fihla a kokota monyako! Ha mofumahatsana ea itseng a bula monyako, Lipaki tseo tse peli tsa atamela ’me tsa bua le eena. Li ile tsa makala ha mosali eo a li bolella hore o ne a sa tsoa rapella hore a eteloe ke motho ea ka mo thusang ho utloisisa Bibele. Li ile tsa lokisetsa hore a khanneloe thuto ea Bibele! 18 Kaha u setho sa phutheho ea Bakreste, u na le tlotla ea ho sebetsa hammoho le mangeloi ha mosebetsi oa bo¯ ¯ boleli o etsoang mehleng ea rona o ntse o hola ho feta leha e le neng pele. Le ka mohla u se ke ua nka tlotla eo hasesaane. U tla thaba haholo ha u phehella ho phatlalatsa “litaba tse molemo mabapi le Jesu.”—Lik. 8:35. ¯ 18. Ke hobane’ng ha le ka mohla re sa lokela ho nka tlotla ea r ona hasesaane? 112 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO KHAOLO EA 8 Phutheho “ea Kena Nakong ea Khotso” ¯ ¯ Saule, ea neng a hlorisa Bakreste ka sehl oh o, o fetoha ’moleli ea chesehang E Thehiloe ho Liketso 9:1-43 BANNA ba hlokofetseng ba atamela Damaseka moo ba ˇ rerileng ho etsa bokhopo! Ba tla ntsa barutuoa ba Jesu ˇ malapeng ka ntsoe li sa fohloa, ba ba tlame, ba ba hobose ebe ba ba hulanyetsa Jerusalema ho ea ahloloa ke lekhotla la Sanhedrine. 2 Saule, moeta-pele oa sehlopha sena o se a ntse a le mali matsohong.1 Nakoana pele ho mona, o ne a thabetse ho bona ha batho ba chesehelang bolumeli joaloka eena ba tlepetsa Setefane ka majoe. Setefane e ne e le morutuoa oa Jesu ea inehetseng. (Lik. 7:57–8:1) Kaha Saule ha aa khotsofalla ho hlorisa balateli ba Jesu ba lulang Jerusalema, o hlohlelletsa hore ba hlorisoe le libakeng tse ling. O batla ho fiela lequloana lena le lenyokonyane le 1 Sheba lebokose la sehlooho se reng “Saule oa Mofarisi,” leqepheng la 118. 1, 2. S aule o ne a ikemiselitse ho etsa eng Damaseka? PHUTHEHO “EA KENA NAKONG EA KHOTSO” 113 MATLA AO SAULE A NENG A E-NA LE ’ONA DAMASEKA ˇ Ho tlile joang hore Saule a be le matla a ho tsoara Bakreste naheng eo e seng ea habo? Lekhotla la Sanhedrine le moprista ea phahameng ba ne ba e-na le matla a ho bolella Bajuda hohle hore na ke sefe se nepahetseng le se fosahetseng, ’me ho bonahala eka matla a moprista ea phahameng a ne a akarelletsa le ¯ matla a ho fana ka batho ba tlotseng molao. Kahoo, mangolo a tsoang ho moprista ea phahameng a ne a tla etsa hore baholo ba lisynagoge tsa Damaseka ba etse seo ba se bolelloang.—Lik. 9:1, 2. Ho feta moo, Baroma ba ne ba file Bajuda matla a ho sebetsa linyeoe tsa bona. Ke lona lebaka le ileng la etsa hore Bajuda ba shape moapostola Pauluse “lichapo tse mashome a mane kantle ho e le ’ngoe.” (2 Bakor. 11: ´ 24) Buka ea 1 Maccabees e bua ka lengolo leo lengosa la Roma le ileng la le ngolla Ptolemy VIII oa Egepeta ka 138 B.C.E., ’me lengolo leo le ne le e-na le taelo e reng: “Haeba ho e-na le banna leha e le bafe ba kotsi ba balehileng naheng ea habo bona [ea Judea] ba tla moo, u nehelane ka bona ho moprista ea phahameng Simone, e le hore a ka ba ahlola ho latela molao oa bona.” (1 Macc. 15:21) Ka 47 B.C.E., Juliase Cesare o ile a tiisa hore moprista ea phahameng o ntse a e-na le matla ao a neng a e-na le ’ona pele esita le tokelo ea ho rarolla litsekisano tse amanang le meetlo ea Bajuda. 114 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO bitsoang “Tsela Eo.”—Lik. 9:1, 2; sheba lebokose la sehlooho se reng “Matla ao Saule a Neng a E-na le ’Ona Damaseka,” leqepheng la 114. ˇ 3 Ka tsohanyetso, leseli le khanyang le potoloha Saule. Ba tsamaeang le eena ba bona leseli empa ba ema tlekeleˇ le! Saule oa foufala ’me o oela fatse. Saule ha a sa bona, ’me o utloa lentsoe le tsoang leholimong le re: “Saule, Saule, u ntlhorisetsa’ng?” Saule o maketse, ’me o re: “U mang, Morena?” E tlameha ebe karabo eo Saule a e fumaˇ nang e mo tsosa haholo: “Ke ’na Jesu, eo u mo hlorisang.” —Lik. 9:3-5; 22:9. 4 Re ka ithuta eng mantsoeng a pele ao Jesu a a bole- llang Saule? Ho hlahloba se ileng sa etsahala ha Saule a sokoloha ho ka re tsoela molemo joang? Seo phutheho e ileng ea se etsa ha ho e-ba le nako ea khotso ka mor’a hore Saule a sokolohe se re ruta eng? 5 “U Ntlhorisetsa’ng?” (Liketso 9:1-5) Ha Jesu a emisa Saule tseleng e eang Damaseka, Ha aa ka a re: “U hlorisetsa’ng barutuoa ba ka?” Joalokaha re bone, o itse: “U ntlhorisetsa’ng?” (Lik. 9:4) Ka sebele liteko tse hlahelang balateli ba Jesu li mo ama ka ho toba. —Mat. 25:34-40, 45. ˇ 3, 4. (a) S aule o ile a etsahalloa ke eng? (b) Re tla t sohla lipotso life? 5, 6. Re ka ithuta eng mantsoeng ao Jesu a ileng a a bolella S aule? PHUTHEHO “EA KENA NAKONG EA KHOTSO” 115 6 Haeba u hatelloa ka lebaka la ho lumela ho Kreste, kholiseha hore Jehova le Jesu ba tseba seo. (Mat. 10:22, 28-31) Mohlomong teko eo e ke ke ea tloha hona joale. Hopola hore Jesu o ile a bona kamoo Saule a neng a kentse letsoho kateng lefung la Setefane, a ba a bona ha ˇ ˇ ˇ Saule a ntsa barutuoa ba tsepahalang ka ntsoe li sa fohloa matlong a bona Jerusalema. (Lik. 8:3) Leha ho le joalo, Jesu ha aa ka a etsa letho ka nako eo. Empa, Jehova o ile a sebelisa Kreste eaba o matlafatsa Setefane le baˇ rutuoa ba bang hore ba lule ba tsepahala. Le uena u ka mamella mahloriso haeba u etsa lintho ˇ tse latelang: (1) Ikemisetse ho lula u tsepahala ho sa tso¯ tellehe hore u hlaheloa ke eng. (2) Kopa thuso ea Jehova. 7 (Bafil. 4:6, 7) (3) Tlohella phetetso ho Jehova. (Bar. 12:1721) (4) Kholiseha hore Jehova o tla u fa matla a ho mamella ho fihlela a bona ho loketse hore a tlose teko eo. —Bafil. 4:12, 13. “S aule, Mor’eso, Morena . . . o Nthomile” (Liketso 9:6-17) 8 Ha a qeta ho araba potso ea Saule e reng, “U mang, Morena?” Jesu o ile a re ho eena: “Ema ’me u kene mo7. Ke eng seo u lokelang ho se etsa hore u mamelle mahloriso? 8, 9. Ho ka etsahala hore Ananiase o ile a ikutloa joang ka mosebetsi oo a o filoeng? 116 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO tseng, ’me u tla bolelloa seo u lokelang ho se etsa.” (Lik. 9:6) Saule ea foufetseng o ile a tataisetsoa moo a lulang teng Damaseka, ’me a itima lijo a ba a rapela ka matsatsi a mararo. Ka eona nako eo, Jesu o ile a bolella Ananiase ka Saule. Ananiase e ne e le morutuoa ea lulang motseng oo, ’me o ne ‘a buuoa hantle ke Bajuda bohle’ ba lulang Damaseka.—Lik. 22:12. 9 Ak’u nahane hore na Ananiase o ile a ferekana hakaa- kang! Hlooho ea phutheho, e leng Jesu Kreste ea tsositsoeng bafung, o bua le eena ka ho toba, o mo khethela hore a etse mosebetsi o khethehileng. Ke tlotla e kaakang, empa ke mosebetsi o boima hakaakang! Ha Ananiase a bolelloa hore o lokela ho bua le Saule, o ile a re: “Morena, ke utloile ho ba bangata mabapi le monna enoa, hore na ke lintho tse ngata hakae tse mpe tseo a li entseng ho bahalaleli ba hao Jerusalema. Bona! o na le matla a tsoang ho baprista ba ka sehloohong a ho kenya litlamong bohle ba ipiletsang lebitsong la hao.”—Lik. 9:13, 14. Jesu ha aa ka a khalemela Ananiase ha a mo tsebisa ˇ se mo tsoenyang. Leha ho le joalo, Jesu o ile a mo bolella 10 ka ho hlaka hore na o lokela ho etsa eng. A ba a mo hlompha ka hore a mo bolelle lebaka leo ka lona a batlang ˇ 10. Ke eng seo re ithutang sona ka Jesu tseleng eo a ileng a t soara Ananiase ka eona? PHUTHEHO “EA KENA NAKONG EA KHOTSO” 117 SAULE OA MOFARISI “Mohlankana ea bitsoang Saule” ea boleloang tlalehong ea Liketso e buang ka ho tlepetsoa ha Setefane ka majoe o ne a tsoa motseng oa Tarsase. E ne e le motse-moholo oa profinse ea Roma ea Silisia, e ka boroa ho seo kajeno e leng Turkey. (Lik. 7:58) Bajuda ba bangata ba ne ba lula motseng oo. Saule ka boeena o ile a ngola hore o ‘bololitsoe ka letsatsi la borobeli, o tsoa lesikeng la lelapa la Iseraele, ke oa moloko oa Benjamine, Moheberu ea tsoetsoeng ke Baheberu; mabapi le molao, ke Mofarisi.’ Ke ka lebaka leo ho ka etsahalang hore o ne a nkoa e le Mojuda ea hlomphehang!—Bafil. 3:5. Saule o ne a lula motseng o moholo o atlehileng moruong, oo ho oona ho neng ho atile setso sa Bagerike. ¯ Kaha Saule o holetse Tarsase, o ne a tseba Segerike. Mohlomong o kene sekolo sa mathomo sekolong sa Bajuda. O ile a ithuta ho etsa litente, e leng mosebetsi o neng o tloaelehile sebakeng seo a tsoaletsoeng ho sona. Ho ka etsahala hore ntate oa Saule o ile a mo ruta mosebetsi ona e sa le moshanyana.—Lik. 18:2, 3. Tlaleho ea Liketso e boetse e senola hore Saule e ile ea e-ba moahi oa Roma ka tsoalo. (Lik. 22:25-28) Sena se bolela hore ha a tsoaloa e mong oa baholo-holo ba hae o ne a se a fumane tokelo ea ho ba moahi oa Roma. Ha ho tsejoe hore na ho tlile joang hore lelapa labo Saule le fumane tokelo ea ho ba baahi ba Roma. Ho sa tsotellehe seo, boemo boo bo ile ba etsa hore e be ba bang ba batho ba phahameng sechabeng profinseng ea habo bona. Semelo sa Saule le thuto ea hae e ile ea etsa hore a 118 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO tsebe litso tse tharo ka botlalo—e leng Sejuda, Segerike le Seroma. Mohlomong ha Saule a le lilemo li 13 kapa ka tlaase ¯ ho moo, o ile a ea lula Jerusalema e bohole ba ˇ lik’hilomithara tse 840 ho ea ntsetsa thuto ea hae pele. Ha a le motseng oo o ile a ithuta maotong a Gamaliele, eo e neng e le mosuoe ea hlomphehang oa lineano tsa Bafarisi. —Lik. 22:3. ˇ Thuto ena e eketsehileng, e tsoanang le ho ea univesithing kajeno, e ne e akarelletsa ho ithuta Mangolo ˇ le molao oa Bajuda oa molomo esita le ho o tsoara ka hlooho. Seithuti se hloahloa sa Gamaliele se ne se ka lebella ho fumana mosebetsi o hlamatsehang, ’me ho bonahala hore Saule e ne e le seithuti se joalo. Hamorao o ile a re: “Ke ne ke hatela pele Bojudeng ho feta ba bangata ba lilemo tsa ka morabeng oa heso, kaha ke ne ke chesehela lineano tsa bo-Ntate haholo.” (Bagal. 1:14) Ho hlakile hore lebaka le ileng la etsa hore Saule a hlorise phutheho e ncha ea Bakreste haholo ke hobane o ne a chesehela moetlo oa Sejuda. hore a etse mosebetsi ona o sa tloaelehang. Jesu o ile a re ka Saule: “Monna enoa ke sejana se khethiloeng ho ’na hore se jare lebitso la ka ho ea lichabeng hammoho le ho ˇ marena le ho bara ba Iseraele. Etsoe ke tla mo bontsa ka ho hlaka hore na ke lintho tse ngata hakae tseo a tla utloisoa bohloko ke tsona bakeng sa lebitso la ka.” (Lik. 9:15, 16) Hang-hang Ananiase o ile a etsa seo Jesu a mo PHUTHEHO “EA KENA NAKONG EA KHOTSO” 119 laetseng sona. O ile a batla Saule oa mohlorisi ’me ha a mo fumana a re ho eena: “Saule, mor’eso, Morena, e leng Jesu ea ileng a bonahala ho uena tseleng eo u neng u tla ka eona, o nthomile, e le hore u ka boela ua bona ’me ua tlala moea o halalelang.”—Lik. 9:17. 11 Re ithuta lintlha tse ’maloa liketsahalong tse ama- nang le Jesu, Ananiase le Saule. Ka mohlala, Jesu o laola ˇ mosebetsi oa boboleli ka mafolofolo, joalokaha a tsepisitse. (Mat. 28:20) Le hoja Jesu a sa bue ka ho toba le batho ˇ kajeno, o laola mosebetsi oa boboleli ka lekhoba le tsepahalang leo a le khethileng hore le okamele bahlanka ba hae ba ntlo. (Mat. 24:45-47) Ba tataisoa ke Sehlopha se Busang, bahoeletsi, bo-pula-maliboho le baromuoa ba romeloa ho ea batla ba batlang ho tseba ho eketsehileng ka Kreste. Joalokaha ho boletsoe khaolong e fetileng, bongata ba bona ba rapetse Molimo hore a ba tataise eaba ka mor’a moo ba eteloa ke Lipaki Tsa Jehova.—Lik. 9:11. 12 Ka boikokobetso Ananiase o ile a etsa mosebetsi oo a o filoeng ’me a hlohonolofatsoa. Na u mamela taelo ea ho paka ka ho phethahetseng, esita leha mosebetsi oo o sa u 11, 12. Re ithuta eng liketsahalong tse amanang le Jesu, Ananiase le S aule? 120 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO ˇ jese litheohelang? Ba bang ba tsaba ho ea ka ntlo le ntlo le ho kopana le batho bao ba sa ba tsebeng. Ba bang ba thatafalloa ke ho pakela batho libakeng tsa khoebo, seteˇ ¯ rateng kapa ka fono. Ananiase o ile a hlola tsabo ea hae ’me a ba le tlotla ea ho thusa Saule hore a amohele moea ˇ o halalelang.1 Ananiase o ile a atleha hobane o ne a tsepiˇ ¯ le Jesu ’me a nka Saule e le mor’abo. Re ka hlola tsabo haeba joaloka Ananiase, re lumela hore Jesu o laola mosebetsi oa boboleli, re utloela batho bohloko ’me re nka ˇ hore esita le batho bao re ba tsabang haholo ba ka fetoha ¯ barab’abo rona.—Mat. 9:36. “A Qala ho B olela Jesu” (Liketso 9:18-30) 13 Saule o ile a potlakela ho sebelisa seo a ithutileng sona. Ha a se a bona mahlong, o ile a kolobetsoa ’me a qala ho sebelisana ’moho le barutuoa ba Damaseka. Empa o ile a etsa ho eketsehileng. “Kapele-pele ka 1 Ka ho tloaelehileng, baapostola e ne e le bona ba neng ba fetisa limpho tsa moea o halalelang. Leha ho le joalo, ketsahalong ena ho bonahala eka Jesu o ile a fa Ananiase matla a ho fetisetsa limpho tsa moea ho Saule, ‘sejana sa Hae se khethiloeng.’ Ha Saule a qeta ho sokoloha, ho ile ha feta nako e telele pele a kopana le baapostola ba 12. Leha ho le joalo, mohlomong o ne a ntse a bolela litaba tse molemo ka nako eo eohle. Kamoo ho bonahalang kateng, Jesu o ile a etsa bonnete ba hore Saule o fumana matla ao a a hlokang hore a phethe mosebetsi oa hae oa boboleli. 13, 14. Haeba u ithuta Bibele empa u e-s’o kolobetsoe, u ka ithuta eng mohlaleng oa S aule? PHUTHEHO “EA KENA NAKONG EA KHOTSO” 121 lisynagogeng a qala ho bolela Jesu, hore Enoa ke Mora oa Molimo.”—Lik. 9:20. 14 Haeba u ntse u ithuta Bibele empa u e-s’o kolobetsoe, na joaloka Saule u tla sebelisa seo u ithutang sona ka hore u kolobetsoe? Ke ’nete hore Saule o ile a bona mohlolo oo Kreste a ileng a o etsa, ’me ha ho pelaelo hore sena se ile sa mo susumelletsa hore a nke khato. Empa le ba bang ba ile ba bona mehlolo ea Jesu. Ka mohlala, sehlopha se seng sa Bafarisi se ile sa shebella ha a folisa monna ea omeletseng letsoho, ’me ka kakaretso Bajuda ba bangata ba ne ba tseba hore Jesu o tsositse Lazaro bafung. Leha ho le joalo, bongata ba bona ba ile ba iphapanyetsa mohlolo oo ’me ba bang ba ba ba mo hanyetsa. (Mar. 3:1-6; Joh. 12:9, 10) Empa Saule o ile a fetoha. Ke hobane’ng ha Saule a ile a fetoha empa ba bang ba sa ka ˇ ba fetoha? Hobane o ne a tsaba Molimo ho feta batho ’me ˇ a ananela ka ho teba mohau oo Kreste a mo bontsitseng oona. (Bafil. 3:8) Haeba le uena u etsa joalo, u ke ke ua lumella letho hore le u sitise ho etsa mosebetsi oa boboleli ˇ le ho tsoaneleha hore u kolobetsoe. Na u ka inahanela kamoo bongata bo ileng ba makaˇ la, ba tsoha ba ba ba halefa kateng ha Saule a qala ho bo15 15, 16. S aule o ile a etsa’ng lisynagogeng, ’me Bajuda ba Damaseka ba ile ba etsa joang? 122 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO lela Jesu ka lisynagogeng? Bo ile ba re: “Na eo hase eena monna ea ileng a ripitla ba leng Jerusalema ba ipiletsang lebitsong lee?” (Lik. 9:21) Ha Saule a hlalosa lebaka le fetotseng tsela eo a neng a ikutloa ka eona ka Jesu, o ile “a paka ka mabaka a utloahalang hore enoa ke Kreste.” (Lik. 9:22) Empa hase bohle ba kholisoang ke mabaka a utloahalang. A ke ke a fetola monahano oa batho ba tsitlellang ho latela lineano kapa ba sa batleng ho fetoha ka lebaka la boikhohomoso. Leha ho le joalo, Saule ha aa ka a tela. 16 Lilemo tse tharo hamorao, Bajuda ba Damaseka ba ne ba ntse ba hanyetsa Saule. Qetellong, ba ile ba leka ho mo bolaea. (Lik. 9:23; 2 Bakor. 11:32, 33; Bagal. 1:13-18) Ha morero oo o tsebahala, Saule o ile a tloha motseng oo ka lenyele, a theoloa ka baskete lesobeng la lerako la motse. Luka o re ba ileng ba balehisa Saule bosiung boo e ne e le “barutuoa ba [Saule].” (Lik. 9:25) Ho bonahala maˇ ntsoe ana a bontsa hore bonyane ba bang ba ileng ba utloa ha Saule a bolela litaba tse molemo Damaseka ba ile ba amohela molaetsa oa hae ’me ea e-ba balateli ba Kreste. 17 Ha u ne u qala ho bolella ba lelapa, metsoalle 17. (a) Batho ba etsa joang ha ba utloa ’nete ea Bibele? (b) Re lokela ho tsoela pele re etsa’ng, hona hobane’ng? PHUTHEHO “EA KENA NAKONG EA KHOTSO” 123 le ba bang litaba tse molemo tseo u ithutang tsona, mohlomong u ne u lebeletse hore bohle ba tla amohela ’nete ea Bibele hobane ea utloahala. Ho ka etsahala hore ba bang ba ile ba e amohela empa ba bangata ha baa ka ba e amohela. Ha e le hantle, e ka ’na eaba ba lelapa ba ile ba u nka u le sera. (Mat. 10:32-38) Leha ho le joalo, haeba u tsoela pele ho ntlafatsa bokhoni ba hao ba ho beha mabaˇ ka ka Mangolo, ’me u lula u itsoere joaloka Mokreste, esita le ba u hanyetsang ba ka ’na ba qetella ba fetohile. —Lik. 17:2; 1 Pet. 2:12; 3:1, 2, 7. 18 Ha Saule a kena Jerusalema, hoa utloahala hore ebe barutuoa ba ne ba sa lumele hore e se e le morutuoa. Leha ho le joalo, ha Barnabase a tiisa hore Saule e se e le morutuoa, baapostola ba ile ba mo amohela, ’me a lula le bona ka nakoana. (Lik. 9:26-28) Saule o ne a le masene ’me a se lihlong ka litaba tse molemo. (Bar. 1:16) Ka sebete o ile a bolela litaba tse molemo Jerusalema, e leng hona moo a neng a kile a hlorisa barutuoa ba Jesu Kreste ka seˇ ¯ ¯ hloho. Bajuda ba Jerusalema ba ile ba tsoha haholo ha ba hlokomela hore moeta-pele oa bona o se a ba koenehetse, ’me joale ba qala ho batla ho mo bolaea. Bibele e re: ‘Ha barab’abo ba lemoha sena, ba theolela Saule Cesarea 18, 19. (a) Ha Barnabase a tiisa hore S aule ke morutuoa, phello e bile efe? (b) Re ka etsisa Barnabase le S aule joang? 124 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO eaba ba mo romela Tarsase.’ (Lik. 9:30) Saule o ile a ikokobelletsa litaelo tseo Jesu a ileng a li fetisa ka phutheho. Sena se ile sa ruisa Saule le phutheho molemo. 19 Hlokomela hore Barnabase ke eena ea ileng a ithao- pela ho thusa Saule. Ha ho pelaelo hore mosa ona o ile oa etsa hore bahlanka bana ba Jehova ba chesehang e be metsoalle e meholo. Na joaloka Barnabase, u ikemiselitse ho ˇ thusa ba bacha ka phuthehong ka ho sebetsa le bona tseˇ beletsong ea tsimo le ho ba thusa hore ba hatele pele moeeng? Haeba u etsa joalo, u tla putsoa haholo. Haeba u mohoeletsi e mocha oa litaba tse molemo, na joaloka Saule u amohela thuso eo u e fuoang? Ka ho sebetsa le bahoeletsi ba nang le phihlelo e eketsehileng, u tla ntlafaˇ tsa bokhoni ba hao tsebeletsong, thabo ea hao e tla eketseha ’me u tla fumana metsoalle ea hlooho ea khomo. “Ba Bangata ea E-ba Balumeli” (Liketso 9:31-43) 20 Ka mor’a hore Saule a sokolohe a be a tlohe sebakeng seo a sireletsehile, “phutheho ho pholletsa le Judea le Galilea le Samaria kaofela ea kena nakong ea khotso.” (Lik. ˇ 9:31) Barutuoa ba ile ba sebelisa ‘nako ee e tsoanelang’ joang? (2 Tim. 4:2) Bibele e re ba ne ‘ba ntse ba hahoa.’ 20, 21. Bahlanka ba Molimo ba nakong e fetileng le ba hona joale ba ’nile ba sebelisa ‘nako ea khotso’ hamolemo joang? PHUTHEHO “EA KENA NAKONG EA KHOTSO” 125 ¯ Baapostola le bara ba bang babo rona ba ikarabellang ba ile ba matlafatsa tumelo ea barutuoa ’me ba etella pele ha ˇ ˇ phutheho “e ntse e tsamaea tsabong ea Jehova le matselisong a moea o halalelang.” Ka mohlala, Petrose o ile a sebelisa nako eo ho matlafatsa barutuoa ba motseng oa Lyda Thoteng ea Sharone. Ka lebaka la sena ba bangata ba lulang moo ba ile “ba retelehela ho Morena.” (Lik. 9: 32-35) Barutuoa ha baa ka ba khelosoa ke mesebetsi ea botho empa ba ile ba ikitlaetsa hore ba hlokomelane ba be ba bolele litaba tse molemo. Phello e bile hore phutheho e ile “ea tsoela pele ho ata.” 21 Ho elella bofelong ba lekholo la bo20 la lilemo, Lipa- ki Tsa Jehova linaheng tse ngata le tsona li ile tsa kena “nakong ea khotso.” Mebuso e ’nileng ea hatella batho ba ˇ Molimo ka lilemo tse mashome e ile ea oa ka tsohanyetso, ’me ha e-ba bonolo ho bolela litaba tse molemo linaheng tseo ho tsona mosebetsi o neng o thibetsoe kapa maemong a mang thibelo ea tlosoa ka ho feletseng. Lipaki tse mashome a likete li ile tsa sebelisa monyetla oo ho paka phatlalatsa, ’me ha e-ba le liphello tse babatsehang. Ka mohlala, ha Lipaki Tsa Jehova Russia li amoheloa ka molao ka 1991, ho ne ho e-na le bahoeletsi ba ’Muso ba ka tlaasenyana ho 16 000 naheng eo. Lilemo tse 16 feela ha126 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO morao ka 2007, ho ne ho e-na le ba fetang 150 000 ba bolelang litaba tse molemo ka mafolofolo. 22 Na u sebelisa tokoloho eo u nang le eona hamolemo? Haeba u lula naheng e nang le tokoloho ea bolumeli, Satane o batla ho u hoka-hoka hore u lelekise maruo ho e-na le ho hahamalla mesebetsi e amanang le ’Muso. (Mat. 13: 22) U se ke ua khelosoa. Sebelisa hamolemo nako leha e le efe ea khotso e lekanyelitsoeng e teng hona joale. E nke e le monyetla oa ho paka ka ho phethahetseng le ho haha phutheho. Hopola hore maemo a hao a ka fetoha ka ho panya ha leihlo. Nahana ka se ileng sa etsahalla Tabitha kapa Dorka¯ se. O ne a lula motseng oa Jopa o neng o se hole le oa ˇ ¯ Lyda. Morali enoa oabo rona ea tsepahalang o ile a sebe23 lisa nako le matlotlo a hae ka bohlale, a tletse “liketso tse molemo le limpho tsa mohau.” Leha ho le joalo, o ile a ˇ kula ka tsohanyetso ’me a shoa.1 Barutuoa ba Jopa, haholo-holo bahlolohali bao a neng a ba etsetsa lintho tse molemo ba ile ba sareloa haholo ha a shoa. Ha Petrose a 1 Sheba lebokose la sehlooho se reng “Dorkase—‘O ne a Tletse Liketso Tse Molemo,’ ” leqepheng la 128. 22. U ka sebelisa tokoloho eo u nang le eona hamolemo joang? 23, 24. (a) Re ithuta lintlha life tlalehong e buang ka Tabitha? (b) Re lokela ho ikemisetsa ho etsa eng? PHUTHEHO “EA KENA NAKONG EA KHOTSO” 127 D ORKASE—“O NE A TLETSE LIKETS O TSE MOLEMO” Dorkase e ne e le setho sa phutheho ea Bakreste e motseng oa Jopa o pel’a kou ea leoatle. Balumeli-’moho le eena ba ne ba mo rata hobane “o ne a tletse liketso tse molemo le limpho tsa mohau.” (Lik. 9:36) Joaloka Bajuda ba bangata ba neng ba lula libakeng tseo ho tsona ho neng ho lula Bajuda le Balichaba, Dorkase o ne a e-na le mabitso a mabeli—la Seheberu kapa Searame le la Segerike kapa Selatine. Lebitso la hae la Segerike la Dorkase e ne e le “Tabitha” ha le fetoleloa ka Searame. ˇ Mabitso ana ka bobeli a bolela “Tsephe.” Ho bonahala eka Dorkase o ile a kula a ba a shoa ka ˇ tsohanyetso. Joalokaha ho ne ho tloaelehile, setopo sa hae se ile sa hlatsuoa ’me sa lokisetsoa lepato. Se ne se behiloe kamoreng e ka holimo, mohlomong ntlong ea hae. Ka lebaka la mocheso oa Bochabela bo Hare, batho ba ne ba patoa letsatsing leo ba hlokahetseng ka lona kapa letsatsing le hlahlamang. Bakreste ba Jopa ba ne ba utloetse hore moapostola Petrose o Lyda e haufi le moo. Petrose o ne a ka khona ho tla Jopa pele Dorkase a patoa, hobane metse eo e ne e arohane ka lik’hilomithara tse ` 18 feela—e leng hoo e ka bang leeto la lihora tse ’ne ka maoto. Kahoo, phutheho e ile ea romela banna ba babeli ¯ ho ea kopa Petrose hore a tle hang-hang. (Lik. 9:37, 38) Setsebi se seng se re: “Bajuda ba boholo-holo ba ne ba ´ tloaetse ho roma mangosa ka bobeli, ’me lebaka le leng e ne e le hore le leng le tle le tiise seo le leng le se buang.” Ho ile ha etsahala’ng ha Petrose a fihla? Bibele e re: 128 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO “Ba mo isa ka kamoreng e ka holimo; bahlolohali bohle ˇ ba itlhahisa ho eena ba lla ’me ba bontsa liaparo tsa ka hare le liaparo tsa ka ntle tse ngata tseo Dorkase a neng a li etsa ha a sa ntse a e-na le bona.” (Lik. 9:39) Tse ling tsa lintho tse ileng tsa etsa hore Dorkase a ratoe haholo ¯ ke litho tsa phutheho ke hore o ne a tloaetse ho li rokela ¯ liaparo. O ne a roka liaparo tsa ka hare le tsa ka ntle. Bibele ha e re bolelle hore na ebe Dorkase o ne a reka ¯ masela ao kapa a mpa a ba rokela feela. Leha ho le joalo, o ne a rateloa mosa oa hae le “limpho tsa mohau.” E tlameha ebe Petrose o ile a angoa maikutlo ke seo a ileng a se bona kamoreng eo e ka holimo. Setsebi se bitsoang Richard Lenski se re: “Tsela eo batho bana ba ¯ neng ba lla ka eona e ne e fapane hole le eo batho ba neng ba lla ka eona tlung ea Jairuse, moo ho neng ho hiriloe basali le batho ba lerata ba letsang makolilo. Ba ne ba sa iketsise.” (Mat. 9:23) Ba ne ba siame e le kannete. Ba bangata ba entse qeto ea hore Dorkase e ne e le lesoha hobane ha ho moo ho buuoang ka monna oa hae. Ha Jesu a roma baapostola ba hae, o ile a ba fa matla a ho ‘tsosa batho ba shoeleng.’ (Mat. 10:8) Petrose o ne a bone ha Jesu a etsa mehlolo e joalo, e akarelletsang ho tsosa morali oa Jairuse, empa ha ho moo ho boleloang hore ho na le moapostola ea kileng a tsosa motho pele ho mona. (Mar. 5:21-24, 35-43) Empa joale Petrose o ile ˇ a ntsa batho kamoreng e ka holimo, eaba o rapela ka tieo ’me ka mor’a moo Tabitha a bula mahlo a ba a lula. E tlameha ebe Bakreste ba Jopa ba ile ba thaba hakaakang ha Petrose a hlahisa Dorkase a phela ho bahalaleli le bahlolohali!—Lik. 9:40-42. PHUTHEHO “EA KENA NAKONG EA KHOTSO” 129 fihla ntlong eo setopo sa hae se neng se lokisoa teng bakeng sa lepato, o ile a etsa mohlolo oo baapostola ba Jesu Kreste ba neng ba e-s’o ka ba o etsa. Petrose o ile a rapela eaba o tsosa Tabitha bafung! Inahanele feela hore na bahlolohali bao le barutuoa ba bang ba ile ba thaba hakaakang ha Petrose a ba bitsetsa ka kamoreng eo ’me a ba boˇ ntsa hore Tabitha oa phela! Ruri liketsahalo tsena li ile tsa ba matlafatsa hore ba tobane le liteko tse larileng ka pele. Hase feela mohlolo oo o ileng oa “tsejoa ho pholletsa le Jopa eohle, ’me ba bangata ea e-ba balumeli ho Morena.”—Lik. 9:36-42. 24 Re ithuta lintlha tse peli tsa bohlokoa tlalehong ena e thabisang e buang ka Tabitha. (1) Bophelo bo feta ka potlako. Kahoo, ke habohlokoa hakaakang hore re iketsetse lebitso le letle le Molimo ha monyetla o sa le teng! ˇ (Moek. 7:1) (2) Re na le tsepo e tiileng ea hore bafu ba tla tsoha. Jehova o ile a hlokomela liketso tse ngata tseo Tabitha a li entseng, ’me a mo putsa. O tla hopola boikitlae¯ tso ba rona ’me a re tsose bafung haeba re ka shoa pele ho Armagedone. (Baheb. 6:10) Ka lebaka leo, ebang hona joale re phela “nakong e likhathatso” kapa “nakong ea khotso,” a re phehelleng ho pakela Kreste ka ho phethahetseng.—2 Tim. 4:2. 130 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO KARO LO EA 3 ˙ LIKETS O 10:1–12:25 “BATHO BA LICHABA . . . BA AMOHETSE LENTSOE LA MOLIMO” LIKETS O 11:1 Na balateli ba Jesu ba Bajuda ba ne ba tla thabela ho bolella Balichaba ba sa bollang litaba tse molemo? Karolong ena, re tla bona kamoo moea oa Jehova o ileng oa thusa Bakreste hore ba atolose lerato la bona ’me ba hloke leeme, e leng se ileng sa ba susumetsa hore ba pakele batho ba lichaba. KHAOLO EA 9 “Molimo ha a Leeme” Bakreste ba qala ho bolella Balichaba ba sa bollang litaba tse molemo E Thehiloe ho Liketso 10:1–11:30 KE HOETLA selemong sa 36 C.E. ’me letsatsi lea chesa ha Petrose a ntse a rapela holim’a ntlo motseng oa Jopa o haufi le kou ea likepe. Joale ho se ho fetile matsatsi a itseng e le moeti ntlong ena. Hore ebe o lutse ntlong ena ˇ ho bontsa hore ha a leeme. Mong’a ntlo ena, e leng monna ea bitsoang Simone, ke mosuhi oa matlalo, ’me hase Bajuda bohle ba neng ba ka lula le motho ea joalo.1 Leha ho le joalo, Petrose o tla tloha a ithuta thuto ea bohlokoa mabapi le hore Jehova ha a leeme. 2 Ha Petrose a ntse a rapela, o haptjoa kelellong. Seo a ˇ se bonang ponong se ne se ka tsoenya Mojuda ofe kapa ofe. Ho theoha sejana se kang lesela la line seo ka har’a ˇ 1 Bajuda ba bang ba ne ba nkela ˇ mosuhi oa matlalo fatse hobane mosebetsi oa hae o ne o etsa hore a tsoare makoko le litopo tsa liphoofolo tse sa hloekang hammoho le lintho tse nyonyehang tseo ho neng ho hlokahala hore a li sebelise. Basuhi ba ne ba nkoa ba sa lokela ho hlaha tempeleng, ’me ba ne ba sa lokela ho etsetsa khoebo ea bona sebakeng ¯ se bohole ba litsoe tse ka tlaase ho 50 kapa limithara tse ka bang 22 ho tloha motseng. E ka ’na eaba lena ke le leng la mabaka ao ntlo ea Simone e neng e le “pel’a leoatle.”—Lik. 10:6. 1-3. Petrose o bona pono efe, hona ke hobane’ng ha ho hlokahala hore re utloisise seo e se bolelang? 132 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO sona ho nang le liphoofolo tse sa hloekang ho latela Molao. Ha Petrose a bolelloa hore a hlabe a je, o re: “Le ka mohla ha ke e-s’o je ntho leha e le efe e silafetseng le e sa hloekang.” Ka makhetlo a mararo ho thoe ho eena: “U khaotse ho bitsa lintho tseo Molimo a li hloekisitseng hore li silafetse.” (Lik. 10:14-16) Pono eo e ile ea ferekanya Petrose, empa ha aa ka a ferekana ka nako e telele. Pono ee ea Petrose e ne e bolela’ng? Ke habohlokoa ˇ hore re utloisise hore na e bolela’ng, hobane e bontsa ha3 ntle kamoo Jehova a talimang batho kateng. Kaha re Bakreste ba ’nete, re ke ke ra paka ka ho phethahetseng ka ’Muso oa Molimo ntle le hore re talime batho kamoo Molimo a ba talimang kateng. E le hore re utloisise se boleloang ke pono ea Petrose, a re hlahlobeng liketsahalo tse hlollang tse amanang le eona. ‘Ho Etsa Thapeli ho Molimo re sa Khaotse’ (Liketso 10:1-8) 4 Petrose o ne a sa tsebe hore letsatsing le etellang leo pele Cesarea, e ka bang lik’hilomithara tse 50 ka leboea, monna ea bitsoang Korneliase le eena o ile a bona pono e tsoang ho Molimo. Korneliase, molaoli oa lekholo oa Moroma, e ne e le “monna ea inehetseng.”1 E ne e boetse e le 1 Sheba lebokose la sehlooho se reng “Korneliase le Lebotho la Roma,” leqepheng la 134. 4, 5. Korneliase e ne e le mang, hona ho ile ha etsahala’ng ha a ntse a rapela? “MOLIMO HA A LEEME” 133 KORNELIASE LE LEB OTHO LA ROMA Setsi sa tsamaiso ea puso le sa sesole sa profinse ea Roma ea Judea se ne se le Cesarea. Mabotho a neng a le tlas’a taolo ea ’musisi e ne e le a masole a 500 ho ea ho a 1 000 a palameng lipere le mabotho a mahlano a masole a 500 ho ea ho a 1 000 a tsamaeang ka maoto. Hangata masole a ne a thaothoa libakeng tse laoloang ke Roma, a sa thaothoe ho baahi ba eona. Boholo ba ’ona a ne a le Cesarea, empa mabotho a manyenyane a ne a tletse hohle Judea. Lebotho le leng le ne le lula Toreng ea Antonia e Jerusalema e le hore le lebele Motheo oa Tempele le motse. Linakong tsa mekete ea Bajuda ho ne ho tlisoa Baroma ba eketsehileng motseng oo e le hore ba thibele meferefere. ˇ Lebotho le ne le arotsoe likarolo tse tseletseng tsa masole a ka bang 100, karolo ka ’ngoe e e-na le molaoli oa eona. Ka Segerike Liketso 10:1 e re Korneliase e ne le molaoli oa lekholo oa Sehlopha sa Mataliana seo mohlomong se neng se le Cesarea. Ho ka etsahala hore ebe e ne e le Lebotho la Bobeli la Italy la Baithaopi Bao e Neng e le Baahi ba Roma.1 Balaoli ba lekholo ba ne ba le boemong bo phahameng sechabeng le sesoleng ba bile ba ruile. Mohlomong moputso oa bona o ne o feta oa masole a mang ka makhetlo a 16. 1 Ka Selatine ke Cohors II Italica voluntariorum civium Romanorum. Ho na le bopaki ba hore le ne le le Syria ka 69 C.E. 134 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO hlooho ea lelapa e behang mohlala o ikhethang, hobane o ˇ ne ‘tsaba Molimo hammoho le bohle ba ntlo ea hae.’ Korneliase e ne e se mosokolohi oa Mojuda; e ne e le Molichaba ea sa bollang. Leha ho le joalo, o ne a utloela Bajuda ba hlokang bohloko, ’me a ba thusa ka lintho tsa nama. Monna enoa ea pelo e ntle o ile “a etsa thapeli ho Molimo a sa khaotse.”—Lik. 10:2. 5 Hoo e ka bang ka 3:00 thapama, Korneliase o ne a ntse a rapela eaba o bona pono eo ho eona lengeloi le ileng la re ho eena: “Lithapelo le limpho tsa hao tsa mohau li nyolohetse ka pel’a Molimo e le khopotso.” (Lik. 10:4) Ho latela tataiso ea lengeloi, Korneliase o ile a roma banna hore ba bitse moapostola Petrose. Kaha Korneliase e ne e le Molichaba ea sa bollang o ne a tla tloha a etsahalloa ke ntho e neng e e-s’o ka e mo etsahalla. O ne a tla tloha a fumana molaetsa oa poloko. 6 Na Molimo o arabela lithapelo tsa batho ba pelo li ntle kajeno ba batlang ho tseba ’nete ka eena? Nahana ka phihlelo ena. Mosali e mong oa Albania o ile a fumana Molu¯ la-Qhooa o nang le sehlooho se buang ka ho holisa bana.1 O ile a re ho Paki e neng e mo etetse: “U tla makala ha u ˇ ¯ 1 Sehlooho seo se re, “Keletso e ka Tseptjoang Ea ho Holisa Bana,” ’me se hlaha Molula-Qhooeng oa November 1, 2006, leqepheng la 4 ho ea ho 7. ˇ 6, 7. (a) Pheta phihlelo e bont sang hore Molimo o araba lithapelo tsa batho ba pelo li ntle ba batlang ho tseba ’nete ka eena. (b) Re ka etsa qeto efe ka liphihlelo tse joalo? “MOLIMO HA A LEEME” 135 ¯ utloa hore ke ntse ke rapela Molimo hore a nthuse ke holise barali ba ka. U rometsoe ke eena! U nkotlile botsekeng!” Mosali enoa le barali ba hae ba ile ba qala ho ithuta Bibele, ’me ha nako e ntse e tsamaea monna oa hae le eena a ithuta le bona. ˇ 7 Na see se etsahetse ka tsohanyetso? Le hanyenyane! Liphihlelo tsa mofuta ona li ’nile tsa etsahala khafetsa lefaˇ tseng lohle—ka makhetlo a mangata hoo ho ke keng ha ˇ thoe ke tsa tsohanyetso. Joale, re ka etsa qeto efe? Ea pele, Jehova o araba lithapelo tsa batho ba pelo li ntle ba batlang ho ithuta ka eena. (1 Mar. 8:41-43; Pes. 65:2) Ea boˇ ¯ beli, re tsehelitsoe ke mangeloi mosebetsing oa rona oa ho ˇ bolela litaba tse molemo.—Tsen. 14:6, 7. ‘Petrose o ne a Tsielehile Haholo’ (Liketso 10:9-23a) 8 Moo ‘Petrose a sa ntseng a tsielehile haholo’ hore na ´ ebe pono ena e bolela’ng a le marulelong, mangosa a Korneliase a atamela ntlo eo. (Lik. 10:17) Na Petrose, ea neng a ile a bolela ka makhetlo a mararo hore a ke ke a ja lijo tse nkoang li sa hloeka ho latela Molao, o ne a tla lumela ho tsamaea le banna baa ’me a kene lapeng la Molichaba? ˇ Ka tsela e itseng moea o halalelang o ile oa mo bontsa hore na thato ea Molimo ke efe tabeng ena. Petrose o ile a bolelloa hore: “Bona! Banna ba bararo baa u batla. Leha ho le joalo, ema, u theohele mokatong o ka tlaase ’me u 8, 9. Moea o ile oa re’ng ho Petrose, ’me o ile a nka khato efe? 136 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO tsamaee le bona, u sa belaele ho hang, hobane ke ba romile.” (Lik. 10:19, 20) Ha ho pelaelo hore pono ea sejana se kang lesela la line eo Petrose a e boneng e ile ea mo hlomella ho mamela tataiso ea moea o halalelang. 9 Ha Petrose a utloa hore Korneliase o laetsoe ke Moli´ mo hore a mo late, o ile a lumella mangosa ana a Balichaba hore a kene ka tlung “ ’me a ba amohela.” (Lik. 10:23a) Moapostola enoa oa moikokobetsi o ne a se a ntse a ikamahanya le liphetoho tse ncha tse mabapi le thato ea Molimo. 10 Ho fihlela kajeno, Jehova o tataisa batho ba hae mohaˇ to ka mohato. (Liprov. 4:18) O tataisa “lekhoba le tsepahalang le le masene” ka moea oa hae o halalelang. (Mat. 24:45) Ka linako tse ling, ho ka ’na ha etsoa liphetoho tse itseng tseleng eo re utloisisang Lentsoe la Molimo ka eona kapa tsamaisong ea mokhatlo o hlophisitsoeng. Re lokela ho ipotsa potso ena: ‘Ke nka liphetoho tse joalo joang? Na ke amohela tataiso ea moea oa Molimo litabeng tsee?’ Petrose a “Laela Hore ba Kolobetsoe” (Liketso 10:23b-48) 11 Letsatsi le hlahlamang leo Petrose a boneng pono ka ´ lona, eena le ba bang ba robong—mangosa a mararo a roˇ ¯ metsoeng ke Korneliase le ‘barab’abo rona ba tseletseng’ 10. Jehova o tataisa batho ba hae joang, ’me re ka ipotsa lipotso life? 11, 12. Petrose o ile a etsa’ng ha a fihla Cesarea, ’me o ne a ithutile eng? “MOLIMO HA A LEEME” 137 ba Bajuda ba tsoang Jopa—ba leba Cesarea. (Lik. 11:12) Kaha Korneliase o ne a lebeletse Petrose, o ne a bokeletse “beng ka eena le metsoalle e haufi-ufi”—bao ho hlakileng hore kaofela e ne e le Balichaba. (Lik. 10:24) Ha Petrose a fihla, a etsa ntho e ’ngoe eo ho seng mohla a kileng a nahana hore a ka e etsa: A kena ka tlung ea Molichaba ea sa bollang! Petrose a re: “Le tseba hantle kamoo ho sa lumelloeng ke molao hore Mojuda a ikopanye le motho oa morabe o mong kapa a mo atamele; leha ho le joalo Molimo o ˇ mpontsitse hore ha kea lokela ho re motho o silafetse kapa ha aa hloeka.” (Lik. 10:28) Nakong ena Petrose o ile a utloisisa hore morero oa pono ena e ne e se feela ho mo ruta ka mofuta oa lijo tseo motho a lokelang ho li ja. Ha aa lokela “ho re motho [esita le Molichaba] o silafetse.” 12 E mong le e mong ea neng a le teng o ne a labalabela ho utloa seo Petrose a tla ba bolella sona. Korneliase o ile a re: “Kaofela re teng ka pel’a Molimo ho utloa lintho tsohle tseo Jehova a u laetseng hore u li bue.” (Lik. 10:33) Ak’u inahanele hore na u ne u tla ikutloa joang haeba motho ea thahasellang a u bolella seo! Petrose o ile a qala puo ea hae ka mantsoe ana a matla, a re: “Kannete-nete kea lemoha hore Molimo ha a leeme, empa sechabeng se ˇ seng le se seng motho ea mo tsabang le ea sebetsang ho loka oa amoheleha ho eena.” (Lik. 10:34, 35) Petrose o ne a ithutile hore pono ea Molimo ka batho ha e susumetsoe 138 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO ke morabe, mofuta kapa ponahalo ea motho. Petrose o ile ˇ a tsoela pele ho paka ka tsebeletso ea Jesu, lefu la hae le tsoho. 13 Ho ile ha etsahala ntho eo ho seng mohla e kileng ea etsahala: “Ha Petrose a sa ntse a bua,” moea o halalelang ˇ oa tsolleloa holim’a ‘batho bao ba lichaba.’ (Lik. 10:44, 45) Tlaleho ena ea Mangolo ke eona feela e buang ka moea o ˇ tsolleloang ho batho pele ba kolobetsoa. Ha Petrose a ˇ bona pontso ena ea hore Molimo o ba amohetse o ile a “laela hore [sehlopha seo sa Balichaba se] kolobetsoe.” (Lik. 10:48) Ho sokoloha hona ha Balichaba ka 36 C.E. ho ˇ ile ha bontsa hore Jehova ha a sa sebelisana le Bajuda ka tsela e khethehileng. (Dan. 9:24-27) Kaha Petrose e ne e le eena ea li hulang pele ketsahalong ena, o ile a sebelisa ‘senotlolo sa ’muso’ sa boraro ebile e le sa ho qetela. (Mat. 16:19) Senotlolo sena se ile sa bulela Balichaba ba sa bollang monyetla oa ho ba Bakreste ba tlotsitsoeng ka moea. ¯ 14 Rona baboleli ba ’Muso ba kajeno, rea hlokomela hore “Molimo ha a leeme.” (Bar. 2:11) Thato ea hae ke hore “batho ba mefuta eohle ba pholohe.” (1 Tim. 2:4) Ka hona, le ka mohla ha rea lokela ho ahlola batho ka chebahalo ea ¯ bona. Mosebetsi oa rona ke ho paka ka ho phethahetseng 13, 14. (a) Ho sokoloha ha Korneliase le Balichaba ba bang ka 36 C.E. e bile habohlokoa joang? (b) Ke hobane’ng ha re sa lokela ho ahlola batho ka chebahalo ea bona? “MOLIMO HA A LEEME” 139 ka ’Muso oa Molimo, ’me seo se akarelletsa ho bolela litaba tse molemo ho batho bohle, ho sa tsotellehe hore na ke ba morabe ofe, mofuta ofe, kapa bolumeli bofe. “Ba Inehela Ntle ho Khang, ’me ba Tlotlisa Molimo” (Liketso 11:1-18) 15 Ho ka etsahala hore Petrose o ne a chesehela ho ea Jerusalema a e’o bolela se etsahetseng. Ho bonahala hore litaba tsa hore Balichaba ba sa bollang ba “amohetse lentsoe la Molimo” li ile tsa fihla pele a fihla. Kapele ka ˇ mor’a hore Petrose a fihle, “batsehetsi ba lebollo ba qala ˇ ho phehisana le eena.” Ba ne ba tsoentsoe ke hore ebe o kene “ka tlung ea banna ba neng ba sa bolla ’me o ne a jele le bona.” (Lik. 11:1-3) Taba e ne e se hore na Balichaba e ne e ka ba balateli ba Kreste. Ho e-na le hoo, barutuoa bao ba Bajuda ba ne ba hlile ba phehella hore ho hlokahala hore Balichaba ba boloke Molao—ho akarelletsa le oa lebollo—e le hore ba sebeletse Jehova ka tsela e amohelehang. Ho hlakile hore barutuoa ba bang ba Bajuda ba ne ba thatafalloa ho amohela hore Molao oa Moshe ha o sa sebetsa. 16 Petrose o ile a hlalosa seo a se entseng joang? Ho ea ` ka Liketso 11:4-16, o ile a bua ka lintho tse ’ne tse neng ˇ li bontsa hore o fumane tataiso e tsoang leholimong: 15, 16. Ke hobane’ng ha Bakreste ba bang ba Bajuda ba ile ba phehisana le Petrose, ’me o ile a hlalosa lebaka la seo a se entseng joang? 140 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO ˇ (1) pono eo Molimo a ileng a mo bontsa eona (Temana ea 4-10); (2) taelo ea moea (Temana ea 11 le 12); (3) lengeloi le ileng la etela Korneliase (Temana ea 13 le ea 14); le ˇ (4) ho tsolleloa ha moea o halalelang holim’a Balichaba. (Temana ea 15 le 16) Petrose o ile a lihela likhala ka ho botsa potso e matla, a re: “Ka hona, haeba Molimo a ile a ba fa [Balichaba ba lumelang] mpho [ea moea o halalelang] e ˇ ¯ tsoanang e sa lefelloeng joalokaha a ile a fa le rona [Bajuda] ba lumetseng ho Morena Jesu Kreste, ’na ke ne ke le mang hore nka khona ho sitisa Molimo?”—Lik. 11:17. Bopaki boo Petrose a ileng a fana ka bona bo ile ba ˇ qobella Bakreste bao ba Bajuda hore ba bontse hore na ba 17 eme hokae. Na ba ne ba tla khona ho tlohela leeme ka ho feletseng ’me ba amohele Balichaba ba sa tsoa kolobetsoa e le Bakreste-’moho le bona? Bibele e re: “Joale ha [baapostola le Bakreste ba bang ba Bajuda] ba utloa lintho tsena, ba inehela ntle ho khang, ’me ba tlotlisa Molimo, ba re: ‘Joale, he, Molimo o nehile le batho ba lichaba pako ka morero oa hore ba phele.’ ” (Lik. 11:18) Boikutlo boo bo botle bo ile ba etsa hore phutheho e momahane. 18 Hore phutheho e momahane e ka ba phephetso, hoba- ne barapeli ba ’nete ba tsoa “lichabeng tsohle le melokong 17, 18. (a) B opaki ba Petrose bo ile ba hlahisetsa Bakreste ba Bajuda teko efe? (b) Ke hobane’ng ha ho se bonolo hore phutheho e momahane, ’me re lokela ho ipotsa lipotso life? “MOLIMO HA A LEEME” 141 ˇ eohle le bathong bohle le malemeng ’ohle.” (Tsen. 7:9) Ka lebaka leo liphuthehong tse ngata ho na le batho ba meraˇ be, litso le limelo tse sa tsoaneng. Re lokela ho ipotsa lipoˇ tso tsena: ‘Na ke ntsitse leeme ka metso pelong ea ka? Na ˇ ke ikemiselitse hore le ka mohla tsela eo ke tsoarang barab’eso ba Bakreste ka eona e se ke ea susumetsoa ke meˇ khoa ea lefatse lee e arolang batho—e kang bochaba, boikutlo ba ho phahamela merabe e meng, ho ikakasa ka setso le khethollo ea morabe?’ Hopola se ileng sa etsahalla Petrose (Kefase) lilemo tse itseng ka mor’a hore Balichaba ba pele ba sokolohe. O ile a susumetsoa ke leeme la ba bang, ’me a “qala ho tloha le ho ikhetha” ho Bakreste ba Balichaba ’me Pauluse a tlameha ho mo khalemela. (Bagal. 2:11-14) Re lokela ho lula re itebetse khahlanong le leraba la leeme. ¯ ¯ “Palo e Kh ol o . . . ea Fetoha Balumeli” (Liketso 11:19-26a) 19 Na balateli ba Jesu ba ile ba qala ho bolella Balichaba ba sa bollang litaba tse molemo? Hlokomela hore na ho ile ha etsahala’ng hamorao Antioke ea Syria.1 Motse ona o ne o e-na le Bajuda ba bangata, empa ho ne ho se na bora bo 1 Sheba lebokose la sehlooho se reng “Antioke ea Syria,” leqepheng la 144. 19. Bakreste ba Bajuda ba Antioke ba ile ba qala ho bolella bo-mang litaba tse molemo, hona liphello ea e-ba life? 142 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO bokaalo pakeng tsa Bajuda le Balichaba. Ka hona, Antioˇ ke e ne e le tsimo e ntle eo ho eona Balichaba ba ka bolelloang litaba tse molemo. Ke sebakeng sena moo barutuoa ba bang ba Bajuda ba ileng ba qala ho bolella “batho ba buang Segerike” litaba tse molemo. (Lik. 11:20) E ne e se Bajuda ba buang Segerike feela ba neng ba bolelloa litaba tse molemo empa li ne li bolelloa le Balichaba ba sa bollang. Jehova o ile a hlohonolofatsa mosebetsi ona, ’me ¯ ¯ “palo e kholo . . . ea fetoha balumeli.”—Lik. 11:21. 20 Phutheho ea Jerusalema e ile ea romela Barnabase Antioke hore a pakele batho bana ba ikemiselitseng ho mamela. Batho ba bangata ba ne ba thahasella litaba tse molemo hoo mosebetsi ona o neng o le mongata haholo ˇ bakeng sa motho a le mong. Ke mang ea neng a ka tsoaneleha hamolemo ho mo thusa mosebetsing oo haese Saule, eo e neng e tla ba moapostola ho lichaba? (Lik. 9:15; Bar. 1:5) Na Barnabase o ne a tla nka hore Saule o tla qothisana lehlokoa le eena? Ho fapana le hoo, Barnabase o ile a inyenyefatsa. O ile a ithaopela ho ea Tarsase, a ea batla Saule, ’me a mo khutlisetsa Antioke hore a tl’o mo thusa. Ba ile ba sebetsa hammoho ka nako e etsang selemo ba khothatsa barutuoa phuthehong ea sebaka seo.—Lik. 11: 22-26a. ˇ 20, 21. Barnabase o ile a bont sa joang hore o inyenyefalitse, hona re ka boˇ ˇ ˇ nt sa boinyenyefatso bo t soanang joang t sebeletsong? “MOLIMO HA A LEEME” 143 ANTIOKE EA SYRIA ¯ Antioke ea Syria e ne e le haufi le noka ea Orontes, e bo¯ hole ba lik’hilomithara tse ka bang 30 ho tloha motseng ¯ oa Seleusia o koung ea Mediterranean ’me e le bohole ba lik’hilomithara tse ka bang 550 ka leboea ho Jerusalema. (Lik. 13:4) Seleucus I Nicator, e leng eena ’musi oa pele ’Musong oa Seleusia, o ile a theha Antioke ka 300 B.C.E. Kaha Antioke e ne e le motse-moholo oa ’muso oo, kapele e ile ea e-ba motse oa bohlokoa haholo. Ka 64 B.C.E., molaoli oa mabotho a Roma ea bitsoang Pompey o ile a etsa Syria profinse ea Roma, ’me Antioke ea e-ba motse-moholo oa eona. Lekholong la pele la lilemo C.E., har’a metse ea ’Muso oa Roma, motse-moholo ona o ne o latela Roma le Alexandria ka boholo le ka leruo. Antioke e ne e le setsi sa khoebo le sa lipolotiki. Thepa e rekisoang ea Syria eohle e ne e feta moo pele e fetisetsoa libakeng tsohle tse haufi le leoatle la Mediterranean. Setsebi se seng se re: “Kaha e ne e le pel’a moeli o pakeng tsa sebaka seo Bagerike le Baroma ba neng ba lula ho sona le libaka tse ka bochabela, e ne e kopantse batho ba lichaba ˇ tse sa tsoaneng ho feta boholo ba metse ea Magerike.” Ho ne ho e-na le Bajuda ba bangata Antioke, ’me ho latela rahistori oa Mojuda ea bitsoang Flavius Josephus ba “ile ba sokolla Bagerike ba bangata” ba neng ba lula moo. ˇ Re ka bontsa joang hore rea inyenyefatsa ha re phetha ˇ ˇ ¯ tsebeletso ea rona? Tsobotsi ena e akarelletsa ho amohela ˇ ¯ mefokolo ea rona. Kaofela re na le bokhoni bo sa tsoa21 144 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO neng. Ka mohlala, ba bang ba ka ipabola ha ba tsamaisa lingoliloeng empa ba thatafalloa ke ho etsa maeto a ho boela le ho qala lithuto tsa Bibele. Haeba u rata ho ntlafatsa ˇ ˇ litsobotsing tse itseng tsa tsebeletso, ke hobane’ng ha u sa ¯ kope thuso? Ka ho etsa joalo, u ka finyella ho hongata ’me ˇ u thabe haholo tsebeletsong.—1 Bakor. 9:26. 22 Ho Romeloa “Lithuso” (Liketso 11:26b-30) Ke Antioke moo ka lekhetlo la pele “barutuoa ba ileng ba bitsoa Bakreste ka tataiso ea Molimo.” (Lik. 11:26b) Lebitso leo le amoheloang ke Molimo le hlalosa hantle batho ba latelang Kreste. Ha batho ba lichaba ba fetoha Bakreste, na ho ile ha e-ba le kamano ea bara ba motho pakeng tsa balumeli ba Bajuda le ba Balichaba? Hlokome¯ ¯ la se ileng sa etsahala ha ho e-ba le tlala e kholo hoo e ka bang ka 46 C.E.1 Mehleng ea boholo-holo, tlala e ne e ama haholo batho ba futsanehileng, ba neng ba se na chelete e ngata kapa lijo. Nakong ena ea tlala, Bakreste ba Bajuda ba lulang Judea, bao boholo ba bona ho neng ho bonahala e le batho ba futsanehileng, ba ne ba hloka lijo le lintho ¯ tse hlokahalang. Ha barab’abo rona ba Antioke—ho akarelletsa le Bakreste ba Balichaba—ba hlokomela hore ¯ ¯ 1 Rahistori oa Mojuda ea bitsoang Josephus, o bua ka ‘tlala eo e kholo’ nakong ea puso ea Moemphera Claudiase (41-54 C.E.). ¯ ˇ 22, 23. Barab’abo r ona ba Antioke ba ile ba bont sa lerato la bona joang, ’me ˇ batho ba Molimo ba etsa se t soanang joang kajeno? “MOLIMO HA A LEEME” 145 ¯ barab’abo rona ba Judea ba hloka lintho tsena, ba ile ba ba romela “lithuso.” (Lik. 11:29) Ruri lena ke lerato la sebele la bara ba motho. ˇ 23 Hoa tsoana le har’a batho ba Molimo kajeno. Ha re ¯ utloela hore barab’abo rona ba linaheng tse ling kapa na¯ heng ea habo rona baa hloka, re ikemisetsa ho ba thusa. Likomiti Tsa Makala li potlakela ho lokisetsa hore ho etsoe likomiti tsa liphallelo e le hore li hlokomele barab’a¯ bo rona bao ho ka etsahalang hore ba anngoe ke likoluoa ˇ tsa tlhaho, ho akarelletsa maholiotsoana, litsisinyeho tsa ˇ ˇ lefatse le litsunami. Liphallelo tsena tsohle li bontsa hore re bara ba motho ba momahaneng e le kannete.—Joh. 13: 34, 35; 1 Joh. 3:17. 24 Kaha re Bakreste ba ’nete, re nka ka ho teba se boleloang ke pono eo Petrose a ileng a e bona ha a le marulelong a ntlo Jopa lilemong tse fetileng tse fetang 1 900. Re rapela Molimo ea se nang leeme. Thato ea hae ke hore re pake ka ho phethahetseng ka ’Muso oa hae, ’me seo se akarelletsa ho bolella ba bang litaba tse molemo ho sa tsotellehe hore na ke ba morabe ofe, sechaba sefe kapa boemo ba bona ke bofe sechabeng. Joale a re ikemisetseng ho fa batho bohle ba tla re mamela monyetla oa ho amohela litaba tse molemo.—Bar. 10:11-13. ˇ 24. Re ka bont sa joang hore re nka ka ho teba se boleloang ke pono ea Petrose? 146 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO KHAOLO EA 10 “Lentsoe la Jehova ¯ la Tsoela Pele ho Hola” Petrose oa lopolloa, ’me mahloriso ha a thibele ho phatlalatsoa ha litaba tse molemo E Thehiloe ho Liketso 12:1-25 ˇ ¯ ¯ HO UTLOAHALA lerata ha heke e kholo ea tsepe e khahleloa ha Petrose a kena. O isoa seleng ea hae a tlameletsoe ho balebeli ba babeli ba Baroma. Ka mor’a moo ho feta lihora tse ngata, mohlomong le matsatsi a mangata a letetse ho utloa hore na ho tla etsahala’ng ˇ ka eena. Ha a bone letho haese mabota le litsepe tsa chankana, liketane tseo a tlanngoeng ka tsona le balebeli ba hae. 2 Qetellong Petrose o fuoa kahlolo e boima. More- na Heroda Agripa I o batla ho bona Petrose a shoele.1 Ha e le hantle, Petrose o tla hlahisoa ka pel’a sechaba ka mor’a Paseka, ’me kahlolo ea hae ea lefu e tla se hlatsoa ˇ pelo. Sena hase tsoso feela tjee. ’Musi enoa o sa tsoa 1 Sheba lebokose la sehlooho se reng “Morena Heroda Agripa I,” leqepheng la 148. 1-4. Petrose o tobana le boemo bofe bo thata, hona u ne u ka ikutloa joang ha u le eena? ¯ “LENTSOE LA JEHOVA LA TSOELA PELE HO HOLA” 147 MORENA HERODA AGRIPA I Heroda Agripa I, ea ileng a re Jakobo a bolaoe ’me Petrose a koalloe chankaneng, e ne e le setloholo sa Heroda e Moholo. Bo-Heroda e ne e le lesika la babusi ba neng ba busa Bajuda. E ne e le ba lelapa la Baidumea, e leng Baedomo. Baidumea ba ne ba nkoa e le Bajuda, kaha ba ne ba qobeletsoe ho bolla hoo e ka bang ka 125 B.C.E. Heroda Agripa I o tsoetsoe ka 10 B.C.E., ’me a kena sekolo Roma. E ile ea e-ba motsoalle oa litho tse fapa-fapaneng tsa lelapa la borena. E mong oa metsoalle eo e ne e le Gaiase, ea tloaetsoeng ka lebitso la Caligula, eo e ileng ea e-ba moemphera ka 37 C.E. Ka mor’a nakoana o ile a phatlalatsa hore Agripa ke morena oa Iturea, Trakonitise, le Abilene. Hamorao, Caligula o ile a akarelletsa Galilea le Perea libakeng tse busoang ke Agripa. Agripa o ne a le Roma ha Caligula a bolaoa ka 41 C.E. Ho tlalehoa hore Agripa o ile a etsa mosebetsi oa bohlokoa oa ho rarolla mathata a ileng a e-ba teng ka mor’a moo. O ile a kenya letsoho lipuisanong tse matla pakeng tsa motsoalle e mong ea hlaheletseng, Claudiase, le Ntlo ea Senate ea Roma. Ho ile ha fella ka hore Claudiase a etsoe moemphera eaba ho qojoa ntoa ea lehae. Claudiase o ile a leboha Agripa bakeng sa bonamoli ba hae ka ho mo etsa morena oa Judea le Samaria, e neng e laoloa ke babusisi ba Roma ho tloha ka 6 C.E. Kahoo Agripa o ile a laola libaka tse lekanang le tse neng li laoloa ke Heroda e Moholo. 148 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO Motse-moholo oa Agripa e ne e le Jerusalema, e leng ˇ moo a ileng a tsehetsoa ke baeta-pele ba bolumeli. Ho tlalehoa hore o ne a boloka molao le lineano tsa Bajuda ka hloko, ka ho etsa lintho tse kang ho nyehela mahlabelo kamehla tempeleng, ka ho bala Molao phatlalatsa le ka ho iketsa “mosireletsi ea chesehang oa ˇ tumelo ea Bajuda.” Leha ho le joalo, o ile a bontsa hore hase morapeli oa Molimo ka ho hlophisa lipapali ˇ tsa ntoa lebaleng la lipapali le lipontso tsa bahetene lebaleng la liketsahalo. Ho thoe Agripa e ne e le “motho ea bolotsana, oa moikaketsi, ea hafakang lintho.” bolaea e mong oa baapostola-’moho le Petrose—e leng Jakobo. 3 Ke mantsiboea a pele a bolaoa. Petrose o nahana ka eng ha a le ka seleng ea hae e lefifi? Na o hopola lilemong tse fetileng ha Jesu a re o ne a tla tlangoa ’me a isoe moo a sa rateng—a e’o bolaoa? (Joh. 21:18, 19) Mohlomong Petrose o ipotsa hore na ebe nako eo e se e fihlile. 4 U ne u tla ikutloa joang ha u le Petrose? Ba bangata ˇ ba ne ba tla nyahama, ba nka hore ha ho sa na tsepo. Leha ho le joalo, na ho na le boemo bofe kapa bofe boo kannete bo ka hlokisang molateli oa ’nete oa Jesu Kreste ˇ tsepo? Re ka ithuta’ng tseleng eo Petrose le Bakresteˇ ’moho le eena ba ileng ba itsoara ka eona ha ba hlorisoa? A re boneng. ¯ “LENTSOE LA JEHOVA LA TSOELA PELE HO HOLA” 149 “Phutheho e ne e Ntse e mo Rapella ka Matla” (Liketso 12:1-5) 5 Joalokaha re ithutile khaolong e fetileng ea buka ena, phutheho ea Bakreste e ile ea thaba haholo ha Korneliase oa Molichaba le ba lelapa la hae ba sokoloha. Empa e ˇ tlameha ebe Bajuda ba sa lumelang ba ile ba tsoha ha ba hlokomela hore Bakreste ba bangata ba Bajuda ba ne ba se ba rapela ka bolokolohi le batho bao e seng Bajuda. 6 Heroda, ralipolotiki oa lemenemene, o ile a bona hore ona ke monyetla oa ho khahlisa Bajuda, eaba o qala ho hlorisa Bakreste. Mohlomong o ile a utloa hore moapostola Jakobo e ne e le mathe le leleme le Jesu Kreste. Ka lebaka leo, Heroda o ile a “bolaea Jakobo mor’abo Johanne ka sabole.” (Lik. 12:2) E ile ea e-ba boemo bo boima hakaakang phuthehong! Jakobo e ne e le e mong oa ¯ ba bararo ba boneng ka mahlo ha Jesu a fetoha seb opeho ’me a bone le mehlolo e meng e neng e sa senoleloa baapostola ba bang. (Mat. 17:1, 2; Mar. 5:37-42) Jesu o ne a rehile Jakobo le mor’abo Johanne lebitso la “Bara ba Sealuma” ka lebaka la cheseho ea bona e matla. (Mar. 3: 17) Kahoo phutheho e ile ea lahleheloa ke paki e sebete ˇ le e tsepahalang, ebile e le moapostola ea ratoang. 5, 6. (a) Ke hobane’ng ha Morena Heroda Agripa I a ile a hlasela phutheho ea Bakreste, hona o ile a e hlasela joang? (b) Ke hobane’ng ha lefu la Jakobo le ile la baka boemo bo boima phuthehong? 150 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO 7 Bajuda ba ile ba thabela lefu la Jakobo, e leng seo Agripa a neng a se lebeletse. Kaha sena se ile sa mo fa sebete, o ile a batla ho bolaea le Petrose. Joalokaha ho boˇ letsoe sethathong, o ile a re Petrose a tsoaroe. Leha ho le joalo, mohlomong Agripa o ile a hopola hore nakong e fetileng baapostola ba ne ba ile ba lokolloa chankaneng ka mohlolo, joalokaha ho boletsoe Khaolong ea 5 ea buka ena. Kaha monna ha a bone habeli, Heroda o ile a re Petrose a tlamelloe pakeng tsa balebeli ba babeli, ’me ˇ ho be le balebeli ba 16 ba sebetsang bosiu le motsehare ho tiisa hore a se ke a baleha. Ha a ne a ka baleha, balebeli bao ba ne ba tla jara kahlolo ea Petrose. Bakreste’moho le Petrose ba ne ba tla etsa’ng maqakabetsing a joalo? 8 Phutheho e ne e tseba hantle hore na e lokela ho etsa’ng. Liketso 12:5 e re: “Ka lebaka leo Petrose o ne a ntse a bolokiloe chankaneng; empa phutheho e ne e ntse e mo rapella ka matla ho Molimo.” Ka sebele, ba ile ba rapella mor’abo bona ea ratehang ka tieo le ho tsoa botebong ba pelo. Lefu la Jakobo ha lea ka la ba nyahamisa; ebile ha lea ka la etsa hore ba nke hore thapelo ha e na thuso. Jehova o nka lithapelo e le tsa bohlokoa. Haeba li lumellana le thato ea hae, o tla li araba. 7, 8. Phutheho e ile ea etsa joang ha Petrose a koalloa chankaneng? ¯ “LENTSOE LA JEHOVA LA TSOELA PELE HO HOLA” 151 (Baheb. 13:18, 19; Jak. 5:16) Ena ke thuto eo Bakreste ba lokelang ho e nka ka ho teba. 9 Na u tseba balumeli-’moho le uena ba tobaneng le liteko? Mohlomong baa hlorisoa, ba thibetsoe ke mebuso kapa ba oetsoe ke likoluoa tsa tlhaho. Ke hobane’ng ha u sa ba rapelle ho tsoa botebong ba pelo? Mohlomong u tseba le ba bang ba tobaneng le mathata a sa hlokomeleheng, joaloka mathata a lelapa, ho nyahama kapa teko e ’ngoe ea tumelo. Haeba u nahanisisa pele u rapela, u ka ’na ua hopola batho ba ’maloa bao u ka ba bolelang ka mabitso ha u ntse u bua le Jehova, “Ea Utloang thapelo.” (Pes. 65:2) Ha e le hantle, u lebeletse hore bara le barali ˇ beno ba u rapelle ka tsela e tsoanang ha u le tsietsing. “U ’ne U Ntatele” (Liketso 12:6-11) ˇ 10 Na Petrose o ne a tsoenyehile ka kotsi eo a tobaneng le eona? Re ke ke ra tiisa, empa bosiung boo ba ho qetela a le chankaneng, o ne a robetse thuoe! pakeng tsa baleˇ beli ba babeli ba ntsitseng mahlo linameng. Ruri monna ˇ enoa ea tsepahalang o ne a tseba hore ho sa tsotellehe se etsahalang letsatsing le hlahlamang, o sireletsehile matsohong a Jehova. (Bar. 14:7, 8) Leha ho le joalo, mohlo9. Re ka ithuta’ng mohlaleng o behiloeng ke Bakreste-’moho le Petrose tabeng ea thapelo? 10, 11. Hlalosa hore na lengeloi la Jehova le ile la lopolla Petrose joang chankaneng. 152 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO mong Petrose o ne a sa tsebe se tla tloha se etsahala. Ka ˇ tsohanyetso, khanya e matla e ile ea re chapha! ka seleng ea hae. Eaba Petrose o bona lengeloi leo ho bonahalang eka balebeli ba ne ba sa le bone, ’me la mo tsosa kapele. Eaba liketane tseo a neng a tlanngoe ka tsona matsohong —tse neng li bonahala li tiile—lia oa! 11 Lengeloi le ile la laela Petrose, la re: “Tsoha kapele! . . . Itlame ’me u fase meqathatso ea hao. . . . Apara seaparo sa hao sa ka ntle.” Petrose o ile a etsa joalo ntle ho tikatiko. Qetellong lengeloi la re ho eena: “U ’ne u ntatele,” ’me Petrose a etsa joalo. Ba ile ba tsoa ka seleng, ba feta hona pel’a balebeli ba emeng ka ntle, eaba ka lenyele ˇ ¯ ¯ ba ea hekeng e kholo ea tsepe. Ba ne ba tla tsoa joang? Haeba Petrose o ile a ipotsa potso eo, o ile a fumana karabo kapele. Ha ba atamela hekeng, e ile “ea ipula.” Ha Petrose a sa ntse a maketse, ba tsoela seterateng, eaba lengeloi lea nyamela. Petrose o ile a sala moo, eaba ke hona ho reng etlo! E ne e se pono. O ne a lokolohile! —Lik. 12:7-11. 12 ¯ Na ho nahanisisa ka matla a Jehova a sa hloloeng ke letho a ho lopolla batho ba hae ha ho khothatse? Petrose ˇ o ne a kentsoe litlamong ke morena ea neng a tsehelitsoe 12. Ho nahanisisa ka tsela eo Jehova a ileng a lopolla Petrose ka eona ho ka re khothatsa joang? ¯ “LENTSOE LA JEHOVA LA TSOELA PELE HO HOLA” 153 ke puso e matla ka ho fetisisa e kileng ea e-ba teng lefaˇ tseng. Leha ho le joalo, o ile a itsoela habonolo feela chankaneng! Ke ’nete hore Jehova ha a etsetse bahlanka bohle ba hae mehlolo e joalo. Ha aa ka a o etsetsa Jakobo; ebile ha aa ka a o etsetsa Petrose hamorao, ha mantsoe ao Jesu a a buileng ka moapostola enoa a qetella a phethahetse. Kajeno Bakreste ha baa lebella ho lopolloa ka mohlolo. Leha ho le joalo, re lula re hopola hore Jehova ha a e-s’o fetohe. (Mal. 3:6) Haufinyane o tla sebelisa Mora oa hae ho lopolla batho ba limilione chankaneng eo ho leng thata ka ho fetisisa ho tsoa ho eona, e leng ˇ lefu. (Joh. 5:28, 29) Kajeno ha re tobana le liteko, litsepiso tseo li ka re matlafatsa haholo. “Ba mo B ona ’me ba Makala” (Liketso 12:12-17) 13 Petrose o ne a eme seterateng se lefifi, a ntse a ipotsa hore na a ee hokae. Eaba o etsa qeto. Ho na le mosali oa Mokreste ea bitsoang Maria ea neng a lula haufi le moo. Maria e ne e le mohlolohali ea ikhonang, ’me o ne a e-na ¯ ¯ le ntlo e kholo hoo phutheho e neng e ka fella ka ho ` eona. E ne e le ’me oa Johanne Mareka, eo tlaleho ea Liketso e mo bolelang ka lekhetlo la pele mona le eo qete13-15. (a) Litho tsa phutheho tse neng li kopane ntlong ea Maria li ile tsa etsa’ng ha Petrose a fihla? (b) Buka ea Liketso e se e bua ka eng ka mor’a moo, empa Petrose o ile a tsoela pele ho susumetsa bara le barali babo ba Bakreste ka tsela efe? 154 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO llong Petrose a ileng a mo nka joaloka mora oa hae. (1 Pet. 5:13) Bosiung bona, batho ba bangata ba phutheho eo ba ne ba le ha Maria le hoja e le bosiu haholo, ba ntse ba rapela ka tieo. Ntle ho pelaelo ba ne ba rapella hore Petrose a lokolloe—empa ba ne ba sa lebella hore Jehova a arabe thapelo ea bona ka nako eo! 14 Petrose o ile a kokota monyako oa tsela ea heke, o tsoelang lebaleng le ka pel’a ntlo. Lekhabunyane le bitsoang Roda—e leng lebitso le tloaelehileng la Segerike le bolelang “Rosa”—le ile la tla hekeng. Le ile la makala haholo ha le utloa lentsoe la Petrose! Ho e-na le hore ngoanana eo ea nyakaletseng a bule heke, o ile a siea Petrose a eme seterateng ’me a mathela ka tlung, a leka ho kholisa phutheho hore Petrose o teng. Ba ile ba re oa hlanya, empa a phehella. O ile a ema a tiile ho seo a tsebang hore ke ’nete. Ba bang ba ile ba lumela hore e ka ’na eaba ho na le ntho eo a e utloileng eaba ba re mohlomong ke lengeloi la Petrose. (Lik. 12:12-15) Nakong ena eohle, Petrose o ne a ntse a kokota ho fihlela ba ea hekeng ’me ba e bula. 15 Ha ba fihla hekeng, “ba mo bona ’me ba makala”! (Lik. 12:16) Petrose o ile a tlameha ho ba kena hanong e le hore a ka ba phetela se etsahetseng, ebe ba se tsebisa morutuoa Jakobo le barab’abo, a ntan’o kena tseleng ¯ “LENTSOE LA JEHOVA LA TSOELA PELE HO HOLA” 155 pele masole a Heroda a mo fumana. O ile a ea sebakeng ˇ ˇ se batlang se sireletsehile moo a ka ntsetsang tsebeletso ˇ ea hae pele ka botsepehi. Ha ho sa buuoa letho ka eena haese hore o ile a kenya letsoho ho rarolleng taba ea lebollo, joalokaha ho boletsoe ho Liketso khaolo ea 15. Ka mor’a moo, buka ea Liketso e se e bua haholo ka mosebetsi oa moapostola Pauluse le maeto a hae. Leha ho le joalo, re ka kholiseha hore Petrose o ile a matlafatsa tumelo ea bara le barali babo hohle moo a ileng a ea teng. Petrose o ile a tloha ha Maria ’me a siea sehlopha seo se thabile. 16 Ka linako tse ling Jehova o etsetsa bahlanka ba hae lintho tseo ba neng ba sa nahane hore a ka ba etsetsa tsona ’me ba sale ba sa tsebe hore na ba iketse’ng ke thabo. Ke kamoo bara le barali babo Petrose ba Bakreste ba ileng ba ikutloa kateng bosiung boo. Ka linako tse ling ke tsela eo re ka ’nang ra ikutloa ka eona ha Jehova a re hlohonolofatsa ka ho enneng kajeno. (Liprov. 10:22) Nakong ˇ e tlang, re tla bona ha litsepiso tsohle tsa Jehova li pheˇ ˇ thahala lefatseng ka bophara. Litsepiso tseo tse hlollang li tla phethahala ka tsela e tsotehang ho feta kamoo re nahanang kateng hona joale. Kahoo, hafeela re lula re 16. Ke hobane’ng ha re ka kholiseha hore nakong e tlang re tla ba le menyetla e mengata ea ho thaba? 156 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO ˇ tsepahala, re ka kholiseha hore re letetsoe ke menyetla e mengata ea ho thaba. “Lengeloi la Jehova la mo Otla” (Liketso 12:18-25) 17 Heroda le eena o ile a makatsoa ke ho lopolloa ha Petrose—empa ho hang ha hoa ka ha mo thabisa. Hanghang Heroda o ile a laela hore Petrose a batloe, eaba o re balebeli ba hae ba hlongoe lipotso. Ba ile ba ‘isoa kotlong,’ mohlomong ba bolaoa. (Lik. 12:19) Heroda Agripa e ne e le motho ea pelo e mpe le ea se nang mohau. ¯ ¯ Na monna eo ea sehloho o ile a ahloleloa liketso tsa hae? E ka ’na eaba Agripa o ile a ikutloa a tlotlolotsoe ha ¯ a hlolehile ho bolaea Petrose, empa o ile a iphetsa meo18 kho. Ho ile ha hlaha boemo boo ho bona lira tsa hae li ¯ neng li batla ho b opa khotso le eena, ’me ha ho pelaelo ˇ hore o ne a labalabela ho bua ka pel’a letsoele. Luka o re Heroda o ile a itokisa ka ho “apara liaparo tsa borena.” Rahistori oa Mojuda ea bitsoang Josephus o re liaparo tsa Heroda li ne li entsoe ka silevera, hoo ha morena a le khanyeng a neng a phatsima. Eaba ralipolotiki eo ea maˇ koko o fana ka puo. Letsoele leo le ile la kakamatsa Heroda ka ho re: “Ke lentsoe la molimo, eseng la motho!” —Lik. 12:20-22. ˇ 17, 18. Ke eng e ileng ea etsa hore let soele le kakamatse Heroda? ¯ “LENTSOE LA JEHOVA LA TSOELA PELE HO HOLA” 157 Thoriso e joalo e ne e lokela ho isoa ho Molimo, ’me Molimo o ne a shebeletse! Heroda o ne a e-na le monyeˇ tla oa ho qoba tlokotsi. A ka be a ile a khalemela letsoele leo kapa bonyane a hanana le lona. Ho e-na le hoo, o ile a phethahatsa maele a reng: “Boikakaso bo etella ho oa pele.” (Liprov. 16:18) “Hang-hang lengeloi la Jehova la ˇ mo otla,” la etsa hore moikakasi eo a shoe lefu le tsabe¯ ¯ hang. Heroda o ile a “jeoa ke lib oko ’me a shoa.” (Lik. 12: ˇ 23) Josephus le eena o re Agripa o ile a otloa ka tsohanyetso ’me o phaella ka ho re morena eo o ile a hlokomeˇ la hore o shoa hobane a lumetse ho rorisoa ke letsoele. Josephus o re Agripa o ile a hoehla ka matsatsi a mahlano pele a e-shoa.1 20 Ka linako tse ling ho ka ’na ha bonahala eka batho ˇ ba sa tsabeng Molimo ba etsa lintho tse mpe ebe ha ba etsahalloe ke letho. Ha rea lokela ho makala, hobane “leˇ fatse lohle le rapaletse matleng a ea khopo.” (1 Joh. 5:19) ˇ Leha ho le joalo, ka linako tse ling bahlanka ba tsepahalang ba Molimo baa khathatseha ha ho bonahala eka ba19 ˇ 1 Ngaka e ’ngoe eo e bileng e leng sengoli, e re mohlomong matsoao a hlalosoang ke Josephus le Luka a ne a bakoa ke manyonyo a kibang mala hoo motho a ka shoang. Ka linako tse ling motho oa a hlatsa kapa a tsoa ’meleng ha motho a shoa. Buka e ’ngoe e re: “Ho toba litaba ha Luka joaˇ ˇ loka ngaka ho bontsa hore na lefu la [Heroda] e ne e le le tsabehang hakae.” 19, 20. (a) Ke hobane’ng ha Jehova a ile a otla Heroda? (b) Tlaleho ea ho ˇ shoa ha Heroda Agripa ka t sohanyetso e re khothatsa joang? 158 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO tho ba khopo ha ba nkeloe khato. Ke ka lebaka leo tlaleho e kang ena e leng e khothatsang. Ha e le hantle, re bona ha Jehova a nka khato, e leng ho hopotsang bahlaˇ nka bohle ba hae ba tsepahalang hore o rata toka. (Pes. ¯ 33:5) Ka nako e loketseng, toka ea hae e tla hlola. Tlaleho ena e phetha ka mantsoe a khothatsang le ¯ ho feta, e re: “Lentsoe la Jehova la tsoela pele ho hola le 21 ho hasana.” (Lik. 12:24) Tlaleho ena ea kamoo mosebetsi oa boboleli o ileng oa tsoela pele kateng e ka ’na ea re hopotsa tsela eo Jehova a o hlohonolofalitseng ka eona mehleng ena. Ka ho hlakileng, Liketso khaolo ea 12 ha e bue feela ka litaba tsa moapostola ea ileng a shoa le ea ileng a lopolloa. E bua ka Jehova le kamoo a ileng a nyopisa morero oa Satane oa ho felisa phutheho ea Bakreste le ho thibela mosebetsi oa ho bolela litaba tse molemo. Litlhaselo tseo li ile tsa nyopa, joalokaha merero eohle e joalo e tla nyopa. (Esa. 54:17) Ka lehlakoreng le leng, ba emeng ka lehlakoreng la Jehova le Jesu Kreste ba etsa mosebetsi o ke keng oa nyopa le ka mohla. Na eo hase taba e khothatsang? Re na le tlotla e tsotehang hakaakang ea ho kenya letsoho ho phatlalatsoeng ha “lentsoe la Jehova” kajeno! 21. Liketso khaolo ea 12 e re ruta ntlha efe e ka sehloohong, ’me e ka re khothatsa joang kajeno? ¯ “LENTSOE LA JEHOVA LA TSOELA PELE HO HOLA” 159 KARO LO EA 4 ˙ LIKETS O 13:1–14:28 ‘BA ROMETSOE KE MOEA O HALALELANG’ LIKETS O 13:4 Karolong ena, re tla tsamaea le moapostola Pauluse leetong la hae la pele e le moromuoa. Metseng ka ho fapana, o ile a hlorisoa. Empa, tlas’a tataiso ea moea o halalelang, o ile a tsoela pele ho fana ka bopaki, a theha liphutheho tse ncha. Ruri tlaleho ena e thabisang e tla re susu¯ ˇ melletsa hore re chesehele tsebeletso ea rona le ho feta. KHAOLO EA 11 “Ho Tlala Thabo le Moea o Halalelang” Seo Pauluse a ileng a se etsa ha a kopana le batho ba tletseng bora, ba sa amoheleng molaetsa oa hae E Thehiloe ho Liketso 13:1-52 KE THABO feela letsatsing lena phuthehong ea Antioke. Moea o halalelang o khethile Barnabase le Saule har’a baprofeta ba bangata le matichere hore ba ise litaba tse ¯ molemo libakeng tse hole.1 (Lik. 13:1, 2) Ke ’nete hore ˇ ho ’nile ha sebelisoa banna ba tsoanelehang. Leha ho le joalo, nakong e fetileng baromuoa ba ne ba e-ea libakeng tseo Bokreste bo seng bo ntse bo amohetsoe. (Lik. 8:14; 11:22) Lekhetlong lena, Barnabase le Saule—hammoho le Johanne Mareka, eo e neng e tla ba mohlanka—ba tla romeloa linaheng tseo ho tsona batho ba bangata ba e-s’o utloe litaba tse molemo. 2 Lilemo tse ka bang 14 pele ho mona, Jesu o ile a re ho balateli ba hae: “Le tla ba lipaki tsa ka Jerusalema le ˇ 1 Sheba lebokose la sehlooho se reng “Barnabase—‘Mora oa Matseliso,’ ” leqepheng la 162. 1, 2. Ke eng e ikhethang ka leeto leo Barnabase le S aule ba itokisetsang lona, ’me mosebetsi oa bona o tla thusa joang hore Liketso 1:8 e phethahale? “HO TLALA THABO LE MOEA O HALALELANG” 161 ˇ BARNABASE—“MORA OA MAT SELIS O” Josefa, Molevi ea tsoaletsoeng Cyprase e ne e le setho se hlaheletseng phuthehong ea pele ea Jerusalema. Baaˇ postola ba ile ba mo reha lebitso le leng le bontsang hore na ke motho oa mofuta ofe—ba re ke Barnabase, e ˇ bolelang “Mora oa Matseliso.” (Lik. 4:36) Ha Barnabase a bona balumeli-’moho ba hloka, o ne a potlakela ho ba thusa. Ka Pentekonta ea 33 C.E., ho ile ha kolobetsoa barutuoa ba bacha ba 3 000. Ho ka etsahala hore bongata ba bona ba ne ba tlile moketeng Jerusalema ’me ba sa ikemisetsa ho qeta nako e telele hakaalo. Phutheho e ne e ˇ hloka seo e ka thusang letsoele lena ka sona. Kahoo, Barnabase o ile a rekisa karolo ea naha ea hae ’me ka seatla se bulehileng a fa baapostola chelete eo e le monehelo.—Lik. 4:32-37. ¯ Kaha Barnabase e ne e le molebeli oa Mokreste ea holileng moeeng, o ne a chesehela ho thusa ba bang. Ke eena ea ileng a thusa Saule oa Tarsase ha a sa tsoa sokoˇ loha ha barutuoa ba bang kaofela ba ne ba mo tsaba kahobane o ne a tumme ka hore ke mohlorisi. (Lik. 9:26, 27) Barnabase o ile a ikokobetsa ha Pauluse a khalemela eena le Petrose ka matla mabapi le kamoo Bakreste ˇ ba Bajuda le ba Balichaba ba lokelang ho tsoarana kateng. (Bagal. 2:9, 11-14) Mehlala ena e seng mekae e boˇ ntsa hore ka sebele Barnabase o ile a phelela lebitso la ˇ hae la “Mora oa Matseliso.” 162 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO ¯ ¯ Judea le Samaria kaofela le ho isa karolong e hole-hole ˇ ea lefatse.” (Lik. 1:8) Ho khethoa ha Barnabase le Saule hore e be baromuoa ho tla thusa hore boprofeta bona ba Jesu bo phethahale!1 ¯ Ba B ehelloa ka Th oko “Bakeng sa Mosebetsi” (Liketso 13:1-12) 3 Kajeno, likoloi le lifofane li thusa batho ho ea liba¯ keng tse hole ka hora e le ’ngoe kapa tse peli feela. Ho ne ho se joalo lekholong la pele la lilemo C.E. Nakong eo, haholo-holo batho ba ne ba tsamaea ka maoto, hangata ba tsamaea litseleng tse mpe. Leeto la letsatsi lohle, mohlomong la lik’hilomithara tse 30 feela, le ne le le boima!2 Kahoo, ha ho pelaelo hore le hoja Barnabase le Saule ba ne ba labalabela ho qala mosebetsi oa bona, ka sebele ba ne ba hlokomela hore ho tla hlokahala ba ikitlaetse ba be ba itele haholo.—Mat. 16:24. 4 Empa ke hobane’ng ha ka ho khetheha moea o halalelang o ile oa laela hore Barnabase le Saule ba behelloe 1 Ka nako ena, ho se ho ntse ho e-na le liphutheho ho ea fihla Antioke ea Syria—lik’hilomithara tse ka bang 550 ka leboea ho Jerusalema. 2 Sheba lebokose la sehlooho se reng “Ho Tsamaea ka Maoto,” leqepheng la 164. 3. Ke hobane’ng ha maeto a malelele a ne a le boima lekholong la pele la lilemo? 4. (a) Ke eng se ileng sa susumetsa hore Barnabase le S aule ba khethoe, ˇ ˇ hona balumeli-’moho ba ile ba it soara joang ha ba khethoa? (b) Re ka t sehetsa ba fuoang mesebetsi e itseng joang ka har’a phutheho? “HO TLALA THABO LE MOEA O HALALELANG” 163 HO TSAMAEA KA MAOTO Mehleng ea boholo-holo, ho tsamaea ka maoto ho ne ho nka nako e telele, ho khathatsa ’me mohlomong ho bile ho tura ho feta ho tsamaea ka sekepe. Leha ho le joalo, ho na le libaka tse ngata tseo motho a neng a ke ke a fihla ho tsona ntle leha a tsamaea ka maoto. Motho o ne a ka tsamaea lik’hilomithara tse 30 ka letsatsi, a otloa ke letsatsi, pula, mocheso le serame—’me a be kotsing ea ho khaoletsoa ke masholu. Moapostola Pauluse o ile a re o ne a le “maetong hangata, likotsing ¯ tsa linoka, likotsing tsa masholu a litseleng.”—2 Bakor. 11:26. ’Musong oa Roma ho ne ho e-na le litsela tse ngata tse ¯ ¯ katiloeng. Litseleng tse kholo, batsamai ba ne ba fumana matlo a baeti ao ho ka nkang letsatsi ho tloha ho e ’ngoe ho ea ho e ’ngoe. Pele motho a fihla matlong ana a baeti o ne a feta matlong ao a ka fapohelang ho ’ona ho reka lintho tseo a li hlokang. Bangoli ba bang ba mehleng eo ba re matlo a baeti le ao ho fapoheloang ho ’ona a ne a ˇ le litsila, a phethesela, a chesa a bile a tletse matsetse. E ne e le libaka tse hlabisang lihlong, tse ratoang ke likoeta. Beng ba matlo a baeti hangata ba ne ba utsoetsa batsamai ’me ba bile ba hoeba ka matekatse. Ha ho pelaelo hore Bakreste ba ne ba qoba libaka tse joalo ka hohle kamoo ba ka khonang. Leha ho le joalo, haeba ba etela linaheng tseo ba se nang beng ka bona kapa metsoalle, mohlomong ba ne ba tlameha ho ea libakeng tse joalo. 164 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO ¯ ka thoko “bakeng sa mosebetsi”? (Lik. 13:2) Bibele ha e bolele lebaka la seo. Seo re se tsebang ke hore moea o halalelang o ile oa laela hore banna bana ba khethoe. Ha ˇ ho se bontsang hore baprofeta ba Antioke le mesuoe ea teng ba ile ba hanyetsa qeto ena. Ho e-na le hoo, ba ile ˇ ba tsehetsa khetho ena ka ho feletseng. A k’u inahanele kamoo e tlamehang ebe Barnabase le Saule ba ile ba ikutloa kateng ha barab’abo bona ba Bakreste, ba sa ba honohele, ho e-na le hoo, “ba itima lijo ’me ba rapela eaba ba beha matsoho holim’a bona ’me ba ba tlohela hore ba ˇ ¯ tsamaee.” (Lik. 13:3) Le rona re lokela ho tsehetsa ba fuoang mesebetsi e itseng ka phuthehong ea Bakreste, ho akarelletsa banna ba khethetsoeng hore e be balebeli ba ¯ phutheho. Ho e-na le ho ba shoela mona, re lokela ho ‘ba ela hloko haholo ka lerato ho feta kamoo ho tloaelehileng ka lebaka la mosebetsi oa bona.’—1 Bathes. 5:13. 5 Ka mor’a hore Barnabase le Saule ba ee Seleusia ka maoto, e leng boema-kepe bo haufi le Antioke, ba ile ba palama sekepe se lebang sehlekehlekeng sa Cyprase se bo¯ hole ba lik’hilomithara tse ka bang 200.1 Kaha Barnabase o ne a tsoaletsoe Cyprase, mohlomong o ne a thahasella 1 Lekholong la pele la lilemo, sekepe se ne se ka tsamaea lik’hilomithara tse ka bang 150 ka letsatsi haeba moea o lumela. Ha maemo a le mabe, leeto le joalo le ne le ka nka nako e teletsana. 5. Hlalosa hore na ho paka sehlekehlekeng sa Cyprase ho ne ho akarelletsa eng. “HO TLALA THABO LE MOEA O HALALELANG” 165 ho tlisetsa batho ba habo litaba tse molemo. Ha banna ¯ bana ba fihla Salamise, e leng motse o leb opong le ka bochabela ho sehlekehleke sena, e ile eaba ha ba sa senya nako. Hang-hang “ba qala ho phatlalatsa lentsoe la Molimo ka lisynagogeng tsa Bajuda.”1 (Lik. 13:5) Barnabase le Saule ba ile ba hahlaula Cyprase eohle, mohlomong ba paka metseng ea bohlokoa eo ba neng ba feta ho eona. ˇ Ho itsetlehile ka tsela eo ba neng ba tsamaea ka eona, ho ka etsahala hore baromuoa bana ba ile ba tsamaea lik’hilomithara tse ka bang 220! 6 Cyprase ea lekholong la pele la lilemo e ne e tletse borapeli ba bohata. Sena se ile sa totobala le ho feta ha ¯ Barnabase le Saule ba fihla motseng oa Pafose o leb opong le ka bophirimela sehlekehlekeng sena. Ha ba fihla moo, ba ile ba kopana le “moloi, moprofeta oa bohata, Mojuda eo lebitso la hae e neng e le Bare-Jesu, ’me o ne a e-na le motsamaisi oa profinse Sergiase Pauluse, monna ea kelello.”2 Lekholong la pele la lilemo, Baroma ba bangata ba hlalefileng—esita le “monna ea kelello” 1 Sheba lebokose la sehlooho se reng “Lisynagogeng Tsa Bajuda,” leqepheng la 167. 2 Cyprase e ne e busoa ke Ntlo ea Senate ea Roma. Sehlekehleke sena se ne se busoa ke molaoli ea ka sehloohong eo e neng e le motsamaisi oa profinse. 6, 7. (a) S ergiase Pauluse e ne e le mang, ’me ke hobane’ng ha Bare-Jesu a ile a leka ho mo thibela ho mamela litaba tse molemo? (b) S aule o ile a etsa’ng ho thibela khanyetso ea Bare-Jesu? 166 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO LISYNAG O GENG TSA BAJUDA Lentsoe “synagoge” ka ho toba le bolela “ho bokanya.” Le ne le bolela seboka kapa phutheho ea Bajuda ’me qetellong la bolela sebaka kapa mohaho oo seboka se ˇ joalo se tsoareloang ho oona. Ho lumeloa hore lisynagoge li qalile ha Bajuda ba le botlamuoeng Babylona ka lilemo tse 70 kapa kapele ka mor’a moo. Lisynagoge e ne e le libaka tseo ho tsona batho ba rutoang, ba rapelang, ba balang Mangolo ’me ba khothatsoang moeeng. Lekholong la pele la lilemo C.E., motse o mong le o mong Palestina o ne o e-na le synagoge. Metse e meholo e ne e e-na le tse fetang e le ’ngoe, ’me Jerusalema e ne e e-na le tse ngata. Leha ho le joalo, ka mor’a hore Bajuda ba khutle botlamuoeng Babylona, hase bohle ba ileng ba khutlela Palestina. Ba bangata ba ile ba ea linaheng tse ling ka mabaka a khoebo. Hoo e ka bang lekholong la bohlano la lilemo B.C.E., Bajuda ba ne ba lula liprofinseng tse 127 tsa ’Muso oa Persia. (Esth. 1:1; 3:8) Hamorao, Bajuda ba ile ba lula metseng ea Mediterranean. Bajuda bana ba hasaneng ba ile ba haha lisynagoge hohle moo ba lulang teng. Lisynagogeng tsena ho ne ho baloa Molao o bile o hlalosoa ka Sabatha e ’ngoe le e ’ngoe. Ba balang ba ne ba balla sethaleng se phahameng se pota-potiloeng ke litulo ka mahlakoreng a mararo. Monna e mong le e mong oa Mojuda ea inehetseng o ne a ka bala, a ruta a ba a khothatsa. “HO TLALA THABO LE MOEA O HALALELANG” 167 joaloka Sergiase Pauluse—hangata ba ne ba ea ho moloi kapa senohe sa linaleli ho ea batla thuso pele ba etsa liqeto tsa bohlokoa. Leha ho le joalo, Sergiase Pauluse o ile a khahloa ke molaetsa oa ’Muso ’me “a batla ka tieo ho utloa lentsoe la Molimo.” Bare-Jesu, ea neng a boetse a rehiloe Elymase, e bolelang “Moloi” ka lebaka la mosebetsi oo a neng a o etsa, ha aa ka a thabela sena. —Lik. 13:6-8. 7 Bare-Jesu o ne a hanyetsa molaetsa oa ’Muso. Ha e le hantle, tsela feela eo a neng a ka boloka boemo ba hae bo phahameng ba ho ba moeletsi oa Sergiase Pauluse e ne e le “ho furallisa motsamaisi oa profinse tumelo.” (Lik. 13:8) Empa Saule ha aa ka a shebella feela a sa etse letho ha leselamose la lekhotla le batla ho thibela Sergiase Pauluse ho mamela. Ebe Saule o ile a etsa joang? Bibele e re: “Saule, eo hape e leng Pauluse, ha a tlala moea o halalelang, a [talima Bare-Jesu] ka hloko eaba o re: ‘Uena motho ea tletseng bolotsana ba mofuta o mong le o mong le bobe bo feteletseng ba mofuta o mong le o mong, uena mora oa Diabolose, uena sera sa ntho e ’ngoe le e ’ngoe e lokileng, na u ke ke ua khaotsa ho khopamisa litsela tse nepahetseng tsa Jehova? Joale, he, bona! letsoho la Jehova le holim’a hao, ’me u tla foufala, u ke ke ua bona khanya ea letsatsi ka nako e itseng.’ Hang-hang 168 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO moholi o teteaneng le lefifi tsa oela holim’a hae, ’me a ˇ pota-pota a batla banna ba ka mo tataisang ba mo tsoere ka letsoho.”1 Phello ea mohlolo oo e bile efe? “Motsamaisi oa profinse, ha a bona se neng se etsahetse, ea e-ba molumeli, kaha o ne a hloletsoe ke thuto ea Jehova.” —Lik. 13:9-12. ˇ ¯ 8 Pauluse o ne a sa tsabe Bare-Jesu. Le rona ha rea loˇ kela ho tsoha ha bahanyetsi ba leka ho senya tumelo ea batho ba thahasellang molaetsa oa ’Muso. Ho hlakile hore ¯ lipolelo tsa rona li lokela hore ‘kamehla e be tse nang le ¯ mosa, tse nokiloeng ka letsoai.’ (Bakol. 4:6) Leha ho le ˇ joalo, ha rea lokela ho tsaba khanyetso hoo re ka qobang ho bolella batho ba thahasellang litaba tse molemo. Hape ha rea lokela ho ba leqe ho pepesa liphoso tsa bolumeli ba bohata, boo joaloka Bare-Jesu bo tsoelang pele “ho khopamisa litsela tse nepahetseng tsa Jehova.” (Lik. 13: 10) Joaloka Pauluse, e se eka ka sebete re ka phatlalatsa ’nete ’me re ipiletse ho ba lipelo li ntle. ’Me le hoja ho 1 Ho tloha mona Saule o se a bitsoa Pauluse. Ba bang ba re o ile a ipitsa ka lebitso lena la Seroma ho tlotla Sergiase Pauluse. Leha ho le joalo, taba ea hore haˇ aa ka a lahla lebitso la Pauluse esita leha a se a tlohile Cyprase e bontsa hore ho na le lebaka le fapaneng le leo. Pauluse “moapostola ho lichaba,” o ile a etsa qeto ea hore ho tloha ka nako eo a sebelise lebitso la hae la Seroma. Hape mohlomong o ile a sebelisa lebitso la Pauluse hobane ˇ ha lebitso la hae la Seheberu la Saule le bitsoa ka Segerike, le ne le tsoana le lentsoe la Segerike le nang le moelelo o mobe.—Bar. 11:13. 8. Ke joang re ka bang sebete joaloka Pauluse kajeno? “HO TLALA THABO LE MOEA O HALALELANG” 169 ˇ ke ke ha totobala hore Molimo o re tsehelitse joalokaha ho ile ha totobala ho Pauluse, re ka kholiseha hore Jehova o tla sebelisa moea oa hae o halalelang ho hulela ˇ ba tsoanelehang ’neteng.—Joh. 6:44. ‘Lentsoe la Khothatso’ (Liketso 13:13-43) 9 Ho hlakile hore ho ile ha e-ba le phetoho ha banna bao ba tloha Pafose ’me ba kena sekepeng ba leba Perga, ¯ e leb opong la Asia Minor, e leng leeto la lik’hilomithara tse ka bang 250 ka sekepe. Ha Liketso 13:13 e bua ka bona e re ke “banna bao, hammoho le Pauluse.” Mantsoe ana a fana ka maikutlo a hore Pauluse e ne e se e le eena ea eteletseng sehlopha sena pele. Leha ho le joalo, ha ho na bopaki ba hore Barnabase o ile a honohela Pauluse. Ho e-na le hoo, banna bana ba babeli ba ile ba tsoela pele ba sebetsa hammoho ho phetha thato ea Molimo. Pauluse le Barnabase ba behetse ba etellang phutheho pele kajeno mohlala o motle. Ho e-na le ho loanela maemo, ¯ Bakreste ba hopola mantsoe a Jesu a reng: “Lona bohle le bara ba motho.” O ile a eketsa ka ho re: “Mang kapa mang ea iphahamisang o tla kokobetsoa, ’me mang kapa mang ea ikokobetsang o tla phahamisoa.”—Mat. 23:8, 12. 9. Pauluse le Barnabase ba behetse ba etellang phutheho pele kajeno mohlala ofe? 170 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO 10 Ha ba fihla Perga, Johanne Mareka o ile a siea Pau- luse le Barnabase eaba o khutlela Jerusalema. Ha ho hlaˇ losoe lebaka le entseng hore a tsamaee ka tsohanyetso. Pauluse le Barnabase ba ile ba tsoela pele, eaba ho tloha Perga ba leba Antioke e Pisidia, e leng motse o profinseng ea Galatia. Leeto lena le ne le le boima hobane Antioke e Pisidia e ka holimo ho bophahamo ba leoatle ka limithara tse ka bang 1 100. Litsela tsa teng tse mpe tse lithabeng li ne li boetse li tsebahala ka hore li tletse linokoane. Ho ileng ha mpefatsa litaba le ho feta ke hore mohlomong Pauluse o ile a qala ho kula ha ba le mona.1 11 Ha Pauluse le Barnabase ba le Antioke e Pisidia, ba ile ba kena synagogeng ka Sabatha. Bibele e re: “Ka mor’a ’malo oa phatlalatsa oa Molao le oa Baprofeta balaoli ba okamelang ba synagoge ba romeletsa ho bona, ba re: ‘Ba¯ nna, barab’abo rona, haeba ho e-na le lentsoe leha e le lefe la khothatso bakeng sa batho, le le bolele.’ ” (Lik. 13: 15) Pauluse o ile a ema ’me a bua. 1 Lengolo leo Pauluse a le ngoletseng Bagalata le ngotsoe lilemo tse ’maloa ka mor’a mona. Lengolong leo, Pauluse o itse: “Ke ile ka le bolella litaba tse molemo ka lekhetlo la pele ka lebaka la ho kula ha ka nameng.” —Bagal. 4:13. 10. Hlalosa leeto la ho tloha Perga ho ea Antioke e Pisidia. 11, 12. Ha Pauluse a bua ka synagogeng ea Antioke e Pisidia, o ile a etsa joang hore bamameli ba hae ba thahaselle seo a tla ba bolella sona? “HO TLALA THABO LE MOEA O HALALELANG” 171 Pauluse o ile a qala ka ho re ho bamameli ba hae: ˇ ¯ “Banna, Baiseraele le lona ba bang ba tsabang Molimo.” 12 (Lik. 13:16) Pauluse o ne a mametsoe ke Bajuda le batho ba sokolohetseng Bojudeng. O ile a etsa joang hore batho baa ba thahaselle ho mo mamela, kaha ba ne ba sa tsebe karolo eo Jesu a e phethang morerong oa Moliˇ mo? Tabeng ea pele, Pauluse o ile a bua hakhutsoanyane ka pale ea sechaba sa Bajuda. O ile a hlalosa kamoo Jehova a ileng a “phahamisa batho bana nakong ea ho lula ha bona ka bojaki naheng ea Egepeta” le kamoo ka mor’a hore ba lokolloe, Molimo a ileng “a mamella mokhoa oa liketso tsa bona lefeelleng” ka lilemo tse 40. Pauluse o ile a boela a pheta kamoo Baiseraele ba ileng ba ˇ rua Naha e Tsepisitsoeng le kamoo Jehova a ileng “a ba abela naha ea [bona] ka lotho.” (Lik. 13:17-19) Ho ’nile ha boleloa hore mohlomong Pauluse o ile a bua ka mokhoa o sa tobang ka litemana tse ling Mangolong tse ileng ˇ tsa balloa holimo nakoana pele ho moo tsebeletsong ea Sabatha. Haeba ho joalo, ona ke mohlala o mong o boˇ ntsang hore Pauluse o ne a khona ho ba “lintho tsohle ho batho ba mefuta eohle.”—1 Bakor. 9:22. ¯ 13 Le rona re lokela ho leka ho etsa hore batho bao re 13. Re ka etsa joang hore batho ba thahaselle ho ithuta ka Jehova? 172 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO ¯ ba pakelang ba thahaselle molaetsa oa rona. Ka mohlala, ho tseba bolumeli ba motho ho ka re thusa hore re khethe ho bua ka litaba tseo a tla li thahasella. Hape, re ka qotsa litemana tsa Bibele tseo motho eo a li tsebang. Ho ka ba molemo haeba motho eo a ipalla Bibeleng ea hae. Batla litsela tsa ho etsa hore batho ba thahaselle ho ithuta ka Jehova. 14 Ka mor’a moo Pauluse o ile a bua kamoo lelokong la marena a Iseraele ho ileng ha hlaha ‘mopholosi, Jesu,’ ea neng a eteletsoe pele ke Johanne Mokolobetsi. Eaba Pauluse o hlalosa kamoo Jesu a ileng a bolaoa a ba a tsosoa bafung. (Lik. 13:20-37) Pauluse o ile a re: “Ka hona ˇ le ke le tsebe . . . hore ka Enoa tsoarelo ea libe e ntse e ¯ phatlalatsoa ho lona . . . E mong le e mong ea lumelang ho boleloa hore ha a na molato ka Enoa.” Ka mor’a moo a lemosa bamameli ba hae, a re: “Iponeleng hore se bo¯ letsoeng Baprofeteng ha se le tlele, ‘Ho lemoheng, lona banyefoli, ’me le ho makalle, ’me le nyamele, hobane ke ¯ sebetsa mosebetsi matsatsing a lona, mosebetsi oo ho hang le ke keng la o lumela esita le haeba leha e le mang a le phetela oona ka ho qaqileng.’ ” Seo batho bao ba ileng ba se etsa ha ba qeta ho utloa mantsoe a Pauluse 14. (a) Pauluse o ile a re’ng ha a bolela litaba tse molemo mabapi le Jesu, ˇ ’me o ile a fana ka temoso efe? (b) Let soele le mo mametseng le ile la etsa’ng? “HO TLALA THABO LE MOEA O HALALELANG” 173 ¯ sea hlolla. Bibele e re: “Batho ba qala ho kopa ka tieo hore ba bolelloe litaba tsena ka sabatha e latelang.” Ho feta moo, ha seboka sa synagoge se qhalana, “ba bangata ba Bajuda le ba basokolohi ba neng ba rapela Molimo ba latela Pauluse le Barnabase.”—Lik. 13:38-43. “Re Retelehela Lichabeng” (Liketso 13:44-52) 15 Ka Sabatha e hlahlamang, “hoo e batlang e le motse oohle” o ile oa bokana ho tla mamela Pauluse. Sena ha sea ka sa thabisa Bajuda ba bang, ba ileng “ba qala ho hanyetsa ka ho nyefola lintho tse neng li ntse li boleloa ke Pauluse.” Eena le Barnabase ba ile ba bua le bona ka sebete, ba re: “Ho ne ho hlokahala hore lentsoe la Moli¯ ¯ ¯ mo le bolelloe lona pele. Kaha le le qhelela thoko le lona ˇ ’me ha le ikahlole le tsoaneloa ke bophelo bo sa feleng, bonang! re retelehela lichabeng. Ha e le hantle, Jehova o re laetse ka mantsoe ana, ‘Ke u behile hore u be leseli la ˇ lichaba, hore u be poloko ho isa pheletsong ea lefatse.’ ” —Lik. 13:44-47; Esa. 49:6. Balichaba ba neng ba mametse ba ile ba thaba, ’me ˇ “bohle ba neng ba e-na le tsekamelo e nepahetseng ba16 15. Ho ile ha etsahala joang ka S abatha e hlahlamang ha Pauluse a qeta ho bua? 16. Bajuda ba ile ba etsa’ng ha ba utloa mantsoe a baromuoa a ba hlabang, ’me Pauluse le Barnabase ba ile ba etsa’ng ha ba hanyetsoa? 174 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO keng sa bophelo bo sa feleng ea e-ba balumeli.” (Lik. 13: 48) Lentsoe la Jehova le ile la phatlalatsoa naheng eohle ka potlako. Bajuda bona ha baa ka ba thaba. Ha e le hantle, baromuoa bana ba ile ba ba bolella hore le hoja e le bona ba boleletsoeng lentsoe la Molimo pele, ba ile ba khetha ho lahla Mesia kahoo ba ne ba letetsoe ke kotlo. Bajuda ba ile ba hlohlelletsa basali ba nang le botumo bo botle le banna ba ka sehloohong ba motse, “ ’me ba tsosa mahloriso khahlanong le Pauluse le Barnabase eaba ˇ ba ba ntsetsa ka ntle ho meeli ea bona.” Pauluse le Bar¯ nabase ba ile ba etsa’ng? Ba ile “ba hlohlora lerole maotong a bona khahlanong le bona eaba ba ea Ikoniamo.” Na ketso ee e ile ea etsa hore Bokreste bo fele Antioke e Pisidia? Le hanyenyane! Barutuoa ba ileng ba sala moo ba ile “ba tsoela pele ho tlala thabo le moea o halalelang.”—Lik. 13:50-52. 17 ˇ Seo banna bana ba tsepahalang ba ileng ba se etsa ha ba hanyetsoa se re ruta taba ea bohlokoa. Re ke ke ra khaotsa ho bolela litaba tse molemo, esita leha batho ba ˇ hlaheletseng lefatseng lena ba ka leka ho re thibela ho ¯ phatlalatsa molaetsa oa rona. Hape, hlokomela hore ha batho ba Antioke ba sa batle ho amohela molaetsa oa 17-19. Re ka etsisa mohlala o motle oa Pauluse le Barnabase ka litsela life, ’me ke hobane’ng ha ho etsa joalo ho tla re thabisa? “HO TLALA THABO LE MOEA O HALALELANG” 175 ¯ Pauluse le Barnabase, ba ile “ba hlohlora lerole maotong ˇ a bona”—e leng ketso e neng e sa bontse hore ba halefiˇ le; e ne e mpa e bontsa hore ha ba na molato ka se tla hlahela batho bao. Baromuoa bana ba ile ba hlokomela hore ba ke ke ba qobella batho hore ba amohele molaetsa oa bona. Empa seo ba neng ba ka se etsa ke ho tsoela pele ba bolela litaba tse molemo. Ba ile ba fela ba etsa joalo ha ba fetela Ikoniamo! 18 Ho ile ha etsahala’ng ka barutuoa ba Antioke? Ha ho pelaelo hore ba ne ba le sebakeng se tletseng bora. Empa ˇ thabo ea bona e ne e sa itsetleha ka hore batho ba amohele litaba tse molemo. Jesu o itse: “Ho thaba ba utloang lentsoe la Molimo ’me ba le boloka!” (Luka 11:28) Ke sona seo barutuoa ba Antioke e Pisidia ba neng ba ikemiselitse ho se etsa. 19 Joaloka Pauluse le Barnabase, e se eka kamehla re ka ¯ hopola hore boikarabelo ba rona ke ho bolela litaba tse molemo. Batho ke bona ba tla iketsetsa qeto ea ho amo¯ hela molaetsa oa rona kapa ho o hana. Haeba ho bonahala batho bao re ba bolellang litaba tse molemo ba sa li amohele, re ka ithuta thuto ea bohlokoa ho barutuoa ba lekholong la pele la lilemo. Haeba re ananela ’nete ’me ¯ re lumella moea o halalelang hore o re tataise, le rona re ka thaba leha re hanyetsoa.—Bagal. 5:18, 22. 176 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO KHAOLO EA 12 “Ba Bua ka Sebete ka Matla a Tsoang ho Jehova” ˇ Pauluse le Barnabase ba bont sa hore ba ikokobelitse, baa mamella ebile ba sebete E Thehiloe ho Liketso 14:1-28 HO TLETSE pherekano Lystra. Monna ea tsoetsoeng a ¯ holofetse o tlolela holimo ka thabo ka mor’a hore batho ba babeli bao a sa ba tsebeng ba mo phekole. Batho ba hloletsoe, ’me moprista e mong o tlisetsa banna bana ba babeli meqhaka. Bongata bo lumela hore ke melimo. Lipoho lia kurutla ebile lia khonya ha moprista eo oa Zeuse a lokisetsa ho li hlaba. Pauluse le Barnabase ba hana ho etsetsoa lintho tsena. Ba hahola ¯ ¯ liaparo tsa bona, ba tlolela har’a bongata, ba kopa hore ba se ke ba rapeloa, ’me ba tlameha ho sebetsa ka thata ho kholisa bongata hore bo se ke ba ba rapela. 2 Eaba ho fihla Bajuda ba tsoang Antioke ea Pisidia le Ikoniamo, ba hanyetsang Bakreste. Ka mashano ba kenya batho ba Lystra moea o mobe. Bongata bo neng bo batla ho rapela Pauluse joale bo se bo mo bokanela 1, 2. Ho etsahala’ng ha Pauluse le Barnabase ba le Lystra? “BA BUA KA SEBETE KA MATLA A TSOANG HO JEHOVA” 177 ’me bo mo tlepetsa ka majoe ho fihlela a akheha. Ha bo se bo khotsofetse, bo mo hulela ka ntle ho motse, bo nahana hore o shoele. 3 Pherekano ee e bakiloe ke’ng? Kajeno baboleli ba li- taba tse molemo ba ka ithuta’ng ho se ileng sa etsahalla Barnabase, Pauluse le baahi ba Lystra ba khelosoang joaloka metsi a foro? Ke joang baholo ba Bakreste ba ka latelang mohlala oa Barnabase le Pauluse, e leng baˇ ˇ nna ba tsepahalang ba ileng ba mamella tsebeletsong ea bona, ’me “ba bua ka sebete ka matla a tsoang ho Jehova”?—Lik. 14:3. ˇ “Let soele le Leholo . . . la Fetoha Balumeli” (Liketso 14:1-7) 4 Matsatsi a seng makae pejana, Pauluse le Barnaba- se ba ile ba lelekoa motseng oa Roma oa Antioke ea Pisidia ka mor’a hore Bajuda ba ba hanyetsang ba tsose moferefere. Leha ho le joalo, ho e-na le hore ba nyahamisoe ke baahi ba se nang thahasello ba motse oo, ba¯ nna bana ba babeli ba ile “ba hlohlora lerole maotong a bona.” (Lik. 13:50-52; Mat. 10:14) Pauluse le Barnabase ba ile ba itsamaela ka khotso ’me ba tlohela baha3. Re tla hlahloba lipotso life khaolong ee? 4, 5. Ke hobane’ng ha Pauluse le Barnabase ba ile ba ea Ikoniamo, ’me ho ile ha etsahala’ng moo? 178 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO nyetsi bao matsohong a Molimo. (Lik. 18:5, 6; 20:26) Baromuoa bana ba babeli ba ile ba tsoela pele ho bolela litaba tse molemo ba thabile. Ba ile ba tsamaea leeto la lik’hilomithara tse ka bang 150 ba lebile leboea-bochabela, ’me ba fihla sehlabeng se nonneng se lipakeng tsa lithaba tsa Taurus le Sultan. Qalong, Pauluse le Barnabase ba ile ba emisa Ikoniaˇ mo, moo batho ba neng ba tsoareletse setsong sa Bage5 rike, e leng o mong oa metse ea bohlokoa ka ho fetisisa profinseng ea Roma ea Galatia.1 Bajuda ba hlaheletseng le basokolohi ba bangata bao e seng Bajuda ba ne ba lula motseng ona. Pauluse le Barnabase ba ile ba etsa seo ba neng ba tloaetse ho se etsa, eaba ba kena ka synagogeng ’me ba qala ho bolela litaba tse molemo. (Lik. ˇ 13:5, 14) Ba ile ba “bua ka mokhoa oo ka oona letsoele le leholo la Bajuda hammoho le Bagerike le ileng la fetoha balumeli.”—Lik. 14:1. 6 Ke hobane’ng ha mokhoa oo Pauluse le Barnabase ba ileng ba bua ka oona o ile oa atleha? Pauluse o ne a tseba Mangolo haholo. O ne a khona ho qotsa litaba 1 Sheba lebokose la sehlooho se reng “Ikoniamo—Motse oa Bafrigia,” leqepheng la 180. 6. Ke hobane’ng ha Pauluse le Barnabase e ne e le mesuoe e atlehang, ’me re ka ba etsisa joang? “BA BUA KA SEBETE KA MATLA A TSOANG HO JEHOVA” 179 IKONIAMO—MOTSE OA BAFRIGIA Ikoniamo e ne e le sehlabeng se nonneng, se ratoang ke pula. Motse ona o ne o le mateanong a litsela tse ¯ ¯ kholo tsa khoebo tse tsoang Syria le Roma, Greece, le Asia eo e neng e le profinse ea Roma. Ikoniamo ho ne ho rapeloa Cybele molimotsana oa Bafrigia oa pelehi, ’me borapeli bona bo ne bo akarelletsa mekhoa ea borapeli ba Bagerike ba ho ella qetellong ea lekholo la bone la lilemo ho ea ho la pele la lilemo B.C.E. Motse ona o ile oa busoa ke Baroma ka 65 B.C.E., ’me lekholong la pele la lilemo C.E., e ne e le setsi se seholo le se atlehileng sa khoebo le temo. Le hoja Bajuda ba hlaheletseng ba ne ba lula Ikoniamo, ho bonahala mekhoa ea Bagerike e ne e ntse e rena motseng ona. Ha e le hantle, Liketso e bua ka baahi ba Bajuda le ba “Bagerike.”—Lik. 14:1. Ikoniamo e ne e le moeling o pakeng tsa Lykaonia le Frigia, e leng libaka tse Galatia. Bangoli ba itseng ba boholo-holo, ho akarelletsa le Cicero le Strabo, ba ne ba bitsa Ikoniamo motse oa Lykaonia, ’me ho latela sebaka seo e leng ho sona, e ne e oela sebakeng seo. Leha ˇ ho le joalo, tlaleho ea Liketso e bontsa hore Ikoniamo e fapane le Lykaonia, moo ho neng ho buuoa “leleme la Selykaonia.” (Lik. 14:1-6, 11) Ka lebaka lena, bahlahlobisisi ba ile ba bolela hore buka ea Liketso ha ea nepahala. Leha ho le joalo, ka 1910 baepolli ba lintho ˇ tsa khale ba ile ba fumana mengolo e bontsang hore ha e le hantle Ikoniamo ho ne ho buuoa Sefrigia lilemong 180 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO tse makholo a mabeli ka mor’a hore Pauluse le Barnabase ba etele moo. Kahoo, mongoli oa Liketso o ne a ˇ nepile ha a bontsa hore Ikoniamo e fapane le metse ea Lykaonia. tsa histori, tsa boprofeta le tsa Molao oa Moshe e le ˇ hore a tiise hore Jesu ke Mesia ea tsepisitsoeng. (Lik. 13:15-31; 26:22, 23) Barnabase o ne a bua ka tsela e boˇ ntsang hore o tsotella batho. (Lik. 4:36, 37; 9:27; 11:23, ˇ 24) Ha ho le ea mong ho bona ea neng a tsepile tsebo ea hae empa ba ne ba bua “ka matla a tsoang ho Jehova.” U ka etsisa baromuoa bao joang mosebetsing oa ho bolela litaba tse molemo? Ka ho etsa lintho tse latelang: Tseba Lentsoe la Molimo hantle. Khetha Mangoˇ lo a ka ipiletsang haholo ho batho ba u mametseng. Tselisa batho bao u ba bolellang litaba tse molemo ka ho ba thusa moo ba hlokang thuso teng. Kamehla u thehe seo u se rutang Lentsoeng la Jehova, eseng bohlaleng ba hao. 7 Leha ho le joalo, hase batho bohle ba Ikoniamo ba neng ba thabela ho utloa litaba tsa Pauluse le Barnabase. 7. (a) Litaba tse molemo li ba le liphello life? (b) Haeba litho tsa lelapa li u hanyetsa ka lebaka la ho mamela litaba tse molemo, ke’ng seo u lokelang ho se hopola? “BA BUA KA SEBETE KA MATLA A TSOANG HO JEHOVA” 181 Ha Luka a tsoela pele o re: “Bajuda ba neng ba sa lumele ba hlohlelletsa le ho susumetsa ka mokhoa o fosahetseng meea ea batho ba lichaba khahlanong le ba¯ rab’abo rona.” Pauluse le Barnabase ba ile ba hlokomela hore ho hlokahala hore ba lule ’me ba sireletse litaba tse molemo, ’me ba ile ba “qeta nako e telele ba bua ka seˇ bete.” Ka lebaka leo, “letsoele la motse la arohana, ’me ba bang ba ne ba ema le Bajuda empa ba bang ba ema le baapostola.” (Lik. 14:2-4) Kajeno batho ba etsa se ˇ tsoanang ha ba utloa litaba tse molemo. Litaba tsena li kopanya ba bang ’me li arola ba bang. (Mat. 10:34-36) Haeba litho tsa lelapa li u hanyetsa ka lebaka la ho mamela litaba tse molemo, hopola hore hangata khanyetso ˇ e bakoa ke litaba tsa bo-ba-re kapa liketselletso. Boitsoaro ba hao bo botle bo ka shanofatsa taba eo ea bo-bare ’me ba qetella bo fetotse lipelo tsa ba u hanyetsang. —1 Pet. 2:12; 3:1, 2. 8 Ka mor’a nako e itseng, batho ba Ikoniamo ba neng ba hanyetsa ba ile ba loha mano a ho tlepetsa Pauluse le Barnabase ka majoe. Ha baromuoa bana ba babeli ba bolelloa sena ba ile ba etsa qeto ea ho bolela litaba tse molemo sebakeng se seng. (Lik. 14:5-7) Kajeno babole8. Ke hobane’ng ha Pauluse le Barnabase ba ile ba tloha Ikoniamo, ’me re ithuta’ng mohlaleng oa bona? 182 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO ˇ li ba ’Muso ba etsa se tsoanang. Ha batho ba re hlaba ka mantsoe, re bua ka sebete. (Bafil. 1:7; 1 Pet. 3:13-15) Empa ha ho bonahala hore ba tla re hlasela ka mabifi, ¯ re qoba ho beha bophelo ba rona kapa ba barapeli-’moho ¯ le rona kotsing ho sa hlokahale.—Liprov. 22:3. “Le Tle ho Molimo ea Phelang” (Liketso 14:8-19) 9 Pauluse le Barnabase ba ile ba ea Lystra, e leng ko¯ lone ea Roma e bohole ba lik’hilomithara tse 30 ka bo- roa-bophirimela ho Ikoniamo. Lystra e ile ea boloka maqhama a matla le Antioke ea Pisidia empa, ho fapana le eona, e ne e se na Bajuda ba hlaheletseng. Le hoja ho ka etsahala hore ebe baahi ba moo ba ne ba bua Segerike, puo ea bona e ne e le Selykaonia. Pauluse le Barnabase ba ile ba qala ho bolela litaba tse molemo libakeng tsa sechaba hobane mohlomong motse oo o ne o se na synagoge. Ha Petrose a le Jerusalema o ne a ile a folisa monna ea tsoetsoeng a holofetse. Pauluse eena o ile a folisa monna e mong Lystra ea neng a tsoetsoe a holofetse. (Lik. 14:8-10) Ka lebaka la mohlolo oo Petrose a neng a o entse, batho ba bangata e ile ea e-ba balumeli. (Lik. 3:1-10) Mohlolo oo Pauluse a ileng a o etsa o ile oa ba le liphello tse fapaneng haholo le tseo. 9, 10. Lystra e ne e le hokae, ’me ke’ng seo re se tsebang ka baahi ba eona? “BA BUA KA SEBETE KA MATLA A TSOANG HO JEHOVA” 183 Joalokaha ho hlalositsoe qalong ea khaolo ena, ha ¯ monna ea holofetseng a tlolela holimo ’me a qala ho ˇ tsamaea, letsoele la batho ba Lystra ba rapelang meli10 mo ea bohetene le ile la etsa qeto e fosahetseng. Le ile la re Barnabase ke Zeuse, e leng molimo o ka sehloohong, ’me la re Pauluse ke Hermese, mora oa Zeuse le ’muelli oa melimo. (Sheba lebokose la sehlooho se reng “Lystra le Borapeli ba Zeuse le Hermese,” leqepheng la 186.) Leha ho le joalo, Barnabase le Pauluse ba ne ba ˇ ikemiselitse ho hlakisetsa letsoele hore ba bua le ho etsa lintho ka matla a Jehova, Molimo a le mong feela oa ’nete, eseng ka matla a melimo ea bohetene.—Lik. 14:11-14. 11 Ho sa tsotellehe pherekano eo, Pauluse le Barnabase ba ile ba ’na ba leka ho etsa sohle seo ba ka se khonang ho finyella lipelo tsa batho ba neng ba ba mametse. Ho tloha ha sena se etsahala, Luka o ile a bolela tsela e atlehang ea ho bolella bahetene litaba tse molemo. Hlokomela hore na Pauluse le Barnabase ba ile ba finyella lipelo tsa batho ba neng ba ba mametse joang. Ba ile ba re: “Banna, ke hobane’ng ha le etsa lintho tsee? ˇ ¯ Le rona re batho ba nang le mefokolo e tsoanang le eo 11-13. (a) Pauluse le Barnabase ba ile ba re’ng ho baahi ba Lystra? (b) Re ka ithuta’ng lipolelong tsa Pauluse le Barnabase? 184 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO le nang le eona, ’me re le bolella litaba tse molemo, hore le furalle lintho tsena tsa lefeela le tle ho Molimo ea ˇ phelang, ea entseng leholimo le lefatse le leoatle le lintho tsohle tse ho tsona. Melokong e fetileng o ile a lumella lichaba tsohle ho tsoela pele litseleng tsa tsona, le hoja, ka sebele, a sa ka a itlohela ntle ho bopaki ka hore o ile a etsa se molemo, a le fa lipula tse tsoang ¯ leholimong le linako tse behang, a tlatsa lipelo tsa lona ka ho phethahetseng ka lijo le ho hlasimoloha ho molemo.”—Lik. 14:15-17. 12 Re ka ithuta’ng mantsoeng aa a susumetsang motho ho nahana ka ho teba? Taba ea pele, Pauluse le Barnabase ba ne ba sa nke hore ba phahametse batho ba ba mametseng. Ha baa ka ba iketsa seo ba seng sona. Ho e-na le hoo, ka boikokobetso ba ile ba lumela hore ba ˇ na le mefokolo e tsoanang le ea bahetene ba neng ba ba mametse. Ke ’nete hore Pauluse le Barnabase ba ne ba fumane moea o halalelang ’me ba lokolotsoe lithutong tsa bohata. Ba ne ba boetse ba hlohonolofalitsoe ˇ ka tsepo ea ho busa le Kreste. Empa ba ile ba hlokomela hore baahi ba Lystra ba ne ba ka amohela limpho tseo ka hore ba mamele Kreste. 13 Re ikutloa joang ka batho bao re ba pakelang? Na “BA BUA KA SEBETE KA MATLA A TSOANG HO JEHOVA” 185 LYSTRA LE B ORAPELI BA ZEUSE LE HERMESE ¯ ¯ ¯ Lystra e ne e le phuleng e thoko le litsela tse kholo. Cesare Augustase o ile a khetha motse ona hore e be kolone ea Roma, a o bitsa Julia Felix Gemina Lustra. Qhobosheane ea oona e ne e lokela ho sireletsa profinse ea Galatia melokong e lulang libakeng tse lithaba. Kahoo, motse ona o ne o tsamaisoa ho latela tsamaiso e tloaelehileng ea Roma, ’me ba boholong ba e-na le litlotla tsa Selatine. Leha ho le joalo, batho ba Lystra ba ne ba ntse ˇ ba tsoareletse mekhoeng ea bona e mengata. Ho ne ho rena mekhoa ea Selykaonia ho feta ea Seroma, ’me ha e le hantle, batho ba Lystra bao ho buuoeng ka bona bukeng ea Liketso ba ne ba bua Selykaonia. Har’a lintho tse fumanoeng ke baepolli ba lintho tsa khale Lystra ea boholo-holo ke mengolo e buang ka “baprista ba Zeuse” le seemahale sa molimo Hermese. Ho ile ha boela ha fumanoa aletare e nehetsoeng ho Zeuse le Hermese sebakeng seo. Pale e ngotsoeng ke seroki sa Moroma se bitsoang Ovid (43 B.C.E. ho ea ho 17 C.E.), e fana ka lintlha tse eketsehileng tsa buka ea Liketso. Ho latela Ovid, melimo e bitsoang Jupiter le Mercury, e leng mabitso a Seroma a melimo eo Bagerike ba e bitsang Zeuse le Hermese, e ile ea etela sebakeng se maralla sa Frigia e ¯ iphetotse batho. E ile ea kopa bolulo malapeng a sekete, empa ha ho motho ea ileng a e amohela. Philemon le ¯ Baucis, e leng banyalani ba holileng, ke bona feela ba 186 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO ileng ba e amohela ntlong ea bona e nyenyane ea boemo bo tlaase. Ka lebaka leo, Zeuse le Hermese ba ile ba fetola ntlo eo tempele ea ’mabole le khauta, ’me ba etsa ¯ banyalani bana ba holileng baprista, eaba ba heletsa matlo a batho ba sa kang ba ba amohela. The Book of Acts in Its Graeco-Roman Setting e re: “Haeba batho ba Lystra ba ile ba hopola pale eo ha ba bona Pauluse le Barnabase ba folisa monna ea holofetseng, ha ho makatse hore ebe ba ne ba ka rata ho ba amohela ka ho ba etsetsa mahlabelo.” ˇ ¯ re ba nka e le batho ba tsoanang le rona? Ha re thusa ba bang ho ithuta linnete tsa Lentsoe la Molimo, na re etsisa Pauluse le Barnabase ka ho qoba ho ipatlela thoriso? Charles Taze Russell, mosuoe ea ikhethang ea ileng a etella pele mosebetsing oa ho bolela litaba tse molemo ho ella qetellong ea lekholo la bo19 la lilemo le qalong ea lekholo la bo20 la lilemo, o ile a beha mohlala tabeng ena. O itse: “Ha re batle tlotla, tlhompho, ¯ ¯ bakeng sa rona kapa lingoliloeng tsa rona; kapa leha e le hona ho bitsoa Moruti kapa Rabi.” Boikokobetso ba ˇ ¯ Mor’abo rona Russell bo ne bo tsoana le ba Pauluse le ˇ ¯ Barnabase. Ka ho tsoanang, morero oa rona oa ho bolela litaba tse molemo hase ho ipatlela thoriso empa ke ho thusa batho ho tla ho “Molimo ea phelang.” “BA BUA KA SEBETE KA MATLA A TSOANG HO JEHOVA” 187 14 Hlokomela ntho ea bobeli eo re ka ithutang eona tabeng ena. Pauluse le Barnabase ba ne ba ikamahanya le maemo. Ho fapana le Bajuda le basokolohi ba Ikoniamo, baahi ba Lystra ba ne ba se na tsebo e kaalo ea ˇ Mangolo kapa ea litsebelisano tsa Molimo le sechaba sa Iseraele kapa ba se na eona ho hang. Leha ho le joalo, ba mametseng Pauluse le Barnabase e ne e le balemi. Boemo ba leholimo ba Lystra bo ne ba itekanetse ’me masimo a teng a nonne. Batho bao ba ne ba ka bona ˇ ¯ bopaki bo bongata ba litsobotsi tsa ’Mopi tse ka bonoang linthong tse kang linako tsa selemo tseo ho tsona ho bang le chai, ’me baromuoa bana ba ile ba sebelisa lintho tsena e le hore ba ba susumelletse ho nahana. —Bar. 1:19, 20. ¯ 15 Na le rona re ka ikamahanya le maemo joaloka bona? ¯ Le hoja molemi a ka jala peo ea mofuta o le mong masimong a hae a ’maloa, o lokela ho sebelisa mekhoa e ˇ sa tsoaneng ea ho lokisa mobu. E ka ’na eaba mobu o ¯ mong o se o ntse o le bonolo ’me o loketse peo. Mobu o mong o ka ’na oa hloka hore o lokisoe ka ho eketseˇ ˇ ¯ hileng. Ka ho tsoanang, re lema peo e tsoanang ka linako tsohle—e leng molaetsa oa ’Muso o fumanoang Le14-16. Ke ntho efe ea bobeli le ea boraro eo re ka ithutang eona ho seo Pauluse le Barnabase ba ileng ba se bolella baahi ba Lystra? 188 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO ˇ ntsoeng la Molimo. Leha ho le joalo, haeba re tsoana le Pauluse le Barnabase, re tla leka ho lemoha maemo le bolumeli ba batho bao re ba pakelang. Joale re tla etsa hore tsebo ena e susumetse tsela eo re bolelang molaetsa oa ’Muso ka eona.—Luka 8:11, 15. 16 Ho na le ntho ea boraro eo re ka ithutang eona tlalehong e amanang le Pauluse, Barnabase, le baahi ba Lystra. Ho sa tsotellehe hore na re leka ka matla hakae, ¯ ka linako tse ling peo eo re e jalang ea hloibiloa kapa e oela mobung o majoe. (Mat. 13:18-21) Haeba seo se etsahala, u se ke ua nyahama. Joalokaha Pauluse a ile a hopotsa barutuoa ba Roma hamorao, “e mong le e ¯ mong oa rona [ho akarelletsa le motho e mong le e mong eo re buisanang le eena ka Lentsoe la Molimo] o tla ikarabella ho Molimo.”—Bar. 14:12. 17 “Ba ba B eha ho Jehova” (Liketso 14:20-28) Ka mor’a hore Balykaonia ba hulele Pauluse ka ntle ho Lystra ’me ba mo siee moo ba nahana hore o shoele, barutuoa ba ile ba mo bokanela eaba oa tsoha ’me o robaletsa motseng. Letsatsing le latelang, Pauluse le Barnabase ba ile ba kena leetong la bona la lik’hilomithara tse 100 ho ea Derbe. Re ka inahanela feela hore na 17. Ka mor’a hore Pauluse le Barnabase ba tlohe Derbe, ba ile ba ea hokae, hona hobane’ng? “BA BUA KA SEBETE KA MATLA A TSOANG HO JEHOVA” 189 e bile leeto le boima hakaakang ho Pauluse, kaha o ne a ile a tlepetsoa ka majoe lihora tse seng kae pejana. Ho ntse ho le joalo, eena le Barnabase ba ile ba mamella ’me ha ba fihla Derbe ba etsa “barutuoa ba bangata.” Joale, ho e-na le ho khaoletsa ha ba khutlela kabelong ea bona Antioke ea Syria, “ba khutlela Lystra le Ikoniamo le Antioke [ea Pisidia].” Ka sepheo sefe? E le ho matlafatsa ‘meea ea barutuoa, le ho ba khothalletsa ho lula tumelong.’ (Lik. 14:20-22) Banna bao ba babeli ba ile ba beha mohlala o motle hakaakang! Ba ile ba itella phutheho. Balebeli ba potoloho le baromuoa ba ˇ mehleng ena ba entse se tsoanang. 18 Ho phaella ho matlafatseng barutuoa ka mantsoe a bona le mohlala, Pauluse le Barnabase ba ile ba khetha “banna ba baholo bakeng sa bona phuthehong e ’ngoe le e ’ngoe.” Le hoja Pauluse le Barnabase ba ne ba ‘rometsoe ke moea o halalelang’ leetong lena la boromuoa, ba ile ba ’na ba rapela le ho itima lijo ha “ba beha [banna ba baholo] ho Jehova.” (Lik. 13:1-4; 14:23) Ho etsoa ˇ ¯ se tsoanang kajeno. Pele ho buelloa hore mor’abo rona a khethoe, sehlopha sa baholo ba phutheho sea rapeˇ la ebe se hlahloba hore na oa tsoaneleha ho latela Mangolo. (1 Tim. 3:1-10, 12, 13; Tite 1:5-9) Ha a khethoe 18. Banna ba baholo ba khethoa joang? 190 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO ho latela nako eo a e qetileng e le Mokreste. Ho e-na ˇ ¯ le hoo, lipuo tsa mor’abo rona, boitsoaro le botumo li ˇ bontsa hore na moea o halalelang o sebetsa hakae bophelong ba hae. Ha a etsa lintho tseo Mangolo a reng ˇ balebeli ba lokela ho li etsa, seo se tla etsa hore a tsoanelehe ho ba molisa oa mohlape.—Bagal. 5:22, 23. 19 Baholo baa tseba hore ba ikarabella ho Molimo baˇ keng sa tsela eo ba tsoarang phutheho ka eona. (Baheb. 13:17; 1 Pet. 5:1-3) Joaloka Pauluse le Barnabase, baholo ba etella pele mosebetsing oa ho bolela litaba tse molemo. Ba matlafatsa barutuoa-’moho le bona ka mantsoe. Ba ikemiselitse ho itella phutheho.—Bafil. 2:3, 4. 20 Ha Pauluse le Barnabase ba qetella ba khutletse kabelong ea bona ea boromuoa Antioke ea Syria, ba ile ba tlaleha “lintho tse ngata tseo Molimo a neng a li entse ka bona, le hore o ne a buletse lichaba monyako oa tumelo.” (Lik. 14:27) Ha re bala ka mosebetsi oo baˇ ¯ rab’abo rona ba Bakreste ba o etsang ka botsepehi ’me re bona kamoo Jehova a ba hlohonolofatsang kateng mosebetsing oa bona, re tla khothalla ho tsoela pele ho “bua ka sebete ka matla a tsoang ho Jehova.” 19. Baholo baa tseba hore ba na le boikarabelo bofe, ’me ba etsisa Pauluse le Barnabase joang? 20. Re rua molemo joang ha re bala litlaleho tse mabapi le mosebetsi oo ba¯ ˇ rab’abo r ona ba o etsang ka bot sepehi? “BA BUA KA SEBETE KA MATLA A TSOANG HO JEHOVA” 191 KARO LO EA 5 ˙ LIKETS O 15:1-35 “BAAPOSTOLA LE BANNA BA BAHOLO BA BOKANA” LIKETS O 15:6 Ho ile ha tsoha khang e matla e neng e ka luka khotso ea liphutheho ea ba ea baka karohano. E le hore liphutheho li rarolle khang ee li ile tsa batla keletso le tataiso hokae? Karolong ena, re tla hlokomela kamoo phutheho ea lekholong la pele la lilemo e neng e hlophisitsoe kateng, e leng mohlala bakeng sa batho ba Molimo kajeno. KHAOLO EA 13 ‘Ha E-ba le ho Hloka Kutloano ho Hoholo’ Khang ea lebollo e isoa ho sehlopha se busang E Thehiloe ho Liketso 15:1-12 PAULUSE le Barnabase ba sa tsoa khutla ba thabile motseng oa Syria o bitsoang Antioke ba tsoa leetong la bona la pele e le baromuoa. Ba thabetse hore ebe Jehova o “buletse lichaba monyako oa tumelo.” (Lik. 14:26, 27) Ha e le hantle, litaba tse molemo li boleloa Antioke eohle ’me ¯ ¯ ho ba le “palo e kholo” ea Balichaba ba kenang ka phuthehong.—Lik. 11:20-26. 2 Kapele litaba tse thabisang tse mabapi le keketseho ena li fihla Judea. Empa, ho e-na le hore batho kaofela ba li thabele, hoa totobala hore ho hlokahala hore ho nkoe bohato ka khang ea lebollo. Balumeli ba Bajuda le bao e seng Bajuda ba lokela ho sebelisana joang, hona balumeli bao e seng Bajuda ba lokela ho ikutloa joang ka Molao oa Moshe? Khang ena e baka ho hloka kutloano ho 1-3. (a) Ho hlaha lintho life tse ka ’nang tsa etsa hore phutheho ea Bakreste e arohane? (b) Re ka rua molemo joang ka ho ithuta tlaleho ee e bukeng ea Liketso? ‘HA E-BA LE HO HLOKA KUTLOANO HO HOHOLO’ 193 hoholo hoo e ka qetellang e entse hore phutheho ea Bakreste e arohane. E tla sebetsoa joang? 3 Re tla ithuta lintho tse ngata tsa bohlokoa ha re ntse re hlahloba tlaleho ena e bukeng ea Liketso. Sena se tla re thusa ho sebelisa bohlale haeba ho ka hlaha lintho tse ka bakang karohano mehleng ena. 4 “Ntle le Hore le B olle” (Liketso 15:1) Morutuoa Luka o itse: “Banna ba itseng [ba ile] ba theoha Judea [ba tla Antioke] ’me ba qala ho ruta bara¯ b’abo rona: ‘Ntle le hore le bolle ho ea ka tloaelo ea Moshe, le ke ke la pholoha.’ ” (Lik. 15:1) Ha hoa boleloa hore na ‘banna bana ba itseng’ e ne e le Bafarisi kapa che pele e e-ba Bakreste. Ho sa tsotellehe seo, ho bonahala eka ba ne ba susumelitsoe ke monahano oa lequloana leo la Bajuda ba khomaretseng molao. Hape, e ka ’na eaba ba ile ba bua leshano ba re ba romiloe ke baapostola le banna ba baholo ba Jerusalema. (Lik. 15:23, 24) Empa ke hobane’ng ha balumeli ba Bajuda ba ne ba ntse ba buella lebollo lilemo tse ka bang 13 ka mor’a hore moapostola Petrose a amohele Balichaba ba sa bollang ka phuthehong ea Bakreste ka tataiso Molimo?1—Lik. 10:24-29, 44-48. ˇ 1 Sheba lebokose la sehlooho se reng “Lithuto Tsa Batsehetsi ba Bolumeli ba Sejuda,” leqepheng la 196. 4. Balumeli ba bang ba ne ba buella maikutlo afe a fosahetseng, hona see se hlahisa potso efe? 194 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO 5 Mohlomong ho ne ho e-na le mabaka a mangata. Ta- beng ea pele, lebollo le ne le qaliloe ke Jehova, ’me e ne ˇ e le letsoao la hore motho o na le kamano e khethehileng le eena. Lebollo le qalile pele ho selekane sa Molao empa ka mor’a moo ea e-ba karolo ea sona, ’me le qalile ka Abrahama le ba ntlo ea hae.1 (Lev. 12:2, 3) Ho ea ka Molao oa Moshe, esita le balichaba ba ne ba lokela ho bolla pele ba ka lumelloa ho etsa lintho tse itseng, tse kang ho ja lijo tsa Paseka. (Ex. 12:43, 44, 48, 49) Ha e le hantle, Bajuda ba ne ba nka hore monna ea sa bollang ha aa hloeka ebile oa eiseha.—Esa. 52:1. 6 Ka lebaka leo, ho ne ho hlokahala hore balumeli ba Bajuda ba be le tumelo le boikokobetso hore ba amohele thuto e ncha. Selekane sa Molao se ne se nketsoe sebaka ke se secha, kahoo motho e ne e ke ke ea hlola e e-ba karolo ea sechaba sa Molimo hobane feela a tsoetsoe e le Mojuda. ’Me ho ne ho hlokahala sebete hore Bakreste ba 1 Selekane sa lebollo e ne e se karolo ea selekane sa Abrahama, se ntseng se sebetsa ho fihlela kajeno. Selekane sa Abrahama se qalile ho sebetsa ˇ ¯ ka 1943 B.C.E. ha Abrahama (eo e neng e le Abrame ka nako eo) a tsela noka ea Eufrate a e-ea Kanana. Ka nako eo o ne a le lilemo li 75. Selekane sa lebollo se ile sa etsoa hamorao, ka 1919 B.C.E., ha Abrahama a le lilemo li 99.—Gen. 12:1-8; 17:1, 9-14; Bagal. 3:17. 5, 6. (a) E ka ’na eaba ke hobane’ng ha Bakreste ba bang ba Bajuda ba ne ba batla ho khomarela lebollo? (b) Na selekane sa lebollo e ne e le karolo ea selekane sa Abrahama? Hlalosa. (Sheba mongolo o botlaaseng ba leqephe.) ‘HA E-BA LE HO HLOKA KUTLOANO HO HOHOLO’ 195 ˇ LITHUTO TSA BAT SEHETSI BA B OLUMELI BA SEJUDA Esita le ka mor’a hore sehlopha se busang sa lekholong la pele la lilemo se rarolle taba ea lebollo, batho ba itseng ba neng ba re ke Bakreste ba ile ba ’na ba phehella taba eo ka manganga. Moapostola Pauluse o ile a re ke “ba¯ rab’abo rona ba bohata” ba batlang “ho khopamisa litaba tse molemo tse mabapi le Kreste.”—Bagal. 1:7; 2:4; Tite 1:10. ˇ Kamoo ho bonahalang kateng, morero oa Batsehetsi ba Bolumeli ba Sejuda e ne e le ho khahlisa Bajuda, hore ba se ke ba hanyetsa Bakreste ka mabifi. (Bagal. 6:12, 13) ˇ Batsehetsi ba Bolumeli ba Sejuda ba ne ba re ho boloka Molao oa Moshe litabeng tse kang tsa lijo, lebollo le mekete ea Bajuda ke hona ho etsang hore motho e be ea lokileng.—Bakol. 2:16. Ka ho utloahalang, ba neng ba lumela hore maikutlo ana a nepahetse ba ne ba sa phutholohe ha ba le har’a balumeli ba Balichaba. Ka masoabi, le Bakreste ba Bajuda ba ’maloa ba hlomphuoang ba ne ba e-na le maikutlo ao a fosahetseng. Ka mohlala, ha baemeli ba tsoang phuthehong ea Jerusalema ba etetse Antioke, ba ile ba ikarola ho barab’abo bona ba Balichaba. Esita le Petrose, ea neng a sebelisana le Balichaba ka bolokolohi pele ho moo, o ile a ikarola ho bona—a se a sa je le bona. Ha e le hantle, o ile a fetohela melao-motheo eo a neng a e loanela pele ho moo. Ka lebaka leo, Pauluse o ile a mo khalemela ka thata.—Bagal. 2:11-14. 196 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO Bajuda ba neng ba lula libakeng tsa Bajuda—joaloka balumeli ba neng ba lula Judea—ba ipitse ka Kreste ba be ba amohele Balichaba ba sa bollang e le balumeli-’moho le bona.—Jer. 31:31-33; Luka 22:20. 7 Bonneteng, melao ea Molimo e ne e sa fetoha. Bopa- ki ba sena ke hore selekane se secha se ne se akarelletsa lintlha tsa bohlokoa tse neng li hlaha Molaong oa Moshe. (Mat. 22:36-40) Ka mohlala, hamorao Pauluse o ile a re ka lebollo: “Mojuda ke eo e leng eena ka hare, ’me lebollo la hae ke la pelo ka moea, eseng ka molao o ngotsoeng.” (Bar. 2:29; Deut. 10:16) ‘Banna bao ba itseng’ ba tsoang Judea ba ne ba sa utloisise linnete tsena empa ba tsitlella hore ha ho mohla Molimo a kileng a felisa molao oa lebollo. Na ba ne ba tla utloisisa ha ba hlalosetsoa mabaka? “Ho Hloka Kutloano le ho Phehisana” (Liketso 15:2) 8 Luka o ile a tsoela pele a re: “Ha ho bile le ho hloka kutloano le ho phehisana ho hoholo ha Pauluse le Barnabase le bona [‘banna bao ba itseng’], [baholo] ba lokisetsa hore Pauluse le Barnabase le ba bang ba itseng ba bona ba nyolohele ho baapostola le banna ba baholo 7. Ke linnete life tseo “banna ba itseng” ba neng ba sa li utloisise? 8. Ke hobane’ng ha khang ea lebollo e ile ea isoa ho sehlopha se busang Jerusalema? ‘HA E-BA LE HO HLOKA KUTLOANO HO HOHOLO’ 197 Jerusalema mabapi le phehisano ena.”1 (Lik. 15:2) “Ho ˇ hloka kutloano le ho phehisana” ho ne ho bontsa hore lihlopha ka bobeli li tsitlelletse maikutlong a tsona, ’me phutheho ea Antioke e ne e sa khone ho rarolla bothata bona. Molemong oa khotso le bonngoe, ka bohlale phutheho ea lokisetsa hore potso eo e isoe ho “baapostola le banna ba baholo Jerusalema,” bao e neng e le litho tsa sehlopha se busang. Re ka ithuta’ng mohlaleng oa baholo ba Antioke? 9 Ntho e ’ngoe ea bohlokoa eo re ithutang eona ke hore ˇ ho hlokahala re tsepe mokhatlo o hlophisitsoeng oa Mo¯ limo. Nahana ka sena: Barab’abo rona ba Antioke ba ne ba tseba hore sehlopha se busang se entsoe ka Bakreste ˇ ba Bajuda feela. Empa, ba ile ba tsepa hore sehlopha seo se tla rarolla taba ea lebollo tumellanong le Mangolo. Hobane’ng? Phutheho e ne e kholisehile hore Jehova o ne a tla tsamaisa litaba ka moea oa hae o halalelang le ka Hlooho ea phutheho ea Bakreste, e leng Jesu Kreste. 1 Ho bonahala eka ´ Tite, Mokreste oa Mogerike eo hamorao e ileng ea ˇ e-ba motsoalle le lengosa le tsepahalang la Pauluse, o ne a le moifong ona. (Bagal. 2:1; Tite 1:4) E ne e le mohlala o motle oa Molichaba ea sa bollang ea tlotsitsoeng ka moea o halalelang.—Bagal. 2:3. ¯ 9, 10. Barab’abo r ona ba Antioke hammoho le Pauluse le Barnabase ba re behetse mohlala ofe o motle kajeno? 198 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO (Mat. 28:18, 20; Baef. 1:22, 23) Ha ho hlaha litaba tse tebileng kajeno, a re etsiseng mohlala o motle oa balumeli ˇ ba Antioke ka ho tsepa mokhatlo o hlophisitsoeng oa Molimo hammoho le Sehlopha se Busang sa Bakreste ba tlotsitsoeng. 10 Sena se boetse se re hopotsa hore ke habohlokoa hore re ikokobetse ’me re se ke ra fela pelo. Pauluse le Barnabase ba ne ba khethiloe ke moea ka ho toba hore ba ee lichabeng, empa ha ba le Antioke ha baa ka ba sebelisa matla ao ba a fuoeng hore ba rarolle khang eo ea lebollo hang-hang. (Lik. 13:2, 3) Ho feta moo, hamorao Pauluse o ile a re: “Ka nyoloha [ka ea Jerusalema] ka leˇ ˇ baka la tsenolo”—ho bontsang hore litaba li ne li tsamaiˇ soa ke Molimo. (Bagal. 2:2) Ka ho tsoanang, kajeno baholo ba loanela ho ba le boikokobetso, ho se fele pelo ha ho hlaha lintho tse ka ’nang tsa baka karohano. Ho e-na ˇ le ho ngangella maikutlong a bona, ba itsetleha ka Jehova ka ho bala Mangolo le litaelo le tataiso ea lekhoba le ˇ tsepahalang.—Bafil. 2:2, 3. 11 Maemong a mang, ho ka ’na ha hlokahala hore re le- tele Jehova hore a hlakise taba e itseng. Hopola hore ho ¯ ile ha hlokahala hore barab’abo rona ba mehleng ea 11, 12. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho letela Jehova? ‘HA E-BA LE HO HLOKA KUTLOANO HO HOHOLO’ 199 Pauluse ba lete ho fihlela ka 49 C.E.—lilemo tse ka bang 13 ho tloha ha Korneliase a tlotsoa ka 36 C.E.—pele Jehova a lokisa taba ea hore na Balichaba ba lokela ho bolla kapa che. Ke hobane’ng ha ho ile ha feta nako e telele hakaalo? Mohlomong Molimo o ne a batla hore ho fete ˇ nako e lekaneng e le hore Bajuda ba tsepahalang ba ka ¯ ¯ amohela phetoho eo e kholo. Ha e le hantle, ho felisoa ha selekane sa lebollo se entsoeng le moholo-holo oa bona Abrahama lilemong tse 1 900 tse fetileng e ne e le ¯ ¯ taba e kholo!—Joh. 16:12. ¯ 12 Ke tlotla e kaakang ho rutoa le ho b optjoa ke Ntate ¯ oa rona ea leholimong ea sa feleng pelo le ea mosa! Ka linako tsohle liphello e ba tse ntle le tse re tsoelang molemo. (Esa. 48:17, 18; 64:8) Kahoo le ka mohla re se ke ra ¯ tsitlella maikutlong a rona kapa ra tletleba ha ho etsoa liphetoho mokhatlong o hlophisitsoeng kapa ho fetoloa tsela eo mangolo a itseng a hlalosoang ka eona. (Moek. ˇ 7:8) Haeba u hlokomela hore u na le tsekamelo e joalo, u lokela ho rapella tataiso ’me u thuise ka melao-motheo e loketseng e fumanoang ho Liketso khaolo ea 15?1 13 Ho ka ’na ha hlokahala hore re se fele pelo ha re ithu- 1 Sheba lebokose la sehlooho se reng “Seo Lipaki Tsa Jehova li se Lumelang se Thehiloe Bibeleng,” leqepheng la 201. ˇ ¯ 13. Re ka etsisa Jehova joang ka ho se fele pelo t sebeletsong ea r ona? 200 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO ‘SEO LIPAKI TSA JEHOVA LI SE LUMELANG SE THEHILOE BIBELENG’ Joalokaha ho bonahetse ka ho hlaka mohlaleng oa phutheho ea Bakreste ba pele, leseli le ’nile la chaba hanyane ka hanyane borapeling ba ’nete. (Liprov. 4:18; Dan. 12:4, 9, 10; Lik. 15:7-9) Le kajeno, batho ba Jehova ba fetola seo ba se lumelang hore se lumellane le ’nete e senotsoeng; ha ba qobelle Mangolo hore ˇ a tsehetse maikutlo a bona. Batho ba se nang leeme ba hlokometse sena. Bukeng ea hae ea Truth in Translation, Jason David BeDuhn, moprofesa oa lithuto tsa bolumeli Univesithing ea Northern Arizona, United States, o ile a re Lipaki Tsa Jehova li amohela Bibele ˇ “ka botsepehi, ’me li [theha] lithuto tsa tsona le seo li se etsang Bibeleng eseng maikutlong a tsona.” ta Bibele le batho bao ho leng thata hore ba lahle lithuto tsa bohata kapa meetlo e khahlanong le Mangolo eo ba e nkang e le ea bohlokoa. Maemong a joalo, ho ka ’na ha hlokahala hore re eme nako e lekaneng hore moea oa Molimo o susumetse pelo ea seithuti. (1 Bakor. 3:6, 7) Hape, ho hlokahala hore re rapelle taba ena. Mohlomong ka nako e loketseng Molimo o tla re thusa ho tseba hore na re nke khato efe e bohlale.—1 Joh. 5:14. ‘HA E-BA LE HO HLOKA KUTLOANO HO HOHOLO’ 201 Ba Ile ba Pheta “ka ho Qaqileng” Liphihlelo Tse Khothatsang (Liketso 15:3-5) 14 Ha Luka a tsoela pele o re: “Ka mor’a hore phuthe- ho e ba felehetse sebaka se itseng, banna bana ba tsoela pele ho tsamaea ho pholletsa le Foenisia hammoho le Saˇ maria, ba pheta ka ho qaqileng tsokoloho ea batho ba li¯ chaba, ’me ba ne ba tlisetsa barab’abo rona bohle thabo ¯ ¯ e kholo.” (Lik. 15:3) Hore ebe phutheho e ile ea felehetsa Pauluse, Barnabase le bo-mphato’a bona sebaka se ˇ itseng ho ne ho bontsa hore e ba rata ka lerato la Bokreste, ea ba hlompha, ebile e ba lakaletsa hore Molimo a ba hlohonolofatse. Ka sebele, ke mohlala o mong o motle oo ¯ barab’abo rona ba Antioke ba re behetseng oona! Na u hlompha bara le barali beno ba Bakreste, “haholo-holo [banna ba baholo] ba sebetsang ka thata ho bueng le ho ruteng”?—1 Tim. 5:17. 15 Ha ba ntse ba tsamaea ba ile ba ruisa Bakreste ba Foenisia le Samaria molemo ka ho ba phetela “ka ho qaqileng” liphihlelo tsa mosebetsi o etsoang har’a Balichaba. Mohlomong ho ne ho boetse ho e-na le balumeli ba Bajuda ba neng ba balehetse libakeng tseo ka mor’a 14, 15. Phutheho ea Antioke e ile ea hlompha Pauluse, Barnabase le bomphato’a bona joang, hona ba ile ba ruisa balumeli-’moho le bona molemo joang ha ba le moo? 202 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO ˇ hore Setefane a bolaeloe tumelo. Ka ho tsoanang le kaje¯ no, barab’abo rona baa khothala, haholo-holo ba hlahetsoeng ke liteko, ha ba utloa litlaleho tsa kamoo Jehova a hlohonolofatsang mosebetsi oa ho etsa barutuoa kateng. Na u rua molemo o feletseng litlalehong tse joalo ¯ ka ho ba teng libokeng tsa Bakreste, likopanong tse kho¯ lo le tse nyenyane hammoho le ka ho bala liphihlelo le lipale tsa bophelo tse hatisoang ka har’a lingoliloeng tsa ¯ rona? 16 Ka mor’a hore moifo o tsoang Antioke o tsamaee li- k’hilomithara tse ka bang 550 ho ea ka boroa, o ile oa qetella o fihlile moo o eang teng. Luka o re: “Ha ba fihla Jerusalema ba amoheloa ka mosa ke phutheho le baapostola le banna ba baholo, ’me ba pheta lintho tse ngata tseo Molimo a neng a li entse ka bona.” (Lik. 15:4) Leha ho le joalo, “ba bang ba lequloana la Bafarisi ba lumetseng, ba phahama litulong ’me ba re: ‘Hoa hlokahala ho ba bolotsa le ho ba laela hore ba boloke molao oa Moshe.’ ” (Lik. 15:5) Ho hlakile hore taba ea hore Bakreste ¯ ¯ bao e seng Bajuda ba bolle e ne e fetohile khang e kholo, ’me e ne e lokela ho rarolloa. ˇ ¯ ¯ 16. Ke eng se bont sang hore lebollo le ne le fetohile khang e kh ol o? ‘HA E-BA LE HO HLOKA KUTLOANO HO HOHOLO’ 203 “Baapostola le Banna ba Baholo” ba Ile ba B okana (Liketso 15:6-12) 17 Liproverbia 13:10 e re: “Ho ba rerisanang hammoho ho na le bohlale.” Tumellanong le molao-motheo oo o utloahalang, “baapostola le banna ba baholo [ba ile] ba bokana ho bona taba [ea lebollo].” (Lik. 15:6) “Baapostola le banna ba baholo” e ne e le baemeli ba phutheho eoˇ hle ea Bakreste, ho tsoana le Sehlopha se Busang kajeno. Ke hobane’ng ha “banna ba baholo” ba ne ba sebetsa hammoho le baapostola? Hopola hore moapostola Jakobo o ne a bolailoe, ’me moapostola Petrose o ne a kentsoe teronkong ka nako e itseng. Na baapostola ba bang ba ne ˇ ba tla hlaheloa ke ntho e tsoanang? Hafeela banna ba ˇ bang ba tlotsitsoeng ba tsoanelehang ba ntse ba le teng, ¯ ho ne ho tla lula ho e-na le barab’abo rona ba lekaneng ba ka etellang pele. 18 Luka o ile a tsoela pele a re: “Joale ha ho bile le ho phehisana ho hoholo, Petrose a ema eaba o re . . . : ‘Banna, barab’eso, le tseba hantle hore ho tloha matsatsing ¯ a pele Molimo o ile a khetha har’a lona hore ka molomo oa ka batho ba lichaba ba utloe lentsoe la litaba tse molemo ’me ba lumele; ’me Molimo, ea tsebang pelo, o ile a 17. Ke bo-mang bao e neng e le litho tsa sehlopha se busang Jerusalema, hona e ka ’na eaba ke hobane’ng ha ba ne ba akarelletsa le “banna ba baholo”? 18, 19. Petrose o ile a bua mantsoe afe a matla, hona e tlameha ebe bamameli ba hae ba ile ba fihlela qeto efe? 204 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO paka ka ho ba fa moea o halalelang, feela joalokaha le ¯ rona a ile a re fa oona. Ha aa ka a khetholla ho hang pa¯ keng tsa rona le bona, empa o ile a hloekisa lipelo tsa bona ka tumelo.’ ” (Lik. 15:7-9) Ho ea ka buka e ’ngoe, lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “ho phehisana” temaneng ea 7 le boetse le bolela “ho batlisisa,” ‘ho botsisi¯ sa.’ Kamoo ho bonahalang kateng, barab’abo rona ba ne ˇ ba e-na le maikutlo a fapaneng, ’me ba ile ba a ntsa ka bolokolohi. 19 Mantsoe a Petrose a matla a ile a hopotsa bohle hore o ne a le teng ha Balichaba ba pele ba sa bollang—e leng Korneliase le ba ntlo ea hae—ba tlotsoa ka moea o halalelang ka 36 C.E. Kahoo ha Jehova a se a sa tsotelle hore na motho ke Mojuda kapa che, batho ke bo-mang hore ba etse ho fapaneng? Ho feta moo, pelo ea molumeli ha e hloekisoe ke ho boloka Molao oa Moshe, empa e hloekisoa ke ho lumela ho Kreste.—Bagal. 2:16. ˇ 20 A itsetlehile ka bopaki bo ke keng ba latoloa ba lentsoe la Molimo, hammoho le moea o halalelang, Petrose o ile a phetha ka ho re: “Ka hona, joale, ke hobane’ng ha le leka Molimo ka ho imetsa melala ea barutuoa ka ¯ ¯ joko eo baholo-holo ba rona kapa rona re sa kang ra khoˇ na ho e jara? Ho fapana le hoo, re tsepa ho pholoha ka ˇ 20. Batho ba neng ba t sehetsa lebollo ba ne ba “leka Molimo” ka tsela efe? ‘HA E-BA LE HO HLOKA KUTLOANO HO HOHOLO’ 205 ˇ ˇ mosa o sa tsoanelang oa Morena Jesu ka tsela e tsoanang le bona batho bao.” (Lik. 15:10, 11) Ha e le hantle, batho ba buellang lebollo ba ne ba “leka Molimo,” kapa ho ea ka phetolelo e ’ngoe, ba ‘leka mamello ea hae.’ Ba ne ba leka ho tlama Balichaba hore ba boloke molao oo Bajuda ka bobona ba neng ba sitoa ho o boloka ka ho feletseng, ka lebaka leo oa ba ahlolela lefu. (Bagal. 3:10) Ho e-na le hoo, Bajuda ba neng ba mametse Petrose ba ne ba ˇ lokela ho leboha hore ebe Molimo o ba bontsitse mosa o ˇ sa tsoanelang ka Jesu. 21 Kamoo ho bonahalang kateng, mantsoe a Petrose a ile a ama lipelo tsa bao a neng a bua le bona, hobane “leˇ tsoele lohle [le ile la] khutsa.” Ka mor’a moo, Barnabase ˇ le Pauluse ba ile ba pheta “lipontso le limakatso tse ngata tseo Molimo a ileng a li etsa ka bona har’a lichaba.” (Lik. 15:12) Joale, qetellong, baapostola le banna ba baholo ba ile ba khona ho sekaseka bopaki bohle le ho etsa qeto eo ho hlakileng hore e lumellana le thato ea Molimo tabeng eo ea lebollo. 22 Le kajeno, ha litho tsa Sehlopha se Busang li kopa- 21. Barnabase le Pauluse ba ile ba thusa joang hore ho etsoe qeto tabeng ea lebollo? 22-24. (a) S ehlopha se Busang sa kajeno se latela mohlala oa sehlopha se ˇ busang sa lekholong la pele la lilemo joang? (b) Baholo bohle ba ka bont sa joang hore ba hlompha taolo ea puso ea Molimo? 206 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO na, li iphaphatha le tataiso ea Lentsoe la Molimo ’me li rapella moea o halalelang. (Pes. 119:105; Mat. 7:7-11) Ka lebaka leo, setho se seng le se seng sa Sehlopha se Busang se fumana lethathamo la litaba tseo ho tla buisanoa ka tsona esale pele e le hore se ka nahana ka tsona le ho ¯ rapela. (Liprov. 15:28) Ha bara bana babo rona ba tlotsiˇ tsoeng ba le sebokeng, ba ntsa maikutlo a bona ka bolokolohi le ka tlhompho. Ho sebelisoa Bibele khafetsa lipuisanong tsena. Baholo ba phutheho ba lokela ho latela mohlala oo. ˇ ’Me haeba taba e tebileng e tsohliloeng sebokeng sa ba23 holo e sa rarollehe, sehlopha sa baholo se ka e fetisetsa ofising ea lekala ea sebakeng seo kapa ho baemeli ba eona ba khethiloeng, joaloka balebeli ba tsamaeang. Ka mor’a moo, lekala le ka ’na la ngolla Sehlopha se Busang haeba ho hlokahala. 24 Ka sebele, Jehova o hlohonolofatsa ba ikokobelle- tsang tsela ea puso ea Molimo eo lintho li etsoang ka ˇ ˇ eona ka phuthehong le ba bontsang boikokobetso, botsepehi le mamello. Joalokaha re tla bona khaolong e latelang, meputso eo Molimo a re fang eona ha re etsa joalo ke khotso ea ’nete, katleho ea moea le bonngoe har’a Bakreste. ‘HA E-BA LE HO HLOKA KUTLOANO HO HOHOLO’ 207 KHAOLO EA 14 “Re Fihletse Tumellano Hammoho” Kamoo sehlopha se busang se ileng sa etsa qeto le kamoo e ileng ea etsa hore liphutheho li momahane E Thehiloe ho Liketso 15:13-35 E MONG le e mong o thahasella ho tseba hore na ho tla etsoa qeto efe. Baapostola le banna ba baholo ba ka kamoreng ena e Jerusalema baa shebana, baa lemoha hore ona ke motsotso oa bohlokoa. Khang ea lebollo e hlahisitse lipotso tsa bohlokoa. Na Bakreste ba tlas’a Molao oa Moshe? Na ho lokela ho ba le phapang pakeng tsa Bakreste ba Bajuda le ba Balichaba? 2 Banna ba etellang pele ba se ba hlahlobile bopaki bo bongata. Ba nahanne ka Lentsoe la Molimo la boprofeta esita le bopaki boo ba bo boneng bo senotseng tlhohoˇ nolofatso ea Jehova. Ba se ba ntsitse maikutlo a bona ka ho feletseng. Ho na le bopaki bo bongata haholo mabapi le taba ena. Ho hlakile hore moea oa Jehova oa ba tataisa. Na banna baa ba tla latela tataiso eo? 1, 2. (a) S ehlopha se busang sa phutheho ea Bakreste ba lekholong la pele la ¯ lilemo se tobane le lipotso life tsa bohlokoa? (b) Bara baa babo r ona ba tla thusoa ke eng hore ba etse qeto e nepahetseng? 208 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO 3 Ho hlokahala hore ba be le tumelo e tiileng le sebete hore ba amohele tataiso ea moea tabeng ena. Ho ka etsahala hore baeta-pele ba bolumeli ba Bajuda ba ba hloee le ho feta. Hape, ba ka ’na ba hanyetsoa ke banna ba ka phuthehong ba ikemiselitseng ho etsa hore batho ba Moˇ limo ba boele ba itsetlehe ka Molao oa Moshe. Sehlopha se busang se tla etsa joang? A re boneng. Ha re ntse re hlahloba tlaleho ena, re tla hlokomela kamoo banna bao ba behileng mohlala o lateloang ke Sehlopha se Busang sa Lipaki Tsa Jehova kajeno. Kaha re Bakreste, ke mo¯ hlala oo ho hlokahalang hore le rona re o latele ha re etsa liqeto kapa re tobana le mathata. 4 “Mantsoe a Baprofeta a Lumellana le S ena” (Liketso 15:13-21) ` Morutuoa Jakobo, e leng ngoan’abo Jesu ka ’me oa bona, o ile a bua.1 Ho bonahala eka e ne e le molula-setulo oa seboka sena. Mantsoe a hae a ile a akaretsa seo sehlopha se lumellaneng ka sona. Jakobo o ile a re ho banna bana ba bokaneng: “Symeone o phetile ka ho 1 Sheba lebokose la sehlooho se reng “Jakobo—‘Mor’abo Morena,’ ” leqepheng la 210. 3. Ho hlahloba tlaleho e ho Liketso khaolo ea 15 ho tla re ruisa molemo joang? 4, 5. Jakobo o ile a fana ka leseli lefe le hlahang Lentsoeng la Molimo la boprofeta? “RE FIHLETSE TUMELLANO HAMMOHO” 209 JAKOB O—“MOR’AB O MORENA” Jakobo, mora oa Josefa le Maria, o boleloa pele letha` thamong la baena ba Jesu ka ’me oa bona. (Mat. 13:54, 55) Kahoo, ho ka etsahala hore ke ngoana oa bobeli oa ˇ ¯ Maria. Jakobo o hotse le Jesu, a bona ha a etsa tsebeletso ea hae, ’me mohlomong o ne a tseba ‘mesebetsi ea Jesu e matla,’ ebang o e bone ka ho toba kapa che. Leha ho le ˇ joalo, ha Jesu a ntse a etsa tsebeletso ea hae, Jakobo le ˇ barab’abo “ba ne ba sa bontse tumelo ho eena.” (Joh. 7:5) Mohlomong Jakobo o ne a bile a lumellana le ba bang ba beng ka Jesu ba neng ba re “o lahlehetsoe ke kelello.”—Mar. 3:21. Lintho li ile tsa fetoha ha Jesu a shoa a bile a tsoha bafung. Le hoja Mangolong a Segerike ho buuoa ka bo-Jakobo ba bane, ho hlakile hore Jesu o ile a hlaha ka ho toba ho Jakobo oabo matsatsing a 40 ao a ileng a a qeta ka mor’a hore A tsosoe bafung. (1 Bakor. 15:7) Mohlomong sena se ile sa etsa hore Jakobo a tsebe moholoane oa hae hantle. Ebang ho joalo kapa che, pele ho feta matsatsi a leshome Jesu a nyolohetse leholimong, Jako` bo, ’me oa hae, le barab’abo ba ne ba bokane le baapostola kamoreng e ka holimo ba rapela.—Lik. 1:13, 14. Qetellong Jakobo e ile ea e-ba setho se hlomphehang sa phutheho e Jerusalema, kaha ho bonahala hore o ne a nkoa e le moapostola, kapa “moromuoa,” oa phutheho eo. (Bagal. 1:18, 19) Ho ile ha totobala hore Jakobo ke motho ea hlaheletseng ha moapostola Petrose, ka mor’a 210 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO ho lokolloa chankaneng ka mohlolo, a re ho barutuoa: ¯ “Tlalehelang Jakobo le barab’abo rona lintho tsena.” (Lik. 12:12, 17) Ha taba ea lebollo e tlisoa ka pel’a “baapostola le banna ba baholo” Jerusalema, ho bonahala Jakobo e ne e le molula-setulo oa seboka seo. (Lik. 15:6-21) Hape, moapostola Pauluse o ile a re Jakobo hammoho le Kefase (Petrose) le moapostola Johanne ‘ba ne ba bonaˇ hala e le litsiea’ phuthehong ea Jerusalema. (Bagal. 2:9) Esita le ka mor’a lilemo tse itseng ha Pauluse a khutlela Jerusalema ka mor’a leeto la hae la boraro e le moromuoa, o ile a ea “ho Jakobo; ’me banna ba baholo kaofela ba ne ba le teng.”—Lik. 21:17-19. Ho hlakile hore Jakobo eo Pauluse a reng ke “mor’abo Morena,” ke eena ea ileng a ngola lengolo, kapa buka ea Bibele e reheletsoeng ka eena. (Bagal. 1:19) Lengolong leo, ka boikokobetso Jakobo ha a re ke moapostola kapa mor’abo Jesu, empa o re ke “lekhoba la Molimo le la Moˇ rena Jesu Kreste.” (Jak. 1:1) Lengolo la Jakobo le bontsa hore joaloka Jesu, Jakobo o ne a thahasella lintho tsa ¯ tlhaho le seb opeho sa batho. Ha Jakobo a etsa lipapiso tse totobatsang linnete tsa moea, o ile a bua ka lintho tse tloaelehileng tsa tlhaho tse akarelletsang leoatle le loebehlanngoang ke sefefo, maholimo a tletseng linaleli, letsatsi le bataolang, lipalesa tse ponang, hlaha, le liphoofolo tse thapisitsoeng. (Jak. 1:6, 11, 17; 3:5, 7) Molimo o ile a etsa hore a utloisise maikutlo a batho le liketso tsa bona e le hore a khone ho fana ka keletso e ba thusang ho phelisana hantle.—Jak. 1:19, 20; 3:2, 8-18. “RE FIHLETSE TUMELLANO HAMMOHO” 211 ˇ Mantsoe a Pauluse a ho 1 Bakorinthe 9:5 a bontsa hore e ka ’na eaba Jakobo o ne a nyetse. Bibele ha e bolele hore na Jakobo o shoele neng kapa o shoele joang. Leha ho le joalo, rahistori oa Mojuda ea bitsoang Josephus o ile a re nakoana ka mor’a lefu la ’Musisi oa Moroma ea bitsoang Porkiase Festase, hoo e ka bang ka 62 C.E., le pele mohlahlami oa hae, Albinus, a lula setulong seo, moprista ea phahameng Ananase (Ananiase) “o ile a bokanya baahloli ba Sanhedrine ’me a ba tlisetsa monna ea bitsoang Jakobo, eo e neng e le mor’abo Jesu ea neng a bitsoa Kreste, le ba bang.” Josephus o re Ana¯ nase “o ile a ba qosa ka hore ba tlotse molao ’me a nehelana ka bona hore ba tlepetsoe ka majoe.” phethahetseng kamoo ka lekhetlo la pele Molimo a ileng a lebisa tlhokomelo ea hae lichabeng hore a nke ho tsona batho bakeng sa lebitso la hae. Mantsoe a Baprofeta a lumellana le sena.”—Lik. 15:14, 15. 5 Mohlomong mantsoe a Symeone, kapa Simone Petro- se, le bopaki ba Barnabase le Pauluse a ile a hopotsa Jakobo mangolo a loketseng a chabisang taba eo ho buuoang ka eona. (Joh. 14:26) Ha Jakobo a qeta ho re “mantsoe a Baprofeta a lumellana le sena,” o ile a qotsa mantsoe a Amose 9:11, 12. Buka eo e ne e le har’a karolo ea Mangolo a Seheberu ao ka tloaelo a neng a bitsoa “Ba212 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO profeta.” (Mat. 22:40; Lik. 15:16-18) U tla hlokomela hore mantsoe ao Jakobo a ileng a a qotsa a batlile a fapana le a hlahang bukeng ea Amose kajeno. Mohlomong Jakobo o ile a qotsa Bibeleng e bitsoang Septuagint, ea Mangolo a Seheberu a fetoletsoeng Segerikeng. 6 Jehova o ile a sebelisa moprofeta Amose ho bolela esale pele hore ho tla tla nako eo A tla tsosa “lephephe la Davida,” e leng, lesika la borena le lebisang ’Musong oa Bomesia. (Ezek. 21:26, 27) Na Jehova o ne a tla boela a sebelisana le sechaba sa Bajuda ka tsela e khethehileng? Che. Boprofeta boo bo boetse bo re “batho ba lichaba tsohle” ba ne ba tla bokelloa hammoho hore e be “batho ba bitsoang ka lebitso la [Molimo].” Hopola hore Petrose o ne a sa tsoa paka hore Molimo “ha aa ka a khe¯ tholla ho hang pakeng tsa rona [Bakreste ba Bajuda] le bona [balumeli ba Balichaba], empa o ile a hloekisa lipelo tsa bona ka tumelo.” (Lik. 15:9) Ka mantsoe a mang, thato ea Molimo ke hore Bajuda le Balichaba ka ˇ ho tsoanang e be majalefa a ’Muso. (Bar. 8:17; Baef. 2:1719) Ha ho kae kapa kae moo boprofeta bo bululetsoeng bo kileng ba re balumeli ba Balichaba ba lokela ho bolla 6. Mangolo a ile a fana ka leseli joang tabeng eo ho neng ho buisanoa ka eona? “RE FIHLETSE TUMELLANO HAMMOHO” 213 kapa ho sokolohela Bojudeng pele e e-ba majalefa a ’Muso. 7 Kahobane Jakobo o ne a susumelitsoe ke bopaki ba Mangolo le bopaki bo matla boo a bo utloileng, o ile a re: “Kahoo qeto ea ka ke ho se khathatse ba tsoang lichabeng ba retelehelang ho Molimo, empa ho ba ngolla hore ˇ ˇ ba ile lintho tse silafalitsoeng ke litsoantso tse rapeloang le bohlola le se fenethiloeng le mali. Etsoe ho tloha linakong tsa boholo-holo Moshe o bile le ba mo bolelang motseng o mong ka mor’a o mong, hobane o balloa holimo ka lisynagogeng ka sabatha e ’ngoe le e ’ngoe.”—Lik. 15:19-21. Ha Jakobo a re “kahoo qeto ea ka ke,” na o ne a hate¯ lla bara ba bang babo rona—mohlomong kahobane e le 8 molula-setulo oa seboka seo—’me a ba etsetsa qeto ea seo ba lokelang ho se etsa? Le hanyenyane! Ka Segerike polelo e reng “qeto ea ka ke” e ka boela ea bolela “ke nahana hore” kapa “maikutlo a ka ke hore.” Ho e-na le ho etsetsa sehlopha sohle qeto, Jakobo o ne a se khothalleˇ tsa hore se itsetlehe ka bopaki bo tekiloeng le ka seo Mangolo a se bolelang ka taba eo. 7, 8. (a) Jakobo o ile a khothalletsa eng? (b) Re lokela ho utloisisa mantsoe a Jakobo joang? 214 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO 9 Na Jakobo o ne a ba khothalletsa ntho e nepahe- tseng? Ho hlakile hore ho joalo hobane baapostola le banna ba baholo ba ile ba amohela seo hamorao. Ho ile ha tlisa melemo efe? Seo a se khothalletsang se ne se ke ke sa ‘khathatsa,’ kapa sa “thatafalletsa” Bakreste ba Balichaba ka ho ba imetsa ka Molao oa Moshe. (Lik. 15:19; New International Version) Hape, qeto ena e ne e tla hlompha matsoalo a Bakreste ba Bajuda, bao ka lilemo ba ’nileng ba utloa ‘Moshe a balloa holimo ka lisynagogeng ka sabatha e ’ngoe le e ’ngoe.’1 (Lik. 15:21) Ka sebele seo a ba khothalelitseng sona se ne se tla tiisa maqhama a Bakreste ba Bajuda le ba Balichaba. Ka holim’a tsohle, se ne se tla thabisa Jehova Molimo kaha se ne se lumellana le morero oa hae. Ee e bile tsela e molemo hakaakang ea ho rarolla bothata bo neng bo ka baka karohano phuthehong eohle ea batho ba Molimo le ho senya khotso ea eona! Ke mohlala o motle hakaakang bakeng sa phutheho ea Bakreste kajeno! 1 Ka bohlale Jakobo o ile a bua ka mangolo a Moshe, a neng a sa akarelletse Molao feela empa a boetse a tlalehile hore na Molimo o ne a sebelisana le batho joang le hore na thatoˇ ea hae e ne e le efe pele Molao o e-ba teng. Ka mohlala, Genese e bontsa ka ho hlaka hore na Molimo ˇ ˇ o ikutloa joang ka mali, bofebe le borapeli ba litsoantso. (Gen. 9:3, 4; 20:2-9; 35:2, 4) Kahoo, Jehova o ile a senola melao-motheo ea hae e tlamang batho bohle, ebang ke Bajuda kapa Balichaba. 9. S eo Jakobo a se khothalelitseng se ne se e-na le melemo efe? “RE FIHLETSE TUMELLANO HAMMOHO” 215 Joalokaha ho boletsoe khaolong e fetileng, Sehlopha ˇ se Busang sa Lipaki Tsa Jehova kajeno se tsoana le sa leˇ kholong la pele la lilemo ka ho itsetleha ka Jehova, ’Musi 10 oa Bokahohle, le Jesu Kreste, Hlooho ea phutheho, bakeng sa ho fumana tataiso litabeng tsohle.1 (1 Bakor. 11:3) Se etsa see joang? Albert D. Schroeder, eo e bileng setho sa Sehlopha se Busang ho tloha ka 1974 ho fihlela ˇ ˇ a qeta tsebeletso ea hae lefatseng ka March 2006, o ile a re: “Sehlopha se Busang se kopana Laboraro le leng le le ¯ leng, se qala seboka seo ka thapelo se kopa tataiso ea moea oa Jehova. Se leka ka hohle hore taba e ’ngoe le e ’ngoe e sebetsoang le qeto e ’ngoe le e ’ngoe e etsoang e ˇ lumellane le Lentsoe la Molimo Bibele.” Ka ho tsoanang, Milton G. Henschel, eo e bileng setho sa Sehlopha ˇ se Busang ka nako e telele ’me a qeta tsebeletso ea hae leˇ fatseng ka March 2003, o ile a botsa liithuti tse abeloang mangolo sehlopheng sa bo 101 sa Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watchtower potso ea bohlokoa, a re: “Na lefaˇ tseng ho na le mokhatlo o mong oo Sehlopha sa oona se 1 Sheba lebokose la sehlooho se reng “Kamoo Sehlopha se Busang se Hlophisitsoeng Kateng Kajeno,” leqepheng la 217. 10. S ehlopha se Busang sa kajeno se latela mohlala oa sa lekholong la pele la lilemo joang? 216 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO KAMO O SEHLOPHA SE BUSANG SE HLOPHISITS OENG KATENG KAJENO ˇ Ho tsoana le Bakreste ba lekholong la pele la lilemo, Lipaki Tsa Jehova kajeno li tataisoa ke Sehlopha se Busang sa banna ba inehetseng, ba tlotsitsoeng ka moea. (Mat. 24: ˇ 45) Liboka tsa Sehlopha se Busang li tsoaroa beke le beke. Litho tsa sona li boetse li sebeletsa likomiting tse latelang ˇ tse tseletseng, ’me komiti ka ’ngoe e na le mesebetsi ea eona. ˘ Komiti ea Bahokahanyi e entsoe ka bahokahanyi ba likomiti tse ling le mongoli eo le eena e leng setho sa Sehlopha se Busang. E thusa likomiti tsohle hore li ˇ sebetse hantle ho se tsitiso ea letho. Komiti ena e ˇ hlokomela litaba tsa molao le tsebeliso ea mecha ea litaba ha ho hlokahala ho hlalosa ka tsela e nepahetseng seo re se lumelang. E boetse e sebetsana le litaba tsa likoluoa, mahloriso le litaba tse ling tse potlakileng tse ˇ amang Lipaki Tsa Jehova lefatseng lohle. ˘ Komiti ea Basebetsi e hlokomela baithaopi ba sebeletsang liofising tsa makala tsa Lipaki Tsa Jehova ˇ lefatseng lohle ka lintho tseo ba li hlokang nameng le moeeng. Hape, boikarabelo ba komiti ena ke ho bitsa baithaopi ba eketsehileng ba tla sebeletsa liofising tsa makala. ˘ Komiti ea Bongoli e ikarabella ka ho lokisetsa lijo tsa moea tse fumanehang ka har’a lingoliloeng bakeng sa liphutheho le batho ka kakaretso. E boetse e araba “RE FIHLETSE TUMELLANO HAMMOHO” 217 lipotso tsa Bibele, e ikarabella ka mosebetsi oa ˇ phetolelo o etsoang lefatseng lohle, ’me lintho tse kang ˇ ˇ litsoantsiso le lipuo li feta ho eona. ˘ Komiti ea Khatiso e ikarabella ka ho hatisa le ho romela lingoliloeng tsa Bibele. E ikarabella ka litsi tsa khatiso ˇ le thepa e sebelisoang ke mekhatlo e sa tsoaneng e sebelisoang ke Lipaki Tsa Jehova le kaho ea mehaho ea makala, hammoho le Liholo Tsa ’Muso le Liholo Tsa Likopano linaheng tse futsanehileng. Komiti ena e boetse e ikarabella ka tsela eo lichelete tse nehetsoeng ˇ bakeng sa mosebetsi oa ’Muso oa lefatse lohle li sebelisoang ka eona. ˘ Komiti ea Thuto e ikarabella ka thupelo e fanoang ¯ ¯ likopanong tse kholo le tse nyenyane le libokeng tsa phutheho, ’me ke eona e ikarabellang ka ho hlophisa lintho tse mameloang le tse shebelloang. E hlophisa mananeo a thupelo bakeng sa Sekolo sa Gileade, Sekolo ˇ sa Tsebeletso sa Bopula-maliboho le likolo tse ling ’me e hlophisa mananeo a thupelo ea moea bakeng sa baithaopi ba liofising tsa makala. ˇ Komiti ea Tsebeletso e ikarabella ka mosebetsi oa ho bolela litaba tse molemo le ka litaba tse amang baholo ba phutheho, balebeli ba tsamaeang le basebeletsi ba ˇ nako e tletseng. E ikarabella ka ho hlophisa Tsebeletso ¯ ea Rona ea ’Muso. Komiti ena e boetse e bitsa liithuti tsa Sekolo sa Gileade se koetlisang baromuoa, le tsa Sekolo sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi se lokiselitsoeng ho rupela baholo le bahlanka ba sebeletsang ba masoha, ’me hamorao e ba fa likabelo. ˘ 218 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO ˇ Sehlopha se Busang se itsetlehile ka tataiso ea moea o halalelang oa Molimo. Litho tsa sona ha li inke e le baetapele ba batho ba Jehova. Ho e-na le hoo, joaloka Bakreˇ ste bohle ba tlotsitsoeng ba leng lefatseng, li ntse li “latela Konyana [Jesu Kreste] ho sa tsotellehe hore na e ea hoˇ kae.”—Tsen. 14:4. Busang se hlahlobang Lentsoe la Molimo, Bibele, pele se etsa liqeto tsa bohlokoa?” Karabo e totobetse. ‘Ho Romeloa Banna ba Khethiloeng’ (Liketso 15:22-29) 11 Sehlopha se busang sa Jerusalema se ne se le ntsoe- leng ha se etsa qeto tabeng ea lebollo. Leha ho le joalo, e ¯ le hore barab’abo rona ba momahane liphuthehong, ho ne ho hlokahala hore ba tsebisoe qeto eo ka tsela e hlakileng, e ntle le e khothatsang. See se ne se ka etsoa ka tsela efe e molemo? Bibele e re: “Baapostola le banna ba baholo hammoho le phutheho eohle ba bona ho le molemo ho romela banna ba khethiloeng har’a bona Antioke hammoho le Pauluse le Barnabase, e leng, Judase ea neng a bitsoa Barsabase le Silase, banna ba eteletseng ¯ pele har’a barab’abo rona.” Ho phaella moo, ho ile ha ngoloa lengolo le ileng la romeloa ka banna bao e le hore 11. Q eto ea sehlopha se busang e ile ea fetisetsoa joang liphuthehong? “RE FIHLETSE TUMELLANO HAMMOHO” 219 le ka baloa liphuthehong tsohle tse Antioke, Syria le Silisia.—Lik. 15:22-26. 12 Kaha Judase le Silase e ne e le “banna ba eteletseng ˇ ¯ pele har’a barab’abo rona,” ba ne ba tsoaneleha ka botlalo ho ba baemeli ba sehlopha se busang. Moifo oo oa banna ba bane o ne o tla hlakisa hore molaetsa oo ba o tlisitseng e ne e se feela karabo ea potso ea lebollo, empa e ne e le tataiso e ncha e tsoang ho sehlopha se busang. Ha “banna [bao] ba khethiloeng” ba le teng, ba ne ba tla etsa hore ho be le maqhama a matla pakeng tsa Bakreste ba ˇ Bajuda ba Jerusalema le Bakreste ba Balichaba ba tsimong. Ee e bile qeto e bohlale le e lerato hakaakang! Ha ho pelaelo hore e ile ea etsa hore batho ba Molimo ba be le khotso ’me ba momahane. 13 Lengolo leo le ile la fa Bakreste ba Balichaba litaelo tse hlakileng eseng feela tabeng ea lebollo empa le mabapi le seo ba lokelang ho se etsa hore Jehova a ba amohele a be a ba hlohonolofatse. Taba ea sehlooho lengolong ¯ leo e ne e re: “Moea o halalelang le rona re bone ho le molemo hore re se ke ra le ekeletsa moroalo o eketsehileng, haese lintho tsena tse hlokahalang, hore le ’ne le ile ˇ ˇ lintho tse hlabetsoeng litsoantso tse rapeloang le mali le 12, 13. Ke molemo ofe o ileng oa finyelloa ke ho romela (a) Judase le Silase? (b) lengolo le tsoang sehlopheng se busang? 220 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO lintho tse fenethiloeng le bohlola. Haeba le phema li¯ ntho tsena, le tla atleha. Bophelo bo botle ho lona!” —Lik. 15:28, 29. 14 Kajeno, Lipaki Tsa Jehova tse ka bang 7 000 000 liˇ phuthehong tse fetang 100 000 lefatseng lohle li lumela ˇ ntho e tsoanang li bile li momahane. Ho tla joang hore li momahane, haholo-holo ha ho tletse pherekano le karoˇ hano lefatseng kajeno? Ntho e ka sehloohong e etsang hore li momahane ke tataiso e hlakileng eo Jesu Kreste, Hlooho ea phutheho, a fanang ka eona a sebelisa “lekhoˇ ba le tsepahalang le le masene”. (Mat. 24:45-47) Hape li momahane hobane mokhatlo oohle oa bara ba motho leˇ fatseng ka bophara o mamela tataiso ea Sehlopha se Busang o sa qobelloe. Ba Ile ba “Thabela Khothatso Eo” (Liketso 15:30-35) 15 Tlaleho ea Liketso e tsoela pele ho re bolella hore ha ¯ barab’abo rona ba tsoang Jerusalema ba fihla Antioˇ ke, ba ile “ba bokella letsoele eaba ba le neha lengolo ¯ leo.” Barab’abo rona ba ile ba etsa joang ha ba fumana tataiso e tsoang sehlopheng se busang? ‘Ka mor’a ho bala lengolo leo, ba ile ba thabela khothatso eo.’ ˇ 14. Ho tla joang hore ebe batho ba Jehova ba momahane lefat seng la kajeno le tletseng karohano? 15, 16. Khang e mabapi le lebollo e ile ea rarolloa joang, ’me ke eng e entseng hore ho be le phello eo e ntle? “RE FIHLETSE TUMELLANO HAMMOHO” 221 (Lik. 15:30, 31) Ho feta moo, Judase le Silase ba ile “ba ¯ khothatsa barab’abo rona ka lipuo tse ngata ’me ba ba matlafatsa.” Kahoo, banna bana ba babeli e ne e le “baprofeta,” joalokaha Barnabase, Pauluse le ba bang ba ne ba bitsoa baprofeta—e leng lentsoe le sebelisoang ho batho ba neng ba phatlalatsa kapa ba tsebahatsa thato ea Molimo.—Lik. 13:1; 15:32; Ex. 7:1, 2. 16 Ho ne ho hlakile hore Jehova o hlohonolofalitse sohle se entsoeng hore ho fumanoe tharollo. Ke eng e entseng hore ho be le phello ee e ntle? Ha ho pelaelo hore e bile tataiso e hlakileng le e nakong ea sehlopha se busang, e thehiloeng Lentsoeng la Molimo le tataisong ea moea o halalelang. Ho phaella moo, e bile tsela e lerato eo liqeto li ileng tsa fetisetsoa ka eona liphuthehong. 17 Kajeno Sehlopha se Busang sa Lipaki Tsa Jehova se latela mohlala oo ha se fa mokhatlo oohle oa bara ba ˇ motho lefatseng ka bophara tataiso e nakong. Ha ho entsoe liqeto, li fetisetsoa liphuthehong ka tsela e hlakileng le e tobileng. Tsela e ’ngoe eo li fetisoang ka eona ke ka hore balebeli ba tsamaeang ba etele liphutheho. Bara ¯ bana babo rona ba itetseng ba etela liphutheho ka ho fapana, ba fana ka tataiso e hlakileng le khothatso. Joalo¯ 17. Ke mohlala ofe oo barab’abo r ona ba lekholong la pele la lilemo ba o behetseng balebeli ba tsamaeang kajeno? 222 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO ˇ ka Pauluse le Barnabase, ba qeta nako e ngata tsebeletsong, “ba ruta le ho bolela litaba tse molemo tsa lentsoe la Jehova.” (Lik. 15:35) Joaloka Judase le Silase, ‘ba kho¯ thatsa barab’abo rona ka lipuo tse ngata ’me baa ba matlafatsa.’ 18 Liphutheho tsona li lokela ho etsa joang? Liphutheˇ ho lefatseng lohle li tla thusoa ke eng hore li tsoele pele ˇ li e-na le khotso li bile li momahane lefatseng lee le tletseng likarohano? Hopola hore ke morutuoa Jakobo eo hamorao a ileng a re: “Bohlale bo tsoang holimo pele ho tsohle bo hloekile, hape bo na le khotso, kahlolo e molemo, bo itokiselitse ho mamela . . . Ho feta moo, litholoa¯ na tsa ho loka pe o ea tsona e jaloa tlas’a maemo a khotso bakeng sa ba etsang khotso.” (Jak. 3:17, 18) Ha re tsebe hore na Jakobo o ne a nahanne ka seboka sa Jerusalema kapa che. Empa ha re hlahloba liketsahalo tse tlalehiloeng ho Liketso khaolo ea 15, ho hlakile hore tlhohonolofatso ea Jehova e ba teng hafeela ho e-na le ˇ bonngoe le tsebelisano. 19 Ho ne ho totobetse hore joale phutheho ea Antioke 18. Batho ba Molimo ba ka tsoela pele ba fumana tlhohonolofatso ea Jehova hafeela ba etsa eng? ˇ 19, 20. (a) Ke eng e ileng ea bont sa ka ho hlaka hore phutheho ea Antioke e na le khotso e bile e momahane? (b) Eaba Pauluse le Barnabase ba khona ho etsa eng? “RE FIHLETSE TUMELLANO HAMMOHO” 223 e na le khotso e bile e momahane. Ho e-na le ho ngangi¯ sana le barab’abo rona ba tsoang Jerusalema, barab’abo ¯ rona ba Antioke ba ile ba ananela ketelo ea Judase le Silase, etsoe e bile feela “ha ba hlotse nako e itseng, bara¯ b’abo rona [ba ileng] ba ba tlohela hore ba tsamaee ka khotso ho ea ho ba neng ba ba romile,” ka mantsoe a mang, ba khutlela Jerusalema.1 (Lik. 15:33) Re kholise¯ hile hore le barab’abo rona ba Jerusalema ba ile ba thaba ha banna bao ba babeli ba ba phetela tsa leeto la ˇ bona. Ka lebaka la mosa o sa tsoanelang oa Jehova, ba ile ba phetha mosebetsi oa bona ka thabo! 20 Joale Pauluse le Barnabase, ba ileng ba sala Antioke, ba ile ba ikitlaetsa hore ba etelle pele mosebetsing oa ho bolela evangeli, joalokaha balebeli ba tsamaeang ba etsa ˇ se tsoanang kajeno ha ba etela liphutheho tse tlhokomelong ea bona. (Lik. 13:2, 3) E bile tlhohonolofatso e kaakang ho batho ba Jehova! Leha ho le joalo, Jehova o ile a tsoela pele a sebelisa baboleli baa ba babeli ba evangeli joang le ho ba hlohonolofatsa? Re tla bona sena khaolong e latelang. 1 Temaneng ea 34, liphetolelo tse ling tsa Bibele li kenya mantsoe a reng Silase o ile a khetha ho sala Antioke. (King James Version) Leha ho le joalo, ho bonahala eka mantsoe ao a ekelitsoe hamorao. 224 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO KARO LO EA 6 ˙ LIKETS O 15:36–18:22 “A RE KHUTLE ’ME RE ¯ ETELE BARAB’ABO RONA” LIKETS O 15:36 Balebeli ba tsamaeang ba na le boikarabelo bofe ba bohlokoa ka phuthehong ea Bakreste? Re fumana mahlohonolo afe ha re amohela mesebetsi ea puso ea Molimo ka ho rata? Re ka atleha joang ho beha mabaka ka Mangolo, ’me ke hobane’ng ha ho hlokahala hore re feto-fetole seo re se buang hore se lokele batho ba re mametseng? Re tla fumana likarabo tsa lipotso tsena le tse ling ha re ntse re tsamaea le moapostola Pauluse leetong la hae la bobeli e le moromuoa. KHAOLO EA 15 ‘Ho Matlafatsa Liphutheho’ Basebeletsi ba tsamaeang ba tiisa liphutheho tumelong E Thehiloe ho Liketso 15:36–16:5 HA BA ntse ba tsamaea sebakeng se matsutla-tsutla ba tloha motseng o mong ba ea ho o mong, moapostola Pauluse o sheba mohlankana ea tsamaeang le eena a nahana ka bokamoso ba hae. Lebitso la hae ke Timothea. Kaha Timothea ke mocha ea matjato, mohlomong o li¯ lemo li ka bang 20. Moo ba eang teng ke hole haholo le ¯ habo. Ha letsatsi le ntse le phahama, ba ntse ba e-ba hole le Lystra le Ikoniamo. Ke’ng se larileng ka pele? Pauluse oa tseba, hobane o nka leeto lena ka lekhetlo la bobeli e le moromuoa. Oa tseba hore ho tla hlaha mathata a mangata. Na mohlankana eo o tla khona ho a mamella? ˇ Pauluse o tsepa Timothea, mohlomong ho feta kaˇ moo mohlankana enoa ea ikokobelitseng a itsepang ka2 1-3. (a) Pauluse o se a tsamaea le mang, ’me mohlankana eo ke motho oa mofuta ofe? (b) Re tla ithuta’ng khaolong ee? 226 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO teng. Se ileng sa etsahala nakong e fetileng se entse hore Pauluse a kholisehe haholoanyane ho feta leha e le neng pele hore ho hlokahala ho be le motho ea nepahetseng ea sebetsang le eena mosebetsing oa ho tsamaea. Pauluse oa tseba hore mosebetsi oo ba lokelang ho o etsa—oa ho etela liphutheho le ho li matlafatsa—o tla hloka hore basebeletsi ba tsamaeang ba be sebete, ’me ba be ntsoeleng. Ke hobane’ng ha Pauluse a ne a ka ikutloa ka tsela ee? Lebaka le leng e ka ba qabang e bileng teng pejana e ileng ea etsa hore Pauluse le Barnabase ba arohane. 3 Khaolong ena re tla ithuta haholoanyane ka tsela e molemohali ea ho lokisa liqabang. Re tla boela re hlokomele hore na ke hobane’ng ha Pauluse a ile a khetha Timothea hore a tsamaee le eena, ’me re utloisise boikarabelo ba bohlokoa ba balebeli ba tsamaeang. ¯ “A re Khutle ’me re Etele Barab’abo R ona” (Liketso 15:36) Khaolong e etellang ena pele, re bone kamoo bara¯ b’abo rona ba bane—e leng Pauluse, Barnabase, Judase 4 le Silase—ba ileng ba matlafatsa phutheho ea Antioke kateng ha ba e tsebisa qeto ea sehlopha se busang e 4. Morero oa Pauluse e ne e le ho etsa’ng leetong la hae la bobeli e le moromuoa? ‘HO MATLAFATSA LIPHUTHEHO’ 227 mabapi le lebollo. Pauluse o ile a etsa’ng ka mor’a moo? O ile a buisana le Barnabase ka litokisetso tse ncha tsa ho tsamaea, a re: “Ka holim’a lintho tsohle, a re khutle ¯ ’me re etele barab’abo rona ho o mong le o mong oa metse eo re ileng ra phatlalatsa lentsoe la Jehova ho eona ho bona hore na ba ea joang.” (Lik. 15:36) Pauluse o ne a sa re ba chakele Bakreste bana ba sa tsoa sokoloha. Buka ea Liketso e hlalosa morero o feletseng oa leeto la Pauluse la bobeli e le moromuoa. Oa pele ke hore o ne a tla tsoela pele ho fetisa litaelo tsa sehlopha se busang. (Lik. 16:4) Oa bobeli ke hore joaloka molebeli ea tsamaeang, o ne a ikemiselitse ho matlafatsa liphutheho moeeng e le hore li tiee tumelong. (Bar. 1:11, 12) Mokhatlo o hlophisitsoeng oa kajeno oa Lipaki Tsa Jehova o latela mohlala oa baapostola joang? 5 Kajeno Kreste o tsamaisa phutheho ea hae ka Sehlo- pha se Busang sa Lipaki Tsa Jehova. Ka mangolo, lingoliloeng, liboka le mecha e meng ea puisano, banna bana ˇ ba tlotsitsoeng ba tsepahalang ba tataisa le ho khothaˇ tsa liphutheho tsohle lefatseng ka bophara. Sehlopha se Busang se leka ho tseba se etsahalang phuthehong e 5. S ehlopha se Busang sa kajeno se sebelisa mekhoa efe ho tataisa liphutheho le ho li khothatsa? 228 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO ’ngoe le e ’ngoe. Se sebelisa balebeli ba tsamaeang bakeng sa ho phetha morero ona. Sehlopha se Busang ke ˇ sona se khethileng baholo ba tsoanelehang ba likete leˇ fatseng ka bophara hore e be basebeletsi ba tsamaeang. 6 Balebeli ba tsamaeang ba kajeno ba amehile haholo ka ho hlokomela litho tsohle tsa liphutheho tseo ba li etelang le ho li khothatsa ka Bibele. Joang? Ka ho latela mohlala o behiloeng ke Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba kang Pauluse. O ile a eletsa molebeli-’moho le eena a re: “U bolele lentsoe, u be ho lona ka ho pheˇ hella nakong e tsoanelang, nakong e likhathatso, u khalemele, u nyatse ka matla, u eletse, ka tiisetso eohle le tsebo ea ho ruta. . . . U etse mosebetsi oa moevangeli.” —2 Tim. 4:2, 5. 7 Tumellanong le mantsoe ao, molebeli ea tsamaeang —hammoho le mosali oa hae haeba a nyetse—o sebetsa ˇ ˇ le bahoeletsi ba phutheho litsobotsing tse sa tsoaneng ˇ ˇ tsa tsebeletso ea tsimo. Baboleli bao ba tsamaeang ba ˇ chesehela tsebeletso ebile ke matichere a nang le tsebo ˇ —e leng litsobotsi tse khothatsang mohlape. (Bar. 12:11; 2 Tim. 2:15) Balebeli ba tsamaeang ba tsebahala ka lerato le boitelo ba bona. Ba itella ba bang, ba tsamaea leha 6, 7. B oikarabelo bo bong ba balebeli ba tsamaeang ke bofe? ‘HO MATLAFATSA LIPHUTHEHO’ 229 boemo ba leholimo bo le bobe esita le libakeng tse kotsi. (Bafil. 2:3, 4) Hape balebeli ba tsamaeang baa khothatsa, baa ruta ebile ba eletsa phutheho ka ’ngoe ka lipuo tse thehiloeng Bibeleng. Litho tsohle tsa phutheho ˇ li rua molemo ka ho nahanisisa ka boitsoaro ba basebeletsi bana ba tsamaeang le ka ho etsisa tumelo ea bona. —Baheb. 13:7. “Ho Phatloha ho Hoholo ka B ohale” (Liketso 15:37-41) Barnabase o ile a lumela ha Pauluse a re ba “etele ¯ barab’abo rona.” Ba ne ba ile ba etela liphutheho ha8 mmoho ’me ba se ba tseba libaka tseo ba li etelang le batho ba teng. (Lik. 13:2–14:28) Kahoo e ka ’na eaba ho ne ho le molemo hore ba tsamaee hammoho kabelong ena. Empa ho ile ha hlaha bothata. Liketso 15:37 e re: “Barnabase o ne a ikemiselitse ho nka le Johanne, ea neng a bitsoa Mareka, hore ba tsamaee le eena.” Barnabase o ne a sa etse tlhahiso feela. O ne a “ikemiselitse” ho tsamaea le motsoal’ae Mareka leetong lena la boromuoa. 9 Pauluse o ile a hana. Hobane’ng? Bibele e re: “Pau- luse o ne a sa nahane hore ho loketse ho nka [Mareka] 8. Barnabase o ile a re’ng ha Pauluse a re ba tsamaee ’moho? 9. Ke hobane’ng ha Pauluse a sa ka a lumellana le Barnabase? 230 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO hore ba tsamaee le eena, kaha o ne a tlohile ho bona Pamfilia ’me a sa ea le bona mosebetsing.” (Lik. 15:38) Mareka o ne a tsamaile le Pauluse le Barnabase leetong la bona la pele e le baromuoa empa a panolla hare feela. (Lik. 12:25; 13:13) Qalong ea leeto, ha ba le Pamfilia, Mareka o ile a tlohela kabelo ea hae ’me a khutlela hae Jerusalema. Bibele ha e bolele hore na o ne a khutlela’ng, empa ho ka etsahala hore ebe moapostola Pauluse o ne a nka seo e le ho hloka boikarabelo. E ka ’na eaba Pauˇ luse o ne a ipotsa hore na ba ka tsepa Mareka. 10 Ho ntse ho le joalo, Barnabase o ne a ikemiselitse hore ba tla tsamaea le Mareka ho bata kapa ho chesa. Pauluse le eena o ne a lomahantse meno hore ba ke ke ba tsamaea le eena. Liketso 15:39 e re: “Eaba ho ba le ho phatloha ho hoholo ka bohale, hoo ba ileng ba arohana.” Barnabase a ea sehlekehlekeng sa ha habo sa Cyprase a tsamaea le Mareka. Pauluse a tsoela pele leetong la hae. Bibele e re: “Pauluse a khetha Silase eaba oa tlo¯ ha ka mor’a hore barab’abo rona ba mo behe tlhokomeˇ long ea mosa o sa tsoanelang oa Jehova.” (Lik. 15:40) Ka bobeli ba ile ba tsamaea ho ‘pholletsa le Syria le Silisia, ba matlafatsa liphutheho.’—Lik. 15:41. 10. Qabang ea Pauluse le Barnabase e ile ea fella ka eng? ‘HO MATLAFATSA LIPHUTHEHO’ 231 11 Taba ena e ka ’na ea re hopotsa kamoo re sa phetha- halang kateng. Pauluse le Barnabase ba ne ba khethiloe e le baemeli ba khethehileng ba sehlopha se busang. Ho ka etsahala hore ebe Pauluse e ile ea e-ba setho sa sehlopha seo. Ho ntse ho le joalo, ketsahalong ena, Pauluse le Barnabase ba ile ba laoloa ke ho se phethahale. Na ba ile ba lumella boemo boo bo ba qabanyetse ruri? Le hoja Pauluse le Barnabase e ne e le batho ba sa phethahalang, ba ne ba ikokobelitse ba bile ba e-na le kelello ea Kreste. Ha ho na pelaelo hore ha nako e ntse e ea ba ile ba boˇ ˇ ntsa hore ke bara ba motho ba Bakreste, ’me ba tsoarelana. (Baef. 4:1-3) Hamorao, Pauluse le Mareka ba ile ba sebetsa hammoho likabelong tse ling tsa puso ea Molimo.1—Bakol. 4:10. 12 Hore ebe Barnabase le Pauluse ba ile ba phatloha ka bohale lekhetlong lena le le leng ha ho bolele hore e ne e le mokho’a bona. Barnabase o ne a e-na le botumo ba hore ke motho ea lerato le ea fanang ka seatla se bulehileng—ke ka lebaka leo baapostola ba neng ba sa mo 1 Sheba lebokose la sehlooho se reng “Mareka o Fuoa Litokelo Tse Ngata,” leqepheng la 233. ˇ 11. Ho hlokahala hore re be le lit sobotsi life e le hore re se ke ra qabanela ruri le batho ba re khopisitseng? 12. Balebeli ba kajeno ba lokela ho etsisa Pauluse le Barnabase ka ho bonaˇ hatsa lit sobotsi life? 232 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO MAREKA O FUOA LITOKELO TSE NGATA ˇ Kosepele ea Mareka e re ba ileng ba tsoara Jesu ba ˇ ile ba boela ba leka ho tsoara le “mohlankana ea itseng” ea ileng a pholoha ’me “a baleha a hlobotse.” (Mar. 14: 51, 52) Kaha Mareka, ea boetseng a bitsoang Johanne Mareka, ke eena feela ea tlalehang taba ena, ho ka etsahala hore ebe mohlankana eo ke eena Mareka. Haeba ho joalo, bonyane Mareka o kile a ba le Jesu. Ka mor’a lilemo tse ka bang 11, nakong eo Heroda Agripa a neng a hlorisa Bakreste, “ba bangata” ba tsoang phuthehong ea Jerusalema ba ile ba bokana la` peng ha Maria, ’me oa Mareka, e le hore ba rapele. Moapostola Petrose o ile a ea lelapeng lena ha a lokolloa teronkong ka mohlolo. (Lik. 12:12) Ka lebaka lena, ¯ ho ka etsahala hore ebe Mareka o holetse ntlong eo hamorao e ileng ea sebelisoa bakeng sa liboka tsa Bakreste. Ho bonahala hore o ne a tseba barutuoa ba Jesu ba pele hantle, ’me ba ile ba mo behela mohlala o motle. Mareka o ile a sebetsa hammoho le balebeli ba bangata ba liphutheho tsa pele tsa Bakreste. Kabelo ea hae ea pele e khethehileng, ho ea kamoo re tsebang kateng e bile ho sebetsa le motsoal’ae Barnabase le moapostola Pauluse kabelong ea bona ea Antioke ea Syria. (Lik. 12:25) Ha Barnabase le Pauluse ba kena leetong la bona la pele e le baromuoa, Mareka o ile a tsamaea le bona, ba qala Cyprase ba ntan’o ea Asia Minor. Ha ba tloha moo, Mareka a khutlela Jerusalema ka lebaka ‘HO MATLAFATSA LIPHUTHEHO’ 233 le sa boleloang. (Lik. 13:4, 13) Ka mor’a hore Barnabase le Pauluse ba qabane ka lebaka la Mareka, joalokaha ho hlalositsoe ho Liketso khaolo ea 15, Mareka le ˇ Barnabase ba ile ba tsoela pele ka tsebeletso ea bona ea boromuoa Cyprase.—Lik. 15:36-39. E tlameha ebe ka 60 kapa 61 C.E. ba ne ba lebetse ho hang ka qabang eo ha Mareka a se a boetse a sebetsa le Pauluse, khetlong lena ba le Roma. Pauluse, eo e ˇ neng e le motsoaruoa motseng oo, o ile a ngolla phutheho ea Kolose lengolo a re: “Aristakase moholehuoa’moho le ’na o le romela litumeliso, le Mareka ea tsoalanang le Barnabase o le romela litumeliso, (eo malebana le eena le ileng la amohela litaelo tsa hore le mo amo¯ hele haeba a tla ho lona).” (Bakol. 4:10) Kahoo Pauluse o ne a nahana ho romela Johanne Mareka e le moemeli oa hae Kolose a tloha Roma. Neng-neng pakeng tsa 62 le 64 C.E., Mareka o ile a sebetsa le moapostola Petrose Babylona. Joalokaha ho boletsoe Khaolong ea 10 bukeng ena, ba ile ba atamelana haholo, hobane Petrose o ile a re mohlankana enoa ke “mora oa ka Mareka.”—1 Pet. 5:13. Qetellong, hoo e ka bang ka 65 C.E., ha moapostola Pauluse a le teronkong ka lekhetlo la bobeli Roma, o ile a ngolla mosebetsi-’moho le eena Timothea, ea neng a le Efese a re: “Nka Mareka ’me u tle le eena, kaha o na le thuso ho ’na bakeng sa ho sebeletsa.” (2 Tim. 4: 11) Ha ho pelaelo hore Mareka o ile a amohela memo 234 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO eo hang-hang ’me a tloha Efese a khutlela Roma. Hase feela Barnabase, Pauluse le Petrose ba neng ba mo rata hakana! Tokelo ea Mareka e fetang tsohle ke ha Jehova a mo bululela hore a ngole Kosepele. Ho latela neano, boholo ba litaba tseo Mareka a li ngotseng o li fumane ho ˇ moapostola Petrose. Ho bonahala hore bopaki bo tsehetsa taba ena, hobane seo Mareka a se ngotseng se kenyelelitse litaba tse ka tsejoang ke batho ba li boneng ka mahlo, ba kang Petrose. Leha ho le joalo, ho bonahala eka Mareka o ngotse Kosepele ea hae a le Roma, eseng Babylona ha a e-na le Petrose. Mareka o sebelisa lipolelo tse ngata tsa Selatine ’me o fetolela mantsoe a Seheberu ao ho neng ho tla ba thata hore batho bao e seng Bajuda ba a utloisise, ka hona ho bonahala eka o ne a hlile a ngolla Balichaba. bitse ka lebitso la hae la Josefa, ho e-na le hoo ba mo reˇ hile Barnabase, e bolelang “Mora oa Matseliso.” Pauluse le eena o ne a tsebahala e le motho ea lerato le ea bonolo. (1 Bathes. 2:7, 8) Kajeno balebeli bohle ba Bakreste, ho akarelletsa le balebeli ba tsamaeang ba lokela ho etsisa Pauluse le Barnabase ’me kamehla ba loanele ˇ ho ikokobetsa le ho tsoara baholo ba bang hammoho le mohlape oohle ka lerato.—1 Pet. 5:2, 3. ‘HO MATLAFATSA LIPHUTHEHO’ 235 “O ne a Buuoa Hantle” (Liketso 16:1-3) 13 Leetong la bobeli la Pauluse e le moromuoa o ile a ea profinseng ea Roma ea Galatia, moo ho neng ho thehiloe liphutheho tse ’maloa. Qetellong o ile a “fihla Derbe le Lystra.” Bibele e re: “Bonang! Ho ne ho e-na le morutuoa ea itseng moo lebitso la hae e le Timothea, mora oa mosali oa Mojuda ea lumelang empa ntat’ae e le Mogerike.”—Lik. 16:1.1 14 Mohlomong Pauluse o ne a kopane le ba lelapa labo Timothea ha a e-ea sebakeng seo ka lekhetlo la pele hoo e ka bang ka 47 C.E. Ha a khutlela sebakeng seo lilemong tse ka bang peli kapa tse tharo hamorao, Pauluse o ile a khahloa ke Timothea. Hobane’ng? Hobane Timothea o ¯ ne a “buuoa hantle ke barab’abo rona.” Hase barab’abo ¯ rona ba motseng oa habo feela ba neng ba mo rata empa o ne a tumme hantle le liphuthehong tse ling. Bibele e ¯ re barab’abo rona ba Lystra le ba Ikoniamo, e leng liba¯ ka tse bohole ba lik’hilomithara tse ka bang 30, ba ne ba mo bua hantle. (Lik. 16:2) Ka tataiso ea moea o 1 Sheba lebokose la sehlooho se reng “Timothea e Bile Lekhoba ‘ho ˇ Ntsetseng Pele Litaba Tse Molemo,’ ” leqepheng la 237. 13, 14. (a) Timothea e ne e le mang, ’me e ka ’na eaba Pauluse o kopane le eena hokae? (b) Ke eng se ileng sa etsa hore Pauluse a khahloe ke Timothea? (c) Timothea o ile a fuoa kabelo efe? 236 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO ˇ TIMOTHEA E BILE LEKHOBA “HO NT SETSENG PELE LITABA TSE MOLEMO” Moapostola Pauluse o ne a nka Timothea e le mothusi oa bohlokoa haholo. Ka mor’a hore banna bana ba babeli ba sebetse hammoho ka lilemo tse ka bang 11, Pauluse o ile a ngola tjena ka Timothea: “Ha ke na e mong ea nang le boikutlo bo kang ba hae eo kannete a tla hlokomela lintho tse le amang. . . . Le tseba bopaki boo a ileng a ipaka ka bona, hore joaloka ngoana le ntat’ae e ˇ ile ea ba lekhoba le ’na ho ntsetseng pele litaba tse molemo.” (Bafil. 2:20, 22) Timothea o ile a sebetsa ka thata ˇ hore a ntsetse pele mosebetsi oa boboleli, ke ka lebaka leo Pauluse a ileng a mo rata haholo, ’me o re behetse mohlala o motle. ¯ Ho bonahala eka Timothea o holetse Lystra ’me ntate ` oa hae e ne e le Mogerike, ’me oa hae e le Mojuda. Ho ` tloha boseeng, Timothea o ile a rutoa Mangolo ke ’me oa hae Eunise le nkhono’ae Loise. (Lik. 16:1, 3; 2 Tim. 1:5; 3:14, 15) Mohlomong bona le Timothea e ile ea e-ba Bakreste ha Pauluse a etetse motseng oa habo Timothea ka lekhetlo la pele. Ha Pauluse a khutla ka mor’a lilemo tse seng kae, mohlomong Timothea o ne a habile lilemo tse 20 kapa a sa tsoa li feta, ’me a se a ntse a “buuoa hantle ke barab’a¯ bo rona Lystra le Ikoniamo.” (Lik. 16:2) Moea oa Molimo o ne o bululetse “lipolelo tse boletsoeng esale pele” mabapi le mohlankana enoa, ’me tumellanong le tsona, ‘HO MATLAFATSA LIPHUTHEHO’ 237 Pauluse le baholo ba phutheho ea habo ba ile ba buella ˇ hore Timothea a etse tsebeletso e khethehileng. (1 Tim. 1:18; 4:14; 2 Tim. 1:6) O ne a lokela ho tsamaea le Pauluse maetong a boromuoa. Timothea o ne a lokela ho siea lelapa labo, ’me o ile a tlameha ho lumela hore a bolotsoe e le hore Bajuda bao a neng a tla ba etela ba se ke ba belaela.—Lik. 16:3. Timothea o ile a tsamaea haholo. O ile a sebetsa le Pauluse le Silase ha a le Filipi, ’me ha a le Berea teng a sebetsa le Silase, eaba o sebetsa a le mong ha a le Thesalonika. Ha Timothea a boela a kopana le Pauluse Korinthe, o ile a tlisa litaba tse molemo tse mabapi le leraˇ ˇ to le botsepehi boo Bathesalonika ba ileng ba bo bontsa ˇ ho sa tsotellehe matsoenyeho. (Lik. 16:6–17:14; 1 Bathes. ˇ 3:2-6) Ha Pauluse a utloa litaba tse tsoenyang mabapi le Bakorinthe, o ne a le Efese ’me a nahana ho romela Timothea Korinthe. (1 Bakor. 4:17) Hamorao Pauluse o ile a romela Timothea le Erastase Macedonia ba tloha Efese. Empa ha Pauluse a ngolla Baroma, Timothea o ne a khutletse ho eena Korinthe. (Lik. 19:22; Bar. 16:21) Maeto ana ke a mang ao Timothea a ileng a a nka ka lebaka la litaba tse molemo. ˇ Khothatso eo Pauluse a ileng a e fa Timothea e bontsa hore o ne a batla a le leqe ho sebelisa matla ao a a fuoeng. O ile a re ho eena: “Ho se ke ha e-ba le motho eo le ka mohla a khellang bocha ba hao tlaase.” (1 Tim. 4: 12) Empa Pauluse o ne a le sebete ho romela Timothea phuthehong e likhathatso, a mo file litaelo tsena: “Laela 238 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO ba bang hore ba se ke ba ruta thuto e fapaneng.” (1 Tim. 1:3) Hape Pauluse o ile a fa Timothea matla a ho khetha balebeli le bahlanka ba sebeletsang ka phuthehong. —1 Tim. 5:22. ˇ Litsobotsi tsa Timothea tse ntle li ile tsa etsa hore Pauˇ luse a mo rate haholo. Mangolo a bontsa hore mohlaˇ nkana enoa o ne a sebetsa haufi le eena, a tsepahala ’me Pauluse a mo nka e le mora oa hae. Pauluse o ile a ngola hore o hopola meokho ea Timothea, o hlolohetsoe ho ˇ mo bona, ’me oa mo rapella. Kaha Pauluse o ne a tsoana le ntate ea amehileng, o ile a boela a eletsa Timothea ka ‘maemo a hae a ho kula khafetsa’—ao mohlomong e neng e le bothata ba mala.—1 Tim. 5:23; 2 Tim. 1:3, 4. Nakong eo Pauluse a neng a le teronkong Roma ka leˇ khetlo la pele, Timothea o ne a mo tsehelitse. Bonyane ka nako e itseng, Timothea le eena o ile a ba litlamong tsa teronko. (Filem. 1; Baheb. 13:23) Ho hlakile hore banna bana ba babeli ba ne ba utloana haholo hobane ha Pauluse a lemoha hore o se a tla shoa, o ile a romeletsa ho Timothea a re: “Etsa sohle se matleng a hao hore u tle ho ’na haufinyane.” (2 Tim. 4:6-9) Mangolo ha a boˇ ntse hore na Timothea o ile a fihla ka nako hore a boele a bone morupeli enoa oa hae. halalelang, baholo ba ile ba fa Timothea boikarabelo ba bohlokoa—ba ho thusa Pauluse le Silase e le mosebeletsi ea tsamaeang.—Lik. 16:3. ‘HO MATLAFATSA LIPHUTHEHO’ 239 15 Ho tlile joang hore Timothea a be le botumo bo bo- tle hakaalo a sa le monyenyane? Na ke ka lebaka la bohlale ba hae, tsela eo a shebahalang ka eona kapa bokhoni ba hae? Hangata batho ba khahloa ke lintho tse joalo. Le moprofeta Samuele o kile a susumetsoa ke tsela eo motho e mong a neng a shebahala ka eona. Leha ho le joalo, Jehova o ile a re ho eena: “Tsela eo motho a bonang ka eona hase tsela eo Molimo a bonang ka eona, hobane motho o bona se bonahalang mahlong; empa ha e le Jehova, o bona seo pelo e leng sona.” (1 Sam. 16:7) Timothea o ile a ba le botumo bo botle ho Bakreste ba ˇ habo ka lebaka la litsobotsi tsa moea eseng ka lebaka la tsela eo a shebahalang ka eona. Ka mor’a lilemo tse ngata moapostola Pauluse o ile ˇ a bua ka litsobotsi tse ling tsa moea tsa Timothea. Pau16 luse o ile a bua ka boikutlo bo botle ba Timothea, lerato le boitelo ba hae le mafolofolo a hae likabelong tsa puso ea Molimo. (Bafil. 2:20-22) Timothea o ne a boetse a tumme ka hore o na le tumelo “e se nang boikaketsi.” —2 Tim. 1:5. 17 Kajeno bacha ba bangata ba etsisa Timothea ka ho 15, 16. Ho tlile joang hore Timothea a be le botumo bo botle hakaalo? 17. Kajeno bacha ba ka etsisa Timothea joang? 240 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO ˇ leka ho ba le litsobotsi tse khahlisang Molimo. Ka lebaka leo ba iketsetsa botumo bo botle ho Jehova le batho ba hae ba sa le banyenyane. (Liprov. 22:1; 1 Tim. 4:15) Ba bonahatsa tumelo e se nang boikaketsi, ha ba batle ho phela bophelo ba ho ikhakanya. (Pes. 26:4) Ka lebaka leo, bacha ba bangata ba ka etsisa Timothea ka ho phetha karolo ea bohlokoa ka phuthehong. Ruri ba khothatsa batho bohle ba ratang Jehova ha e e-ba bahoeletsi ba litaba tse molemo ’me ka mor’a nako e itseng ba inehela ho Jehova ’me ba kolobetsoa. “Ho Tiisoa Tumelong” (Liketso 16:4, 5) 18 Pauluse le Timothea ba ile ba sebetsa hammoho ka lilemo tse ngata. Kaha e ne e le basebeletsi ba tsamaeang, ba ile ba rongoa ke sehlopha se busang hore ba phethe mesebetsi e fapaneng. Bibele e re: “Ha ba ntse ba tsamaea ho pholletsa le metse, melao-taelo e neng e etselitsoe qeto ke baapostola le banna ba baholo ba neng ba le Jerusalema ba ne ba nehelana ka eona ho ba leng moo hore ba e boloke.” (Lik. 16:4) Ho hlakile hore liphutheho li ile tsa latela tataiso e tsoang ho baapostola le 18. (a) Kaha Pauluse le Timothea e ne e le basebeletsi ba tsamaeang, ba ile ba phetha mesebetsi efe e khethehileng? (b) Liphutheho li ile tsa rua molemo joang? ‘HO MATLAFATSA LIPHUTHEHO’ 241 banna ba baholo ba Jerusalema. Ka lebaka la boikokobetso bo joalo, “liphutheho [li ile] tsa tsoela pele ho tiisoa tumelong le ho eketseha ka palo letsatsi le letsatsi.” —Lik. 16:5. 19 ˇ Ka ho tsoanang, kajeno Lipaki Tsa Jehova li rua mo- lemo ha li ikokobelletsa tataiso ea “ba etellang pele” ˇ har’a tsona. (Baheb. 13:17) Kaha boemo ba lefatse lena boa fetoha, ke habohlokoa hore Bakreste ba se ke ba feˇ toa ke lijo tsa moea tseo “lekhoba le tsepahalang le le masene” le fanang ka tsona. (Mat. 24:45; 1 Bakor. 7:2931) Ho etsa joalo ho ka re thusa hore re se ke ra oa tuˇ melong ’me re ipoloke re se na letheba lefatseng.—Jak. 1:27. 20 Ke ’nete hore balebeli ba Bakreste ba kajeno, ho aka- relletsa le Sehlopha se Busang ha baa phethahala joaloka Pauluse, Barnabase, Mareka le baholo ba bang ba batlotsuoa ba lekholong la pele la lilemo. (Bar. 5:12; Jak. 3:2) Empa, kaha Sehlopha se Busang se latela ka hloko Lentsoe la Molimo ’me se latela mohlala oa baapostola, ˇ ˇ se bontsa hore sea tsepahala. (2 Tim. 1:13, 14) Ka lebaka leo, liphutheho lia matlafala ’me li tiisoa tumelong. 19, 20. Ke hobane’ng ha Bakreste ba lokela ho ikokobelletsa “ba etellang pele”? 242 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO KHAOLO EA 16 ˇ “Tselela Macedonia” Ho amohela kabelo le ho mamella mahloriso ka thabo ho tlisa mahlohonolo E Thehiloe ho Liketso 16:6-40 SEHLOPHA sa basali se tloha motseng oa Filipi, Macedo¯ nia. Ba e-s’o ee kae, ba fihla nokeng e mochophoro ea Gan¯ ¯ gites. Joalokaha ba tloaetse, ba lula leb opong la noka ’me ba rapela Molimo oa Iseraele. Jehova oa ba bona.—2 Likron. 16:9; Pes. 65:2. ˇ ¯ 2 Ka nako e tsoanang, sebakeng se bohole ba lik’hilomithara tse fetang 800 ka bochabela ho Filipi, sehlopha sa banna se tloha motseng oa Lystra o karolong e ka boroa ea Galatia. Ka mor’a matsatsi a seng makae, ba fihla tseleng e ¯ ¯ kholo e ntle ea Roma e lebang karolong e ka bophirimela ea setereke sa Asia moo ho nang le baahi ba bangata ka ho fetisisa. Banna bao—e leng Pauluse, Silase le Timothea—ba labalabela ho tsamaea ka tsela eo e le hore ba ka etela Efese le metseng e meng, moo ho nang le batho ba likete bao ho hlokahalang hore ba bolelloe ka Kreste. Leha ho le joalo, le pele ba ka kena tseleng, moea o halalelang o ba thibela 1-3. (a) Moea o halalelang o ile oa tataisa Pauluse le bo-mphato’a hae joang? ˇ (b) Re tla t sohla liketsahalo life? ˇ “TSELELA MACEDONIA” 243 ho tsoela pele ka leeto la bona ka tsela e itseng e sa boleloang ka Bibeleng. Ba thibeloa ho bolela litaba tse molemo Asia. Hobane’ng? Jesu o sebelisitse moea oa Molimo ho tataisa Pauluse le bo-mphato’a hae hore ba pholletse le Asia ˇ ¯ Minor, ba tsele Leoatle la Aegean, ebe ba fetela leb opong la ¯ nokana e bitsoang Gangites. Kajeno re ka ithuta lintho tsa bohlokoa tseleng eo Jesu a ileng a tataisa Pauluse le bo-mphato’a hae ka eona leetong 3 leo le sa tloaelehang la ho ea Macedonia. Ka hona, a re hlahlobeng lintho tse itseng tse ileng tsa etsahala leetong la bobeli la Pauluse e le moromuoa, le ileng la qala hoo e ka bang ka 49 C.E. 4 ‘Molimo o ne a re Bitsitse’ (Liketso 16:6-15) Ha Pauluse le bo-mphato’a hae ba thibeloa ho bolela li- taba tse molemo Asia, ba ile ba ea metseng ea Bithynia e ka leboea. Hore ba fihle moo, e ka ’na eaba ba ile ba qeta matsatsi a mangata ba tsamaea litseleng tse sa katoang pakeng tsa metse e se nang baahi ba bangata ea Frygia le Galatia. Leha ho le joalo, eitse ha ba atamela Bithynia, Jesu a boela a sebelisa moea o halalelang ho ba thibela. (Lik. 16:6, 7) E tlameha ebe joale ba ne ba eme hlooho. Ba ne ba tseba hore na ba tla re’ng ha ba bolela litaba tse molemo le hore na ba tla li bolela joang, empa ba sa tsebe hore ba li bolele hokae. 4, 5. (a) Ho ile ha etsahala’ng ka Pauluse le bo-mphato’a hae ha ba le haufi le Bithynia? (b) Barutuoa ba ile ba etsa qeto efe, hona phello ea e-ba efe? 244 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO Ho ne ho le joalokaha eka ba kokotile monyako o lebisang Asia empa ba sa lumelloe ho kena teng. Ba ne ba boetse ba kokotile monyako o lebisang Bithynia—le teng ba sa lumelloe ho kena. Ho sa tsotellehe seo, Pauluse o ne a ikemiselitse ho tsoela pele a kokota ho fihlela a fumana monyako o tla buleha. Eaba ba etsa qeto e neng e ka ’na ea bonahala e sa utloahale. Ba ile ba leba bophirimela ’me ba tsamaea lik’hilomithara tse 550, ba feta metse ka ho fapana, ba ba ba fihla koung ea Troase, moo ba neng ba ka palama sekepe se eang Macedonia. (Lik. 16:8) Ha ba le moo, Pauluse o ile a kokota lekhetlo la boraro, eaba monyako o buleha haholo. 5 Mongoli oa Kosepele Luka, ea ileng a kopana le Paulu- se le bo-mphato’a hae Troase, o bua tjena mabapi le se ileng sa etsahala: “Bosiu pono ea bonahala ho Pauluse: monna ¯ ea itseng oa Macedonia o ne a eme ’me a mo kopa ka tieo a ˇ re: ‘Tselela Macedonia ’me u re thuse.’ Joale hang ha a bone pono eo, ra batla ho kena Macedonia, ka ho fihlela qeto ea hore Molimo o ne a re bitselitse ho ba bolella litaba tse molemo.”1 (Lik. 16:9, 10) Qetellong, Pauluse o ile a tseba hore na a bolele litaba tse molemo hokae. E tlameha ebe Pauluse o ile a thaba hakaakang hore ebe ha aa ka a tela! Ntle ho ˇ tsenyo ea nako, banna bao ba bane ba ile ba ea Macedonia ka sekepe. 1 Sheba lebokose la sehlooho se reng “Luka ke Eena ea Ngotseng Buka ea Liketso,” leqepheng la 246. ˇ “TSELELA MACEDONIA” 245 LUKA KE EENA EA NG OTSENG BUKA EA LIKETSO Ho fihlela khaolong ea 16, temaneng ea 9, mongoli ha a ikakarelletse ho se boletsoeng bukeng ea Liketso. Ka mantsoe a mang, o bua feela ka seo ba bang ba se buileng le seo ba se entseng. Leha ho le joalo, ho Liketso 16: 10, 11, o fetola maoa. Ka mohlala, temaneng ea 11 mongoli o re: “Ra tloha ka sekepe Troase ’me ra tla ka tsela e otlolohileng Samothrase.” Ke ho tloha litemaneng tsena moo mongoli Luka a seng a ikakarelletsa. Empa kaha ha ho moo lebitso la Luka le hlahang teng bukeng ea Liketso Tsa Baapostola, re tseba joang hore kannete ke eena ea e ngotseng? Re fumana karabo mantsoeng a qalang a buka ea Liketso le Kosepele ea Luka. Mantsoe ana a tobisitsoe ho motho ea bitsoang “Theofilase.” (Luka 1:1, 3; Lik. 1:1) Mantsoe a qalang a Liketso a re: “Uena Theofilase, ke ile ka hlophisa tlaleho ea pele mabapi le lintho tsohle tseo Jesu a ileng a qala ho li etsa le ho li ruta.” Kaha litsebi tsa boholo-holo lia lumellana hore “tlaleho ea pele,” e leng ea Kosepele, e ngotsoe ke Luka, e tlameha ebe ke eena hape ea ngotseng Liketso. Ha ho letho le lekaalo leo re le tsebang ka Luka. Lebitso la hae le hlaha ka makhetlo a mararo feela ka Bibeleng. Moapostola Pauluse o re Luka ke “ngaka e ratoang” le e mong oa “basebetsi-’moho” le eena. (Bakol. 4:14; Filem. 24) Likarolo tsa buka ea Liketso tseo mongoli Luka ˇ a ikakarelletsang ho tsona li bontsa hore o ile a tsamaea 246 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO le moapostola Pauluse ka lekhetlo la pele ho tloha Troase ho ea Filipi hoo e ka bang ka 50 C.E. empa ha Pauluse a tloha Filipi o ne a se a le sieo. Ba ile ba boela ba kopana Filipi hoo e ka bang ka 56 C.E. ’me ba tsamaea le ¯ bara ba bang babo rona ba supileng ho tloha Filipi ho ea ˇ Jerusalema, moo Pauluse a ileng a tsoaroa teng. Lilemo tse peli hamorao, Luka o ile a tsamaea le Pauluse, ea neng a ntse a tlanngoe ka liketane, ho tloha Cesarea ho ea Roma. (Lik. 16:10-17, 40; 20:5–21:17; 24:27; 27:1–28:16) Ha Pauluse, ea neng a kentsoe chankaneng ka lekhetlo la bobeli Roma, a hlokomela hore o haufi le ho bolaoa, ke “Luka a le mong” ea neng a e-na le eena. (2 Tim. 4:6, 11) Ho hlakile hore Luka o ile a tsamaea maeto a malelele ’me a ikemiselitse ho tobana le mathata ka lebaka la litaba tse molemo. Luka ha aa ka a re o bone lintho tseo a li ngotseng ka Jesu. Ho e-na le hoo, o ile a re o lekile “ho bokella tlaleˇ ho ea litaba” a itsetlehile ka litaba tsa “lipaki tse boneng ka mahlo.” Ho feta moo, o ile a ‘sala lintho tsohle morao ho tloha qalong ka ho nepahala, a li ngola ka tatellano e hlophisehileng.’ (Luka 1:1-3) Litholoana tsa moseˇ betsi oa Luka li bontsa hore e ne e le mofuputsi ea hloahloa. Ho ka etsahala hore o ile a fumana litaba tsa ` hae ka ho buisana le Elizabetha le Maria ’me oa Jesu le ba bang. Boholo ba lintho tseo a li ngotseng ha li hlahe Likosepeleng tse ling.—Luka 1:5-80. Pauluse o itse Luka e ne e le ngaka, ’me thahasello eo a neng a e-na le eona joaloka ngaka ho batho ba kulang e bonahala ho seo a se ngotseng. Mehlala e seng mekae ˇ “TSELELA MACEDONIA” 247 ke ena: Luka o itse ha Jesu a phekola motho ea nang le modemona, “modemona a tsoa ho eena ntle le ho mo ˇ ntsa kotsi”; a re mohoehali oa moapostola Petrose o ne ˇ a tsoeroe ke “feberu e phahameng”; a boela a re mosali ˇ eo Jesu a ileng a mo thusa o ne a tsoentsoe ke “moea o mo fokolisitseng ka lilemo tse leshome le metso e robeli, ’me o ne a finahane haholo ’me ho hang a sa khone ho inamoloha.”—Luka 4:35, 38; 13:11. Ho hlakile hore Luka o ile a etelletsa ‘mosebetsi oa Morena’ pele bophelong ba hae. (1 Bakor. 15:58) Sepheo sa hae e ne e se ho hahamalla mosebetsi o hlamatsehang kapa botumo, empa e ne e le ho thusa ba bang ho tseba Jehova le ho mo sebeletsa. 6 Re ka ithuta eng tlalehong eo? Hlokomela: Moea oa Mo- limo o ile oa kenella feela ka mor’a hore Pauluse a ee Asia, Jesu o ile a nka bohato ka mor’a hore Pauluse a be haufi le Bithynia, ’me Jesu o ile a re Pauluse a ee Macedonia ka mor’a hore a fihle Troase. Kaha Jesu ke Hlooho ea phutheˇ ho, a ka ’na a re tataisa ka tsela e tsoanang. (Bakol. 1:18) Ka mohlala, e ka ’na eaba e se e le nako e teletsana re nahana ho bula maliboho kapa ho fallela sebakeng seo ho hlokahalang bahoeletsi ba ’Muso ba eketsehileng. Leha ho le joalo, Jesu a ka ’na a re tataisa ka moea oa Molimo ka mor’a hore 6, 7. (a) Re ka ithuta’ng ho se ileng sa etsahala leetong la Pauluse? (b) Phihlelo ea Pauluse e etsa hore re kholisehe ka eng? 248 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO ¯ re nke mehato e tobileng ea ho finyella pakane ea rona. Hobane’ng? Nahana ka mohlala ona: Mokhanni a ka ’na a tjeˇ kisetsa koloi ea hae ka ho le letsehali kapa ka ho le letona ˇ empa a ka etsa joalo hafeela koloi e tsamaea. Ka tsela e tsoaˇ nang, Jesu ke eena ea re tataisang hore re eketse tsebeletso ¯ ea rona, empa o etsa joalo hafeela re nka mehato e tobileng —hafeela re ikakhela ka setotsoana. 7 Leha ho le joalo, ho thoe’ng haeba re sa atlehe hang- hang? Na re lokela ho nyahama, re nahane hore moea oa Molimo ha o re tataise? Che. Hopola hore Pauluse le eena o ile a ba le mathata. Leha ho le joalo, o ile a tsoela pele ho kokota ho fihlela a fumana monyako o bulehang. Re ka kho¯ liseha hore le rona re tla buleloa “monyako o moholo o ˇ isang tsebetsong” ha re tsoela pele ho o batla.—1 Bakor. 16:9. 8 Ka mor’a hore Pauluse le bo-mphato’a hae ba fihle Ma- cedonia, ba ile ba ea Filipi—e leng motse oo baahi ba oona ˇ ba neng ba ikhantsa ka hore ke Baroma. Masole a Roma a ˇ behileng meja fatse a lulang moo, a ne a nka Filipi e le Italy e nyenyane—e le Roma e nyenyane ka har’a Macedonia. Ka ¯ ¯ ntle ho motse, ka thoko ho noka e mochophoro, baromuoa bao ba ile ba fumana sebaka seo ba neng ba nahana hore ke 8. (a) U ka hlalosa motse oa Filipi joang? (b) Ho ile ha etsahala eng e thabisang ka mor’a hore Pauluse a bolele litaba tse molemo ‘sebakeng sa thapelo’? ˇ “TSELELA MACEDONIA” 249 “sebaka sa thapelo.”1 Ka letsatsi la Sabatha, ba ile ba theohela sebakeng seo ’me ba fumana basali ba ’maloa ba neng ba bokane moo ba tlil’o rapela Molimo. Barutuoa ba ile ba ˇ lula fatse ’me ba bua le bona. Mosali ea bitsoang Lydia “o ne a mametse, ’me Jehova a bula pelo ea hae haholo.” Lydia o ile a hlolloa haholo ke seo a se utloileng ho baromuoa bao hoo eena le ba ntlo ea hae ba ileng ba kolobetsoa. Eaba o phehella Pauluse le bo-mphato’a hae hore ba lule ha hae.2 —Lik. 16:13-15. 9 Nahana feela hore na e ile ea e-ba thabo e kaakang ha Lydia a kolobetsoa! E tlameha ebe Pauluse o ile a thaba haˇ kaakang hore ebe o ile a lumela ha ho thoe a ‘tselele Macedonia’ le hore ebe Jehova o ne a entse qeto ea ho mo sebelisa hammoho le bo-mphato’a hae ha a araba lithapelo tsa ˇ ˇ basali bao ba tsabang Molimo! Ka ho tsoanang, le kajeno ¯ bara le barali babo rona ba bangata—ba banyenyane le ba baholo, ba masoha le ba lenyalong—ba fallela libakeng tseo ho hlokahalang bahoeletsi ba eketsehileng ba ’Muso. Ke ’nete hore ba thulana le mathata, empa hase letho ha a ba1 Mohlomong Bajuda ba ne ba sa lumelloa ho ba le synagoge motseng oo hobane Filipi e ne e le motse oa sesole. Kapa e ka ’na eaba motse oo o ne o se na banna ba leshome ba Bajuda—e leng palo ea banna ba hlokahalang ho theha synagoge. 2 Sheba lebokose la sehlooho se reng “Lydia e ne e le Morekisi oa Lintho Tse Pherese,” leqepheng la 252. 9. Kajeno ba bangata ba etsisitse mohlala oa Pauluse joang, hona ba hlohonolofalitsoe joang? 250 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO pisoa le thabo eo ba bang le eona ha ba fumana batho ba kang Lydia, ba amohelang linnete tsa Bibele. Na u ka etsa ˇ ˇ liphetoho tse ka u nolofalletsang ho “tselela” tsimong e hlokang bahoeletsi ba eketsehileng? U tla hlohonolofatsoa. Ka ¯ mohlala, nahana ka mor’abo rona Aaron ea hlahileng ka 1985. O ile a fallela naheng e ’ngoe e Amerika Bohareng. Ba bangata ba ka chaela mantsoe a hae monoana ha a re: “Ho ¯ sebeletsa naheng esele ho nthusitse ho hola moeeng le ho ˇ ˇ atamela haufi le Jehova. Ebile tsebeletso ea tsimo e monate—ke khanna lithuto tsa Bibele tse robeli!” 10 “B ongata ba ba Tsohela Matla” (Liketso 16:16-24) E tlameha ebe Satane o ne a halefisitsoe ke hore litaba tse molemo li qalile ho amoheloa sebakeng seo ho sona eena le bademona ba hae ba neng ba lalasa. Kahoo, ha ho makatse hore ebe bademona ba ile ba hlohlelletsa hore Pauluse le bo-mphato’a hae ba hanyetsoe! Ha ba ntse ba etela sebakeng sa thapelo, lekhabunyane le leng le nang le modemona, le neng le kenyetsa beng ba lona chelete ka ho bolela liketsahalo esale pele, le ile la sala Pauluse le bo-mphato’a hae morao, le ntse le hoeletsa le re: “Banna bana ke makhoba a Molimo ea Phahameng ka ho Fetisisa, a phatlalatsang ¯ tsela ea poloko ho lona.” Mohlomong modemona ke eena ea ileng a etsa hore ngoanana enoa a hooe mantsoe ana ho 10. Bademona ba ile ba hlohlelletsa joang hore Pauluse le bo-mphato’a hae ba hanyetsoe? ˇ “TSELELA MACEDONIA” 251 LYDIA E NE E LE MOREKISI OA LINTHO TSE PHERESE Lydia o ne a lula Filipi, motseng o tummeng oa Macedonia. Hantle-ntle o ne a tsoa Thyatire, motseng o sebakeng se bitsoang Lydia karolong e ka bophirimela ea Asia Minor. Lydia o ne a falletse ka mose ho Leoatle la Aegean e le hore a ka rekisa lintho tse pherese. Mohlomong o ne a rekisa lintho tse fapa-fapaneng tse pherese—e leng limmete, lintho tse ohliloeng, masela le dae. Sengoliloeng se fumanoeng Filipi se tiisa hore ho ne ho e-na le mokhatlo oa barekisi ba lintho tse pherese motseng oo. Ho thoe Lydia e ne e le “morapeli oa Molimo,” ho bolelang hore mohlomong o ne a sokolohetse Bojudeng. (Lik. 16:14) E ka ’na eaba o tsebile ka borapeli ba Jehova a le motseng oa habo. Ho fapana le Filipi, motseng oa habo ho ne ho e-na le sebaka seo Bajuda ba phuthehelang ho sona. Ba bang ba lumela hore Lydia e ne e le theneketso—e bolelang “Mosali oa Lydia”—eo a ileng a e fuoa ha a le Filipi. Leha ho le joalo, ho na le bopaki bo ˇ ngotsoeng bo bontsang hore Lydia e ne e boetse e le lebitso la motho. Batho ba Lydia hammoho le baahelani ba bona ba ne ba tsejoa ka boiphihlelo ba bona ba ho fetola ’mala oa lintho hore li be pherese ho tloha mehleng ea Homer, lekholong la borobong kapa la borobeli la lilemo B.C.E. Ha e le hantle, ho ne ho tsebahala hore metsi a Thyatire a hlahisa “mebala e khanyang ka ho fetisisa le e sa tsoeng.” 252 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO E ne e se mang le mang ea neng a ka ba le lintho tse pherese; li ne li khonoa ke barui feela. Le hoja ho ne ho tsejoa lintho tse ling tse fapaneng tse hlahisang dae e pherese, dae e ntle le e turang ka ho fetisisa, e neng e sebelisetsoa line ea boleng bo botle, e ne e tsoa liphoofotsoaneng tse nang le likhetla tsa Leoatle la Mediterranean. Lerotholi le le leng la dae le ne le ka fumanoa phoofotsoaneng ka ’ngoe e nang le khetla, ’me ho ne ho hlokahala hore ho sebelisoe liphoofotsoana tse ka bang 8 000 ho etsa grama e le ’ngoe ea mokelikeli oo oa bohlokoa; kahoo, seaparo sa ’mala oo se ne se tura haholo. Kaha mosebetsi oa Lydia o ne o hloka hore a be le che¯ ¯ lete e ngata ’me a e-na le ntlo e kholo hoo a neng a ka khona ho amohela banna ba bane—e leng Pauluse, Silase, Timothea le Luka—ho ka etsahala hore ebe e ne e le morekisi ea atlehileng le ea ruileng. Kaha ho buuoa ka “ba ntlo ea hae,” e ka ’na eaba o ne a lula le beng ka eena. Empa lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “ba ntlo ea hae,” le ka boetse la bolela hore o ne a e-na le makhoba le makhabunyane. (Lik. 16:15) Hape, hore ebe pele Pauluse le Silase ba tloha motseng oo ba ile ba kopana le ¯ bara ba bang babo rona lapeng la mosali enoa ea nang le ˇ moea oa ho amohela baeti, ho bontsa hore Bakreste ba pele ba Filipi ba ne ba kopanela teng.—Lik. 16:40. Ha Pauluse a ngolla phutheho ea Filipi lilemo tse ka bang leshome hamorao, ha aa ka a bua ka Lydia. Kahoo se boletsoeng ho Liketso khaolo ea 16 ke sona feela seo re se tsebang ka eena. ˇ “TSELELA MACEDONIA” 253 etsa hore ho bonahale eka lintho tseo a li bolelang esale pele le lithuto tsa Pauluse li tsoa mohloling o le mong. Ka tsela eo, batho ba shebeletseng ba ne ba ke ke ba natsa balateli ba ’nete ba Kreste. Empa Pauluse o ile a khutsisa ngoanana eo ka ho leleka modemona.—Lik. 16:16-18. 11 Ha beng ba lekhabunyane leo ba hlokomela hore ha ba sa na motho ea ba kenyetsang chelete kapele, ba ile ba halefa. Ba ile ba hulanyetsa Pauluse le Silase ’marakeng, moo bo-mastrata—e leng bahlanka ba ’muso oa Roma—ba neng ˇ ba tsoarela linyeoe teng. Kaha beng ba lona ba ne ba tseba hore baahloli bao ba leeme ba bile ba rata naha ea habo bona, ba ile ba re: ‘Bajuda bana ba baka pherekano ka ho ¯ ruta litloaelo tseo rona Baroma re ke keng ra li amohela.’ Ho ile ha etsahala seo ba neng ba se batla. ‘Bongata bo ’marakeng ba tsohela Pauluse le Silase matla hammoho,’ ’me bo-mastrata ba laela hore “ba otloe ka melamu.” Ka mor’a moo, Pauluse le Silase ba ile ba hulanyetsoa chankaneng. Molebeli oa teronko o ile a lahlela banna bao ba lemetseng ˇ chankaneng e ka hare ’me a tiisa maoto a bona metsoasong. (Lik. 16:19-24) Ha molebeli oa teronko a koala monyako, ho ile ha e-ba le lefifi la bonka-ntjana hoo e tlamehang ebe Pauluse le Silase ba ne ba sa bonane. Empa Jehova o ne a ntse a ba bona.—Pes. 139:12. 11. Ka mor’a hore modemona a lelekoe ho ngoanana eo, ho ile ha etsahala’ng ka Pauluse le Silase? 254 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO 12 Lilemo tse seng kae pele ho moo, Jesu o ile a re ho ba- lateli ba hae: “Ba tla le hlorisa.” (Joh. 15:20) Ka hona, ha ˇ Pauluse le bo-mphato’a hae ba tselela Macedonia, ba ne ba itokiselitse ho tobana le khanyetso. Ha mahloriso a fihla, ˇ ha baa ka ba a nka e le pontso ea hore Jehova o ba lahlile, empa ba a nka e le sesupo sa hore Satane o ba halefetse. Kaˇ jeno, mahlahana a Satane a sebelisa mekhoa e tsoanang le e ileng ea sebelisoa Filipi. Bahanyetsi ba bolotsana ba re senya lebitso likolong le mosebetsing, ba hlohlelletsa hore re hanyetsoe. Linaheng tse ling, batho ba bolumeli ba re hanyetsang ba re qosa makhotleng, ba re: ‘Lipakinyana tsena ¯ li baka pherekano ka ho ruta litloaelo tseo rona “ba malumeli a molao” re ke keng ra li amohela.’ Libakeng tse ling, ¯ barapeli-’moho le rona baa shapuoa ’me ba lahleloa chankaneng. Leha ho le joalo, Jehova o ntse a bona.—1 Pet. 3:12. “Ba Kolobetsoa Ntle ho Tieho” (Liketso 16:25-34) 13 Mohlomong ho ile ha feta nako pele Pauluse le Silase ba hlaphoheloa ka mor’a moferefere oa letsatsing leo. Leha ho le joalo, ka khitla bosiu ba ne ba se ba hlaphohetsoe hoo ba ileng ba “rapela ’me ba rorisa Molimo ka pina.” Eaba ka 12. (a) Barutuoa ba Kreste ba ile ba ikutloa joang ha ba hlorisoa, hona hobane’ng? (b) S atane le mahlahana a hae ba sa ntse ba sebelisa mekhoa efe ho re hanyetsa? 13. Ke eng se ileng sa etsa hore molebeli oa teronko a re: “Ke etse’ng hore ke pholohe?” ˇ “TSELELA MACEDONIA” 255 ˇ ˇ ˇ tsohanyetso ho ba le tsisinyeho ea lefatse chankaneng eo! Molebeli oa teronko o ile a tsoha, a bona menyako e butsoe, ˇ ˇ ’me a tsoha hore batsoaruoa ba balehile. Kaha o ne a tseba hore o tla fuoa kotlo ha a ba tlohetse hore ba balehe, “a tsomula sabole ea hae ’me o ne a le haufi le ho ipolaea.” Empa ˇ Pauluse a hoeletsa, a re: “U se ke ua intsa kotsi, etsoe kaoˇ fela re teng mona!” Molebeli oa teronko a botsa a tsoenyehile a re: “Bahlomphehi, ke etse’ng hore ke pholohe?” Pauluse le Silase ba ne ba ke ke ba mo pholosa; ke Jesu feela ea neng a ka mo pholosa. Eaba ba re: “Lumela ho Morena Jesu ’me u tla pholoha.”—Lik. 16:25-31. 14 Na potso ea molebeli oa teronko e ne e tsoa botebong ba pelo? Pauluse o ne a kholisehile hore ho joalo. Molebeli oa teronko e ne e le Molichaba, a sa tsebe Mangolo. Pele e ka ba Mokreste, ho ne ho hlokahala hore a ithute linnete tsa motheo tsa Mangolo a be a li amohele. Kahoo Pauluse le Silase ba ile ba ipha nako ea ho “mo bolella lentsoe la ˇ Jehova.” Ha banna bana ba ntse ba tsoarehile ka ho mo ruta Mangolo, mohlomong ba ile ba lebala matetetso a bona. Leha ho le joalo, molebeli oa teronko o ile a hlokomela metopa e meholo mekokotlong ea bona, ’me a ba hlatsoa maqeba. Eaba eena le ba ntlo ea hae “ba kolobetsoa ntle ho tie14. (a) Pauluse le Silase ba ile ba thusa molebeli oa teronko joang? (b) Pauluse le Silase ba ile ba hlohonolofatsoa joang ka lebaka la ho thaba le hoja ba hlorisoa? 256 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO ho.” Pauluse le Silase ba ile ba hlohonolofatsoa hakaakang ka lebaka la ho thaba le hoja ba hlorisoa!—Lik. 16:32-34. Joaloka Pauluse le Silase, kajeno Lipaki tse ngata li ’nile tsa bolela litaba tse molemo leha li koaletsoe chankaneng 15 ka lebaka la tumelo ea tsona, ’me ha e-ba le liphello tse tha¯ bisang. Ka mohlala, naheng e ’ngoe moo mosebetsi oa rona o neng o thibetsoe, ho na le nako eo ka eona karolo ea 40 lekholong ea Lipaki tsohle tse lulang moo li ileng tsa ithuta ’nete ka Jehova ha li le chankaneng! (Esa. 54:17) Hape, hlo¯ komela hore molebeli oa teronko o ile a kopa thuso ka mor’a ˇ ˇ ˇ hore ho be le tsisinyeho ea lefatse. Ka tsela e tsoanang, kajeno batho ba bang ba e-s’o ka ba amohela molaetsa oa ’Muso, ba ka ’na ba o amohela ka mor’a hore ba hlaheloe ke ˇ tlokotsi e itseng. Ha re sa phetse ho etela batho ba tsimong ¯ ea rona, re etsa bonnete ba hore re malala-a-laotsoe ho ba thusa. ˇ “Na Joale ba re Nt sa ka S ephiri?” (Liketso 16:35-40) 16 Hoseng ha letsatsi le hlahlamang ka mor’a hore Pauluse le Silase ba shapuoe, bo-mastrata ba ile ba laela hore ba lokolloe. Empa Pauluse o ile a re: “Ba re shapile phatlalatsa re sa ahloloa, banna bao e leng Baroma, ’me ba re 15. (a) Kajeno Lipaki tse ngata li latetse mohlala oa Pauluse le Silase joang? ˇ ¯ (b) Ke hobane’ng ha re lokela ho etela batho ba lulang t simong ea r ona re sa phetse? 16. Letsatsing le hlahlamang ka mor’a hore Pauluse le Silase ba shapuoe, lintho li ile tsa fetoha joang? ˇ “TSELELA MACEDONIA” 257 ˇ lahlela chankaneng; ’me na joale ba re ntsa ka sephiri? Che, ˇ ka sebele! empa ba ke ba itlise ’me ba re ntse.” Ha bomastrata ba utloa hore banna bao ba babeli ke baahi ba ˇ Roma, ba ile “ba tsoha,” hobane ba ne ba hataketse litokelo tsa bona.1 Lintho li ile tsa fetoha. Barutuoa ba ne ba sha¯ piloe phatlalatsa; joale bo-mastrata ba ne ba lokela ho kopa ˇ ¯ tsoarelo phatlalatsa. Ba ile ba kopa Pauluse le Silase hore ba tlohe Filipi. Barutuoa bao ba babeli ba ile ba lumela, empa ba qala ka ho khothatsa barutuoa ba bacha ba ntseng ba eketseha. Eaba ke hona ba tsamaeang. 17 Hoja litokelo tsa Pauluse le Silase joaloka baahi ba Roma li ne li hlomphiloe pele ho moo, mohlomong ba ka be ba sa ka ba shapuoa. (Lik. 22:25, 26) Leha ho le joalo, barutuoa ba Filipi ba ne ba ka ’na ba e-ba le maikutlo a hore ba sebelisitse maemo a bona hore ba balehele ho utloisoa bohloko ka lebaka la Kreste. Seo se ne se tla ba le phello efe tumelong ea barutuoa bao e seng baahi ba Roma? Ha e le hantle, molao o ne o ke ke oa ba sireletsa hore ba se ke ba shapuoa. Kahoo, ka hore Pauluse le bo-mphato’a hae ba mamelle likotlo, ba ile ba behela balumeli ba bacha mohlala o ˇ bontsang hore balateli ba Kreste ba ka khona ho ema ba tii1 Molao oa Roma o ne o re ka linako tsohle moahi oa teng o lokela ho ahloloa ka toka ’me le ka mohla a se ke a otloa phatlalatsa empa a sa fumanoa a le molato. 17. Barutuoa ba bacha ba ne ba tla ithuta thuto efe ea bohlokoa ha ba lemoha mamello ea Pauluse le Silase? 258 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO le ha ba hlorisoa. Ho phaella moo, ha Pauluse le Silase ba tsitlella hore litokelo tsa bona e le baahi ba Roma li hlomphuoe, ba ile ba qobella bo-mastrata hore ba bolele pha¯ tlalatsa hore ba tlotse molao. Mohlomong seo se ne se tla ˇ etsa hore ba se ke ba tsoara balumeli-’moho le Pauluse hampe ’me se ba sireletse ka molao ha ba hlaseloa ka tsela e ˇ tsoanang nakong e tlang. 18 Kajeno, balebeli ka phuthehong ea Bakreste le bona ba beha mohlala. Balisa ba Bakreste ba ikemiselitse ho etsa eng kapa eng eo ba lebeletseng hore balumeli-’moho le bona ¯ ba e etse. Le rona joaloka Pauluse, re sekaseka ka hloko hore ˇ ¯ na re sebelisa litokelo tsa rona tsa molao ho itsireletsa neng hona joang. Haeba ho hlokahala, re ipiletsa makhotleng a motse, a naha esita le a machaba e le hore re sireletse tokeˇ ¯ lo ea molao ea ho ntsetsa borapeli ba rona pele. Sepheo sa ¯ rona hase ho tlisa liphetoho empa ke ‘ho sireletsa le ho theha ka molao litaba tse molemo,’ joalokaha Pauluse a ile a ngolla phutheho ea Filipi lilemo tse ka bang leshome ka mor’a hore a kenngoe chankaneng moo. (Fil. 1:7) Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe hore na phello ea linyeoe tseo ke efe, joaloka Pauluse le bo-mphato’a hae, re ikemiselitse ho tsoela pele re ‘bolela litaba tse molemo’ hohle moo moea oa Molimo o re laelang hore re li bolele teng.—Lik. 16:10. 18. (a) Kajeno balebeli ba Bakreste ba etsisa mohlala oa Pauluse joang? (b) ‘Re sireletsa le ho theha ka molao litaba tse molemo’ joang kajeno? ˇ “TSELELA MACEDONIA” 259 KHAOLO EA 17 “A Behelana Mabaka le Bona ka Mangolo” Baberea ke mohlala o motle oa ho ruta ka tsela e atlehang E Thehiloe ho Liketso 17:1-15 TSELA e tsamauoang haholo, e hahiloeng ke litsebi tsa Baroma, e feta har’a lithaba tse matsaranka. Nako le ˇ nako ho utloahala lerata la lintho tse sa tsoaneng—la liesele, likariki tse tsamaeang letlapeng, le baeti ba mefutafuta, mohlomong ho akarelletsa le masole, bahoebi le litsebi tsa mesebetsi ea matsoho. Pauluse, Silase le Timothea ba tsamaea tseleng ena ba tloha Filipi ba ea Thesalonika, e leng leeto la lik’hilomithara tse fetang 130. Leeto lena ha le bonolo, haholo-holo ho Pauluse le Silase. Ba ntse ba ikoka maqeba a ho shapuoa ka melamu ha ba le Filipi.—Lik. 16:22,23. 2 Banna baa ba itebatsa leeto lee le lelelele joang? Ka ho qoqa. Ba sa ntse ba hopola kamoo ho bileng monate kateng ha molebeli oa teronko oa Filipi le ba lelapa la 1, 2. Ke bo-mang ba tlohang Filipi ba e-ea Thesalonika, hona e ka ’na eaba ba ntse ba ipotsa eng? 260 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO hae e e-ba balumeli. Seo se entse hore banna bana ba ikemisetse ho tsoela pele ba bolela lentsoe la Molimo. Leha ¯ ho le joalo, ha ba atamela motse oa Thesalonika o leb opong la leoatle, ho ka etsahala hore ebe ba ntse ba ipoˇ tsa hore na Bajuda ba moo ba tla ba tsoara joang. Na ba tla ba hlasela ’me ba ba shape joalokaha ho etsahetse ha ba le Filipi? 3 ˇ Pauluse o ile a ntsa maikutlo a hae hamorao lengo- long leo a ileng a le ngolla Bakreste ba Thesalonika, a re: “Ka mor’a hore pele re utloe bohloko le ho nyelisoa (feela joalokaha le tseba) Filipi, [re ile] ra iteta sebete ka Mo¯ limo oa rona ho le bolella litaba tse molemo tsa Molimo ¯ ¯ ka ntoa e kholo.” (1 Bathes. 2:2) Ho bonahala eka Pauluˇ se o ne a tsaba ho kena motseng oa Thesalonika, haholoholo ka mor’a se etsahetseng Filipi. Na u utloisisa hore na ke hobane’ng ha a ne a ikutloa ka tsela ee? Na ka linako tse ling u ee u utloe ho le thata ho bolela litaba tse ˇ molemo? Pauluse o ile a tsepa Jehova hore a mo thuse, a mo fe matla a hore a itete sebete. Ho ithuta mohlaleng ˇ oa hae ho ka u thusa hore u etse se tsoanang.—1 Bakor. 4:16. 3. Mohlala oa Pauluse oa ho iteta sebete hore a bolele litaba tse molemo o ka re thusa joang kajeno? “A BEHELANA MABAKA LE BONA KA MANGOLO” 261 “A B ehelana Mabaka le B ona ka Mangolo” (Liketso 17:1-3) 4 Bibele e re bolella hore ha Pauluse a le Thesalonika, o ile a bolela litaba tse molemo synagogeng ka Lisabatha tse tharo. Na see se bolela hore o ile a ba motseng oo ka libeke tse tharo feela? Che. Ha re tsebe hore na Pauluse o ile a ea synagogeng ka mor’a nako e kae a fihlile moˇ tseng ona. Ho feta moo, mangolo a Pauluse a bontsa hore ha a le Thesalonika, eena le bo-mphato’a hae ba ile ba sebetsa e le hore ba khone ho iphelisa. (1 Bathes. 2:9; 2 Bathes. 3:7, 8) Ntle ho moo, ka makhetlo a mabeli barab’a¯ bo rona ba Filipi ba ile ba romella Pauluse lintho tseo a li hlokang. (Bafil. 4:16) Kahoo, mohlomong o lutse Thesalonika nako e fetang libeke tse tharo. 5 Ha Pauluse a se a itetile sebete hore a bolele litaba tse molemo, o ile a bua le ba bokaneng ka synagogeng. Joalokaha a tloaetse, o ile “a behelana mabaka le bona ka ˇ Mangolo, a hlalosa le ho paka ka litsupiso hore ho ne ho hlokahala hore Kreste a utloe bohloko le hore a tsohe bafung, ’me a re: ‘Enoa ke eena Kreste, Jesu enoa eo ke mo ¯ phatlalatsang ho lona.’ ” (Lik. 17:2, 3) Hlokomela hore 4. Ke hobane’ng ha ho ka etsahala hore Pauluse o qetile nako e fetang libeke tse tharo Thesalonika? 5. Pauluse o ile a sebelisa mokhoa ofe hore a kholise ba mo mametseng? 262 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO Pauluse o ne a sa ikemisetsa ho etsa hore bamameli ba hae ba nkehe maikutlo; o ne a batla hore ba nahane. O ne a tseba hore batho ba tlileng synagogeng ba tseba Mangolo ba bile baa a hlompha. Ba ne ba mpa ba sa a utloisise. Ke kahoo Pauluse a ileng a behelana mabaka le bona ka Mangolo, a a hlalosa ’me a a sebelisa ho paka hore Jesu ˇ oa Nazaretha ke Mesia ea tsepisitsoeng, kapa Kreste. ˇ 6 Pauluse o ile a nka malebela ho Jesu, ea neng a tsehetsa seo a se rutang ka Mangolo. Ka mohlala, ha Jesu a ˇ ntse a phetha tsebeletso ea hae ea phatlalatsa o ile a bolella balateli ba hae hore Mangolo a re Mor’a motho o lokela ho utloisoa bohloko, ho shoa le ho tsosoa bafung. (Mat. 16:21) Jesu o ile a hlaha ho barutuoa ba hae ha a qeta ho tsoha bafung. Ka sebele, ho ne ho sa hlokahale bopaki bo fetang boo hore o ne a bua ’nete. Leha ho le joalo, Jesu o ile a etsa ho fetang hoo. Ha Bibele e bua ka seo a ileng a se bolella barutuoa ba bang, e re: “Ha a qala ka Moshe le Baprofeta kaofela a ba hlalosetsa lintho tse amanang le eena ka Mangolong ’ohle.” Phello ea e-ba efe? ¯ Barutuoa bao ba ile ba re: “Na lipelo tsa rona li ne li sa ¯ chese ha a ntse a bua le rona tseleng, ha a ntse a re bulela Mangolo ka botlalo?”—Luka 24:13, 27, 32. 6. Jesu o ile a beha mabaka joang ka Mangolo, hona phello ea e-ba efe? “A BEHELANA MABAKA LE BONA KA MANGOLO” 263 7 Molaetsa oa Lentsoe la Molimo o matla. (Baheb. 4: 12) Ke kahoo kajeno Bakreste ba thehang lithuto tsa bona ho lona joaloka Jesu, Pauluse le baapostola ba bang. ¯ Le rona re behela batho mabaka, re ba hlalosetsa Mangolo re be re ba fe bopaki ba seo re se rutang ka ho ba baˇ lla Bibele ho ba bontsa seo e se bolelang. ’Nete ke hore ¯ molaetsa oo re o bolelang hase oa rona. Haeba re sebelisa Bibele khafetsa, re thusa batho hore ba elelloe hore ha ¯ re bue maikutlo a rona, empa re ba bolella seo Molimo a se rutang. Ho feta moo, re lokela ho hopola hore molaetsa oo re o bolelang o thehiloe ka ho feletseng Leˇ ntsoeng la Molimo. O ka tseptjoa ka ho feletseng. Na ho ˇ tseba see ha ho etse hore u bolele u sa tsabe letho joaloka Pauluse? “Ba Bang ba B ona ea E-ba Balumeli” (Liketso 17:4-9) 8 Pauluse o ne a se a bone bonnete ba mantsoe a Jesu a reng: “Lekhoba ha le leholo ho mong’a lona. Haeba ba ¯ ntlhorisitse, le lona ba tla le hlorisa; haeba ba bolokile le¯ ntsoe la ka, ba tla boloka le la lona.” (Joh. 15:20) Ke sona se ileng sa etsahalla Pauluse ha a le Thesalonika—ba 7. Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa hore re thehe seo re se rutang Mangolong? 8-10. (a) Batho ba Thesalonika ba ile ba etsa joang ha ba utloa litaba tse molemo? (b) Ke hobane’ng ha Bajuda ba bang ba ne ba honohela Pauluse? (c) Bajuda ba hanyetsang litaba tse molemo ba ile ba etsa joang? 264 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO bang ba ne ba thahasella ho boloka lentsoe, ’me ba bang ba le hanyetsa. Ha Luka a bua ka ba neng ba thahasella, o re: “Ba bang ba bona [Bajuda] ea e-ba balumeli [Bakreˇ ste] ’me ba ikopanya le Pauluse le Silase, ’me letsoele le leholo la Bagerike ba neng ba rapela Molimo le basali ba bangata ba ka sehloohong ba etsa joalo.” (Lik. 17:4) Ka sebele barutuoa bana ba bacha ba ne ba thabetse hore ebe ba thusitsoe hore ba utloisise Mangolo hantle. 9 Le hoja ba bang ba ne ba ananela mantsoe a Pauluse, ba bang ba ile ba mo halefela. Bajuda ba bang ba Thesalonika ba ne ba tletse lefufa kahobane Pauluse o ile a khoˇ na ho hapa “letsoele le leholo la Bagerike.” Kaha Bajuda bao ba ne ba ikemiselitse ho sokollela batho ba lichaba tse ling Bojudeng, ba ne ba rutile Balichaba ba Bagerike lithuto tsa Mangolo a Seheberu ’me ba nka hore Bagerike bao ke batho ba bona. Leha ho le joalo, ho ne ho bonahala eka Pauluse o hlotha Bagerike bao mahlong a bona hona ka synagogeng! Bajuda bao ba ne ba loloma ke bohale. 10 Luka o re bolella se ileng sa etsahala ka mor’a moo, o re: “Bajuda, ka ho ba le poulelo, ba inkela banna ba itseng ba khopo ho ba sollang ’marakeng ’me ba etsa mokhopi eaba ba qala ho baka moferefere motseng. Ba “A BEHELANA MABAKA LE BONA KA MANGOLO” 265 hlasela ntlo ea Jasone ’me ba qala ho batla hore [Pauluse le Silase] ba tlisoe ho mahoo-hoo ao. Ha ba sa ba fu¯ mane ba hulela Jasone le barab’abo rona ba itseng ho babusi ba motse, ba hoeletsa: ‘Banna bana ba ferekantseng ˇ lefatse leo ho ahiloeng ho lona ba teng le mona, ’me Jasone o ba amohetse ka kamohelo e mofuthu ea baeti. Banna bana bohle ba etsa ho hanyetsanang le melao-taelo ea Cesare, ba re ho na le morena e mong, Jesu.’ ” (Lik. 17:5-7) Pauluse le bo-mphato’a hae ba ile ba etsa joang ha ba hlaseloa ke mahoohoo? 11 ˇ Batho ba tsoa tseleng ha e le mokhopi. Ba tsoana le ¯ noka e jang litlhokoa—ba mabifi ebile ha ba laolehe. Sena ke sebetsa seo Bajuda ba ileng ba se sebelisa ha ba leka ho leleka Pauluse le Silase. Joale, ka mor’a hore Bajuda ba ‘bake moferefere’ motseng, ba ile ba leka ho kholisa babusi hore lintho tseo ba ba qosang ka tsona li tebile. Qoso ea pele e ne e le hore Pauluse le ba bang bao a bolelang ˇ ’Muso le bona ‘ba ferekantse lefatse leo ho ahiloeng ho lona,’ empa e le hore hase Pauluse le bo-mphato’a hae ba bakileng moferefere Thesalonika! Qoso ea bobeli e ne e tebile le ho feta. Bajuda ba ile ba re baromuoa bao ba bo11. Pauluse le bao a bolelang ’Muso le bona ba ile ba qosoa ka lintho life, ’me ho ka etsahala ebe ba ba qosang ba ne ba nahanne ka taelo efe? (Sheba mongolo o botlaaseng ba leqephe.) 266 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO lela hore ho na le Morena e mong, e leng Jesu, kahoo ba ¯ tlola melao ea moemphera.1 U hopole hore baeta-pele ba bolumeli ba ile ba qosa ˇ Jesu ka ntho e tsoanang, ba re ho Pilato: “Re fumane mo¯ nna enoa a khelosa sechaba sa habo rona . . . ’me a re ke 12 eena Kreste morena.” (Luka 23:2) Mohlomong Pilato o ˇ ne a tsaba hore moemphera o tla etsa qeto ea hore o khothalletsa ho phethola ’muso, eaba o nehelana ka Jesu ˇ hore a bolaoe. Ka ho tsoanang, liqoso tseo Bakreste ba Thesalonika ba neng ba qosoa ka tsona li ne li ka ba kenya khathatsong. Buka e ’ngoe e re: “Ha re feteletse litaba ha re re ba ne ba le tsietsing, etsoe ‘hangata batho ba qosoang ka hore ba khothalletsa ho phethola ’muso oa Baemphera ba ne ba bolaoa.’ ” Na qoso ee e lonya e ne e tla atleha? 13 Mokhopi oo ha oa ka oa thibela mosebetsi oa ho 1 Ho latela setsebi se seng, ka nako eo Cesare o ne a laetse hore ho se ke ha e-ba le motho ofe kapa ofe ea bolelang hore “ho tla tla morena kapa ’muso o mocha, haholo-holo oo ho thoeng o tla ketola kapa o ahlole moemphera ea busang.” Mohlomong lira tsa Pauluse li ile tsa sotha molaetsa oa hae tsa re o khahlanong le taelo eo. Sheba lebokose la sehlooho se reng “Bo-Cesare Bao Litaba Tsa Buka ea Liketso li Etsahetseng Pusong ea Bona,” leqepheng la 268. ˇ 12. Ke eng e bont sang hore lintho tseo Bakreste ba Thesalonika ba neng ba qosoa ka tsona li ne li ka ba kenya khathatsong? 13, 14. (a) Ke hobane’ng ha qoso ea mokhopi e sa ka ea atleha? (b) Pauluˇ se o ile a bont sa joang hore o hlokolosi joaloka Kreste, ’me re ka mo etsisa joang? “A BEHELANA MABAKA LE BONA KA MANGOLO” 267 B O-CESA RE BAO LITABA TSA BUKA EA LIKETS O LI ETSAHETSENG PUS ONG EA B ONA Litaba tsohle tse bukeng ea Liketso—ha e le hantle tse Mangolong ’ohle a Segerike a Bakreste—li etsahetse ’Musong oa Roma. Kahoo, kamehla moemphera oa Roma e ne e le eena ea nang le matla a ka holimo-limo. Bajuda ba Thesalonika ba ne ba bolela eena ha ba bua ka “melao-taelo ea Cesare.” (Lik. 17:7) Litaba tse ngotsoeng bukeng ea Liketso li etsahetse pusong ea baemphera ba bane—e leng Tiberiuse, Gaiase, Claudiase I le Nero. ˘ Tiberiuse (14-37 C.E.) e ne e le moemphera ha Jesu a ˇ ˇ etsa tsebeletso ea hae lefatseng le lilemong tse seng kae tsa pele ka mor’a ho thehoa ha phutheho ea Bakreste. Nyeoeng ea Jesu, Bajuda ba ne ba bua ka Tiberiuse ha ba hoeletsa ba re: “Haeba [uena Pilato] u lokolla monna enoa, ha u motsoalle oa Cesare. . . . Ha re na morena haese Cesare.”—Joh. 19:12,15. ˘ Gaiase, eo hape a bitsoang Caligula (37-41 C.E.), ha a boleloe Mangolong a Segerike a Bakreste. ˘ Claudiase I (41-54 C.E.) o boleloa habeli bukeng ea Liketso. Joalokaha moprofeta Agabase oa Mokreste a ¯ ¯ ile a profeta, ho ile ha e-ba le “tlala e kholo” hoo e ˇ ka bang ka 46 C.E. ‘lefatseng lohle leo ho ahiloeng ho lona nakong ea Claudiase.’ Ho feta moo, ka 49 C.E. kapa mathoasong a 50 C.E., Claudiase o ile ‘a laela Bajuda bohle hore ba tlohe Roma,’ ’me ke eona taelo e ileng ea etsa hore Akuila le Prisila ba ee Korinthe, moo ba ileng ba kopana le moapostola Pauluse.—Lik. 11:28; 18:1, 2. 268 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO ˘ Nero (54-68 C.E.) ke eena Cesare eo Pauluse a ileng a ipiletsa ho eena. (Lik. 25:11) Ho thoe moemphera enoa hamorao o ile a bolela hore Bakreste ke bona ba hotelitseng mollo o ileng oa chesa boholo ba Roma hoo e ka bang ka 64 C.E. Kapele ka mor’a moo, hoo e ka bang ka 65 C.E., moapostola Pauluse o ile a kenngoa chankaneng ka lekhetlo la bobeli Roma, a ba a bolaoa. bolela litaba tse molemo Thesalonika. Ka lebaka lefe? Lebaka le leng ke hore Pauluse le Silase ba ile ba nyamela. Ntle ho moo, ho bonahala hore baeta-pele ba motse ba ne ba sa kholoe hore liqoso tseo ke tsa ’nete. Ka mor’a ho batla “chelete e lekaneng ea tebeletso,” mohlomong ea ¯ beile, ba ile ba lokolla Jasone le bara ba bang babo rona ba neng ba tlisitsoe ho bona. (Lik. 17:8, 9) Pauluse o ile a mamela keletso ea Jesu ea hore re ‘be seli joaloka linoha leha ho le joalo re hloke molato joaloka maeba,’ eaba ka bohlale oa nyamela e le hore a ka tsoela pele a bolela litaba tse molemo libakeng tse ling. (Mat. 10:16) Ho hlakile hore le hoja Pauluse a ile a iteta sebete, sena ha se bolele hore o ne a se hlokolosi. Bakreste ba ka etsisa mohlala oa hae joang kajeno? 14 ¯ Mehleng ena, hangata baruti ba Bokreste-’motoana ba ’nile ba susumetsa mokhopi hore o hlasele Lipaki Tsa “A BEHELANA MABAKA LE BONA KA MANGOLO” 269 ˇ Jehova. Ba susumetsa babusi ho loantsa Lipaki ka ho bolela hore li tsoa ’muso tlaase ebile li batla ho o phetho¯ la. Joaloka batho bao ba neng ba hlorisa barab’abo rona lekholong la pele la lilemo, ba re hlorisang mehleng ena ba susumetsoa ke lefufa. Leha ho le joalo, Bakreste ba ’nete ha ba late ntoa letailane. Ha ho khoneha, re qoba batho ba joalo ba halefileng le ba manganga, ho e-na le ¯ hoo re tsoela pele re etsa mosebetsi oa rona ka khotso, mohlomong ka hore re khutlele sebakeng se itseng ha re nahana hore batho ba moo ba se ba bobile. 15 Ba ne “ba E-na le Likelello Tse Bulehileng” (Liketso 17:10-15) E le hore Pauluse le Silase ba sireletsoe, ba ile ba ro- meloa motseng oa Berea o ka bang lik’hilomithara tse 65 ho tloha moo. Ha ba fihla teng, Pauluse o ile a ea synagogeng ’me a bua le ba bokaneng moo. O ile a thaba hakaakang ha ba mo mamela! Luka o re Bajuda ba Berea “ba ne ba e-na le likelello tse bulehileng ho feta ba Thesalonika, kaha ba ile ba amohela lentsoe ka tabatabelo e ¯ ¯ kholo ea kelello, ba hlahloba Mangolo ka hloko letsatsi le leng le le leng mabapi le hore na lintho tsena li joalo kapa che.” (Lik. 17:10, 11) Na mantsoe aa a beha Bathesalonika ba neng ba amohetse ’nete ka mosing? Le letho. 15. Baberea ba ile ba etsa joang ha ba utloa litaba tse molemo? 270 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO Hamorao Pauluse o ile a ba ngolla a re: ‘Re boetse re leboha Molimo re sa phetse, hobane ha le amohela lentsoe ¯ la Molimo, leo le ileng la le utloa ho rona, ha lea ka la le amohela e le lentsoe la batho, empa, feela joalokaha kannete le le joalo, e le lentsoe la Molimo, le boetseng le se¯ betsang ka ho lona balumeli.’ (1 Bathes. 2:13) Leha ho le joalo, ke eng e entseng hore Bajuda bao ba Berea ba be le likelello tse bulehileng joalo? Le hoja Baberea ba ne ba qala ho utloa litaba tseo, ˇ ˇ ba ne ba se na lipelaelo ebile ba sa tsoaea-tsoaee lipho16 so; leha ho le joalo, e ne e se bo-malumela-tsohle. Pele, ba ile ba mamela Pauluse ka hloko. Ka mor’a moo, ba batla bopaki ba seo ba ithutileng sona ka ho phetla Mangolo ao Pauluse a ba hlaloselitseng ’ona. Ho feta moo, ba ne ba ithuta Lentsoe la Molimo ka mafolofolo letsatsi le leng le le leng, eseng ka Sabatha feela. Ntle ho moo, ba ¯ ¯ ne ba etsa sena “ka tabatabelo e kholo ea kelello,” ba ikakhetse ka setotsoana ho fumana hore na Mangolo a re’ng ˇ ka thuto ena e ncha. Ka mor’a moo, ba ile ba bontsa hore ba ikokobelitse ha ba fetoha, etsoe “ba bangata ba bona [e ile] ea e-ba balumeli.” (Lik. 17:12) Hase feela Luka a reng ba ne ba e-na le “likelello tse bulehileng”! 16. Ke hobane’ng ha ho loketse hore ho thoe Baberea ba ne ba e-na le “likelello tse bulehileng”? “A BEHELANA MABAKA LE BONA KA MANGOLO” 271 17 Baberea bao ba ne ba sa tsebe hore tlaleho ea kamoo ba ileng ba amohela litaba tse molemo kateng e tla bolokoa Lentsoeng la Molimo e le mohlala o motle bakeng sa ¯ mehla ea rona. Ba ile ba etsa sona seo Pauluse a neng a ˇ tsepile hore ba tla se etsa le seo Jehova Molimo a neng a ¯ batla hore ba se etse. Le rona ke seo re khothalletsang batho hore ba se etse—hore ba ithute Bibele ka hloko e le hore tumelo ea bona e thehoe ka ho feletseng Lentsoeng la Molimo. Leha ho le joalo, na ka mor’a hore re fetohe balumeli ha ho sa hlokahala hore re be le likelello tse bulehileng? Che, ho e-na le hoo, ke hona ha ho hlokahala ho feta leha e le neng hore re labalabele ho ithuta ka Jehova re be re sebelise seo re ithutang sona ¯ hang-hang. Ka tsela ena, re lumella Jehova hore a re b ope a be a re koetlise ho ea ka thato ea hae. (Esa. 64:8) Ka ¯ lebaka leo Ntate oa rona ea leholimong o tla ’ne a re sebelise ’me re mo thabise ka botlalo. 18 Pauluse ha aa ka a lula nako e telele Berea. Bibele e re: “Ha Bajuda ba tsoang Thesalonika ba utloa hore lentsoe la Molimo le ne le phatlalatsoa Berea ke Pauluse, 17. Ke hobane’ng ha mohlala oa Baberea o le motle hakaale, hona re ka tsoela pele re o etsisa joang leha ho se ho fetile nako e telele re le balumeli? 18, 19. (a) Ke hobane’ng ha Pauluse a ile a tloha B erea, leha ho le joalo, ˇ ¯ ke joang a ileng a bont sa mamello eo le r ona re lokelang ho ba le eona? (b) Ka mor’a moo Pauluse o ile a lokela ho pakela bo-mang, hona ba ne ba le hokae? 272 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO ba tla le hona teng ho tla susumetsa le ho ferekanya maˇ ¯ tsoele. Joale kapele-pele barab’abo rona ba romela Pauluse hore a tsamaee ho ea fihla leoatleng; empa Silase hammoho le Timothea ba sala moo. Leha ho le joalo, ba tsamaisang Pauluse ba mo fihlisa Athene ’me, ka mor’a ho amohela taelo ea hore Silase le Timothea ba tle ho eena kapele kamoo ho ka khonehang, ba tloha.” (Lik. 17: 13-15) Lira tsee tsa litaba tse molemo li ne li le leqoophe hakaakang! Ha lia ka tsa khotsofalla ho leleka Pauluse Thesalonika; li ile tsa leba Berea ’me tsa leka ho baka ˇ ¯ khathatso e tsoanang le hona moo—empa tsa hloleha. ˇ ¯ ¯ Pauluse o ne a tseba hore o na le tsimo e kholo; ke kahoo a ileng a ikela sebakeng se seng ho ea bolela litaba ¯ tse molemo. E se eka kajeno le rona re ka ikemisetsa ho nyopisa merero ea ba batlang ho thibela mosebetsi oa ho bolela litaba tse molemo. 19 Ha Pauluse a se a paketse Bajuda ba Thesalonika le ba Berea ka ho phethahetseng, ha ho pelaelo hore o ne a ithutile lintho tse ngata mabapi le bohlokoa ba ho paka ka sebete le ho beha mabaka ka Mangolo. Ho joalo le ka ¯ rona. Leha ho le joalo, Pauluse o ile a lokela ho bua le batho ba bang hape—e leng Balichaba ba Athene. Ho ne ho tla etsahala eng ka eena motseng oo? Re tla bona khaolong e latelang. “A BEHELANA MABAKA LE BONA KA MANGOLO” 273 KHAOLO EA 18 ‘Le Batle Molimo ’me ka Sebele le mo Fumane’ Pauluse o batla lintho tseo a lumellanang ka tsona le batho ba mo mametseng ’me o feto-fetola taba hore e ba lokele E Thehiloe ho Liketso 17:16-34 PAULUSE o halefile haholo. O Athene, Greece, setsing sa thuto moo Socrates, Plato le Aristotle ba kileng ba ruta teng. Batho ba Athene ba rata bolumeli haholo. Kaha Baathene ba rapela melimo e mengata, Pauluse o ˇ ˇ bona melimo ea litsoantso hohle moo a eang teng—ka tempeleng, mapatlelong a motse le literateng. Pauluse o tseba kamoo Molimo oa ’nete Jehova a ikutloang kateng ka ˇ ˇ borapeli ba litsoantso. (Ex. 20:4, 5) Moapostola enoa ea ˇ tsepahalang o ikutloa joaloka Jehova—o nyonya melimo ˇ ˇ ea litsoantso! 2 Seo Pauluse a se bonang ha a kena ’marakeng se mo ˇ tsosa le ho feta. Liemahale tse ngata tsa molimo o biˇ tsoang Hermese tse bontsang litho tsa botona li kolokisitsoe hukung e ka leboea-bophirimela, pel’a monyako o 1-3. (a) Ke hobane’ng ha moapostola Pauluse a halefile haholo ha a le Athene? (b) Re ka ithuta eng ha re hlahloba mohlala oa Pauluse? 274 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO moholo. ’Marakeng ho tletse litempelana. Moapostola eo ea chesehang o tla pakela batho baa ba hlanyetsang meliˇ ˇ mo ea litsoantso joang? Na o tla laola maikutlo ebe o fumana seo a lumellanang ka sona le bona? Na o tla atleha ho thusa motho leha e le ofe ho batla Molimo oa ’nete ’me a hle a Mo fumane? 3 Seo Pauluse a se boleletseng batho ba Athene ba rute- hileng, joalokaha se tlalehiloe ho Liketso 17:22-31 ke mohlala o babatsehang oa ho bua ka tsela e phollatsi, e sa ˇ khopiseng batho le e bontsang temoho. Ha re hlahloba mohlala oa Pauluse, re tla ithuta tsela ea ho fumana lintho tseo re lumellanang ka tsona le batho bao re ba pakelang, ’me re ba thuse ho nahana. Ho Ruta “ ’Marakeng” (Liketso 17:16-21) 4 Pauluse o ile a etela Athene leetong la hae la bobeli e le moromuoa, hoo e ka bang ka 50 C.E.1 Ha Pauluse a ntse a letetse Silase le Timothea hore ba fihle ba tsoa Berea, o ile “a qala ho behelana mabaka ka synagogeng le Bajuda,” e leng seo a neng a tloaetse ho se etsa. O ile a boela a ea sebakeng seo a neng a tla buisana le baahi ba Athene bao 1 Sheba lebokose la sehlooho se reng “Athene e ne e le Setsi sa Lintho Tsa Setso Mehleng ea Boholo-holo,” leqepheng la 276. 4, 5. Pauluse o ile a paka libakeng life ha a le Athene, ’me o ne a tla buisana le bo-mang bao ho neng ho tla ba thata ho ba kholisa? ‘LE BATLE MOLIMO ’ME KA SEBELE LE MO FUMANE’ 275 ATHENE E NE E LE SETSI SA LINTHO TSA SETS O MEHLENG EA B OHOLO-HOLO Nako e telele pele ho ngoloa histori ea motse oa Athene lekholong la bosupa la lilemo B.C.E., Acropolis e ne e le qhobosheane e sirelelitsoeng ka thata. Athene e ile ea fetoha motse-moholo seterekeng sa Attica ’me e laola sebaka se boholo ba lisekoere k’hilomithara tse ka bang 2 500, se pota-potiloeng ke lithaba le leoatle. Kamoo ho bonahalang kateng, motse ona o reheletsoe ka molimotsana o neng o o sireletsa, e leng Athena. ˇ Lekholong la botselela la lilemo B.C.E., setho sa lekhotla la Athene le etsang molao se bitsoang Solon o ile a etsa liphetoho litabeng tsa kahisano, lipolotiki, molao le moruo motseng ona. O ile a ntlafatsa bophelo ba mafutsana ’me a rala motheo bakeng sa puso ea sechaba ka sechaba. Empa puso eo e ne e le ea batho ba lokolohileng feela ’me boholo ba baahi ba motse ona e ne e le makhoba. ¯ Ka mor’a hore Bagerike ba hlole Bapersia lekholong la bohlano la lilemo B.C.E., Athene e ile ea e-ba motse-moholo oa ’muso o monyenyane o ileng oa etsa hore khoebo ea oona ea likepe e name ho tloha Italy le Sicily ka bophirimela ho ea fihla Cyprase le Syria ka bochabela. Ha Athene e se e hlaheletse haholo, e ile ea e-ba setsi sa lintho tsa setso mehleng ea boholo-holo; e ne e ipabola ˇ ˇ ka mesebetsi ea bonono, litsoantsiso, filosofi, bokhoni ba ho bua phatlalatsa le bongoli le saense. Motse ona o ne o e-na le mehaho e mengata ea sechaba le litempele. 276 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO Ntho e neng e hlaheletse ka ho fetisisa motseng ke Acropolis, e leng leralla le leholo leo ho lona ho neng ho e-na le tempele ea Parthenon le seemahale sa Athena se bophahamo ba limithara tse 12 se entsoeng ka khauta le lenaka la tlou. Athene e ile ea haptjoa ka lekhetlo la pele ke batho ba Sparta, eaba ho latela ba Macedonia, ’me qetellong ea e-ba Baroma, ba ileng ba nka leruo la motse oo kaofela. Leha ho le joalo, mehleng ea moapostola Pauluse, Athene e ne e ntse e hlaheletse ka lebaka la botumo ba eona ba nakong e fetileng. Ha e le hantle, motse ona ha oa ka oa e-ba tlas’a profinse efe kapa efe ea Roma empa o ile oa fuoa matla a ho etsetsa baahi ba oona melao le ho se lefe lekhetho la Roma. Le hoja Athene e ne e se e sa hlahella joaloka pele, e ile ea lula e le motse o nang le univesithi, moo ho neng ho isoa bara ba barui hore ba e’o ithuta. e seng Bajuda—e leng “ ’marakeng.” (Lik. 17:17) ’Maraka oa Athene o ne o le ka leboea-bophirimela ho Acropolis, ’me boholo ba oona e le lihekthere tse ka bang hlano. ’Maraka oo e ne e se sebaka sa ho reka le ho rekisa feela; e ne ˇ e le lepatlelo la motse. Buka e ’ngoe e bontsa hore sebaka sena e ne e le “setsi sa motse sa khoebo, sa lipolotiki le seo ˇ ho sona ho neng ho tsohloa litaba tsa setso.” Baathene ba ˇ ne ba rata ho bokana moo ebe ba tsohla litaba tsa botsebi. ‘LE BATLE MOLIMO ’ME KA SEBELE LE MO FUMANE’ 277 BAEPIKURE LE BASTOIKE Baepikure le Bastoike e ne e le litho tsa likolo tse peli tse fapaneng tsa filosofi. Ba ne ba sa lumele tsoho ea bafu. Baepikure ba ne ba lumela ho melimo empa ba nahana hore ha e thahaselle batho ebile e ke ke ea ba putsa kapa ea ba ahlola, kahoo ba ne ba nka ho etsa thapelo kapa sehlabelo ho se na thuso. Baepikure ba ne ba nka hore ntho e ka sehloohong bophelong ke monyaka. Tsela eo ba neng ba nahana ka eona le eo ba neng ba etsa ˇ ˇ lintho ka eona e ne e bontsa hore ba hloka boitsoaro. Leha ho le joalo, ba ne ba khothalletsa hore motho a etse lintho ka teka-tekano kaha ho tla mo thusa ho qoba liphello tse bohloko tsa ho itlopa lino le bonyollo. Ba ne ˇ ba batla ho fumana tsebo hore feela ba se ke ba tsaba lintho tse rutoang bolumeling le tumela-khoela. Bastoike bona ba ne ba lumela hore lintho tsohle ke karolo ea molingoana o itseng le hore ke oona o fileng motho moea. Bastoike ba bang ba ne ba lumela hore moea o tla qetella o felisitsoe hammoho le leholimo le ˇ lefatse. Bastoike ba bang bona ba ne ba lumela hore moea o tla qetella o khutletse ho molingoana ona. Ho latela bo-rafilosofi ba Bastoike, thabo e ne e ka fumanoa ka ho phela tumellanong le tlhaho. 5 Ha Pauluse a le ’marakeng o ile a buisana le batho bao ho neng ho tla ba thata ho ba kholisa. Har’a bona ho ne ho e-na le Baepikure le Bastoike, e leng litho tsa likolo tsa 278 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO ¯ filosofi tse hlolisanang.1 Baepikure ba ne ba lumela hore bophelo bo bile teng ka tsietsi. Maikutlo a bona ka bophelo a ne a ka akaretsoa ka mantsoe a reng: “Ha ho hlokaˇ hale hore motho a tsabe Molimo; Motho ha a utloe bohloko lefung; Motho a ka finyella se setle; A ka mamella bobe.” Bastoike ba ne ba khothalletsa hore taba e be le mabaka ’me e utloahale ’me ba sa lumele hore Molimo ke Motho. Baepikure le Bastoike ba ne ba sa lumele tsohong ea bafu e rutoang ke barutuoa ba Kreste. Ho hlakile hore filosofi ea lihlopha tsena tse peli e ne e sa lumellane le linnete tse phahameng tsa Bokreste ba ’nete tseo Pauluse a neng a li ruta. 6 Bahlalefi ba Bagerike ba ile ba re’ng ha ba utloa seo Pauluse a se rutang? Ba bang ba ile ba mo bitsa ka lentsoe ¯ le bolelang “mobeberi,” kapa “ea thonakang peo.” (Lik. 17:18; NW, mongolo o botlaaseng ba leqephe) Setsebi se ˇ seng ha se bua ka lentsoe lena la Segerike se re: “Tsimolohong lentsoe lena le ne le sebelisoa bakeng sa nonyana e nyenyane e neng e tsamaea hohle e thonaka lijo-thollo, ’me hamorao la sebelisoa bathong ba neng ba thonaka makumane a lijo le lintho tse ling tse lahluoeng ’marakeng. 1 Sheba lebokose la sehlooho se reng “Baepikure le Bastoike,” leqepheng la 278. 6, 7. Bahlalefi ba bang ba Bagerike ba ile ba re’ng ha ba utloa seo Pauluse ¯ a se rutang, ’me batho ba ka ’na ba re’ng ka r ona kajeno? ‘LE BATLE MOLIMO ’ME KA SEBELE LE MO FUMANE’ 279 Hamorao le ile la sebelisoa bakeng sa motho ea neng a qolotsa makumane a litaba, haholo-holo litaba tseo a sa li utloisiseng hantle.” Ha e le hantle, bahlalefi bao ba ne ba re Pauluse ke sethoto sa nketsisane. Empa, joalokaha re ˇ ˇ tla bona, Pauluse ha aa ka a tsosoa ke litsomo tse joalo. ˇ ¯ 7 Hoa tsoana le kajeno. Hangata rona Lipaki Tsa Jehova re ’nile ra songoa ka lebaka la ho lumela se ka Bibeleng. Ka mohlala, matichere a mang a ruta hore thuto ea hore lintho li iphetotse ke ’nete ’me a re haeba u hlalefile u lokela ho amohela seo. Ha e le hantle ba re mang kapa mang ea hanang ho lumela seo ke sethoto. Bahlalefi ba joalo ba batla hore batho ba bang ba nahane hore re ‘tho¯ naka peo’ ha re bolela molaetsa oa Bibele ’me re fana ka ˇ ¯ bopaki ba hore lintho li b opiloe. Empa ha ba re tsose. Ho e-na le hoo, re bua re kholisehile ha re emela seo re se luˇ melang, e leng hore bophelo lefatseng bo entsoe ke Moqaˇ pi, e leng Jehova Molimo.—Tsen. 4:11. 8 Ba bang ba ileng ba utloa ha Pauluse a ruta ’marakeng ba ile ba ikutloa ka tsela e fapaneng le eo, ba re: “O bonahala e le mophatlalatsi oa melimo esele.” (Lik. 17:18) Na ruri Pauluse o ne a ruta batho ba Athene melimo e me8. (a) Ba bang ba ileng ba utloa ha Pauluse a bolela litaba tse molemo ba ile ba re’ng? (b) E ka ’na eaba ho boleloa’ng ha ho thoe Pauluse o ile a isoa Areopago? (Sheba mongolo o botlaaseng ba leqephe la 281.) 280 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO ˇ cha? Ena e ne e le taba e tebileng, e tsoanang le e ’ngoe ea liqoso tseo Socrates a ileng a qosoa ka tsona a ba a ahloleloa lefu lilemong tse makholo pejana. Ha ho makatse hore ebe Pauluse o ile a isoa Areopago ’me ha thoe a hlalose lithuto tseo tse neng li makalitse Baathene.1 Pauluse o ne a tla emela molaetsa oa hae joang ho batho ba neng ba sa tsebe Mangolo? “Banna ba Athene, Kea B ona” (Liketso 17:22, 23) 9 Hopola hore Pauluse o ne a halefile haholo ka lebaka ˇ ˇ la borapeli ba melimo ea litsoantso boo a bo boneng. Leha ho le joalo, ho e-na le hore a hlasele borapeli ba liˇ ˇ tsoantso a sa tsotelle letho, o ile a ithiba. O ile a leka ka matla hore a hape maikutlo a ba mo mametseng a sa ba khopise ’me a etsa seo ka hore a bue ka seo ba lumellanang ka sona. O ile a qala ka ho re: “Banna ba Athene, kea bona hore linthong tsohle le bonahala le ineheletse ˇ tsabo ea melimo ho feta kamoo ba bang ba ineheletseng eona kateng.” (Lik. 17:22) Ka mantsoe a mang Pauluse o 1 Areopago e ne e le ka leboea-bophirimela ho Acropolis ’me e le sebaka seo lekhotla le ka sehloohong la Athene le tloaetseng ho kopana ho sona. E ka ’na eaba lentsoe “Areopago” le bolela lekhotla leo kapa leralla la sebele. Kahoo, litsebi ha li lumellane ka maikutlo mabapi le hore na Pauluse o ile a tlisoa leralleng lena kapa haufi le lona kapa sebakeng se seng seo lekhotla lena le neng le kopana ho sona, mohlomong ’marakeng. 9-11. (a) Pauluse o ile a leka joang hore a fumane seo a lumellanang ka sona ˇ le batho ba mo mametseng? (b) Re ka etsisa mohlala oa Pauluse joang t se¯ beletsong ea r ona? ‘LE BATLE MOLIMO ’ME KA SEBELE LE MO FUMANE’ 281 ne a re, ‘Kea bona hore le rata bolumeli haholo.’ Ka bohlale o ile a ba babatsa ka hore ebe ba rata bolumeli. O ile a hlokomela hore ba bang ba neng ba foufalitsoe ke lithuto tsa bohata ba ka amohela molaetsa. Etsoe Pauluse o ne a tseba hore o kile a ‘hloka tsebo ’me a etsa ka ho hloka tumelo.’—1 Tim. 1:13. 10 E le hore Pauluse a hahe motheong oa seo ba lume- llanang ka sona o ile a bolela hore o bone bopaki ba sebele ba hore Baathene ke batho ba ratang bolumeli—e leng aletare e nehetsoeng “Ho Molimo ea sa Tsejoeng.’ ” Ho latela sengoliloeng se seng, “Bagerike le ba bang ba ne ba tloaetse ho nehela lialetare ‘melimong e sa tsejoeng,’ ˇ ka lebaka la ho tsaba hore mohlomong ba siile molimo ea itseng borapeling ba bona eaba baa mo halefisa.” Ka ho ba le aletare e joalo, Baathene ba ne ba lumela hore ho na le Molimo eo ba sa mo tsebeng. Pauluse o ile a sebelisa aletare ena ho kenyelletsa litaba tse molemo. O ile a re: “Seo ka ho se tsebe le se fang boinehelo ba bomolimo, ¯ sena kea se phatlalatsa ho lona.” (Lik. 17:23) Pauluse o ile a beha mabaka ka tsela e bohlale empa e le matla. O ne a sa bue ka molimo e mocha kapa ea sa tloaelehang, joalokaha ba bang ba boletse. O ne a bua ka Molimo eo bona ba neng ba sa mo tsebe—e leng Molimo oa ’nete. ˇ 11 Re ka etsisa mohlala oa Pauluse joang tsebeletsong ea 282 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO ¯ rona? Haeba re le hlokolosi, re ka ’na ra bona ntho e re ˇ bontsang hore motho o chesehela bolumeli, mohlomong ra bona ntho e itseng ea bolumeli eo a e roetseng kapa a e behileng ka tlung kapa jareteng. Re ka ’na ra re: ‘Kea bona hore u rata bolumeli. Haesale ke batla ho kopana le motho ea ratang bolumeli.’ Ka hore ka bohlale re fumane maikutlo a motho ka bolumeli, re ka ’na ra lemoha seo re lumellanang ka sona eaba re haha holim’a sona. Hopola hore ha re batle ho nka batho hampe ka lebaka la lithuto tsa bona tsa bolumeli. Ba bang ba balumeli-’moho le ¯ rona ba ne ba lumela ka tieo lithuto tsa bohata tsa bolumeli. ¯ ¯ Molimo ‘ha a H ole le e Mong le e Mong oa R ona’ (Liketso 17:24-28) 12 Pauluse o ne a fumane seo a lumellanang ka sona le batho bao a buisanang le bona empa na ho ne ho tla lula ho le joalo ha a se a ba pakela? Kaha o ne a tseba hore bamameli ba hae ke batho ba rutiloeng filosofi ea Bagerike le hore ha ba tsebe Mangolo, o ile a feto-fetola taba ea hae ka litsela tse ngata. Tsela ea pele, o ile a ba bolella lithuto tsa Bibele a sa qotse Mangolo ka ho toba. Ea bobeli, o ile a ipeha boemong ba batho ba mo mametseng, ka linako 12. Pauluse o ile a feto-fetola taba ea hae joang hore e lokele batho ba neng ba mo mametse? ‘LE BATLE MOLIMO ’ME KA SEBELE LE MO FUMANE’ 283 ¯ tse ling a sebelisa mantsoe a kang “rona.” Ea boraro, o ile ˇ a qotsa libuka tsa Bagerike ho bontsa hore lintho tse itseng tseo a li rutang li teng libukeng tsa bona. Joale a re hlahlobeng mantsoe a matla ao Pauluse a ileng a a bua. O ile a ruta linnete life tsa bohlokoa ka Molimo eo Baathene ba neng ba sa mo tsebe? ¯ 13 Molimo o b opile bokahohle. Pauluse o itse: “Molimo ea ˇ entseng lefatse le lintho tsohle tse ho lona, e leng Morena ˇ oa leholimo le lefatse, ha a lule litempeleng tse entsoeng ka matsoho.”1 (Lik. 17:24) Bokahohle ha boa ba teng ka ¯ tsietsi. Molimo oa ’nete ke ’Mopi oa lintho tsohle. (Pes. 146:6) Ho fapana le Athena kapa melimo e meng eo khaˇ nya ea eona e neng e itsetlehile ka litempele, litempelana ˇ le lialetare, ’Musi Morena oa leholimo le lefatse a ke ke a lula litempeleng tse hahuoeng ka matsoho a batho. (1 Mar. 8:27) Molaetsa oa Pauluse o ne o hlakile: Molimo ˇ ˇ oa ’nete o moholo ho feta melimo ea litsoantso e ka litempeleng tse entsoeng ke batho.—Esa. 40:18-26. ˇ 14 Molimo ha aa itsetleha ka batho. Barapeli ba melimo ea ˇ ˇ litsoantso ba ne ba tloaetse ho e apesa liaparo tse majabaˇ 1 Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “lefatse” ke kosmos, ’me Bagerike ba ne ba le sebelisa ho bolela bokahohle. Kaha Pauluse o ne a leka ho fumana seo a lumellanang ka sona le Bagerike ba neng ba mo mametse, ho ka etsahala hore ebe mona o sebelisitse lentsoe lena ka tsela eo. ˇ 13. Pauluse o ile a re’ng ka t simoloho ea bokahohle, ’me o ne a bolela’ng? ˇ ˇ 14. Pauluse o bont sitse joang hore Molimo ha aa it setleha ka batho? 284 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO jaba, ba e fa limpho tse theko e phahameng, kapa ba e tlisetsa lijo le lino—joalokaha eka ea li hloka! Leha ho le joalo, bo-rafilosofi ba bang ba Bagerike ba neng ba le har’a batho ba neng ba mametse Pauluse e ka ’na eaba ba ne ba lumela hore ha ho letho leo molimo a le hlokang ho batho. Haeba ho joalo, ha ho pelaelo hore ba ne ba lumellana le mantsoe a Pauluse ha a re Molimo ha a ‘hlokomeloe ke matsoho a batho joalokaha eka o hloka letho.’ Ka ¯ sebele, ha ho limpho tseo batho ba ka li fang ’Mopi. Ho e-na le hoo, o fa batho seo ba se hlokang—e leng “bophelo le phefumoloho le lintho tsohle” ho akarelletsa le letsatsi, pula le mobu o behang. (Lik. 17:25; Gen. 2:7) Ka hona ˇ Molimo, Ea Faneng ka tsona ha aa itsetleha ka batho, e leng bona ba li amohelang. ¯ 15 Molimo o b opile batho. Baathene ba ne ba lumela hore ba phahametse batho bao e seng Bagerike. Empa ho ikhaˇ ¯ ntsa ka bochaba le morabe oa rona ha ho lumellane le ’nete ea Bibele. (Deut. 10:17) Pauluse o ile a sebelisa bohlale le tsebo ha a sebetsa taba ena e hlokang hore a be hlokolosi. Ha a ne a re, “[Molimo] o entse ho tsoa mothong a le mong sechaba se seng le se seng sa batho,” ha ho pelaelo hore mantsoe a hae a ile a etsa hore batho ba 15. Pauluse o ile a sebetsana joang le tumelo ea Baathene ea hore ba phahametse batho bao e seng Bagerike, ’me re ithuta ntlha efe ea bohlokoa mohlaleng oa hae? ‘LE BATLE MOLIMO ’ME KA SEBELE LE MO FUMANE’ 285 mo mametseng ba nahane. (Lik. 17:26) Pauluse o ne a bua ka tlaleho ea Genese e mabapi le Adama, moholo-holo oa moloko oa batho. (Gen. 1:26-28) Kaha batho bohle ba tsoa ho motho a le mong, ha ho morabe kapa sechaba se phahametseng se seng. Ka sebele taba ena e ile ea hlakela batho ba neng ba mametse Pauluse. Re ithuta ntlha ea bohlokoa mohlaleng oa hae. Le hoja re feto-fetoha le maemo ’me re sa batle ho khopisa batho ha re le mosebetsing oa boboleli, ha re batle ho bebofatsa ’nete ea Bibele hore feela ba e amohele. 16 Molimo o batla hore batho ba atamele ho eena. Esita leha bo-rafilosofi ba neng ba le har’a batho ba mametseng Pauluse ba ne ba phehile khang ka nako e telele mabapi le morero oa bophelo ba batho, ha ho mohla ba neng ba ka khona ho o hlalosa ka tsela e khotsofatsang. Leha ho le joalo, Pauluse o ile a bolela ka ho hlaka morero oa ¯ ’Mopi bakeng sa batho, e leng “hore ba batle Molimo, haeba ba ka mo phopholetsa ’me ka sebele ba mo fumana, le ¯ ¯ hoja, ha e le hantle, a se hole le e mong le e mong oa rona.” (Lik. 17:27) Motho a ka khona ho tseba Molimo eo Baa¯ thene ba neng ba sa mo tsebe. Ha e le hantle, ha a hole le bao ka sebele ba batlang ho mo fumana le ho ithuta ka eena. (Pes. 145:18) Hlokomela hore Pauluse o ile a sebeli¯ 16. Morero oa ’M opi ke ofe ka batho? 286 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO ¯ sa lentsoe “rona,” ka tsela eo o ne a ikakarelletsa har’a bao ho hlokahalang hore “ba batle” Molimo ’me ba ‘mo phopholetse.’ 17 Batho ba lokela ho ikutloa ba le haufi le Molimo. Paulu- se o itse, ka Eena “re na le bophelo ’me rea sisinyeha ’me re teng.” Litsebi tse ling li re e ka ’na eaba Pauluse o ne a qotsa mantsoe a Epimenides, e leng seroki sa Kreta sa leˇ kholong la botselela la lilemo B.C.E. eo hape e leng “motho ea hlaheletseng bolumeling ba Baathene.” Pauluse o ile a fana ka lebaka le leng leo ka lona batho ba lokelang ho ikutloa ba le haufi le Molimo ha a re: “Ba bang ba li¯ ¯ roki har’a lona ba itse, ‘Etsoe le rona re bana ba hae.’ ” (Lik. 17:28) Batho ba lokela ho ikutloa hore ba na le ka¯ mano le Molimo; o b opile motho eo bohle ba tsoang ho eena. E le hore Pauluse a ipiletse ho batho ba neng ba mo mametse, o ile a qotsa ka ho toba libukeng tsa Bagerike tseo ho se nang pelaelo hore ba ne ba li hlompha.1 Ha re latela mohlala oa Pauluse, ka linako tse ling re ka qotsa mantsoe a seng makae libukeng tsa histori, li-encyclopedia, 1 Pauluse o ile a qotsa thoko ea bolepi ba linaleli e bitsoang Phaenomena, ˇ e ngotsoeng ke seroki sa Mostoike se bitsoang Aratus. Mantsoe a tsoanang le ao a fumanoa libukeng tse ling tsa Bagerike, ho akarelletsa le ea Hymn to Zeus, ea sengoli sa Mostoike se bitsoang Cleanthes. 17, 18. Ke hobane’ng ha batho ba lokela ho ikutloa ba le haufi le Molimo, hona re ka ithuta eng tseleng eo Pauluse a ileng a ipiletsa ho batho ba neng ba mo mametse? ‘LE BATLE MOLIMO ’ME KA SEBELE LE MO FUMANE’ 287 kapa libukeng tse ling tse hlomphuoang. Ka mohlala, ho qotsa motho ea hlomphuoang ho ka ’na ha thusa ho khoˇ lisa batho bao e seng Lipaki hore na mekhoa kapa litsebeletso tse ling tsa bolumeli ba bohata li simolohile hokae. 18 Ho fihlela ntlheng ena, Pauluse o boletse linnete tsa bohlokoa ka Molimo, ka bohlale a feto-fetola taba ea hae hore e lokele ba mo mametseng. O ne a batla hore ba etse’ng ka litaba tsee tsa bohlokoa? Ntle ho tieho, o ile a ba bolella ha a ntse a tsoela pele ka taba ea hae. “Ba Lokela ho Baka Kaofela” (Liketso 17:29-31) 19 Pauluse o ne a itokiselitse ho khothalletsa batho ba neng ba mo mametse hore ba nke bohato. O ile a boela a qotsa libuka tsa Bagerike a re: “Ka hona, kaha re bana ba ˇ Molimo, ha rea tsoanela ho nahana hore Boleng ba Molimo bo joaloka khauta kapa silevera kapa lejoe, joaloka ntho e betliloeng ka tsebo le maqheka a motho.” (Lik. 17: 29) Ka sebele, haeba batho ba entsoe ke Molimo, joale ke ˇ ˇ joang Molimo e neng e ka ba setsoantso se entsoeng ke motho? Tsela eo Pauluse a ileng a beha mabaka ka bohlale ka eona e ile ea pepesa booatla ba ho rapela melimo ea ˇ 19, 20. (a) Pauluse o ile a pepesa booatla ba ho rapela melimo ea lit soaˇ nt so e entsoeng ke batho joang? (b) Batho ba neng ba mametse Pauluse ba ne ba lokela ho nka bohato bofe? 288 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO ˇ ˇ litsoantso e entsoeng ke batho. (Pes. 115:4-8; Esa. 44:9-20) ˇ Ha a re “ha rea tsoanela ho . . . ,” ha ho pelaelo hore o ile a etsa hore keletso ea hae e se ke ea ba hlaba. 20 Moapostola Pauluse o ile a hlakisa hore ba lokela ho nka bohato, a re: “Molimo o hlokomolohile linako tsa ho hloka tsebo ho joalo [e leng ho nahana hore Molimo a ka ˇ ˇ khahlisoa ke batho ba rapelang melimo ea litsoantso], empa joale o bolella moloko oa batho hore hohle ba lokela ho baka kaofela.” (Lik. 17:30) E ka ’na eaba batho ba bang ba neng ba mametse Pauluse ba ile ba makala ha ba utloa boipiletso bona ba hore ba bake. Empa mantsoe a ˇ hae a matla a ile a bontsa ka ho hlakileng hore Molimo ke eena ea ba fileng bophelo ’me ba ikarabella ho Eena. Ba ne ba lokela ho batla Molimo, ba ithute ’nete ka eena, ’me ba etse hore bophelo bohle ba bona bo lumellane le ’nete eo. Seo se ne se bolela hore Baathene ba lemohe hore ˇ ˇ borapeli ba litsoantso ke sebe ’me ba bo furalle. 21 Pauluse o ile a lihela likhala ka mantsoe a matla a reng: “[Molimo] o behile letsatsi leo ka lona a rerang ho ˇ ahlola ka ho loka lefatse leo ho ahiloeng ho lona ka monna eo a mo behileng, ’me o fane ka tiiso ho batho bohle ka hore o mo tsositse bafung.” (Lik. 17:31) Ho tla ha 21, 22. Pauluse o ile a lihela likhala ka mantsoe afe a matla, ’me mantsoe ¯ a hae a bolela’ng ho r ona? ‘LE BATLE MOLIMO ’ME KA SEBELE LE MO FUMANE’ 289 Letsatsi la Kahlolo e ne e le lebaka le matla hakaakang la ho batla Molimo oa ’nete le ho mo fumana! Pauluse ha aa ka a bolela lebitso la Moahloli enoa ea behiloeng. Ho e-na le hoo, o ile a bua ntho e makatsang ka Moahloli enoa a re: O kile a phela e le motho oa nama, a shoa, ’me Molimo a mo tsosa bafung! Mantsoe a matla ao a ileng a lihela likhala ka ’ona a ¯ bolela ho hongata ho rona. Rea tseba hore Moahloli eo ea 22 behiloeng ke Molimo ke Jesu Kreste ea tsositsoeng bafung. (Joh. 5:22) Re boetse rea tseba hore Letsatsi la Kahlolo le tla nka lilemo tse sekete ’me le atamela ka potlaˇ ˇ ko. (Tsen. 20:4, 6) Ha re tsabe Letsatsi la Kahlolo, hobane ˇ rea tseba hore le tla tlisetsa ba tsepahalang mahlohonolo a ke keng a lekanngoa. Mohlolo o moholo oa ho tsosoa ha ˇ Jesu Kreste o re tiisetsa hore seo re se tsepileng se tla phethahala. “Ba Bang . . . ea E-ba Balumeli” (Liketso 17:32-34) 23 Mantsoe a Pauluse a ile a ama batho ka litsela tse sa ˇ tsoaneng. “Ba bang ba qala ho soma” ha ba utloa a bua ka tsoho ea bafu. Ba bang ba ne ba hlompha empa ba sa batle ho itlama, ba re: “Re tla u utloa ka sena le ka nako e ’ngoe.” (Lik. 17:32) Leha ho le joalo, ba seng bakae ba ile ba nka bohato bo nepahetseng: “Banna ba bang ba ikopaˇ 23. Mantsoe a Pauluse a ile a ama batho ka litsela life tse sa t soaneng? 290 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO nya le eena ’me ea e-ba balumeli, bao har’a bona hape ho neng ho e-na le Dionysiase, moahloli oa lekhotla la Areopago, le mosali ea bitsoang Damarise, le ba bang ntle ho ˇ bona.” (Lik. 17:34) Sena ke se etsahalang ha re le tsebeletsong. Ba bang ba ka ’na ba re soma, ha ba bang ba hlompha empa ba sa thahaselle. Leha ho le joalo, rea thaba ha ba bang ba amohela molaetsa oa ’Muso ’me e e-ba balumeli. 24 Ha re nahana ka seo Pauluse a ileng a se bua, re ka ithuta ho hongata mabapi le ho beha taba ka tsela e utloahalang, ho beha mabaka ka tsela e kholisang le kamoo re ¯ ka feto-fetolang taba ea rona hore e lokele batho ba re mametseng. Ho ekelletsa moo, re ka ithuta hore re lokela ho ba le mamello, re se ke ra khopisa ba foufalitsoeng ke lithuto tsa bolumeli ba bohata. Re ka boetse ra ithuta thuto ena ea bohlokoa: Ha rea lokela hore le ka mohla re bebofatse ’nete ea Bibele hore feela re khahlise batho ba re mametseng. Empa ha re latela mohlala oa moapostola ˇ Pauluse, re ka ba matichere a atlehang haholoanyane tseˇ beletsong ea tsimo. Ho feta moo, balebeli e ka ba mesuoe ˇ e tsoanelehang haholoanyane ka phuthehong. Ka tsela eo re tla hlomelloa hamolemo ho thusa ba bang hore ba ‘batle Molimo, ’me ka sebele ba mo fumane.’—Lik. 17:27. 24. Re ka ithuta’ng ho seo Pauluse a ileng a se bua ha a le Areopago? ‘LE BATLE MOLIMO ’ME KA SEBELE LE MO FUMANE’ 291 KHAOLO EA 19 “U ’ne U Bue ’me U se ke Ua Khutsa” Pauluse oa ikhoantlella empa o ˇ etelletsa t sebeletso ea hae pele E Thehiloe ho Liketso 18:1-22 KE HOO e ka bang bofelong ba selemo sa 50 C.E. Moapostola Pauluse o Korinthe, e leng setsi sa khoebo se atlehileng moruong seo Bagerike, Baroma le Bajuda ba bangata ba lulang ho sona.1 Pauluse ha aa tla mona bakeng sa ho reka kapa ho rekisa kapa ho batla mosebetsi. O tlile Korinthe ka lebaka la bohlokoa haholo—e leng ho paka ka ’Muso oa Molimo. Leha ho le joalo, ho hlokahala hore Pauluse a fumane sebaka sa bolulo, ’me ha aa ikemisetsa ho ba moroalo ho batho ba bang. Ha a batle hore mang kapa mang a nahane hore o ja ka lentsoe la Molimo. O tla etsa’ng? Pauluse o tseba ho etsa litente. Mosebetsi ona ha o boˇ nolo, empa o ikemiselitse ho iphelisa ka ho itsoarela ka 2 1 Sheba lebokose la sehlooho se reng “Korinthe—E Lipakeng Tsa Maoatle a Mabeli,” leqepheng la 294. 1-3. Ke hobane’ng ha moapostola Pauluse a tlile Korinthe, hona o tobana le liphephetso life? 292 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO matsoho. Na o tla fumana mosebetsi motseng oo o phetheselang? Na o tla fumana sebaka sa bolulo se setle? Le hoja Pauluse a tobane le liphephetso tsena, ha a lebale mosebetsi oa hae o ka sehloohong oa boboleli. 3 ˇ Pauluse o ile a lula Korinthe ka nakoana, ’me tsebele- tso ea hae moo ea e-ba le liphello tse molemo. Re ka ithuta’ng ho seo Pauluse a ileng a se etsa Korinthe, ’me se re thusa joang ho paka ka ho phethahetseng ka ’Muso oa ˇ ¯ Molimo tsimong ea rona? “E ne e le Baetsi ba Litente ka Mosebetsi” (Liketso 18:1-4) 4 Nakoana ka mor’a hore Pauluse a fihle Korinthe, o ile a teana le banyalani ba nang le moea oa ho amohela baeti—e leng Akuila, eo e neng e le Mojuda le mosali oa hae, Prisilla, kapa Priska. Banyalani bana ba ile ba fallela Korinthe hobane Moemphera Claudiase o ne a laetse “Bajuda bohle hore ba tlohe Roma.” (Lik. 18:1, 2) Akuila le Prisilla ba ile ba amohela Pauluse lehaeng la bona ba ba ba sebetsa le eena khoebong. Bibele e re: “Ka lebaka la hore ˇ ba ne ba etsa mosebetsi o tsoanang [Pauluse] a lula lapeng ha bona, ’me ba sebetsa, kaha e ne e le baetsi ba litente ka mosebetsi.” (Lik. 18:3) Pauluse o ile a tsoela pele a lula 4, 5. (a) Pauluse o ne a lula kae ha a le Korinthe, hona o ne a etsa mosebetsi oa mofuta ofe? (b) E ka ’na eaba ho tlile joang hore Pauluse a etse litente? “U ’NE U BUE ’ME U SE KE UA KHUTSA” 293 KORINTHE —E LIPAKENG TSA MAOATLE A MABELI Korinthe ea boholo-holo e ne e le mochophorong o pakeng tsa Greece le hloahloa e ka boroa, e leng Peloponnese. Mochophoro ona o ne o le bophara ba lik’hilomithara ˇ tse tseletseng moo o sesefetseng ka ho fetisisa, kahoo Korinthe e ne e e-na le likou tse peli. Lechaeum e ne e le Koung ea Korinthe, e sebelisoa ke libaka tse ka bophirimela, e leng Italy, Sicily le Spain. Senkrea e ne e le Koung ea Saronic, e neng e sebelisoa ke likepe tse eang le tse tsoang sebakeng sa Aegean, Asia Minor, Syria le Egepeta. ¯ Kaha lihloahloa tse ka boroa bo hole ho Peloponnese li ne li le kotsi ka lebaka la meea e matla, hangata basesisi ba ne ba rata ho emisa ho e ’ngoe ea likou tse peli tsa Korinthe, ebe ba tsamaisa thepa ea bona ka har’a naha, ba ntan’o e laela hape koung e ka mose oane. Likepe tse nyenyane li ne li bile li ka tsamaisoa mochophorong ona ho sika le tselana e matsutla-tsutla e tlohang leoatleng le leng ho ea ho le leng. Ka lebaka leo, sebaka seo motse ona o neng o le ho sona se ne se etsa hore o khone ho laola khoebo ea likepe tse tsoang linaheng tse ka bochabela le ka bophirimela, le khoebo ea linaha tse ka leboea le ka boroa. Khoebo e matla e neng e etsahala Korinthe ha ea ka ea tlisa leruo feela empa e ile ea tlisa le lintho tse mpe tse tloaelehileng likoung tse ngata. Mehleng ea moapostola Pauluse, Korinthe e ne e le motse-moholo oa profinse ea Roma ea Akaia, e bile e le setsi se seholo se sebetsanang le litaba tsa puso. Bopaki ba hore 294 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO ho ne ho e-na le malumeli a fapa-fapaneng bo bonahala ka tempele ea borapeli ba moemphera, libaka tsa borapeli le litempele tse nehetsoeng ho melimo e mengata ea Bagerike le Baegepeta, hammoho le synagoge ea Bajuda.—Lik. 18:4. ˇ ¯ Litlholisano tsa liatleletiki tse neng li tsoareloa Isthmia ka mor’a lilemo tse ling le tse ling tse peli li ne li nkoa e le tsa bohlokoa, empa tsa bohlokoa ka ho fetisisa e ne e le Lipapali Tsa Liolimpiki. Mohlomong moapostola Pauluse o ne a le Korinthe nakong ea lipapali tsa 51 C.E. Ke kahoo dikishinari e ’ngoe ea Bibele e reng, “ha ho makatse hore ebe papiso ea pele e amanang le liatleletiki eo a e sebelisang e hlaha lengolong la Bakorinthe.”—1 Bakor. 9:24-27. lehaeng la banyalani bana ba lerato ha a ntse a bolela litaba tse molemo Korinthe. Ha Pauluse a ntse a lula le Akuila le Prisilla, e ka ’na eaba o ile a ngola mangolo a mang ao hamorao e ileng ea e-ba karolo ea Bibele.1 5 Ho tlile joang hore mosebetsi oa Pauluse, ea neng a rutetsoe “maotong a Gamaliele,” e be ho etsa litente? (Lik. 22:3) Kamoo ho bonahalang kateng Bajuda ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba sa nke hore ho ruta bana ba bona mosebetsi oa matsoho ke ho itlosa seriti, leha bana bao ba ne ba rutehile. Mohlomong Pauluse o 1 Sheba lebokose la sehlooho se reng “Mangolo a Bululetsoeng a Ileng a Khothatsa,” leqepheng la 296. “U ’NE U BUE ’ME U SE KE UA KHUTSA” 295 MANG OLO A BULULETS OENG A ILENG A KHOTHATSA Nakong ea likhoeli tse 18 tseo moapostola Pauluse a li qetileng a le Korinthe, hoo e ka bang ka 50-52 C.E., o ile a ngola mangolo a ka bang mabeli—e leng Bathesalonika ba Pele le ba Bobeli—ao e ileng ea e-ba karolo ea Mangolo a Segerike a Bakreste. O ngotse lengolo le eang ho Bagalata nakong eona eo kapa nakoana ka mor’a moo. Bathesalonika ba Pele ke le leng la mangolo a pele a bululetsoeng a ngotsoeng ke Pauluse. Pauluse o ile a etela Thesalonika hoo e ka bang ka 50 C.E., nakong ea leeto la hae la bobeli e le moromuoa. Ka mor’a nako e khuˇ tsoanyane, phutheho e ileng ea thehoa moo e ile ea tobana le khanyetso e ileng ea qobella Pauluse le Silase hore ba tlohe motseng oo. (Lik. 17:1-10, 14) Kaha Pauˇ luse o ne a tsoenyehile ka phutheho eo e sa tsoa thehoa, o ile a leka ho khutlela teng ka makhetlo a mabeli, empa “Satane a thiba tsela.” Kahoo o ile a romela Timothea ˇ ¯ hore a tselise barab’abo rona le ho ba matlafatsa. Ho ka etsahala hore ebe Timothea o ile a boela a sebetsa le Pauluse Korinthe ho ella bofelong ba selemo sa 50 C.E. ’me a mo tlisetsa litaba tse monate ka phutheho ea Thesalonika. Ka mor’a moo, Pauluse o ile a ngola lengolo lena. —1 Bathes. 2:17–3:7. Ho ka etsahala hore Bathesalonika ba Bobeli e ngotsoe nakoana ka mor’a lengolo la pele, mohlomong ka 51 C.E. Mangolong ana ka bobeli, Timothea le Silvanase (ea bitsoang Silase ho Liketso) ba ile ba romela litumeliso tsa 296 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO ˇ bona le tsa Pauluse, empa ha ho moo ho bontsoang hore ba ile ba boela ba sebetsa hammoho ha Pauluse a se a tlohile Korinthe. (Lik. 18:5, 18; 1 Bathes. 1:1; 2 Bathes. 1:1) Ke hobane’ng ha Pauluse a ile a ngola lengolo lee la bobeli? Ho bonahala eka o ne a utloile litaba tse ling tse amang phutheho ena, mohlomong a li utloile ka motho ea neng a isitse lengolo la hae la pele. Litaba tsena li ile ¯ tsa susumelletsa Pauluse hore a babatse barab’abo rona ka lebaka la lerato le mamello ea bona, hammoho le ho ˇ bontsa hore pono ea Bathesalonika ba reng ho ba teng ha Morena ho atametse e fosahetse.—2 Bathes. 1:3-12; 2: 1, 2. Lengolo leo Pauluse a le ngoletseng Bagalata le fana ka maikutlo a hore o ne a ba etetse ka makhetlo a ka bang mabeli pele a ba ngolla. Ka 47-48 C.E., Pauluse le Barnabase ba ile ba etela Antioke ea Pisidia, Ikoniamo, Lystra le Derbe, e leng libaka tse profinseng ea Roma ea Galatia. Ka 49 C.E., Pauluse o ile a khutlela sebakeng seo a e-na le Silase. (Lik. 13:1–14:23; 16:1-6) Pauluse o ile a ˇ ngola lengolo lena hobane Batsehetsi ba Bolumeli ba Sejuda, ba fihlileng nakoana ka mor’a leeto la hae, ba ne ba ruta hore ho hlokahala hore Bakreste ba bolle ’me ba boloke Molao oa Moshe. Ha ho pelaelo hore Pauluse o ile a ngolla Bagalata hang feela ha a utloela ka thuto ena e fosahetseng. E ka ’na eaba o ile a ngola a le Korinthe, empa ho ka boela ha etsahala hore o ngotse a le Efese, ha a fapohetse teng nakong eo a khutlelang Antioke ea Syria, kapa a ngola a le Antioke.—Lik. 18:18-23. “U ’NE U BUE ’ME U SE KE UA KHUTSA” 297 ile a ithuta mosebetsi ona a sa le monyenyane hobane o ne a tsoa Tarsase, Silisia, sebakeng se neng se tsebahala ka ho etsa lesela la litente le bitsoang cilicium. Litente li ne li etsoa joang? Mosebetsi ona o ne o ka ’na oa akarelletsa ho ohla lesela le etsang litente kapa ho seha le ho ¯ roka lesela le mahoashe le le thata. Ho salang ke hore e ne e le mosebetsi o boima. 6 Pauluse o ne a sa nke hore ho etsa litente ke mosebe- tsi oa hae o ka sehloohong. O ne a o etsa e le hore feela a ka iphelisa ha a ntse a bolela litaba tse molemo “ntle ho tefo.” (2 Bakor. 11:7) Mosebetsi oo e ne e le oa bohlokoa hakae ho Akuila le Prisilla? Kaha e ne e le Bakreste, ha ho pelaelo hore ba ne ba e-na le maikutlo a kang a Pauluse ka oona. Ha e le hantle, ha Pauluse a tloha Korinthe ka 52 C.E., Akuila le Prisilla ba ile ba ea le eena Efese, ’me phutheho ea moo e ne e kopanela lapeng la bona. (1 Bakor. 16:19) Hamorao, ba ile ba khutlela Roma, ba ntan’o boela Efese. Banyalani bana ba chesehang ba ile ba etelletsa lintho tse amanang le ’Muso pele ’me ba itella ba bang ka ho rata, e leng se ileng sa ananeloa ke “liphutheho tsohle tsa lichaba.”—Bar. 16:3-5; 2 Tim. 4:19. 6, 7. (a) Pauluse o ne a ikutloa joang ka mosebetsi oa ho etsa litente, ’me ke ˇ eng e bont sang hore Akuila le Prisilla ba ne ba e-na le maikutlo a kang a hae? (b) Kajeno Bakreste ba latela mohlala oa Pauluse, Akuila le Prisilla ka tsela efe? 298 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO 7 Bakreste ba mehleng ena ba latela mohlala oa Paulu- se, Akuila le Prisilla. Kajeno baboleli ba chesehang ba seˇ betsa ka thata ‘e le hore ba se ke ba beha moroalo o litsenyehelo li boima holim’a’ ba bang. (1 Bathes. 2:9) Hoa babatseha hore baboleli ba ’Muso ba bangata ba sebeletsang ka nako e tletseng ba etsa mosebetsi oa nakoana ˇ hore ba khone ho iphelisa tsebeletsong ea bona ea Bokreste. Joaloka Akuila le Prisilla, bahlanka ba Jehova ba bangata ba ratang baeti ba amohela balebeli ba tsamaeang malapeng a bona. Ba “latelang mokhoa [ona] oa ho amohela baeti” baa tseba hore ho etsa joalo hoa khothatsa ebile hoa matlafatsa.—Bar. 12:13. “Bakorinthe ba Bangata . . . ba Qala ho Lumela” (Liketso 18:5-8) 8 Ha Silase le Timothea ba tsoa Macedonia ba tlisitse matletsetletse a limpho, ho ile ha hlaka hore Pauluse o ne a sa nke mosebetsi oa ho etsa litente e le ntho e ka seˇ hloohong. (2 Bakor. 11:9) Ntle ho tsenyo ea nako, Pauluˇ se o ile “a qala ho tsoareha ka matla haholo ka lentsoe [“a sebelisa nako eohle ea hae boboleling,” The Jerusalem Bible].” (Lik. 18:5) Leha ho le joalo, o ile a hanyetsoa haholo ha a ntse a pakela Bajuda ka matla. Pauluse o ile a 8, 9. Pauluse o ile a re’ng ha a hanyetsoa haholo ha a ntse a pakela Bajuda ka matla, hona o ile a bolela litaba tse molemo kae ka mor’a moo? “U ’NE U BUE ’ME U SE KE UA KHUTSA” 299 ˇ hlohlora liaparo tsa hae ho bontsa hore ha a na molato ha ba hana ho amohela molaetsa oa bophelo o buang ka Kreste, eaba o re ho Bajuda ba mo hanyetsang: “Mali a ¯ ¯ lona a ke a be holim’a lihlooho tsa lona. Ke hloekile. Ho tloha joale ho ea pele ke tla ea ho batho ba lichaba.”—Lik. 18:6; Ezek. 3:18, 19. 9 Joale Pauluse o ne a tla bolela litaba tse molemo ho- kae? Monna ea bitsoang Titiase Justase, eo mohlomong a neng a sokolohetse Bojudeng ’me ntlo ea hae e le haufi le synagoge, o ile a amohela Pauluse lapeng la hae. Kahoo Pauluse o ile a tloha synagogeng ’me a kena ka tlung ea Justase. (Lik. 18:7) Pauluse o ile a tsoela pele a lula ha ˇ Akuila le Prisilla ha a ntse a le Korinthe, empa a ntsetsa mosebetsi oa hae oa boboleli pele a le ntlong ea Justase. 10 Na ha Pauluse a re o se a tla ea bathong ba lichaba o ne a bolela hore ha a sa tla pakela Bajuda bohle le ba sokolohetseng Bojudeng, hammoho le batho ba thahasellang? Le hanyenyane. Ka mohlala, “Krispase molaoli ea okamelang oa synagoge [e ile] ea e-ba molumeli ho Morena, ’me ha e-ba joalo le ka bohle ba ntlo ea hae.” Kamoo ho bonahalang kateng, bongata ba bo-mphato’a Krispase synagogeng ba ile ba mo latela, hobane Bibele e re: “Baˇ 10. Ke eng e bont sang hore Pauluse o ne a sa ikemisetsa ho bolela litaba tse molemo ho batho ba lichaba feela? 300 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO korinthe ba bangata ba ileng ba utloa ba qala ho lumela le ho kolobetsoa.” (Lik. 18:8) Kahoo phutheho ea Bakreste ea Korinthe e sa tsoa thehoa e ne e kopanela ntlong ea Titiase Justase. Haeba buka ea Liketso e ngotsoe ka mokhoa oo Luka a neng a rata ho beha litaba ka oona, e leng ho ngola liketsahalo ka tatellano eo li etsahetseng ka eona, joale Bajuda kapa basokolohi bao ba sokolohile ka mor’a hore Pauluse a hlohlore liaparo tsa hae. Ka lebaka ˇ leo, ketsahalo ena e tla be e bontsa ka ho hlaka hore moapostola Pauluse o ne a ikemiselitse ho ikamahanya le maemo. ¯ Linaheng tse ngata kajeno, likereke tsa Bokreste-’moˇ toana li itsetsepetse ’me li tsoaretse litho tsa tsona haufi. ˇ ¯ Likarolong tse ling tsa lefatse, baruti ba Bokreste-’motoa11 na ba sokolotse batho ba bangata. Hangata batho ba ipitsang Bakreste ba sa ntse ba khomaretse meetlo, joaloka Bajuda ba Korinthe ea lekholong la pele la lilemo. Ho sa ¯ tsotellehe seo, rona Lipaki Tsa Jehova re etsisa Pauluse ka ho bolella batho ba joalo molaetsa ka cheseho, re ba thusa ho chorisa tsebo ea Mangolo eo e ka ’nang eaba ba se ba ntse ba e-na le eona. Esita leha ba re hanyetsa kapa baeta-pele ba bona ba bolumeli ba re hlorisa, ha re 11. Kajeno Lipaki Tsa Jehova li etsisa Pauluse joang ha li ntse li leka ho ¯ bolella batho ba B okreste-’m otoana litaba tse molemo? “U ’NE U BUE ’ME U SE KE UA KHUTSA” 301 nyahame. Har’a batho ba ‘chesehelang Molimo, empa e se ho ea ka tsebo e nepahetseng,’ e ka ’na eaba ho na le ba bangata ba bonolo bao ho hlokahalang hore re ba batle ho fihlela re ba fumana.—Bar. 10:2. 12 “Ke na le Batho ba Bangata Motseng Ona” (Liketso 18:9-17) Haeba Pauluse o ne a ipotsa hore na a tsoele pele ka ˇ tsebeletso ea hae Korinthe, e tlameha ebe lipelaelo tsa hae li ile tsa fela ha Morena Jesu a hlaha ho eena ponong ’me ˇ a re: “U se ke ua tsaba, empa u ’ne u bue ’me u se ke ua khutsa, hobane ke na le uena ’me ha ho motho ea tla u ˇ hlasela ho u ntsa kotsi; etsoe ke na le batho ba bangata motseng ona.” (Lik. 18:9, 10) Ruri e ne e le pono e khothatsang. Morena o ile a kholisa Pauluse hore a ke ke a ˇ ntsoa kotsi le hore ho sa ntse ho e-na le batho ba bangaˇ ta ba tsoanelehang motseng oo. Pauluse o ile a etsa’ng ka mor’a ho bona pono eo? Bibele e re: “A hlola moo seleˇ mo le likhoeli tse tseletseng, a ruta lentsoe la Molimo har’a bona.”—Lik. 18:11. 13 Ka mor’a hore Pauluse a qete nako e ka etsang sele- mo a le Korinthe, o ile a fumana bopaki bo bong ba hore 12. Pauluse o ile a tiisetsoa eng ponong? 13. E ka ’na eaba Pauluse o ile a hopola ketsahalo efe ha a atamela setulo sa kahlolo, empa ke hobane’ng ha a ne a ka lebella hore seo se ke ke sa mo etsahalla? 302 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO ˇ Morena o mo tsehelitse. “Bajuda ba ema ka tumellano khahlanong le Pauluse ’me ba mo isa setulong sa kahlolo,” se bitsoang bema. (Lik. 18:12) Ba bang ba nahana hore setulo sena sa kahlolo e ne e le setupu se phahameng se entsoeng ka lejoe la ’mabole o nang le ’mala o moputsoa le o mosoeu le tletseng mekhabiso e betliloeng, ’me e ka ’na eaba se ne se hahiloe ho ella khubung ea ’maraka oa Korinthe. Batho ba bangata ba ne ba ka fella lebaleng le ka pel’a sona. Lintho tsa khale tse epolotsoeng li ˇ ¯ bontsa hore setulo seo sa kahlolo se ne se se hole hakaalo le synagoge le ntlo ea Justase. Ha Pauluse a atamela ho sona, e ka ’na eaba o ile a hopola kamoo Setefane, eo ka linako tse ling ho thoeng ke eena moshoela-tumelo oa pele oa Mokreste, a ileng a tlepetsoa ka majoe kateng. Pauluse, ea neng a tsejoa e le Saule ka nako eo, o ne a ile a lumellana le “polao ea hae.” (Lik. 8:1) Na le eena o ne ˇ a tla etsahalloa ke ntho e tsoanang? Ha ho joalo, hobane ˇ ˇ o ne a fuoe tsepiso e reng: “Ha ho motho ea tla . . . u ntsa kotsi.”—Lik. 18:10. 14 Ho ile ha etsahala’ng ha Pauluse a fihla setulong sa kahlolo? Ka nako eo mastrata e ne e le motsamaisi oa profinse ea Akaia, ea bitsoang Galio—e leng moholoane oa 14, 15. (a) Bajuda ba ile ba re’ng ha ba qosa Pauluse, hona ke hobane’ng ha Galio a ile a qhala nyeoe eo? (b) Ke’ng se ileng sa etsahalla S osthene, hona e ka ’na eaba o ile a etsa’ng? “U ’NE U BUE ’ME U SE KE UA KHUTSA” 303 rafilosofi oa Moroma ea bitsoang Seneca. Bajuda ba ile ba qosa Pauluse ’me ba re: “Khahlanong le molao motho enoa o susumelletsa batho tumelong e ’ngoe ho rapeleng Molimo.” (Lik. 18:13) Bajuda ba ne ba fana ka maikutlo ¯ a hore Pauluse o tlola molao ha a sokolla batho. Leha ho le joalo, Galio o ile a hlokomela hore Pauluse ha aa etsa “phoso” ’me ha a na molato oa “ketso e khopo ea bobe bo feteletseng.” (Lik. 18:14) Galio o ne a sa ikemisetsa ho ˇ ˇ itsunya-tsunya litsekisanong tsa Bajuda. Le pele Pauluse a ahlamisa molomo ho ikemela, Galio o ile a qhala nyeoe eo! Baqosi ba hae ba ne ba loloma ke bohale. Ba ile ba ˇ intsetsa malokobe ho Sosthene, eo mohlomong a neng a nkile sebaka sa Krispase sa ho ba molaoli ea okamelang ˇ oa synagoge. Ba ile ba tsoara Sosthene “eaba ba qala ho mo otla ka pel’a setulo sa kahlolo.”—Lik. 18:17. 15 Ke hobane’ng ha Galio a sa ka a thibela bongata ho otla Sosthene? Mohlomong o ne a nahana hore Sosthene ˇ ke eena moeta-pele oa mokhopi o neng o loantsa Pauluse ’me o kotula seo a se jetseng. Ho sa tsotellehe hore na ho joalo kapa che, ho bonahala eka sena se bile le phello e molemo. Lengolong la pele leo Pauluse a ileng a le ngolla phutheho ea Korinthe ka mor’a lilemo tse ’maloa, o ile ¯ a bua ka mor’abo rona ea bitsoang Sosthene. (1 Bakor. 1: 1, 2) Na e ne e le eena Sosthene ea ileng a otloa Korinthe? 304 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO Haeba ho joalo, e ka ’na eaba ho otloa hoo ho ile ha mo thusa hore e be Mokreste. 16 Hopola hore ka mor’a hore Bajuda ba se ke ba amo- hela litaba tse molemo tseo Pauluse a ba bolellang tsona, ˇ Morena Jesu o ile a kholisa Pauluse, a re: “U se ke ua tsaba, empa u ’ne u bue ’me u se ke ua khutsa, hobane ke na le uena.” (Lik. 18:9, 10) Re lokela ho hopola mantsoe ao, ¯ haholo-holo ha batho ba sa amohele molaetsa oa rona. Le ka mohla u se ke ua lebala hore Jehova o tseba se ka pelong ’me o hulela batho ba lipelo li ntle ho eena. (1 Sam. 16:7; Joh. 6:44) Eo ke khothatso e matla hakaakang ea ˇ ˇ hore re tsoele pele re tsoarehile tsebeletsong! Selemo le selemo ho kolobetsoa batho ba makholo a likete—ba makholo ka letsatsi. Jesu o fana ka tiiso ena ho bohle ba mamelang taelo ea hore ba “etse batho ba lichaba tsohle ¯ barutuoa,” o re: “Ke na le lona ka matsatsi ’ohle ho fihlela qetellong ea tsamaiso ea lintho.”—Mat. 28:19, 20. 17 “Haeba Jehova a Rata” (Liketso 18:18-22) Re ke ke ra tiisa hore na tsela eo Galio a neng a iku- tloa ka eona ka baqosi ba Pauluse e ile ea etsa hore phutheho ea Bakreste ea Korinthe e sa tsoa thehoa e be le 16. Mantsoe a Morena a reng, “U ’ne u bue ’me u se ke ua khutsa, hobane ˇ ¯ ke na le uena,” a re ama joang t sebeletsong ea r ona? 17, 18. E ka ’na eaba Pauluse o ne a thuisa ka eng ha a le ka sekepeng se eang Efese? “U ’NE U BUE ’ME U SE KE UA KHUTSA” 305 khotso kapa che. Leha ho le joalo, Pauluse o ile a lula “matsatsi a mangata ka ho eketsehileng” pele a re bara¯ b’abo rona ba Korinthe ba sale hantle. Nakong ea selemo ka 52 C.E., o ile a lokisetsa ho ea Syria ka sekepe a tloha ¯ Senkrea, e bohole ba lik’hilomithara tse ka bang 11 ka bochabela ho Korinthe. Leha ho le joalo, pele Pauluse a tloha Senkrea, ‘o ile a kuta moriri oa hlooho ea hae, kaha o ne a e-na le boitlamo.’1 (Lik. 18:18) Ka mor’a moo, o ile ˇ a tsamaea le Akuila le Prisilla eaba o tsela Leoatle la Aegean ’me o ea Efese, Asia Minor. 18 Ha Pauluse a tloha Senkrea ka sekepe, mohlomong o ne a ntse a thuisa ka se etsahetseng ha a le Korinthe. Ho bile le lintho tse ngata tse mo thabisitseng ’me o ne a ikutloa a khotsofetse. Ho bile le liphello tse molemo likhoeling tse 18 tseo a li qetileng moo a bolela litaba tse molemo. Ho ne ho thehiloe phutheho ea pele Korinthe, ’me e kopanela ntlong ea Justase. Ba bang bao e ileng ea e-ba balumeli ke Justase, Krispase le ba ntlo ea hae, le ba bang ba bangata. Pauluse o ne a rata balumeli bao ba bacha haholo, hobane ke eena ea neng a ba thusitse hore e be Bakreste. Hamorao o ile a ba ngolla ’me a re ke lengolo la ¯ puello le ngotsoeng pelong ea hae. Le rona re ba le kama1 Sheba lebokose la sehlooho se reng “Boitlamo ba Pauluse,” leqepheng la 307. 306 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO B OITLAMO BA PAULUSE Liketso 18:18 e re ha Pauluse a ntse a le Senkrea, ‘o ile a kuta moriri oa hlooho ea hae, kaha o ne a e-na le boitlamo.’ E ne e le boitlamo ba mofuta ofe? Ka tloaelo, boitlamo ke kano eo motho a e etsang ka boithatelo ho Molimo ea hore o tla etsa ketso e itseng, a fane ka nyehelo e itseng kapa a phethe molao o itseng. Ba bang ba nahana hore Pauluse o ile a kuta moriri e le ho phethahatsa kano ea hae ea Bonazari. Empa, re lokela ho hlokomela hore ho ea ka Mangolo, ha Monaˇ zari a qeta tsebeletso e khethehileng ho Jehova, o ne a lokela ho kutela moriri oa hae “monyako oa tente ea pokano.” Kamoo ho bonahalang kateng, molao o joalo o ne o ka phethoa Jerusalema feela, eseng Senkrea. —Num. 6:5, 18. Buka ea Liketso ha e bue letho ka hore Pauluse o entse boitlamo bona neng. E ka ’na eaba o ne a bo entse pele e e-ba Mokreste. Ebile ha e re letho ka hore Pau¯ luse o ile a kopa ntho e khethehileng ho Jehova. Buka e ’ngoe e re e ka ’na eaba ha Pauluse a kuta moriri e ˇ ne e le “pontso ea hore o leboha Molimo ha a mo siˇ relelitse, e leng sona se mo thusitseng ho phetha tsebeletso ea hae Korinthe.” no e haufi le batho bao re bileng le monyetla oa ho ba thusa hore e be barapeli ba ’nete. Ruri hoa khotsofatsa ho bona “mangolo [a joalo] a puello”!—2 Bakor. 3:1-3. “U ’NE U BUE ’ME U SE KE UA KHUTSA” 307 Ha Pauluse a fihla Efese, o ile a oela khabong hanghang. O ile “a kena ka synagogeng ’me a behelana mabaka le Bajuda.” (Lik. 18:19) Lekhetlong leo Pauluse o ile a lula ˇ ¯ nako e khutsoanyane Efese. Le hoja a ile a koptjoa hore a lule nako e teletsana, ‘ha aa ka a lumela.’ Ha a salisa Bae¯ fese hantle, o ile a re: “Ke tla boela ke khutlela ho lona, haeba Jehova a rata.” (Lik. 18:20, 21) Ha ho pelaelo hore Pauluse o ile a hlokomela hore ho na le mosebetsi o mongata oa ho bolela litaba tse molemo o sa ntseng o lokela ho etsoa Efese. O ne a batla ho khutla, empa a tlohela lintho matsohong a Jehova. Na hase mohlala o motle oo re lokelang ho lula re o hopola? Ha re hahamalla lipakane tsa moea, ho hlokahala hore re nke khato. Leha ho le joalo, ka ˇ linako tsohle re tlameha ho itsetleha ka tataiso ea Jehova ’me re ikitlaelletse ho etsa lintho tse lumellanang le thato ea hae.—Jak. 4:15. 19 Pauluse o ile a siea Akuila le Prisilla Efese, ’me a tsamaea ka sekepe a ntan’o theohela Cesarea. Kamoo ho bonahalang kateng, o ile a ‘nyolohela’ Jerusalema ’me a lumelisa phutheho ea moo. (Lik. 18:22; NW, mongolo o botlaaseng ba leqephe) Ka mor’a moo a khutlela hae—Antioke ea Syria. Leeto la hae la bobeli e le moromuoa le ile la fela hamonate. O tla tobana le eng leetong la hae la ho qetela e le moromuoa? 20 19, 20. Pauluse o ile a etsa’ng ha a fihla Efese, hona mohlala oa hae o re ruta’ng mabapi le ho hahamalla lipakane tsa moea? 308 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO KARO LO EA 7 ˙ LIKETS O 18:23–21:17 ‘HO RUTA PHATLALATSA LE KA NTLO LE NTLO’ LIKETS O 20:20 Ke hobane’ng ha ho hlokahala hore re ikokoˇ betse re be re sebelise mekhoa e sa tsoaneng ha re ruta batho ba fapa-fapaneng? Mokhoa o ka sehloohong oo re o sebelisang ha re bolela liˇ taba tse molemo ke ofe? Re ka bontsa joang hore ho etsa thato ea Molimo ho bohlokoa ho feta lintho tseo re li hahamallang? Lintlha tse thahasellisang tse mabapi le leeto la boraro ebile e le la ho qetela la Pauluse e le moromuoa li ka re thusa hore re fumane karabo ea lipotso tsena tsa bohlokoa. KHAOLO EA 20 ¯ ¯ Ho “Hola le ho Hlola” Har’a Khanyetso Se etsoang ke Apolose le Pauluse ho ˇ nt setsa pele litaba tse molemo E Thehiloe ho Liketso 18:23–19:41 HO UTLOAHALA molumo le lerata la batho ba bangata ba mathang literateng tsa Efese. Ba ikentse mokhopi, ’me ˇ e se e le moferefere feela! Ba tsoara batho ba babeli ba tsamaeang le Pauluse baa ba hulanya. Kapele-pele ha ho sa na ˇ batho seterateng se seholo se nang le mabenkele ha letsoeˇ le le morusu le ntseng le eketseha le itsohlometsa ka lebaleng le leholo la lipapali la motse leo ho lona ho ka kenang batho ba 25 000. Boholo ba batho ha ba tsebe hore na moferefere o bakiloe ke eng, empa ba nahana hore mohlomong ho sokeloa molimotsana oa bona ea ratehang ea bitsoang Artemise. Kahoo, ba qala ho hoeletsa le ho pheta-pheta mantsoe a reng: “O moholo Artemise oa Baefese!” —Lik. 19:34. 2 Re boetse re bona ha Satane a leka ho sebelisa mokho- pi o tsoileng taolong ho thibela litaba tse molemo tsa 1, 2. (a) Pauluse le bo-mphato’a hae ba ile ba e-ba kotsing efe ha ba le Efeˇ se? (b) Re tla t sohla eng khaolong ee? 310 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO ’Muso oa Molimo hore li se ke tsa phatlalatsoa. Ha e le hantle lena hase lona feela leqheka leo Satane a le sebelisang. ˇ Khaolong ena re tla tsohla maqiti a ’maloa ao Satane a ileng a a sebelisa ho thibela mosebetsi oa Bakreste ba lekholong la pele la lilemo le ho ba arola. Habohlokoa le ho ¯ feta, re tla hlokomela hore maqiti a hae ’ohle a ile a hloleha hobane “ka tsela e matla lentsoe la Jehova [le ile] la ’na ¯ ¯ la hola le ho hlola.” (Lik. 19:20) Ke hobane’ng ha Bakreste ¯ ¯ bao ba ile ba hlola? Ke ka mabaka ao re hlolang ka ’ona ka¯ ¯ jeno. Ha e le hantle hase rona ba hlolang, empa ke Jehova. Leha ho le joalo, joaloka Bakreste bao ba lekholong la pele ¯ la lilemo, ho hlokahala re phethe karolo ea rona. Ka thuso ˇ ea moea oa Jehova, re ka ba le litsobotsi tse tla re thusa ˇ ˇ ¯ hore re phethe tsebeletso ea rona. A re qale ka ho tsohla mohlala oa Apolose. “O ne a Rutehile Haholo Mangolong” (Liketso 18:24-28) 3 Ha Pauluse a leba Efese leetong la hae la boraro e le moromuoa, ho ile ha fihla Mojuda ea bitsoang Apolose motseng oo. O ne a tsoa motseng o tummeng oa Alexanˇ dria, Egepeta. Apolose o ne a e-na le litsobotsi tse ikhethang. O ne a bua hamonate. Ntle le ho ba kheleke, “o ne a rutehile haholo Mangolong.” Ntle ho moo, “o ne a cheseha 3, 4. Akuila le Prisilla ba ile ba lemoha eng ka Apolose, ’me ba ile ba mo thusa joang? ¯ ¯ HO “HOLA LE HO HLOLA” HAR’A KHANYETSO 311 moeeng.” Kaha Apolose o ne a cheseha, o ile a bua ka sebete ka pel’a Bajuda synagogeng.—Lik. 18:24, 25. Akuila le Prisilla ba ile ba mo utloa. Ha ho pelaelo hore ba ne ba thabetse ho utloa a “ruta ka mokhoa o nepahetseng lintho tse mabapi le Jesu.” Le hoja a ne a bua litaba tse nepahetseng ka Jesu, ka mor’a nakoana banyalani bana ba Bakreste ba ile ba lemoha hore ho na le ntho ea bohlokoa eo a sa e tsebeng. O ne “a tloaelane le kolobetso ea Johanne feela.” Le hoja banyalani bana e ne e se barui empa e le baetsi ba litente, ha baa ka ba ikutloa ba le basesaane kahobane Apolose e le kheleke kapa a rutehile. Ho e-na le hoo, “ba mo nka hore a be ’moho le bona ’me ba mo qaqisetsa tsela ea Molimo ka mokhoa o nepahetseng haholoanyane.” (Lik. 18:25, 26) Monna eo oa kheleke, ea bileng a ˇ rutehileng o ile a etsa joang? Ho hlakile hore o ile a bontsa ˇ e ’ngoe ea litsobotsi tsa bohlokoa ka ho fetisisa tseo Bakreste ba lokelang ho leka ho ba le tsona—e leng boikokobetso. 4 Kaha Apolose o ile a lumela ha Akuila le Prisilla ba mo thusa, e ile ea e-ba mohlanka ea atlehang haholoanyane oa Jehova. O ile a ea Akaia, moo a ileng “a thusa [balumeli] ka ¯ ¯ tsela e kholo.” Hape o ile a atleha ho pakela Bajuda ba moo ba neng ba tsitlella hore Jesu e ne e se Mesia ea profeti5 5, 6. Apolose o ile a etsa eng hore Jehova a mo sebelise, ’me re ka ithuta eng mohlaleng oa hae? 312 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO loeng. Luka o re: “Ka matla a maholo o ile a paka ka ho phethahetseng phatlalatsa hore Bajuda ba fositse, ha a ˇ ntse a bontsa ka Mangolo hore Jesu ke Kreste.” (Lik. 18: 27, 28) Apolose e bile tlhohonolofatso e kaakang liphuthehong! Ha e le hantle, ke e mong ea entseng hore “lentsoe la ¯ Jehova” le ’ne le hlole. Re ka ithuta’ng mohlaleng oa Apolose? Bakreste ba tlameha ho ikokobetsa. E mong le e mong ¯ oa rona o na le makhabane a itseng—ebang ke neo eo re 6 tsoetsoeng ka eona, phihlelo kapa tsebo. Leha ho le joalo, ¯ boikokobetso ba rona bo lokela ho totobala ho feta makha¯ bane a rona. Ho seng joalo a tla re bakela mathata. A ka ’na a etsa hore re ikhohomose. (1 Bakor. 4:7; Jak. 4:6) Haeba re ikokobelitse e le kannete, re tla leka ho nka hore ba bang ba re phahametse. (Bafil. 2:3) Re ke ke ra koata ha re khalemeloa kapa ra hana ho rutoa ke ba bang. Ka sebele re ke ¯ ke ra tsitlella maikutlong a rona ha re hlokomela hore ha a lumellane le kamoo moea o halalelang o re tataisang kateng hona joale. Hafeela re lula re ikokobelitse, Jehova le Mora oa hae ba tla re sebelisa.—Luka 1:51, 52. 7 Boikokobetso bo boetse bo etsa hore re se ke ra qothi- sana lehlokoa le ba bang. Na u ka nahana kamoo Satane a neng a labalabela ho baka likarohano kateng har’a 7. Pauluse le Apolose ba behile mohlala oa boikokobetso ka tsela efe? ¯ ¯ HO “HOLA LE HO HLOLA” HAR’A KHANYETSO 313 Bakreste bao ba pele? A ka be a ile a thaba hakaakang haeˇ ba batho ba nang le tsusumetso e matla joaloka Apolose le moapostola Pauluse ba ne ba ile ba itumella hore ba qothisane lehlokoa, mohlomong e mong a loanela hore a hlahelle ho feta e mong liphuthehong! Ho ka be ho bile bonolo hore ba etse joalo. Bakreste ba bang Korinthe ba ile ba qala ho re, “ ’Na ke oa Pauluse,” ha ba bang ba re, “Empa ’na ke oa Apolose.” Na Pauluse le Apolose ba ne ba khothalletsa moea o joalo o bakang karohano? Le hanyenyane! Ka boikokobetso Pauluse o ile a lumela hore Apolose o phethile karolo e itseng mosebetsing oa boboleli, a ba a mo tlotla ka ho mo fa mesebetsi e meng e eketsehileng. Apolose eena a mamela keletso ea Pauluse. (1 Bakor. 1:10-12; 3:6, 9; Tite 3: 12, 13) Ba re behetse mohlala o motle hakaakang kajeno oa hore re sebelisane le ba bang ka boikokobetso! ˇ Ho “S ebelisa Tsusumetso Malebana le ’Muso oa Molimo” (Liketso 18:23; 19:1-10) ˇ 8 Pauluse o ne a tsepisitse hore o tla khutlela Efese, ’me o ile a fela a etsa joalo.1 (Lik. 18:20, 21) Leha ho le joalo, hlokomela hore na o ile a sebelisa tsela efe ha a khutla. Ha re qetela ho bua ka eena o ne a le Antioke, Syria. E le hore ˇ a fihle Efese, a ka be a ile a nka tsela e khutsoanyane e eang 1 Sheba lebokose la sehlooho se reng “Efese—Motse-moholo oa Asia,” leqepheng la 316. 8. Pauluse o ile a khutlela Efese ka tsela efe, hona hobane’ng? 314 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO Seleusia, a kena sekepeng eaba o leba ka ho toba sebakeng seo a eang ho sona. Ho e-na le hoo, o ile “a pholletsa le likarolo tse ka hare ho naha.” Ho hakanngoa hore leeto la Pauluse leo ho builoeng ka lona ho Liketso 18:23 le 19:1 le nkile lik’hilomithara tse ka bang 1 600! Ke hobane’ng ha Pauluse a ile a khetha ho nka leeto le boima joalo? Hobane o ne a rerile ho “matlafatsa barutuoa bohle.” (Lik. 18: 23) Leeto la hae la boraro e le moromuoa, joaloka a pele a ˇ mabeli, le ne le tla ba boima, empa e ne e se tsenyo ea nako. Kajeno basebeletsi ba tsamaeang le basali ba bona ba boˇ ntsa moea o kang ona. Na ha re ananele lerato la bona le ˇ bontsang boitelo? Ha Pauluse a fihla Efese, o ile a fumana barutuoa ba ka bang 12 ba Johanne Mokolobetsi. Ba ne ba kolobelitsoe ka kolobetso e neng e se e sa sebetse. Ho feta moo, ho ne ho bonahala ba sa tsebe hakaalo ka moea o halalelang kapa ba sa tsebe letho ka oona. Pauluse o ile a ba beha leseling, ’me joaloka Apolose, ba ne ba ikokobelitse ba bile ba labalabela ho ithuta. Ha ba qeta ho kolobetsoa ka lebitso la Jesu, ba ile ba amohela moea o halalelang le limpho tsa ho etsa mehlolo. Ka ho hlakileng, ho latela tataiso ea mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova o hatelang pele ho tlisa mahlohonolo.—Lik. 19:1-7. 9 9. Ke hobane’ng ha ho ile ha hlokahala hore barutuoa ba itseng ba kolobetsoe hape, ’me seo ba se entseng se re ruta eng? ¯ ¯ HO “HOLA LE HO HLOLA” HAR’A KHANYETSO 315 EFESE—MOTSE-MOHOLO OA ASIA Efese e ne e le motse o moholo ka ho fetisisa karolong e ka bophirimela ea Asia Minor. Mehleng ea moapostola Pauluse, ho ka etsahala hore baahi ba teng ba ne ba feta 250 000. Kaha e ne e le motse-moholo oa profinse ea Roma ea Asia, e ne e bitsoa “Toropo ea Pele le ¯ ¯ e Kholo ka ho Fetisisa ea Asia.” Efese e ile ea ruisoa haholo ke khoebo le bolumeli. ¯ Kaha e ne e le haufi le noka eo likepe li fetang ho eona, kou ea teng e ne e le mateanong a litsela tsa khoebo. Efese ho ne ho e-na le tempele e tummeng ea Artemise hammoho le litempelana le litempele tsa melimo e mengata ea Greece le Roma, Egepeta le Anatolia. Tempele ea Artemise, eo ho ’nileng ha thoe ke e ’ngoe ˇ ea lintho tse hlollang ka ho fetisisa lefatseng mehleng eo, e ne e le bolelele ba limithara tse ka bang 105 le bophara ba tse 50. E ne e e-na le lipilara tse ka bang 100 tsa ’mabole, ’me bophahamo ba pilara ka ’ngoe e le limithara tse ka bang 17, botlaaseng ba eona e le bophara ba limithara tse ka bang 1,8. Sebakeng sohle sa Mediterranean, tempele ena e ne e nkoa e halalela ’me chelete e ngata e ne e behoa tlhokomelong ea Artemise; kahoo, tempele e ile ea boela ea fetoha setsi sa bohlokoa sa banka Asia. Mehaho e meng ea bohlokoa Efese e ne e le lebala la ¯ lipapali bakeng sa litlholisano tsa liatleletiki mohlomong le lipapali tsa ntoa, hammoho le lebala la liketsa316 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO halo, le libaka tsa sechaba tsa boithabiso le limmaraka, le mabenkele a hahiloeng ka lipilara. Setsebi sa jeokrafi sa Mogerike se bitsoang Strabo se ¯ re ho ne ho atisa ho ba le mahoholi a noka koung ea Efese. Ke ka lebaka leo hamorao motse ona o sa kang oa hlola o sebelisoa e le kou ea likepe ’me oa lahloa kherehloa. Kaha kajeno ha ho na motse sebakeng sena, baeti ba eang lithakong tsa motse ona o moholo oa Efese ba khona ho utloisisa hore na o ne o le joang mehleng ea boholo-holo. Kapele ka mor’a moo ho ile ha e-ba le mohlala o mong ˇ o bontsang hore ho bile le khatelo-pele. Ka sebete Pauluse 10 o ile a ruta ka synagogeng ka likhoeli tse tharo. Le hoja a ˇ ne “a sebelisa tsusumetso malebana le ’muso oa Molimo,” ba bang ba ile ba satalatsa melala ’me ba mo hanyetsa ka matla. Ho e-na le ho senya nako ka ba neng “ba bua hampe ka Tsela Eo,” Pauluse o ile a lokisetsa ho ea bua holong ea sekolo. (Lik. 19:8, 9) Ho ne ho hlokahala hore ba batlang ho hatela pele moeeng ba tlohe synagogeng ba ee holong eo. Joaloka Pauluse, re ka khaotsa moqoqo ha re lemoha hore mong’a ntlo ha aa ikemisetsa ho mamela kapa o mpa a batla ho tsosa likhang feela. Ho sa ntsane ho e-na le batho 10. Ke hobane’ng ha Pauluse a ile a tloha synagogeng a ea holong, ’me o re ˇ behetse mohlala ofe ha re le t sebeletsong? ¯ ¯ HO “HOLA LE HO HLOLA” HAR’A KHANYETSO 317 ba bangata ba kang linku bao ho hlokahalang hore ba utloe ¯ molaetsa oa rona o khothatsang! 11 Ho ka etsahala hore Pauluse o ne a bolela litaba tse molemo holong eo ea sekolo letsatsi le leng le le leng hoo e ka bang ho tloha ka 11:00 hoseng ho fihlela hoo e ka bang ka 4:00 thapama. (Lik. 19:9, NW, mongolo o botlaaseng ba leqephe) Mohlomong ka nako eo ho ne ho chesa haholo ebile ho itse nyele! kaha ba bangata ba ne ba khaolitse ho sebetsa ’me ba ja ba bile ba phomotse. Nahana feela hore haeba Pauluse o ile a phathahana joalo ka lilemo tse peli, e tlameha ebe o ile a qeta lihora tse fetang 3 000 a ruta.1 Lena ke lebaka le leng le entseng hore ebe lentsoe la Jeho¯ ¯ va le ile la ’na la hola la ba la hlola. Pauluse o ne a khothetse a bile a fetoha le maemo. O ile a fetola kemiso ea hae e ˇ le hore tsebeletso ea hae e ka tsoela batho ba motseng oo molemo. Phello e bile efe? ‘Bohle ba ahileng seterekeng sa Asia ba ile ba utloa lentsoe la Morena, Bajuda le Bagerike.’ (Lik. 19:10) Ruri o ile a paka ka ho phethahetseng. ˇ 12 Kajeno Lipaki Tsa Jehova le tsona li bontsitse hore li khothetse ebile li fetoha le maemo. Re leka ho buisana le batho kae kapa kae, neng kapa neng. Re paka literateng, li1 Pauluse o ile a boela a ngola 1 Bakorinthe ha a le Efese. 11, 12. (a) Pauluse o ile a beha mohlala oa ho khothala le ho fetoha le maeˇ mo ka litsela life? (b) Lipaki Tsa Jehova li bont sitse joang hore li khothetse ˇ li bile li fetoha le maemo t sebeletsong ea tsona ea phatlalatsa? 318 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO mmarakeng le moo ho emisoang likoloi. Re ka ’na ra buisana le batho ka fono kapa ra ba ngolla. Ha re etsa mosebetsi oa ntlo le ntlo, re leka ho ea ho batho ka linako tseo ho ka etsahalang hore ebe ba teng ka tsona. ¯ ¯ “La H ola le ho Hl ola” ho sa Tsotellehe Meea e Khopo (Liketso 19:11-22) ˇ 13 Luka o re bolella hore tsebeletso ea Pauluse e ile ea beha litholoana tse thabisang, haholo-holo hobane Jehova o ile a mo thusa hore a etse “mesebetsi e matla e fetang e tloaelehileng.” Esita le masela le liforeskoto tseo Pauluse a neng a li apara li ne li isoa ho batho ba kulang, ebe baa fola. Le meea e khopo e ne e lelekoa ka tsela ena.1 (Lik. 19:11, 12) Batho ba bangata ba ile ba lemoha ha makhotla a Sa¯ tane a hloloa, empa hase bohle ba ileng ba thaba. 14 “Bajuda [ba bang] ba sollang ba neng ba tloaetse ho le- leka bademona” ba ile ba leka ho etsa mehlolo eo Pauluse a neng a e etsa. Ba bang ba Bajuda bao ba ile ba leka ho leleka bademona ka ho ipiletsa lebitsong la Jesu le la Pauluse. Luka o re bolella ka bara ba supileng ba Skeva—ba 1 Mohlomong masela ao e ne e le lisakatuku tseo Pauluse a neng a li fasa phatleng hore mofufutso o se ke oa kena ka mahlong. Hore ebe Pauluse o ne a apara liforeskoto nakong ena ho bolela hore e ka ’na eaba o ne a sebetsa ka thata mosebetsing oa hae oa ho etsa litente ha a sa bolele litaba tse molemo, mohlomong a o etsa hoseng haholo.—Lik. 20:34, 35. 13, 14. (a) Jehova o ile a thusa Pauluse hore a etse eng? (b) Bara ba Ske¯ va ba ile ba etsa phoso efe, ’me kajeno ba bangata B okreste-’m otoaneng ba ˇ etsa phoso e t soanang le ee joang? ¯ ¯ HO “HOLA LE HO HLOLA” HAR’A KHANYETSO 319 lelapa la boprista—ba ileng ba leka ho etsa sena. Modemona o ile a re ho bona: “Ke tseba Jesu ’me ke tloaelane le ¯ Pauluse; empa lona le bo-mang?” Eaba monna ea nang le ¯ modemona o hlasela bo-nketsisane bao, a tlolela holim’a bona joaloka phoofolo e hlaha, ’me ba baleha ba tsoile maqeba ba bile ba hlobotse. (Lik. 19:13-16) “Lentsoe la Jeho¯ va” le ile la hlola ka ho feletseng, kaha ho ile ha totobala hore Pauluse o filoe matla empa litho tseo tsa bolumeli ba bohata ha li na oona. Kajeno ho na le ba limilione ba etsang phoso ea ho nahana hore ho lekane hafeela ba ipiletsa lebitsong la Jesu kapa ba ipitsa “Bakreste.” Leha ho ˇ le joalo, joalokaha Jesu a bontsitse, ke feela ba hlileng ba ˇ etsang thato ea Ntate oa hae ba nang le tsepo ea sebele ea bokamoso.—Mat. 7:21-23. Ho hlabisoa lihlong hona ha bara ba Skeva ho ile ha ˇ etsa hore batho ba bangata ba tsabe Molimo, e leng se ileng 15 sa etsa hore ba bangata e be balumeli ’me ba khaotse ho sebelisana le meea. Boselamose bo ne bo atile haholo Efese. Ho ne ho tloaelehile hore batho ba loee ba bang, ba roale, ba be ba ba betse ka lipolelo tsa boloi tseo hangata li neng li ngotsoe. Joale Baefese ba bangata ba ile ba susumelletseˇ ha ho ntsa libuka tsa bona tsa boselamose eaba ba li chesa 15. Ke joang re ka etsisang mohlala oa Baefese tabeng ea ho sebelisana le meea le ho ba le lintho tse amanang le meea? 320 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO phatlalatsa—le hoja ho hlakile hore li ne li tura haholo.1 Luka o re: “Kahoo ka tsela e matla lentsoe la Jehova la ’na ¯ ¯ la hola le ho hlola.” (Lik. 19:17-20) E bile bopaki bo baba¯ tsehang hakaakang ba hore ’nete e hlola leshano le bademoˇ na! Batho bao ba tsepahalang ba re behetse mohlala o moˇ ¯ tle kajeno. Le rona re phela lefatseng leo ho lona batho ba bangata ba sebelisanang le meea. Haeba re ka fumana hore re na le ntho e amanang le meea, re lokela ho etsisa Baefe¯ se—re e lahle hang-hang! A re tsamaeleng hole le mekhoa e nyonyehang joalo, ho sa tsotellehe hore na re tla lahleheloa hakae. ¯ ¯ “Ha Tsoha Pherekano e Kh ol o” (Liketso 19:23-41) 16 Joale re hlokomela leqheka le leng la Satane ma¯ ¯ ntsoeng a Luka a reng: “Ha tsoha pherekano e kholo malebana le Tsela Eo.” O ne a sa feteletse litaba.2 (Lik. 19:23) Setei sa silevera se bitsoang Demetriase se ile sa baka 1 Luka o re li ne li ja likotoana tse 50 000 tsa silevera. Haeba o ne a bua ka denari, sena se bolela hore mehleng eo, haeba motho o ne a sebetsa matsatsi a supileng ka beke, o ne a lokela ho sebeletsa chelete eo ka matsatsi a 50 000—e leng lilemo tse ka bang 137. 2 Ba bang ba re Pauluse o ne a bua ka ketsahalo¯ ena ha a re ho Bakorinthe, ‘re ne re sa tiiseha esita le ka bophelo ba rona.’ (2 Bakor. 1:8) Leha ho le joalo, mohlomong o ne a nahanne boemo bo bong bo neng bo le kotsi ho feta bona. Ha Pauluse a re “ke loanne le libata Efese,” mohlomong o ne a bua ka liphoofolo tse hlaha lebaleng la lipapali kapa a bolela batho ba neng ba mo hanyetsa. (1 Bakor. 15:32) Ho ka etsahala hore o ne a boˇ ˇ lela libata tsa sebele kapa tsa tsoantsetso. 16, 17. (a) Hlalosa kamoo Demetriase a ileng a baka moferefere kateng ˇ Efese. (b) Baefese ba ile ba bont sa joang hore ba chesehela bolumeli ka ho feteletseng? ¯ ¯ HO “HOLA LE HO HLOLA” HAR’A KHANYETSO 321 moferefere. O ile a qala ka ho kenya litei tse ling tsa silevera moea ka ho li hopotsa hore li ruisitsoe ke ho rekisa meˇ ˇ limo ea litsoantso. Eaba o ba bolella hore molaetsa oa Pauluse o beha khoebo ea bona ka mosing, hobane Bakreste ˇ ˇ ha ba rapele litsoantso. Joale, kaha o ne a tseba hore batho ˇ bao ba ne ba ikhantsa ka ho ba baahi ba Efese le ka bochaba ba bona, o ile a ba lemosa hore molimotsana Artemise ˇ le tempele ea bona e tummeng lefatseng lohle e ne e le kotsing ea “ho etsoa lefeela.”—Lik. 19:24-27. Ho ile ha etsahala seo Demetriase a neng a se batla. Litei tseo tsa silevera li ile tsa qala ho hoeletsa li ntse li re “O moholo Artemise oa Baefese,” ’me ha e-ba le moferefere motseng, e leng se ileng sa etsa hore ho be le mokhopi o lerata oo re buileng ka oona qalong ea khaolo ena.1 Kaha Pauluse o ne a itetse, o ne a batla ho ea lebaleng la liketsa¯ halo ho ea bua le mokhopi oo, empa barutuoa ba mo kopa ka tieo hore a se ke a ipeha kotsing. Monna e mong ea biˇ tsoang Alexandere o ile a ema ka pel’a letsoele leo eaba o leka ho bua le lona. Kaha e ne e le Mojuda, mohlomong o ne a labalabela ho hlalosa phapang pakeng tsa Bajuda le ˇ Bakreste bao. Letsoele leo le ne le se na taba le seo. Ha le hlokomela hore ke Mojuda, le ile la mo tlatsetsa lerata, la pheta-pheta mantsoe a reng “O moholo Artemise oa Bae17 1 Mekhatlo ena ea barekisi e ne e le matla haholo. Ka mohlala, hoo e ka bang lilemo tse lekholo hamorao, mokhatlo oa baapehi o ile oa baka moferefere o kang ona Efese. 322 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO fese” ka lihora tse ka bang peli. Le kajeno batho ba ntse ba chesehela bolumeli ka ho feteletseng. ’Me sena se etsa hore ba tsoe taolong.—Lik. 19:28-34. 18 ˇ Qetellong motlalehi oa motse o ile a khutsisa letsoele leo. Monna enoa ea hlaphohetsoeng ka kelellong o ile a ˇ kholisa letsoele hore Bakreste bao ba ne ba sa sokele tempele ea bona le molimotsana oa bona, le hore Pauluse le bo-mphato’a hae ba ne ba sa siteloa Artemise ’me ho ne ho e-na le libaka tsa molao tseo ba ka isang liqoso tse joalo teng. Mohlomong o ile a atleha haholo ha a hopotsa mokhopi oo hore o kotsing ea ho halefisa Roma ka lebaka la seboka seo se seng molaong le se tsoileng taolong. Ka mor’a moo o ile a qhala mokhopi oo. Sena se ile sa etsa hore o ¯ b obe ka nako le motsotso ka lebaka la mantsoe ao a utloahalang.—Lik. 19:35-41. 19 Lena e ne e se lekhetlo la pele leo ka lona motho ea hla- phohetsoeng ka kelellong ea nang le matla a itseng pusong a ileng a sireletsa balateli ba Jesu, ebile e ne e se lekhetlo la ho qetela. Ha e le hantle, moapostola Johanne o ile a bona ponong hore matsatsing ana a ho qetela, likarolo tse baˇ ˇ ˇ tlang li tsitsitse tse tsoantsetsoang ke lefatse, li ne li tla metsa moroallo oa mahloriso ao Satane a a tlisetsang balateli 18, 19. (a) Motlalehi oa motse o ile a khutsisa mokhopi oa Efese joang? (b) Ka linako tse ling batho ba Jehova ba ile ba sireletsoa joang ke ba boholong, ’me re ka etsa eng hore re sireletsoe joalo? ¯ ¯ HO “HOLA LE HO HLOLA” HAR’A KHANYETSO 323 ˇ ba Jesu. (Tsen. 12:15, 16) Ke sona se etsahetseng. Hangata, baahloli ba hlokang leeme ba sirelelitse tokelo ea Lipaki Tsa Jehova ea ho bokana bakeng sa borapeli le ho bolella ba bang litaba tse molemo. Ha e le hantle, ho ka etsahala ˇ ¯ ¯ hore boitsoaro ba rona ke bona bo etsang hore re hlole. Ho ˇ bonahala hore boitsoaro ba Pauluse bo ile ba etsa hore a hlomphuoe ke ba bang ba boholong ’musong oa Efese, ke kahoo ba neng ba labalabela ho mo sireletsa. (Lik. 19:31) E ˇ ¯ ¯ se eka le rona ho tsepahala le ho hlompha ha rona ho ka khahla ba re bonang. Re ke ke ra tseba hore na liphello tsa seo e tla ba life. Na ha ho re thabise ho bona kamoo ‘lentsoe la Jehova ¯ ¯ le ileng la ’na la hola le ho hlola kateng’ lekholong la pele 20 la lilemo? Hoa thabisa ho bona kamoo Jehova a entseng ˇ ¯ hore re hlole ka tsela e tsoanang kajeno. Na u ka thabela ho ba le tlotla ea ho ba le seabo leha e ka ba se senyenyane ˇ ¯ tlholong ee? Haeba ho joalo, ithute mehlaleng eo re e tsohlileng. Lula u ikokobelitse, u latele tataiso ea mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova o hatelang pele, u tsoele pele ho ˇ sebetsa ka thata, u nene tsebelisano le meea ’me u etse sohle seo u ka se khonang hore u fane ka bopaki bo botle ka ˇ ho tsepahala le ho hlompha. ¯ 20. (a) U ikutloa joang ka tsela eo lentsoe la Jehova le ileng la hl ola ka¯ teng lekholong la pele la lilemo le kamoo le hl olang kateng kajeno? (b) U ¯ ¯ ikemiselitse ho ba le seabo sefe ha Jehova a ntse a hl ola mehleng ea r ona? 324 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO KHAOLO EA 21 “Ke Hloekile Maling a Batho Bohle” ˇ Cheseho ea Pauluse t sebeletsong le keletso ea hae ho baholo E Thehiloe ho Liketso 20:1-38 PAULUSE o ka kamoreng e ka holimo e tletseng batho ¯ Troase. O bua le barab’abo rona ka nako e telele, kaha ke bosiu ba ho qetela a e-na le bona. Joale ke khitla. Ho na le mabone a mangata a tukang ka kamoreng ena, ’me a etsa hore ho chese haholo ho be ho tlale mosi. Mohlankana ea bitsoang Eutikase o lutse fensetereng. Ha Pauluse a ntse a bua, Eutikase oa robala ’me o oa a le fensetereng e mokatong oa boraro! 2 Kaha Luka ke ngaka ho ka etsahala hore ke e mong oa ba ileng ba potlakela ka ntle e le hore a mo hlahlobe. Ha ho pelaelo hore na ho ne ho etsahetse’ng ka eena. Eutikase o “nkoa a se a shoele.” (Lik. 20:9) Empa ho etsahala mohlolo. Pauluse o ikakhela holim’a mohlankana enoa ’me o re ho bongata: “Khaotsang ho tlatsa lerata, 1-3. (a) Hlalosa se ileng sa etsahala bosiung boo Eutikase a shoeleng ka ˇ bona. (b) Pauluse o etsa’ng, ’me see se bont sa’ng ka eena? “KE HLOEKILE MALING A BATHO BOHLE” 325 etsoe moea oa hae o ho eena.” Pauluse o tsositse Eutikase bafung!—Lik. 20:10. 3 ˇ Ketsahalo eo e bontsa matla a moea o halalelang oa Molimo. E ne e se molato oa Pauluse hore ebe Eutikase o shoele. Leha ho le joalo, o ne a sa batle hore lefu la hae le senye ketsahalo ena ea bohlokoa kapa le khopise motho leha e le ofe. Ha Pauluse a tsosa Eutikase bafung o ˇ ile a tselisa phutheho le ho e matlafalletsa ho tsoela pele ˇ ka tsebeletso. Ho hlakile hore Pauluse o ne a ikutloa hore o na le boikarabelo bo itseng bakeng sa bophelo ba batho ba bang. Sena se re hopotsa mantsoe a hae a reng: “Ke hloekile maling a batho bohle.” (Lik. 20:26) A re boneng hore na mohlala oa Pauluse o ka re thusa joang tabeng ena. 4 O Ile “a Qala ho ea Macedonia” (Liketso 20:1, 2) ˇ Joalokaha ho bontsitsoe khaolong e etellang ena pele, Pauluse o fetile har’a mathata. Ho ile ha tsoha moferefere ha a bolela litaba tse molemo Efese. Litei tsa silevera tse neng li iphelisa ka borapeli ba Artemise li ile tsa kenya letsoho moferefereng! Liketso 20:1 e re: “Ka mor’a hore moferefere o kokobele, Pauluse a romeletsa hore ho 4. Pauluse o fetile har’a mathata afe? 326 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO bitsoe barutuoa, ’me ha a ba khothalitse a bile a itse ba sale hantle, a qala ho ea Macedonia.” 5 Ha Pauluse a ea Macedonia, o ile a emisa boema-ke- peng ba Troase ’me a hlola moo nako e itseng. O ne a e-na ˇ le tsepo ea hore Tite, ea neng a rometsoe Korinthe, o tla mo fumana moo. (2 Bakor. 2:12, 13) Leha ho le joalo, ha ho totobala hore Tite ha a tle, o ile a ea Macedonia, mohlomong a qeta nako e ka etsang selemo ‘a khothatsa ba moo ka mantsoe a mangata.’1 (Lik. 20:2) Qetellong Tite o ile a fumana Pauluse Macedonia, a tlisa litaba tse monate tsa kamoo Bakorinthe ba ikutloang kateng ka lengolo la Pauluse la pele. (2 Bakor. 7:5-7) Sena se ile sa etsa hore Pauluse a ba ngolle lengolo le leng, e leng la 2 Bakorinthe. 6 Hlokomela hore Luka o sebelisa mantsoe “khothali- tse” le “khothatse” ha a bua ka lebaka la hore Pauluse a ¯ etele barab’abo rona ba Efese le Macedonia. Mantsoe ao a hlalosa hantle hakaakang tsela eo Pauluse a neng a ikutloa ka eona ka balumeli-’moho le eena! Pauluse o ne a 1 Sheba lebokose la sehlooho se reng “Mangolo ao Pauluse a a Ngotseng ha a le Macedonia,” leqepheng la 328. 5, 6. (a) E ka ’na eaba Pauluse o qetile nako e kae Macedonia, ’me o ile a ¯ etsetsa barab’abo r ona ba moo eng? (b) Pauluse o ile a lula a e-na le boikutlo bofe ka balumeli-’moho le eena? “KE HLOEKILE MALING A BATHO BOHLE” 327 MANG OLO AO PAULUSE A A NG OTSENG HA A LE MACED ONIA Lengolong la hae la bobeli le eang ho Bakorinthe, Pauˇ luse o re ha a fihla Macedonia, o ne a tsoenyehile ka barab’abo ba Korinthe. Leha ho le joalo, Tite o ile a mo tlisetsa litaba tse monate tse tsoang Korinthe, ’me a khothala. Ke hona nakong ena, hoo e ka bang ka 55 C.E., moo Pauluse a ileng a ngola lengolo la 2 Bakorinthe, leo ˇ ho lona a bontsang hore o ne a ntse a le Macedonia. (2 Bakor. 7:5-7; 9:2-4) E ’ngoe ea lintho tseo Pauluse a neng a nahana ka tsona nakong ena ke ho qetela ho bokella chelete bakeng sa bahalaleli ba Judea. (2 Bakor. 8: ˇ 18-21) O ne a boetse a tsoenyehile ka hore Korinthe ho na le “baapostola ba bohata, basebetsi ba thetsang.” —2 Bakor. 11:5, 13, 14. Ho ka etsahala hore ebe Pauluse o ne a le Macedonia ha a ngola lengolo le eang ho Tite. Nako e itseng ho tloha ka 61 ho ea ho 64 C.E., ka mor’a hore Pauluse a lokolloe Roma moo a neng a le litlamong ka lekhetlo la pele, o ile a etela sehlekehlekeng sa Kreta. O ile a siea Tite moo e le hore a lokise mathata a itseng ’me a behe ¯ banna ba baholo. (Tite 1:5) Pauluse o ile a kopa Tite hore ba kopane Nikopolise. Ho ne ho e-na le metse e mengata e bitsoang ka lebitso lena Mediterranean ea boholoholo, empa kamoo ho bonahalang kateng, Pauluse o ne a bua ka Nikopolise e karolong e ka leboea-bophirimela ea Greece. Mohlomong o ne a sebetsa sebakeng seo ha a ngolla Tite.—Tite 3:12. 328 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO Lengolo la pele leo Pauluse a ileng a le ngolla Timothea le lona le ngotsoe ka mor’a hore a kene teronkong Roma ka lekhetlo la pele le pele a kena teronkong ka lekhetlo la bobeli, ho tloha ka 61 ho ea ho 64 C.E. Qalong ea leˇ ¯ ngolo lena, Pauluse o bontsa hore o ile a kopa Timothea hore a sale Efese, ha eena a fetela Macedonia. (1 Tim. 1:3) Ho tloha moo ho bonahala hore Pauluse o ile a eletsa Timothea joalokaha ntate a eletsa mora, a mo khothatsa a ba a mo tataisa mabapi le mesebetsi e itseng e lokelang ho etsoa ka liphuthehong. fapane le Bafarisi, ba neng ba nyelisa batho ba bang, kaha eena o ne a nka linku e le basebetsi-’moho le eena. (Joh. 7:47-49; 1 Bakor. 3:9) Pauluse o ile a lula a e-na le boikutlo boo esita leha a ne a lokela ho ba eletsa ka thata. —2 Bakor. 2:4. 7 Kajeno baholo ba phutheho le balebeli ba tsamaeang ba leka ka matla ho latela mohlala oa Pauluse. Leha ba khalemela ba hlokang ho thusoa, sepheo sa bona ke ho ba matlafatsa. Ka kutloelo-bohloko balebeli ba ikitlaelletsa ho khothatsa ho e-na le ho nyatsa. Molebeli e mong ea tsamaeang eo e leng khale a li bona o ile a re: “Boholo ba ¯ bara le barali babo rona bo batla ho etsa se nepahetseng, ˇ empa hangata ba imetsoe ke mathata, matsoenyeho ’me 7. Kajeno balebeli ba Bakreste ba ka latela mohlala oa Pauluse joang? “KE HLOEKILE MALING A BATHO BOHLE” 329 ba ikutloa ba nyahame.” Balebeli ba ka ba matlafatsa. —Baheb. 12:12, 13. “Ba ne ba Rerile Morero o Mobe ka Lenyele Khahlanong le Eena” (Liketso 20:3, 4) 8 Ha Pauluse a tloha Macedonia, o ile a ea Korinthe.1 Ka mor’a ho ba moo ka likhoeli tse tharo, o ne a labalabela ho fetela Senkrea, moo a neng a rerile ho palama sekepe se eang Syria. Ha a tloha moo, o ne a tla ea Jerusa¯ lema ’me a fe barab’abo rona ba hlokang monehelo.2 (Lik. 24:17; Bar. 15:25, 26) Empa Liketso 20:3 e re: “Bajuda ba ne ba rerile morero o mobe ka lenyele khahlanong le eena.” Kahoo o ile a tlameha ho ea sebakeng se seng. 9 Ha ho makatse hore ebe Bajuda ba ne ba hloile Pau- luse, etsoe ba ne ba nahana hore ke mokoenehi. Pejana, ˇ tsebeletso ea hae e ile ea beha litholoana ha Krispase —eo e neng e le setho se hlaheletseng sa synagoge ea Korinthe—a sokoloha. (Lik.18:7, 8; 1 Bakor. 1:14) Lekhetlong le leng, Bajuda ba Korinthe ba ile ba qosa Pauluse ka pel’a motsamaisi oa profinse ea Akaia ea bitsoang Ga1 Mohlomong Pauluse o ile a ngola lengolo le eang ho Baroma ha a etetse Korinthe lekhetlong lena. 2 Sheba lebokose la sehlooho se reng “Pauluse o Isa Monehelo Jerusalema,” leqepheng la 332. 8, 9. (a) Morero oa Pauluse oa ho ea Syria ka sekepe o ile oa sitisoa ke’ng? (b) E ka ’na eaba ke hobane’ng ha Bajuda ba ne ba hloile Pauluse? 330 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO lio. Leha ho le joalo, Galio o ile a qhala liqoso tseo ka hore ha li na motheo—e leng qeto e ileng ea halefisa lira tsa Pauluse. (Lik.18:12-17) E ka ’na eaba Bajuda ba Korinthe ba ne ba tsebile kapa ba nahanne hore Pauluse o se a tla ea Senkrea, ka lebaka leo ba rera ho mo lalla moo. Pauluse o ne a tla etsa’ng? 10 E le hore Pauluse a se ke a ipeha kotsing ’me a sire- letse chelete eo a neng a e nehelelitsoe o ile a etsa qeto ea ho se pote Senkrea ’me a khutlela Macedonia. Ke ’nete hore ho tsamaea ka har’a naha ho ne ho tla ba kotsi. Likebekoa li ne li atisa ho lalla batho litseleng tsa boholoholo. Esita le matlo a baeti a ne a sa sireletseha. Ho ntse ho le joalo, Pauluse o ile a khetha ho talimana le likotsi tsa ho tsamaea ka har’a naha ho e-na le likotsi tse neng li tla mo hlahela ha a le Senkrea. Ka lehlohonolo o ne a sa tsamaee a le mong. Leetong lena la hae e le moromuoa, Pauluse o ne a tsamaea le Aristakase, Gaiase, Sekundase, Sopatere, Timothea, Trofimase le Tykikase.—Lik. 20: 3, 4. 11 Kajeno Bakreste ba etsisa Pauluse ka ho etsa sohle seo ba ka se khonang hore ba se ke ba ipeha kotsing ha ba 10. Na Pauluse e ne e le lekoala ha a sa pote S enkrea? Hlalosa. 11. Kajeno Bakreste ba etsa sohle seo ba ka se khonang joang hore ba se ke ba ipeha kotsing, hona Jesu o behile mohlala ofe tabeng ee? “KE HLOEKILE MALING A BATHO BOHLE” 331 PAULUSE O ISA MONEHELO JERUSALEMA Lilemo tse latelang Pentekonta ea 33 C.E., Bakreste ba Jerusalema ba ile ba e-ba le mathata a mangata—e leng tlala ea boja-likata, mahloriso le ho tlatlapuoa thepa. Ka lebaka leo, ba bang ba ne ba hloka. (Lik. 11: 27–12:1; Baheb. 10:32-34) Kahoo, hoo e ka bang ka 49 C.E., ha baholo ba Jerusalema ba laela Pauluse hore a bolele litaba tse molemo haholo-holo har’a Balichaba, ba ile ba mo phehella hore a ‘lule a hopotse mafutsana.’ Ke sona seo Pauluse a ileng a se etsa, ka ho etella pele mosebetsing oa ho bokella liphallelo liphuthehong. —Bagal. 2:10. Ka 55 C.E., Pauluse o ile a re ho Bakorinthe: “Joalokaha ke ile ka fana ka litaelo ho liphutheho tsa Galatia, ¯ le etse ka tsela eo le lona. Letsatsi le leng le le leng la ¯ pele la beke e mong le e mong oa lona ka tlung ea hae ¯ a ke a behelle ka thoko ho hong ho bolokiloeng kamoo ebang o atleha kateng, e le hore ha ke fihla likoleke li tle li se ke tsa etsoa ka nako eo. Empa ha ke fihla moo, banna bafe kapa bafe bao le ba lumellang ka mangolo, ¯ ke tla ba roma ho isa mpho ea lona e mosa Jerusalema.” (1 Bakor. 16:1-3) Nakoana ka mor’a moo, ha Pauluse a ngola lengolo la hae la bobeli le bululetsoeng le eang ho Bakorinthe, o ile a ba khothalletsa hore ba lokise mpho ea bona, eaba o ba bolella hore ba Macedoˇ nia le bona ba ntsitse monehelo.—2 Bakor. 8:1–9:15. ˇ Kahoo, ka 56 C.E., baemeli ba liphutheho tse sa tsoa332 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO neng ba ile ba kopana le Pauluse hore ba ise chelete eohle ea monehelo Jerusalema. Hore ebe ho ne ho e-na le banna ba robong ho ile ha etsa hore monehelo oo o sireletsehe ka tsela e itseng hape ha thusa Pauluse hore a se ke a qosoa ka hore o sebelisitse chelete eo hampe. (2 Bakor. 8:20) Lebaka le leholo la hore Pauluse a ee Jerusalema e ne e le ho isa monehelo ona. (Bar. 15:25, 26) Hamorao Pauluse o ile a re ho ’Musisi Felixe: “Ka mor’a lilemo tse ngata ke ile ka fihla ho tlisa limpho tsa mohau sechabeng sa heso, le linyehelo.”—Lik. 24:17. ˇ le tsebeletsong. Libakeng tse ling ba tsamaea ka lihlopha —kapa bonyane ka bobeli—ho e-na le ho tsamaea ka bomong. Na Bakreste ba qoba mahloriso? Bakreste baa tseba hore ba ke ke ba a qoba. (Joh. 15:20; 2 Tim. 3:12) Ho ntse ho le joalo, ha ba ipehe kotsing ka boomo. Nahana ka mohlala oa Jesu. Ka lekhetlo le leng “Jesu [o ile] a ipata ’me a tsoa ka tempeleng,” ha bahanyetsi ba hae Jerusalema ba nka majoe hore ba mo betse ka ’ona. (Joh. 8: 59) Hamorao, ha Bajuda ba rera ho mo bolaea, “Jesu ha aa ka a hlola a tsamaea phatlalatsa har’a Bajuda, empa a ¯ tloha moo ho ea sebakeng se ka thoko se haufi le lefeella.” (Joh. 11:54) Jesu o ne a etsa sohle seo a ka se khoˇ nang hore a itsireletse ha ho etsa joalo ho se khahlanong “KE HLOEKILE MALING A BATHO BOHLE” 333 ˇ le thato ea Molimo. Kajeno Bakreste ba etsa se tsoanang. —Mat. 10:16. ˇ “Ba Tseliseha ho Feta Tekano” (Liketso 20:5-12) 12 Pauluse le bo-mphato’a hae ba ile ba tsamaea ha- mmoho ho pholletsa le Macedonia, ’me ho bonahala eka hamorao ba ile ba arohana. Ho ka etsahala hore ba ile ba boela ba kopana Troase.1 Bibele e re: “Ra tla ho bona Troase pele ho fela matsatsi a mahlano.”2 (Lik. 20:6) Ke mona moo mohlankana ea bitsoang Eutikase a ileng a ˇ tsosoa bafung, joalokaha ho bontsitsoe qalong ea khaolo ¯ ena. Ak’u inahanele feela hore na barab’abo rona ba ile ba ikutloa joang ha ba bona mphato’a bona Eutikase a ˇ tsoha bafung! Bibele e re ba ile ba “tseliseha ho feta tekanyo.”—Lik. 20:12. Ha e le hantle, mehlolo ea mofuta ona ha e etsahale ˇ kajeno. Leha ho le joalo, tsepo ea Bibele ea tsoho ea bafu 13 ˇ 1 Hore ebe Luka oa ikakarelletsa ho Liketso 20:5, 6, ho bontsa hore mohlomong o ile a boela a tsamaea le Pauluse ha a le Filipi ka mor’a hore Pauluse a mo siee moo ka nako e itseng.—Lik. 16:10-17, 40. 2 Ba ile ba nka matsatsi a mahlano ho tloha Filipi ho ea Troase. E ka ’na eaba ho ne ho e-na le meea e matla hobane nakong e fetileng ba ile ba nka matsatsi a mabeli feela leetong lena.—Lik. 16:11. 12, 13. (a) Phutheho e ile ea ikutloa joang ha Eutikase a tsosoa bafung? ˇ ˇ (b) Kajeno ba shoetsoeng ke baratuoa ba t selisoa ke t sepo efe e thehiloeng Bibeleng? 334 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO ˇ e etsa hore ba shoetsoeng ke baratuoa ba bona ba ‘tselisehe ho feta tekanyo.’ (Joh. 5:28, 29) Hlokomela hore kaha Eutikase o ne a sa phethahala o ile a qetella a shoeˇ le hape. (Bar. 6:23) Empa ba tsohang bafung lefatseng le ˇ lecha la Molimo ba na le tsepo ea ho phela ka ho sa feleng! Ho feta moo, ba tsosetsoang ho ea busa le Jesu leholimong ba apara ho se shoe. (1 Bakor. 15:51-53) Kajeno Bakreste—ebang ke batlotsuoa kapa ba “linku tse ˇ ling”—ba na le lebaka le utloahalang la ho “tseliseha ho feta tekanyo.”—Joh. 10:16. “Phatlalatsa le ka Ntlo le Ntlo” (Liketso 20:13-24) 14 Pauluse le bo-mphato’a hae ba ile ba tloha Troase ba ea Asose, eaba ba fetela Mitylene, Kiose, Samose le Miletase. Pauluse o ne a ikemiselitse ho ea fihla Jerusalema pele ho Mokete oa Pentekonta. Hore ebe o ne a potlaketse ho ea fihla Jerusalema pele ho Pentekonta ho etsa hore re utloisise hore na ke hobane’ng ha lekhetlong lena a ile a khetha ho palama sekepe se sa poteng Efese ha a khutla. Leha ho le joalo, kaha Pauluse o ne a batla ho ¯ buisana le baholo ba Efese, o ile a kopa hore ba kopane le eena Miletase. (Lik. 20:13-17) Ha ba fihla, Pauluse o ile 14. Pauluse o ile a re’ng ho baholo ba Efese ha a kopana le bona Miletase? “KE HLOEKILE MALING A BATHO BOHLE” 335 a re ho bona: “Le tseba hantle kamoo ho tloha letsatsing la pele ha ke hata seterekeng sa Asia ke neng ke e-na le ¯ lona nako eohle, ke sebeletsa Morena joaloka lekhoba ka ho ikokobetsa ho hoholo kelellong le meokho le liteko tse ileng tsa ntlhahela ka merero e mebe ea Bajuda; ha ka ˇ nako e tsoanang ke ne ke sa tlohele ho le bolella leha e le efe ea lintho tse neng li le molemo kapa ho le ruta phatlalatsa le ka ntlo le ntlo. Empa ke ile ka paka ka mokhoa o phethahetseng ho Bajuda le Bagerike mabapi le pako ¯ ho Molimo le tumelo ho Morena oa rona Jesu.”—Lik. 20: 18-21. 15 Kajeno re ka sebelisa mekhoa e mengata ho bolella batho litaba tse molemo. Joaloka Pauluse, re leka ho ea moo re ka fumanang batho teng, ebang ke boemelong ba libese, literateng tse phetheselang, kapa limmarakeng. Empa ho bolela ka ntlo le ntlo e sa ntse e le oona mokhoa o ka sehloohong o sebelisoang ke Lipaki Tsa Jehova. Hobane’ng? Lebaka la pele ke hore ho bolela ka ntlo le ntlo ho etsa hore bohle ba be le monyetla oa ho utloa ˇ molaetsa oa ’Muso khafetsa, e leng se bontsang hore Molimo ha a leeme. Hape ho etsa hore batho ba thahasellang litaba tse molemo ba thusoe ho latela seo ba se hlokang. 15. Melemo e meng ea ho paka ka ntlo le ntlo ke efe? 336 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO ˇ Ho phaella moo, tsebeletso ea ntlo le ntlo e thusa ba e etsang hore ba khone ho mamella, ’me e matlafatsa tumelo ea bona. Ka sebele, ho chesehela ho paka “phatlaˇ latsa le ka ntlo le ntlo” ke letsoao le khethollang Bakreste ba ’nete. 16 Pauluse o ile a hlalosetsa baholo ba Efese hore ha a tsebe hore na o tla hlaheloa ke likotsi life ha a khutlela Jerusalema. O ile a re ho bona: “Leha ho le joalo, ha ke etse hore moea oa ka e be oa bohlokoa leha e le bofe joalokaha eka ke o ratehang ho ’na, haeba feela nka qeta tsela ea ka ea peiso le bosebeletsi boo ke bo amohetseng ba Morena Jesu, ho pakela ka ho phethahetseng litaba tse ˇ molemo tsa mosa o sa tsoanelang oa Molimo.” (Lik. 20: 24) Ka sebete, Pauluse ha aa ka a lumella eng kapa eng —ebang ke ho kula kapa khanyetso e matla—hore e mo thibele ho phetha kabelo ea hae. 17 Kajeno Bakreste le bona ba mamella mathata a me- futa-futa. Ba bang ba thibetsoe ke mebuso ’me baa hlorisoa. Ba bang ba imetsoe ka lebaka la ho kula ’meleng le maikutlong. Bacha ba Bakreste ba tlas’a khatello ea lithaka sekolong. Ho sa tsotellehe hore Lipaki Tsa Jehova li ˇ 16, 17. Pauluse o ile a bont sa joang hore o sebete, hona kajeno Bakreste ba latela mohlala oa hae joang? “KE HLOEKILE MALING A BATHO BOHLE” 337 boemong bofe, li tiile joaloka Pauluse. Li ikemiselitse “ho pakela ka ho phethahetseng litaba tse molemo.” “Ikeleng Hloko ’me le Ele Hloko le Mohlape O ohle” (Liketso 20:25-38) 18 Ka mor’a moo Pauluse o ile a sebelisa mohlala oa hae ha a eletsa baholo ba Efese a sa hlathe koana le koana. O ile a qala ka ho ba tsebisa hore ho ka etsahala hore ebe ba mo bona lekhetlo la ho qetela. Eaba o re: “Ke hloekile maling a batho bohle, kaha ha kea tlohela ho le bolella morero oohle oa Molimo.” Baholo ba Efese ba ne ba ka etsisa Pauluse joang, e le hore ba hloke molato oa mali? O ile a re ho bona: “Ikeleng hloko ’me le ele hloko le mohlape oohle, oo moea o halalelang o le behileng balebeli har’a oona, hore le lise phutheho ea Molimo, eo a e rekileng ka mali a Mora oa hae.” (Lik. 20:26-28) Pauluse o ile a ba lemosa hore “liphiri tse hatellang” li ne li tla khukhunela mohlape ’me li ‘bue lintho tse sothehileng hore li ikhulele barutuoa ka mor’a tsona.’ Baholo ba lokela ho etsa’ng? Pauluse o ile a ba lemosa a re: “Lulang le falimehile, ’me le hopole hore ka lilemo tse tharo, boˇ siu le motsehare, ha kea ka ka khaotsa ho eletsa e mong le e mong ka meokho.”—Lik. 20:29-31. 18. Pauluse o ile a etsa joang hore a hloke molato oa mali, hona baholo ba Efese ba ne ba ka mo etsisa joang? 338 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO 19 “Liphiri tse hatellang” li ile tsa hlahella ho ella qete- llong ea lekholo la pele la lilemo. Hoo e ka bang ka 98 C.E., moapostola Johanne o ile a re: “Ho se ho e-na le bahanyetsi ba Kreste ba bangata; . . . Ba ile ba tsoa ho ¯ ¯ rona, empa e ne e se ba mofuta oa rona; etsoe haeba e ne ¯ ¯ e bile ba mofuta oa rona, ba ka be ba lutse le rona.” (1 Joh. 2:18, 19) Lekholong la boraro la lilemo bokoenehi bo ne bo hlahisitse sehlopha sa baruti ba Bokreste¯ ’motoana, ’me lekholong la bone la lilemo Moemphera Constantine o ile a amohela ka molao mofuta ona oa “Bokreste” o senyehileng. Ka sebele baeta-pele ba bolumeli ba ile ba ‘bua lintho tse sothehileng’ ka ho amohela meetlo ea bohetene le ho etsa hore e bonahale e le ea “Bokreste.” Liphello tsa bokoenehi boo li ntse li totobala li¯ thutong le meetlong ea Bokreste-’motoana. ¯ 20 Bophelo ba Pauluse bo ne bo fapane hole le ba batho ba neng ba tla hanyapetsa mohlape hamorao. O ne a ˇ itsoarela ka matsoho e le hore e se ke ea e-ba moroalo phuthehong. O ne a sa rera ho ithuisa ka lintho tseo a neng a li etsetsa balumeli-’moho le eena. Pauluse o ile a 19. Ho ile ha hlaha bokoenehi bofe qetellong ea lekholo la pele la lilemo, ’me bo ile ba hlahisa eng hamorao? ˇ 20, 21. Pauluse o ile a bont sa joang hore o na le moea oa boitelo, hona kajeno baholo ba Bakreste ba ka mo etsisa joang? “KE HLOEKILE MALING A BATHO BOHLE” 339 phehella baholo ba Efese hore ba be le moea oa boitelo. O ile a re ho bona: “Le thuse ba fokolang, ’me le hopole mantsoe a Morena Jesu, ha a re, ‘Ho fana ho tlisa thabo ¯ ¯ e kholo ho feta ho amohela.’ ”—Lik. 20:35. 21 Kajeno baholo ba Bakreste ba etsisa Pauluse ka ho ba le moea oa ho itela. Ba fuoeng boikarabelo ba ho ‘lisa phutheho ea Molimo’ ba etsa mosebetsi oa bona ntle ho ˇ ¯ boithati, ’me ha ba tsoane le baruti ba Bokreste-’motoana ba ithuisang ka mohlape oa bona. Boikhohomoso le takatso e matla ea bophahamo ha li amohelehe ka phuthehong ea Bakreste, hobane qetellong ba “ipatlelang khanya” ba ke ke ba atleha. (Liprov. 25:27) Ho iketelletsa pele ho ka fella ka ho se hlomphehe.—Liprov. 11:2. ¯ 22 Barab’abo rona ba ne ba rata Pauluse hobane a ba rata. Ha e le hantle, ha a lokela ho tsamaea ho ile “ha tsoha ho lla ho hoholo har’a bona kaofela, eaba ba itihela molaleng oa Pauluse ’me ba mo aka ka lerato.” (Lik. 20:37, 38) Bakreste ba ananela e le kannete le ho rata baˇ tho ba tsoanang le Pauluse ba itellang mohlape. Ha u se u hlahlobile mohlala o motle oa Pauluse, na hase ’nete hore o ne a sa ithorise ebile a sa feteletse litaba ha a re: “Ke hloekile maling a batho bohle”?—Lik. 20:26. 22. Ke’ng se ileng sa etsa hore baholo ba Efese ba rate Pauluse? 340 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO KHAOLO EA 22 “Ho ke ho Etsahale Thato ea Jehova” Pauluse o ikemiselitse ho etsa thato ea Molimo ’me o ea Jerusalema E Thehiloe ho Liketso 21:1-17 KE LILLO feela ha Pauluse le Luka ba tloha Miletase. Ruri ha ho bonolo hore ba arohane le baholo ba Efese bao ba ba ratang haholo! Baromuoa bana ba babeli ba eme ka har’a sekepe. Thoto ea bona e se e loketse tsela ’me ba pakile lintho tseo ba tla li hloka leetong. Hape ba nkile chelete e bokeletsoeng bakeng sa Bakreste ba hlokang ba Judea ’me ba labalabela hore e fihle moo e eang teng. 2 Ho foka moea o mosesaane o khaphang liseile ’me se- kepe se tloha koung ena e tletseng lerata. Banna bana ba babeli le bo-mphato’a bona ba supileng, ba sheba barab’a¯ bo bona ba saretsoeng ba emeng leb opong. (Lik. 20:4, 14, ¯ 15) Barab’abo rona ba ka sekepeng ba ba tsokela matsoho ho fihlela ba se ba sa bonahale. 3 Pauluse o sebelitse haufi-ufi le baholo ba Efese ka lile- mo tse ka bang tharo. Empa joale, ka taelo ea moea o 1-4. Ke hobane’ng ha Pauluse a e-ea Jerusalema, hona o tla etsahalloa ke eng moo? “HO KE HO ETSAHALE THATO EA JEHOVA” 341 halalelang, o leba Jerusalema. O na le leselinyana la hore na o tla etsahalloa ke eng. Nakoana pele ho moo, o ile a re ho baholo bao: “Ke tlamiloe ke moea, ke ea Jerusalema, le hoja ke sa tsebe lintho tse tla nketsahalla teng, haese hore ho tloha motseng o mong ho ea ho o mong moea o halalelang o mpakela ka ho pheta-pheta kaha o re ke leteˇ tsoe ke litlamo le matsoenyeho.” (Lik. 20:22, 23) Ho sa tsotellehe kotsi eo a tla tobana le eona, Pauluse o ikutloa a “tlamiloe ke moea”—o ikemiselitse ebile o ikutloa a tlameha ho latela tataiso ea moea ea hore a ee Jerusalema. O ananela bophelo ba hae, empa ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa ho eena ke ho phetha thato ea Molimo. 4 Na ke tsela eo u ikutloang ka eona? Ha re inehela ho Je- hova, re etsa kano ea hore ho phetha thato ea hae e tla ba ¯ ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa bophelong ba rona. Re ka rua molemo ka ho hlahloba mohlala oa moapostola Pauluˇ se oa kamoo a ileng a tsepahala. 5 Ba Feta “S ehlekehleke sa Cyprase” (Liketso 21:1-3) Sekepe seo Pauluse le bo-mphato’a hae ba neng ba se palame se ile sa “tloha ka potlako ka tsela e otlolohileng.” Ka mantsoe a mang, se ne se tsamaea hantle se sa tsukutlehe ho fihlela ba fihla Kose neng-neng letsatsing lona leo. (Lik. 21:1) Ho bonahala eka sekepe se ile sa emisa moo bo5. Pauluse le bo-mphato’a hae ba ile ba tsamaea ka tsela efe ha ba e-ea Tyre? 342 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO ¯ siu pele se fetela Rhode le Patara. Ha barab’abo rona ba le ¯ Patara, leb opong le ka boroa la Asia Minor, ba ile ba palama sekepe se seholo sa thepa, se ileng sa ba isa ka ho toba Tyre, Foenisia. Ha ba le tseleng, ba ile ba feta “sehlekehleke ˇ sa Cyprase . . . ka lehlakoreng le letsehali [la kou].” (Lik. 21:3) Ke hobane’ng ha Luka, mongoli oa Liketso, a ile a bolela ntlha ee? 6 Mohlomong Pauluse o ile a supa sehlekehleke sena ’me a bolela lintho tse ileng tsa mo hlahela ha a le moo. Leetong la hae la pele e le moromuoa lilemong tse ka bang robong pele ho moo, Pauluse hammoho le Barnabase le Johanne Mareka, ba ile ba kopana le moloi ea bitsoang Elymase, ea ileng a ba hanyetsa ha ba bolela litaba tse molemo. (Lik. 13:4-12) Ha Pauluse a bona sehlekehleke seo ’me a hopola se ileng sa etsahala moo, mohlomong sena se ile sa mo khothatsa sa ba sa mo matlafatsa bakeng sa lintho ¯ tse neng li tla mo etsahalla. Le rona re ka rua molemo ha re nahanisisa kamoo Molimo a re hlohonolofalitseng a ba a re thusa hore re mamelle liteko. Ho etsa joalo ho ka re thusa hore re ikutloe joaloka Davida, ha a re: “Litlokotsi tsa ea lokileng li ngata, empa Jehova o mo lopolla ho tsona kaofela.”—Pes. 34:19. 6. (a) Ke hobane’ng ha e ka ’na eaba Pauluse o ile a khothala ha a bona Cyprase? (b) U ikutloa joang ha u hopola kamoo Jehova a u hlohonolofalitseng a ba a u thusa kateng? “HO KE HO ETSAHALE THATO EA JEHOVA” 343 “Ra Fumana Barutuoa” (Liketso 21:4-9) 7 Pauluse o ne a utloisisa kamoo e leng habohlokoa kateng ho ba har’a metsoalle ea Bakreste ’me a labalabela ho ba le balumeli-’moho le eena. Luka o re ha ba fihla Tyre, ba ile ba “fumana barutuoa.” (Lik. 21:4) Kaha ba ne ba tseba hore ho na le Bakreste-’moho le bona Tyre, ba ile ba ba batla, ’me mohlomong ba lula le bona. Tlhohonolofatso e ¯ ¯ ’ngoe e kholo ea ho sebeletsa Jehova ke hore, ho sa tsotellehe hore na re hokae, re tla kopana le balumeli-’moho le ¯ rona ba tlang ho re amohela ka liatla tse peli. Ba ratang Molimo ’me e le barapeli ba ’nete, ba na le metsoalle lefaˇ tseng ka bophara. Ha Luka a bua ka matsatsi a supileng ao ba a qetileng Tyre, o bolela ntho e ka ’nang ea bonahala e makatsa, o re: ¯ “Ka moea [barab’abo rona ba Tyre] ba bolella Pauluse ka ho pheta-pheta hore a se ke a beha leoto Jerusalema.” (Lik. 21:4) Na Jehova o ne a se a batla hore Pauluse a ee sebakeng se seng? Na o ne a se a re Pauluse a se ke a ea Jerusaˇ lema? Ha ho joalo. Moea o ne o bontsitse hore Pauluse o ˇ tla tsoaroa hampe Jerusalema, empa o sa re a qobe ho ea teng. Kamoo ho bonahalang kateng, moea o halalelang o ¯ ile oa thusa barab’abo rona ba Tyre hore ba lemohe ka mokhoa o nepahetseng hore Pauluse o tla kena khathatsong 8 7. Ha Pauluse le bo-mphato’a hae ba fihla Tyre, ba ile ba etsa’ng? 8. U ka hlalosa Liketso 21:4 joang? 344 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO Jerusalema. Ka hona, kaha ba ne ba amehile ka Pauluse, ba ile ba mo phehella hore a se ke a ea. Hoa utloahala hore na ke hobane’ng ha ba ne ba batla ho sireletsa Pauluse kotsing e larileng ka pele. Leha ho le joalo, kaha Pauluse o ne a ikemiselitse ho phetha thato ea Jehova, o ile a fetela Jerusalema.—Lik. 21:12. 9 ¯ Ha Pauluse a utloa lintho tseo barab’abo rona ba ame- hileng ka tsona, mohlomong o ile a hopola kamoo baruˇ tuoa ba Jesu ba ileng ba etsa se tsoanang ha A ba bolella hore o tla ea Jerusalema, a utloisoe bohloko linthong tse ngata ’me a bolaoe. Petrose o ile a susumetsoa ke maikutlo ’me a re ho Jesu: “Ikhauhele, Morena; ho hang u ke ke ua ba le qetello ena.” Jesu a re: “Suthela ka mor’a ka, Satane! U khopiso ho ’na, hobane u nahana menahano ea batho, eseng ea Molimo.” (Mat. 16:21-23) Jesu o ne a ikemiselitse ho phela bophelo ba boitelo boo Molimo a neng a ˇ mo abetse bona. Pauluse o ne a ikutloa ka tsela e tsoanang. ¯ Joaloka moapostola Petrose, e tlameha ebe barab’abo rona ba Tyre ba ne ba sa bue hampe, ba ne ba mpa ba sa utloisise thato ea Molimo. 10 Batho ba bangata kajeno ba rata ho iqenehela kapa ho ¯ 9, 10. (a) Ha Pauluse a utloa lintho tseo barab’abo r ona ba Tyre ba ameˇ hileng ka tsona, e ka ’na eaba o ile a hopola boemo bofe bo t soanang le boo? ˇ (b) Kajeno ho tloaelehile boikutlo bofe lefat seng, hona bo fapane joang le mantsoe a Jesu? “HO KE HO ETSAHALE THATO EA JEHOVA” 345 ja monakalali oa keboleloa. Ka kakaretso batho ba batla bolumeli bo lumellanang le maikutlo a bona le bo sa ba batleng lintho tse ngata. Ho fapana le hoo, Jesu o ile a khothalletsa barutuoa ba hae hore ba be le boikutlo bo fapaneng le boo ka ho feletseng. O ile a re ho bona: “Haeba ˇ mang kapa mang a batla ho ntsala morao, a ke a itatole ’me a nke thupa ea hae ea tlhokofatso a ntatele a sa khaotse.” (Mat. 16:24) Ho khetha ho latela Jesu ke khato e bohlale le e nepahetseng, empa ha ho bonolo. 11 Ho e-s’o ee kae, Pauluse, Luka le ba bang ba ile ba lo- kela ho kena tseleng. Se ileng sa etsahala ha ba tsamaea se ˇ ¯ ama maikutlo. Se bontsa kamoo barab’abo rona ba Tyre ba ˇ ˇ neng ba rata Pauluse kateng ba bile ba mo tsehetsa tsebeletsong ea hae. Banna, basali le bana ba ile ba felehetsa Pau¯ luse le bo-mphato’a hae ho ea fihla leb opong. Kaofela ha bona ba ile ba khumama, ba rapela ’me ba arohana. Ka mor’a moo, Pauluse, Luka le bo-mphato’a bona ba ile ba palama sekepe se seng ’me ba fetela Ptolemaise, moo ¯ ba ileng ba kopana le barab’abo rona ’me ba hlola letsatsi le le leng le bona.—Lik. 21:5-7. 12 Ka mor’a moo, Luka o re Pauluse le bo-mphato’a hae ˇ 11. Barutuoa ba Tyre ba ile ba bont sa joang hore ba rata Pauluse ebile baa ˇ mo t sehetsa? ˇ ˇ 12, 13. (a) Ke eng e bont sang hore Filipi o ne a sebelelitse ka bot sepehi? (b) Filipi o behetse bo-ntate ba Bakreste mohlala o motle joang kajeno? 346 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO ba ile ba kena leetong le eang Cesarea. Ha ba fihla moo, ba “kena ka tlung ea Filipi moevangeli.”1 (Lik. 21:8) E tlameha ebe ba ile ba thaba ha ba bona Filipi. Lilemong tse ka bang 20 pele ho moo Jerusalema, baapostola ba ne ba ile ba mo khetha hore a hlokomele kabo ea lijo phuthehong ea Bakreste e neng e sa tsoa thehoa. Filipi o ne a qetile nako e telele a bolela litaba tse molemo ka cheseho. Hopola hore ha barutuoa ba hasana ka lebaka la mahloriso, Filipi o ile a ea Samaria ’me a qala ho bolela litaba tse molemo. Hamorao, o ile a bolella leqhalaha la Ethiopia litaba tse molemo a ba a le kolobetsa. (Lik. 6:2-6; 8:4-13, 26-38) ˇ Ruri ke mohlala o motle oa ho sebeletsa ka botsepehi. ˇ 13 Filipi o ne a ntse a chesehela tsebeletso. O ne a se a lula Cesarea, ’me a ntse a chesehela mosebetsi oa boboleli, e ˇ leng se bontsoang ke Luka ha a re ke “moevangeli.” Hape re bolelloa hore o ne a se a e-na le barali ba bane ba profeˇ tang, e leng se bontsang hore ba ile ba latela mohlala oa ntat’a bona.2 (Lik. 21:9) Kahoo, e tlameha ebe Filipi o ile a etsa se matleng a hae ho thusa litho tsa lelapa la hae hore li rate Jehova. Kajeno bo-ntate ba Bakreste ba lokela ho laˇ tela mohlala oa hae, ba etelle pele tsebeletsong ’me ba 1 Sheba lebokose la sehlooho se reng “Cesarea—Motse-moholo oa Profinse ea Roma ea Judea,” leqepheng la 348. 2 Sheba lebokose la sehlooho se reng “Na Basali ba Bakreste e ka ba Mesuoe?” leqepheng la 350. “HO KE HO ETSAHALE THATO EA JEHOVA” 347 CESAREA—MOTSE-MOHOLO OA PROFINSE EA ROMA EA JUDEA Nakong eo litaba tse ngotsoeng bukeng ea Liketso li etsahetseng ka eona, Cesarea e ne e le motse-moholo oa profinse ea Roma ea Judea, e le moo ’musisi oa eona a busang a le teng, ebile e le setsi sa lebotho la eona. Heroda e Moholo ke eena ea hahileng motse oo ’me a o rehella ka Cesare Augustase. Cesarea e ne e e-na le lintho tsohle tse tloaelehileng metseng ea Bagerike mehleng eo —e leng tempele e nehetsoeng ho Cesare ea nkoang e le molimo, lebala la liketsahalo, lebala la lipere, hammoho le lebala la lipapali. Boholo ba batho ba lulang teng e ne e le Balichaba. Cesarea e ne e le motse o koung ea leoatle o sirelelitsoeng ka thata. Morero oa Heroda e ne e le hore mo¯ haho oa hae o mocha o leb opong o bitsoang Sebastos (e leng Augustase, ka Segerike), o sirelelitsoeng ke lera¯ ko le leholo leb opong leo le kotsi, e be setsi sa khoebo se seholo ho feta Alexandria karolong e ka bochabela ea Mediterranean. Le hoja Cesarea e sa ka ea feta Alexandria, e ile ea fela ea nkoa e le ea bohlokoa kaha e ¯ ¯ ne e lutse botleng tseleng e kholo ea khoebo. Moevangeli Filipi o ile a bolela litaba tse molemo Ce¯ sarea, ’me ho bonahala eka o holiselitse bana ba hae moo. (Lik. 8:40; 21:8, 9) Ke hona moo Korneliase eo e neng e le molaoli oa lekholo oa lebotho la Roma a neng a lula teng, a ba a sokolohela teng.—Lik. 10:1. 348 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO Moapostola Pauluse o ile a etela Cesarea ka makhetlo a ’maloa. Nakoana ka mor’a hore a sokolohe, ha lira li rera ho mo bolaea, barutuoa ba ile ba mo felehetsa sebaka sa lik’hilomithara tse 90 ho tloha Jerusalema ho ea Cesarea e le hore ba ka mo isa Tarsase ka sekepe. Pauluse o ile a feta koung ea Cesarea ha a e-ea Jerusalema qetellong ea leeto la hae la bobeli le la boraro e le moromuoa. (Lik. 9:28-30; 18:21, 22; 21:7, 8) O ile a bolokoa litlamong lilemo tse peli ka tlung ea borena ea Heroda, Cesarea. Ha Pauluse a le moo o ile a buisana le Felixe, Festase le Agripa, eaba qetellong o fetela Roma ka sekepe.—Lik. 23:33-35; 24:27–25:4; 27:1. thuse bana ba bona hore ba rate mosebetsi oa ho bolela evangeli. 14 Hohle moo Pauluse a neng a fihla teng o ne a batla ba- lumeli-’moho le eena ’me a hlola le bona. Ha ho pelaelo ¯ hore barab’abo rona ba ne ba labalabela ho amohela moromuoa enoa hammoho le bo-mphato’a hae. Ruri maeto a joalo a ne a etsa hore ‘ba khothatsane.’ (Bar. 1:11, 12) Ho ˇ etsahala se tsoanang kajeno. U ka rua molemo o moholo ka ho amohela molebeli ea tsamaeang le mosali oa hae lapeng la hao, ho sa tsotellehe hore na ke la boemo bo tlaase hakae.—Bar. 12:13. 14. E tlameha ebe ho ne ho etsahala’ng ha Pauluse a etetse balumeli-’moho ˇ le eena, hona ho etsahala se t soanang joang kajeno? “HO KE HO ETSAHALE THATO EA JEHOVA” 349 NA BASALI BA BAKRESTE E KA BA MESUOE? Boikarabelo ba basali e ne e le bofe phuthehong ea Bakreste ea lekholong la pele la lilemo? Na basali e ne e ka ba mesuoe? Jesu o laetse balateli ba hae hore ba bolele litaba tse molemo tsa ’Muso ’me ba etse barutuoa. (Mat. 28:19, 20; Lik. 1:8) Taelo ena ea hore e be mesuoe ea litaba tse molemo e ne e fuoe Bakreste bohle, ebang ke banna, basali, bashanyana kapa banana. Sena se tiisoa ke boprofeta ba Joele 2:28, 29, boo moapostola Petrose a ileng a ˇ bontsa hore bo phethahetse ka Pentekonta ea 33 C.E., ha a re: “Molimo o re: ‘Matsatsing a ho qetela, ke tla ˇ tsollela o mong oa moea oa ka holim’a nama ea mofu¯ ¯ ta o mong le o mong, ’me bara ba lona le barali ba lona ˇ ba tla profeta . . . ke tla tsollela o mong oa moea oa ka esita le holim’a makhoba a ka le holim’a makhabunyane a ka matsatsing ao, ’me a tla profeta.’ ” (Lik. 2:17, 18) Joalokaha re hlokometse, moevangeli Filipi o ne a e-na le barali ba bane ba neng ba profeta.—Lik. 21:8, 9. Leha ho le joalo, tabeng ea ho ruta ka phuthehong, Lentsoe la Molimo le ne le laetse hore balebeli ba Bakreste le bahlanka ba sebeletsang ba khethoe har’a banna feela. (1 Tim. 3:1-13; Tite 1:5-9) Ha e le hantle, Pauluse o itse: “Ha ke lumelle mosali ho ruta, kapa ho sebelisa matla holim’a monna, empa hore a khutse.” —1 Tim. 2:12. 350 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO ‘Ke Itokiselitse ho Shoa’ (Liketso 21:10-14) 15 Ha Pauluse a ntse a lula ha Filipi, ho ile ha fihla moeti e mong ea hlomphehang—e leng Agabase. Ba neng ba bokane ha Filipi ba ne ba tseba hore Agabase ke moprofeta; o ¯ ¯ ne a ile a profeta hore ho tla ba le tlala e kholo nakong ea puso ea Claudiase. (Lik. 11:27, 28) Mohlomong ba ne ba ipotsa: ‘Agabase o tlil’o etsa’ng? O tlisitse molaetsa ofe?’ Ha ba ntse ba talimile ka hloko, a nka senyepa sa Pauluse—e leng lesela le lelelele le kang lebanta leo motho a neng a ka ˇ tsela chelete le lintho tse ling ho lona, eaba o itlama ka sona thekeng. Agabase o ile a itlama maoto le matsoho ka sona. Eaba oa bua. Molaetsa oa hae o ne o le bohloko: “Moea o halalelang o bolela tjena, ‘Monna eo senyepa sena e leng sa hae Bajuda ba tla mo tlama ka mokhoa ona Jerusalema ’me ba nehelane ka eena matsohong a batho ba lichaba.’ ”—Lik. 21:11. Boprofeta bona bo ne bo tiisa hore Pauluse o tla ea Jeˇ rusalema. Bo ne bo boetse bo bontsa hore ‘ho tla nehelanoa 16 ka eena matsohong a batho ba lichaba’ ka lebaka la ho bolella Bajuda ba moo litaba tse molemo. Batho ba neng ba le teng moo ba ile ba ameha maikutlo ha ba bo utloa. Luka o ¯ re: “Joale ha re utloa sena, rona le ba sebaka seo ra qala ho ¯ mo kopa ka tieo hore a se ke a nyolohela Jerusalema. Joale 15, 16. Agabase o ile a tlisa molaetsa ofe, hona ba o utloileng ba ile ba ameha joang? “HO KE HO ETSAHALE THATO EA JEHOVA” 351 Pauluse a araba: ‘Ke eng seo le se etsang ka ho lla le ho mphokolisa pelong? Kholisehang, ha kea itokisetsa feela ho tlangoa empa ke itokiselitse le ho shoella Jerusalema bakeng sa lebitso la Morena Jesu.’ ”—Lik. 21:12, 13. ¯ 17 Nahana ka boemo bona. Barab’abo rona, ho akarelle¯ tsa le Luka, ba kopa Pauluse ka tieo hore a se ke a tsamaea. Ba bang baa lla. A susumelitsoe ke kameho ea bona e lerato, ka mosa Pauluse o ba bolella hore ba mo ‘fokolisa pelong,’ kapa ba “utloisa pelo [ea hae] bohloko,” ho ea kamoo Libibele tse ling li fetolelang polelo ena ea Segerike. Leha ho le joalo, o lomahantse meno, ’me joalokaha ho ile ha etsa¯ hala ha a kopana le barab’abo rona ba Tyre, ha a lumelle ¯ hore likopo tse tiileng le lillo li mo ferekanye. Ho e-na le hoo, o ba hlalosetsa hore na ke hobane’ng ha a lokela ho ˇ tsamaea. Ruri o ile a ba sebete ’me a bontsa hore o ikemiselitse! Joalokaha Jesu a ile a etsa pele ho moo, Pauluse o ne a ikemiselitse ho ea Jerusalema. (Baheb. 12:2) Hase hore Pauluse o ne a batla ho shoela tumelo, empa haeba ho hlokahala, o ne a tla thabela ho shoa ka lebaka la ho ba molateli oa Kreste Jesu. ˇ ¯ 18 Barab’abo rona ba ile ba ikutloa joang? Ba ile ba bontsa tlhompho. Bibele e re: “Ha a sa nyahamisoe, ra inehela ntle ho khang ka mantsoe ana: ‘Ho ke ho etsahale thato ea Jehoˇ 17, 18. Pauluse o ile a bont sa joang hore o ikemiselitse ka tieo, hona bara¯ b’abo r ona ba ile ba ikutloa joang? 352 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO va.’ ” (Lik. 21:14) Ba neng ba leka ho kholisa Pauluse hore a se ke a ea Jerusalema ha baa ka ba mo qobella hore a etse seo ba se batlang. Ba ile ba mo mamela ’me ba inehela, ba hlokomela thato ea Jehova le ho e amohela, le hoja ho ne ho le thata. Pauluse o ne a khethile bophelo bo neng bo tla qetella ka hore a bolaoe. Ho ne ho le molemo ha batho bao ba mo ratang ba sa leke ho mo nyahamisa. Re ithuta thuto ea bohlokoa ho se ileng sa etsahalla Pauluse: Le ka mohla ha rea lokela ho nyahamisa ba bang ha ba batla ho sebeletsa Molimo ka boitelo. Sena se ka sebetsa maemong a mangata, eseng a lefu le bophelo feela. Ka mohlala, le hoja ho bile thata ha bana ba batsoali ba bangata ba Bakreste ba tloha hae ba il’o sebeletsa Jehova libakeng ¯ tse hole, batsoali bao ba ikemiselitse hore ba se ke ba ba nyahamisa. Phyllis, ea lulang Engelane, o hopola kamoo a ileng a ikutloa kateng ha morali oa hae ea mong e il’o ba moromuoa Afrika. Phyllis o re: “Ho ne ho le bohloko. Ke ne ke ¯ utloisoa bohloko ke hore o tla be a le hole. Ke ne ke sulafaˇ ¯ ¯ letsoe empa ka nako e tsoanang ke le motlotlo. Ke ile ka rapella taba ena hangata. Ke ile ka ipolella hore ho tsoa ho eena ’me le ka mohla nke ke ka leka ho mo fetola. Etsoe ke ne ke hlile ke mo rutile hore a etelletse lintho tse amanang le ’Muso pele! E se e le lilemo tse 30 a sebeletsa linaheng tse ling, ’me ke leboha Jehova kamehla hore ebe o sa 19 19. S e ileng sa etsahalla Pauluse se re ruta thuto efe ea bohlokoa? “HO KE HO ETSAHALE THATO EA JEHOVA” 353 ˇ ntse a tsepahala.” Ruri hoa babatseha ha re khothatsa ba¯ lumeli-’moho le rona ba itetseng. ¯ “Barab’abo R ona ba re Amohela ka Nyakallo” (Liketso 21:15-17) 20 Ho ile ha etsoa litokisetso, ’me Pauluse a tsoela pele ka ˇ ¯ leeto la hae a e-na le barab’abo rona ba ileng ba bontsa hore ˇ ba mo tsehetsa ka lipelo tsohle. Hohle moo ba fetang teng ha ba e-ea Jerusalema, Pauluse le bo-mphato’a hae ba ne ba batla ho ba le bara le barali babo bona ba Bakreste. Ha ba le Tyre, ba ile ba fumana barutuoa ’me ba hlola le bona matsatsi a supileng. Ha ba le Ptolemaise, ba ile ba lumelisa bara le barali babo bona ’me ba hlola letsatsi le le leng le bona. Ha ba le Cesarea, ba ile ba lula lapeng la Filipi matsatsinyana. Ka mor’a moo, barutuoa ba bang ba tsoang Cesarea ba ile ba felehetsa Pauluse le bo-mphato’a hae ho ea Jerusalema, moo ba ileng ba amoheloa ke Mnasone, eo e neng e le khale e le morutuoa. Qetellong, Luka o re ha ba fihla Je¯ rusalema “barab’abo rona ba re amohela ka nyakallo.” —Lik. 21:17. 21 Ho hlakile hore Pauluse o ne a batla ho ba le balumeli’moho le eena. O ile a khothatsoa ke bara le barali babo, joa¯ lokaha le rona ba re khothatsa kajeno. Ha ho pelaelo hore khothatso eo e ile ea matlafatsa Pauluse hore a tobane le bahanyetsi ba halefileng ba neng ba tla leka ho mo bolaea. ˇ 20, 21. Ke eng e bont sang hore Pauluse o ne a lakatsa ho ba le barab’abo, hona ke hobane’ng ha a ne a batla ho ba le balumeli-’moho le eena? 354 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO KARO LO EA 8 ˙ LIKETS O 21:18–28:31 “A BA BOLELLA KA ’MUSO OA MOLIMO . . . NTLE ˇ HO T SITISO” LIKETS O 28:31 Karolong ena, re tla tsamaea le Pauluse ha a kopana le mokhopi o halefileng, a kenngoa chankaneng a bile a hlaha ka pel’a babusi ba fapa-fapaneng ba Roma. Ho tsena tsohle, moapostola Pauluse ha a phetse ho paka ka ’Muso oa Molimo. Ha u ithuta karolo ena e qetellang ea buka ea Liketso, ipotse, ‘Nka etsisa ’moleli eo oa evangeli ea sebete le ea chesehang ka litsela life?’ KHAOLO EA 23 ˇ “Utloang Boitsireletso ba Ka” Pauluse o emela ’nete ka pel’a mokhopi o halefileng le Sanhedrine E Thehiloe ho Liketso 21:18–23:10 PAULUSE o boetse o tsamaea literateng tsa Jerusalema ˇ tse patisaneng le tse phetheselang. Lefatseng lohle ke motse oo ho oona Jehova a ileng a sebelisana le batho ba hae haholo. Boholo ba baahi ba oona ba motlotlo ka lintho tse ’nileng tsa etsahala motseng oo. Pauluse oa tseba hore Bakreste ba bangata moo ba ile le khongoana holimo ka lebaka la se ’nileng sa etsahala, ’me ha baa ikemisetsa ho fetoha leha ba se ba hlokometse hore Jehova o fetotse tsela eo a neng a sebelisana le bona ka eona. Kahoo, Pauluse oa hlokomela hore o lokela ho ba thusa moeeng joalokaha a ile a ba thusa nameng nakong e fetileng ha a ne a khutlela motseng ona a tsoa Efese. (Lik. 19:21) Le hoja mohlomong a ne a ipeha kotsing, ha aa ka a fetola qeto ea ho khutlela motseng oo hape. 2 Ebe lekhetlong lee Pauluse o tla hlaheloa ke eng Je- rusalema? Qaka e ’ngoe e tla mo hlahela ke ea balateli ba 1, 2. Ke eng e entseng hore moapostola Pauluse a ee Jerusalema, ’me o tla tobana le qaka efe? 356 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO ˇ Kreste, bao ba bang ba bona ba tsoentsoeng ke litaba tseo ¯ ¯ bo-bare ba li buang ka eena. Qaka e kholo e tla ba ea lira tsa Kreste. Li tla mo etselletsa, li mo otle li be li leke ho mo bolaea. Moferefere ona o tla boela o mo fe monyetla ˇ oa hore a itsireletse. Boikokobetso ba hae, sebete le tumelo ha a tobane le mathata ana ke mohlala o motle bakeng sa Bakreste kajeno. A re boneng hore na ka tsela efe. “Ba Qala ho Tlotlisa Molimo” (Liketso 21:18-20a) 3 Letsatsing le hlahlamang leo Pauluse le bo-mphato’a hae ba fihlileng Jerusalema ka lona, ba ile ba ea bona banna ba baholo ba eteletseng pele phuthehong. Bibele ha e bue ka baapostola ba bang; mohlomong ka nako eo ba ne ba le sieo kaofela ba il’o sebeletsa likarolong tse ling ˇ tsa lefatse. Leha ho le joalo, Jakobo mor’abo Jesu o ne a ntse a le teng. (Bagal. 2:9) Mohlomong Jakobo e ne e le eena molula-setulo sebokeng seo ho sona ‘banna ba baholo kaofela ba neng ba le teng’ hammoho le Pauluse. —Lik. 21:18. 4 Pauluse o ile a lumelisa banna ba baholo “ ’me a qala ho fana ka tlaleho e qaqileng ea lintho tseo Molimo ˇ 3-5. (a) Pauluse o ile a ba sebokeng sefe Jerusalema, ’me ho ne ho t sohloa eng? (b) Re ka ithuta lintlha life sebokeng seo Pauluse a bileng le sona le baholo ba Jerusalema? ˇ “UTLOANG BOITSIRELETSO BA KA” 357 a ileng a li etsa har’a lichaba ka bosebeletsi ba hae.” (Lik. 21:19) Re ka inahanela kamoo e tlamehang ebe sena ¯ ¯ se ile sa khothatsa barab’abo rona kateng. Kajeno, le rona rea thaba ha re utloa kamoo mosebetsi o tsoelang pele kateng linaheng tse ling.—Liprov. 25:25. 5 Ho ka etsahala hore Pauluse o ile a ba bolella ka mo- nehelo oo a tlileng le oona o tsoang Europe. E tlameha ebe ba ile ba thaba haholo ha ba utloa hore barab’abo ¯ ¯ rona ba libakeng tse hole ba amehile ka bona. Hase feela Bibele e reng ha banna ba baholo ba qeta ho utloa mantsoe a Pauluse ba ile “ba qala ho tlotlisa Molimo”! (Lik. 21:20a) Le kajeno batho ba bangata ba hlahetsoeng ke likoluoa kapa ba kulang haholo ba ameha lipelo ha balumeli-’moho le bona ba ba thusa ka nako e loketseng ba bile ba ba khothatsa. 6 Ba Bangata ba Ntse “ba Chesehela Molao” (Liketso 21:20b, 21) Ka mor’a moo baholo bana ba ile ba tsebisa Pauluse hore ho hlahile bothata Judea ka lebaka la taba ea bo¯ bare ka eena. Ba ile ba re: “Ua bona, mor’abo rona, hore na ho na le likete tse ngata hakae tsa balumeli har’a Bajuda; kaofela ba chesehela Molao. Empa ba utloile taba ea bo-bare ka uena hore u ’nile ua ruta Bajuda bohle har’a 6. Pauluse o ile a bolelloa bothata bofe? 358 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO lichaba ho koenehela Moshe, u ba bolella hore ba se ke ba bolotsa bana ba bona kapa ba tsamaea ka litloaelo tse tiileng.”1—Lik. 21:20b, 21. 7 Ke hobane’ng ha Bakreste ba bangata joalo ba ne ba ntse ba chesehela Molao oa Moshe, leha ho se ho fetile lilemo tse ka holimo ho 20 o felisitsoe? (Bakol. 2:14) Ka 49 C.E., baapostola le banna ba baholo ba neng ba kopane Jerusalema ba ne ba rometse mangolo liphuthehong a hlalosang hore ha ho hlokahale hore balumeli ba balichaba ba bolle ’me ba boloke Molao oa Moshe. (Lik. 15:2329) Leha ho le joalo, lengolo leo le ne le sa ka la bua ka balumeli ba Bajuda, bao boholo ba bona ba neng ba sa utloisise hore Molao oa Moshe ha o sa sebetsa. ˇ 8 Na balumeli baa ba Bajuda ba ne ba sa tsoanelehe ho ba Bakreste ka lebaka la ho ba le maikutlo aa a fosahetseng? Che. E ne e se taba ea hore e ne e kile ea e-ba barapeli ba melimo ea bohetene ’me ba ntse ba tsoela pele ho boloka meetlo ea bohetene. Molao ona oo balumeli bao ba Bajuda ba neng ba o nka e le oa bohlokoa o ne o fanoe ke Jehova. E ne e se oa bademona ebile o sa 1 Kaha ho ne ho e-na le Bakreste ba bangata ba Bajuda, mohlomong liphutheho tse ngata li ne li kopanela malapeng. 7, 8. (a) Bakreste ba bangata ba Judea ba ne ba e-na le maikutlo afe a fosahetseng? (b) Ke hobane’ng ha see e ne e se bokoenehi? ˇ “UTLOANG BOITSIRELETSO BA KA” 359 fosahala. Empa Molao oo o ne o amana le selekane sa khale, athe Bakreste ba ne ba se ba le tlas’a selekane se secha. Borapeling bo hloekileng ho ne ho se ho sa hlokahale hore ho bolokoe selekane sa Molao. Bakreste ba Baheberu ba neng ba chesehela Molao ba ne ba sa utloisise ˇ taba ena ’me ba sa tsepe phutheho ea Bakreste. Ba ne ba lokela ho etsa hore tsela eo ba nahanang ka eona e lumellane le kamoo ’nete e neng e ntse e senoloa kateng butle-butle.1—Jer. 31:31-34; Luka 22:20. “Ha ho Letho Litabeng Tsa B o-bare” (Liketso 21:22-26) 9 Ho thoe’ng ka litaba tsa bo-bare tsa hore Pauluse o ne a ruta Bajuda ba har’a balichaba “hore ba se ke ba bolotsa bana ba bona kapa ba tsamaea ka litloaelo tse tiileng”? Pauluse e ne e le moapostola oa Balichaba, ’me o ile a ema qetong ea hore ha baa tlameha ho boloka Molao. Hape o ile a pepesa phoso ea ba neng ba leka ho susume1 Lilemo tse seng kae hamorao, moapostola Pauluse o ile a ngola lengolo la hae le eang ho Baheberu, leo ho lona a ileng a paka hore selekane ˇ se secha ke sona sa bohlokoa. Lengolong leo, o ile a bontsa ka ho hlakileng hore selekane se secha se ile sa etsa ˇ hore sa khale se felloe ke nako. Ka sebele hore ebe Pauluse o ile a tsetleha mabaka ka tsela e matla tjena ho ile ha fa Bakreste ba Bajuda mabaka a kholisang ao ba ka a sebelisang ho araba Bajuda ba neng ba tsitlella hore Molao oa Moshe o ntse o sebetsa, empa hape ha ho pelaelo hore ho ile ha matlafatsa tumelo ea Bakreste ba bang ba neng ba nka hore Molao oa Moshe ke oa bohlokoa ka ho fetisisa.—Baheb. 8:7-13. 9. Pauluse o ile a ruta eng mabapi le Molao oa Moshe? 360 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO ˇ lletsa balumeli ba Balichaba hore ba bolle e le ho bontsa hore ba boloka Molao oa Moshe. (Bagal. 5:1-7) Hape Pauluse o ile a pakela Bajuda ba metseng eo a ileng a e etela. Ha ho pelaelo hore o ile a hlalosetsa ba thahasellang hore lefu la Jesu le entse hore Molao o felloe ke nako le hore ho loka ho fumanoa ka tumelo, eseng ka ho boloka Molao.—Bar. 2:28, 29; 3:21-26. 10 ˇ Leha ho le joalo, Pauluse o ile a bontsa hore o naha- nela ba bang ba neng ba thabela ho boloka meetlo e itseng ea Bajuda e kang ho se sebetse ka Sabatha kapa ho se je lijo tse itseng. (Bar. 14:1-6) Ha aa ka a ba behela melao ka lebollo. Ha e le hantle, Pauluse o ile a bolotsa Timothea e le hore Bajuda ba tle ba mo amohele kaha ntate oa hae e ne e le Mogerike. (Lik. 16:3) Ho ne ho itsoela ho motho hore na oa bolla kapa che. Pauluse o ile a re ho Bagalata: “Ho bolla kapa ho se bolle hase tsa bohlokoa leha e le bofe, empa tumelo e sebetsang ka lerato ke ea bohlokoa.” (Bagal. 5:6) Leha ho le joalo, e ne e tla ba phoso hore motho a bolle kahobane a batla ho boloka Molao kapa a nahana hore o lokela ho bolla e le hore a ˇ khahlise Jehova. Seo se ne se tla bontsa hore ha a na tumelo. 10. Pauluse o ile a nahanela maikutlo a ba bang joang mabapi le Molao le lebollo? ˇ “UTLOANG BOITSIRELETSO BA KA” 361 11 Le hoja litaba tseo tsa bo-bare e ne e le mashano, li ile tsa ferekanya balumeli ba Bajuda. Ke ka lebaka leo banna ba baholo ba ileng ba eletsa Pauluse ba re: “Re na le banna ba bane ba nang le boitlamo. Nka banna bana u tsamaee le bona ’me u itlhoekise hammoho le bona ka ˇ mokhoa o laetsoeng ’me u lefelle litsenyehelo tsa bona, e le hore ba ka beoloa lihlooho. Kahoo e mong le e mong o tla tseba hore ha ho letho litabeng tsa bo-bare tseo ba ileng ba li bolelloa ka uena, empa hore u tsamaea ka ho laolehileng, u boetse u boloka Molao.”1—Lik. 21:23, 24. 12 Pauluse a ka be a hanne eaba o bolela hore bothata bo ne bo sa bakoa ke litaba tsa bo-bare empa bo bakiloe ke hore balumeli bao ba Bajuda ba chesehela Molao oa 1 Litsebi li re e ka ’na eaba banna bao ba ne ba entse boitlamo ba Bonazari. (Num. 6:1-21) Ke ’nete hore Molao oa Moshe, oo boitlamo bona bo neng bo entsoe tlas’a oona, o ne o se o feletsoe ke nako. Leha ho le joalo, e ka ’na eaba Pauluse o ne a nahana hore hase phoso ha banna bao ba phetha boitlamo boo ba bo entseng ho Jehova. Ka lebaka leo, e ˇ ne e se phoso ha a ba lefella litsenyehelo a bile a tsamaea le bona. Ha re tsebe hore na e ne e leˇ boitlamo ba mofuta ofe, empa ha re lumele hore Pauluse o ne a ka tsehetsa ho nyeheloa ha sehlabelo sa phoofolo (e leng seo Banazari ba neng ba se etsa), a lumela hore se tla hloekisa banna bao sebe. Kaha Kreste o ne a se a entse sehlabelo se phethahetseng, mahlabelo a joalo a liphoofolo a ne a se a se na matla a ho koahela libe. Le hoja re sa tsebe seo Pauluse a ileng a se etsa, re kholisehile hore o ne a ke ke a lumela ho etsa ntho e ka silafatsang letsoalo la hae. 11. Baholo ba ile ba eletsa Pauluse hore a etse’ng, ’me ho ka etsahala hore seo se ne se akarelletsa eng? (Sheba le mongolo o botlaaseng ba leqephe.) ˇ 12. Pauluse o ile a bont sa joang hore o ikemiselitse ho sebelisana le baholo ba Jerusalema le ho etsa seo ba reng a se etse? 362 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO Moshe. Leha ho le joalo, o ne a ikemiselitse ho etsa seo ¯ ba reng a se etse, hafeela a sa tlole molao oa Molimo. Pele ho moo o ile a re: “Ho ba tlas’a molao ka ba joaloka ea tlas’a molao, le hoja ke se tlas’a molao, e le hore nka rua ba tlas’a molao.” (1 Bakor. 9:20) Lekhetlong lena Pauluse o ile a sebelisana le baholo ba Jerusalema ’me a ba “joaloka ea tlas’a molao.” Ka ho etsa joalo, o ile a re behela mohlala o motle oa hore re sebelisane le baholo ’me re se ke ra tsitlella ho etsa lintho kamoo re ratang kateng. —Baheb. 13:17. “O ne a sa Lokela ho Phela!” (Liketso 21:27–22:30) 13 Ho ile ha lubeha tempeleng. Ha matsatsi a boitlamo a le haufi le ho fela, Bajuda ba tsoang Asia ba ile ba bona Pauluse, ba mo qosa ka bohata hore o tlisitse Balichaba ka tempeleng, eaba ba qala morusu. Hoja molaoli oa sesole oa Moroma a sa ka a kenella, Pauluse a ka be a ile a khakhathoa ho fihlela a shoele. Leha ho le joalo, molaoli eo oa Moroma o ile a mo kenya chankaneng. Ho ile ha ` feta lilemo tse ka holimo ho tse ’ne pele Pauluse a lokolloa. Empa Pauluse o ne a ntse a le kotsing. Ha molaoli a botsa Bajuda hore na ba hlasela Pauluse ka mabaka afe, 13. (a) Ke hobane’ng ha Bajuda ba bang ba ile ba baka moferefere tempeleng? (b) Pauluse o ile a pholosoa joang? ˇ “UTLOANG BOITSIRELETSO BA KA” 363 ba ile ba bolela liqoso tse fapa-fapaneng. Kaha ho ne ho le moferefere, molaoIi eo o ne a sa utloe letho. Qetellong, Pauluse o ile a tlameha ho tlosoa moo. Ha Pauluse le masole a Baroma ba le haufi le ho kena moo masole a lulang teng, Pauluse o ile a re ho molaoli oa masole: “Kea u ¯ kopa, ntumelle hore ke bue le sechaba.” (Lik. 21:39) Molaoli o ile a lumela, ’me Pauluse a emela tumelo ea hae ka sebete. 14 ˇ Pauluse o ile a qala ka ho re: “Utloang boitsireletso ba ka.” (Lik. 22:1) O ile a bua le bongata boo ka Seheberu, e leng se ileng sa etsa hore bo theole maikutlo. O ile a bolela lebaka le utloahalang le entseng hore e be molateli oa Kreste. Ka ho etsa joalo, ka tsela e bohlale o ile a bolela lintho tseo Bajuda ba neng ba ka batla bopaki ba tsona haeba ba batla ho etsa joalo. Pauluse o ne a rutetsoe maotong a Gamaliele ea tsebahalang ’me a hlorisitse balateli ba Kreste, joalokaha mohlomong ba bang ba bona ba ne ba tseba seo. Leha ho le joalo, ha a le tseleng e eang Damaseka, o ile a bona Kreste ea tsositsoeng bafung ponong, ’me a bua le eena. Batho bao Pauluse a neng a tsamaea le bona ba ile ba bona leseli le leholo ’me ba utloa lentsoe, empa ha baa ka ba utloisisa se buuoang. 14, 15. (a) Pauluse o ile a re’ng ho Bajuda? (b) Molaoli oa Moroma o ile a nka mehato efe e le hore a tle a tsebe se halefisitseng Bajuda? 364 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO (Lik. 9:7; 22:9) Ka mor’a moo ba ile ba lokela ho tataisa Pauluse, ea neng a foufalitsoe ke pono eo, ba mo isa Damaseka. Ha ba fihla moo, Ananiase, monna ea neng a tsejoa ke Bajuda ba moo, o ile a etsa mohlolo oa hore Pauluse a boele a bone. 15 Pauluse o ile a tsoela pele ho ba phetela hore ha a se a khutletse Jerusalema, Jesu o ile a hlaha ho eena tempeleng. Ha Bajuda ba utloa taba ena ba ile ba ferekana eaba ba hoeletsa ka bohale ba re: “Tlosang motho ea joalo leˇ fatseng, kaha o ne a sa lokela ho phela!” (Lik. 22:22) E le ho pholosa Pauluse, molaoli o ile a mo isa moo masole a lulang teng. Kaha molaoli o ne a ikemiselitse ho fumana se entseng hore Bajuda ba halefele Pauluse hakaalo, o ile a laela hore a lokisetsoe ho hlahlojoa ka ho shapuoa. Leha ho le joalo, Pauluse o ile a sebelisa molao hore o mo sireletse eaba o bolela hore ke moahi oa Roma. Kaˇ jeno barapeli ba Jehova ba ’nile ba etsa se tsoanang ’me ba sebelisa molao hore o ba sireletse ha ba emela tumelo ea bona. (Sheba lebokose la sehlooho se reng “Kamoo Molao oa Roma o Neng o Sebetsa ho Baahi ba Teng,” se leqepheng la 366, le la sehlooho se reng “Linyeoe Tsa Mehleng Ena,” se leqepheng la 368.) Ha molaoli a utloa hore Pauluse ke moahi oa Roma, o ile a hlokomela hore o ˇ “UTLOANG BOITSIRELETSO BA KA” 365 KAMO O MOLAO OA ROMA O NENG O SEBETSA HO BAAHI BA TENG ˇ ˇ Hangata ba boholong Roma ba ne ba sa itsunya-tsunye litabeng tsa liprofinse. Ho ne ho tloaelehile hore ho sebelisoe molao oa Bajuda litabeng tsa Bajuda. Baroma ba ile ba kenella nyeoeng ea Pauluse hobane feela ho ne ho tsohile morusu ha a bonoa ka tempeleng ’me seo se ne se ka ’na sa baka moferefere sechabeng. Ba boholong ’musong oa Roma ba ne ba e-na le tao¯ ¯ lo e kholo ho batho ba lulang liprofinseng bao e seng baahi ba Roma. Leha ho le joalo, lintho li ne li fetoha ha ba sebetsa litaba tsa baahi ba Roma.1 Ha motho e le moahi oa Roma o ne a fuoa litokelo tse itseng tse neng li hlomphuoa ’musong oohle oa Roma. Ka mohlala, molao o ne o sa lumele hore motho a tlame kapa a otle Moroma ea sa fumanoang a le molato, kaha ho ne ho ˇ nkoa hore ke makhoba feela a ka tsoaroang joalo. Baahi ba Roma ba ne ba boetse ba e-na le tokelo ea ho ipiletsa ho moemphera ea Roma mabapi le qeto e entsoeng ke ’musisi oa profinse. Batho ba ne ba ka fumana tokelo ea ho ba baahi ba Roma ka litsela tse fapa-fapaneng. Ea pele e ne e le ka ho e ja lefa. Ka linako tse ling baemphera ba ne ba fa baahi ba itseng kapa sechaba sohle se lokolohileng se lulang motseng o itseng kapa literekeng tokelo ea ho ba 1 Lekholong la pele la lilemo C.E., hase baahi ba bangata ba Roma ba neng ba lula Judea. Bafo bohle ba lulang liprofinseng ba ile ba fuoa tokelo ea ho ba baahi ba Roma lekholong la boraro la lilemo. 366 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO baahi ba Roma ka lebaka la mosebetsi oo ba o entseng. Lekhoba le rekang bolokolohi ho moahi oa Roma, lekhoba le lokolloang ke Moroma, kapa lesole le kileng la ˇ ba mabothong a Roma le seng le behile meja fatse, e ne e ka ba Moroma. Ho bonahala hore maemong a itseng motho o ne a ka khona ho reka tokelo ea ho ba moahi oa Roma. Ke kahoo molaoli oa sesole ea bitsoang Claudiase Lysiase a ileng a re ho Pauluse: “Ke rekile litokelo tsena ke le moahi ka chelete e ngata haholo.” Pauluse a re: “ ’Na ke bile ke tsoaletsoe ho tsona.” (Lik. 22: 28) Kahoo, ho ka etsahala hore ebe e mong oa bo-ntate-moholo ba Pauluse o ile a fumana tokelo ea ho ba moahi oa Roma, le hoja ho sa tsejoe hore na ho tlile joang. lokela ho sebelisa mokhoa o mong o tla etsa hore a fumane lintlha tse eketsehileng. Letsatsing le hlahlamang o ile a tlisa Pauluse ka pel’a lekhotla le ka holimo-limo la Baˇ juda la Sanhedrine, le neng le tsoere seboka se khethehileng. “Ke Mofarisi” (Liketso 23:1-10) 16 Ha Pauluse a qala ho ikemela ka pel’a Sanhedrine, o ˇ ile a re: “Banna, barab’eso, ke itsoere ka letsoalo le hloe- kileng ka ho phethahetseng ka pel’a Molimo ho fihlela 16, 17. (a) Hlalosa se ileng sa etsahala ha Pauluse a bua le S anhedrine. (b) Pauluse o ile a beha mohlala oa boikokobetso joang ha a otloa? ˇ “UTLOANG BOITSIRELETSO BA KA” 367 LINYEOE TSA MEHLENG ENA Joaloka moapostola Pauluse, Lipaki Tsa Jehova kajeˇ no li ’nile tsa tsabela molaong e le hore ho tlosoe lithibelo mosebetsing oa tsona oa ho bolela litaba tse molemo. Ka mafolofolo li ’nile tsa ‘sireletsa le ho theha ka molao litaba tse molemo.’—Bafil. 1:7. Lilemong tsa bo-1920 le bo-1930, ba makholo-kholo ba ile ba koalloa chankaneng ka lebaka la ho aba lingoliloeng tsa Bibele. Ka mohlala, ka 1926, makhotla a Jeremane a ne a ntse a e-s’o mamele linyeoe tse 897. Ho ne ho e-na le linyeoe tse ngata hoo ho ileng ha hlokahala hore ho thehoe Lefapha la Molao lekaleng la Jeremane. Lilemong tsa bo-1930, United States feela ho ˇ ne ho tsoaroa Lipaki tse makholo ka selemo ka lebaka la ho bolela ka ntlo le ntlo. Ka 1936, palo eo e ile ea eketseha ea ba 1 149. Ho ile ha boela ha thehoa Lefapha la Molao United States bakeng sa ho fana ka thuso e hlokahalang. Ho tloha ka 1933 ho ea ho 1939, Lipaki tsa Romania li ile tsa tobana le linyeoe tse 530. ¯ Leha ho le joalo, barab’abo rona ba ile ba ipiletsa Le¯ khotleng le Phahameng la Romania, ’me ba hlola linyeoe tse ngata. Ho bile joalo le linaheng tse ling tse ngata. Bakreste ba ile ba tobana le mathata a molao hobane matsoalo a bona a ba hanela ho etsa lintho tse etsang hore ba nke lehlakore. (Esa. 2:2-4; Joh. 17:14) Bahanyetsi ba ile ba ba qosa ka bohata ba re ba hlohlelle368 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO tsa ho tsoa ’muso tlaase, e leng seo ka linako tse ling se ileng sa etsa hore mosebetsi oa bona o thibeloe ka ho feletseng. Leha ho le joalo, mebuso e mengata e lumetse hore Lipaki Tsa Jehova li ke ke tsa e tsoa tlaase.1 1¯ Bakeng sa lintlha tse mabapi le kamoo Lipaki Tsa Jehova li ileng tsa ˇ hlola linyeoe linaheng tse sa tsoaneng, sheba khaolo ea 30 bukeng ea Lipaki tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo. letsatsing lena.” (Lik. 23:1) Ha aa ka a khona ho tsoela pele. Bibele e re: “Eaba moprista ea phahameng Ananiase o laela ba emeng haufi le eena hore ba mo otle molomo.” (Lik. 23:2) E bile nyeliso e kaakang! Hape e bile leeme le lekaakang hore ebe ba ile ba re Pauluse o leshano le pele ba utloa bopaki! Hase feela Pauluse a ileng a re: “Molimo o tla u otla, uena lerako le soeufalitsoeng. Na ka nako e le ’ngoe u lutse bakeng sa ho nkahlola tumella¯ nong le Molao ’me, ka ho tlola Molao, u laela hore ke otloe?”—Lik. 23:3. 17 Ba emeng haufi ba ile ba makala—ba sa makatsoe ke motho ea otlileng Pauluse, empa ba makatsoa ke mantsoe a Pauluse! Ba re: “Na u hlapaola moprista ea phahameng oa Molimo?” Ha Pauluse a ba araba, o ile a ba ruta boikokobetso le ho hlompha Molao. A re: “Barab’eso, ke ne ke sa tsebe hore ke moprista ea phahameng. Etsoe ho ngoliloe, ‘U se ke ua bua hampe ka ’musi oa ˇ “UTLOANG BOITSIRELETSO BA KA” 369 batho ba heno.’ ”1 (Lik. 23:4, 5; Ex. 22:28) Joale Pauluse o ile a fetola maoa. Kaha o ne a lemohile hore litho tsa lekhotla la Sanhedrine e ne e le Bafarisi le Basaduse, o ile a re: “Banna, barab’eso, ke Mofarisi, mora oa Bafariˇ si. Ke ntse ke ahloloa mabapi le tsepo ea tsoho ea bafu.” —Lik. 23:6. 18 Ke hobane’ng ha Pauluse a ile a ipitsa Mofarisi? Ke hobane e ne e le “mora oa Bafarisi” a tsoa lelapeng la lequloana leo. Kahoo, ba bangata ba ne ba ntse ba mo nka e le Mofarisi.2 Leha ho le joalo, ke hobane’ng ha Pauluse a ile a ikamahanya le seo Bafarisi ba se lumelang tabeng ea tsoho? Ho thoe Bafarisi ba ne ba lumela hore moea oa motho ha o shoe le hore meea ea ba lokileng e tla boela e phele e le batho. Pauluse o ne a sa lumele thuto eo. O ne a lumela tsoho e rutiloeng ke Jesu. (Joh. 5:25-29) Leha ho le joalo, Pauluse o ile a lumellana le Bafarisi hore ho 1 Ba bang ba boletse hore mohlomong Pauluse o ne a sa bone hantle ke kahoo a sa kang a hlokomela moprista ea phahameng. Kapa mohlomong e ne e le khale a le sieo Jerusalema hoo a neng a sa tsebe moprista ea phahameng oa nakong eo. Kapa mohlomong Pauluse o ne a siriloe ke bongata hoo a sa kang a bona hore na ke mang ea laetseng hore a otloe. ˇ 2 Ka 49 C.E., ha baapostola le banna ba baholo ba tsohla hore na Balichaba ba lokela ho boloka Molao oa Moshe kapa che, Bakreste ba bang ba neng ba le teng e ne e le “ba lequloana la Bafarisi ba lumetseng.” (Lik. 15:5) Ho hlakile hore ka tsela e itseng balumeli bao ba ne ba ntse ba nkoa e le Bafarisi. 18. Ke hobane’ng ha Pauluse a ile a ipitsa Mofarisi, ’me re ka beha mabaˇ ka ka tsela e t soanang le ee joang maemong a mang? 370 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO ˇ na le tsepo ea bophelo ka mor’a lefu—ho fapana le Basaduse ba neng ba sa lumele hore bo teng. Re ka beha maˇ baka ka tsela e tsoanang le ena ha re buisana le Mak’hatholike kapa Maprostanta. Re ka ba bolella hore re lumela ho Molimo joaloka bona. Ke ’nete hore e ka ’na ¯ eaba ba lumela ho Boraro-bo-bong ha rona re lumela ho Molimo ea hlalosoang ka Bibeleng. Leha ho le joalo, rea lumellana hore Molimo o teng. 19 Mantsoe a Pauluse a ile a arola Sanhedrine. Bibele e re: “Ha tsoha ho tleroha ho hoholo, ’me ba bang ba bangoli ba sehlopha sa Bafarisi ba ema ’me ba qala ho pheˇ ha khang ka bohale bo tsosang, ba re: ‘Ha re fumane letho le fosahetseng ho motho enoa; empa haeba moea kapa lengeloi le buile le eena,—.’ ” (Lik. 23:9) Taba ea hore feela e ka ’na eaba lengeloi le ile la bua le Pauluse e ne e sa amohelehe ho Basaduse, ba neng ba sa lumele hore mangeloi a teng! (Sheba lebokose la sehlooho se reng “Basaduse le Bafarisi,” se leqepheng la 372.) Moferefere o ile oa e-ba moholo hoo molaoli oa sesole oa Moroma a ileng a boela a mo pholosa. (Lik. 23:10) Leha ho le joalo, Pauluse o ne a ntse a le kotsing. Ho ne ho tla etsahala eng ka eena? Re tla ithuta se eketsehileng khaolong e latelang. 19. Ke hobane’ng ha seboka sa S anhedrine se ile sa e-ba moferefere? ˇ “UTLOANG BOITSIRELETSO BA KA” 371 BASADUSE LE BAFARISI Sanhedrine e ne e le lekhotla la sechaba la tsamaiso ebile e le lekhotla le phahameng la Bajuda ’me le ne le ˇ laoloa ke maquloana a mabeli a loantsanang—e leng Basaduse le Bafarisi. Ho latela rahistori oa lekholong ¯ ¯ la pele la lilemo Flavius Josephus, phapang e kholo pakeng tsa lihlopha tsena e ne e le hore Bafarisi ba ne ba batla ho qobella batho ho boloka lineano tse ngata haholo. Basaduse bona ba ne ba lumela hore ho hlokahala hore bolokoe feela se ngotsoeng Molaong oa Moshe. Lihlopha tsena li ne li utloana tabeng ea ho hanyetsa Jesu. Ho bonahala eka Basaduse ba khomarelang mekhoa e tloaetsoeng ba ne ba sebelisana haufi le baprista ’me Anase le Kaifase, bao ka bobeli e neng e le baprista ba phahameng, e ne e le litho tsa lequloana lena le matla. (Lik. 5:17) Leha ho le joalo, Josephus o re lithuto tsa bona li ne li ka “susumetsa barui feela.” Ka lehlakoreng le leng, Bafarisi ba ne ba susumetsa batho ba tloaelehileng. Leha ho le joalo, pono ea bona e neng e akarelletsa ho itlhoekisa ka ho feteletseng pele ˇ ba etsa litsebeletso, e ile ea etsa hore batho ba nke ho boloka Molao e le moroalo. Ho fapana le Basaduse, Bafarisi ba ne ba lumela hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e reriloe esale pele le hore moea ha o shoe, ho e-na le hoo, o fuoa moputso o loketseng bakeng sa liketso tsa oona tse ntle kapa tse mpe. 372 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO KHAOLO EA 24 “E-ba Sebete!” Pauluse o pholoha morero o mobe oa ho mo bolaea ’me o ikarabella ka pel’a Felixe E Thehiloe ho Liketso 23:11–24:27 PAULUSE o hloibiloa matsohong a mokhopi o halefileng Jerusalema ’me o boetse o teronkong. Moapostola enoa ea chesehang ha aa makatsoa ke mahloriso a mo hlahelang Jeˇ rusalema. O ile a bolelloa hore a lebelle “litlamo le matsoenyeho” motseng ona. (Lik. 20:22, 23) Le hoja a sa tsebe hantle hore na o tla hlaheloa ke eng, oa tseba hore o tla tsoela pele ho utloa bohloko ka lebaka la lebitso la Jesu.—Lik. 9:16. 2 Le baprofeta ba Bakreste ba ile ba lemosa Pauluse hore o tla tlangoa ’me ho nehelanoe ka eena “matsohong a batho ba lichaba.” (Lik. 21:4, 10, 11) Mokhopi oa Bajuda o sa tsoa leka ho mo bolaea, ’me nakoana ka mor’a moo ho ne ho bonahala eka litho tsa Sanhedrine li ‘tla mo tsekolla likoto’ kaha li ne li phehile khang ka seo Pauluse a neng a ˇ se buile. Joale moapostola enoa ke motsoaruoa matsohong a masole a Roma ’me o talimane le liteko tse eketsehileng 1, 2. Ke hobane’ng ha Pauluse a sa makatsoa ke mahloriso a mo hlahelang Jerusalema? “E-BA SEBETE!” 373 le liqoso. (Lik. 21:31; 23:10) Ka sebele, moapostola Pauluse o hloka khothatso! 3 Nakong ena ea bofelo, rea tseba hore “bohle ba laka- tsang ho phela ka boinehelo ba bomolimo kamanong le ¯ Kreste Jesu le bona ba tla hlorisoa.” (2 Tim. 3:12) Le rona re hloka khothatso nako le nako e le hore re ka tsoela pele mosebetsing oa ho bolela litaba tse molemo. Ka sebele re leboha lipolelo tseo re li fumanang ka nako e loketseng libokeng le ka har’a lingoliloeng tse lokiselitsoeng ke “lekhoˇ ba le tsepahalang le le masene”! (Mat. 24:45) Jehova o re tiiselitse hore lira tsa litaba tse molemo li ke ke tsa atleha. Li ke ke tsa felisa bahlanka ba hae e le sehlopha ebile li ke ke tsa emisa mosebetsi oa bona oa ho bolela litaba tse molemo. (Esa. 54:17; Jer. 1:19) Leha ho le joalo, ke’ng se ileng sa etsahalla moapostola Pauluse? Na o ile a fumana khothatso e le hore a ka tsoela pele ho paka ka ho phethahetseng ho sa tsotellehe khanyetso? Haeba ho joalo, o ile a khothatsoa joang, hona o ile a etsa’ng? Ho Nyopisa ‘Morero oa B olotsana o Tlamiloeng ka Kano’ (Liketso 23:11-34) 4 Moapostola Pauluse o ile a fumana khothatso eo a e 3. Re fumana khothatso hokae e le hore re tsoele pele ho etsa mosebetsi oa ho bolela litaba tse molemo? 4, 5. Pauluse o ile a fumana khothatso efe, ’me ke hobane’ng ha e tlile ka nako e loketseng? 374 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO hlokang bosiung ba ka mor’a hore a lokolloe lekhotleng la Sanhedrine. Bibele e re: “Morena a ema haufi le eena a re: ‘E-ba sebete! Etsoe joalokaha u ’nile ua fana ka bopaki bo phethahetseng linthong tse mabapi le ’na Jerusalema, kahoo u tla boela u pake Roma.’ ” (Lik. 23:11) Ka lebaka la mantsoe ao a Jesu a khothatsang, Pauluse o ile a tiisetsoa hore o tla lopolloa. O ne a tseba hore o tla pholoha e le hore a fihle Roma ’me a be le tokelo ea ho paka ka Jesu moo. 5 Khothatso eo Pauluse a ileng a e fuoa moo e ile ea tla ka nako e loketseng. Letsatsing le latelang, banna ba Bajuda ba fetang 40 ba ile ba etsa ‘morero oa bolotsana ’me ba itlama ka bomalimabe, ba re ba ke ke ba ja kapa ba noa ho fihlela ba bolaile Pauluse.’ Bajuda bao ba ne ba ikemiselitse ho bolaea moapostola Pauluse hoo ba ileng ba etsa “morero ona oa bolotsana o tlamiloeng ka kano.” Haeba morero oa bona o mobe o ne o ke ke oa atleha, ba ne ba lumela hore ba tla oeloa ke bomalimabe. (Lik. 23:12-15) Baprista ba ka sehloohong le banna ba baholo ba ne ba ba luˇ meletse ho ntsetsa pele morero oa bona oa hore Pauluse a khutlisetsoe lekhotleng la Sanhedrine hore a boele a hlongoe lipotso, joalokaha eka ho netefatsoa litaba tse mo amang. Empa ha a le tseleng, batho bao ba ne ba tla mo lalla e le hore ba mo bolaee. “E-BA SEBETE!” 375 6 Leha ho le joalo mochana oa Pauluse o ile a utloela ka morero ona eaba o bolella Pauluse. Eaba Pauluse o re mohlankana enoa a bolelle molaoli oa sesole oa Moroma Claudiase Lysiase. (Lik. 23:16-22) Ka sebele Jehova o rata bacha, bao joaloka mochana enoa oa Pauluse ea sa boleloang ka lebitso, ka sebete ba etelletsang pele boiketlo ba ˇ batho ba Molimo ka pele ho ba bona ’me ka botsepehi ba etsa sohle seo ba ka se khonang ho etsa mesebetsi e amanang le ’Muso. 7 Hang-hang ha Claudiase Lysiase, molaoli oa banna ba 1 000 a se a tsebile ka morero ona o mobe khahlanong le Pauluse, o ile a laela hore ho lokisoe balebeli ba sesole ba 470—masole, banna ba marumo le banna ba lipere—hore ba tlohe Jerusalema bosiung boo ’me ba sireletse Pauluse ho ea fihla Cesarea. Ha a fihla moo, ba ne ba lokela hore ba nehelane ka eena ho ’Musisi Felixe.1 Le hoja Cesarea, e leng setsi sa Roma sa tsamaiso ea puso se laolang Judea e ne e e-na le baahi ba bangata ba Bajuda, boholo ba baahi ba eona e ne e le Balichaba. Maemo a tsitsitseng a moo a fapane le a neng a rena Jerusalema, moo ba bangata ba 1 Sheba lebokose la sehlooho se reng “Felixe—’Musisi oa Judea,” leqepheng la 377. 6. Morero oa ho bolaea Pauluse o ile oa pepesoa joang, ’me kajeno bacha ba ka latela mohlala oa mochana oa Pauluse joang? 7, 8. Claudiase Lysiase o ile a etsa litokisetso life ho sireletsa Pauluse? 376 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO FELIXE—’MUSISI OA JUDEA Hoo e ka bang ka 52 C.E., Moemphera oa Roma ea bitsoang Claudiase o ile a khetha e mong oa lithatohatsi tsa hae, e leng Antonius Felixe, hore e be ’musisi oa Judea. Joaloka moholoane oa hae Pallas, Felixe e ne e le lekhoba le lokolotsoeng la lelapa la baemphera. E ne e le lekhetlo la pele lekhoba le lokolotsoeng e ba ’musisi ea laolang sesole. Rahistori oa Moroma ea bitsoang Tacitus o re kaha ˇ ngoan’abo o ne a e-na le tsusumetso ho moemphera, Felixe “o ne a lumela hore a ka etsa bobe ba mefuta eohle ˇ a sa tsohe hore o tla ahloloa.” Ha Felixe e le ’musisi o ile ˇ a “etsa bokhopo ba mefuta eohle le boitsoaro bo bobe, a ˇ sebelisa matla a borena ka tsela e bontsang hore e kile ea e-ba lekhoba.” Ha Felixe e ntse e le ’musisi, o ile a nyala Drusila, morali oa Heroda Agripa I, ka mor’a hore a mo hoka-hoke hore a tlohele monna oa hae. Felixe o ile a ˇ tsoara moapostola Pauluse ka tsela e mpe le e khahlanong le molao, a nahana hore o tla mo fa tjotjo. Puso ea Felixe e ne e tletse bobolu e bile e hatella hoo Moemphera Nero a ileng a re a khutlele Roma ka 58 C.E. Moifo oa Bajuda o ile oa latela Felixe ha a ea Roma oa mo qosa ka hore o entse manyofonyofo, empa ho thoe Pallas o ile a pholosa ngoan’abo hore a se ke a ahloloa. neng ba e-na le moea oa ho khetholla malumeli a mang ’me ¯ ba keneletse merusung. Cesarea e ne e boetse e le ntlo-kho¯ lo ea mabotho a sesole sa Roma a Judea. “E-BA SEBETE!” 377 Lysiase o ile a boloka molao oa Roma ’me a romela lengolo ho Felixe a hlalosa taba ena. Lysiase o ile a bolela hore ha a utloa hore Pauluse ke moahi oa Roma, o ile a mo pholosa ho Bajuda ba neng ba le haufi le ho mo “bolaea.” Lysiase o ile a bolela hore ha aa ka a fumana Pauluse a le ˇ molato oa ntho leha e le efe “e tsoaneloang ke lefu kapa litlamo,” empa ka lebaka la morero o mobe khahlanong le Pauluse, o ne a mo fetisetsa ho Felixe e le hore ’musisi enoa a mamele baqosi ba hae ’me a ahlole tabeng ena.—Lik. 23: 25-30. 8 Na Lysiase o buile ’nete lengolong lee? Eseng ka ho feletseng. Ho bonahala eka o ne a ipeha ka botleng. Ha e le hantle o ne a sa pholose Pauluse hobane a utloile hore ke moahi oa Roma. Ho ekelletsa moo, Lysiase o ile a pata hore o laetse hore Pauluse a “tlangoe ka liketane tse peli” ’me hamorao a ‘hlahlojoe ka ho shapuoa.’ (Lik. 21:30-34; 22:24-29) Ka ho etsa joalo, Lysiase o ne a hataketse litokelo tsa Pauluse e le moahi oa Roma. Kajeno Satane o sebelisa bahanyetsi ba chesehelang bolumeli ka ho feteletseng hore ba hlohlelletse mahloriso, ’me ba ka ’na ba re sitisa ho sebeletsa Molimo ka bolokolohi. Empa joaloka Pauluse, batho ba Molimo ba ka sebelisa litokelo tseo ba nang le ˇ tsona e le baahi ’me ba batla tsireletso ea molao. 9 9. (a) Litokelo tsa Pauluse e le moahi oa Roma li ile tsa hatakeloa joang? (b) Ke hobane’ng ha re ka sebelisa litokelo tseo re nang le tsona re le baahi? 378 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO “Ke Bua ka ho se Tsila-tsile Lintho Tse Mabapi le ’na ˇ ho It sireletsa” (Liketso 23:35–24:21) 10 Ha Pauluse a le Cesarea, o ne a “lebetsoe ka tlung ea ’muso ea moemphera ea Heroda” a letetse hore baqosi ba hae ba tsoang Jerusalema ba fihle. (Lik. 23:35) Ba ile ba tla ka mor’a matsatsi a mahlano—Moprista ea Phahameng Ananiase, ’muelli ea bitsoang Tertulase le sehlopha sa banna ba baholo. Tertulase o ile a qala ka ho rorisa Felixe ka seo a neng a se etsetsa Bajuda, mohlomong a mo kakamatsa e le hore a iqekisetse ho eena.1 Joale, ha Tertulase a kena tabeng o ile a re Pauluse ke ‘motho ea kotsi haholo ea bileng a hlohlelletsang bofetoheli har’a Bajuda bohle ho ˇ pholletsa le lefatse leo ho ahiloeng ho lona ’me e le moeta-pele oa lequloana la Banazaretha, ea ileng a leka ho siˇ lafatsa tempele le eo re ileng ra mo tsoara.’ Bajuda ba bang ba ile ba “kopanela tlhaselong, ba tiisa hore lintho tsena li joalo.” (Lik. 24:5, 6, 9) Ho hlohlelletsa bofetoheli, ho etella pele lequloana le kotsi le ho silafatsa tempele—liqoso ¯ ¯ 1 Tertulase o ile a leboha Felixe ka “khotso e kholo” eo a e tliselitseng sechaba. Leha ho le joalo, ’nete ke hore khotso e neng e le teng Judea nakong eo Felixe e neng e le ’musisi e ne e fokola ha e bapisoa le e neng e le teng pusong ea babusisi ba bang ho fihlela nakong eo Roma e fetoheloang. Ntho e¯ ’ngoe eo e neng e se ’nete ke taba ea hore Bajuda ba na ¯ le “teboho e kholo” ka lintlafatso tseo Felixe a li entseng. Ha e le hantle, Felixe o ne a nenoa ke Bajuda ba bangata ka lebaka la ho ba sulafaletsa bophelo le ho thibela liphetohelo tsa ’muso ka mabifi.—Lik. 24:2, 3. 10. Pauluse o ile a qosetsoa lintho life tse tebileng? “E-BA SEBETE!” 379 tsena e ne e le tse tebileng tse neng li ka etsa hore a ahloleloe lefu. Joale Pauluse a lumelloa ho bua. O ile a qala ka ho re: ˇ “Ke bua ka ho se tsila-tsile lintho tse mabapi le ’na ho itsi11 reletsa.” O ile a latola lintho tseo a neng a qosoa ka tsona. O ne a sa ka a silafatsa tempele, ebile o ne a sa ka a leka ho hlohlelletsa bofetoheli. O ile a bolela hore e ne e le “lilemo tse ngata” a tlohile Jerusalema ’me o ne a tlisitse “limpho tsa mohau”—e leng monehelo bakeng sa Bakreste bao e ka ’nang eaba ba futsanehile ka lebaka la tlala le mahloriso. Pauluse o ile a tiisa hore pele a kena ka tempeleng o ne a “hloekisitsoe ka mokhoa o laetsoeng” le hore o ile a leka ka matla hore a “se ke [a] siteloa Molimo le batho.”—Lik. 24:10-13, 16-18. Leha ho le joalo, Pauluse o ile a lumela hore o etsetsa ˇ Molimo oa bo-ntat’ae moholo tsebeletso e halalelang “ho 12 ea ka tsela eo ba e bitsang ‘lequloana.’ ” Empa o ile a tiisa hore o lumela “lintho tsohle tse behiloeng Molaong le tse ngotsoeng Baprofeteng.” ’Me joaloka baqosi ba hae, o ne a ˇ e-na le tsepo ea hore ho tla ba le “tsoho ea ba lokileng le ¯ ba sa lokang.” Joale Pauluse a kopa hore baqosi ba hae ba hlahise bopaki a re: “Banna bana ba ke ba bolele hore na ke phoso efe eo ba e fumaneng ha ke eme ka pel’a San11, 12. Pauluse o ile a hanyetsa liqoso tse khahlanong le eena joang? 380 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO hedrine, haese mabapi le polelo ena e le ’ngoe eo ke ileng ka e hoeletsa ha ke ntse ke eme har’a bona, ‘Kajeno ke ntse ¯ ke ahloloa ka pel’a lona mabapi le tsoho ea bafu!’ ”—Lik. 24:14, 15, 20, 21. Pauluse o re behetse mohlala oo re ka o latelang haeˇ ba ho etsahala hore re isoe ka pel’a balaoli ba lefatse ka le¯ baka la bolumeli ba rona ’me re qosoa ka bohata ka lintho 13 tse kang hore re hlohlelletsa morusu kapa bofetoheli, kapa re litho tsa “lequloana le kotsi.” Ha aa ka a iqekisetsa ho ’musisi ka ho mo kakamatsa joaloka Tertulase. O ile a lula ˇ a khobile matsoafo a bile a hlompha. O ile a khetha mantsoe a hae ka hloko ’me a fana ka bopaki bo utloahalang le ba ’nete. Pauluse o ile a re “Bajuda . . . ba tsoang seterekeng sa Asia” ba neng ba mo qositse ka hore o silafatsa tempele ha ba eo le hore ka molao, o lokela ho talimana le bona ’me a utloe liqoso tsa bona.—Lik. 24:18, 19. 14 Ho tsotehang le ho feta ke hore Pauluse ha aa ka a tsila- tsila ho fana ka bopaki bo mabapi le seo a se lumelang. O ile a bolela ka sebete hore o lumela tsoho, e leng taba e ¯ ¯ neng e bakile pherekano e kholo ha a le ka pel’a Sanhedriˇ ne. (Lik. 23:6-10) Ha Pauluse a ipuella, o ile a hatisa tsepo ea tsoho. Hobane’ng? Hobane Pauluse o ne a fana ka 13-15. Ke hobane’ng ha re lokela ho nka Pauluse e le mohlala o motle oa ho ˇ paka ka sebete ka pel’a balaoli ba lefat se? “E-BA SEBETE!” 381 bopaki mabapi le Jesu le hore O tsohile bafung—e leng seo bahanyetsi bao ba neng ba sa se amohele. (Lik. 26:6-8, 22, 23) Ka sebele ho ne ho tsekoa taba ea tsoho ea bafu—’me ka ho toba, ho tsekoa tumelo ho Jesu le tsoho ea hae. 15 Joaloka Pauluse, re ka paka ka sebete ’me ra matlafa- tsoa ke seo Jesu a se boleletseng barutuoa ba hae ha a re: “Le tla hlouoa ke batho bohle ka lebaka la lebitso la ka. Empa ea mameletseng ho isa bofelong ke eena ea tla phoˇ loha.” Na re lokela ho tsoenyeha ka seo re tla se bua? Che, kaha Jesu o ile a re tiisetsa a re: “Ha ba le tsamaisa ho ea ˇ ¯ nehelana ka lona, le se ke la tsoenyeha esale pele ka seo le tla se bua; empa eng kapa eng eo le e fuoang ka hora eo, le ¯ bue eona, kaha hase lona ba buang, empa ke moea o halalelang.”—Mar. 13:9-13. ˇ “Felixe a Tsoha” (Liketso 24:22-27) 16 E ne e se lekhetlo la pele ’Musisi Felixe a utloa seo Ba- kreste ba se lumelang. Bibele e re: “Felixe, ka ho tseba ka mokhoa o nepahetseng hantle litaba tse malebana le Tsela ena [e leng polelo e hlalosang Bakreste ba pele], a qala ho qhela banna bana le ho re: ‘Neng kapa neng ha Lysiase molaoli oa sesole a theoha, ke tla etsa qeto ka litaba tse16, 17. (a) Felixe o ile a sebetsa nyeoe ea Pauluse joang? (b) Ho ka etsaˇ hala hore ke hobane’ng ha Felixe a ile a t soha, empa ke hobane’ng ha a ile a ’na a kopana le Pauluse? 382 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO na tse le amang.’ A laela molaoli oa lebotho hore monna eo a bolokoe le hore a be le bolokolohi bo itseng ba litlamo, le hore ho batho ba habo ho se ke ha e-ba le eo a mo hanelang ho mo sebeletsa.”—Lik. 24:22-27. 17 Matsatsi a seng makae hamorao, Felixe, hammoho le mosali oa hae Drusila, oa Mojuda, a romeletsa hore ho bitsoe Pauluse ’me a “mo mamela mabapi le ho lumela ho Kreste Jesu.” (Lik. 24:24) Leha ho le joalo, ha Pauluse a ˇ bua ka “ho loka le boitsoaro le kahlolo e tlang ho tla, Feˇ lixe a tsoha,” mohlomong kahobane lintho tse joalo li ne ˇ li tsoenya letsoalo la hae ka lebaka la bokhopo boo a neng a bo entse bophelong ba hae. Kahoo o ile a re ho Pauluse: “Hajoale tsamaea, empa ha ke fumana nako e loketseng ke tla romeletsa hore u bitsoe hape.” Felixe o ile a kopana le Pauluse ka makhetlo a mangata ka mor’a moo, eseng ˇ hobane a batla ho tseba ’nete, empa hobane a tsepile hore Pauluse o tla mo fa tjotjo.—Lik. 24:25, 26. Ke hobane’ng ha Pauluse a ile a bua le Felixe le moˇ sali oa hae ka “ho loka le boitsoaro le kahlolo e tlang ho 18 tla”? Hopola hore ba ne ba batla ho tseba hore na motho ea ‘lumelang ho Kreste Jesu’ o lokela ho etsa’ng. Kaha ˇ Pauluse o ne a tseba hore ba phela bophelo ba boitsoaro 18. Ke hobane’ng ha Pauluse a ile a bua le Felixe le mosali oa hae ka “ho ˇ loka le boit soaro le kahlolo e tlang ho tla”? “E-BA SEBETE!” 383 bo bobe, ba khopo ebile ha baa loka, o ile a totobatsa se neng se lokela ho etsoa ke bohle bao e neng e tla ba balaˇ teli ba Jesu. Seo Pauluse a ileng a se bua se ne se bontsa ¯ ¯ phapang e kholo pakeng tsa melao ea Molimo e lokileng le bophelo bo neng bo pheloa ke Felixe le mosali oa hae. Sena se ne se lokela ho ba thusa hore ba bone hore batho bohle ba ikarabella ho Molimo bakeng sa seo ba se nahanang, seo ba se buang le seo ba se etsang le hore kahlolo eo ba talimaneng le eona ka pel’a Molimo ke ea bohlokoa ˇ ho feta kahlolo ea Pauluse. Hase feela Felixe a ileng “a tsoha”! 19 ˇ ¯ Tsebeletsong ea rona, re ka ’na ra fumana batho ba ˇ tsoanang le Felixe. Qalong ba ka ’na ba bonahala ba tha- hasella ’nete, empa ba sa batle hore ’nete e fetole tsela eo ba phelang ka eona. Re lokela ho ba hlokolosi ha re leka ho thusa batho ba joalo. Empa, joaloka Pauluse, ka bohlale re ka ba bolella hore na ba lokela ho etsa’ng e le hore ba khahlise Molimo. Mohlomong ’nete e tla ama lipelo tsa bona. Leha ho le joalo, haeba ho totobala hore ha ba batle ho tlohela tsela ea bona ea boetsalibe, rea ba tlohela ebe re batla ba hlileng ba batlang ’nete. ˇ ¯ 19, 20. (a) Tsebeletsong ea r ona, re lokela ho sebetsana joang le batho ba bonahalang ba thahasella empa ha e le hantle ba sa batle hore ’nete e fetole tsela eo ba phelang ka eona? (b) Re tseba joang hore Felixe e ne e se motsoalle oa Pauluse? 384 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO 20 Boemo ba pelo ea Felixe bo ile ba senoloa ke mantsoe a reng: “Ha lilemo tse peli li fetile, Felixe a hlahlangoa ke Porkiase Festase; kahobane Felixe a ne a lakatsa ho fumana kamohelo ho Bajuda, a tlohela Pauluse a tlamiloe.” (Lik. 24:27) Ka sebele Felixe e ne e se motsoalle oa Pauluse. Felixe o ne a tseba hore balateli ba “Tsela eo” ha ba hlohlelletse bofetoheli ebile ha ba tsoe ’muso tlaase. (Lik. ¯ 19:23) Hape o ne a tseba hore Pauluse ha aa tlola molao ofe kapa ofe oa Roma. Empa a mo tlohela litlamong e le hore a ka “fumana kamohelo ho Bajuda.” Joalokaha temana ea ho qetela ea Liketso khaolo ea ˇ 24 e bontsa, Pauluse o ne a ntse a le teronkong ha Porkia21 se Festase a hlahlama Felixe e le ’musisi. Ka mor’a moo ha qala letoto la linyeoe, ’me Pauluse a hlaha ka pel’a babusi ba fapaneng. Ka sebele moapostola enoa ea sebete o ile a “hulanyetsoa ka pel’a marena le babusisi.” (Luka 21: 12) Joalokaha re tla bona, hamorao o ile a pakela ’musi ea matla ka ho fetisisa oa mehleng ea hae. Maemong ana kaofela, tumelo ea Pauluse ha ea ka ea sisinyeha. Ha ho pelaelo hore o ile a tsoela pele ho matlafatsoa ke mantsoe a Jesu a reng: “E-ba sebete!” 21. Ho ile ha etsahala eng ka Pauluse ka mor’a hore Porkiase Festase e be ’musisi, ’me e tlameha ebe o ile a tsoela pele ho matlafatsoa ke eng? “E-BA SEBETE!” 385 KHAOLO EA 25 “Ke Ipiletsa ho Cesare!” Pauluse o beha mohlala o motle oa ho sireletsa litaba tse molemo E Thehiloe ho Liketso 25:1–26:32 PAULUSE o sa ntse a lebetsoe ka thata Cesarea. Lilemo tse peli pele ho moo ha a khutlela Judea, ka mor’a matsatsi a seng makae feela Bajuda ba ile ba leka ka makhetlo a ka bang mararo hore ba mo bolaee. (Lik. 21:27-36; 23: ¯ 10, 12-15, 27) Ho fihlela joale, lira tsa hae li hlolehile, empa ha li tele. Ha Pauluse a hlokomela hore o sa ntse a ka oela liatleng tsa bona, o re ho ’Musisi oa Moroma Festase: “Ke ipiletsa ho Cesare!”—Lik. 25:11. ˇ 2 Na Jehova o ile a tsehetsa qeto ea Pauluse ea ho ipiletsa ho moemphera eo oa Roma? Ke habohlokoa hore re tsebe karabo ea potso ena, kaha re paka ka ho phethahetseng ka ’Muso oa Molimo mehleng ena ea bofelo. Re tlameha ho tseba hore na re lokela ho latela mohlala oa Pauluse ha re ‘sireletsa le ho theha ka molao litaba tse molemo.’—Bafil. 1:7. 1, 2. (a) Pauluse o boemong bofe? (b) Ho ipiletsa ha Pauluse ho Cesare ho hlahisa potso efe? 386 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO “Ke Eme ka Pel’a S etulo sa Kahlolo” (Liketso 25:1-12) 3 Matsatsi a mararo ka mor’a hore Festase, ’musisi e mocha oa Moroma oa Judea, a qale ho busa o ile a ea Jerusalema.1 Ha a le moo o ile a mamela ha baprista ba ka sehloohong le banna ba ka sehloohong ba Bajuda ba qosa ¯ Pauluse ka hore o entse tlolo e mpe ea molao. Ba ne ba ¯ tseba hore ’musisi eo e mocha o tlamehile hore a b ope ¯ khotso le bona hammoho le Bajuda kaofela. Eaba ba kopa hore Festase a ba etsetse mosa, ba re: Tlisa Pauluse Jeruˇ salema, ’me nyeoe ea hae e tsoareloe teng. Leha ho le joalo, ba ne ba rerile bolotsana. Lira tseo li ne li entse ’momori oa ho bolaea Pauluse ha a tloha Cesarea a e-ea Jerusalema. Festase o ile a hana, a re: “Ba leng pusong ¯ har’a lona, ba ke ba theohe le ’na [ho ea Cesarea] ’me ba mo qose, haeba ho e-na le ntho leha e le efe e tsoileng tseleng mabapi le monna eo.” (Lik. 25:5) Ka lebaka leo, le lekhetlong lena Pauluse o ile a phonyoha lefu. ˇ 4 Jehova o ile a tsehetsa Pauluse litekong tsohle tsa hae 1 Sheba lebokose la sehlooho se reng “ ’Musisi oa Moroma Porkiase Festase,” leqepheng la 388. ¯ 3, 4. (a) Ke hobane’ng ha Bajuda ba ile ba kopa hore Pauluse a tlisoe Jeruˇ salema, ’me o ile a phonyoha lefu joang? (b) Jehova o t sehetsa bahlanka ba ˇ hae ba mehleng ee joang, joalokaha a ile a t sehetsa Pauluse? “KE IPILETSA HO CESARE!” 387 ’MUSISI OA MOROMA P ORKIASE FESTASE Litaba tsa Porkiase Festase re li fumana feela bukeng ea Liketso Tsa Baapostola le ka har’a lingoliloeng tsa Flavius Josephus. Festase o ile a hlahlama Felixe e le ’musisi oa Judea hoo e ka bang ka 58 C.E. ’me ho bonahala hore o shoele a ntse a le litulong ka mor’a ho busa lilemo tse peli kapa tse tharo feela. Ka kakaretso, ho bonahala eka Festase e ne e le ’musisi ea masene le ea nang le bokhoni, ha a bapisoa le ’musisi oa pele ho eena, e leng Felixe, hammoho le mohlahlami oa hae, Albinus. Ha Festase a qala ho busa, ho ne ho tletse linokoane Judea. Ho ea ka Josephus, “Festase . . . o ile a ema ka maoto ho ahlola batho ba bakang morusu ka har’a naha. Kahoo o ˇ ile a tsoara linokoane tse ngata, ’me a bolaea bongata ba tsona.” Pusong ea hae, Bajuda ba ile ba haha lerako e le hore Morena Agripa a se ke a bona se etsahalang tempeleng. Qalong Festase o ile a laela hore ba le heletse. Leha ho le joalo, hamorao o ile a lume¯ la ha Bajuda ba kopa hore ba fetisetse taba eo ho Moemphera oa Roma, e leng Nero. Kamoo ho bonahalang kateng, Festase o ne a tiisa letsoho khahlanong le linokoane le marabele. Empa kaha o ne a batla ho ba le likamano tse ntle le Bajuda, o ne a ikemiselitse ho sekisetsa toka—haholo-holo ha a sebetsana le moapostola Pauluse. 388 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO ka Morena Jesu Kreste. Hopola hore Jesu o ile a re ho Pauluse ponong: “E-ba sebete!” (Lik. 23:11) Kajeno, baˇ hlanka ba Molimo ba tobana le mathata le litsokelo. Je¯ hova ha a etse hore mathata ’ohle a re pote ka thoko, empa o re fa bohlale le matla a ho a mamella. Ka linako ¯ tsohle re ka kholiseha hore Molimo oa rona ea lerato o tla re fa “matla a fetang se tloaelehileng.”—2 Bakor. 4:7. 5 Matsatsi a seng makae hamorao, Festase o ile “a lula setulong sa kahlolo” Cesarea.1 Pauluse le baqosi ba hae ba ne ba eme ka pel’a Festase. Pauluse o ile a araba liqoso tsa bona tse sa utloahaleng ka ho re: “Ha kea siteloa Molao oa Bajuda kapa tempele kapa Cesare.” Pauluse o ne a se na molato ’me a lokela ho lokolloa. Festase o tla etsa qeto efe? Kaha o ne a batla ho iqekisetsa ho Bajuda, o ile a botsa Pauluse, a re: “Na u lakatsa ho nyolohela Jerusalema ’me u ahloloe ka pel’a ka hona teng malebana le lintho tsee?” (Lik. 25:6-9) A potso e sa utloahaleng! Ha Pauluse a ne a ka isoa Jerusalema, o ne a tla ahloloa ke batho ba mo qosang ’me ho ne ho tla be ho felile ka eena. 1 ‘Setulo sa kahlolo’ se ne se le holim’a setupu. Sebaka se phahameng ˇ seo se leng ho sona se ne se bontsa hore lentsoe la moahloli le lokela ho haheloa lesaka. Pilato o ile a lula setulong sa kahlolo ha a hlahloba liqoso tseo Jesu a neng a qosoa ka tsona. 5. Festase o ile a sebetsa nyeoe ea Pauluse joang? “KE IPILETSA HO CESARE!” 389 Lekhetlong lena, Festase o ne a batla ho ipeha ka botleng lipolotiking ho e-na le ho sebelisa toka. ’Musisi oa pele ˇ ho eena, e leng Ponse Pilato, o ile a etsa se tsoanang ˇ nyeoeng ea motsoaruoa oa bohlokoa le ho feta. (Joh. 19: 12-16) Baahloli ba kajeno le bona ba ka ’na ba etsa liqeto tse hlokang toka e le ho iqekisetsa ho batho ba itseng. Ka lebaka leo, ha rea lokela ho makala ha makhotla a etsa liqeto tse hlokang toka linyeoeng tsa batho ba Molimo. 6 Festase o batlile a beha bophelo ba Pauluse kotsing hobane feela a batla ho iqekisetsa ho Bajuda. Kahoo, Pauluse o ile a sebelisa tokelo ea hae e le moahi oa Roma. O ile a re ho Festase: “Ke eme ka pel’a setulo sa kahlolo sa ˇ Cesare, moo ke tsoanelang ho ahloloa teng. Ha kea fosetsa Bajuda, joalokaha le uena u fumana hantle. . . . Ke ipiletsa ho Cesare!” Hangata ha motho a itse o ipiletsa ho Cesare, ho ne ho se motho ea ka mo hanelang. Festase o ile a totobatsa ntlha ena a re: “U ipilelitse ho Cesare; u tla ea ho Cesare.” (Lik. 25:10-12) Pauluse o behetse Bakreste ba ’nete kajeno mohlala ka ho ipiletsa ho ba nang le matla a phahameng molaong. Ha bahanyetsi ba Lipaki Tsa Jehova ba leka ho “rera khathatso ka molao-taelo,” 6, 7. Ke hobane’ng ha Pauluse a ile a ipiletsa ho Cesare, hona o behetse Bakreste ba ’nete mohlala ofe kajeno? 390 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO li sebelisa molao ho sireletsa litaba tse molemo.1—Pes. 94:20. ˇ Ka lebaka leo, ka mor’a hore Pauluse a tsoaroe lilemo ¯ tse fetang tse peli bakeng sa litlolo tseo a sa li etsang, o 7 ile a fuoa monyetla oa hore a ipuelle Roma. Leha ho le joalo, ho na le ’musi ea neng a batla ho mo bona pele a tsamaea. 8 “Ha Kea ka ka ba ea sa Mameleng” (Liketso 25:13–26:23) Matsatsi a seng makae ka mor’a hore Festase a mame- le boipiletso ba Pauluse ho Cesare, Morena Agripa le khaitseli ea hae Bernise ba ile ba nka leeto “ho ea lumelisa” ’musisi eo e mocha.2 Mehleng ea puso ea Roma, ho ne ho tloaelehile hore bahlanka ba ’muso ba etele babusisi ba sa tsoa khethoa. Ha ho pelaelo hore ha Agripa a thoholetsa Festase ka ho khethoa ha hae, o ne a leka ho tiisa maqhama le eena, a ipulela likhoro.—Lik. 25:13. 9 Festase o ile a bolella Morena Agripa ka Pauluse, ’me morena a re a ka thabela ho utloa seo Pauluse a se buang. Letsatsing le hlahlamang, babusi bao ba babeli ba ile ba 1 Sheba lebokose la sehlooho se reng “Ho Ipiletsa Makhotleng Molemong oa Borapeli ba ’Nete Mehleng ea Kajeno,” leqepheng la 392. 2 Sheba lebokose la sehlooho se reng “Morena Heroda Agripa II,” leqepheng la 394. 8, 9. Ke hobane’ng ha Morena Agripa a ile a etela Cesarea? “KE IPILETSA HO CESARE!” 391 HO IPILETSA MAKHOTLENG MOLEMONG OA B ORAPELI BA ’NETE MEHLENG EA KAJENO Ka linako tse ling Lipaki Tsa Jehova li ’nile tsa ipiletsa makhotleng a phahameng ka morero oa hore ho tlosoe lithibelo tse entsoeng mosebetsing oa tsona oa ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. Mehlala e ’meli ke ena. Ka la 28 March, 1938, Lekhotla le ka Holimo-limo le ile ˇ la hula kahlolo ea sehlopha sa Lipaki tse neng li tsoaretsoe ho aba lingoliloeng tsa Bibele Griffin, Georgia, U.S.A., ’me la bolela hore ha li na molato. E ne e le lekhetlo la pele ho a mangata ao ho ileng ha etsoa boipiletso lekhotleng leo le phahameng mabapi le tokelo ea Lipaki ea ho bolela litaba tse molemo.1 Nyeoe e ’ngoe e ne e le e amanang le Paki ea Greece e biˇ tsoang Minos Kokkinakis. O ne a tsoeroe ka makhetlo a fetang 60 lilemong tse 48 hobane ho thoe o “sokolla batho.” O ile a qosoa ka makhetlo a 18. A qeta lilemo a le chanka¯ neng ebile e le motlamuoa lihlekehlekeng tse hole tsa Leoa¯ tle la Aegean. Lekhetlong la ho qetela leo Mor’abo rona Kokkinakis a ileng a fumanoa a le molato ka 1986, boipile¯ tso ba hae makhotleng a phahameng a Greece bo ile ba hlo¯ leha. Eaba o kopa thuso Lekhotleng la Europe la Litokelo Tsa Botho (ECHR). Ka la 25 May, 1993, Lekhotla leo la 1 Ho fumana mohlala oa morao-rao, sheba Tsoha! ea January 8, 2003, leqepheng la 3-11 e buang ka qeto ea Lekhotla le ka Holimo-limo la United States mabapi le tokelo ea ho bua ka bolokolohi. 392 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO liha kahlolo ea hore Greece e hataketse tokelo ea bolume¯ li ea Mor’abo rona Kokkinakis. Lipaki Tsa Jehova li ’nile tsa ipiletsa lekhotleng la ECHR ¯ linyeoeng tse ngata, ’me tsa hlola tse ngata. Ha ho mokhatlo o mong, ebang ke oa bolumeli kapa che, o khonneng ho sireletsa litokelo tsa mantlha tsa botho ka pel’a ECHR. Na batho ba bang ba rua molemo linyeoeng tseo Lipa¯ ki Tsa Jehova li li hlotseng? Setsebi se bitsoang Charles ¯ C. Haynes se itse: “Kaofela ha rona re lokela ho leboha Lipaki Tsa Jehova. Ho sa tsotellehe makhetlo a mangata ao ka ’ona li rohakiloeng, li lelekiloeng motseng kapa li hlasetsoeng, li tsoela pele ho loanela bolokolohi ba tsona ba bo¯ ¯ ¯ lumeli (le ba rona). ’Me ha li hlola, bohle rea hlola.” ¯ ¯ lula setulong sa kahlolo. Empa makoko le matla a bona e ˇ le babusi ha aa ka a ipiletsa ho feta mantsoe ao motsoaruoa ea ka pel’a bona a neng a tla tloha a a bua.—Lik. 25: 22-27. 10 Ka tlhompho Pauluse o ile a leboha Morena Agripa ka monyetla oa ho ipuella ka pel’a hae, a re morena ke setsebi litloaelong tsohle hammoho le litsekong har’a Bajuda. Eaba Pauluse o hlalosa bophelo ba hae ba nakong e fetileng o re: “Ke ile ka phela ke le Mofarisi ho ea ka ˇ 10, 11. Pauluse o ile a bont sa joang hore o hlompha Agripa, hona Pauluse o ile a mo hlalosetsa lintlha life tse amanang le bophelo ba hae ba nakong e fetileng? “KE IPILETSA HO CESARE!” 393 MORENA HERODA AGRIPA II Agripa eo ho buuoang ka eena ho Liketso khaolo ea 25 ke Morena Heroda Agripa II, setloholoana sa Heroda e Moholo ebile e le mora oa Heroda ea ileng a hlasela phutheho ea Jerusalema lilemong tse 14 pele ho moo. (Lik. 12:1) Agripa e bile eena Heroda oa ho qetela. Ha ntat’ae a shoa ka selemo sa 44 C.E., Agripa ea lilemo li 17 o ne a le Roma, moo a neng a ntse a kena sekolo lekhotleng la Moemphera Claudiase oa Moroma. Baeletsi ba moemphera ba ne ba nka hore Agripa o monyenyane haholo hore a hlahlame ntat’ae boreneng; eaba ho khethoa ’musisi oa Moroma sebakeng sa hae. Leha ho le joalo, ho ea ka Flavius Josephus, ha Agripa a ntse a le Roma, o ne a sireletsa Bajuda a bile a ba buella. Hoo e ka bang ka 50 C.E., Claudiase o ile a khetha Agripa hore e be morena oa Chalcis ’me ka 53 C.E., a khethoa hore e be morena oa Iturea, Trakonitise le Abilene. Agripa o ile a boela a fuoa boikarabelo ba ho hlokomela tempele ea Jerusalema, le matla a ho khetha baprista ba phahameng ba Bajuda. Mohlahlami oa Claudiase ea bitsoang Nero o ile a eketsa libaka tseo Agripa a li hlokometseng hore li akarelletse likarolo tse ling tsa Galilea le Perea. Ha Agripa a kopana le Pauluse, o ne a le Cesarea le khaitseli’a hae Bernise, ea neng a tlohetse monn’a hae, morena oa Silisia.—Lik. 25:13. ¯ Ka 66 C.E., ha Agripa a hloleha ho phoka borabele ba Bajuda khahlanong le Roma, marabele ao a ile a mo tso394 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO hela matla, ’me a tlameha hore a oele ka lehlakoreng la ¯ Baroma. Ka mor’a hore borabele ba Bajuda bo b obe, moemphera e mocha ea bitsoang Vespasian, o ile a putsa Agripa ka ho mo fa libaka tse eketsehileng. ¯ lequloana la mofuta oa rona oa borapeli le latelang litaelo tse thata ka ho fetisisa.” (Lik. 26:5) Kaha Pauluse e ne ˇ e le Mofarisi, o ne a e-na le tsepo ea hore Mesia o tla tla. Ha e se e le Mokreste, ka sebete o ile a tsebahatsa hore Jesu Kreste ke eena eo e neng e le khale a lebeletsoe. Letsatsing leo Pauluse o ne a qosetsoa ntho eo eena le baˇ qosi ba hae ba lumellanang ka eona—e leng tsepo ea hore ˇ tsepiso ea Molimo ho baholo-holo ba bona e tla phethahala. Sena se ile sa etsa hore Agripa a labalabele haholoanyane ho utloa seo Pauluse a se buang.1 Ha Pauluse a hopola kamoo a neng a sotla Bakreste ˇ kateng, o ile a re: “Ka sebele ke ne ke nahana hore ke tsoa11 nela ho etsa liketso tse ngata tsa khanyetso khahlanong le lebitso la Jesu Monazaretha . . . Kaha ke ne ke . . . halefetse [balateli ba Kreste] ka ho fetisisa, ka ba ka ea bo¯ holeng ba ho ba hlorisa esita le metseng e ka ntle.” 1 Kaha Pauluse e ne e le Mokreste o ne a lumela hore Jesu ke Mesia. Bajuda, ba sa kang ba amohela Jesu, ba ne ba nka hore Pauluse ke mokoenehi.—Lik. 21:21, 27, 28. “KE IPILETSA HO CESARE!” 395 (Lik. 26:9-11) Pauluse o ne a sa feteletse litaba. Batho ba bangata ba ne ba tseba kamoo a ileng a sotla Bakreste kateng. (Bagal. 1:13, 23) E ka ’na eaba Agripa o ne a ipotsa hore na motho ea joalo o fetotsoe ke eng. 12 O ile a fumana karabo ha Pauluse a tsoela pele, a re: “Eare ha ke e-ea Damaseka ka bolaoli le taelo e tsoang ho ˇ baprista ba ka sehloohong, morena, har’a motsehare tseleng, ka bona leseli le fetang phatsimo ea letsatsi le halima ho tsoa leholimong ho mpota-pota le ho pota-pota ba ˇ tsamaeang le ’na. Ha re oetse fatse kaofela ka utloa lentsoe le re ho ’na ka puo ea Seheberu, ‘Saule, Saule, u ntlhorisetsa’ng? Ho ’na u raha litsenene ho thatafaletsa uena.’ Empa ka re, ‘U mang, Morena?’ Eaba Morena o re, ‘Ke ’na Jesu, eo u mo hlorisang.’ ”1—Lik. 26:12-15. Pele Pauluse a bona pono ena ea mohlolo, ka tsela ea ˇ ˇ tsoantsetso o ne a ntse a “raha litsenene.” Joalokaha peˇ lesa e ne e ka intsa kotsi ka ho raha tsenene, Pauluse o ne ˇ a intsitse kotsi moeeng ka ho ema thato ea Molimo pele. 13 1 Setsebi se seng sa Bibele se buile ˇ tjena mabapi le mantsoe a Pauluse a hore o ne a tsamaea “har’a motsehare”:ˇ “Ntle leha motsamai a potlakile haholo, o ne a phomola har’a motsehare ha ho chesa. Kahoo re hlokomela kamoo Pauluse a neng a hlile a le moeeng oa ho hlorisa [Bakreste].” 12, 13. (a) Pauluse o hlalositse ho sokoloha ha hae joang? (b) Pauluse o ne a ntse a “raha litsenene” joang? 396 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO Ka hore Jesu ea tsositsoeng bafung a hlahe ho Pauluse tseleng e eang Damaseka, o ile a etsa hore monna enoa ea pelo e ntle, ea mpang a sa tsebe seo a se etsang, a fetole maikutlo.—Joh. 16:1, 2. 14 Ruri Pauluse o ile a fetola bophelo ba hae haholo. Ha a bua le Agripa o ile a re: “Ha kea ka ka ba ea sa mameleng pono eo ea leholimo, empa ho ba Damaseka pele hammoho le ho ba Jerusalema, le naheng eohle ea Judea, le lichabeng ka qala ho tlisa molaetsa oa hore ba lokela ho baka le ho retelehela ho Molimo ka ho etsa mesebetsi e ˇ tsoanelang pako.” (Lik. 26:19, 20) Ka lilemo tse ngata, Pauluse o ne a ntse a phetha mosebetsi oo Jesu Kreste a ˇ mo fileng oona ponong eo ea har’a motsehare. Liphello ea e-ba life? Ba ileng ba amohela litaba tse molemo tse boˇ leloang ke Pauluse, ba ile ba bakela boitsoaro ba bona bo ˇ bobe, ba ho se tsepahale ’me ba sokolohela ho Molimo. E ile ea e-ba baahi ba molemo, ba bolokang molao le ba laolehileng. 15 Leha ho le joalo, Bajuda ba neng ba hanyetsa Paulu- se ba ne ba se na taba le melemo eo. Pauluse o itse: “Ka leˇ baka la lintho tsena Bajuda ba ile ba ntsoara ka tempeleng 14, 15. Pauluse o ile a re’ng mabapi le liphetoho tseo a ileng a li etsa bophelong ba hae? “KE IPILETSA HO CESARE!” 397 ’me ba leka ho mpolaea. Leha ho le joalo, kahobane ke fumane thuso e tsoang ho Molimo ke tsoela pele ho fihlela letsatsing lena ho pakela ba banyenyane hammoho le ba baholo.”—Lik. 26:21, 22. Kaha re Bakreste ba ’nete, re tlameha hore ‘kamehla ¯ re lokele ho ikarabella’ bakeng sa tumelo ea rona. (1 Pet. 16 3:15) Ha re bolella baahloli le babusi seo re se lumelang, ho ka ’na ha e-ba molemo ho latela mokhoa oo Pauluse a ileng a o sebelisa ha a bua le Agripa le Festase. Ha re hlalosetsa balaoli ba phahameng ka tlhompho hore na linnete tsa Bibele li ntlafalitse bophelo ba batho joang—ba ¯ rona hammoho le ba batho ba amohelang molaetsa oa ¯ rona—re ka ’na ra etsa hore ba fetole maikutlo a bona. ˇ “U ne U Tla Nt susumelletsa Hore ke be Mokreste” (Liketso 26:24-32) 17 Ha babusi bao ba babeli ba ntse ba mametse bopaki bo matla ba Pauluse, ba ile ba sitoa ho iphapanyetsa bona. Hlokomela se ileng sa etsahala: “Joale ha [Pauluse] a ntse ˇ a bua lintho tsena ha a itsireletsa, Festase a re ka lentsoe le phahameng: ‘Ua hlanya, Pauluse! Thuto e ngata ea u 16. Re ka etsisa Pauluse joang ha re hlalosetsa baahloli le babusi seo re se lumelang? ˇ 17. Festase o ile a re’ng ha Pauluse a ipuella, hona batho ba etsa se t soanang joang kajeno? 398 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO ˇ hlantsa!’ ” (Lik. 26:24) Festase o ile a halefa ka tsela eo batho ba halefang ka eona kajeno. Batho ba bangata ba nka hore ba rutang seo Bibele e hlileng e se buang ba cheˇ seha ka ho feteletseng. Hangata bahlalefi ba lefatse lena ha ba lumele seo Bibele e se rutang mabapi le tsoho ea bafu. 18 Empa Pauluse o ile a araba ’musisi eo a re: “Ha ke hlanye, Mohlomphehi ea Khabane Festase, empa ke bua lipolelo tsa ’nete le tsa ho hlaphoheloa kelellong. Ha e le hantle, morena eo ke buang le eena ka bolokolohi o tseba hantle ka lintho tsena . . . Morena Agripa, na u lumela Baprofeta? Kea tseba hore ua lumela.” Agripa a araba ˇ ˇ a re: “Ka nako e khutsoanyane u ne u tla ntsusumelletsa hore ke be Mokreste.” (Lik. 26:25-28) Ho sa tsotellehe hore na morena o ne a bua mantsoe ana a tiile kapa che, ˇ a bontsa hore bopaki boo Pauluse a ileng a fana ka bona bo ile ba mo ama pelo haholo. 19 ˇ ˇ Agripa le Festase ba ntan’o ema, ba bontsa letsoele hore nyeoe e felile. “Eare ha ba tloha ba qala ho buisana, ˇ ba re: ‘Motho enoa ha a etse letho le tsoaneloang ke lefu kapa litlamo.’ Ho feta moo, Agripa a re ho Festase: ‘Monna enoa a ka be a lokolotsoe haeba a ne a sa ipiletsa ho 18. Pauluse o ile a re’ng ha a araba Festase, eaba Agripa o re’ng? 19. Festase le Agripa ba ile ba etsa qeto efe mabapi le Pauluse? “KE IPILETSA HO CESARE!” 399 Cesare.’ ” (Lik. 26:31, 32) Ba ne ba tseba hore monna ea neng a eme ka pel’a bona ha a na molato. Mohlomong ba ne ba se ba tla ba le maikutlo a matle ka Bakreste. 20 Ha ho bonahale eka le ea mong oa babusi bana ba hla- heletseng o ile a amohela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. Na e ne e le bohlale hore moapostola Pauluse a hlahe ka pel’a banna bao? Ka sebele ruri. Hore ebe Pauluse o ile a “hulanyetsoa ka pel’a marena le babusisi” Judea, ho ile ha etsa hore a pakele babusi ba Roma bao ho neng ho ka ’na ha e-ba thata ho ba pakela ka nako eo. ˇ (Luka 21:12, 13) Hape, botsepehi ba hae le se ileng sa mo hlahela ha a lekoa se ile sa matlafatsa tumelo ea bara le barali babo.—Bafil. 1:12-14. ˇ 21 Hoa tsoana le kajeno. Ha re phehella mosebetsing oa ’Muso ho sa tsotellehe liteko le khanyetso, re ka ’na ra kotula litholoana tse ngata tse molemo. Re ka ’na ra pakela balaoli bao ho neng ho ka ba thata ho ba finyella. Ha re ˇ mamella ka botsepehi re ka khothatsa bara le barali babo ¯ rona ba Bakreste, ra ba susumelletsa hore ba be sebete haholoanyane mosebetsing oa ho paka ka ho phethahetseng ka ’Muso oa Molimo. 20. Liphello e bile life ha Pauluse a pakela balaoli ba phahameng? 21. Ha re phehella mosebetsing oa ’Muso, re ka ’na ra kotula litholoana life tse molemo? 400 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO KHAOLO EA 26 ¯ “Ha ho Moea ho L ona o Tla Lahleha” Sekepe seo Pauluse a se palameng sea soahlamana ˇ ’me o bont sa tumelo e matla le hore o rata batho E Thehiloe ho Liketso 27:1–28:10 PAULUSE o ntse a nahanisisa mantsoe a Festase, etsoe a tla ama bokamoso ba hae haholo. ’Musisi Festase o itse: “U tla ea ho Cesare.” Pauluse o qetile lilemo tse peli chankaneng, kahoo, bonyane leeto le lelelele la ho ea Roma le tla mo khatholla. (Lik. 25:12) Leha ho le joalo, hase maeto ’ohle ao Pauluse a bileng le ’ona leoatleng a ileng a ba monate. Mohlomong leeto lena la ho ea hlaha ka pel’a Cesare le etsa hore a ipotse lipotso tse ngata ka bokamoso ba hae. 2 Pauluse o bile “likotsing leoatleng” ka makhetlo a ma- ngata kaha o ile a robeheloa ke sekepe ka makhetlo a maˇ raro, a ba a hlola bosiu le motsehare har’a leoatle. (2 Ba¯ kor. 11:25, 26) Ho feta moo, leeto lena le tla fapana hole le maeto ao a ileng a ba ho ’ona e le moromuoa ea seng litlaˇ mong. Pauluse e tla be e le motsoaruoa leetong le lelelele 1, 2. Pauluse o tlil’o kena leetong la mofuta ofe, ’me e ka ’na eaba o amehile ka lintho life? ¯ “HA HO MOEA HO LONA O TLA LAHLEHA” 401 —la lik’hilomithara tse fetang 3 000 ho tloha Cesarea ho ea Roma. Na o tla phetha leeto lee a sa hlaheloa ke kotsi? Le haeba a sa hlaheloa ke kotsi, na o tla ahloloa ka leeme ha a fihla Roma? U hopole hore o tla ahloloa ke ’muso o ˇ matla ka ho fetisisa lefatseng la Satane mehleng eo. Ka mor’a sohle seo u se balileng ka Pauluse, na u naˇ hana hore o ile a nyahama a ba a felloa ke tsepo ka leba3 ka la se neng se ka ’na sa mo hlahela? Le hanyenyane! O ne a tseba hore o tla tobana le mathata, empa a sa tsebe hore na e tla ba a mofuta ofe. Ke hobane’ng ha a ne a ka ˇ senya thabo eo a nang le eona ka ho tsoenyeha ka lintho tseo a neng a ke ke a li laola? (Mat. 6:27, 34) Pauluse o ne a tseba hore thato ea Jehova ke hore a sebelise monyetla o mong le o mong ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo, esita le ho babusi. (Lik. 9:15) Pauluse o ne a ikemiselitse ho phetha mosebetsi oa hae le har’a mathata. ˇ ¯ Na le rona ha rea ikemisetsa ho etsa se tsoanang? Kahoo, a re tsamaeeng le Pauluse leetong lena la bohlokoa ’me re nahanisise kamoo re ka ruang molemo mohlaleng oa hae. ¯ “Meea e ne e le Khahlanong le R ona” (Liketso 27:1-7a) ˇ 4 Pauluse le batsoaruoa ba bang ba ne ba hlokometsoe ke ˇ 3. Pauluse o ne a ikemiselitse ho etsa eng, ’me re tla t sohla eng khaolong ee? 4. Pauluse o qalile leeto la hae a palame sekepe sa mofuta ofe, ’me o ne a e-na le bo-mang? 402 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO ofisiri ea Moroma e bitsoang Juliase, ea ileng a khetha hore ba palame sekepe sa bahoebi se neng se le Cesarea. Seke¯ pe seo se ne se tsoa Adramithiame, koung e leb opong le ka bophirimela ea Asia Minor, motseng oa Mitylene o sehlekehlekeng sa Lesbos. Sekepe sena se ne se tla leba leboea ebe se leba bophirimela, se emisa bakeng sa ho laolla thepa le ho e laela. Likepe tse joalo li ne li sa etsetsoa ho paˇ lamisa baeti, haholo-holo batsoaruoa. (Sheba lebokose la sehlooho se reng “Leeto la Sekepe le Litsela Tsa Khoebo.”) Ka lehlohonolo Pauluse e ne e se eena feela Mokreste har’a linokoane tseo. Bonyane o ne a e-na le barab’abo ba babeli—e leng Aristakase le Luka. Ho hlakile hore ke Luka ea ngotseng litaba tsena. Ha re tsebe hore na bo-mphato bana ˇ ˇ ba Pauluse ba tsepahalang ba ile ba itefella litsenyehelo tsa leeto lena kapa ba ne ba palame kahobane e le bahlanka ba Pauluse.—Lik. 27:1, 2. 5 Ka mor’a ho ba leoatleng letsatsi le le leng ’me ba tsa- maile lik’hilomithara tse ka bang 110 ba lebile leboea, se¯ kepe se ile sa emisa Sidone, e leb opong la leoatle la Syria. ˇ Ho bonahala eka Juliase ha aa ka a tsoara Pauluse joaloka senokoane se tloaelehileng, mohlomong ka lebaka la hore e ne e le moahi oa Roma ea neng a e-s’o fumanoe a le molato. (Lik. 22:27, 28; 26:31, 32) Juliase o ile a lumella 5. Pauluse o ile a etela bo-mang Sidone, ’me re ka ithuta eng ho see? ¯ “HA HO MOEA HO LONA O TLA LAHLEHA” 403 LEETO LA SEKEPE LE LITSELA TSA KHOEB O Mehleng ea boholo-holo, likepe li ne li sebelisoa haholo-holo ho tsamaisa thepa, eseng ho palamisa baeti. Baeti ba batlang ho tsamaea ka sekepe ba ne ba lokela ho batla sekepe sa thepa se eang moo ba eang teng, ba isane holimo le tlaase le molaoli oa sekepe ka tefo, ebe ba emela hore sekepe seo se tsamaee. Likepe tse likete li ne li tsamaea leoatleng la Mediterranean li tsamaisa lijo le thepa e ’ngoe. Ba bangata ba neng ba tsamaea ka likepe tse joalo ba ne ba lokela ho robala mokatong oa sekepe, mohlomong tlas’a lephephe leo ba iketselitseng lona bosiu ’me ba le qhaqha hoseng ho hong le ho hong. Hape ba ne ba lokela ho nka sohle seo ba tla se hloka leetong leo, ho kopanyelletsa lijo le lintho tsa ho robala. Taba ea hore leeto le ne le tla nka nako e kae e ne e ˇ itsetlehile ka hore na moea o foka joang. Ka lebaka la boemo bo seng botle ba leholimo mariha, hangata likepe li ne li sa tsamaee ho tloha bohareng ba November ho ea bohareng ba March. Pauluse hore a theohe sekepeng a e’o bona Bakreste ba ¯ habo. E tlameha ebe bara le barali babo rona ba ile ba thaba hakaakang ha ba e-ba le monyetla oa ho hlokomela moapostola Pauluse ka mor’a ho kenngoa teronkong ka nako e telele! Na u ka nahana ka linako tseo ka tsona u ka amo404 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO ˇ helang baeti ka ho tsoanang ka lerato ’me oa matlafatsoa ke ho etsa joalo?—Lik. 27:3. 6 ¯ Ha sekepe se tloha Sidone se ile sa nyoloha le leb opo sa feta Silisia, haufi le motse oa habo Pauluse oa Tarsase. Luka ha a bolele libaka tse ling tseo se ileng sa emisa ho ˇ tsona, le hoja a bontsa hore ba ne ba tla qetella ba le ma¯ qakabetsing, ha a re “meea e ne e le khahlanong le rona.” (Lik. 27:4, 5) Leha ho le joalo, re ka inahanela kamoo Pauluse a ileng a sebelisa monyetla o mong le o mong hore a bolele litaba tse molemo. Ha ho pelaelo hore o ile a pakeˇ la batsoaruoa le batho ba bang ba neng ba palame sekepe seo, ho kopanyelletsa basesisi ba sekepe le masole, esita le batho ba neng ba le likoung tseo se neng se emisa ho tso¯ na. Na kajeno le rona re sebelisa hamolemo menyetla eo re bang le eona ea ho bolela litaba tse molemo? 7 ¯ Hamorao sekepe se ile sa fihla Myra, e leng kou e leb o- pong le ka boroa ea Asia Minor. Ha ba le moo, Pauluse le ba bang ba ile ba lokela ho kena sekepeng se seng, se tla ba isa Roma moo ba neng ba hlile ba leba teng. (Lik. 27:6) Mehleng eo, Roma e ne e fumana lijo-thollo Egepeta, ’me likepe tsa Egepeta li ne li emisa koung ea Myra. Juliase o ile a fumana sekepe se joalo eaba o palamisa masole le 6-8. S ekepe seo Pauluse a se palameng se ile sa feta libakeng life ha se tloha Sidone se leba Kinidase, ’me mohlomong o ile a sebelisa monyetla oo joang bakeng sa ho bolela litaba tse molemo? ¯ “HA HO MOEA HO LONA O TLA LAHLEHA” 405 ˇ batsoaruoa bao ka ho sona. E tlameha ebe sekepe sena se ne se le seholo ho feta sa pele. Se ne se laetse thepa ea bohlokoa, e leng koro esita le batho ba 276—ba akarelletsang ˇ basesisi ba sekepe, masole, batsoaruoa, mohlomong le batho ba bang ba neng ba ea Roma. Ho hlakile hore ha Pauˇ ¯ ¯ luse a kena sekepeng sena, o ile a fumana tsimo e kholo, ’me ntle ho pelaelo a sebelisa monyetla oo hamolemo. 8 Ka mor’a moo ba ile ba emisa Kinidase, karolong e ka boroa-bophirimela Asia Minor. Haeba moea o le motle, sekepe se ne se ka tsamaea sebaka se sekaalo ka nako e ka etsang letsatsi. Leha ho le joalo, Luka o re ba ile ‘ba tsamaea butle ka sekepe matsatsi a mangata ’me ba fihla Kinidase ka thata.’ (Lik. 27:7a) Boemo ba leoatle bo ne bo se bo se botle. (Sheba lebokose la sehlooho se reng “Meea ea Mediterranean e Khahlanong le Likepe,” leqepheng la 408.) Nahana ka batho ba palameng sekepe seo ha se ntse se puputloa ke meea e matla se bile se akhotsoa ke metsi. Ba “Akhotsoa ka S ekhahla ke S efefo se Matla” (Liketso 27:7b-26) Motsamaisi oa sekepe o ne a rerile hore ho tloha Kini´ dase ba lebe ng’a bophirimela, empa Luka ea boneng tse9 na ka mahlo o re “moea ha oa ka oa re lumella.” (Lik. ¯ 27:7b) Ha sekepe se tloha leb opong ’me se se se sa tsamai9, 10. Ke mathata afe a ileng a hlaha haufi le Kreta? 406 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO ¯ soe ke moea o hlahang leb opong, ho ile ha fihla moea o matla o hlahang ka leboea-bophirimela ’me oa se sutumelletsa boroa, mohlomong ka lebelo le leholo. Joalokaha pejana sekepe se ile sa emisa sehlekehlekeng sa Cyprase ha ho e-ba le meea e khahlanong le sona, lekhetlong lena se ile sa emisa sehlekehlekeng sa Kreta. Hang ha sekepe se fetile hloahloeng ea Salmone e karolong e ka bochabela ea Kreta, boemo bo ile ba batla bo ntlafala. Ka lebaka lefe? Sekepe se ile sa tsamaela karolong e ka boroa ea sehlekehleke seo, moo moea o neng o se matla hakaalo. Nahana kamoo ba ka sekepeng ba ileng ba imoloha kateng qalong! Empa hafeela sekepe se ntse se le leoatleng, basesisi ba ne ba ke ke ba hlokomoloha taba ea hore mariha a atametse. ˇ Ba ne ba tsoenyehile. 10 Luka o bua a sa hlathe koana le koana, o re: “Ra sesa re ikhohlile ka [Kreta] ra fihla ka thata sebakeng se itseng se bitsoang Kou e Ntle.” Esita leha ba se ba sirelelitsoe ke ho ba koung, ho ne ho le thata ho laola sekepe seo. Leha ho le joalo, qetellong ba ile ba khona ho se emisa koung e nyenyane eo ho nahanoang hore e sebakeng se haufi le moo ´ ¯ leb opo la leoatle le lebang ng’a leboea. Ba ile ba qeta nako e kae moo? Luka o re e bile “nako e telele,” empa metsotso e ne e jele babeli. Ho ne ho le kotsi le ho feta ho tsamaea leoatleng ka September/October.—Lik. 27:8, 9. ¯ “HA HO MOEA HO LONA O TLA LAHLEHA” 407 MEEA EA MEDITERRANEAN E KHAHLANONG LE LIKEPE Moea le nako ea selemo ke tsona tse neng li laola hore na likepe tsa bahoebi tsa boholo-holo tse tsamaeang Leoatleng la Mediterranean, kapa Leoatle le Leholo li ea hokae, neng. Karolong e ka bochabela ea leoatle lena, hangata moea o ne o foka ho tloha bophirimela ho ea bochabela likhoeling tsa lehlabula. Sena se ne se etsa hore ho be bo´ nolo ho leba ng’a bochabela ka sekepe, joalokaha Pauluse a ile a hlokomela ha a khutla leetong la hae la boraro e le moromuoa. Eena le bo-mphato’a hae ba ne ba le sekepeng se ileng sa tloha Miletase, sa feta Rhode, ’me sa emisa koung ea Patara. Ho tloha moo se ile sa leba Tyre ¯ ka ho toba, e leb opong la Foenisia. Luka o re Cyprase e ˇ ne e le ka lehlakoreng le letsehali ha ba feta ho eona, ka mantsoe a mang, ba ne ba tsamaea ka boroa ho Cyprase. —Lik. 21:1-3. Ho thoe’ng ka ho leba ka bophirimela? Likepe li ne li ka ´ tsamaea hona tseleng eo ha li leba ng’a bophirimela haeba moea o li lumella. Empa ka linako tse ling sena se ne se sa etsahale. The International Standard Bible Encyclopedia e re: “Mariha, boemo ba leholimo bo batla bo sa tsi´ tsa ’me maholiotsoana a matla a fokela ng’a bochabela ho pholletsa le leoatle la Mediterranean ’me a baka meea e matla, eo ka linako tse ling e bang lifefo, ’me hangata e baka pula ea litloebelele kapa esita le lehloa.” Maemong a joalo, likotsi li ne li e-ba ngata. ¯ Nakong leha e le efe ea selemo, likepe tse haufi le leb o408 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO ¯ po li ne li ka tsamaea li iphaphathile ka leb opo la Palesti´ ´ na li lebile ng’a leboea ’me li fete Pamfilia li leba ng’a ´ bophirimela. Ha li feta Pamfilia ’me li lebile ng’a bophirimela, meea e fokang hasesaane e hlahang naheng e omileng le meea e fokelang bophirimela e ne e thusa likepe. Sena se ile sa etsahalla sekepe seo Pauluse a ileng a se paˇ lama ha a qala leeto lena le eang Roma e le motsoaruoa. Leha ho le joalo, meea e ne e ka ba “khahlanong” le likepe. (Lik. 27:4) Sekepe se nkileng lijo-thollo seo Luka a buang ka sona haholo mohlomong se ile sa leba leboea se tloha Egepeta eaba se kena metsing a sireletsehileng a pakeng tsa Cyprase le Asia Minor. Ho tloha Myra, motsa´ maisi oa sekepe o ne a rerile ho leba ng’a bophirimela—ho ¯ feta karolong e tlaase ea Greece le ho nyolohela leb opong le ka bophirimela la Italy. (Lik. 27:5, 6) Leha ho le joalo, ha hoa ka ha e-ba joalo ka lebaka la moea le nako ea selemo! 11 Mohlomong baeti ba bang ba ile ba batla keletso ho Pauluse etsoe o ne a e-na le phihlelo ea ho tsamaea leoatleng la Mediterranean. O ile a khothalletsa hore sekepe se ˇ se ke sa tsoela pele. Ho seng joalo, “ho tla ba le tsenyehe¯ ¯ lo le tahlehelo e kholo,” ’me mohlomong ba bang ba shoele moo. Leha ho le joalo, motsamaisi oa sekepe le mong’a sona ba ne ba batla ho tsoela pele, mohlomong ba nahana 11. Pauluse o ile a eletsa bao a tsamaeang le bona sekepeng hore ba etse eng, empa ho ile ha etsoa qeto efe? ¯ “HA HO MOEA HO LONA O TLA LAHLEHA” 409 hore ba lokela ho itlhahanela ’me ba fumane sebaka se sireletsehileng. Ba ile ba kholisa Juliase hore ba tsoele pele, ’me ba bangata ba ne ba nahana hore ba lokela ho leka ho ¯ fihla Finixe, eo e neng e le kou e pejana leb opong leo. Ho ¯ ka etsahala hore ebe e ne e le kou e kholoanyane le e molemo eo ba neng ba ka hlola teng mariha. Kahoo, ha ho foka moea o seng matla o tsoang boroa o ileng oa ba isa le khongoana holimo, ba ile ba tsoela pele.—Lik. 27:10-13. 12 Ka mor’a sena ho ile ha hlaha bothata bo eketsehileng: e leng “moea o matla oa sefefo” o hlahang ka leboea-boˇ chabela. Ka nakoana ba ile ba batla setsabelo ‘sehlekehle¯ keng se senyenyane se bitsoang Kauda’ se bohole ba lik’hilomithara tse ka bang 65 ho tloha Koung e Ntle. Leha ho ´ le joalo, sekepe se ne se le kotsing ea ho sutumelletsoa ng’a ¯ boroa ho fihlela se robehela leb opong la Afrika. E le hore ba qobe seo, basesisi ba sekepe ba ile ba etsa lehlaphahlapha la ho nyolla seketsoana se neng se huloa ke sekepe. Seo ha sea ka sa ba bonolo hobane mohlomong seketsoana seo se ne se tletse metsi. Ka mor’a moo ba ile ba leka ˇ ho tsehetsa sekepe se seholo ka tlaase, ba se tlamella liropo kapa liketane ka tlaase ho tiisa mapolanka a sona. Ba ˇ theola lintho tse tsehetsang liseile le liseile ’me ba sebetsa 12. Ha sekepe se qeta ho tloha Kreta se ile sa ba kotsing efe, ’me basesisi ba ile ba leka ho e qoba joang? 410 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO ka thata hore sekepe se tsamaee sefefong seo. Nahana kaˇ moo e tlamehang ebe sena se ne se tsosa kateng! Ho sa tsotellehe boiteko bona bohle, sekepe se ile sa tsoela pele ho “akhotsoa ka sekhahla ke sefefo se matla.” Ka letsatsi la ¯ boraro, ba lahla liseile le thepa e ka thoko ea sekepe, mohlomong e le hore se se ke sa teba.—Lik. 27:14-19. ˇ 13 E tlameha ebe bohle ba ne ba tsohile. Empa Pauluse le bo-mphato’a hae ba ne ba le sebete. Morena o ne a ile a kholisa Pauluse hore o tla fana ka bopaki Roma, ’me lengeloi le ile la tiisa taba eo hamorao. (Lik. 19:21; 23:11) Leha ho le joalo, sefefo se ile sa nka libeke tse peli se ntse ˇ se le matla bosiu le motsehare. Ka lebaka la pula e sa khaoˇ tseng le leru le letso le neng le sirile letsatsi le linaleli, motsamaisi oa sekepe o ne a sitoa ho bona hore na ba hokae kapa hore ba lebile hokae. Ho ne ho se na le monyetla oa ho ja feela. Ke mang ea neng a ka nahana ho ja boemong bo joalo ba serame, pula, ho feroha libete le letsoalo? 14 Pauluse o ile a ema. A ba hopotsa keletso ea hae, empa ha aa ka a re, ‘Ke le joetsitse.’ Ho e-na hoo, lintho tse etsahetseng li ne li tiisa hore ho ka be ho bile molemo hoja ba 13. E tlameha ebe ho ne ho le joang ka har’a sekepe sa Pauluse nakong ea sefefo? 14, 15. (a) Ha Pauluse a bua le bao a tsamaeang le bona ka sekepe, ke hobane’ng ha a ile a ba hopotsa temoso ea hae? (b) Re ka ithuta eng molaetseng ˇ o fanang ka t sepo oo Pauluse a ileng a o bolela? ¯ “HA HO MOEA HO LONA O TLA LAHLEHA” 411 mo mamela. Eaba o re: “Joale ke buella hore le hlasimolo¯ he, kaha ha ho moea ho lona o tla lahleha, ke sekepe feela se tla lahleha.” (Lik. 27:21, 22) E tlameha ebe mantsoe ao ˇ a ile a ba tselisa hakaakang! E tlameha ebe Pauluse o ne a thabile haholo hore ebe Jehova o mo file molaetsa o joalo o khothatsang. Ho bohlokoa hore re hopole hore Jehova o tsotella bophelo ba motho e mong le e mong. Motho e mong le e mong ke oa bohlokoa ho eena. Moapostola Petrose o ile a re: “Jehova . . . ha a lakatse hore leha e le mang a timetsoe empa o lakatsa hore bohle ba fihle pakong.” (2 Pet. 3:9) Kahoo, ke habohlokoa hakaakang hore re leke ho bolella batho ba bangata kamoo re ka khonang molaeˇ tsa oa Jehova o fanang ka tsepo! Bophelo ba batho, boo e leng ba bohlokoa mahlong a Jehova, bo kotsing. Mohlomong Pauluse o ne a pakela ba bangata ka sekeˇ ˇ peng seo ka “tsepo ea tsepiso e ileng ea etsoa ke Molimo.” 15 (Lik. 26:6; Bakol. 1:5) Joale, kaha sekepe se ne se ka ’na sa soahlamana, Pauluse o ile a ba fa lebaka la hore ba tsohe molota. O ile a re: “Bosiung bona haufi le ’na ho ile ha ema ˇ lengeloi . . . , le re, ‘Pauluse, u se ke ua tsaba. U tla ema ka pel’a Cesare, ’me, bona! ka bolokolohi Molimo o u file bohle ba tsamaeang le uena ka sekepe.’ ” Pauluse o ile a re ho bona: “Ka hona hlasimolohang, banna; etsoe ke lumela Molimo hore ho tla ba hantle feela joalokaha ke boleletsoe. 412 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO ¯ Leha ho le joalo, ka sebele re tla lahleloa leb opong sehlekehlekeng se itseng.”—Lik. 27:23-26. 16 “B ohle ba Fihla ba Sireletsehile Naheng e Omileng” (Liketso 27:27-44) ˇ Ka mor’a libeke tse peli tse tsosang tseo ka tsona se- kepe se ileng sa tsamaea lik’hilomithara tse ka bang 870, basesisi ba ile ba lemoha phetoho e itseng, mohlomong ba ¯ utloa ha maqhubu a otla leb opong. Ba lahlela liankora hore se se ke sa hoholeha ’me ba se tobisa naheng e omiˇ ¯ leng ka tsepo ea hore ba ka fihla leb opong. Ka oona motsotso oo, ba ile ba leka ho tsoa ka sekepeng empa masole a ba thibela. Pauluse o ile a re ho molaoli oa lebotho le masole: “Ntle le hore banna bana ba lule ka sekepeng, le ke ke la pholoha.” Kaha joale sekepe se ne se batla se tsitsitse, Pauluse o ile a khothalletsa bohle hore ba je, a ba tiisetsa hore ba tla pholoha. Ka mor’a moo Pauluse “a leboha Molimo ka pel’a bona kaofela.” (Lik. 27:31, 35) Ha Pauluse a etsa thapelo ena ea teboho, o ile a beha mohlala o motle bakeng sa Luka, Aristakase le Bakreste kajeno. ˇ Na lithapelo tsa hao tsa phatlalatsa li khothatsa le ho tselisa ba bang? 17 Ka mor’a thapelo ea Pauluse, “kaofela ba hlasimoloha 16, 17. (a) Pauluse o ile a rapela neng, ’me phello ea e-ba efe? (b) Ke joang temoso ea Pauluse e ileng ea phethahala? ¯ “HA HO MOEA HO LONA O TLA LAHLEHA” 413 ’me ba qala ho ja lijo.” (Lik. 27:36) Ba ile ba fokotsa boima bo bong ba sekepe ka ho lahlela koro ka leoatleng e le ¯ hore se ka phaphamala ha se habile leb opong. Ha e e-ba ˇ motsehare, basesisi ba ile ba poma liankora, ba lokolla mehala ea masokoana karolong e ka morao ea sekepe, eaba ba nyollela seile e ka pele moeeng e le hore ba ka khanne¯ la sekepe leb opong. Eaba karolo e ka pele ea sekepe ea qaoa, mohlomong e qaoa ke lehlabathe kapa seretse, ’me karolo e ka morao ea robeha likoto ha e khahleloa ke maˇ qhubu. Masole a mang a ne a batla ho bolaea batsoaruoa e le hore ho se ke ha e-ba le ea tla baleha, empa Juliase o ile a a thibela. O ile a ba khothalletsa kaofela hore ba se¯ setse leb opong. Seo Pauluse a se boletseng se ile sa etsahala—bohle ba 276 ba ile ba pholoha. E, “bohle ba fihla ba sireletsehile naheng e omileng.” Empa ba ne ba le hokae? —Lik. 27:44. 18 “Mosa o Fetang o Tloaelehileng” (Liketso 28:1-10) Ba ile ba iphumana ba le sehlekehlekeng sa Malta, se ka boroa ho Sicily. (Sheba lebokose la sehlooho se reng “Malta e ne e le Hokae?” leqepheng la 209) Batho ba buang ˇ puo esele sehlekehlekeng sena ba ile ba ba bontsa “mosa o fetang o tloaelehileng.” (Lik. 28:2) Ba ile ba besa mollo bakeng sa batho bao ba reng tee! ke metsi, ba qhaqhaselang. ˇ 18-20. Ke joang batho ba Malta ba ileng ba bont sa “mosa o fetang o tloaelehileng,” ’me Molimo o ile a etsa mohlolo ofe ka Pauluse? 414 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO MALTA E NE E LE HOKAE? Batho ba ’nile ba bolela lihlekehleke tse ’maloa tseo ba nahanang hore ke sehlekehleke sa “Malta” seo Pauluse a ileng a robeheloa ke sekepe ho sona. Ba bang ba re ke se¯ hlekehleke se haufi le Corfu, se pel’a leb opo la Greece le ˇ ka bophirimela. Ba bang ba itsetlehile ka moelelo oa lentsoe “Malta” le sebelisitsoeng ho Liketso. Lentsoe leo la Segerike ke Me·lite. Kahoo, ba bang ba boletse hore ke Melite Illyrica, eo hona joale e tsejoang e le Mljet, e pel’a le¯ b opo la Croatia, Leoatleng la Adriatic. Ke ’nete hore Liketso 27:27 e bua ka ‘leoatle la Adria,’ empa mehleng ea Pauluse “Adria” e ne e le sebaka se seholo ho feta seo kajeno se bitsoang Leoatle la Adriatic. Se ne se akarelletsa Leoatle la Ionian le leoatle le karolong e ka bochabela ea Sicily le e ka bophirimela ea Kreta, kahoo, se ne se akarelletsa leoatle le haufi le Malta ea kajeno. Sekepe seo Pauluse a neng a se palame se ile sa qobe´ lloa ho leba ng’a boroa ho tloha Kinidase ho ea karolong e tlaase ea Kreta. Ka lebaka la sefefo, ho ke ke ha etsahala hore ebe sekepe seo se ile sa tjeka eaba se leba karolong e ka leboea, e leng Mljet, kapa sehlekehlekeng se haufi le Corfu. Kahoo, mohlomong Malta e ne e le ho ella bophirimela. Ho ka etsahala hore ebe sehlekehleke sa Malta se ka boroa ho Sicily, ke sona seo sekepe se ileng sa soahlamana ho sona. Mollo oo o ile oa ba futhumatsa kaha ho ne ho bata ’me pula e na. Hape ho ile ha etsahala mohlolo. ¯ “HA HO MOEA HO LONA O TLA LAHLEHA” 415 19 Pauluse o ne a batla ho thusa batho. Kahoo, o ile a bo- kella lithupa a li beha mollong. Ha a etsa joalo, marabe ea nang le mahloko o ile a hlaha a ba a mo loma, a ithatela letsohong la hae. Batho ba Malta ba ne ba nahana hore o otloa ke melimo.1 20 Batho ba moo ba ileng ba bona hore Pauluse o lo- nngoe ke noha ba ile ba nahana hore “o tla ruruha ka lebaka la bohloko.” Buka e ’ngoe e re lentsoe la mathomo le sebelisitsoeng mona ke “lentsoe la bongaka.” Ha ho makatse ha “Luka ngaka e ratoang” a ile a sebelisa lentsoe leo. (Lik. 28:6; Bakol. 4:14) Leha ho le joalo, Pauluse o ile ˇ a hlohlora noha eo e mahloko ’me ea se ke ea mo ntsa kotsi. 21 Sebakeng seo ho ne ho lula monna oa morui ea nang le masimo ea bitsoang Pabliase. Mohlomong e ne e le ofisiri e ka sehloohong ea Moroma Malta. Luka o re e ne e le “monna ea ka sehloohong oa sehlekehleke,” ’me o sebelisa tlotla e fumanoeng mengolong e ’meli ea Semalta. O ile a amohela Pauluse le bo-mphato’a hae ka mofuthu ka maˇ 1 Hore ebe batho bao ba ne ba tseba ka linoha tsena ho bontsa hore bomarabe ba ne ba le teng sehlekehlekeng seo mehleng eo. Kajeno ha ho sa na bo-marabe Malta. Mohlomong sena se bakiloe ke boemo ba sehlekehleke sena ha lilemo li ntse li feta. Kapa mohlomong ha baahi ba ntse ba eketseha, ba ile ba qeta bo-marabe sehlekehlekeng sena. 21. (a) Litabeng tsee tse ngotsoeng ke Luka, ke mehlala efe eo ho eona Luka a hlalosang litaba ka nepo? (b) Pauluse o ile a etsa mehlolo efe, ’me e ile ea susumelletsa baahi ba Malta ho etsa eng? 416 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO tsatsi a mararo. Leha ho le joalo, ntate oa Pabliase o ne a kula. Le tabeng ena Luka o ile a hlalosa boloetse boo ka ˇ nepo. O re monna eo “o ne a robetse a tsoeroe ke feberu ˇ le letsollo,” ’me o hlalosa boloetse ba hae hantle. Pauluse o ile a rapella monna eo a ba a beha matsoho holim’a hae, eaba oa fola. Batho ba ile ba thabela mohlolo ona hoo ba ileng ba tlisa batho ba kulang hore ba folisoe, ’me ba fa Pauluse le bo-mphato’a hae limpho.—Lik. 28:7-10. ˇ 22 Karolo ea leeto la Pauluse eo re e tsohlileng ho fihlela joale e nepahetse e bile ke ’nete. Moprofesa e mong o ile a re: “Litaba tsa Luka . . . lia ikhetha ka ho ba tse ling tsa litaba tse hlakileng ka ho fetisisa tse ngotsoeng Bibeleng eohle. Ha a bua ka likepe o bua ka tsela e nepahetseng ’me o hlalosa maemo a karolong e ka bochabela ea Mediterranean ka tsela e nepahetseng hoo” e tlamehang ebe litaba tseo o li nkile bukeng eo a neng a ngolla lintlha tsa letsatsi le letsatsi ho eona. Mohlomong Luka o ne a ngola lintlha tseo ha a ntse a tsamaea le moapostola Pauluse. Haeba ho joalo, karolong e latelang ea leeto la bona ho ile ha etsahala lintho tse ngata tseo a neng a ka li ngola. Ho ne ho tla etsahala joang ka Pauluse ha ba qetella ba fihlile Roma? A re bone. 22. (a) Moprofesa e mong o ile a re’ng ha a babatsa kamoo Luka a ngoˇ tseng litaba tsa leeto la bona la ho ea Roma? (b) Re tla t sohla eng khaolong e latelang? ¯ “HA HO MOEA HO LONA O TLA LAHLEHA” 417 KHAOLO EA 27 “Ho Paka ka ho Phethahetseng” Pauluse o tsoela pele ho bolela litaba tse molemo a le teronkong Roma E Thehiloe ho Liketso 28:11-31 ˇ ˇ SEKEPE se nang le setsoantso sa “Bara ba Zeuse,” seo mohlomong e leng sekepe se seholo se tsamaisang lijothollo, se tloha sehlekehlekeng sa Mediterranean sa Malta se ea Italy. Ke selemo sa 59 C.E. Se palangoe ke ˇ moapostola Pauluse—motsoaruoa ea lebetsoeng—le Bakreste ba habo, e leng Luka le Aristakase. (Lik. 27:2) Ho fapana le batho ba sebetsang sekepeng sena, baevangeli ˇ bana ha ba hloke tsireletso ea bara ba Zeuse, e leng molimo oa Bagerike—bao e leng mafahla a bitsoang Castor le Pollux. (Lik. 28:11, NW, mongolo o botlaaseng ba leqephe) Ho e-na le hoo, Pauluse le bo-mphato’a hae ba sebeletsa Jehova, ea ileng a tsebahatsa hore Pauluse o tla pakela ’nete Roma le ho ema ka pel’a Cesare.—Lik. 23: 11; 27:24. 2 Matsatsi a mararo ka mor’a hore ba fihle Syrakuse, 1. Pauluse le bo-mphato’a hae ba kholisehile ka eng, hona hobane’ng? 2, 3. S ekepe sa Pauluse se tsamaea ka tsela efe, ’me ke mang ea ’nileng a mo ˇ t sehetsa? 418 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO motse o motle oa Sicily o batlang e le oa bohlokoa joaloka Athene le Roma, sekepe se ea Regiame karolong e tlaase ea hloahloa ea Italy. Moea oa boroa o ile oa thusa sekepe sena hore se fihle kapele boema-kepeng ba Italy ba Puteoli (e haufi le motse oa kajeno oa Naples), e leng bo¯ hole ba lik’hilomithara tse 320, ’me sa fihla letsatsing la bobeli.—Lik. 28:12, 13. Joale Pauluse o se a tla fihla Roma, moo a tla hlaha ˇ ka pel’a Moemphera Nero. “Molimo oa matseliso ’ohle” 3 o bile le Pauluse ho tloha qalong ho fihlela qetellong. (2 Bakor. 1:3) Joalokaha re tla bona, Molimo o tsoela ˇ pele ho mo tsehetsa, ebile cheseho ea Pauluse e le moromuoa ha e tape. “Pauluse . . . a Leboha Molimo ’me a ba S ebete” (Liketso 28:14, 15) 4 Ha Pauluse le bo-mphato’a hae ba le Puteoli ba ile ba ¯ ¯ ‘fumana barab’abo rona ’me ba ba kopa ka tieo hore ba lule le bona matsatsi a supileng.’ (Lik. 28:14) Ruri Bakreste bana ba behile mohlala o motle oa ho amohela baeti ¯ ka mofuthu. Ha ho pelaelo hore bara bao babo rona ba ile ba rua molemo o moholo ha Pauluse le bo-mphato’a 4, 5. (a) Pauluse le bo-mphato’a hae ba ile ba amoheloa joang ka mofuthu ha ba etetse Puteoli, ’me ho ka etsahala hore ke hobane’ng ha a ile a fuoa boloˇ kolohi bo bokaalo? (b) B oit soaro bo botle ba Bakreste bo ka ba ruisa molemo joang esita leha ba le teronkong? “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” 419 hae ba ba khothatsa. Leha ho le joalo, ke hobane’ng ha ˇ motsoaruoa ea lebetsoeng a ile a fuoa bolokolohi bo bokaalo? Mohlomong ke hobane balebeli ba hae ba Baroma ˇ ba ne ba mo tsepa ka ho feletseng. ˇ 5 Ka ho tsoanang kajeno, bahlanka ba Jehova ha ba le literonkong le likampong tsa mahloriso, ba ’nile ba fuoa bolokolohi le menyetla e khethehileng ka lebaka la boiˇ tsoaro ba bona ba Bokreste. Ka mohlala, monna ea ahloletsoeng lilemo tse 75 a le teronkong Romania ka lebaka la bosholu ba likhoka o ile a qala ho ithuta Lentsoe la Molimo ’me a fetola botho ba hae haholo. Ka lebaka leo, balebeli ba teronko ba ile ba mo lumella hore a tsamaee a sa lebeloa ha a ea toropong ho ea reka lintho tse sebeˇ lisoang teronkong! Ka holimo ho tsohle, boitsoaro ba ¯ rona bo botle bo tlotlisa Jehova.—1 Pet. 2:12. 6 Ha Pauluse le bo-mphato’a hae ba tloha Puteoli, mo- hlomong ba ile ba tsamaea leeto la lik’hilomithara tse 50 ho ea Capua Tseleng ea Apiase, e eang Roma. E ne e katiloe ka majoe a maholo a sephara, ’me ha motho a le tseleng ena e tummeng o ne a ka bona hantle libaka tse ka ¯ thoko tsa Italy, ’me libakeng tse ling a ka bona Leoatle la Mediterranean. Baeti ba tsamaeang ka eona ba ne ba ¯ feta sebakeng se mokhoabo sa Pontine Marshes se boho¯ ˇ 6, 7. Barab’abo r ona ba Roma ba ile ba bont sa lerato le ikhethang joang? 420 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO le ba lik’hilomithara tse 60 ho tloha Roma, moo ’Maraka oa Apiase o neng o le teng. Luka o re ha barab’abo ¯ ¯ rona ba Roma “ba utloa litaba tse mabapi le rona,” ba bang ba ile ba tla ’Marakeng oa Apiase, ha ba bang ba ile ba leta Matlong a Phapohelo a Baeti a Mararo, e leng se¯ baka sa phomolo se bohole ba lik’hilomithara tse ka bang 50 ho tloha Roma. Ke lerato le lekaakang!—Lik. 28:15. 7 ’Maraka oa Apiase e ne e se sebaka se setle seo baeti ba khathetseng ba ka phomolang ho sona. Ha seroki le sengoli sa Moroma se bitsoang Horace se hlalosa ’Maraka se re ke sebaka se “tletseng basesisi ba likepe le batho ba lonya ba hlokomelang matlo a baeti.” O re “metsi a ne ˇ a le mabe haholo,” kapa a le litsila ’me o ile a hana ho jela sebakeng seo. Ho sa tsotellehe mathata ana ’ohle, se¯ hlopha sena sa barab’abo rona ba tsoang Roma se ile sa letela Pauluse le bo-mphato’a hae ka thabo e le hore se ba felehetse karolong ena e qetellang ea leeto la bona. 8 Bibele e re ‘ha Pauluse a re heli! ’me a bona’ barab’a- bo, o ile a “leboha Molimo ’me a ba sebete.” (Lik. 28:15) Ho bona baratuoa bana ba hae feela, ba bang ba bona e le bao a neng a ba tseba ka ho toba, ho ile ha etsa hore a ˇ ikutloe a matlafetse a bile a tselisehile. Ke hobane’ng ha 8. Ke hobane’ng ha Pauluse a ile a leboha Molimo ha ‘a re heli! ’me a bona’ barab’abo? “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” 421 Pauluse a ile a leboha Molimo? O ne a tseba hore lerato ˇ le se nang boithati ke tsobotsi ea tholoana ea moea. (Bagal. 5:22) Le kajeno, moea o halalelang o susumelletsa Baˇ kreste hore ba itelle ba bang ’me ba tselise ba hlokang. —1 Bathes. 5:11, 14. Ka mohlala, moea o halalelang o susumelletsa bara le ¯ barali babo rona ba nang le moea oa ho amohela baeti 9 hore ba amohele balebeli ba tsamaeang, baromuoa le basebeletsi ba bang ba nako e tletseng, bao boholo ba bona ba iteletseng ho sebeletsa Jehova haholoanyane. Ipotse: ˇ ‘Na nka etsa se eketsehileng ho tsehetsa ketelo ea molebeli oa potoloho le mosali oa hae, haeba a nyetse, mohloˇ mong ka ho bontsa moea oa ho amohela baeti? Na nka ˇ lokisetsa ho sebetsa le bona tsebeletsong?’ U ka rua molemo o moholo ha u etsa joalo. Ka mohlala, ak’u inaha¯ nele feela hore na barab’abo rona ba Roma ba ile ba thaba hakaakang ha ba mametse liphihlelo tse hahang tsa Pauluse le bo-mphato’a hae.—Lik. 15:3, 4. “Hohle ho Buuoa Hampe ka Lona” (Liketso 28:16-22) ¯ 10 Qetellong ha barab’abo rona ba kena Roma, “Pauluse a lumelloa ho lula a le mong le lesole le mo lebetseng.” ˇ ¯ 9. Re ka bont sa moea o kang oa barab’abo r ona ba ileng ba ea kopana le Pauluse joang? 10. Ho ile ha etsahala’ng ka Pauluse ha a le Roma, hona o ile a etsa’ng nakoana ka mor’a hore a fihle? 422 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO ˇ (Lik. 28:16) Hangata batsoaruoa ba sa koalloang chankaneng ba ne ba tlamelloa ka ketane ho molebeli hore ba se ke ba baleha. Leha ho le joalo, Pauluse e ne e le ’moleli oa ’Muso, ’me ho hang ketane e ne e ke ke ea mo koala molomo. Ka lebaka leo, ka mor’a hore a phomole ka matsatsi a mararo feela, a bokella banna ba ka sehloohong ba Bajuda ba Roma e le hore a itsebise bona ’me a fane ka bopaki. 11 Pauluse o ile a re: “Banna, barab’eso, le hoja ke ne ke sa etsa letho le khahlanong le batho kapa litloaelo tsa ba¯ holo-holo ba rona, ho ile ha nehelanoa ka ’na matsohong ˇ a Baroma ke le motsoaruoa ea tsoang Jerusalema. Ka mor’a ho etsa tlhahlobo, ba ne ba lakatsa ho ntokolla, kaha ho ne ho se lebaka la lefu ho ’na. Empa ha Bajuda ba ntse ba bua khahlanong le hona, ka qobelleha ho ipiletsa ho Cesare, empa eseng joalokaha eka ke ne ke e-na le letho leo nka qosang sechaba sa heso ka lona.”—Lik. 28:17-19. 12 Ha Pauluse a bitsa Bajuda ba neng ba mo mametse “barab’eso,” o ne a leka ho etsa hore ho be le seo ba lumellanang ka sona a bile a leka ho felisa leeme leo ho ka etsahalang hore ba na le lona. (1 Bakor. 9:20) Hape o ile 11, 12. Ha Pauluse a bua le Bajuda ba habo, o ile a leka joang hore a felise leeme lefe kapa lefe leo ho ka etsahalang hore ba ne ba e-na le lona? “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” 423 a hlakisa hore ha aa tlela ho qosa Bajuda ba habo, empa o tletse ho ipiletsa ho Cesare. Leha ho le joalo, Bajuda bao ba ne ba qala ho utloa hore Pauluse o ipilelitse ho Cesare. (Lik. 28:21) Ke hobane’ng ha Bajuda ba Judea ba ne ba sa tsebe taba ee? Buka e ’ngoe e re: “E tlameha ebe sekepe sa Pauluse ke se seng sa likepe tsa pele tse ileng tsa fihla Italy ka mor’a mariha, ’me e ne e ke ke eaba baemeli ba balaoli ba Bajuda ba Jerusalema ba se ba fihlile, ’me e ne e ke ke eaba lengolo le buang ka nyeoe ea hae le se le fihlile.” 13 Joale Pauluse a kenyelletsa molaetsa oa ’Muso ka ma- ntsoe ao ho seng potang hore a ne a tla etsa hore baeti ba Bajuda ba labalabele ho utloa ho eketsehileng. O ile a ¯ re: “Ha e le hantle ka lebaka lena ke ile ka kopa ka tieo ˇ ¯ ho le bona le ho bua le lona, kaha ka lebaka la tsepo ea Iseraele ke thatetsoe ka ketane ena.” (Lik. 28:20) Ka seˇ bele tsepo e phatlalatsoang ke phutheho ea Bakreste e ne e amana le Mesia le ’Muso oa hae. Baholo ba Bajuda ba ile ba araba ba re: “Re nahana hore ho loketse ho utloa ho uena hore na menahano ea hao ke efe, etsoe kannete mabapi le lequloana lena rea tseba hore hohle ho buuoa hampe ka lona.”—Lik. 28:22. 13, 14. Pauluse o ile a kenyelletsa molaetsa oa ’Muso joang, hona re ka etsisa mohlala oa hae joang? 424 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO 14 Ha re e-ba le monyetla oa ho bolela litaba tse mole- mo, re ka etsisa Pauluse ka ho sebelisa lipolelo tse etsang hore motho a nahane kapa lipotso tse tsosang thahasello ea batho bao re buang le bona. Re ka fumana mehlala e metle libukeng tse kang Ho Bea Mabaka ka Mangolo le Rua ˇ Molemo Thutong ea Sekolo sa Tsebeletso sa Puso ea Molimo. Na u sebelisa libuka tsee tsa ho ithuta Bibele hamolemo? “Ho Paka ka ho Phethahetseng”—Mohlala oo re Lokelang ho o Etsisa (Liketso 28:23-29) 15 Letsatsing le khethiloeng, Bajuda ba sebakeng seo ba ile “ba tla ka bongata” moo Pauluse a lulang teng. Pauluse o ile a ba hlalosetsa litaba “ka ho paka ka ho phethahetseng malebana le ’muso oa Molimo le ka ho ba susumetsa malebana le Jesu ho tsoa molaong oa Moshe hammoho le Baprofeteng, ho tloha hoseng ho fihlela ka shoalane.” (Lik. 28:23) Tsela eo Pauluse a pakileng ka ` eona e totobatsa lintlha tse ’ne. Ea pele, o ile a totobatsa ’Muso oa Molimo. Ea bobeli, o ile a leka ho tsosa thahasello ea batho ba mo mametseng “ka ho ba susumetsa.” Ea boraro, o ile a beha mabaka ka Mangolo. Ea bone, o ˇ ile a bontsa moea oa ho itela, ka ho paka “ho tloha hoseng ho fihlela ka shoalane.” O re behetse mohlala o ` 15. Tsela eo Pauluse a pakileng ka eona e totobatsa lintlha life tse ’n e? “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” 425 motle hakaakang! Phello e bile efe? “Ba bang ba qala ho lumela,” empa ba bang ba ne ba sa lumele. Luka o re ba ne ba sa lumellane ’me “ba qala ho tloha.”—Lik. 28:24, 25a. 16 Sena ha sea ka sa makatsa Pauluse, hobane se ne se lumellana le boprofeta ba Bibele ’me o ne a kile a se bona se etsahala. (Lik. 13:42-47; 18:5, 6; 19:8, 9) Kahoo, Pauluse o ile a re ho baeti bao a arohanang le bona ba sa amoheleng molaetsa oa hae: “Moea o halalelang o ile oa bua ¯ ka ho loketseng le baholo-holo ba lona ka moprofeta Esaia, o re, ‘E-ea ho batho bana ’me u re: “Ka ho utloa, le tla utloa empa ho hang le se ke la utloisisa; ’me, ho talima, le tla talima empa ho hang le se ke la bona. Etsoe lipelo tsa batho bana li fetohile tse sa amoheleng letho.” ’ ” (Lik. 28:25b-27) Lentsoe la puo ea pele le fetoˇ letsoeng e le “tse sa amoheleng letho” le bontsa hore ke lipelo tse “thatafetseng,” kapa tse “nonneng,” tse sa lumelleng molaetsa oa ’Muso ho kena. (Lik. 28:27, NW, mongolo o botlaaseng ba leqephe) Ke boemo bo utloisang bohloko hakaakang! 17 Ha Pauluse a lihela likhala o re ho fapana le Bajuda bao a neng a bua le bona, ‘ka sebele lichaba li tla mame16-18. Ke hobane’ng ha Pauluse a sa ka a makala ha Bajuda ba Roma ba sa amohele molaetsa oa hae, ’me re lokela ho etsa’ng ha batho ba hana molae¯ tsa oa r ona? 426 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO la.’ (Lik. 28:28; Pes. 67:2; Esa. 11:10) Ka sebele, o ne a tseba hantle hore ho joalo, hobane o ne a bone ha Balichaba ba amohela molaetsa oa ’Muso!—Lik. 13:48; 14:27. 18 Joaloka Pauluse, a re se keng ra khopiseha ha batho ba hana litaba tse molemo. Rea tseba hore ba seng bakae ba tla fumana tsela e isang bophelong. (Mat. 7:13, 14) Ho ¯ feta moo, ha batho ba ratang ho loka ba kopanela le rona borapeling ba ’nete, a re thabeng ’me re ba amohele ka liˇ pelo tse tsoeu.—Luka 15:7. ‘B olela ka ’Muso oa Molimo’ (Liketso 28:30, 31) 19 Luka o lihela likhala ka tsela e lerato ha a re: “[Pau- luse] a lula lilemo tse peli kaofela ntlong ea hae e hiriloeng, ’me o ne a amohela ka mosa bohle ba kenang ho tla ho eena, a ba bolella ka ’muso oa Molimo le ho ruta lintho tse malebana le Morena Jesu Kreste ka bolokoloˇ hi bo boholo, ntle ho tsitiso.” (Lik. 28:30, 31) Ke mohlala o motle hakaakang oa ho amohela baeti, oa tumelo le cheseho! 20 E mong oa bao Pauluse a ileng a ba amohela ka mosa ke monna ea bitsoang Onesimase, lekhoba le balehileng 19. Pauluse o ile a sebelisa nako ea hae hamolemo joang ha a le litlamong? ˇ 20, 21. B olela ba bang ba ileng ba rua molemo t sebeletsong ea Pauluse Roma. “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” 427 Kolose. Pauluse o ile a thusa Onesimase hore e be Moˇ kreste, ’me Onesimase ea e-ba ‘mor’abo Pauluse ea tsepahalang le ea ratoang.’ Ha e le hantle, Pauluse o ile a re ke “ngoana oa ka . . . eo ke ileng ka ba ntat’ae.” (Bakol. 4:9; Filem. 10-12) E tlameha ebe Onesimase o ile a khothatsa Pauluse haholo.1 21 Ba bang le bona ba ile ba rua molemo mohlaleng o motle oa Pauluse. Ha a ngolla Bafilipi o ile a re: “Litaba tsa ka li feletse ka hore litaba tse molemo li tsoele pele ho e-na le ka ho hong hosele, hoo litlamo tsa ka li fetohileng tse tsebahalang phatlalatsa kamanong le Kreste har’a Balebeli bohle ba Moemphera le ba bang kaofela; ¯ ’me boholo ba barab’abo rona Moreneng, ba ikutloa ba kholisehile ka lebaka la litlamo tsa ka tsa chankana, ba ˇ bontsa sebete haholo hore ba bolele lentsoe la Molimo ˇ ba sa tsabe letho.”—Bafil. 1:12-14. 22 Pauluse o ile a sebelisa hamolemo nako eo a bileng litlamong Roma ka eona e le hore a ka ngola mangolo a 1 Pauluse o ne a batla hore Onesimase a se ke a tloha ho eena, empa ¯ sena e ne e tla ba ho tlola molao oa Roma le ho hatakela litokelo tsa mong’a Onesimase, e leng Mokreste ea bitsoang Filemone. Kahoo, Onesimase o ile a khutlela ho Filemone a nkile lengolo le tsoang ho Pauluse le neng le khothalletsa Filemone hore a amohele lekhoba la hae ka mosa, e le mor’abo oa Mokreste.—Filem. 13-19. 22. Pauluse o ile a sebelisa nako ea hae hamolemo joang ha a le litlamong Roma? 428 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO bohlokoa ao hona joale e leng karolo ea Mangolo a Segerike a Bakreste.1 Hoa thahasellisa hore ebe lengolong la hae le eang ho Baefese, Pauluse o ile a sebelisa lihlomo tsa ntoa tsa Roma ha a hlalosa lihlomo tsa moea tsa Mokreste. (Baef. 6:11-17) Mohlomong o ile a ba le maikutlo ana ha a shebile lesole le mo lebetseng. (Lik. 28:16) Re ithuta eng tabeng ee? Haeba re le seli, re ka fumana lipapiso tse ntle sebakeng seo re leng ho sona. 23 Nakong eo a neng a lokolloa ka eona, e sa boleloang ho Liketso, Pauluse o ne a bile litlamong ka lilemo tse ` ’ne—tse peli a le Cesarea ’me tse peli a le Roma.2 (Lik. 23:35; 24:27) Empa o ile a lula a thabile, ’me a etsa sohle ˇ ˇ seo a se khonang tsebeletsong ea Molimo. Ka ho tsoanang, kajeno bongata ba bahlanka ba Jehova, le hoja ba koalloa literonkong ka leeme ka lebaka la tumelo ea bona, ba lula ba thabile ba bile ba bolela litaba tse molemo. Nka ka mohlala Adolfo, ea ileng a koalloa teronkong Spain ka lebaka la ho se nke lehlakore hobane e le Mokreste. Ofisiri e ’ngoe e ile ea re: “Rea u tsota. Re ’nile ra u sotla, 1 Sheba lebokose la sehlooho se reng “Mangolo a Mahlano ao Pauluse a a Ngotseng ha a le Litlamong Roma ka Lekhetlo la Pele,” leqepheng la 430. 2 Sheba lebokose la sehlooho se reng “Bophelo ba Pauluse ka Mor’a 61 C.E.,” leqepheng la 432. 23, 24. Joaloka Pauluse, Bakreste ba bangata kajeno ba ’nile ba lula ba thabile joang leha ba kentsoe litlamong ka leeme? “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” 429 MANG OLO A MAHLANO AO PAULUSE A A NG OTSENG HA A LE LITLAMONG ROMA KA LEKHETLO LA PELE Moapostola Pauluse o ngotse mangolo a hae a mahlano hoo e ka bang ka 60-61 C.E., ha a le litlamong Roma ka lekhetlo la pele. Lengolong le eang ho molumeli’moho le eena ea bitsoang Filemone, Pauluse o bolela hore lekhoba la Filemone le bitsoang Onesimase e se e le Mokreste. Pauluse e ne e le ntate oa moea oa Onesimase ’me o ne a mo khutlisetsa ho mong’a hae. Lekhoba lena le ‘neng le se na thuso pele’ e ne e se e le mor’abo oa Mokreste.—Filem. 10-12, 16. ˇ Lengolong la hae le eang ho Bakolose, Pauluse o bontsa hore Onesimase o ne a ‘tsoa har’a bona.’ (Bakol. 4:9) Onesimase le Mokreste-’moho le eena Tykikase ba bile le tlotla ea ho isa mangolo ao a mabeli hammoho le leo Pauluse a le ngoletseng Baefese.—Baef. 6:21. Ha Pauluse a ngolla Bafilipi, o bua ka ‘litlamo tsa hae tsa chankana’ ’me o boetse o hlalosa boemo ba motho ea neng a tla isa lengolo lena—lekhetlong lena e le Epafroditase. Bafilipi ba ne ba rometse Epafroditase hore a thuse Pauluse. Empa Epafroditase o ile a kula hoo a ileng a batla a shoa. Hape o ne a tetebetse maikutlo hobane Bafilipi ‘ba ile ba utloa hore o ne a kula.’ Kahoo, Pauluse o ile a ba bolella hore ba “nke banna ba mofuta oo e le ba bohlokoa.”—Bafil. 1:7; 2:25-30. Lengolo le eang ho Baheberu le ne le ngoletsoe Bakre430 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO ste ba Baheberu ba Judea. Le hoja lengolo lena le sa totobatse motho ea le ngotseng, ho na le bopaki ba hore le ˇ ngotsoe ke Pauluse. Le ngotsoe ka tsela eo le bontsang hore ke eena mongoli. Pauluse o romela litumeliso a le Italy, ’me o bua ka Timothea, ea neng a e-na le eena Roma.—Bafil. 1:1; Bakol. 1:1; Filem. 1; Baheb. 13:23, 24. ’me ha re ntse re tiisa letsoho u ne u bososela le ho feta ’me u bua ka mosa.” 24 ˇ Ka mor’a nako e itseng, Adolfo o ile a tseptjoa hoo lemati la sele ea hae le neng le tloheloa le butsoe. Masole a ne a mo etela a tlil’o mo botsa lipotso tsa Bibele. E mong oa balebeli o ne a ea seleng ea Adolfo ho ea bala Bibele, ha Adolfo a ntse a behile masole a fetang leihlo. ˇ Kahoo, ho ne ho le joalokaha eka motsoaruoa o lebetse ˇ molebeli! E se eka mohlala o motle oa Lipaki tseo tse tsepahalang o ka re susumelletsa ho ba ‘sebete haholo hore ˇ re bolele lentsoe la Molimo re sa tsabe letho,’ esita le tlas’a maemo a thata. 25 Ruri buka ea Liketso e thahasellisang e lihela likha- la ka tsela e thobang pelo ha e bua ka moapostola oa Kreste ea litlamong ea ‘bolelang ka ’muso oa Molimo’ ho 25, 26. Ka mor’a lilemo tse ka tlaase ho 30, Pauluse o bone ha ho phethaˇ hala boprofeta bofe bo hlollang, ’me ho etsahala se t soanang joang nakong ¯ ea r ona? “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” 431 SE ILENG SA ETSAHALA KA PAULUSE KA MOR’A 61 C.E. Ho bonahala eka Pauluse o ile a hlaha ka pel’a Moemphera Nero hoo e ka bang ka 61 C.E. Moemphera enoa o ile a re ha a na molato. Ha re tsebe hakaalo hore na moapostola Pauluse o ile a etsa’ng ka mor’a moo. Haeba o ile a ea Spain joalokaha a rerile, e tlameha e bile nakong ena. (Bar. 15:28) Hoo e ka bang ka 95 C.E. Clement oa Roma ¯ ¯ o ile a re Pauluse o ile a ea “karolong e hole-hole ea Bophirimela.” Mangolo a mararo ao Pauluse a a ngotseng ka mor’a hore a lokolloe—e leng Timothea oa Pele le oa Bobeli le ˇ Tite—a bontsa hore o ile a etela Kreta, Macedonia, Nikopolise le Troase. (1 Tim. 1:3; 2 Tim. 4:13; Tite 1:5; 3:12) ˇ Mohlomong o ile a tsoaroa hape ha a le Nikopolise, Greeˇ ce. Ho sa tsotellehe hore na o ile a tsoaroa kapa che, hoo e ka bang ka 65 C.E., o ile a boela a kenngoa teronkong Roma. Leha ho le joalo, lekhetlong lena Nero ha aa ka a mo hauhela. Ha e le hantle, ho ea ka rahistori oa Moroma ea bitsoang Tacitus, ha motse oo o e-cha ka 64 C.E., Nero o ile a etselletsa Bakreste ka hore ke bona ba molaˇ ¯ ¯ to ’me a kena letsolong la ho ba hlorisa ka sehloho. Lengolong la bobeli leo a ileng a le ngolla Timothea, ¯ Pauluse o ile a kopa hore Timothea le Mareka ba tle kapele hobane o ne a nahana hore o se a tla shoa. Luka le ˇ Onesiforase ba ile ba bontsa sebete se ikhethang ka hore ba behe bophelo ba bona kotsing e le hore ba khothatse Pauluse. (2 Tim. 1:16, 17; 4:6-9, 11) Ha motho a ne a ka 432 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO ˇ ipolela phatlalatsa hore ke Mokreste o ne a ka ’na a tsoa¯ ¯ roa kapa a bolaoa ka sehloho. Ho ka etsahala hore ebe Pauluse o ile a bolaeloa tumelo nakoana ka mor’a hore a ngole lengolo la ho qetela le eang ho Timothea hoo e ka bang ka 65 C.E. Ho thoe Nero le eena o ile a shoa ka se¯ ¯ hloho lilemong tse tharo ka mor’a hore Pauluse a bolaeloe tumelo. bohle ba mo etelang. Khaolong ea pele, re bala ka mosebetsi oo Jesu a ileng a o fa balateli ba hae ha a re: “Le tla amohela matla ha moea o halalelang o fihla holim’a ¯ lona, ’me le tla ba lipaki tsa ka Jerusalema le Judea le Saˇ ¯ ¯ maria kaofela le ho isa karolong e hole-hole ea lefatse.” (Lik. 1:8) Joale, ka mor’a lilemo tse ka tlaase ho 30, mo¯ laetsa oa ’Muso o ne o se o ‘boletsoe p opong eohle e tlas’a leholimo.’1 (Bakol. 1:23) Ke bopaki bo hlollang hakaakang ba hore moea oa Molimo o matla!—Zak. 4:6. 26 Kajeno moea oo o matlafalitse masala a barab’abo Kreste, hammoho le bo-mphato’a bona ba “linku tse ling” hore ba tsoele pele ba “paka ka ho phethahetseng malebana le ’muso oa Molimo” linaheng tse fetang 230! (Joh. 10:16; Lik. 28:23) Na u ikakhela ka setotsoana mosebetsing oo? ¯ 1 Sheba sehlooho se reng “Litaba Tse Molemo li ‘Boletsoe Popong Eohle, ” se leqepheng la 434. “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” 433 LITABA TSE ¯ MOLEMO ‘LI B OLETS OE P OP ONG EOHLE’ Hoo e ka bang ka 61 C.E., ha moapostola Pauluse e ne ˇ e le motsoaruoa Roma, o ile a re ‘litaba tse molemo li bo¯ letsoe p opong eohle e tlas’a leholimo.’ (Bakol. 1:23) Seo se bolela’ng? Ho bonahala hore Pauluse o ne a hlalosa ka tsela e pharaletseng hore na ‘litaba tse molemo’ li boletsoe ho fihla hokae. Ka mohlala, lekholong la bone la lilemo B.C.E. Alexandere e Moholo o ne a se a phollelitse le Asia ho ea fihla meeling ea India. Juliase Cesare o ne a hlasetse Bri¯ thani ka 55 B.C.E., ’me Claudiase a hlotse karolo e ka boroa ea sehlekehleke seo, a e etsa karolo ea ’Muso oa Roma ¯ ka 43 C.E. Linaha tsa Bochabela bo Hole li ne li se li tsebahala, hobane silika e ntle e ne e fumanoa teng. Na litaba tse molemo li ne li boletsoe Brithani, Chae¯ na le Bochabela bo Hole? Ha ho bonahale joalo. Ha e le hantle, ha Pauluse a ne a ngolla Bakolose, o ne a e-s’o finyelle sepheo seo a buileng ka sona hoo e ka bang ka 56 C.E., sa ho bolela litaba tse molemo ‘sebakeng se sa sebetsoang’ sa Spain. (Bar. 15:20, 23, 24) Ho ntse ho le joalo, hoo e ka bang ka 61 C.E., molaetsa oa ’Muso o ne o se o tsejoa libakeng tse ngata. Bonyane o ne o hasitsoe ho ea fihla naheng ea Bajuda le basokolohi ba neng ba kolobelitsoe ka Pentekonta ea 33 C.E. hammoho le linaheng tseo baapostola ba Jesu ba ileng ba etela ho tsona.—Lik. 2:1, 8-11, 41, 42. 434 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO KHAOLO EA 28 ¯ ¯ “Ho Isa Karolong e Hole-hole ˇ ea Lefatse” Lipaki Tsa Jehova ˇ li nt setsa pele mosebetsi o qaliloeng ke balateli ba Jesu Kreste lekholong la pele la ¯ lilemo la Mehla ea r ona e Tloaelehileng BA ILE ba paka ka cheseho. Lipelo tsa bona tsa ba susumelletsa hore ba amohele thuso le tataiso ea moea o halalelang. Mahloriso ha aa ka a ba koala molomo. ’Me Molimo a ba hlohonolofatsa haholo. Sena sohle se ile sa etsahalla Bakreste ba pele, ’me se etsahalla Lipaki Tsa Jehova kajeno. 2 Ha ho pelaelo hore liketsahalo tse thahasellisang le tse matlafatsang tumelo tse bukeng ea Bibele ea Liketso Tsa Baapostola li u khothalitse. Ke buka e ikhethang, hobane ke eona feela e bululetsoeng ke Molimo e buang ka seo Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba se entseng. 3 Buka ea Liketso e bua ka batho ba 95 ba tsoang ˇ 1. Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba t soana le Lipaki Tsa Jehova kajeno ka litsela life? 2, 3. Ke eng e ikhethang haholo ka buka ea Liketso? ¯ ¯ ˇ “HO ISA KAROLONG E HOLE-HOLE EA LEFATSE” 435 linaheng tse 32, metseng e 54, le lihlekehlekeng tse 9. Ke buka e hlollang e buang ka batho ba tloaelehileng, litho tsa bolumeli tse ikhohomosang, bo-ralipolotiki ¯ ¯ ¯ ¯ ba makoko, bahlorisi ba sehloho. Empa ka holim’a tsohle e bua ka bara le barali beno ba lekholong la pele la lilemo ba neng ba e-na le mathata a tloaelehileng ebile e le baboleli ba chesehang ba litaba tse molemo. 4 Ho se ho fetile lilemo tse ka bang 2 000 ho tloha nakong ea moapostola Petrose le moapostola Pauluse ba chesehang, ngaka e ratoang Luka, Barnabase ea fanang, Setefane ea sebete, Dorkase ea pelo e ntle, Lydia ea ratang baeti, hammoho le lipaki tse ling tse ˇ tsepahalang. Leha ho le joalo, re ikutloa re atamelane le bona ka tsela e khethehileng. Hobane’ng? Hobaˇ ne re etsa mosebetsi o tsoanang le oa bona oa ho etsa ¯ ¯ barutuoa. (Mat. 28:19, 20) Ruri ke tlotla e kholo ho kenya letsoho ho oona. 5 Nahana ka mosebetsi oo Jesu a o fileng balateli ba hae. O itse: “Le tla amohela matla ha moea o halale4. Ke hobane’ng ha re ikutloa re atamelane ka tsela e khethehileng le batho ˇ ˇ ba t soanang le moapostola Pauluse, Dorkase, le lipaki tse ling tse t sepahalang tsa boholo-holo? 5. Balateli ba pele ba Jesu ba ile ba qala ho bolela litaba tse molemo hokae? 436 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO ¯ lang o fihla holim’a lona, ’me le tla ba lipaki tsa ka Jerusalema le Judea le Samaria kaofela le ho isa kaˇ ¯ ¯ rolong e hole-hole ea lefatse.” (Lik. 1:8) Pele, moea o halalelang o ile oa matlafatsa barutuoa hore e be lipaki “Jerusalema.” (Lik. 1:1–8:3) Ka mor’a moo, ka tataiso ea moea, ba ile ba paka “Judea le Samaria kaofela.” (Lik. 8:4–13:3) Eaba ba qala ho isa litaba ¯ ¯ ˇ tse molemo “karolong e h ole-h ole ea lefatse.”—Lik. 13:4–28:31. 6 Bara le barali beno ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba se na Bibele e feletseng eo ba ka e sebelisang ha ba etsa mosebetsi oa ho bolela litaba tse molemo. Kosepele ea Matheu e bile teng hoo e ka bang ka 41 C.E. Mangolo a mang a Pauluse a ngotsoe pele buka ea Liketso e qetoa, hoo e ka bang ka 61 C.E. Empa Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba se na Libibele tse feletseng, haesita le lingoliloeng tse fapa-fapaneng tseo ba neng ba ka li siela batho ba thahasellang. Pele Bakreste ba Bajuda e e-ba balateli ba Jesu, ba ne ba utloile ha Mangolo a Seheberu a baloa ka synagogeng. (2 Bakor. 3:14-16) Empa le bona ¯ 6, 7. Re boemong bofe bo molemo ho feta ba balumeli-’moho le r ona ba leˇ ¯ kholong la pele la lilemo ha re phetha t sebeletso ea r ona? ¯ ¯ ˇ “HO ISA KAROLONG E HOLE-HOLE EA LEFATSE” 437 ho ne ho hlokahala hore e be liithuti tse khothetseng, hobane mohlomong ba ne ba lokela ho qotsa litemana ka hlooho. 7 ¯ Kajeno, bongata ba rona re na le Bibele le lingoli- loeng tse ngata tse thehiloeng Bibeleng. Re etsa barutuoa ka ho phatlalatsa litaba tse molemo ka lipuo tse ngata linaheng tse fetang 230. 8 Re Matlafatsoa ke Moea o Halalelang Ha Jesu a laela barutuoa ba hae hore e be lipaki, o ile a re ho bona: “Le tla amohela matla ha moea o ¯ halalelang o fihla holim’a lona.” Ka tataiso ea moea oa Molimo, kapa matla a hae a sebetsang, qetellong ˇ balateli ba Jesu e ne e tla ba lipaki lefatseng lohle. Ka moea o halalelang, Petrose le Pauluse ba ile ba folisa ba kulang, ba leleka bademona, ’me ba tsosa bafu! Leha ho le joalo, matla a fumanoang ka moea o halalelang a ne a e-na le morero oa bohlokoa le ho feta. A ile a thusa baapostola le barutuoa ba bang hore ba fane ka tsebo e bolelang bophelo bo sa feleng.—Joh. 17:3. 8, 9. (a) Moea o halalelang o ile oa nolofalletsa barutuoa ba Jesu hore ba ˇ etse’ng? (b) Moea oa Molimo o thusa sa lekhoba le t sepahalang hore se hatise eng? 438 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO 9 Letsatsing la Pentekonta ea 33 C.E., barutuoa ba Jesu ba ile ba bua “ka maleme a fapaneng, feela joalokaha moea o ne o etsa hore ba bue.” Ka tsela eo ba ile ba paka ka “lintho tse hlollang tsa Molimo.” (Lik. 2:1-4, 11) Kajeno ha re bue ka maleme ka tsela ea mohlolo. Leha ho le joalo, ka thuso ea moea oa Molimo, ˇ sehlopha sa lekhoba le tsepahalang se hatisa lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng ka lipuo tse ngata. Ka mohlala, khoeli le khoeli ho hatisoa limakasine tse limilione tsa Molula-Qhooa le Tsoha! Sena sohle se re nolofalletsa hore re phatlalatse “lintho tse hlollang tsa Molimo” bathong ba lichaba, merabe le maleme ˇ ’ohle.—Tsen. 7:9. ˇ 10 Ho tloha ka 1989 lekhoba le tsepahalang le ikiˇ tlaellelitse ho hatisa Phetolelo ea Lefatse le Lecha ea Mangolo a Halalelang ka lipuo tse ngata. Bibele ena e se e fetoletsoe ka lipuo tse ngata, ha ba ha hatisoa tse mashome a limilione—’me ho sa ntse ho tla hatisoa tse eketsehileng. Ke Molimo le moea oa hae o halalelang feela ea entseng hore mosebetsi ona o atlehe. 11 Lingoliloeng tsa Lipaki Tsa Jehova li fetoletsoe ka 10. Ho tloha ka 1989, ke eng se ’nileng sa etsoa mabapi le ho fetolela Bibele? 11. Ho finyeletsoe eng mosebetsing oa ho fetolela lingoliloeng tsa Lipaki? ¯ ¯ ˇ “HO ISA KAROLONG E HOLE-HOLE EA LEFATSE” 439 lipuo tse fetang 470. Mosebetsi oa ho fetolela o etsoa ke baithaopi ba Bakreste ba makholo linaheng tse fetang 130. Ha rea lokela ho makala, hobane ha ho na mokhatlo o mong o tataisoang ke moea o halalelang ˇ hore o ‘pake ka ho phethahetseng’ lefatseng ka bophara malebana le Jehova Molimo, Morena oa hae eo e leng Mesia, le ’Muso o hlomiloeng leholimong!—Lik. 28:23. Ha Pauluse a pakela Bajuda le Balichaba Antioke ˇ ea Pisidia, “ba neng ba e-na le tsekamelo e nepahe12 tseng bakeng sa bophelo bo sa feleng [e ile] ea e-ba balumeli.” (Lik. 13:48) Luka o ile a lihela likhala bukeng ea Liketso ka ho re Pauluse o ‘bolela ka ’muso ˇ oa Molimo ka bolokolohi bo boholo, ntle ho tsitiso.’ (Lik. 28:31) Pauluse o paka hokae? A le Roma—moˇ tse-moholo oa ’muso o matla oa lefatse! Ebang balateli ba Jesu ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba bolela litaba tse molemo ka ho buisana le batho kapa ka litsela tse ling, ba ne ba thusoa le ho tataisoa ke moea o halalelang. 12. Pauluse le Bakreste ba bang ba ile ba khona joang ho etsa mosebetsi oa ho paka? 440 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO Ho Tiisetsa Har’a Mahloriso 13 Ha barutuoa ba Jesu ba lekholong la pele la lile¯ mo ba hlorisoa, ba ile ba kopa Jehova ka matla hore a ba fe sebete. Phello ea e-ba efe? Ba ile ba tlala moea o halalelang ’me ba fuoa matla a ho bolela lentsoe la ¯ Molimo ka sebete. (Lik. 4:18-31) Le rona re rapella bohlale le matla a ho tsoela pele re paka ho sa tsotellehe mahloriso. (Jak. 1:2-8) Kaha Molimo oa re hlohonolofatsa ’me moea oa hae oa re thusa, re tsoela pele ho bolela litaba tse molemo. Ha ho letho le emang mosebetsi oa ho paka pele—ebang ke khanye¯ ¯ tso e matla kapa mahloriso a sehloho. Ha re hlorisoa, ruri re lokela ho rapella moea o halalelang le bohlale le sebete sa hore re bolele litaba tse molemo. —Luka 11:13. 14 Setefane o ile a fana ka bopaki ka sebete pele lira tsa hae li mo bolaea. (Lik. 6:5; 7:54-60) Ka lebaka la “mahloriso a maholo” a ileng a ba teng ka nako eo, barutuoa bohle ntle le baapostola ba ile ba hasana ho pholletsa le Judea le Samaria. Empa seo ha sea ka sa 13. Ke hobane’ng ha re lokela ho rapela ha re hlorisoa? ˇ 14, 15. (a) “Mat soenyeho a ileng a tsoha ka lebaka la S etefane” a ile a fella ka eng? (b) Ho tlile joang hore batho ba bangata ba ithute ’nete Siberia mehleng ee? ¯ ¯ ˇ “HO ISA KAROLONG E HOLE-HOLE EA LEFATSE” 441 emisa mosebetsi oa ho paka. Filipi o ile a ea Samaria ho ea “bolela Kreste” ’me mosebetsi oa hae oa beha litholoana tse molemo. (Lik. 8:1-8, 14, 15, 25) Ho ˇ feta moo, ho thoe: “Ba neng ba hasantsoe ke matsoenyeho a ileng a tsoha ka lebaka la Setefane ba pholletsa ho ea fihla Foenisia le Cyprase le Antioke, empa ho se eo ba mo bolellang lentsoe haese Bajuda feela. Leha ho le joalo, ho bona ho ne ho e-na le banna ba bang ba Cyprase le Cyrene ba ileng ba tla Antioke ’me ba qala ho bua le batho ba buang Segerike, ba bolela litaba tse molemo tsa Morena Jesu.” (Lik. 11:19, 20) Ka nako eo, mahloriso a ile a etsa hore molaetsa oa ’Muso o phatlalatsoe. ˇ ¯ 15 Mehleng ea rona, ho etsahetse se tsoanang Soviet Union ea mehleng. Haholo-holo ka bo-1950, Lipaki Tsa Jehova tse likete li ile tsa isoa Siberia. Kaha li ne li hasane metseng e fapa-fapaneng, litaba tse molemo li ile tsa tsoela pele ho jaleha sebakeng seo se sabaletseng. Ho hang Lipaki tse ngata joalo li ne li ke ke tsa khona ho ba le chelete ea ho palama hore li e’o ¯ bolela litaba tse molemo sebakeng se bohole ba lik’hilomithara tse ka bang 10 000! Leha ho le joalo, ’muso 442 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO ¯ ke oona o ileng oa li isa sebakeng seo se hole. Mora ¯ e mong oabo rona o itse: “Ho ileng ha etsahala ke hore ba boholong ka bobona ba ile ba nolofalletsa batho ba likete ba Siberia ba lipelo li ntle hore ba tsebe ’nete.” 16 Jehova o ba Hlohonolofatsa Haholo Ruri Jehova o ile a hlohonolofatsa Bakreste ba le- kholong la pele la lilemo. Pauluse le ba bang ba ile ¯ ba lema ’me ba nosetsa, “empa Molimo a ’na a holiˇ sa.” (1 Bakor. 3:5, 6) Buka ea Liketso e bontsa hore ¯ kholo e joalo e ile ea e-ba teng kaha Jehova o ile a hlohonolofatsa mosebetsi oa ho paka. Ka mohlala, ¯ “lentsoe la Molimo [le ile] la tsoela pele ho hola, ’me palo ea barutuoa ea ’na ea ata haholo Jerusalema.” (Lik. 6:7) Ha mosebetsi oa ho paka o ntse o nama, “phutheho ho pholletsa le Judea le Galilea le Samaria kaofela ea kena nakong ea khotso, e ntse e hahoa; ˇ ˇ ha e ntse e tsamaea tsabong [e bontsang tlhompho] ea ˇ Jehova le matselisong a moea o halalelang ea ’na ea tsoela pele ho ata.”—Lik. 9:31. 17 Antioke ea Syria, Bajuda le batho ba buang ˇ 16, 17. Buka ea Liketso e bont sa joang hore Jehova o ile a hlohonolofatsa mosebetsi oa ho paka? ¯ ¯ ˇ “HO ISA KAROLONG E HOLE-HOLE EA LEFATSE” 443 Segerike ba ile ba utloa ’nete ho lipaki tse sebete. Bibele e re: “Ho feta moo, letsoho la Jehova le ne le ¯ ¯ e-na le bona, ’me palo e kholo e ileng ea fetoha balumeli ea retelehela ho Morena.” (Lik. 11:21) Mabapi le tsoelo-pele e eketsehileng e ileng ea e-ba teng motseng ¯ oo, ho thoe: “Lentsoe la Jehova la tsoela pele ho hola le ho hasana.” (Lik. 12:24) ’Me ka lebaka la mosebetsi oa Pauluse le ba bang oa ho pakela Balichaba ka ho phethahetseng, “ka tsela e matla lentsoe la Jehova ¯ ¯ la ’na la hola le ho hlola.”—Lik. 19:20. ¯ 18 Ntle ho pelaelo, “letsoho la Jehova” le na le rona kajeno. Ke ka lebaka leo batho ba bangata e bang baˇ ˇ lumeli ’me ba tsoantsetsa boinehelo ba bona ho Molimo ka ho kolobetsoa. Ho feta moo, thuso le tlhohonolofatso ea Molimo ke eona feela e etsang hore re khone ho mamella khanyetso e matla—ka linako tse ˇ ling, le mahloriso a matla—’me re phethe tsebeletso ¯ ea rona ka katleho, joaloka Pauluse le Bakreste ba bang ba lekholong la pele la lilemo. (Lik. 14:19-21) Jehova Molimo o tla re thusa ka linako tsohle. “Matso¯ 18, 19. (a) Re tseba joang hore “letsoho la Jehova” le na le r ona? (b) B oˇ ˇ lela mohlala o bont sang hore Jehova o t sehetsa batho ba hae. 444 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO ho [a hae] a hlolang ka nako e sa lekanyetsoang” a re ˇ ¯ tsehetsa kamehla litekong tsohle tsa rona. (Deut. 33: 27) Hape, a re hopoleng hore ka lebaka la lebitso la hae le leholo, le ka mohla Jehova a ke ke a lahla batho ba hae kherehloa.—1 Sam. 12:22; Pes. 94:14. ¯ 19 Ka mohlala: Kaha Mor’abo rona Harald Abt o ile a tsoela pele a paka, Manazi a ile a mo isa kampong ea mahloriso ea Sachsenhausen nakong ea Ntoa ea II ˇ ea Lefatse. Ka May 1942, sepolesa sa sekhukhu sa Gestapo se ile sa ea lehaeng la mosali oa hae, Elsa, sa ˇ nka moralinyana oa bona, ’me sa tsoara Elsa sa mo ˇ ¯ isa likampong tse sa tsoaneng. Morali’abo rona Abt o itse: “Lilemong tseo ke li qetileng likampong tsa mahloriso tsa Jeremane ke ile ka ithuta thuto e ikhethang. Ke ea hore moea oa Jehova o ka u matlafatsa ˇ haholo ha u le tlas’a teko e matla. Pele ke tsoaroa, ke ¯ ne ke ile ka bala lengolo la morali e mong oabo rona le neng le bolela hore tlas’a teko e matla moea oa Jeˇ hova o u thusa hore u khobe matsoafo. Ke ne ke nahana hore e tlameha ebe o feteletsa litaba. Empa ha ke se ke hlaheloa ke liteko, ka tseba hore seo a neng a se bua ke ’nete. Ke sona se hlileng se etsahalang. Ke ¯ ¯ ˇ “HO ISA KAROLONG E HOLE-HOLE EA LEFATSE” 445 ntho e thata ho e utloisisa haeba e e-s’o ka e u etsahalla. Empa ruri ke sona se ileng sa nketsahalla.” 20 Tsoela Pele U Paka ka ho Phethahetseng! Ha buka ea Liketso e lihela likhala e re Pauluse ‘o bolela ka ’muso oa Molimo’ ka cheseho. (Lik. 28: 31) Kaha o ne a le litlamong, o ne a se na bolokolohi ba ho paka ka ntlo le ntlo Roma. Ho sa tsotellehe seo, o ile a tsoela pele a pakela bohle ba mo etelang. ¯ Kajeno, bara le barali ba bang babo rona ba ratehang ¯ ba hloleha ho tsoa ka tlung, mohlomong ha ba khone le ho theoha betheng kapa ba lula mahaeng a batho ba hlokang tlhokomelo ka lebaka la botsofali, ho kula kapa ho fokolloa ke bophelo. Leha ho le joalo, ba sa ntse ba rata Molimo haholo ’me ba sa ntse ba e-na le takatso e matla ea ho paka. Rea ba rapella ’me re ka ¯ ¯ ba ra kopa hore Ntate oa rona ea leholimong a ba thuse ho fumana batho ba labalabelang ho ithuta ka eena le ka merero ea hae e babatsehang. ¯ 21 Bongata ba rona re khona ho kopanela mosebetsing oa ntlo le ntlo le likarolong tse ling tsa mosebe20. Pauluse o ile a etsa’ng ha a ntse a le litlamong, hona see se ka khotha¯ tsa bara le barali ba bang babo r ona joang? 21. Ke hobane’ng ha re lokela ho hopola hore metsotso e jele babeli ha re etsa mosebetsi oa ho paka? 446 “HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG” KA ’MUSO OA MOLIMO tsi oa ho etsa barutuoa. Kahoo e se eka e mong le e ¯ mong oa rona a ka ikakhela ka setotsoana ho etsa mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso, re pake “ho isa karoˇ ¯ ¯ long e hole-hole ea lefatse.” Re tlameha ho hopola hore metsotso e jele babeli ha re etsa mosebetsi ona, ˇ etsoe “pontso” ea ho ba teng ha Kreste e bonahala ka ho hlaka. (Mat. 24:3-14) Nako e se e lekane motinyane. Hona joale, re na le “ho hongata hoo [re] ka ho etsang mosebetsing oa Morena.”—1 Bakor. 15:58. 22 Ha re ntse re letetse hore “letsatsi le leholo le le ˇ tsosang la Jehova le [fihle],” e se eka re ka ikemisetsa ˇ ho tsoela pele re paka ka sebete le ka botsepehi. (Joele 2:31) Re sa ntse re tla fumana batho ba bangata ba joaloka Baberea ba ileng ba “amohela lentsoe ka ta¯ ¯ batabelo e kholo ea kelello.” (Lik. 17:10, 11) Ka hona, e se eka re ka paka ho fihlela re utloa mantsoe a reng: ˇ “U entse hantle, lekhoba le molemo le le tsepaha¯ lang!” (Mat. 25:23) Haeba re phetha karolo ea rona ka cheseho mosebetsing oa ho etsa barutuoa kajeno ’me ˇ re lula re tsepahala ho Jehova, ruri re tla thaba ka ho ¯ ¯ sa feleng hobane re bile le tlotla e kholo ea “ho paka ka ho phethahetseng” ka ’Muso oa Molimo! 22. Re lokela ho ikemisetsa ho etsa’ng ha re ntse re letetse letsatsi la Jehova? ¯ ¯ ˇ “HO ISA KAROLONG E HOLE-HOLE EA LEFATSE” 447 Na u ka rata ho fumana boitsebiso bo eketsehileng? U ka ikopanya le Lipaki Tsa Jehova ho www.jw.org.